NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER
Wednesday, 25th November, 2015
The House assembled at 2.40 p.m.
(RT. HON. MADAM SPEAKER in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
HON. L. MOLISE – MABUSELA (PR): Ntlha ea tsamaiso!
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso, Hon. Lineo Molise-Mabusela.
HON. L. MOLISE – MABUSELA: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Mohlomphehi, ke kopuoe ke Litho tsa heso tsa Komiti ea Molao le Polokeho ea Sechaba hore ke tle ke shebe ha Mohlomphehi Letona le Khabane la Sepolesa le le teng ka mona ka Lekhotleng, ‘me ke tle ke ba kopele ho lona ho hopotsa Mohlomphehi Commissioner ea Sepolesa hore mona Paramenteng ho na le Litho tse ngata haholo tsa Sepolesa ‘me tse sebetsang hantle. E le hore ha linaleli li ntse li oa, a ‘ne a ba hopole, mohlomong bana ba mona ba poteletse haholo joale ho ka etsahala hore a ba lebale, a se ke a hopola tšebetso ea bona [Liatla] ke tsona litaba tseo ke neng ke re ke li fetise, Mohlomphehi. Kea leboha. [liatla]
RT. HON. MADAM SPEAKER: Rea ba lebohela, Setho se Khabane, ha le hopolitse Letona le Khabane. Etsoe maoba le ne le ntse le re le il’o phahamisa Mapolesa [litšeho]. Nka rata ho tseba hore na ana aka ona?
COMMUNICATION FROM THE CHAIR
Litho tse Khabane, ke rata ho nka monyetla ona ka ho leboha Matona a Khabane le Litho tse Khabane ba bileng teng thupelong hoseng kajeno eo re neng re thusoa ke ba UNDP litabeng tsena tsa Sustainable Development Goals (SDGs). Kea tšepa bohle ba tla tseba ho thusa ‘Muso ho atlehisa morero ona o reretsoeng ho ntlafatsa linaha tsa rona le lichaba tsa tsona.
Baeti ba rona ke tlaleheloa hore ke bana ba Sekolo sa Makhetheng Primary, Mohale’s Hoek, ‘me rea leboha ruri ka tokiso ena, re leboha matichere ha ba lokiselitse bana hore ba tl’o hlaha Ntlong ena ea Sechaba, ba ithute litaba tsa tsamaiso ea naha ena etsoe ho bona mono re lebeletse hore ha ba ntse ba amohela botataisi boo ba bo fuoang malapeng esita le sekolong moo, kamoso e tlabe e le bona ba tsamaisang naha ena. Rea le amohela baeti ba rona, ke ba kopela kamohelo, Litho tse Khabane. [Liatla]
Nako ena e hlile e hlophisitsoe hore e bolokeloe likomiti li qetele litšoantšo tsa molao tse matsohong, re tsebe ho tsoela-pele ka mosebetsi.
HON. M. S. LEHATA (Makhaleng): Ntlha ea tsamaiso!
RT. HON. MADAM SPEAKER: Point of order, Hon. Member for Makhaleng.
HON. M.S. LEHATA: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. taba ena eo ke buang ka eona, Mohlomphehi, kea kopa, ke ho kopa tšireletso le ho sireletsa Sechaba sa Basotho in general. Ho na le taba e neng e ntse e buua li-ea-le-moeeng le Lesotho Television e ile ea hlaha, ea motho oa ntate Mafeteng koana ea…
HON. MEMBERS: Ea faotsoeng?
HON. M.S. LEHATA: Ea tlositsoeng botho ba hae, [Litšeho] joale…
HON. MEMBERS: Ehlile o faotsoe.
HON. M.S. LEHATA: Joale,…phoofolo ke eona e faoloang motho eena ha ke tsebe ho sebelisoa lentsoe le joalo. Taba ena ha e se e etsahetse, u bona ho social media mona ho hlaha setšoantšo sa hae a se a le ka sepetlele. Joale ua ipotsa hore na boikarabello kapa lekunutu kapa secrecy ea mokuli le ngaka li kae. Social media ho bonahala batho ba e sebelisa hampe hobane e ba ha motho a tsoha o se a romella batho lintho tse joalo, ache kannete. Mona ke se ke re ‘Muso o ke o shebe taba ena ka leihlo le nchocho. Lekala la Health le sebetse taba eno le la Information le ke le shebe hore na ntho ena ea social media na ho ke se etsoe track litaba tseno, hore ha Mootsi a tsoha a koatile e-ba o se a roakane, o se a hlahisitse batho ba bang hampe e le hobane a tseba hore a ke ke a tsejoa, ho ke ho be le ntho e ‘ngoe e thusang hore boitšoaro ba rona re le bana ba Basotho le meetlo ea rona e ke e bolokehe. Ke bona eka joale re tsoile lekoeteng ka mokhoa oo lintho li leng kateng, ke bona e ‘nyarosa hore e ka re rea hole haholo.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Honourable Minister of Communication, na u ka tiisetsa Ntlo ee e Khabane hore u ntse u itukisetsa ho nkela litaba tseo bohato?
HON. K. LETSATSI (Minister of Communications, Science and Technology): Kea Leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Taba ena ke taba eo ka ‘nete esale ke le Letona mona ke bua haholo ka eona. Ha re ne re tlameha hore re e nkele khato e matla, e ‘ngoe ea tse ling tsa lintho tse re sitisang e ntse e le molao o amang litaba tseno, cyber security le litaba tse ling tse amang molao ono. Ke tšepise hore taba e kholo hona joale tjena molao ono o ho draft, haufinyane o tla be o qetiloe re tsebe ho o fetisa Paramenteng mona, re tsebe ho lelekisa litaba tseno. Ka ‘nete li re tšoentse haholo. Ha se le tsona tsena feela esita le tse ling tse amang litaba tsa ho roahaka batho ba baholo joalo-joalo, ke lintho tseo re seng re ntse re sebetsana le tsona. Kea leboha.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso, Setho se Khabane.
HON. L. MOLISE – MABUSELA (PR): Kea leboha, ‘M’e. Ke leboha haholo, Mohlomphehi, ke taba ena eo Setho se Khabane Mokhethoa oa Makhaleng a e buileng. Ke leboha leha Letona le Khabane le re file hore na ebe litabeng tsa molao ebe re se re le hakae. Ke ne ke kopa hore, ‘M’e, ka boikokobetso bohle taba ena e mpe e thokole Litho tsa Komiti ea Social Cluster, ka bolula-setulo ba eona hore e ee kopanele kapelenyana, ‘me e bone hore e bitsa batho bohle ba ikarabellang, haholo haeba litaba tse joalo li etsahala ka hare ho sepetlele. Taba ena e hloka hore e sebetsoe ka thata haholo ho fumanoe hore na ke bomang baetsi ba ketso eno, ‘me likhato tsa molao li tsebe ho sebetsa holim’a bona. Kea e kopela, ‘M’e. Kea leboha.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso, Hon. M. Soulo.
HON. M. SOULO (PR): ‘M’e Speaker, ha ke tsebe hantle feela ka ‘nete ho na le ntho e bohloko bo tšabehang haholo. ‘Na le mane moo u ntseng u re leboha moo re neng re ile, lijo tsane tsa teng ehlile ha li ea nlula hamonate, ‘M’e. Lebaka ke hore batho bano ba lutseng mono AVANI Hotel ekaka ke ntho e nyane, batho ba lutse mono keiting ea AVANI Hotel ba sotlehile, re re ka re taba ea bona e arabuoe feela ekaka ha ho etsahale letho le Bahlomphehi ba feta batho bano mono. Ntho ena e ea re tlontlolla. ‘Na ka ‘nete lijo tseno ha kea li khora tse monate. Ho lokile, ‘M’e [Liatla].
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ke tla le fa sebaka kaofela. Ke u bone Letona le Khabane. Setho se Khabane, taba ena eo u buang ka eona ruri ha se lekhetlo la pele e hlahisoa ka mona. E hlahisoa ka mehla Matona a Khabane a le teng a mametse, le komiting e ile ea isoa taba ena. Joale ke hore ba nang le boikarabello ho sebetsa litaba tseno hle, ha ba ke mpe ba li sebetse.
Ha e le ho ena ea setšoantšo se ntseng se potoloha, ke hopola eka tšebetsong ea ngakeng ho na le li-ethics le melao eo ho tlamehoang hore li lateloe. Ha ke utloe hore na ho etsahetse joang. Ke utloa eka ehlile ho nepahetse hore komiti eno e ke e fumane hore na ho etsahetse joang.
HON. T. RAMAKEOANE (PR): Kea leboha, Mohlomphehi. Ke le Molula-Setulo oa Komiti e ikarabellang litabeng tsena tsa lekala lena la Health, ke ntse ke bua taba ena le Mohlomphehi Mokhethoa oa Qhalasi mona, ke ntse ke mo bontša foto eno ka fonong ea ka ka mona. Re ntse re bua hore na re lokela hore re latele litaba li feng. Ha e le hantle-ntle manese ano a entseng taba ena a lokela ho nkeloa likhato tsa molao. Re ntse re sheba hore na re lokela hore re nke methati efeng re le komiti, Mohlomphehi, kea leboha [Liatla].
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso, Letona le Khabane la Tourism, Environment and Culture.
HON. L. TAMPANE (Minister of Tourism, Environment and Culture): Ke u hlomphe, ‘M’e Speaker. Ka ‘nete ke leboha taba ena e hlahisitsoeng ke Mokhethoa oa Makhaleng. Ke tšoere molepo Lekaleng la Bophelo, ‘M’e. Ke kopa hore ke tiisetse Ntlo e Khabane hore rona ba Lekala la Bophelo, taba ena re e bone maobane mona, ra ba ra e utloa. Re se re tlo tšoarana ka matsoho le Komiti ea haeso joalokaha e se e itlamme le Letona le Khabane la Communications. Eleng hore pele letsatsi lena le likela, ‘M’e, ke tiisetsa Ntlo hore re tla be re e sebelitse, ‘me likhato li tla nkoa tsa molao tse lokelang. Re soabile ke taba eno e etsahetseng [Liatla].
RT. HON. MADAM SPEAKER: Thank you, Honourable Minister. Order! There being no business on the Order Paper, the House is adjourned until tomorrow at 2:30pm
ADJOURNMENT
There being no further business upon the Order Paper, Rt. Hon. Madam Speaker, adjourned the House without question put, pursuant to Standing Order No. 16(2).
House accordingly adjourned at 2:55pm