LESOTHO NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER
Friday, 6th November, 2015
The House assembled at 9.00.m.
(RT. HON. MADAM SPEAKER in the Chair)
PRAYER
The Clerk led the House in Prayer
Litho tse Khabane, maobane ke ile ka le tsebisa ka masoabi ka Lefu la ‘M’e ‘Makhaketla Leipa.
Setho se Khabane ‘M’e ‘Makhaketla Leipa ke morali oa Ntate Selomo Koma le ‘M’e ‘Mateboho Koma. O hlahile ka la 24/02/1958 a hlahela Khukhune seterekeng sa Butha-Buthe.
O qalile lithuto tsa hae St. Paul Primary School ho tloha ka selemo sa 1964 ho isa selemong sa 1972. A kena St. Paul High School ka selemo sa 1973 ho isa selemong sa 1974.
‘M’e ‘Makhaketla o ile a kopanngoa ka lenyalo le Ntate Janki Leipa ka selemo sa 1976. Ba sitsoa ka ngoana oa ngoanana a le mong.
O ile a kena lipolotiking ka selemo sa 1994 Lekhotleng la Basotuland Congress Party (BCP) e le Mongoli oa Lekalana. A sebetsa joalo le Lekhotla leo ho fihlela ka 1997 ha hone ho thehoa Lekhotla la Lesotho Congress for Democracy (LCD), moo e ileng ea eba Setho, eaba ea eba Mongoli oa Lebatooa la Qalo.
Ha Morao e ile ea eba Mongoli oa Mokhethoa oa Lebatooa la Qalo. O ile a khetheloa ho ba Setho sa Lekhotla la Sechaba (National Assembly) kamora lefu la Setho sa nako eo eleng Mohlomphehi Mopshatla Mabitle. A boela a khethoa hape ka 2007, ‘me ea eba Setho sa Ntlo ho fihlela ka 2012.
Setho se Khabane ‘M’e ‘Makhaketla Leipa o siea morali le litloho tse tharo. Ke nako joale, Litho tse Khabane, ea ho etsa lipolelo tsa matšeliso.
HON. M. METSING (Deputy Prime Minister and Leader of the House): ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ha ke lebohe monyetla ona oo u mphang ona. Kannete re ema mona ka masoabi a maholo ka tahlehelo ena e kholo eo re le Ntlo e re amang empa e seng re le Ntlo feela, le sechaba sa Basotho le sechaba sa lebatooa la Qalo empa ka ho khetholoha bara le barali bao ba Leipa ka tahlehelo eo e bohloko.
Kannete Nalane ea naha ena ha ho buua ka eona ka bo-‘m’e ba fokolang ba kileng ba eba ka hare ho Ntlo ena, bo-‘m’e bao e leng karolo ea bopula-maliboho ho emela sechaba ka hare ho Ntlo ena ea Sechaba, ‘M’e ‘Makhaketla Leipa ke e mong oa bona. Lebitso la hae le tla lula le hopoloa ke meloko le meloko ea naha ena hore ‘M’e Leipa o kile a eba ka hare ho Ntlo ena e Khabane e le ‘m’e nakong eo bo-‘m’e ba neng ba ntse ba fokola joalokaha ba ntse ba fokola, ho lahleheloa ke batho ba kang eena ke taba e bohloko haholo. Ke tahlehelo e tšabehang ho naha ka kotloloho, ho sechaba ka kotloloho. Joale e le tahlehelo nakong eona ena eo ruri re ileng ra e supa, leha re ne re bua ha re tšelisa lelapa la Morena Lekhooana, Morena oa Maqasane, hore kannete ke nako e bohlokoa ena paleng ea naha ena hobane ehlile re mathuleng a ho keteka leeto lena la boipuso, leeto le supang boitseko bo kileng ba etsoa ke baholo ba rona hore ebe kajeno re Lesotho le ipusang. Kannete ha re lahleheloa ke batho ba baholo ba ntseng ba re siea ka sebopeho sena, e ba tahlehelo e kholo. Rea tseba hore ’m’e o ne a sebetsa le batho ’me o siile a jetse thuto, o siile peo, lefu leha le le bohloko hakaalo Bo-’m’e le Bo-ntate le re tsekisa baratuoa ba rona empa hona le lintho tse ling hape tseo lefu le sa tsebeng ho re amoha tsona. Tse ling tsa lintho ke melemo eo ba tlileng pele ho rona ba re etselitseng eona e leng lefa le kang lena la boipuso, baholo ba naha ena bo-Ntate Ntsu Mokhehle, bo-Tona-kholo ea mehleng Ntate Leabua Jonathane, le ba bang. Leha ba le sieo kajeno tjena ka hare ho rona empa rea tseba hore hona le tse ling tseo ba li etselitseng naha ena, tseo lefu le hlotsoeng hore leha le re amoha bona e be le ka re amoha litaba tseno.
Taba ena e tšoana hantle le eona taba ena ea ’M’e Makhaketla Leipa, hore leha e le mona lefu le re amohile eena empa ho na le litaba tse kholo tseo sechaba sa habo le rona re tla lula re mo hopola ka tsona, tseo lefu le sa tsebeng ebile le sa tsebang hore e be le re amohile tsona. Taba ea rona e ’ngoe e kholo e ba teboho ho Morena Molimo ea kileng a re fa ’m’e, ho joalo ka mehla. Letsohong la Molimo re amohela tse monate, ka linako tse ling re amohela tse bohloko. Kajeno ha e le mona re bua ka litaba tsena tsa lefu ka ’nete ebe e le litaba tse bohloko tseo re amohelang hobane re li amohetse letsohong la Molimo. Rea tseba re le ba-Kreste hore ha ho motho ea ka phelang nako ea hae e se e felile.
Ke tumelo ea rona hore mphato eo oa rona tsela ea hae, leeto la hae lefatšeng lena le ne le fella mona, ’me re tlameha ho leboha Molimo ea kileng a re fa eena ka nako e khutšoane ea bophelo ba hae. Empa ha u sheba mephula ea mesebetsi ea hae tšebeletsong ea sechaba u tla fumana hore e meholo haholo ka nako tse ling ho feta le batho ba phetseng lilemo tse ngata-ngata ho feta tseo eena a li phetseng. E leng hore Molimo ka ’nete o ile a sitsa naha ena ka eena. Re leboha Molimo ka bophelo ba hae, ’me re re moea oa hae le meea ea balumeli bohle ba falletseng e phomole ka khotso mohaung oa Molimo.
HON. M. MOLEFE (PR): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Le ’na joaloka batho ba ileng ba tseba ’M’e Makhaketla Leipa, ka ’nete re ile ra haroha matsoalo haholo ha re fumana phatlalatso ena ea hore o se a re siile. Empa joaloka balumeli ho ile ha khutla kapele hore e ne e le nako.
Ha ke ne ke fihla Paramenteng mona ka Paramente ea Bosupa ka selemo sa 2009, ke ile ka amoheloa ke bo-’m’e ba Ma-LCD ka har’a Paramente ba akhang ’M’e Leipa. Ho nkamoheleng ha bona ba ile ba nkhaha haholo ho tseba mosebetsi oa Paramente le ho ntataisa hore na ke tlameha ho itšoara joang ka Paramenteng. ’M’e Leipa e ne e se motho ea neng a bua haholo, e ne e le motho ea thotseng. Ka tloaelo re hopola hore motho ha e se motho ea tloaetseng ho bua haholo re tloaetse hore ke motho ea bonolo. Ke mo tsebile e le motho ea bonolo ea thotseng joalokaha ke se ke boletse. E ile ea re ha ke se ke ntse ke tloaela mosebetsi ona, ke tloaela Litho tse ling tsa Paramente, ke hopola ka nako e ’ngoe ha ho ne ho se ho bonahala ka har’a lekhotla la habo rona la LCD ho se ho na le likhohlano tsa likarohano ebe o re ho ’na le ba bang, re thole, re se ke ra bua haholo hobane re ke ke ra iphumana re khutletse Paramenteng ha re ka ’na ea bua.
Empa ka ’nete joalokaha motho e mong le e mong a na le sebopeho sa hae, motho o ile oa ’na oa itsoella pele ka libopeho tseo ebang o ne o na le tsona. Joale ke rata ho tseba hore na ’M’e Leipa – che e ne e le eena le ba bang ba re, haeba re batla ho khutlela Paramenteng re se ke ra bua haholo joale ke re nka mpa ka tlohela ebile ke ntse ke nkha hae koana, nka ’na ka khutlela teng haeba ke tlameha ho thola ha kea tlameha ho bua.
’M’e Leipa hona ho ile ha nthuta hore ke motho ea buang litaba tsa hae ka nako ea tsona ha se motho ea tloaetseng ho tlamoloha feela, ’me ke ile ka ithuta hore batho ba Qalo ba ile ba mo tšepela mosebetsi ona o moholo hakaana e le hobane ba ile ba ithuta hore ke motho oa bohlokoa hakaalo, ea neng a tšepetsoe hore a ka ba buella ho etsa liemahale ka har’a Lebatooa la bona ekasitana le ka har’a naha ena ea Lesotho.
Mohlomphehi, joalokaha ke se ke boletse ’M’e Leipa e ne e se motho oa litaba tse ngata e ne e le motho oa khotso ka linako tsohle. Hona ke tahlehelo e kholo joalokaha Mohlomphehi Moeta-Pele oa Ntlo a se a boletse, ke tahlehelo e kholo ho motho ea kileng a sebetsa mosebetsi o moholo hakaana ka har’a naha hobane leha motho a se a tsoile ka mona ho ntse ho lebeletsoe tse kholo ka eena le hona hae koana. Le ha ho le joalo Ntate Molimo ha a tsekisoe, etsoe motho e mong le e mong re se re ithutile ekasitana le sebopuoa se seng le se seng se phelang se baletsoe nako ea ho phela, empa nako ea ho fela ha matla ’meleng oa hae ho jara moea ha e fihlile ha ho na ntho e ka etsoang ha mong’a bophelo a se a entse qeto e leng lekunutu le tsejoang ke eena feela. Ka hona, Mohlomphehi, rea u tšelisa joalokaha e ne e bile e le uena Motsamaisi oa Paramente ka nako, eno ho lahleheloa ke Setho se joalo le rona re ntse re itšelisa batho ba ileng ba mo tseba ba sebetsa le eena re tšelisa ’Muso le sechaba sa Qalo ha se lahlehetsoe ke motho ea moholo hakaalo ka hare ho bona. Re tšelisa ekasitana le lelapa la Leipa. Ka hona, Mohlomphehi, ha ke beile hakaalo ke re moea oa hae o phomole ka khotso.
HON. M. S. LEHATA (Makhaleng): Kea leboha, Mohlomphehi. Le ’na ke fane ka matšeliso ho lelapa la habo Setho seno sa mehleng sa Ntlo ena, seo re ileng ra sebetsa le sona. Ha u bala pale ea hae lipolotiking ho itsoe e ne e le setho sa komiti ea lekalana Lekhotleng la Mahatammoho (BCP), ha thehoa LCD eaba mongoli oa lebatooa a ba a qetella a sebetsa le mokhethoa ofising. Eaba kamor’a lefu la mokhethoa sechaba sa roma eena. Joale ka nka litaba tsena eaba ke mo hopola ha a le ka Ntlong ka mona na e ne e le motho oa sebopheho se feng. E ne e se motho ea buang haholo feela o ne a tseba mosebetsi oa hae. O ne a lula a botsa lipotso ka lintlafatso tse hlokahalang lebatooeng la Qalo, a nke likarabo a ee lebatooeng a bontše sechaba sa Qalo hore o ntse a sebetsa,’me ’Muso o ntse a o tsitsinya hore o etse lintlafatso. Taba eno e ile ea bonahala ha a boetse a khethoa hape ….. e sa qaloa hantle. Sebopeho sa Lekhotla la Mahata ‘Moho kapa tloaelo kapa moetlo oa ma-congress ehlile e ne e le taba ea ho qala tlaase joale u ea holimo, ho tloha lekalaneng ho ea lekaleng, ho ea lebatooeng u il’o kena komiting e kholo. Taba eno e ne e le bohlokoa haholo, e ne e etsa hore re be le maparamente a tlang ka mona. Ke nako eo ho otloang boetapele ba hore u sebeletse, ‘me u ipabole, ‘me sechaba se tsebe ho ba pel’a hau, le ho se emela ka ‘nete le ka toka. Taba eno e bonahetse ho ‘M’e ‘Maleipa.
Ka selemo sa 2012 o ne a ntse a eme hape eaba o hloloa ke likhetho , a hloloa ke motho oa Popular Front for Democracy (PFD) Lebatooeng la Qalo, e sieo Qalo ka matla a neng a tšoana le ao e khethiloeng ka oona. Ho ne ho ena le ba neng ba kena le holimo. Joale e itse ha ba hloloa ke ho kena le ka holimo eaba b’a rabela, ba siea enoa ea keneng le tlaase a ntse a eme le lekhotla. Eleng hore ‘M’e ‘Maleipa e ne e le motšepehi, e bile moshoela tumelo. O shoa a re siea hona joale a ntse a tšepahalletse lekhotla la baitseki la congress. Ha a kaba a le tsoa tlaase, ha a kaba koata, a ngala ha ba bang bona ba mo timme likhetho hobane ba utloa ekare ha ho sa khethoa bona ho fosahetse.
Ha u sheba batho ba sebopeho sa ‘M’e ‘Maleipa, boholo ba bona Paramenteng mona ba nka nako e ngata, bana ba hlaileng ba hlaha tlaase ba ea holimo, ba nka nako e ngata. Lekhotla la congress le tšoana le koloi le ea bilika, selemo le selemo ho ntse ho kopanoa ho fanoa ka litlaleho, le pota-pota makaleng, makalaneng, lebatooeng ho ea khetha likomiti. Motho ha a ile a phela ntho eno ho bobebe ho ba pel’a sechaba, ‘me sechaba ho bobebe ho mo atamela. O lula e le motsoalle oa sona le motšepi oa sechaba le moratuoa oa sechaba seno se mo khethileng. Taba eno e thusa haholo hore batho ba khethiloeng ba sebopeho seno sa hae ebe ba nka nako e telele ba ntse ba sebetsa.
Ka hona, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, re lahlehetsoe haholo. Leetong leo re seng re le tsamaea hona joale e se e le leeto le fapaneng le la pele la boitelo le boitebalo ho litho tsa lekhotla, e se e le leeto la boichebo le boikhopolo ho litho. Mashoela tumelo a ntse a fokola, ‘me a ntse a tsamaea. Taba e’o ke challenge e kholo ea hore na ha e le mona li-pillar tsa congress, batho ba ileng ba rutoa congress, batho ba ileng ba rutoa boitelo le boitebalo ba ntse ba fela ho tl’o sala bomang na. Taba eno e re lekhotla la Democratic Congress (DC) le lahlehetsoe haholo le makhotla a mang a ma-congress a lahlehetsoe haholo ke setho sena se matla se neng se na le botšepehi, se neng se sa ichebe se itelletse lekhotla.
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, naha ea Lesotho e lahlehetsoe haholo ke mohlabani eo, le uena u lahlehetsoe le lelapa leno le lahlehetsoe haholo. Ha ke buile hakana kea leboha, kea tšelisa.
HON. L. MOLISE – MABUSELA (PR): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Le ‘na, ‘M’e, ke rata hore nke ke fetise matšeliso ka Setho sena se Khabane ‘M’e ‘Maleipa eo ke neng ke mo tseba hantle. Ha ke ne ke qala ho kena Paramenteng mona ka selemo sa 2007 e leng Paramente ea Bosupa, ke ile ka fumana e mong oa batho ba baholo ka hare ho Ntlo eo ea Sechaba e le ‘M’e Khaketla Leipa. O ne a sa lule hole haholo le moo ke neng ke lula teng, ke ne ke le Motlatsi oa Letona ka nako eo, o ne a lula, ha nka ka etsa mohlala feela ka sebaka se kang mono moo Letona le Khabane ‘M’e Likeleli Tampane a lutseng hona teng, ‘na ke ne ke lula mono ebe eena o tla be a lula mono moo Ntate Chief Whip a leng hona teng. E ne ee re ka mehla ha ho bonahala ho eba le lerata kapa mohlomong nka ka re ke ho kh’ueletsana, ebe ke tla ‘ne ke hetla ke batla ho bona hore na reaction ea hae ke efeng. Ebe ke bona ‘M’e ‘Maleipa a thotse a shebile Motsamaisi oa Lipuisano feela.
Ke ile ka mo rata haholo hobane ha ke ne ke mo sheba ka nako eno ke ne ke bona ‘m’e ea thotseng, ea boikokobetso, ea lerato, ke tsona lintho tse kholo tseo motho u ileng oa li khola ho eena. Maobane, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ke ile ka utloa bohloko bo boholo ha ke utloa ho se ho thoe ‘M’e ‘Maleipa o hlokahetse hobane re ne re sa ka ra tseba ha a kula rona ba bang, empa ke litaba tsa bophelo li joalo. Ke rata hore ke re, ‘M’e, e se eka rona ba setseng kajeno, re ka tabola leqephe la boikokobetso, leqephe la khotso, leqephe la lerato bukeng ea bophelo ba ‘M’e ‘Maleipa e tle e be oona maqephe ao re tlang ho itšoaetsa ka oona re le bapolotiki ka hare ho naha ena ea Lesotho. Eena o se a ile, ‘me rea tseba hore ka nqane ho lebitla ha ho sa na mosebetsi, ba setseng ba le tsuong le chocholong ke rona ba setseng ka koano. ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, naha ea Lesotho e lahlehetsoe ke senatla seo.
Ke rata hore ke qale ke tšelise Motlotlehi Rabasotho, ke tšelise Mohlomphehi Tona-Kholo ebile e le moetapele oa ‘M’e ‘Maleipa, ke u tšelise ‘M’e Moetapele oa Lipuisano, ke tšelise Ntate Motsamaisi oa Ntlo, ke tšelise Litho tsa Ntlo ena e Khabane. Ke rata hore ka tsela e khethehileng ke tle ke tšelise lelapa la ‘M’e ‘Maleipa, ke re Morena Molimo ha o fose, Morena Molimo ke mofani ea sa fuoeng, ke motšelisi ea sa tšelisoeng. Rona leha re ka ra bua lipuo tsa batho le mangeloi, Morena Molimo ke eena ea tla ba tšelisa. Ke rata ho ba kopela matla hore Morena Molimo a tle a ba thuse ba tle ba phele hantle ka morao o lefu la ‘m’e oa bona.
Moea oa hae le meea ea balumeli bohle ba falletseng e phomole ka khotso ka mohau oa Molimo. Kea leboha, ‘M’e.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Honourable Minister of Justice and Correctional Service
HON. V.M. MALEBO (Minister of Justice and Correctional Service): Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, kea leboha ka sebaka seo u mphang sona. Ke ikutloa ke lakatsa hore ke bue litaba tsa ‘M’e ‘Makhaketla hobane ke motho oa Butha-Buthe, nkile ka sebetsa Butha-Buthe, ‘me ho na le malapa ao ke a tsebang hona teng. Ke bile ke tseba hantle le moo ‘M’e ‘Maleipa a neng a phela hona teng Ha re ntse re ea holimo le tlaase ke ne ke ee pote le hona teng ke ntse ke rata ho bona hore na a ke ke a batla ho tla ka ho party ea haeso, feela o ile a tiisetsa moo a neng a le hona teng.
Ke rata hore nke ke bolele taba eo ke e boneng e le taba e kholo haholo nakong eo re neng re ena le eena ka Paramenteng. E ne e le motho ea bang teng ka mehla, ‘me e ne e bile e le motho eo a tla lula ka Paramenteng hofihlela e tsoa. Le haeba o ne a thotse joalokaha re se re utloile, le ‘na kea tseba hore ha se motho a neng a bua haholo, empa ha e le ho lula a etsa mosebetsi oo a o khethetsoeng hobane o ne a khethiloe hle, a lula, ‘me ke ne ke tseba hantle hore ho lula ha hae ho mo fa sebaka sa hore a ithute basebetsi ’moho le eena, a utloe litaba tsa Paramente. O ne a nkile sebaka sa motho eo ke neng ke mo tseba e leng Ntate Mopshoatla Mabitle. E ne e le motho ea neng a sebeletsa lekhotla la habo ka matla a maholo. Ke ne ke nkile hore o ne a nkile sebaka sa motho ea neng a entse hore a tsebe ho mamela a be a utloe. Ho khethoeng ha hae ke ne ke lumela hantle hore o ne a etsa litlaleho tse nepahetseng ha khutlela hae Qalo, lebatooeng leo a neng a le ho lona.
Mohlomphehi, u lahlehetsoe. Rea u tšelisa hobane kea tseba hore u ea mo tseba ’M’e ’Makhaketla. Ke rata ho tšelisa lekhotla la habo ka eena hore ebe o ile hobane re ne re sa ntsane re ka re re tšepahetse. Motho ea tšepahalang ha ntse a le teng re tseba ho ea ho eena, re tseba hore motho enoa o kile a tšepahalla Paramente, a tšepahalla sechaba sa habo. Ke oona mofuta oa batho oo re lokelang hore re be le oona, hore e ne e re ha ho na le mathata re ke re ee ho motho re ke re re na eena nakong eo a neng a le Paramenteng ho ne ho ee ho etsoe joang ha ho hlahile litaba tse tjee. Ka hona re lahlehetsoe. Butha-Buthe le Qalo li lahlehetsoe libaka tseno tse peli. Ke bee setereke ka lebitso la sona hape ke bee Lebatooa ka lebitso la lona. Butha-Buthe e lahlehetsoe. Morena oa teng le sechaba sa Butha-Buthe se lahlehetsoe ke motho ea kileng a ema a emela libaka tsa habo ka Paramenteng. Esitana le Motlotlehi re re o lahlehetsoe ke mofuta oa motho ea kileng a tseba ho lula ka har’a Paramente a mamele, a sebetse, a tšephale, a tšepahalle nako eo a e behetsoeng hape, a hlomphe botsamaisi ba Paramente.
Mohlomphehi, kea leboha. Ke oona matšeliso aka ana, ho hopola motho enoa eo ke mo tsebang hantle. Ke tseba le moo a neng a phela teng le hore na o ne a sebetsa le bo mang, kea ba tseba batho bao. Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. R. MOKOSE (Minister of Water Affairs): Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ha ke u tšelise ’M’e. Ke tšelise bohle ba anngoeng ke tahlehelo ena ea senatla sena se se kana-kana. ’M’e ’Maleipa, rona ka lekhotleng la rona re mo tsebile e le motho ea hotseng ka har’a lekhotla, a qala e le setho sa lekhotla se ileng sa qala pele sa qeta lilemo tse peli kapa 18 months a le tekong. Ha a pasitse moo a theohela a ba a tšepeloa ho ba komiting ea lekalana, a tlaba komiting ea lekala, a ba a qetella e le mongoli oa lebatooa leno la habo la Qalo. Ka mantsoe a mang o tsamaile methati e fapaneng ea sebopeho sa lekhotla.
Ho latela kuitloisiso ea rona re le ma-Congress ke hore haele hantle sechaba mane ke sona seo eleng poho, ke sona se nang le litlhoko. Ke sona se tsebang hore na litlhoko sa tsona ke lifeng. Ketane eo litlhoko tseo li nyolohang ka eona ke ho tloha makalaneng, ho ea makaleng, ho ea lebatooeng, ho fihla ntlo-kholo, li be li tl’o fihla ka pusong. Motho ea tsamaileng tsela e joalo, ke motho oa bohlokoa hore ha a fihla ka Paramenteng ka mona, joale ho qoqoa ka thomo ea sechaba mane, ke motho ea sa bolelloeng feela empa ea phetseng ka hare ho litlhoko tsa sechaba, ea bileng a tseba hore ha se tsa hae empa ke tsa sechaba ’me eena ke morumuoa. Morumuoa ke mohlanka, mohlanka ha a moholo ho mong’a hae, o lokela hore nako le nako a ’ne a khutle Paramenteng moo a ilo fana ka litlaleho.
Ruri rea mo tseba ka ho thola ha hae. Batho ba bang ba ee ba re somebody can be silent, but too noisy with his silence. Re tseba e le motho ea thotseng, ea sa reng letho, ea ikokobelitseng, ka nako e ’ngoe a iphetole Ntlebe hore u mo hloe holimo, u mo hloe tlaase. Feela mohlang a nyolohang moo o tsebang tsohle tseo a bo shebileng ka botho ba lona tseo le neng li etsa, ka nako e ’ngoe holim’a hae. Kannete kea tseba she was silent indeed but too noise hobane mane o ile a hlola likhetho. Ra ea lekhetlo la bobeli a ’na a hlola a lokela ho emela likhetho. Joalekaha seboi se seng se se se bontšitse, ea mpa ea eba ho itlhola ha rona ka ho tsekisana ha rona feela sechaba u ntse u bona hore se hlile se tiile sea mo hloka. Ke rialo tjena hobane re ne re bile re romeletsoe le Setho se Khabane sa mehleng Ntate Lehata e leng Ntate oa Setho se Khabane Ntate Mootsi Lehata, re il’o kena lipakeng, re ba re bona hore ehlile ’M’e Maleipa o hlotse. Ha ba bang ba re haele mona a hlotse re il’o sebeletsa hore a se ke a hlola likhetho mona. Ua utloa hore sechaba sona se ne se ntse se mo hlompha.
Kannete kea u tšelisa, Mohlomphehi, ke tšelisa lekhotla la ’M’e ’Maleipa la lipolotiki, ke tšelisa sechaba sa Butha-Buthe le Qalo ha mmoho le Motlotlehi ka tahlehelo ena, kea leboha.
HON. S. QOO (Malingoaneng): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi. Ntumelle ke qale pele ka ho tšelisa Motlotlotlehi, ke u tšelise, ka uena ke tšelise Mohlomphehi Tona-Kholo hobane o tsoa ka har’a Paramente ena, ’Muso oa rona esitana le bohle kaofela.
Ke rata hore ke bue ka ’M’e ’Maleipa hobane ke Setho se Khabane seo ke se tsebang. Re ne re le mane tlaase Paramenteng ea khale le eena moo re ileng ra qala teng ha re tla qetella. Me
Maleipa e ne e le ‘nete hore e ne ehlile e le moikokobetsi. Ke me
eo a neng a ronngoe ke sechaba sa ha habo hore a tlo se emela ka Paramenteng ka mona, a nke litlhoko tsa bona a li tlise koano, a boele a nke litaba tsa Paramente a li ise lebatooeng. Ke sona sepheo sa
MeMaleipa seo sechaba sa ha habo se neng se mo tšepetse sona. Mohlompehi, ke hopola ka letsatsi le leng ha ho ne ho le thata Paramenteng. Joalo kaha ho se ho bontšitsoe hore
MeMaleipa e ne e le motho ea itholetseng, ea sa bueng haholo, o ne a rata ho lula pela Setho sa Matšonyane hobane ba ne ba tloelane. Ha ho ne ho ba thata ka Paramenteng, o ne a ee a tsoe a lebe koloing ea hae, ha ke tsebe na o ne a il
o bala eng teng. U ne u tla fumana Setho se Khabane sa Mantšonyane a hlahile ka monyako oane oa koloi le eena a hlahile ka o mong. Ke ne ke ee ke botse e be ke re, “Hao, bo-Me
, ebe koloing moo ho etsahalang joang?” Ebe bona ba tla re, “Lithata ka mane, e re ke re ba bale ntho ke ena mona, re tsebe ho khutlela ka hare”.
Ke ne ke sa be le thahasello hore na ba phetlile eng ka koloing ka mono, feela ke bona hore buka e teng ka mono e ntseng e fokaela ekare ba ntse ba e bala. Ebe kea khutla kea itsamaela. Le bona etlare ha ba qetile ho bala buka eo ba khutlela ka Paramenteng ba itholetse.
Ke hopola ka letsatsi le leng ha ho le thata, Setho se Khabane sa Mokhotlong se ne se ee re bophelo ba sona sohle o ne a qala ho bona ntho eno eo Me
Motsamaisi oa Lipuisano a e aparang, a re e ea ngola ka Paramenteng. Ha a qala a hlahisa pampiri, e ithlahisa e ngotse. Me
Maleipa o ne a ee a mpotse a re, “Serialong, o ka re botsetsa hore na efela e le nete ntho eo e ea etsahala ka moo?” Ebe ke re ho eena, che
Me, ha se eo nka e buang eno taba. Setho se Khabane sa nako e fetileng Ntate Tšehlana o ne a na le ho ipuela lintho feela. Li tlohele li le joalo, ha hona ntho e ngolang mono, litaba tseno li sebetsahetse ka mokhoa o nepahetseng. Ha hona bothata ba letho. Ka
nete e ne e le me
ea nang le boikokobetso joalo kaha ho se ho bontšitsoe. Eo nka mpang ka le hlokomelisa eona ke hore hangata bophelong, ha re ntse re phela re hatana lirethe, ekaba Paramenteng mona, ekaba sechabeng mane. Feela ha motho a se a itsamaetse, ha re hopoleng thapelo ea Morena. Mantsoe a teng tlaase a re, “Re tšoarele ba re sitetsoeng”. Haeba Me
Maleipa hona le Litho tse Khabane tseo a ileng a li siteloa, ke kokota pelong tsa lona Paramenteng mona le mane sechabeng hore haele mona a se a bitsitsoe ke Morena oa rona e leng Mopi oa rona, ha re mo tšoareleng re tsebe ho lokolla moea oa hae o tsamaee ka khotso, a tsebe ho lo phomola moo a eang teng hobane o hlokahetse. Ha hothoe motho o hlokahetse, u tla utloisisa hore o bitsitsoe ke e moholo. Ke moo e mong le e mong oa rona ka mona, ha re na sekoti sa ho ipata, re ea teng bohle. Re tl
o hlokoa ke Mopi oa rona e leng Ntat
a rona. Hore na u ka tsamaea ka koloi ea majaba-jaba, hore na u ka lula matlong a nang le li-upstairs le tse ling, ka letsatsi le leng u tla li siea lintho tseno joale u kene ka lebokoseng joalo ka Me
Maleipa.
Ka mantsoe a mang, re ee re ntse re khutla re tsebeng hore re ba motho a le mong, re tla hlokahala ka letsatsi le leng. Me
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke le tšelisitse, moea oa hae o phomole ka khotso mohaung oa Molimo.
HON. M. SHAO (PR): Kea leboha, Mohlompehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke leboha monyetla ona oo ke u fumanang hore ke fane ka matšeliso a lefu la Me
Makhaketla Leipa. Me
Makhaketla ke Me
eo ke motsebang haholo. joalo kaha re le bahaisane, ke le Lebatooeng la Butha-Buthe No. 5, ena a le Lebatooeng la Qalo, kea mo tseba ka lebaka leo. Ke motsebile haholo ha re ntse re tsamaea le eena ka lekhotleng lena la rona. Ke ile ka utloa liqi tsa hae joalo kaha ke le mohaisane oa hae, a tšoara liboka le lipitso.
Ka selemo sa 2012, kamora hore a emele likhetho me a hloloe ke Lebatooa leo la Qalo, Lekhotla la haeso le ile nkhetha hore ke hule nthau Lebatooa leo la Qalo No. 4. Ke mo ratile haholo
MeMakhaketla, ke bone motho ea nang le boitelo. O ile a itella sechaba le lekhotla la habo. Ha a kaba a ngala lekhotla hobane a re o hlotsoe ke likhetho. Ke ile ka bona re ntse re tsamaea le eena lekhotleng. Motho ea joalo ka
MeMakhaketla ke motho oa bohlokoa bophelong. Mohlompehi Motsamaisi oa Lipuisano,
MeMakhaketla o rometsoe ke Molimo joaloka motho e mong le e mong lefatšeng mona ho tla sebeletsa Morena Molimo. Nako ena eo a e phetseng, ha re amohele, re lumele hore o sebelelitse Molimo oa hae ea mo rometseng lefatšeng. O sebelelitse sechaba sa Basotho haholo-holo sechaba sa Qalo, liqi tsa hae lia tsebahala. Joalo kaha a ne a ronngoe, thomo eo o ile a e phetha ka hore tsohle tseo li neng li buuoa ka Paramenteng ka mona, a tšoanela ho li isa lebatooeng, o ne a li isa. A tlaleha joalo kaha a ne a tšoanela hore a phethe mosebetsi oa hae. Ka hona ke bona
MeMaleipa a sebelitse. Moekelesia o re, ntho e
ngoe le e ngoe e na le nako ea eona. E teng nako ea ho thaba, e teng nako ea ho koata, e teng nako ea ho utloa bohloko, joalo kaha re utloile bohloko ka lefu lena la
MeMaleipa. Leha holejoalo, lifeleng tsa Sione, hona le sefela se reng, “Morena ho etsahale se ratoang ke uena”. Ho etsahetse,
me ke tšelisa lelapa la ha Leipa, metsoalle eohle e tšelisehe. Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano kea u tšelisa, ke tšelisa le Motlotlehi le Tona-Kholo, le bohle kea ba tšelisa. Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. K. MATHABA (Minister in the Prime Ministers Office): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke kopa hore le
na ke behe mantsoe a mabeli a mararo a ho tšelisa ka tahlahelo ena eo Ntlo e Khabane e kopaneng le eona Me
Leipa. Kannete o se a pakuoe ka tsela eo a neng a tsebahala ka teng, Empa motho u ee utloe o belaela hore motho ha u mo tseba, o kile oa tsamaea tsela le eena, boemong bona boo re seng re paka makhabane a hae, ebe u ka ba le mantsoe a phelehetse ao motho o ka a behang hore motho ea joalo moo a eang teng a tle ne a hopole hore re kile ra ba
moho le eena. Haeba mokhoa oa ho bona o teng, a tle a bone hore re ntse re mo hopola ha a se a le boemomong bono. Kannete re tsebile Me
Maleipa ka ho kopanngoa le eena ke lebatooa la Qalo kamora lefu la Setho se Khabane Ntate Mopshoatla Mabitle, moea oa hae o phomole ka khotso.
‘M’e Leipa a ileng a kena lieteng tsa hae ‘me a kena lieteng tse kholo tsa motho ea neng a le matla mosebetsing oa hae oa lipolotiki tsa Congress. Le eena hoa bonahala hore ka ho ts’eptjoa ke sechaba sa Qalo ke bopaki ba hore ke ‘M’e ea matla joaloka Ntate Mabitle. Le joale motho o tla o ne a le matla hobane o hloloa ho mo ahlola hantle hobane e ne e se motho a buang haholo. O ne a sa atisi ho bua joaloka rona bao boholo ba nako re lulang re bua ha re kene kahara Ntlo ena ea lipuisano. O hloloa hore o tsebe hantle hore na ‘M’e Leipa ha a ne a hlile a eme hantle ka thata eba litaba li boima kahare ho Ntlo ebe o ne a rapalatsa litaba tsa hae joang. Empa moo a ileng a bua teng ‘M’e rea tseba hore e ne e le motho eo a buang litaba leha e le ka bokhuts’oanyane, a ikela tabeng eo a buang ka eona a ba itulele fatše ha a qeta ho fetisa molaetsa ono oa hae.
Ke motho a neng a le matla hobane o kene lieteng tsa batho ba neng ba le matla. Matla a hae a bonahetse hore ebe o ile a tseba hore a hlole lebatooa leno. Ka hona ke tahlehelo e kholo ho Ntlo ena e Khabane hobane batho ba fihlang ba le bacha joaloka eno eo ka jeno e leng Mokhethoa Lebatooeng leno la Qalo, o ne a lokela hore ebe o ntse a ea ho ‘M’e Leipa a eo nka malebela a tsamaiso a Paramente hore na ebe ha e tla ba o nepile hantle mosebetsi oa hae le boikarabello ba hae ba ho khethoa ke sechaba ebe o lokela hore a sebetse joang. Batho bano ha ba ntse ba khephooa joalo ba tloha, ba siea sekheho se seholo karolong eo ba neng ba lokela hore ba e bapale ea hore ba rute mathapisane hore na tsela ena e tsamauoa ka tsela ea mofuta ofeng.
Leha hole joalo ‘M’e re soabile ka tahlehelo ena e kana-kana. Nako eona e ne e fihlile ea hore ‘M’e a arohane le rona a boele ho ‘Mopi oa hae joaloka ba bang. Re leboha nako eo re phetseng le eena eo Molimo a ileng a re alima eena ra ba ra mo tseba le ho paka makhabane le mesebetsi ea hae tje ka lebaka la nakoana eona eo a ileng ae alingoa ea bophelo.
Ka mantsoe ana ke tšelisa Ntate Motlotlehi ka tahlehelo ena ea mohlanka eo oa hae, pholo eo e meja. Ke tšelisa Mohlomphehi Tona-Kholo ebile e le moeta-pele oa eona pholo eo e meja lipolotiking. Ke u ts’elise ‘M’e ka kotloloho. ‘M’e Leipa e ne e le motho oa hau o ne a tsamaisoa ke uena kahare ho Ntlo ena e Khabane. Ke tšelisa lelapa la hae lelapa la habo, le khotla la habo la lipolotiki le bohle bao a tsamaileng tsela ena le bona. Ka ho rialo le Litho tse Khabane tseo re ileng ra ba le eena Ntlong ena ea Ketsa-Molao le tsona li tšelisehe. Ka mantsoe ana ‘M’e re se re re ‘M’e Leipa a itsamaele ka khotso ebe hore thomo o e phethile ka nakoana ena eo Morena Molimo a ileng a mo alima eona lefats’eng mona ‘me mongahae o bone eka joale ho lekane a ee ho eena a ise litlaleho tsa mosebetsi oo a neng a mo file ona ka lilengoana tsena tseo a li phetseng lefatšeng. Bohle ba ileng ba mo tseba leetong lena la bophelo ba ts’elisehe. Kea leboha.
Rt. HON. MADAM SPEAKER: Kea leboha, Litho tse Khabane. This brings us to an end of this solemn occasion and the Chair whishes the Rt. Hon. The Prime Minister, Hon. Deputy Prime Minister, Hon. Leaders of Political Parties in the Coalition Government, Hon. Ministers and Deputy Ministers, Hon. Leaders of political Leaders, Hon. Members, the Table, Sergeant at Arms, Hansard Editors and his staff, the Chaplain of the House, Ushers, Radio Lesotho Reporters, Staff from the Ministry of Communication Science and Technology a very pleasant weekend.
HON. MEMBERS: Thank you, Hon. Madam Speaker.
ADJOURNMENT
There being no further business upon the Order Paper, Rt. Hon. Madam Speaker adjourned the House without question put, pursuant to Standing Order No.16(2).
House accordingly adjourned at. 9:55 a.m.