National Assembly Chamber
Monday, 2nd November, 2015
The House Assembled at 2:30 pm.
(Rt. Hon. Madam Speaker in the Chair)
PRAYER
Mr. Clerk led the House in Prayer.
COMMUNICATION FROM THE CHAIR
Litho tse Khabane, joalokaha ke ile ka le tsebisa ka Labohlano le fetileng hore kajeno ke letsatsi la ho fana ka matšeliso (Condolences) mabapi le lefu la Setho se Khabane sa mehleng Morena Lekhooana Emmanuel Jonathan.
OBITUARY
Setho se Khabane Morena Lekhooana ke ngoana oa bosupa oa bafu Morena Stewart Jonathan Molapo le Mofumahali ’Mantsane Jonathan Molapo. O hlahile ka la 25 Tšitoe, 1937, a hlahela Maqasane, Kolonyama Seterekeng sa Leribe.
O kene sekolo sa mathomo ’Muela Primary School, empa hamorao a fetela St. Monica’s Primary moo teng a entseng Standard 6. A tsoelapele Sacred Heart High School a etsa JC, a ea Roma College (Christ the King High School), moo a ngotseng COSC, ’me teng ebile Head Prefect eleng bona boemo bo entseng hore makhabane a hae a boetapele a qale ho bonahala. A boela a ntšetsa litho tsa hae pele UBLS eo e seng e le NUL kajeno, moo a ileng a ithuta tsamaiso le lipolotiki (BA in Public Administration and Political Science). Ha a qeta o ile a hloaeloa ho ea ithuta naheng ea Taiwan moo a entseng International Law and Security.
Morena Lekhooana o ile a kopanngoa ka lenyalo le halalelang le ’Me Sebopeho Selebalo, morali oa bafu Morena Selebalo Selebalo le Mofumahali ’Mamathe Selebalo ba ’Mate Ha Selebalo ka 1966, ’me ba sitsoa ka bana ba supileng, bashanyana ba bararo le banana ba bane. Ho se ho hlokahetse bana ba babeli mora le morali.
E ile ea eba e mong oa bathehi ba BNP lehoja a ne a sa le monyane haholo lilemong. E ne e le eena ea hloailoeng ho ngola metsotso ea liphutheho tsa Morena Leabua. E ile ea eba ralipolotiki ea hloahloa haholo kaha a tšoere record ea ho ba
Mongoli e Moholo oa Mokha oo ka lilemo tse ngata. A boela ea eba Motlatsi oa Moetapele.
O ne a hlokomela bana ba bo haholo le litho tsohle tsa lelapa. O entse mesebetsi e mengata ea bohlokoa pusong ea Rangoane oa hae, Morena Leabua Jonathan. E ne e le motataisi oa Marena a mangata haholo-holo Morena Lechesa Jonathan Mathealira.
Setho se Khabane, Morena Lekhooana, ebile Letona la ’Muso oa Motlotlehi la Public Works pusong ea Morena Leabua ho fihlela ha ’Muso o lihuoa ke sesole ka 1986. O bile teng Lekhotleng la Popo ea Molao oa Motheo oa Lesotho, ea eba Setho sa Paramente ea Botšelela ea Lesotho, ha pele ho moo e ne e ile ea eba Setho sa Interim Political Authority (IPA) e neng e lokisetsa ho kenya tšebetsong mokhoa o mocha oa ho khetha e leng Mixed Member Proportional Electoral System.
Morena Lekhooana o siea Mofumahali oa hae, barali ba bararo, bara ba babeli le litloholo tse supileng (7).
O se a bolokiloe Kolonyama ka Moqebelo oa La 19 Loetse, 2015.
Ke nako joale Litho tse Khabane ea ho fana ka lipolelo tse khutšoanyane tsa matšeliso.
HON. M. METSING (Deputy Prime Minister and Minister of Parliamentary Affairs): Kea leboha, ’M’e Motsamaisi oa Lipuisano ka monyetla ona oo u mphang oona. Ka ’nete re masoabi ha enoa moholo oa rona a re siile. Ka holimo ho tsohle motho u ne u ka lebella hore ebe kajeno ehlile ha re etsa mosebetsi ona re kaofela ka Ntlong ka koano. Empa ka bomali-mabe ha re kaofela ka lebaka la mofuta oo re nang le oona oa boetapele nakong ena ea rona. Athe ha e le enoa eo u qetang ho re bolella tsa ho feta ha hae, ke e mong oa batho ba neng ba tumme haholo ka taba ea hore pharela ha e eo banneng. Ke e mong oa batho ba ileng ba rata a bile a lumela litabeng tsa lipuisano hore batho ha le eteletse pele sechaba, ha ho sa shebeloe litaba ’moho ha ho ntho e bohlokoa ho feta tafole ea lipuisano hobane taba ea ho baleha, taba ea ho etsa tse ling hangata eba tšenyo ea nako hobane qetellong teng, ha hona moo tharollo e ka fumanoang teng ha e se lipuisanong.
Ho batho ba sa lumeleng lipuisanong hangata, mofuta o joalo oa boetapele re ee re fumane ho na le likotsi tse ngata tse etsahalang le tšenyo e ngata e etsahalang ea naha, ea maphelo le ea lintho tse ngata empa qetellong ho ’ne ho khutleloe lipuisanong. E ee ebe bohlokoa ha batho ba ka lemoha taba eno e sa le sethatong, hore ha ho ntho e kholo ho feta lipuisano.
Eo ho buang ka eena ’M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ka ’nete ke e mong oa liqhoku ka hare ho naha ena tse tsejoang ka hore ke motho ea neng a tseba ho buisana le baetapele bohle ho sa natsoe mekha ea bona ea lipolotiki. Ka ’nete ho lahleheloa ke batho ba kang eena, nakong ena ea rona eba taba e bomali-mabe, eba taba e bolutu. Empa leha ho le joalo, ka ’nete joalokaha u se u boletse taba e kholo ekaba feela taba ea matšeliso hore re tšelise lelapa la mofu, ’me re tšelise le Sechaba sena sa Basotho hore leha e le mona Ntate a re siile kajeno, lefu le joalo, le bohloko Litho tse Khabane, ha se ntho e tloaelehang. Bohle kaofela rea tseba hoba re bafeti mona lefatšeng, ’me lefu ha se ntho e tloaelehang, ke ntho e bohloko. Empa leha le le bohloko hakaalo, ebile le tseba ho re amoha baratuoa ba rona, empa ho ntse ho na le lintho tseo lefu le sa tsebeng ho re amoha tsona.
Mehlala e metle eo re e sietsoeng ke enoa Ntate oa rona, ka ’nete e tla lula e le e meng ea mehlala eo rona ba kajeno re tlang ho hopotsana ka lintle tseo a li entseng, ’me e re ha re khalemelana ebe re okha ho tseo a ileng a li etsa. E le hore lefu le ha le re amohile eena, empa lintle tseo a li entseng kajeno re Lesothong lena le ipusang, rea tseba hore nako ea Boipuso mona ebile Mokha oa BNP, joaloka Mokha oa BCP, ke e meng ea mekha e neng e le eona e amohelang boipuso ba Sechaba sena sa Basotho. Ntate oa rona ha a tsamaea tjena o tsamaea Lesotho le ipusa, Lesotho le na le mofuta oa Paramente ena eo re nang le eona.
E ne ekaba tebello ea rona le takatso ea rona hore selemong sena joalokaha selemo se tlang re tlabe re keteka lilemo tse mashome a mahlano (50) naha ena e ipusa, e ne ekaba ntho e ntle ha e ne eba re tla tla re keteka lilemo tseo a ntse a le teng, batho ba rera empa ea phethahatsang ke Molimo.
E ne e kaba ntho e ntle ha e ne eba re tlatla re keteka lilemo tseo a ntse a le teng. Batho ba ea rera empa ea phethahatsang ke Molimo. Ke ka hona Basotho ba eeng ba re mo pheha khang le Molimo ke mang. Empa ruri joalokaha ke cho hore lefu ha le tsebe hore amoha lintho tse ntle tseo baratuoa ba rona ba li entseng, Ntate Lekhooana o sebelelitse naha ena ‘me o phethile thomo ea hae. Re mona mathuleng a hore selemo sena se tla ka khoeli ea leshome ebe re ile ra keteka mosebetsi oa bona oa hore rona baetapele ba kajeno ebe ba re siea ba ile ba re fumanela boipuso. Ke ts’epo ea rona ea hore rona bohle ba nkileng lesokoana lena ho bona, re ke ke ra ba phoqa. Re ke ke ra roahaka mesebetsi ea bona e metle eo ba e ntseng ha ele mona bona ba ile ba tsamaea lilemo tsena tse mashome a mahlano (50) ba ile ba re fumanela boipuso bona boo re behileng mona kajeno. Kajeno ho sallane le rona hore na lilemo tse mashome a mahlano a tlang rona ba kajeno na naha ena re tlabe re e behile ho kae.
Tebello ke hore ha e le mona re le mathuleng a ho ea keteka lilemo tsena tse mashome a mahlano re ipusa re le naha, ha ho ne ho tsekoa boipuso, taba eno ha Basotho ha ba ne ba fihla ho eona ba ne ba ts’oana hore Makhooa a tsoe re ipuse. Nthleng ena re ile ra ts’oana ‘me e se e ka ha e le mona re ilo keteka re ka boela ra nka eona ketekelo ena e le e ‘ngoe ea litaba tse ka khutlisetsang morao eaba rea lumela ebile re ea amohela hore hona le lintho tse ka holimo ho lipolotiki.
Ketekelo ena ea ho hopola baholo ba rona…ke ea bona ka mona hore na batho ba bangata ba setseng ke bafeng. ‘Na le ba bang ba haeso hona le pina ea rona e kholo e reng “Lesotho le rekiloe ka theko e thata e leng mali a Basotho ba shoeleng ka lintoa”. Ehlile ho joalo re mona moo re teng kajeno hobane hona le ba bang ba kang eena Ntate Lekhooana ba ileng ba loanela naha ena. Ba ileng ba sireletsa naha eaba ba re fumanela boipuso ‘me bao re lekanang hore re ba lebohe ‘me le eena re mo lebohe. Re lebohe Molimo ka bophelo ba hae hobane bophelo ba hae bo entse tlatsetso e kholo phetolong ea maphelo a sechaba sena le phetholong ea hore ebe sechaba sena se tseba ho itsamaisetsa litaba tsa sona tsa puso kajeno.
Haele mona kajeno Ntate Lekhooana a re siea, e se e ka Molimo ekaba taba ena e ka fetoha pholoho ho rona, ea boela ea tla re tlisa ‘moho ea re kopanya, ho fapana hore ebe re bona litulo ka lehlakoreng lane la Opposition li le ka sebopheho sena seo li leng ka sona. Kannete ha se seo ba neng ba se loanela sena. Ha se seo baholo ba rona ba ileng ba se shoela. Re leboha Molimo ka bophelo ba hae.
Bahlomphehi Litho tse Khabane, lefu ke ntho e bohloko haholo. Haele mona Ntate Lekhooana a tsamaile, ntho eo re ke keng ra e hana ke hore Molimo ha a lata batho ba hae ha a re kope joalokaha a ile a nka ba bang pele ho ntate Lekhooana. O tlanne a nke ba bang le hosane joalo –joalo. Ha a etsa joalo hangata ha a re kope. E se e ka lelapa le ka ananela taba eno hore Molimo o etsa kamoo a ratang ka maphelo a rona. Ha a re bopa Morena Molimo ha a re kope. Re le batsoali ka nako e ‘ngoe re ea be re ilo kopa lipitsa re re re batla ho ba le bana. Joale ebe re ba le bona feela motho o ntse o bona hore Molimo ha a bopa ngoana eno mono a motlisa lelapeng la hau ha a mo kope, o mo bopa feela moo a o fe eena. Ba bang ka hare ho rona ka mona ekanna eaba ba ne ba ntse ba rata ho ba Makhooa, ba bang ba ne ba ntse ba rata hoba ma-India [litseho]. Empa ha re lintho tseno Molimo o re bopile o re entse Basotho. E leng hore ha a re kope Morena Molimo ha re a re bopa.
Ka mokhoa o ts’oanang ho joalo le ha a re lata ha a re kope. Le Ntate Lekhooana le ha re ne re mo rata hakalo…’na ha re ne re le Paramenteng eane ea Botselela (2002-2006) re ne re qala ho ba le eena, o ne a na le hlooho e ntle mona e benyang haholo e ne e ka ha e sana moriri. Ke ne ke lula ke bapalla ho eona mehlaena ke ntse ke e pholla, e rella hantle ha monate feela joale e le motho e moholo a nkamohetse hore kannete ngoana enoa oa le-congress…ke bona kannete hore ke motho a moholo a neng a se a … a se a le sieo lipolotiking tsena tsa mekha. Kennete o ne a ntse a emetse Basotho National Party (BNP) feela ka hare ho sechaba sena ba bangata ba ea mo tseba hore o ne a ahile setsoalle le bohle. Le linakong tseo li leng li se bonolo empa Ntate Lekhooana o ne a sa thatafalloe ke hore a ka buisana le ba bang baetapele ho buisana ka litaba tsa naha ena. Ruri re ts’elisa lelapa le mokha oa hae, kannete o lahlehetsoe le ona ho lahleheloa ke mofuta o kang Ntate Lekhooana.
Re tselise kereke ea hae le rona Maparamente re tlameha ho e itselisa. Hothoe ntja e ipholisa leqeba ka hore e inyeke. Taba e kang eona ena ke ha re etsa ona mosebetsi o kang ono. Re ise thapelo ea rona balimong ba sechaba sena, balimong ba Basotho hore ka lefu lena la ntate oa rona e ke e re ha a fihla ka mono a fele a fihle ka melaetsa e hlakileng ho balimo bano ba habo rona hore kannete le Molimo ba ke ba re hetle ka leihlo la mohau hore ho ntse ho le thata ka mona ka hae joale moraong ebile liea nyolosetsa le ho feta.
Bona (Lekhooana) ba ile ba phela nakong eo facebook le whatsupp li neng li le sieo. Re phela nakong e thata haholo. Haeba ba kile ba hopola Basotho nako ea bona ea boipuso, kannete re phela nakong e batlang e le thatanyana le rona hona joale. E se e ka a ka re ela le lithapelo ho balimo ba rona le ho Molimo oa rona hore ba ‘ne ba re hopole, ba re shebe ka leihlo le mohau hore re le sechaba re ntse re tsetselela khotso. Re ntse re tsetselela bonngoe ba sechaba sena sa Basotho. Re tlameha ho fihla moo re amohelang hore ha hona Mosotho eo e leng sera ho e mong. Phapano ea rona e tlameha ebe feela ea hore na re busoa joang, mathata a rona rea hlola joang, re fapane feela ka taba eno e seng hore re shebane ka leihlo la sera e mong ho e mong. Ke eona thapelo ea rona e kholo haholo ha re le nakong ena e bohlokoa nalaneng le paleng ea sechaba sena sa Basotho. Re re moea oa hae le oa balumeli bohle ba falletseng o ke o phomole ka khotso mohaung oa Morena Molimo.
HON. MEMBERS: Ha hobe joalo.
HON. L. RAKUOANE (Minister of Home Affairs): Ha ke lebohe, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ha leihlo la hau le nchebile. Le ‘na ke mpe ke eme ka ho fana ka matseliso ho Motlotlehi e leng Rabasotho ea lahlehetsoeng ke pholo eno e meja eo ebileng hantle e leng morena empa e ntse e le ralipolotiki re kopane le eena. E le hore re lahlehetsoe ke ‘musi oa ka linako tsohle mono Maqasane moo e neng e le morena teng. Ke boele ke ts’elise le ‘Muso oa Motlotlehi ka kakaretso moo morena Lekhooana a sebelitseng ka boemo bo bongata ba hae lipusong tse fetileng.
Empa ka ho otloloha mohlomong ebile Setho sa Ntlo ena e Khabane moo ke tsebang hore joalokaha Ntate Moetapele oa Ntlo a se a hlalositse ebile e mong oa lipholo tse meja. E mong oa batho ba neng ba e tsa hore Ntlo ena e Khabane le ha hole thata ho ne ho fumanoe mokhoa oa ho ts’eha le ha litaba li se li ama bona.
Morena Lekhooana o ne a etsa hore ho ts’euoe le ha ho se hothoe ho thata, litaba li se li batla li motjametse hobane e le motho oa likhang Morena Lekhooana. Ka ho khetholoha, ke mo tsebile ka lilemo tsa bo e-na 1981, 1982, ha ke ntse ke le moithuti ka Sekolong se Seholo sa Sechaba (NUL), re e-na le mokhatlo, joale e le linakong tsane tseo re tsebang hore kahare ho naha ena lintho tsa teng liea makatsa. Batho ba bua maano a itseng, ka nako e ‘ngoe ba na le hore ba a fetohele, ba bang ba shebe koana. E ne e le nakong eo, National Party, Morena Leabua a neng a re o sheba bochabela.
Rea tseba hore nakong ea boipuso o ne a shebile Bophirima, a batla a ts’ehetsoa haholo ke linaha tsa Bophirima. Kamora non aligned a be se a re ha a sa utloana hantle le apartheid, joale a ena le nako ea ho sheba bochabela. Ho ena le mekhatlo e batlang e-ena le ts’usumetso ea bochabela. Joale re kopane e ho li forum tseno le Morena Lekhooana e le ha ke qala ho mo fumana haufinyane.
Ka ho khetholoha ra boela ra ba ho IPA kamora litaba tsa 1998. Ke boemeli ba pele ba e-na le the late Ntate Malie eo e neng e le Molula Setulo oa BNP ka nako eno. Ha ke sa tseba hore na Morena Lekhooana e ne e le Treasurer kamora 1998. Ke bona batho ba pele ba ho emela National Party ka hara Lekhotla la IPA, ‘me ke bile le eena mono.
Ene e le motho eo le ha ho thoe ho thata mono litabeng tsa IPA o ne a tseba hore a buisehe, re fetolane ka maikutlo joalo. Ka bomalimabe ke ba bang ba batho ba ileng ba tsoa kapele ha ho tsuoa likhethong, eaba ho kena Morena Bereng Sekhonyana le Ntate Mooki Molapo, eaba ho tsoa mekaubere eno e ‘meli, ‘me eba re lahleheloa ke mesebetsi ea rona.
Ka ho IPA ba ne ba ile ba re thusa haholo, eona taba eno ea ho amohelana hore re be ‘moho. Eleng hore re tla nka hore litaba tsena tseo ho buueng ka eena mona, ke ba bang ba batho ba pele ba ileng ba thusa taba ea hore ebe baetapele mono moo ba beiloeng teng, moo ho neng ho ntse ho sa tsejoe hore na ehlile ba tla lumela ho lula ‘moho ba sa ngale. Ha ke hopole hantle hore na ehlile ba ile ba ka ngala empa ke tseba hore taba eno ea hore ebe re ile ra tseba ho lula le ha ho le thatanyana, re ile ra ts’ehetsoa haholo ke batho ba kang bo Morena Lekhooana hore ebe ba ile ba thusa hore ho luloe le ha ho se ntse ho le boima mono IPA, litaba li se bonolo. Ka ‘nete o ile a kenya letsoho ka mokhoa o moholo le ha ke re ba ile ba tsoa kapelenyana ba phomotsoa ke party.
Litaba tseno tsa bona tsa ho nts’oa ka hare ho IPA ke tse ling tse ileng tsa etsa hore ha re fihla tabeng ea khekhethane joale ebe re se re nahana hore batho ba se ke ba fetoha habonolo hore ha ho tsuoa ho conference mehlaena ea party ebe ho se ho fetoloa boemeli ba mokha. Ka ho khetholoha re ile ra kopana le bona ka Paramenteng kamora selemo sa 2002. Ka ‘nete ‘M’e Motsamaisi oa tseba hore e ne e le motho oa likhang tse joang. Taba e kholo e ne e le ea ho kopanya Ntlo. Litho tse ngata li ka mo hopola haholo ha a ne a sheba Ntate Phooko. O ne a tloaetse hore a mo bitse Abuti Motloheloa. E ne e le motho ea tloaetseng ho bua litaba tse sa tloaelehang, empa khoba ea hae e ‘ngoe kea hore kamora hore borokho bo nkoe ke noka ha u ea Lekokoaneng, ke kholoa Public Works ene e le the Former Minister Lebesa. Joale Morena Lekhooana o ne a tla etsa lerata le ts’abehang mehlaena ha a lula ka Paramenteng, a re; “na Lebesa o re lengope leo kapa borokhoana boo ke bona boo a sitoang ho bo haha, bo nkileng likhoeli.” E ne e le pina ea hae e kholo.
Taba eno o ne a sa e tlohelle hobane ene e le motho ea leqhoophe le ts’abehang, ha a lelekisa taba ea hae. Ke motho ea bileng joalo, ‘me le ha a se ntse a tlohile re ile ra kopana le eena nakong eo ho neng ho bolokoa ‘M’e ‘Mantahli, ka bona hore ha a sa phela hantle, ho ne ho bonahala maemo a hae a bophelo a se a theohile haholo, empa e ntse e le eena kannete. U tla ‘ne a re; “Abuti Lekhetho.” Ke mosebetsi oa hae, motho e mong le emong ke abuti oa hae. Ke Morena Lekhooana eno. Ka ‘nete re tla mo hlorela haholo hobane naheng ena ho ntse ho hlokahala hore ho be le tse meja. Litabeng tsena tseo Ntate Moetapele oa Ntlo a buileng ka tsona re ne re hloka motho oa tse meja a ka thusang Lehlakore lena la ‘Muso le Lehlakore la Bohanyetsi hore ho ke ho kopanngoe ho buisanoe betere, eseng ebe ho buisanoa ka li-radio, ebe re tsamaisoa ka li social media, ke eona e tla bolela hore ha re etseng tjena, ebe baetapele ba se ba tsamaea hona mono. Ke lumela hore ke e mong oa batho bao re tla ba hopola, re ba hlorele haholo hore a ke ke a be teng a re lulang fats’e joalekaha ho buuile Ntate Moetapele oa Ntlo hore ha ho luloeng fats’e, joale ka ha ho thoe pharela ha e eo ho banna, ‘me ke re le ho basali kaofela matsatsing ana re se re tlameha ho pharalla re rialo. Ha ho na lebaka la hore ho ke ke ha luloa fats’e kahare ho naha ena.
Ha hona e mong ea tla ba le Lesotho la hae le ka thoko ho lena. Ke makala ha ke utloa ho thoe ho na le Litho tse Khabane tse reng ho be le sanctions. Ebe Lesotho moo ha ho etsoa likotlo-qobello, ebe li tla feta mang li siee mang. Kannete re tsoa feta naheng ea Zimbabwe e neng e bonts’a ka matla hore na sanctions li ama sechaba joang. Ha ke e-so utloe motho ea bolelang hore re na le batho ba ruileng ba nang le li-account tseo ho ka thoeng li ts’oaroe. Kea kholoa haeba ho thoe ho utloisoa baetapele bohloko, ke ha ho ka thoe batho ba itseng ba na le lithepa le maruo kantle ho naha ena. Joale ha ho thoe li sanction li etsetsoe naha. Ke litaba tseo ke reng ho ea bonahala hore re hloka mekaubere ea boemo bono hore e tl’o tla re thusa hore naheng ena ho tle ho atamelanoe haholo. Re tla hlora ha e le mona re lahlehetsoe ke batho ba boemo bona, bao re neng re ba hloka e le mekaubere ea naha ena hore ba re thuse hore naha ena e tataee, e ee litabeng tsa khotso, e ee litabeng tsa lipuisano. Mong’a naha ena o ne a re; “u ka nketsang ha e hahe motse, motse ho hahoa oa morapeli.” Ha ke chulo joalo ke mpe ke re re ts’elisa lelapa le bohle ba amehileng. Ka ‘nete le rona rea its’elisa re le Ntlo ka hore re ntse re lahleheloa ke mekaubere eo re neng re ntse re tlameha ho e bitsa ha litaba li le teng. Ka mantsoe ana ke re; “moea oa Morena Lekhooana le balumeli bohle e phomole ka khotso mohaung oa Molimo.”
HON. P. LETEETEE (Qhalasi): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ke tsebile Ntate Lekhooana, eo kajeno re fanang ka mats’eliso a lefu la hae ke sa le tlasana haholo lilemong. Ka selemo se seng ha ke le Bonhome High School, ka khethoa mono, ke bile ke le le Form A hoba prefect ea lipapali, joale eaba tichere ea lipapali e mpitsetsa ofising, ea mpolella hore le hlophise choir, Morena Leabua o il’o ts’oara pitso Mpharane. Taba eno ea ntomisa mala haholo, empa he ra phethisa litaba tseno ra ea mono ka sekolo. Ke moo ke neng ke qale ho tseba Morena Lekhooana ha a bua mono. Taba e kholo e neng e nkhahle le ha ke ne ke le lesisitheho ho ea mono, e ne e be ha a bua ka taba ea hore libese tsa Lesotho National li tla lula li le teng Mpharane lebatooeng la Morena Leabua, motho a rata kapa a sa rate.
Taba eo ke neng ke e rate ka ho fetisisa ke ha a re re tlo etsa bonnete ba hore banaba likolo ba fuoa likarete tsa hore ba ete ka litjeo tse tlase haholo, ebile ke se ke qala ka bona ba sekolo sena. A re, ke rata ho tseba hore na moetapele oa bona ke ofeng, eaba kea feta. Ka re ke batlile ke itahlela mona. O ne a ba a fanaka puo joale ka ha e e ne e le Letona la Lipalangoang. Ke ile ka qala ho mo tseba ka selemo seno. Ke ka selemo sa 1976.
Ka boetse ka mo tseba hape morao rao tjena moo ke ileng ka mo bona hantle hore ke motho oa ‘nete, oa litaba ka bona motho ea khotso ea nkamohelang ka khotso joale a bile a mpotsa hore na ke sebetsa kae. Joale a re, na ha ke joine BNP ke eng ba tla ntefa haholo hobane ba tseba hore Congress ha ena chelete. Ke ile ka bona motho oa khotso ka tsela e khethehileng. Ene e le motho ea amohelang batho ba bang a bile a qala le ho ba bona.
Ka tla mo tseba morao tjena ha morali oa hae a fetoha e ba Morena oa Sehloho oa Phamong. Ke mo tsebisoa le ke morali oa hae. Joale a re enoa ke e mong oa ba babusuoa ba ka. Leha re ne re arohane le eena ka lipolotiki, ke bone e le motho oa khotso ea amohelang motho e mong le e mong.
Re fana ka matseliso ho bohle ba amehang, Motlotlehi Hlooho ea naha ena ea Lesotho le bana ba Jonathane le metsoalle ea hae le bohle ba amiloeng ke tahlehelo ena. Ke tselise mokha oa habo oo ke utloang hothoe o sebellelitse ka nako e telele. Lesotho le lahlehetsoe lipolotiking. Ke fane ka matseliso a akaretsang. Rea leboha.
HON. K. MAKOA (PR): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ka ho mpha monyetla ona oa hore le ’na ke ise matseliso lefung lena la Setho se Khabane Mohlomphehi Lekhooana Jonathane.
Ntate Lekhooana ke mo tsebile ka 2002 ha ke fihla Paramenteng mona. Ke fumane ele ntate ea matla, ea thata, ea buang litaba ka thata ha litaba li le teng. E ne e le motho ea matla haholo litabeng tsa sechaba ’me ea bileng a sa tsabe ho thula taba le ho e phehella ho fihlela motsotso oa ho qetela haeba litaba li le thata.
Ke hopola ha litho tsa mokha oa BNP li ile tsa ea Paramenteng ’me tsa qobella ’M’e Speaker ba re ba il’o mo fa lengolo la litletlebo feela ba ile ba lula hore hora ea bo tselela ea ba ea otla ba ntse ba le mono. Joale ho le thata hore na Madam Speaker o tsoa joang ka Paramenteng ka mono. Empa itse ha litaba tseno li se li etsahetse, eaba Ntlo e Khabane e tlameha ho nkela litho tsa habo Ntate Lekhooana khato. Ke hopola Ntate Lekhooana ha lekhotla la habo le ahloloa ka Paramenteng. O ne a bue puo e thata hampe ka mono ka Paramenteng a bontša hore “khomo ea poho ha e se e bona litaba li le thata, li ea hosele e tla etsa litaba tsa eona”. O ne a hlalosa ka mantsoe a hae a Sesotho hore na e etsa joang, feela a bua ka puo e thata. Motho ea neng a tsamaisa Ntlo e Khabane tsatsing leno e ne e le Mohlomphehi Sephiri Motanyane. Joale puo ea Ntate Lekhooana e ne e khannela hore eke litaba tsena li ka shejoa ka mokhoa o mong. Joale Motsamaisi oa Ntlo ka nako eno a re o se a le late, ba boemong boo ba seng ba nka qeto.
Ke hopola ka mora’ hae ho ne ho eme Major General Lekhanya a ileng a bontša hore thupa e shape ho eena e le moetapele ho tloheloe ba bang. Empa le teng Motsamaisi oa Ntlo a re o se a le late Ntlo e se e fihletse mothati oo e nkang qeto. Litaba tsena a ka be a ile a li bua khale joale hona joale ho se ho nkoa qeto. Ke ile ka bona matla, a Ntate Lekhooana ka nako eno hore ke motho ea matla ea sebete ha litaba li se li le thata. Ea tsebang ho sebetsa taba hore ese behe motho e mong bothateng.
Ka mantsoe ana ke tšelisa Ntate Motlotlehi, Tona-Kholo ea Lesotho, ke tšelisa Madam Speaker le Ntlo e Khabane le lelapa la ha Jonathane le bohle ba amang le lalapa leno le mokha oa habo oa BNP o lahlehetsoeng ke kakapa ena. Kea leboha.
HON. K. MATHABA (Letona Ofising ea Tona-Kholo): Kea leboha, Madam Speaker, ka monyetla oo o mphang ona ho lahleheloeng hoo ha kakapa ena eleng Morena Jonathane. Ke tsebile Morena Jonathane lilengoana tse ngatanyana. Ke ile ka mo tseba ka selemo sa 1986 “Musong oane oo o ileng oa nka nako e khutšoanyane oa BNP ka Likhetho Mohlolo. Ke mo tseba e le ha ho ne ho ena le khang e neng e entsoe ho thoe likoloi li nkiloe ke masole tseo eneng e le tsa Matona. Ba ne ba ile ba reka likoloi tseno ba bileng le chelete ea ho li reka. Eaba ha ’Muso o oa, tsa latoa ho bo Morena Lekhooana. Ke batho bao ba ileng ba eba le chelete ea hore ba patale likoloi tseno e be tsa bona ba bang ba ile ba hloleha. Ke na le moholoane oaka eo eneng e le Setho sa Paramente eo ho thoeng ke Mohlomphehi Moupo Mathaba. Ke eena eo ke hopolang litaba tsena ha re ntse re sebetsa litaba tsa hae. Bona e ne e le karolo e neng e hlolehe ho patala likoloi tseno. Ke ha ke tla tseba Morena Lekhooana e le ha ho phehiloe khang hore na bona ho tlile joang hore likoloi li sale ho bona, athe ba tsebile ho ntsa chelete ba li patalla e le tsa bona. Le hona joale o ne a ntse a tsamaea ka eona koloi eo. Ba ile ba tseba hore e fetohe thepa ea bona.
Ke ile ka boela ka tseba Morena Lekhooana ha ke se ke le ka Paramenteng ka 2002 a bua litaba tsa naha le tsa polotiki ea habo ea BNP. E ne e le motho oa sesoasoi. Ruri joalokaha ho boleloa ke ne ke e-so ho bone motho ea qabanang le Morena Lekhooana ka mono ka Paramenteng. Haeba ho ne ho ena le khang e teng e re ha Litho tse Khabane ho bonahala li fufulelloa o ne a tla hlaha ka metlae ea hae ebe ho ea tšeuoa ho khutleloa temeng hape.
Ke Setho se Khabane seo boholo ba nako a neng a sa lule nako e telele ka hare ho Paramente. O ne a lula a ntse a etsoa hangata hobane e ne e le motho ea neng a tsuba koae haholo. O ne a tla tsoa a il’o chesa peipi kantle. Motho u hopoloa ka litaba tseo a neng a li bue kapa a li etse. Re ne re ee re tsamae ’moho ha e chaea nakong eo Ntlo e qhalanang. E ne e le motho oa metlae ho fihlela moo ke mo behang teng. O ne a re ho ’na, “Mathaba moshana oa haeso, ha kena ho reka koloi ha o ntse o le teng, ha u tloha Maputsoe oa nkuka u mpheha Paramenteng, ha re khutla oa nkuka u mpheha Kolonyama u ea Maputsoe”. O ne a tloaetse ho cho joalo. Hona ke tahlehelo e kholo haholo hobane litaba tsa bona e ne e le litaba tse fanang ka boeletsi tseleng eo re seng re e tsamaile. Lipolotiki tsa hae e ne e sa tšoane le tsa Litho tsa habo tsa Basotho National Party tsa kajeno. O ne a ena le sebopeho se fapaneng, ho ne ho sena mohlang a ka buang a koatile kapa a omana, o ne a fetisa molaetsa oo a o fetisang leha ba bang o tla bona meea e phahame eena o ne a se joalo. Morena Lekhooana re ea mo hopola re bile re tlanne re mo hopole ka makhabane ao a seng a pakiloe ka oona hore..
Ha li se li latuoa, bo-Morena Lekhooana ke ba bang ba ileng ba ba le chelete ea hore ba lefe likoloi tseno e be tsa bona, ba bang ba ile ba hloleha. Ke na le moholoane oa ka eo e neng e le Setho sa Paramente mona, Mohlomphehi Ntate Moupo Mathaba. Ke eena eo ke hopolang litaba tsena ha re ntse re sebetsa taba ea hae hantle ka kotloloho hore bona e ne e be karolo e neng e hloloe ho lefa likoloi tseno. Ke ha ke tla tseba hantle Morena Lekhooana, e le ha ho phehiloe khang ka eena hore na bona hobane’ng likoloi ha li setse ho bona athe ba tsebile ho ntša chelete ba li lefa hore e ebe tsa bona. Koloi eo o ne a ntse a tsamaea ka eona le morao-rao tjena ea Mercedes Benz o moputsoa tjena. Esale e fetoha thepa ea hae ho tloha ka nako eno.
Ho feta mono ke ile ka boela ka tseba Morena Lekhooana re se re le ‘Moho Ntlong e tlase ea Ketsa Melao ka selemo sa 2002 joale ka lula le eena ka mo mamela ha a bua litaba tsa naha, a bua litaba tsa polotiki ea habo ea National Party.
E ne e le motho oa sesoasoi ruri joalokaha ho boleloa. Ke ne ke e-so bone motho ea qabaneng le Morena Lekhooana ka mono ka Paramenteng, e ne e kampa eare ha ho na le khang e bonahalang e le teng, ere ha Litho tse Khabane li bonahala li fufuleloa ebe o hlaha ka metlae eno ea hae ‘me ba tšehe, ba khutle ba boele temeng hape-hape.
Ke Setho se Khabane seo boholo ba nako, se neng se sa lule nako e telele ka hare ho Paramente. O ne a re, qobacha, a tsoele kantle a chese koae. E ne e le motho ea tsubang koae haholo. O ne a chesa peipi ka ntle mono. Motho o hopoloa ka litaba kapa ka liketso tseo a neng a ee a li etse, litaba tsena ke tseo motho ha u hetla morao u hopola Morena Lekhooana u mo hopolang ka tsona.
Re ne re ee re tsamaee ‘moho ha re chaea mona mosebetsing, nakong eo Ntlo e qhalanang. Joale tseleng mona e ne e le motho oa metlae eona ena, ho ea fihla moo ke tla mo theola teng. A bile a re ho ‘na “Mathaba, moshan’a h’eso, ha ke na ho reka koloi ha feela u ntse u le teng. Ha u tloha Maputsoe ua nkuka mona Kolonyama ebe u mpela Paramenteng. Ha e chaea u ntšiea Kolonyama ebe u fetela Maputsoe” [Litšeho]. Ke hopola litaba tseno tsa hae ha re ntse re tsamaea hore o ne a tloaetse ho cho joalo. Kannete, Mohlomphehi, hona ke tahlehelo e kholo haholo ka batho ba kang Morena Lekhooana hobane litaba tsa bona e ne e le tseo ha motho u mametse u utloang li fana ka boeletsi tseleng eo ba neng ba se ba e tsamaile. Lipolotiki tsa hae li ne li sa batle li tšoana haholo le tsa Litho tse ling tsa habo tsa National Party, o ne a na le sebopeo seo a atamelang litaba ka sona haholo ha a bua ka hare ho Ntlo ena eo a neng a le ka hare ho eona. Ke rialo hobane u ne u ke ke ua mo bona a bua a koatile kapa a omana, o ne a fetisa molaetsa oo a o fetisang feela leha bano ba bang u tla bona hore meea e eebe e phahame, eena o ne a sa be joalo.
Kannete Morena Lekhooana rea mohopola ebile re ntse re tla mohopola ka makhabane ao a seng a pakiloe ka ona hore o ile a tuma ka ona bophelong boo a ileng a bo alingoa lefatšeng lena le ka koano. Ka hona re se re re re mo kopela mohau ho Morena Molimo hore a tle a mo amohele joaloka ba bang, a se ke a mo balla melato ‘me le bohle bao ekabang o ne a ile a ba hata lirethe ha re ntse re tsamaea bophelong mona ba tle ba fele ba mo leballe, e le hore moea oa hae o tle o tsebe ho phomola ka khotso joaloka ea balumeli ba bang.
Mohlomphehi, ka mantsoe ana ke tšelisa Motlotlehi Hlooho ea Naha, ka tahlehelo ea Mohlanka eo oa hae, Letona le Leholo la ‘Muso oa hae, Mohlomphehi Tona-Kholo, Botsamaisi ba Ntlo eo Morena Lekhooana e kileng ea ba karolo ea eona. Ke tseba hantle hore o ne a ntse a le tlas’a tsamaiso ea hau ho fihlela ha a ea phomolong. Rea u tšelisa, Mohlomphehi, Litho tsohle tse ileng tsa tsamaea le eena tseleng ena, lelapa ekasitana le Mokha oa habo oa BNP…
HON. MEMBER: Makobo-Tata a kae na?
HON. K. MATHABA: …Rea u tšelisa le uena Setulo ka tahlehelo eno e kaalo-kaalo. Ka mantsoe ana ebe hore re beile matšeliso ka letsatsi lena la sehopotso sa Lefu la Morena Lekhooana, a tla fetoha matšeliso a ‘nete ka hare ho mafapha ana ’ohle ao ke seng ke buile ka bona hore re a kopela matšeliso, kea leboha. [Liatla]
HON. M. SOULO (PR): Ha ke lebohe, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ka nako ena eo u mphang eona e khutšoanyane mabapi le taba ena ea Morena Lekhooana eo ekang ke ne ke tla bua haholo hoja Manationale a teng mane, joale ke tla bua hakhutšoanyane hobane ke tlaba sechele, e tla ka ke ne ke bua Morena Lekhooana hampe a le sieo empa ke bua linnete tse teng. Joale empa re re Molimo o tšelise lelapa le Morena oa ka, Morali oa hae koana Phamong. Haholo ebe bothata ha re bua litaba tsa motho e moholo hakaalo ka Morena Lekhooana ‘me ho se na ba habo ho se na lelapa, Morena Lekhooana o ne a etsa lintho tse qabolang empa tse ling li le kholo. Ke hopola haholo…
Ke ne ke na le ho ea ha hae koana Kolonyama re il’o qoqa. Joale ke mo botsa kamehla hore hela, Morena Lekhoana ehlile ekare u ne u lelekisa Macongress haholo tjena, a mang u ne u a lelekisa u be u il’o khutla bo-Zeerust East koana joaloka Ntate Sello oa Nokong u ne u mo lelekise hoo, ua ba ua mo khutlela mono. Ebe o re “Moshana oa Moreneng ke ne ke tšoanetse hobane Macongress ehlile ke batho ba setoutu, ha re ne re ka le tlohela le ne le tla re lieha.” Joale Morena Lekhooana ke mo hopola haholo, empa joale ntho e ‘makatsang ke hore…kapa ke na le bohojana ba ho se utloisise hantle, ke ee ke utloe re ntse re re motho o ile ha Morena Molimo, neng-neng re re o lahlehile, ke batla setsebi se tla ke se bolele hore na koana ha Molimo ho na le moo malahleha a eang teng kapa ehlile ho etsahala joang hobane u tla utloa ho ntse ho thoe u lahlehile, u lahlehile.
Empa feela ka mantsoe a mang re re o ile ho Morena Molimo ‘me Morena Lekhooana o nkile tsela eo re tla e nka bohle, ke taba ea hore na rea lahleha ha re ea ho Morena Molimo na. Ke re Morena Lekhooana ke mo hopola ka ntho e kholo ka 1998, e qabolang, ha khang e se ele teng ka hare ho naha ena, naha e le tsietsing e tsitsipane, ke re e qabolang eaba ha a khutla moo ho kopanoeng teng ho na le motho eo ho thoeng ke Pius Langa ka 1998, ha a khutla batho ba eme mono mapatlelong ba busitse lifahleho a re “Langa o re ha hona party e hlotseng likhetho” [Litšeho]. Joale batho ba re “Khele! Ha hona party e hlotseng likhetho! A re, “Bashana ba moreneng, ha hona party e hlotseng likhetho Langa u cho joalo.” Eaba litaba li ea lubeha. Ena ha kena ho e thola, ha ke ’muee hampe ke bua ntho e neng e etsahale a e bua ka molomo oa hae, le mpa le ntse le siea feela le ea e tseba. [Litšeho] Ke re hona le tse ntle, tse qabolang, hona le tse joang-joang, li mefuta-futa litaba tsa motho. Empa che ba ikhethetseng ho bua tse monate, eba ena ea ka ha e monate, feela ebile ntho e teng.
Ka ’nete eaba Morena Lekhooana o bua puo ena ’me eaba li kenya maoto ketaneng. Le ha ho le joalo, ke ne ke ntse ke mo rata ke ikela re iqoqela le eena ho eba monate feela e ebe e ntse e le litsela tsa lipuo tsa rona tsa lipolotiki, mohlomong le rona re ho ntse ho tla buua tse kholo ka nako e ’ngoe tseo re tlang ho li bua. Re toloka matla a motho, motho a ka ’na aba le matla a ho lokisa a boela a ba le matla a mang hape ka nq’ena a ho se lokise. Lintho tsena li hlile li joalo, ’me ke re ka ’nete Morena Molimo a amohele Lekhooana. Tšeliseha, ’M’e, le Motlotlehi a tšelisehe le bohle ba sebelitseng le eena Morena Lekhooana re ne re ntse re mo hloka hore a tl’o re qabola le litaba ha li ntse li ea ho sele. Morena Molimo ha a mo amohele, kea leboha, Mohlomphehi.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Kea leboha, Mohlomphehi. Litho tse Khabane, re ka fetela mosebetsing o mong o bontšitsoeng leqhepheng la mosebetsi (Order Paper).
Next item, Mr. Clerk.
TABLING OF SUBORDINATE LAWS
Financial Institutions (Anti-Money Laundering and
Combating of Financing of Terrorism) Regulations,
2015 tabled by Hon. Dr. M. Khaketla (Minister of Finance).
Income tax (Amendment of Monetary Amount) Regulations, 2015 tabled by Hon. Dr. M. Khaketla (Minister of Finance).
Money Laundering (Currency and Bearer Negotiable Instruments Declaration) Regulations, 2015 tabled by Hon. Dr. M. Khaketla (Minister of Finance).
Money Laundering (Currency and Bearer Negotiable Instruments Declaration) (Amendment) Regulations, 2015, tabled by Hon. Dr. M. Khaketla (Minister of Finance).
Trading Enterprises (Amendment) Regulations, 2015, tabled by Hon. J. Setipa (Minister of Trade and Industry).
Lesotho Passports and Travel Documents (Fees) Regulations, 2015, tabled by Hon. L. Rakuoane (Minister of Home Affairs).
Subordinate Laws tabled; to lie upon the Table and to be published
RT. HON. MADAM SPEAKER: Subordinate Laws referred to the relevant Portfolio Committee.
Ntlha ea tsamaiso, Honourable L. Molise-Mabusela.
HON. L. MOLISE-MABUSELA (PR): Kea leboha, Mohlomphehi. Ke hlokomela hore Letona le Khabane la Lichelete le kene ka metsi ka mona ka Selibeng. Ke kopa hore le hopole tsamaiso ea Ntlo. Kea leboha.
RT. HON. MADAM. SPEAKER: Ha ke bone taba eo ena le khathatso a ka botlolong a koaetsoe ’me ha hona le tšabo ea hore a ka qhalana.
Point of Order, Honourable Member for Malingoaneng.
HON. S. QOO: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ka ’nete motho ha a entse lintho tse ntle a rorisoe, a seke a rorisoa feela ha a se a itsamaetse a se a hlokahetse. Motho ha u sheba mamati mona u sheba ka nq’ena le ka nq’ena ke utloa ke belaela hore ke ntho e tsamaisitseng bane ba ka nq’ane (Bohanyetsi) ’me ka hona ke re ba teng ka koano ha re openg mahofi ntho ena e ntle [Liatla]
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ha hona moo tsamaiso e robiloeng teng, Setho se Khabane.
Next item, Mr. Clerk.
PRESENTATION OF BILLS
Lesotho Correctional Service Bill, 2015 presented by Hon. V. M. Malebo (Minister of Justice and Correctional Service)
A BILL
FOR
An Act to make provision for the organization, administration
and discipline within the Lesotho Correctional Service, including
the appointment of persons to offices and ranks in the service,
the removal from office or reduction in rank, the punishment
for breach of discipline and conditions of employment in the
service; a Correctional System and human treatment of offenders,
the treatment of inmates and incidental matters.
Bill read the First Time; to lie upon the Table and to be published
Audit Bill, 2015 presented by Hon. Dr. M. Khaketla (Minister of Finance)
A BILL
for
An Act to repeal and replace the Audit Act, 1973ˡ and the Audit (Statutory Bodies) Act 1973 and to provide for the independence of the office of the Auditor General and other incidental matters.
Bill read the First Time; to lie upon the Table and to be published
Human Rights Commission Bill, 2015; presented by Hon. M. Letsosa (Minister of Law, Constitutional Affairs and Human Rights)
A BILL
for
An Act to provide for the administration and regulation of the Human Rights Commission of Lesotho as established by the Constitutionˡ and for related matters.
Bill read the First Time; to lie upon the Table and to be published
RT. HON. MADAM SPEAKER: Honourable Members, this brings us to an end of today’s business and the House is adjourned until tomorrow afternoon at 2:30pm
ADJOURNMENT
There being no further business upon the Order Paper, Rt. Hon. Madam Speaker, adjourned the House without question put, pursuant to Standing Order No. 16(2)
The House according adjourned at 15:35pm