Hansard 11th November, 2016

KINGDOM OF LESOTHO
NINTH PARLIAMENT
NATIONAL ASSEMBLY
Daily Hansard
(Official Report)

FOURTH MEETING
FIRST SESSION

Friday
11th November, 2016

(Unrevised)
NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER
Friday, 11th November 2016
The House assembled at 9:00 a.m.
(RT. HON. MADAM SPEAKER in the Chair)

PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer

RT. HON. MADAM SPEAKER: Point of Order, Hon. Member for Mosalemane.
HON. T.S. RAPAPA(Mosalemane): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke lebohe monyetla ona oo u mphang oona oa hore nke ke etse ntlha ea tsamaiso. Ha ke sheba ke tloaelo hore ka hare ho Ntlo ena e Khabane kamehla ha mosebetsi o le ka ona mokhoa ona ebe re bona Television ea Lesotho, ‘me rea ipotsa hore na ebe kajeno molato oa bosieo ba eona ebe ekaba ke ofeng. Mohlomong ebe, Mohlomphehi, na re ka fumana tlhakisetso hore na ke ka lebaka lefe ha Telelevision ea Lesotho e le sieo ka Ntlo ena e Khabane?


RT.HON. MADAM SPEAKER: Hase eona eo e pel’a hau moo? Ha ke tsebe letho, Setho se Khabane. Ka ‘nete ha ke tsebe letho.[Lerata]
RT.HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk.
⦁ TABLING OF SUBORDINATE LAWS:

⦁ Prime Minister and Deputy Prime Minister (Retirement and Spouse’s Benefits) Regulations, 2016 tabled by Hon. T. Au (Minister of Public Service)
⦁ Insurance (Licensing of Insurance Intermediaries) Regulations, 2016 tabled by Hon. T. Sekhamane (Minister of Finance)
⦁ Insurance (Financial Reporting Requirements) Regulations, 2016 tabled by Hon. T. Sekhamane (Minister of Finance)
⦁ Insurance (Reinsurance) Regulations, 2016 tabled by Hon. T. Sekhamane (Minister of Finance)
⦁ Insurance (Fit and Proper Requirements for Intermediaries) Regulations, 2016 tabled by Hon. T. Sekhamane (Minister of Finance)
⦁ Insurance (Good Practice for Insurance Intermediaries) Code, 2016 tabled by Hon. T. Sekhamane (Minister of Finance)
⦁ Insurance (Good Practice for Insurers) Code, 2016 tabled by Hon. T. Sekhamane (Minister of Finance)
Subordinate Laws to lie upon the Table and to be published
RT. HON. MADAM SPEAKER: Point of Order.
HON. M. MOLELEKI(Minister in the Prime Minister’s Office): Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke ile ka lula ha ho ntse ho etsoa li-point of order mona hobane ke ne ke lebeletse hore u tla etsa polelo e khutŝoanyane ea ho re bulela. Empa kaha ke bona hore re kene ho Business ea letsatsi u sa re bulela, ke ne ke kopa ho u tlalehela, Mohlomphehi, u le Motsamaisi oa Lipuisano ka Ntlong ena e Khabane le Bahlomphehi Litho tse Khabane kaofela hore ha ke qeta ho bua mona ke ea moo ke il’o lula teng e leng mane . Kea leboha, Mohlomphehi [Litla].
HON. R. ‘MOKOSE (Minister of Forestry and Land Reclamation): Point of Order, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano.


RT. HON. MADAM SPEAKER: Yes please, Hon. Minister.
HON. R.’MOKOSE: Ka boikokobetso bohle le bohlanka, ‘M’e, le ‘na ke beha ka pele ho uena, ‘M’e, hore ka lebaka la liphetoho tse etsahetseng ke kopa ho u tsebisa hore kamorao hore ke bue mona, ke kopa ho ea batla setulo mane [Liatla].
RT. HON. MADAM SPEAKER: Point of Order, Hon. Minister.
HON. K. DIHOLO (Deputy Minister of Local Government and Chieftainship): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, le ‘na ka mokhoa o tŝoanang ha ke ema tjena ke hlakisa hore le ‘na ke se ke fetela lehlakoreng lane, kamorao ho liketsahalo [Liatla].

RT. HON. MADAM SPEAKER: Point of Order, Hon. Minister
HON. M. MOLETSANE (Minister of Law and Constitutional Affairs): Ntlha ea tsamaiso, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke kopa ho ema ka ntlha ea tsamaiso. Ka nete kea leboha ,Mohlomphehi, ka ho mpha monyetla. Ke ne ke re ke ema tjena, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano hore ke mpe ke o tsebise hore ka boikokobetso hore ke se ke fetola setulo sena ke ea mose mane. [Liatla]
RT. HON. MADAM SPEAKER: Honorable Members, this brings us to the end of today`s Business. The Chair wishes the Right Honorable The Prime Minister and Honorable Deputy Prime Minister and Leader of the House, Honorable Ministers and Deputy Ministers, Honorable Members, the Table, Hansard Editor and his Staff, Sargent-At-Arms, the Chaplain of the House, Ushers, Members of the General Public, Police Officers, both in the House and in the Premises and representatives of various media houses, a peaceful and a pleasant weekend.

ADJOURNMENT
There being no further business upon the Order Paper, RT. Honorable Madam Speaker Adjourned the House without question put, pursuant to Standing Order No. 16 (2)
The House Accordingly adjourned at 9:15 am