Hansard 04th December, 2015

NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER
Friday, 4th December, 2015
The House assembled at 9:00 am
(HON DEPUTY SPEAKER in the Chair)
The Clerk led the House in Prayer.

HON. P. LETEETEE (Qhalasi): Ntlha ea tsamaiso.
HON.DEPUTY SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso ka Setho se Khabane sa Qhalasi.
HON. P. LETEETEE (Qhalasi): Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi. Ntlha ea tsamaiso eo ke emang ka eona Ntate, ke malebana le thapelo eo re e etsang hoseng ho hong le ho hong ha re kena ka mona. Joale, Ntate Motlatsi oa Motsamaisi u ipata mahlong ka letsoho. Taba ena ea hore a ipate mahlo ebe o ikoaetse ka seatla, ebe e le hore Setulo se re tataise hore haeba ke eona tsela re latele seo Setulo se se etsang re ipate mahlo kaofela.

HON. DEPUTY SPEAKER: Mohlomphehi, ke mpe ke re feela ho uena, ho ea makatsa hore e be u mpone.[Litšeho] empa hee, tsela tsa rona tsa ho bua le Molimo ha li tšoane. E amohele e le joalo, Mohlomphehi. Next item Mr. Clerk.

TABLING OF REPORT
Report of the Portfolio Committee on the Law and Public Safety Cluster on the Lesotho Correctional Services Bill, 2015. Tabled by Hon. L. Molise-Mabusela (Chairperson of the Committee)
Report to lie upon the table and published

MOTION
PROCEEDINGS ON SUBSISTANTIVE MOTIONS AND BILLS

  1. CHANGE OF SITTNG HOURS IN RESPECT OF THE LESOTHO CORRECTIONAL SERVICES, BILL, 2015 AND HUMAN RIGHTS COMMISSION BILL, 2015
    HON. M. METSING (Deputy Prime Minister): Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. I stand here to move that;
    This Honourable resolves to change the hour of commencement of sitting for Mondays to Thursdays from 2:30 pm. To 9:00 am. and the hour of conclusion of sitting for Fridays from 1:00 to 6:30 pm in respect of the Lesotho Correctional Service Bill, 2015 and the Human Rights Commission Bill, 2015
    Ka nete mona empa e le ho fetola matsatsi feela. Re bonahala re na le mosebetsi o mongata oo re lebelletseng hore joalokaha Molula-Setulo oa Komiti ea Molao a qeta ho teka Report ea bona holima Setšoantšo sena sa Molao eleng Lesotho Correctional Service Bill 2015. Ka nete ba re tlalehetse hore maqalo a beke ba tla be ba boela ba tlisa report ea Setšoantšo sa Human Rights Commission. Taba ena re tlameha hore re e thoholetse ka tsela e khethehileng ka mosebetsi ono o moholo oo ba o entseng [Liatla]. Ba ne ba bile ba itse kanete ba batla drink, taba eno ke e utloile eno. Taba tsena hase taba tse tlamehang ho nkoa hanyenyane hobane ehlile li-Bill tsena ka bo tsona li etsa pale. Eena ea Human Rights Commission re batla hore re bontše machaba le Basotho ka kakaretso hore Muso ona ehlile o ikemiselitse e le kanete ho hlompha Litokelo tsa Mantlha tsa Botho. Eno ke tokomane ea pele kapa e tla be e le molao oa pele oa mofuta oa ona. Ke linaha tse ngata hampe tseo ba tšabang hore ba hle ba kene leetong lena leo ekang la rona re keneng ho lona. Eleng hore tabeng ea litloaelo kapa culture of Human Rights e tlilo tla fetola tsela eo re etsang lintho ka eona, ebile e bontša boikemisetso baMuso ona ho hlompha Litokelo tsa Mantlha tsa Botho.
    Re tla be re hatetse pele ho linaha tse ling, me re re ha batho ba ntse ba re etsetsa marata, rona re se ke ra ba araba hangata ka hore ebe rea ho li-radio, empa re ba arabe ka liketso. Komiti ena ea habo rona e utloisisitse taba ena le boikarabello ba eona hore ebile e kaba bohlale hore taba ena ehle e be eona keresemese eo re tlilo tla e fa Basotho, taba ena ea Human Rights Commission [Liatla] Bahlomphehi, le tla bona ha rea pele hore taba ena bophelong ba rona ke e ngoe ea litaba tse kholo tseo e tlang hore ha re sheba career ea rona, rona ba kileng ba eba ka Ntlong ena, ebe rea supa hore na hana litabeng tsa Litokelo tsa Mantlha tsa Botho na rona nakong ea rona re ile ra etsang. Ho na le litaba tse ling tse sa hlokomeleheng ke le bolelle ba heso ha batho ba le matleng. Le tseba leeto leo re le tsamailengna le ba ha eso Musong o fetileng mona. Ka nako eno ke hopola amang a mathata ao re kileng ra ba le ona ka motho eo ho thoeng ke Attorney General ea kajeno. Attorney General eno ea kajeno, ka nako eno ho ne ho ile ha thoe a fane ka a legal opinion ea hore na ho ea nepahala hore ebe Ntate Mosisili o ntse a le ka Paramenteng mona e le a Former Prime Minister. Molao oa Former Prime Minister o re former Prime Minister o na le tokelo ea hore,che ka ho tšoana le Deputy Prime Minister. O re ba na le tokelo ea hore ha ba fumana chelete eno ea litsiane tsa bona ba le on retirement, ha a fuoa mosebetsi keMuso, o na le tokelo ea ho khetha hore na o tla re a lefshoe salary ea mosebetsei ono oo a o etsang kapa a ka ikhethela ho fuoa chelete ea retirement. Joale ea ba metsoalle e meng ea rona e bohloko ke taba eno, hore ha ba utloisise motho eno kamona o batla ho tla re sokolisa ka mona ka Paramenteng hoja a tsamaea a ea ja chelete eno.
    Ho ile ha thoe Attorney General a fane ka a legal opinion, eaba Ntate Makhethe legal opinion ea hae e re che, ehlile molao o mo lumella ho etsa joalo. Ke tse ling tsa mathata a ileng a qala ho Ntate Makhethe ha a tla qala hore a be le bolutu. Eba ka nako eo ke hopola ho bile ho thoe ache, Metsing ke taba ea hore re ba tla ho ntša motho enoa, joale ha ke hana ha thoe ke bile ke tla fana ka motho oa hao. Empa na ke bile ka re “no”, it is not about ho fana ka motho oa ka, haeba taba ena e fosahetse, e fosahetse leha nka fana ka motho oa ka. Eleng hore tšiea eno e Attorney General, e se motho empa e le tšiea, ke tse ling tsa litšia tseo re reng ha re bua ka puso ea molao re tlameha hore re hlomphe litšia tse teng tseo re ipehetseng tsona tsa molao. Ha u sa li hlomphe, u li bona mohla u seng u le ka ho Opposition e bang moo joale o reng oa tseba hoja re ne re etse melao e tlang hore sireletsa hobane re bile re ea rata le ho lelekisana boralipolotiki, emong ha a tsoile ke bothata.
    Re na le mehlala e mengata ea batho bano ba lelekisanang le ba bang ha ba tsoile pusong ha u ka sheba bo- Zambia koana le linaheng tse ling, ke bophelo bo teng ba hore ha emong a kena litulong a re o lelekisa ba bang. Feela taba eno ha e ke e fane ka khotso. Joale re re rona nakong ea rona re etse melao e tlang ho re sireletsa, e sireletse motho ha a le pusong le ha a se a se pusong re se ke ra re re etsa molao rona hona joale tjena eo re reng re sotla ba bang. Re tlilo tla etsa molao ona ona oa Human Rights hore ha ba utloa hore their Human Rights are being violated ba re qose re leMuso ba nke likhato. Ba tla sireletsoa ke molao o na oo re tlang ho o etsa. Ke ntho ena ke reng ke hantle ere ha re le matleng.
    Ke bona ha ke shebile motho ea ntseng a sheba nako mona, Ntate Moleleki, ha ke hopola pale eno ea batho ba matleng hore na ha re ka ra fosa litaba, ho ne ho na le motho emong eo e neng ekare ha o ka re Moleleki o bone a ferekana haholo feela[ Litšeho] Ke bile ka motsa hore na hantle le bolaile motho le motho enoa na, hantle ho etsahalang ke eng? Ke hore na ekare ha motho a utloa lebitso la motho feela, kapa batho baa ba entse ntho e kholo feela. Ha a utloa lebitso leno feela a re “Le re keng le se le mo tšoere, chee bo banna, chee hona ke ntho e thata. Ho ea fosahala hore ho be joalo, hore e re ha re le matleng e be re nahana hore ke nako ea hore re eo tšoara batho ba bang, ke mohla re ilo utloisa batho ba bang bohloko. Re hloka taba eno ea hore motho a tsebe hore ha a le matleng a puso le ha a batla ho tsoa o kile a sebeletsa naha ea habo a tsebe hore o ilo phomola e seng hore a tsebe hore ha ke tsoa mona ha ke eo phomola. Melao e kang eona ena ke eona e tlang ho re thusa hore batho ba hlompheloe likoteko tsa bona. Ke bua litaba tsena hobane e mpha monyetla oa ho bua litaba tsena ntho ena. Ke hopola ha re se re na le bothata ba ntate Tona-Kholo Mosisili, joale a se a re tsielitse a le ka mona joale ho thoe a tlooe. Joale empana ke re che ka nete, oa tseba haeba ho na le bothata ka eena, hoja ra ea bua le eena o mo thibe mono moo o bonang e ka o o beha tsietsing teng, e se re re litokelo tsa hae tseo a li fuoang ke molao re re a li amohuoe. Joale ebe rea lumellang ha ke re mo chakele re eomona hahae koana e be rea lumellana hore re tla mona koana hae. Le ntšoarele litaba tsena ke ne ke batla ho li bua ho Commission koana joale ha kea li bua. Joale Paramente e nthusitse[Liatla]. Ba re ke se ke buile haholo kea ba luba, joale ka re ache monyetla ha e le ona o hlaha. Ke hopola ha re tlameha ho eamona re etse appointment hore Ntate rea tla, ka bo 2:30 pm. Ha re tlameha ho tsamaea, ke ne ke tlameha hore ke tlo tsamaea ka 2:00. Ntate Soulo e ne e sa ntsane e le Letona, ke utloa a se a ntetsetsa, “hee Ntate Metsing, ka nete Tona-Kholo o re o mo lekile hona hoo, o re o mo khokile oele le se ke la ea mono”[Liatla]. Ho setse 30 minutes motho a re lebelletse. Ke bua taba ena hobane kenete o tla le bolella hore ho joalo, ba kile ba re ba ea tla mona eare ha ho setse 10 minutes ka utloa ho se ho thoe… e le ha Ntate Soulo a itse ka nete o itse o mo khokile khoko ena eo ka hore le eo bonanyeo, ebe le ha hole joalo ka ne kea a mohela, ke ne nka etsa joang? Ebe rea amohela. Joale, u tle u bone hore na batho ke ntho tse thata hakakaang. Joale che re tlameha hore re etse melao ena, eo ke reng, re etsa pale ke lebolelle ka ntho ena eo re e etsang. Ka Molao o na o tla thusa rona, o thuse le ba kantle hajoale, ba tla tla ba re lelekisa ka ona ba re qosa, ka ona empa we are bold re sebetse hobane rona boikemisetso ba rona hase ho hlompholla Litokelo tsa Mantlha tsa Batho ba bang. Re tlameha hore re qale hona joale ka nako ea rona re bonahale re hlompha ba bang e tle e re neng neng ha re ba lemosa le bona hore ha ba le batleng ba hlomphe tsa ba bang, e be e le hore rona re ile ra qala hobane ho thoe motho ha o batla hore o mo etse test hantle, hore na ke motho oa mofuta ofeng, o mo fe matla. O tla bona hore hee banna hee mona ntho ena[Litšeho] e joalo. Motho ea tsebang ho ba le boikokobetso a le matleng lea tseba hore e feela e le motho. Ke tšaba hore eke ke re ke motho hobane ekare ke re ba bang ha se batho. Feela ha ke tsebe hore na ke eng. Feela kanete ke motho oa bohlokoa ha ke cho joalo. Re ile ra li bona litaba tsena, ha rea tlameha hore…re bone hore ho ka etsahala hore motho ha a le matleng ebe mosebetsi ohle o entsoeng ka lilemo tse telele ebe ka letsatsi feela a ka o etsa. Empa hona joale tjena re tlameha hore lekhetlong lena re ipolelleng hore nako ena ea lilemo tse hlano, mofuta oa democracy oo re tlang ho o etsa ka hare ho naha ena, mefuta ea melao eo re tlang ho e etsa ka hare ho naha ena ke e tlang ho etsa hore le mang kapa mang ha a ka tla pusong a ke ke a boela a re khutlisetsa morao ka letsatsi feela kamorao ho hore a kene mona [Liatla]. Re e bone, re bile ra ba le puso mona ho na le lintho tse ntle haholo tse entsoeng ka nako e telele ho tloha ka 1993, ha e-ba le melao le lintho tse ngata, empa re ile ra bona ntho eno ha e batla e tima ka nako le motsotso. Lekhetlong lena re tlameha ho tla etsa melao e joalo e tlang ho sireletsa democracy ea Basotho, e tlang ho sireletsa puso ea sechaba ka sechaba Lesotho le Litokelo tsa mantlha tsa Mosotho e mong le e mong a se na maemo kapa a na le ona. Ha ho hlokahale hore motho e be Letona , ha ho hlokahale hore ebe Tona Kholo kapa Leparamente ka hare ho naha ena hore litokelo tsa hae li tle li ts’ireletsoe. Ka mabaka a na ba entse mosebetsi o motle, ntho ena eo re tliló tla e etsa re le Paramente ena ea Borobong ke pale. Ehlile re tla be re tloha ka leoto le letle.
    Sets’oants’o sena sa Molao ke se seng sa melao e meholo haholo eo Komiti ena e ts’oarahaneng le eona. Kopo ea rona e ne e le hore re ea tseba hore mesebetsi e mengata ea Paramente, ‘me mosebetsi oa eona o moholo ke ho aba lichelete le ho fetisa melao. Re fetisitse melaoana mona, empa re lokela ho fetisa on aka ha ke o mong oa melao e meholo oo ke reng ha re o fetisitse ka ha k’honeng mane ha Mochina moo ke shebileng ho na le batho ba il’o emela Lesotho Machabeng, ba tle ba tsamaea ba ikutloa hore ba entse mosebetsi o moholo oa ho fetisa Sets’oants’o sena sa Molao, ba tle ba re; we have contributed, re entse ntho e kholo (Applause).
    Ka mabaka ana, kopo ea rona ke hore Ntlo ena e be pelo e mongobo hore re tle mpe re fetole linako tsa ts’ebetso. E leng hore le ha re batla ho etsa mosebetsi ono o moholo re tle re boele re baballe nako ea rona ea hore re tsebe ho ea phomolong, ho ea thaba le sechaba sa habo rona nakong ea Keresemese. Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, ha hona litaba tse ngata, kea sisinya.
    HON. DEPUTY SPEAKER: Litho tse Khabane, ke hlokomelisoa mona hore report ena e qetiloe bosiu haholo maobane. Ke lona lebaka le etsang hore ebe ha le na eona matsohong a lona hona joale. Re se re kopa hore re tle mpe re amohele hore e tla re ha re ntse re le koano re tla e fumana. Any seconder please.
    HON. L. RAKUOANE (Minister of Home Affairs): Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, kea leboha ka hore ke fumane monyetla ona oa ho tlatsa Moetapele oa Ntlo ka tlhahiso ena e reng Ntlo ena e Khabane e amohele hore e ‘ngoe ea litaba tseo re tlamehang ho li etsa ke hore re fetole linako tsa ho lula e le hore re mpe re fetise Sets’oants’o sena sa Molao.
    Ka ho khetholloha, Mohlomphehi, ke lebohe Moetapele oa Ntlo ka moo a khobotlileng bohlokoa ba Sets’oants’o sena sa Molao sa Litokelo tsa Mantlha tsa Botho. Ho na le batho ba phatlalallelitseng lefats’e mona ba bolela hore haeba ho na le naha e sa hlompheng molao le litokelo tsa mantlha tsa botho ke naha ena kapa ‘Muso ona oa lets’oele le beta poho.
    Ke nahana hore Sets’oants’o sena sa Molao seo re kopang hore se fete ba bang hare ne re na le matla a ho laela re ne re tla re le Ntlo ea Senate e iphe nako, le ha ekaba letsatsi le leleng e shebe taba ena e fete hobane e bohlokoa haholo. Ke boipiletso boo motho u seng u ntse u bo etse hona mona hore kannete re kopa Ntlo eo hore e se fetise kapele.
    Re boetse re ipiletsa ho sechaba hore haeba ho na le Sets’oants’o sa Molao seo re ka ra ratang hore sechaba se tsebe ka sona kapa le lefatsé re thuse ho se fetisa le ho se kenya tsébetsong, ke sena sa litokelo tsa mantlha tsa botho.
    ‘Muso o ntse o ts’osoa mona le sechaba ka litaba tsa Komisi ea Justice Phumaphe, eo re ka ra ratang hore likhothaletso tsa eona, tseo ho bonahalang hore ke tsa bohlokoa, re lumela hore ke tsa bohlokoa kaofela, li tle mpe li fumane lits’ia tseo li tla tla li fihla li theohela holima tsona. Ha hona taba e tla ba bohlokoa ha likhothaletso li hlaha mane joale li fumana re na le komisi ena ea human rights eo re lebelletseng hore ke eona e tla li kenya tsébetsong. Joalo ka ha ho ntse ho buua, mona batho ba bang ba re ‘Muso ha o eo, joale ha ke tsebena li tla kenngoa tsébetsong ke mang. Mohlomong institution ena ke eona e tla tla e matha ka likhothaletso tseno. Ke utloileng ho na le moetapele ea lumelang hore likhothaletso tseno li tliló tla lokolla Lesotho. Ke bona eka li tla tlameha ho tla amoheloa ke komisi ena.
    Ka hona re se re ipiletsa ho bohle hore ba re ba re thuse hore e be teng. Joale ho beoe Komisi mona ea Litokelo tsa Mantlha tsa Botho joale e tsebe ho tla bona hore na litaba tsa naha ena li ka sebetsoa joang. Ka hona rea ipiletsa, Litho tse Khabane, hore kannete ha re fetiseng Sets’oants’o sena sa Molao. Ke se ke kopa hore re fetise Sets’oants’o sena sa Molao re tla ‘ne re lokise lihlomathiso tsa sona re ntse re ea pele. Ha ele sona se fete e eó ba mpho joalo ka Moetapeleoa Ntlo a boletse. Ebe mpho e isoang ho sechaba, ebe mpho ea
    Motlotlehi ka Ntlo ena ea hae joale a e fa sechaba sa Basotho ka nako ena e mahlonoko ea hore re tló tla keteka ho tsóaloa ha Morena oa rona Jesu Kreste. Litho tse Khabane, kannete kea kopa, ‘me re ipiletsa ho bohle hore re mpe re ts’ehetsoe kapele hore komisi ena e tló tla ba teng. Ka hona ke re kea tlatsa, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, hore tlhahiso ena e mpe e amoheloe.
    Question proposed
    HON. K. MAKOA (PR): Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Ke ema mona le ‘na ke tlatsa taba ena ea hore Ntlo ena e Khabane e fetole lihora tsa tsébetso e le ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa oo Moetapele oa Ntlo ebile e le Motlatsi oa Tona Kholo a bontsítseng hore ke mpho eo Ntlo ena e Khabane e il’o e fa sechaba ka nako ena ea tsoalo ea Morena oa rona Jesu Krest. Litaba tsena tse bakang hore ebe ho etsoa phetoho ena li kholo joalo ka ha li se li hlalositsoe hobane ha u mametse batho ba bang ba bua kantle ka mona ba re ba emetse litokelo tsa sechaba. Ba emetse mang kapa mang ha ba khetholle. Mohlomphehi, ha u utloe hore na ba sheba litaba joang. Re bile le lintho tse makatsang, tse neng li re ts’oentse re le naha, ‘me ha re kaba ra bona Mekhatlo ena e ikemetseng e ema e re ba ts’oela litaba tseno ka mathe. Re ile ra bona Mohlomphehi Tona Kholo ea mehleng e ntseng e le eona le hona joale a hlaseloa State House ke batho ba hlahang bo Mozambique koana. Ha re ka ba ra bona mekhatlo e ikemetseng e ema e nyatsa taba eno, ba ile ba itholela tuu.
    Re ile ra bona ha melaelloa oa lipolao tse sehloho mohlankana ea bitsoang Lehlohonolo Scott a tsoile ka teronkong ka vaseline, ha ba ka ba ema ba hoelehetsa ka taba eno. Joale empa batho bana ba reng ba emetse litokelo tsa mantlha tsa botho hoseng hona ho lia-le-moea tse ling ke utloile ba hlasela Setho se Khabane ‘M’e Mats’umunyane ba re o ne a tlile Paramenteng, ‘me a entse tokelo ea hae ea ho tla Paramenteng. Motho ua Makala hore na ha ba re ba emetse litokelo tsa mantlha tsa botho, Setho seo se Khabane hase tla mona Paramenteng se tliló tla bua mathata a ha habo sona a hore mabitla a ea hefooa mane. Lekala le ikarabellang litabeng tsa mobu le eo lokisa boemo boo, ebe oa hlaseloa ka litaba tseo ho li-ea-le- moea moo hore o ne a tlile Paramenteng.
    HON.P. LETEETE (Qhalasi): Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, ke botsa Setho se Khabane se ntseng se bua hantle hore na se ka reng moo Mohlomphehi Dr. Motsoahae Thabane ha a le libokeng a re batho ba nts’oe 3+1 (ba tlosoe botona) empa ba sa ikarabella na? Setho se Khabane se ka reng moo a neng a re eena ha a batle ho ea phupung ea lepolesa le bolailoeng ke lesholu o batla ho ea phupung ea lesholu na?
    HON. K. MAKOA: Mohlomphehi, ha ke araba Setho se Khabane nka re litaba tseno li ile ‘ne tsa re makatsa hobane Tona Kholo ea mehleng ke motho eo u neng u bona hore ha a na letsoalo la ho bea motho label ea hore na o entse eng. Ke hore haeba o ne a sa ts’abe hore ebe sebokeng sa hae sa lipolotiki o re IEC eno ke ea rona, enoa ke oa BNP, enoa ke oa LCD e mong ke oa ABC, a re mapolesa tsa mo tsóarang Moleleki o utsoitse chelete. Ke hore motho a neng a bua litaba tsa mofuta o joalo e leTona Kholo ke oa mofuta ofeng, a reng motho a bolaoe pele a ka ikarabella.
    Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, ka mantsoe ana a mabeli ao ke a beileng mona, ke tséhetsa hore Ntlo ena e Khabane e fetole lihora tseno tsa tsébetso. Mosebetsi ona o moholo ruri, Komiti ena e o entseng le eona ke ea e leboha ka ho etsa mosebetsi ona o matla. Kea tlatsa, Mohlomphehi.
    HON. M.S. LEHATA (Makhaleng): Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Kopo ena eo Moetapele oa Ntlo a e behang ’me eo re e amohelang ea hore re tle mona ka 9:00 a.m. re chaise ka 6:30, Labohlano re tle ka 9:00 re chaise ka 6:30 ebe ha re pate bafu ba mabatooa a rona, ebe re sitoa ho ea mabatooeng a rona, re mosebetsing oa sechaba hobane re iteletse sechaba. Ke re rea e amohela.
    E bontša phapano hore na re fapana joang le bane ba lulang ka nqane ba sieo. Ha re kena ka Ntlong ka mona, re nkile kano ea hore re tla sebeletsa Sechaba sa Basotho, re tšepahalle Motlotlehi le majalefa a hae, e le eena Hlooho ea Paramente, e etsang molao. Ena eo re reng rea lula ha re ee keresemeseng, nako ea rona ea calendar e otlile, re sebetsa kamor’a nako hobane kano eno e le eona e etsang hore re etse joalo, ebe banna ba bang ha ba eo ka mona…
    HON. MEMBERS: Le basali.
    HON. M.S. LEHATA: Le basali…[Liatla]…feela ba nkile kano. Ke hore na Basotho ba bona litaba joang na? Na ha se nako ea hore ba ke ba lule fatše, ba ke ba inahane, ba shebe, ba shebisise, ebe baa ahlola. Mohlomphehi, ho na le notice e mona ea no-work-no-pay, hoa buua mona ha thoe ke batho ba rona bano, ha ba lefshoe keng? How can u ka lefshoa u sa sebetse? Hase bosholu, ha se eona corruption ela eo ba buang ka eona? Li-ea-le-moeeng mona ho tletse, Maparamente ho thoe a hlakoletsoe melato ea bona ea Paramente e fetileng e nkileng two and half years. Ke lerata, “ke lichelete tsa sechaba tseno,” tsee tsona hase tsa sechaba? Ke tsa sechaba ha li tla ka nqe, ha li ea ka nqela hase tsa sechaba tsona? Ha li PS li felloa ke likonteraka mona, tse ling li se li itsamaisa pele ho nako, ’Muso o ba lefa free salary ha ho na motho ea llang. Maparamente ha sa nka five years ea bona, molao o lumela hore ba fuoa likalimo tse ba tla li lefa ka income ea Paramente eno, ha Paramente eno e fela ha ba sa na income. Batho ba tlil’o tla ba lla ka litaba tseno ba li etsa lipolotiki feela bane ba ka nqane ba bang bona ha ba bone.
    Ke nako ea hore Paramente le Maparamente matla a bona ba ikhoesa ona, ba bontše hore ba matla, ’me ke babusi. We are the Supreme House, ’me re tlameha hore ho utloahale hore re Maparamente. Naha ena rea e busa, re etsa hore ’Muso o phethahatse lintho tseo re li batlang. Re etse hore ’Muso o tsamae ka mokhoa oo re batlang kateng. Re tla ho budget hona joale. Makaleng a lona mono Matona, rona re tlil’o theohela hona joale, ba bang bona ha ba eo, budget ea lona re tlil’o e sheba hore na e tl’o tsoa joang? Ha hona khomo-sebeletsa-pere…[Liatla]…
    HON. M. MAPHATHE: Ke botsa Setho se Khabane sa Lebatooa la Makhaleng se ntseng se bua hantle hore na ha se bone eka ehlile ho’a hlokahala hore Motion oane oa hore motho ha a sa iponahatse mosebetsing mona, moo a hiriloeng ke sechaba, joale o tsoelepele hore re sireletse chelate ena ea sechaba, e ntseng e itjelloa ka bokako feela ke batho ba ipaqametse le linaheng tsa batho ba bang na?
    HON. M. S. LEHATA: Ae, Mohlomphehi, u se u tlil’o ntlatsa hakere ua tseba u se u le teng. E se e le hore uena u tlil’o ntlatsa hobane ona o teng.
    Ke ne ke tla moo ke tlang ho boikarabello hore ka ’nete ntho ena ea lipolotiki tse cheap, tseo batho ba iketsetsang borata kapa ke hoba joale re re re tlil’o tla re bua ka litokelo tsa bona tsa botho. Tokelo tsena tsona li tsamaea habeli. Ke tokelo ea ka, le eo ke mo sebeletsang. Hase tokelo eaka ke le mong. Haeba u khethiloe ho tla Paramenteng mona, u bua litaba tsa sechaba, ke hobane sechaba sane se u file tokelo ea hore u se sebeletse. Ha u se tima tokelo ea ho se sebeletsa ho etsahala eng ka uena? Maobane e ne e le nako ea lipotso mona. Potso tse ngata li oele, tsa sechaba, tsa Bakhethoa ba sieo ka mona. Ha ba na botsa lipotso tseno hoo hang. E leng hore sechaba seno sa bona, mabatooa ano a bona, a hlotsoe ho fumana karabo ea hore na ’Muso o reng. E leng hore ’Muso ha ua utloa, le bona ha baa utloa. Tokelo eo ea sechaba seo, eo ba e tinngoe ke motho ea ba emetseng ka moo, ea sa tlang mosebetsing ka lebaka la mabaka a sa utloahaleng ke efe…
    HON. MEMBER: Feela a ntse a lefshoa.
    HON. M.S. LEHATA: Ke tla moo ke reng, taba ea litokelo tsena, ha li tle ha ’ngoe, it is not a one way thing. Ke tokelo eaka, ke tokelo ea eo ke mo sebeletsang. Molao ona o tlil’o tla o re thusa hore ho be joalo empa ke bontša hore na Basotho re hokae hona joale. Basotho na ba sheba litaba joang, Basotho na ba thetsoa ka lintho tse nyane hakae. Ho tla thoe feela se-ea-le-moeeng, ho thoe ke Bakhethoa bafe ba ntseng ba le hloela? E mong a re oa ka o ntse a re hloela ebile ha a ee Paramenteng. Ea eang Paramenteng u tla u hloela joang a le mosebetsing oa sechaba, mosebetsi o etsoa Paramenteng. Re mathateng a lipolotiki kapa a batho ba se nang tsebo kapa ba sa batleng, ba lehloeo le leholo, ke hore I don’t know. Re moo Naha ena ea Basotho hona joale e tlamehang hore ebe Mokhethoa e mong le e mong oa ipotsa hore na ha e le mona pula e sa na, ho sa uoa masimong, komello ee re e etsang re le Bakhethoa ba Sechaba hore re bone tlala ela e bang metseng mola rea e loantša. Re tlameha hore ebe re ka mona re bua hore na re etsa joang ho loantša koluoa ena ea tlala e motseng mane. Monna e mong eena ha eo le mosali e mong, ha ba eo ka mona. Rona re ekeletsoa matsatsi ka mona ho bona hore na re etsa eng ho thusa sechaba sa Basotho mane, ba bang bona ha ba eo.
    Ke ne ke re, Litho tse Khabane le Sechaba sa Basotho, se ke se ikeletse, se inahane hantle, se be se batle hore na hantle ha ho thoe lipolotiking ho na le bothata ke ha ho le joang. Haeba hona joale I will claim hore ha kea sireletseha ebe ke se ke baleha, all of us re tla lula re baleha mona. Re na le lintho tse ngata hampe, mathata a rona a mangata hampe a etsang hore ebe ha rea sireletseha. Taba eno ka bo eona, na ka ’nete e se ele hore ho be ho tjee. Ka har’a rona ka moo re bile le Zimbabwe, Tsvangrai o ile a sebetsoa hampe, a terapuoa, a tšoaroa tsatsing lena joalo ka Mokola, a lokolloa, ha aka a ja phalo, o ile a ema. Hore na ntoa ea lipolotiki e mo hlotse feela o ile a ema hobane moetapele o tlameha ho shoa pele ho sechaba seo a se eteletseng pele. Se ka ba moetapele ha ho le monate, ha ho le thata ebe oa baleha…[Liatla]…
    Ke hopola litaba tsa Mokola. Re le kae-kae a bua a re, “kea u tseba, u se ke be ua baleha hobane kea tla.” A re, “u se ke be ua ja borokho kea tla le ’na.” O ne a e-s’o fihle le ho fihla kea kholoa, ha ke e-s’o utloe ha ho thoe le mapolesa a fihlile ha mang-mang but re mathateng a batho ba joalo, bao joale ba isang sechaba hosele se ba setseng morao. Re mathateng a hore re le Sechaba sa Basotho ho latela mathata ao re nang le ona, le sona ka bo sona ha se sa tseba hore na se batla eng, se batla phetoho. Hona tjena Basotho ba re ha re ke re reke mollo ho feta metsi, mollo mohlomong o ka ’na oa re phelisa, athe mollo oa chesa, metsi ona a phelisa. Ho na le batho ba nahanang joalo, bao a tlamehang hore a qae metsi haholo le ho eketsa, e le hore ba tsebe ho bona bophelo ba tlohelle ho batla mollo.
    E leng hore ke ne ke bontša hore na, re boikarabellong bo bokae, ’Muso ona na o boikarabello bo bokae. Re tlameha ho sebetsa ka matla hakae, le kapele hakae, ho tlosa naha ena mona moo e leng hona teng. Re fetole maphelo a bana ba Basotho , ba bangata ha hona mesebetsi, bofuma boa otla, ’me re tlameha re tatele ho etsa hantle. Re tlameha hore re tatele hore leshano le sekhahla, re le mule ka ’nete e sekhahla, khetlong lena. Re se ke be ra re ’nete e mokoka, leshano le sekhahla, ebe leshano le sekhahla, re re ’nete e sekhahla. Re ba re qii! Ka ’nete e sekhahla. Kea leboha, Mohlomphehi…[Liatla]…
    HON. S. QOO: Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Ke tle ke mpe ke otle habeli, hararo feela ke se ke phutha liqola, ke menela liqola ka Motion ona oo re kopuoang ka boikokobetso bohle, re sa hatelloe ke Moetapele oa rona oa Ntlo, a re kopa, ka ’nete kea amohela. Ke amohela kopo ena lebitsong la Maparamente a heso, lebitsong la Lebatooa la heso la Malingoaneng. Rea hobosoa li-ea-le-moeeng mona. Rea hoelehetsoa hore ke bane ba lutse Maseru mane ha ba sebetse, na lea ba bona mabatooeng moo? Haeba re tlil’o sebetsa, re sebeletsa bona batho bano ba lutseng li-ea-le-moeeng ba bolela ka hore re lutse mona Maseru re etsa melao, re fetisa lichelete, re etsa tlhatlhabo ea lichelete ka mokhoa oo li sebelitsoeng kateng. Molimo o tla ba le rona, Molimo o tla re sheba ka leihlo le letle. ’Na ke ne ke ratile hore …
    HON. T. PHEKO: Ke kopa ho botsa Setho se Khabane sa Malingoaneng se ntseng se bua hantle hore, se ke se bee Ntlo ena leseling hore na motho ea ikanneng e le Leparamente, joale a se a sa tle Paramenteng, a ikotla sefuba sa hore o ntse a ea Lebatooeng o tlaleha eng na?
    HON. S. QOO: Kea leboha, Mohlomphehi ka uena. Karabo eno e khutšoanyane feela, o tlaleha leshano. Ebile u nkhopolitse hore ke tlil’o bua ka thatanyana, ha e ne e-ba ho ne ho etsahala hore ebe Ntate Leader of the House ha a bua a le mono moo a leng hona teng, ebe u buile a le mona Tafoleng a shebile ka mona, joale a tle a bone lifahleho tsena ka mokhoa oo li hlorileng kateng. Lifahleho tsena kaofela ka mona li hlorile, li hloretse tokoloho, bophelo bo monate ba ka har’a naha ea Lesotho, ba Basotho. Ho etsa ntho ea mofuta o joalo, ke melao ena eo ba e etsang. Ha a ne a ka ba bona, u ne u ka bona lipelo tse monate, tse mofuthu, tse joalo-joalo ha u sheba. Joale che, ka ha o se a buile, ha ho sana khang feela o se a ntse a li bona ka leihlo le mohau hore li thabile.
    Ntate Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, taba ea batho bana ba ituletseng feela, joale ebe rona re tla tla mona ka 9:00 hoseng, re tsoa 6:30 p.m. ho fihlela Labohlano, ebe bona ka Moqebelo ba tla ea hohle moo ba eang teng ba fihle ba bontše ka hore ke bane ba lutse Paramenteng mane, joale ka ha Setho se Khabane sa Makhaleng se bontšitse. Ke bane ba lutse ka mane ba ntse ba ja lichelete, ba lefelloa lichelete, ba etsa lintho tseno kaofela. Ke re Molimo o tla ba bona.
    Maobane a maobane ana ke ne ke ts’ela ka mono ka boarder gate ka bo-2.15pm. Ka bomalimabe ke ne ke sa nka telephone ena e nkang lifoto. Motho eo ho thoeng o balehile ka Lesotho ka mona, moetapele oa Manasi ke ne kena le eena ka boarder gate ka mono. O ne a tenne borikhoe boo u bonang hore…bo ‘m’e le tla nts’oarela…ha u tene mose o mosoeu joale eba o oa boneletsa ka hare ka mane … joale a ts’oere ngoana oa hae a mokana ka tafole ba itsamaela ka boarder gate ka mono ho le monate.
    HON. MEMBER: A tenne borikhoe bo sexy.
    HON. S. QOO: Ho thoe bo sexy, Ke re “Molimo Ntate motho eo le re o balehile a tjee”. ‘Na ke ile ka ba ka theoha ka il’o mo ts’oara ka letsoho hore a bone hore ke ‘mone. Ka re ho eena “Morena Thesele, ha re ee hae?” Eaba eena o re “nkebe ka ea ka Lesotho ka mono ke tlil’o tla ke khutla hona mona”. Ke batho bao ho thoeng ba balehile, ke ba phaphathehi bona bana. Ke re ne ke na le eena ka Boader gate ka mono ke na le bopaki hobane ke ne ke sa tsamaee ke le mong. Joale ke ne ke re Molimo o tla re sheba ka leihlo le nchocho hobane ha re etse lintho tse mpe.

Kannete re leboheng re le ‘Muso hore ha ho na ntho e mpe e se nang molemo, ka hore ebe moetapele oa Lesotho Congress for Democracy (LCD) o ile a kopanela puso le batho bana ka 2012. Joale eaba lintho tsane tse ka mahafing lia kunyoloha li ba pepeneneng. Joale ha a qeta Moetapele oa LCD a ba lahla a re “ ba boneng Basotho ke bano” [Liatla] . Joale eaba Basotho ba ea ba bona. Joale hona joale ba pooaneng ba ntse ba re; “hee! Tlo koaele re; hlahetse feela.” Moetapele oa LCD e ne e le eena feela ea neng a ka ba koaela. Lirao tsena li kantle mono moo ba teng [Litseho le Liatla]


HON. L. MOLISE-MABUSELA (PR): Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Ke ne ke lakatsa ho botsa Setho sa haeso sa Malingoaneng se ntseng se bua hantle hore na Basotho ekaba b’a fosa ha ba ka ba re batho bana ba lehlakore la bohanyetsi ke lira tsa Paramente na, hobane ha ba sa buse ha ba tle Paramenteng, ha ba busa ba ea e fanyeha na?
HON. DEPUTY SPEAKER: Pele, Mohlomphehi u arabela potso eno ea Setho se Khabane ak’o hule lentsoe lane feela la “lirao”.

HON. S. QOO: Ke kopa ka uena ke hula lentsoe “lirao”. Setho se Khabane ‘M’e Mabusela, ke kopa potso ena ebe u ile oa e qala holimo-limo, u se ke oa e qala hare mona. Ha se “lirao” tsa Paramente ke lirao tsa Motlotlehi…Ke lirao tsa Motlotlehi hobane ke eena mong’a Ntlo ena e Khabane. Motlolehi ha tlil’o tla a bula Paramente ena ka 8/05/2015 ba ile ba hana ho ea mokhahlametsa. Hono e ne e sentse e le sesupo sa hore ha ba batle mong’a naha ena, ha ba batle Paramente, ‘Muso, le naha ena. Ke bano ke se ke entse mohlala hore ka mane ka habo bona ke “bavoyetho”. Ba ea kubeletsa ke bano, ke ne ke re re tla lula ka Paramenteng ka mona re fetise melao ena ea bohlokoa, eo ebileng ‘na ke tla ba kopela haeba ‘Muso oa haeso o ka lumela hore batho bana ba sa tleng Paramenteng, haeba mokhoa o ne o ka ba teng re ba ekeletse chelete ba ntse ba lutse hae mono. Ba re bona ba tla Paramenteng mona ba ipatlela chelete feela ha khoeli e fela ba ea li-atm chelete e hlahe. Joale e re ha a fihla a fumane hore mokholo oane oa hae o menehile habeli.

Joale ebe ‘Muso oa habo rona moo ho lokela hore batho bana ba Maparamente a Bohanyetsi M20,000 ba fumane e le M40,000. ba hona teng ho ee chelete ho bona, Maparamente a lehlakoreng la ‘Muso ho ee lits’ebeletso. Lits’ebeletso ha li tle ho batho ba tlang ka Paramenteng ba lehlakore la ‘Muso ba emetseng sechaba sa mafutsana. Bane ba Bohanyetsi ba emetseng chelete bona ba fuoe chelete [Liatla].
Ntate Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, ha ke na le litaba tse ngata. Re ne re mpa re re feela lebitsong la ba haeso re tla amohela, re tla tla Paramenteng. Nkebe ka tloha mona ke sa leboha Komiti e entseng mosebetsi ona hore re itelletse. Ke Komiti e etelletsoeng pele ke mosiphili. Mosiphili ke motho ea tseleng joalokaha Ntate Moetapele oa Ntlo a boletse hore China ho se ntse ho buua ho thoe le sebetse ka boitelo. Feela ka mono ka pampiring ea tlaleho ea komiti ke kopa hore pele report ena e tla ka mona le pele ke e sheba, e bonts’e Litho tsa Komiti tse sebelitseng e seng Litho tsa Komiti kaofela. Le hle le ba nts’e batho bao. Le ka mpa la etsa annexure ea hore ba neng ba tsoanetse hore ebe ba teng feela ba le sieo. Le se ke be la thathamisa hore batho bano ba teng mono Komiting. Ke bana re ntse re ba etsa promote hore ba ntse ba tla mosebetsing ba fetisitse melao. Ho hle ho be le annexure e bonts’a hore ha ho ne ho fetisoa melao ena bane ba lehlakore la Bohanyetsi ba ne ba ja chelete ba le habo bona koana. E le hore taba eno e shejoe ka mohau ena hore ebe ba ntse ba etsa promote ka hore ba botsetsoe lipotso feela ha le sieo.

Ea ho qetela, Ntate Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, ka uena ke kopa hore Ntate Leader of the House, ka boikokobetso ebile le uena Tona, Kholo ak’ u mpe u fane ka ts’ireletso e sa le hona joale ngoaneng eno oa motho ea neng a le teng Paramenteng mona (Hon. M. Mats’umunyane), eo a se ntse a hobosoa li-radiong. ‘Na kea tseba ha e se e cho joalo na e ea hokae. Ha re se ke be ra re re il’o sireletsa batho bano ba kantle ho naha, ha ho etsoe ts’alo morao ho Setho se Khabane M. Mats’umunyane. Ke ‘mone ha ke kena a le teng ka mona ke bona hore o ferekane ebile ke moletsetsa hooter ke mo botsa na ho etsahala joang. Feela ke bona hore o ferekane. O teng kantle ka mona o se a ts’aba ho tla kamona ebile o ts’aba le kantle o lipakeng. Ha Setho se Khabane se bitsoe a fuoe ts’ireletso hore “ ‘M’e, bolela hore na bothata bo kae” Ke kopa ka boikokobetso bohle ke tlatse hore Motion ona o fete. Kea leboha
HON. N. NDLOMOSE (Dele-Dele): Ntate Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, kea leboha ha u mpone. Re ea utloisisa hore tlhahiso ena ke tlhahiso e se nang le litaba tse ngata empa e kholo. Re tlameha ho lumela hore e kholo.


Kea amohela, Mohlomphehi, joalokaha mosisinye oa tlhahiso ena a buile ka matla e le Moetapele oa Ntlo ha’moho le ea mo tlatsitseng. Re tlameha ho amohela hore re sebetse ka tsela ena eo tlhahiso e kopang kateng. Seo ke mpang ke se emela ho se etsa ke ho khothatsa Litho tsena tse Khabane tse teng ka Ntlo ena e Khabane hore li se li entse mosebetsi o moholo oa ho mamella ho sebeletsa sechaba sa habo bona le tlas’a boemo bona. Ke ntho e ntle ha re sa khathale matla, re tla tsoelapele ho sebetsa ka matla.
Ke khothaletsa hore Litho tse Khabane re tiiseng ho feta ka moo re neng re tiisitse kateng. Ke hore haeba ho na le moo ho khoehlang re tiise hore ho khaohe….


mona ba ntseng ba bua, ba bile ba bua ka Ntlo ena ba ba qetella ba therekella ho bua le ka Botsamaisi ba Ntlo ena.
Taba ke hore na Botsamaisi ba Ntlo ena le bona bo tla ea li-radio bo il’o ba araba. Karabo ke hore che! E ka ba ntho e ntle hore re tsebe hore ho na le molula-qhooa oa Ntlo ena ea emetseng ho lihlalosa litaba tse kholo tseo re tla li sebetsa mona, ebe ho ba le motho ea tla tsoa a il’o hlalosa hobane bana ba Bohanyetsi ba sa tleng ka mona ka Ntlong ba lalletse ka matla ‘ohle hore moo ba leng teng ba il’o hlalosa le ho toloka litaba tseo re li etsang mona, melao e melemong ea sechaba, joale bona ha re sebetsa ba toloka bobe ba melao eo re e etsang.


E ne e ka ba taba ea bohlokoa ka ‘nete, Motsamaisi, hore ho tle ho inahaneloe hore Paramente ena e be le raliphatlalatso a tla bua litaba tsa Paramente, joale a hlahlelloa, a sebetsa litaba tseno ka molao. Re ntse re leka ho etsa joalo empa ha ho re qi hantle. Re lumela hore taba ena ha e ka etsahala e ka re thusa hore litaba tse ntle tseo re li etsang re le Paramente re ts’oaraneng ka matsoho li ka fihla hantle sechabeng mane, sechaba se li utloe ka motho ea fuoeng matla a ho etsa joalo. E re ha re supa hore bane ba ithoma ha ba ntse ba bua joalo. Baa ithoma ha ba rongoa joalo, re be re e-na le motho eo re tsebang hore ka molao o ronngoe hore a fetise litaba. Ha ke beile joalo, kea tlatsa, kea leboha [Liatla].
Question put and agreed to
Resolved
That this Honourable House resolves to change the hour of
commencement of sitting for Mondays to Thursdays from
2.30 p.m. to 9.00 a.m and the hour of conclusion of sitting for
Fridays from 1.00 p.m. to 6.30 p.m. in respect of the Lesotho Correctional
Service Bill, 2015 and the Human Rights Commission Bill, 2015.

HON. DEPUTY SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso, Hon. L. Molise-Mabusela.
HON. L. MOLISE-MABUSELA: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Ke ne ke kopa hore hang ha Ntlo e phomola Litho tse Khabane tsa Portfolio ea Molao li tle li kopane ho ea qetela mosebetsi mabapi le Human Rights Commission Bill.
HON. DEPUTY SPEAKER: This concludes all the Business for today. The Chair wishes, The Rt. Honourable the Prime Minister, Honourable Deputy Prime Minister and Leader of the House, Honourable Ministers, Honourable Leaders of Political Parties represented in Parliament, Honourable Members, The Table, Hansard Staff, Sergeant-At-Arm, Ushers, all Parliamentary Staff, Radio Lesotho Reporters, the Media and all our visitors in the gallery a warm and pleasant weekend.


HON. MEMBERS: Same to you, Sir.
The House is adjourned until Monday at 9.00 am.
ADJOURNMENT
There being no business upon the order the Order Paper, Hon. Deputy Speaker adjourned the House without question put, pursuant to the Standing Order No. 16(2).
The House accordingly adjourned at 9.55 a.m.