Hansard 04th November, 2015

NATIONAL ASSEBMLY CHAMBER
Wednesday, 4th November, 2015
The House assembled at 2.30 p.m.
(RT. HON. MADAM SPEAKER in the Chair)

PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer


COMMUNICATION FROM THE CHAIR
Litho tse Khabane, hoseng ka bo 10.00 o’clock, ofisi ea Motsamaisi oa Lipuisano e amohetse lengolo le ngotsoeng ke Setho se Khabane sa Mosalemane, Mohlomphehi Samuel T. Rapapa. Line ea pele feela ea lengolo e bonts’itse ho ena le motekeno oa beng ba lengolo eleng Litho tsa mekha ea Bohanyetsi, empa e le hore ha ho mabitso a mang ntle le la hae feela. Ke ile ka ba le khoao ha ke bona hore taba ena ha se ‘nete. Ka bo 12.00 mots’ehare o moholo, ho fihlile lethathamo la mabitso ao ke bolelletsoeng hore ke a beng ba lengolo, le hoja lethathamo leno le ntse le sa kenyelletse Litho tsohle tsa Bohanyetsi.
Ke kopa boetapele ba Bohanyetsi ho tla ofising, ho tla otlolla litaba tsena le tse ling. Ke lokela ho tseba hantle hore na litaba tsena ke tsa mang.


Ntlha ea tsamaiso, Hon. L. Molise-Mabusela.
HON. L. MOLISE-MABUSELA (PR): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ntlha ea tsamaiso eo ke emang ka eona ke hore ke kopa ka boikokobetso hore Letona le Khabane la Bosebetsi le tle ke le tlo re hlalosetsa re le Ntlo ena hore na ebe le se le khathile tema hakae, eena le Lekala molemong oa ho leka ho rarolla litaba tsa batho bane ba neng ba sebetsa Lesotho Sun moo e seng e la Avani Lesotho kajeno. Ho fihlela hona tjena re bona ha re etla mosebetsing re ntse re ba feta ba ntse ba eme hona mono, eka ekare ha ho na letho le etsahalang. Ke kopa hore ka boikokobetso Letona le Khabane le tle le khahloe ke hore le tle le tlo re tsebisa hore na litaba tseo li se li le mothating ofeng. Kea leboha [Liatla].
RT. HON. MADAM SPEAKER: Matona a Khabane a mametse, Setho se Khabane, ‘me kea ts’epa ba tla sebetsa taba eno.

Point of order, Mosalemane.
HON. S. T. RAPAPA (Mosalemane): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ntlha ea tsamaiso eo ke emang ka eona ke hore ke ‘nete ke fane ka lengolo le bonts’ang hore Litho tsa Bohanyetsi li na le taba. Joalokaha ho tsebahala hore baetapele ba bang ha ba eo ka hara naha ena, empa Litho tsohle tse teng ka hare ho Ntlo ena li teng lethathamong le fanoeng, leo u boletseng ka nepo hore re ile ra fana ka lona hamorao hona kajeno eleng ka hora ea 12.00 mots’ehare o moholo.
‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, re kopa hore taba ena ka ha ke taba e potlakileng, e mpe e….
RT. HON. MADAM SPEAKER: Setho se Khabane, pele u tsoela pele, kaha ha hona motho eo ke ikemiselitseng ho mo etsa embarrass ka mona, ke kopile hore baetapele ba tle ba tle ofising ba tl’o hlalosa litaba tsena, I have no intensions tsa ho etsa mang kapa mang embarrass. Boetapele ba mekha ena ea Bohanyetsi e teng ka mona ka Paramenteng, hobane hona joale ha re ka kena likhanng tseno, ka bonts’a lipalo tse teng mono, ka botsa hore na baetapele ba sieo ba ba kae, ruri e tla u etsa embarrass. Ha re eme hona mona.

Ntlha ea tsamaiso, Hon. Member for Motimposo.
HON. P. MAISA (Motimposo): Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke utloisisa hore taba e hlalosoang mono kapa se lekoang ho hlalosoa, ke bona baetapele bano bao u ba batlang.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ha ke leke ho hlalosa, Setho se Khabane. Ehlile ke hlalositse. Baetapele ba mekha e na ea lipolotiki, ba sieo ka har’a Ntlo ena ha ke bue ka bona. Bosieong ba bona, mekha ena le boetapele. Ke kopa hore re se ke ra sebelisa mantsoe a hore ke leka ho hlalosa, ha ke leke ho hlalosa. Kea tseba hore bosieong ba bona boetapele bo teng ka mona. Ke bua ka boetapele bo teng.
HON. P. MAISA: Kea leboha, ‘M’e. Ke ntse ke lumela hore e ka ‘na ea ba lentsoe la ka ha lea utloahala. Ke re se neng se leka ho hlalosoa lengolong mono. Kea kholoa ke mpa ke sa e nts’etsa pele feela hore lengolong mono. Ntho eo ke neng ke e bolela ke hore lengolong mono, eseng uena ‘M’e Motsamaisi, nke ke ka re uena. Joale ke ne ke re feela taba e teng kea hore se hlokoang ke lengolo kapa ke rona, ke hore qetellong ea letsatsi re tle re bone batho bao ho buuang ka bona e leng baetapele ba le teng mona. Ke eona taba eo re buang ka eona. Joale ha re utloe na baetapele ba ka kopanang le uena boemong bona ho fapana le lengolo na ke bafeng. Kea leboha.

RT. HON. MADAM SPEAKER: Bosieong ba baetapele, batlatsi ba baetapele bano ba teng ka hara Ntlo ena le ba bang ka tatellano ea bona, ka boholo ba bona kahara mekha eno.
Ntlha ea tsamaiso, Hon. Member for Butha-Buthe.
HON. M. MALIEHE (Butha-Buthe): ‘M’e Motsamaisi, ntlha ea tsamaiso eo ke emang ka eona kea hore ke bona boemo bo sa tloaelehang Ntlong ena ea Sechaba kajeno tjena. Ehlile liphetoho li ngatanyana kajeno tjena. Ha ke tsebe na molato keng.
RT. HON. MADAM SPEAKER: U se ke ua ‘na ua ‘nyamela, eaba u tl’o fumana liphetoho.
HON. M. MALIEHE: Ke bona le monyako mona moo ke tloaetseng ho kena ha ke ke na ka Paramenteng ka mona ho thoe ke se ke ka kena ke pote kae kae, ha ke re ke re, ke bona Mapolesa a teng a mangata a hlometseng, ho bile ho na le ana a aparang liaparo tse khoali (camouflage) ao ke sa a tsebeng. Taba e kaholimo-limo ho tsohle ke hore le baeti re bona le gating mane ba sa amoheloa ka hara mohaho ka mona. Joale ke re nke ke hlalosetsoe hore na ekaba molato ke’ng.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Setho se Khabane, a k’u qale u re joetse hore na uena libese u ne u li isa hokae tse tlisitseng baeti. Le uena u qale ka ho hlalosa hore na libese tsena tseo u tlileng le tsona mohla u tlileng Paramenteng u ne u li isa hokae [Lits’eho]. Ntlha ea tsamaiso, Setho se Khabane sa Mosalemane.
HON. S.T. RAPAPA: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamamaisi oa Lipuisano, ka ho mpha monyetla oa hore ke bee taba ea ka. Mohlomphehi ho latela Standing Order No.29, se re Setho se ka bea taba eo ke buang ka eona ‘me re atlehile ho etsa joalo le Litho tse mashome a mane (40). Ke le Setho se ileng sa bontša hore re na le taba mona ho latela Standing Order No.29, ke mona moo ke reng taba ena e ne e ka sebetsoa hona joale kajeno hobane Litho tse fetang mashome a mane a metso e tšeletseng li ngotse lenane le bontšang taba ea bona.


RT. HON. MADAM SPEAKER: Setho se Khabane, aku be motho oa ‘nete hle, ha ho joalo mono. Ke itse ha ke na li-intention tsa ho u etsa embarrass, ae!
Next item, Mr. Clerk.
HON. C. PHORI: Point of order!
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ke u file sebaka Setho se Khabane sa Qoaling.
HON. C. PHORI: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Re ngotse lengolo, Setho se Khabane se ngotse lengolo hobane re batla hore joalokaha ho ile ha thoe baetapele ho bonahala ba ile holiday, joale Ntlo ea tiisa hore ha ba eo. Re le Makhotla ana, re ngotse lengolo lena ra saena molemong ono o teng, joale ho thoe baetapele ha baeo, ke ‘nete ha ba eo, re ne re kopa hore Ntlo e Khabane ka uena Mohlomphehi, u nke litaba tseno tsa rona, ehlile ha ba eo, re kopa hore litaba tseno tsa rona li sebetsoe ke rona bana ba teng ba saenneng.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Litho tse Khabane, kannete haeba lona le hlompholla boetapele ba lona ka boholo ba lona, ‘na ha kena ho etsa joalo. E re ba le teng ebe le re ha baeo, haeba lona le entse qeto ea ho ba hlompholla, ruri ‘na ke ntse ke ba etsa recognise. [Liatla]
HON. C. PHORI: Mohlomphehi, baetapele ba rona, Ntate Motsoahae Thomas Thabane, Moetapele oa Ntlo ha eo. Moetapele oa BNP, Morena Thesele Maseribane, ha eo….
HON. K. MAKOA: Point of order!
HON. C. PHORI: Moetapele oa RCL, ‘M’e Keketso Rantšo ha a eo. Letona le Khabane la Lichelete le ne le re ba ile holiday, joale re setse mona re sebeletsa batho ba ileng holiday ho latela Letona leo le Khabane le neng le bolele joalo. Re kopa hore lengolo la rona le amohelehe.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ha se Setho se Khabane Motlatsi oa Moetapele oa ABC, eo re mo bonang moo, Setho se Khabane Mohlompheh Khasu? Ha se eena?
HON. C. PHORI: Mohlomphehi, re bua ka baetapele, Mohlomphehi Motsamaisi, re bua ka Baetapele bao ke ba boletseng ka mabitso hantle, ke bona ba sieo, ke bona bao re leng mona ka litaba tsa bona, lengolo leno ha le ka tsoela pele la baloa re saenne mona u tla utloa hore re bua litaba tsa bona ka nepo ehlile ha ba eo.

RT. HON. MADAM SPEAKER: Litho tse Khabane, ke hlalositse hore na ke batla bo mang.
HON. T. KHASU: Point of order eo ke emang ka eona Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke hore taba eno ea lengolo leno le teng matsohong a hau, ehlile ke taba eo re e entseng kaofela, le ‘na ke teng mono. Taba ea hore ho na le ba bang ba neng ba le sieo litabeng tseno e ne e le ka boikhethelo ba bona, joale rona re re lengolo leno u le bale u behe litaba tsa rona [Lerata] re kopa joalo, Mohlomphehi. Ha re na ho tla sothelloa likobo melaleng ka batho ba ikhethetseng ho ba sieo litabeng tse ba amang.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Setho se Khabane, litaba tseno tseo u li buang ke tsona tseo u tla li hlalosa ofising ea Motsamaisi oa Lipuisano hore ho na le ba ikhethetseng ho ba sieo, u tla tla li hlalosa ofisng mane.

HON. T. LEHLOENYA: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. setho se Khabane sa Kolo, ae, sa Peka, se bontša hore Mohlomphehi Motsamaisi, se sothella Litho tse Khabane kobo molaleng, ‘me puo eo ka bo eona its unparliamentary. Re kopa a e hule, Mohlomphehi.
RT. HON. MADAM SPEAKER: U lulelang fatše joale Setho se Khabane?
HON. T. KHASU: Ae, Mohlomphehi. U ne u e-so nlaole hore ke e hule. Ke mamela uena, Mohlomphehi.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Le hule, ha se lentsoe le nepahetseng.
HON. T. KHASU: Ke hula mantsoe ano, ka hlompho, Mohlomphehi.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk
HON. MEMBER: Point of Order, Madam Speaker!
RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk!
HON. MEMBER: Point of order, Madam Speaker!
HON. MEMBERS: Point of order, Madam Speaker!
OPPOSITION MEMBERS WALKED OUT
HON. MEMBERS: Tsamaeang, re tla le bona selemong se tlang![Lerata]
HON. MEMBERS: Le tloaetse! [Lerata]


TABLING OF A REPORT
RT. HON. MADAM SPEAKER: Hon. Minister of Finance.
Report of the Auditor General on the Public Accounts
of Lesotho for the three years ended 31st March, 2013
tabled by Honourable M. Hloaele(Minister of Finance).

Report of the Auditor General on the Public Accounts
of Lesotho for the year ended 31st March, 2014 tabled
by Honourable M. Hloaele (Minister of Finance)
Report to lie upon the Table and to be published
RT. HON. MADAM SPEAKER: Honourable Members, this brings us to the end of today’s proceedings. The House is adjourned until tomorrow at 2.30 p.m.

The House accordingly adjourned at 2.50p.m

ADJOURNMENT
There being no further business upon the Order Paper, Rt. Hon. Madam Speaker adjourned the House without question put, pursuant to Standing Order 16(2).