Hansard 17th April, 2007

KINGDOM OF LESOTHO

SEVENTH PARLIAMENT

NATIONAL ASSEMBLY

DAILY

HANSARD

(Official Report)

fiRST MEETING MRST SESSION

Tuesday,

17th April, 2007

(unrevised)

NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER

Tuesday, 17th April, 2007 The House assembled at 2.30 p.m

(HON. DEPUTY SPEAKER in the Chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

PROCEEDINGS 0N SUBSTANTIVE MOTIONS AND BILLS

MOTION

2 FINANCIAL POLICY

Resumption of adjourned debate on Question (Monday, 16å April 2007

That this Honourable House gives general approval to the Financial Proposals contained in the Estimates ofRevenue and Expenditure for the year 2007/2008, ant that the estimates of expenditure be referred to the Committee ofSupply.

Question again proposed

HON. DEPUTY SPEAKER: Hon. Sello Machakela, ha re koala u ne u buile 15 minutes ‘me u salletsoe ke 25 minutes.

HON. S. C. MACHAKELA (PR): Kea leboha, Mohiomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Maobane nakong eo re neng re koala mona ke ne ile ka bua ka puo ea Mohlomphehi Letona le Khabane la Lichelete ka page 3 moo le neng le bua ka:

corruption, stock theft and armed robbery which have become the order ofthe day.

Puo ea Mohlomphehi Letona le Khabane ke puo eo ha motho u e mametse ‘na ke e fumanang ena le moholinyana, e sa hlakisa lintho hantle. Letona mona moo le buang ka corruption le sitoa ho bolela hore na ke litsing lifeng, ke bo mang, na ho se ho entsoe eng. Na batho ba ts’oeroe ha e le mona e le Setho sa Cabinet, e le ‘Muso ba tseba hore na bobolu bo bo kae ka hara ‘Muso.

Ke rata ho bua ka bosholu ba liphoofolo, makoloi le bo litsing tsa khoebo. Ke leboha haholo hobane Moetapele oa Ntlo ebile e le eena Letona le ikarabellang mapoleseng le le teng. Ke re haeba mohlomong ho tla thoe ‘mileng oa Kingsway Maseru mona ho tla bonahala mapolesa a mangata a tletseng mono nakong eo bosholu bo hlasetseng batho kantle ka koana empa ho sa etsoe letho, ke bona e le phoso. Ke hore mapolesa a ntse a supisa batho hore na ba ts’ele ‘mila kae ba se ke ba o ts’ela kae empa liphoofolo tsa batho le makoloi a bona li ntse li utsuoa, potso ke hore na Letona le Khabane ba eletsanajoang?

Mohlomphehi, ke rata ho bua ka puo eo ke ileng ka e botsa Letona le Khabane eleng Moetapele oa Ntlo eleng nepotism. Ke bone hore Moetapele oa Ntlo ha a ka ba a nkotloisisa hantle maobane. Ke ne ke batla ho tseba ‘nete, e ne e se hore ke bua ka eena kapa ka mang ha ke bua ka nepotism. Litaba tsena tsa nepotism ke bohlokoa bo boholo haeba ho bonahetse hore e teng, potso ke hore na e qala kae?

Mohlomphehi, kutloisisong ea ka ke le Machakela eba ke Letona, eba ‘Mamachakela e ka ba Minister le eena, ke re that is nepotism. Haeba Machakela e le Minister ebe ‘Mamachakela ke Principal Secretary (PS) eo ka mora lilemo tse tharo ke tla tloha ka Benz ea M4000 ebe eena a hlahe ka Cambry ea M3,000, e leng moo ho bonahalang hore moruo ha o arolelanoe naheng ena eo ho buang ka hore hoa lapuoa, ke re that is a nepotism. Haeba makaleng a ‘Muso ho tletse fane e le ‘ngoe. . .

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! U bolela hore ha Sello e le Minister joale ‘Mamachakela Sello le eena a la capable ho ba Minister hobane ba tsoa faneng e le ‘ngoe ba se ke ba ba Matona?

HON. S. C. MACHAKELA: Ke re haeba ba tsoa lelapeng 1e 1e leng…

HON. DEPUTY SPEAKER: Ure e se ke ea ba li-Minister na?

HON. S. C. MACHAKELA: Haeba ho thoe naha e futsanehile, moruo oa arolelanoa. Potso ke hore na ebe lelapa leo la ‘Mamachakela ebe lona feela le bang le litsebo na? Na bana ba na ba batho ba tsamaeang literateng mona ba tsoang li-university ha se batho ba nang le litsebo na? Ke re ke nepotism ntho eno.

HON. DEPUTY SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso, Hon. Member for Matsieng.

HON. S. M. LEHATA (Matsieng): Mohlophehi, ntlha ea tsamaiso eo ke emang ka eona ke hore Setho se Khabane, Ntate Machakela ke utloa se bolela nepotism ka mokhoa oo e seng oona. Ka Ntlong ka mona ho na le Ramootsi Lehata le Mootsi Lehata empa they are from different constituencies, that is not nepotism. Ke kopa a e hlalose hantle.

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! O hlile 0 cho joalo o re sechaba sena se na 1e nepotism, se ka khetha Mootsi le Ntatae joang? Ehlile o cho joalo.

HON. S. C. MACHAKELA: Ke leboha li-back bencher tsa the ruling party. Ke li thoholetsa ka mosebetsi o motle oo li o etsang oa ho etsa lerata.

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! That is an implication ofan improper motive. Li- back bencher tseno li thotse mono. Hula mantsoe ano.

HON. S. C. MACHAKELA: Kea hula. Mohlomphehi, ha u phetla page 4, Minister o re:

While we cannot do anything about migrant work, we can do something about agriculture.

Mohlomphehi, haeba Letona la ‘Muso le akhela thaole hore batho ba khutlang merafong, bao lichelete tsa bona li neng li ntse li koalloa mona li nts’etsa naha ena pele e re ha ba khutla merafong ba fumane hore lichelete tseno tse neng li tsoela naha molemo ha lieo kajeno ha ba se ba khutlile merafong. ‘Muso oa hloleha hobane ha o kaba oa etsetsa batho ba neng ba sebetsa merafong matsete hore e re ha mesebetsi e felile ebe ho na le seo ba se jang.

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! u ne u hiile u le Letona la Mesebetsi, bolela hore na u ile ua hloloa keng?

HON. S. C. MACHAKELA: Nakong eno eo ke neng ke le mono ke ne ke ile ka re ho se ke ha felisoa deferred pay e mpe e raloe ka tsela eo e ka tsoelang batho bano melemo nakong eo ba felloang ke mesebetsi.

Mohlomphehi, page 4, number 7 e re:

We have become number one African exporter oftextiles under A GOA.

Mohlomphehi, ha u bala speech sena sa Letona batho ba lifeme ba beileng Lesotho ‘mapeng, bao ho thoeng re li-number one ka lebaka la bona, ha ho thoe letho ka bona ka hara speech sena. Ba hloleha le ho kenyeletsoa ka hara 10 percent ena eo ho thoeng ho ekelelitsoe bahlanka ba ‘Muso. Nakong eo ho neng ho ena le stayaway ka la 19-20 March 2007 ho ne ho ena le likoloi tsa Lesotho Freight tse neng li nka batho mahala ho ba isa mesebetsing. Ha e le mona ba lefshoa meputso e menyenyane hobaneng ba sa ekeletsoe empa ‘Muso o ka khona. Ke batho ba lefang tax bano. ‘Muso o bonts’itse hore o ka khona ho fana ka free transport bathong bana ba sa lefshoeng letho.

HON. DEPUTY SPEAKER: Potso ka Hon. M. Maqelepo (Assistant Minister in the Ministry of Education and Training.

HON. S. C. MACHAKELA: Mohiomphehi, puong ea Letona page 8. . Mohlomphehi Motlatsi oa Letona la Thuto hoja a lula fats’e ha ke mofe potso ke na le nako e khuts’oanyane haholo.

HON. DEPUTY SPEAKER: U re letsoa Pulane koana kaofela. . .

HON. S. C. MACHAKELA: U tia mpotsa ha re flhla Pulane koana. Mona Letona le re:

In one pilot, farmers will set up a horticulture blockfarm of21 hectares and run it as a singlefarm. They will be assisted by Alpha Farm provided Manager. In another pilot, farmers will operate as individualfarmers in a block farm under the direction ofa Foreman from Denmar Estates.

Ha ke tsebe hantle haeba Letona le batla ho etsa Imperial Fleet Service ea bobeli. Rona re re Imperial eno e qetileng lichelete tsa Basotho e tsamaee. Potso ke hore na Letona le batla ho etsa ea bobeli na eo re ntseng re re Imperial ha e nts’etse naha ena pele e futsanehisa naha ena. Letona le leng le ne le re matsoho a hlatsoana. Ha re kh’amphane e hlatsoanang matsoho le Matona [litlatse] Ha se eona eo re e batlang.

Hape Letona le Khabane le re:

We will improve marketing channels for hotels and guesthouses by linking them to an on-line accommodation reservation platform through World hotel Link.

HON. DEPUTY SPEAKER: Potso ka Honourable Member for Mount Moorosi.

HON. S. C. MACHAKELA: Ha a lule fats’e ke tia ‘mona ha ke flhla hae mantsiboea [lits’eho]. Maobane ke itse mantsoe ao Letona le Lichelete le a sebelisang ke will and can. Mona o re:

We will improve marketing channels

Potso ke hore na neng, ka mora nako e kae? Puso e teng hona joale ha esale e busa ho tloha ka 1993. Potso ke hore na ho tla etsoa limmaraka tseno neng? Page 9 number 22 e re:

This is a start ofa longjourney towards high, broad-based and sustainable economic growth, job creation and poverty eradication

E sa bonts’eng hore na mesebetsi ea boikhollo bofumeng e neng e lefshoa ka chelete e seng phofo, e kae? Re re ke everyday language ea ‘Muso [liatla] le selemong se tlang o tla tla a bua the same language. Minister a mpe a etse ho hong, puo ena ea hae e moholi ka tsela ena.

Page 10 e re:

Additional efforts will be made to acquire factory shells in Maputsoe using already serviced sites and in Maseru (Ha Tikoe) where an industrial estate will be designed and developed.

Potso eo motho u ipotsang eona ke hore na lifeme tse Mohales’ Hoek tse saleng li hahoa, ho tlilo hahoa tse ling tseo li e-so sebetse hobaneng? Ho tsamaoa ho ahoa feela har’a naha moo, ha li sebetse ke’ng? Ha se ts’enyo ea lichelete tsa sechaba feela? Ka 2002 ke ne ke le sebokeng TY, Ha Ntjabane ha the leader ofthe ruling party a ts’episa a re ho tla etsoa lifeme. Ha esale li etsoa. Ha ke tsebe le haeba li entsoe underground, ha ke e-so li bone. Ka 2002 sebokeng se seng ho ile ha thoe metsi a tlaba teng Sehlabeng Ha ‘Mamathe, empa ha a e-so be teng. Lipuo tse ts’oanang le tsena tse ts’etseng litaba tsa lits’episo tse se nang liphethahatso ha li thuse letho, ke tse thetsang batho. Nakong ena eo ho buuang ka hore Basotho ba lapa, chelete ha e eo feela ‘Muso o na le bokhoni ba ho hira tente ea Bloemfontein e etsang M6,000,000,00 ka matsatsi a mabeli. Ha batho ba ba 2 million…

HON. DEPUTY SPEAKER: Order can you substantiate that?

HON. S. C. MACHAKELA: Yes.

HON. DEPUTY SPEAKER: A k’u re feproofea taba eno.

HON. S. C. MACHAKELA: Hake e bue ke re…

HON. DEPUTY SPEAKER: Ke ne ke re u re feproof

HON. S. C. MACHAKELA: Ke re Public Eye Newspaper[lerata]

HON. DEPUTY SPEAKER: Ha ua re Public Eye[lerata]

HON. S. C. MACHAKELA: Ke re Public Eye e bolela litaba tsena…

HON. DEPUTY SPEAKER: Hon. Machakela, ha u qotsa Public Eye u qotse, re se ke ra li nka re re ke tsa hau, re tle re nke re re ke tsa Public Eye. That is fair e seng re tle ‘ne re u etselletse ka litaba tseo e seng tsa hau. Uena u ne u itse ‘Muso. . .

HON. S. C. MACHAKELA: Ke hiile ke re ke qotsa Public Eye

HON. DEPUTY SPEAKER: Litiohelle haeba ke tsa Public Eye hobane re li balile.

HON. S. C. MACHAKELA: Ke re ‘na [lerata]

HON. DEPUTY SPEAKER: Re ne re re haeba ke tsa Public Eye re e balile. Re ne re utloa uena ha u re ‘Muso o nts’a limelione tse kana ho hira tente, joale re re na can you substantiate?

HON. S. C. MACHAKELA: Mohlomphehi ke batla ho qotsa pampiri ena e bitsoang Public Eye ea la 13th April 2007.

HON. DEPUTY SPEAKER: U n’o qala joalo, u se ke ua ikenya ts’otso linaleng.

HON. S. C. MACHAKELA: Kea leboha. E re tiasa sehloho se reng:

DCEO probes Smart Partnership — million payout under scrutinity.

In one instance, a Marquee hiredfrom one South African-

based company allegedlyfetched a solid M6 Million from the Lesotho Government.

Na mona moo ho buua ka pheliso ea bofuma nako ena kaofela, selemo le selemo, na hobaneng ho hiroa tente? Hoja e be e rekiloe joale ha ea rekoa e hiriloe ka matsatsi a mabeli. Na re ‘ne re re ke eona puo ea Letona? Re re e moholi puo ena ea Letona.

HON. DEPUTY SPEAKER: Haeba e moholi pula e tla na.

HON. S. C. MACHAKELA: Puo ena ea Letona ha ho na moo e buang ka empowerment ea bo-rakhoebo ba naha ena, bo- ralitaxi le bo-ramabenkele. E bua ka 10 percent. Ha ho phatlalalitsoe hoseng hore ho fanoa ka 10 percent across the board ho bahlanka ba ‘Muso, ebe mantsiboeeng a letsatsi leno ho thoe Ilitre ea metsi e tlabe e nyolotsoe ka 25 cents, petrol, diesel le paraffin li tla be li nyolotsoe. Puo ena ha e re letho ka hore na batho ba sebelisang lintho tseno na ‘Muso o nanabetsa letsoho joang hore batho bano le bona ba tle ba tsebe hore ba se ke ba otla bapalami haholo. Ha ho na 10 percent mono hobane 5 percent kaofela e ka tloha ebe e ea makoloing. Ke 10 percent ea batho ba holimo hobane batho ba holimo, Matona, li-PS le liDirector ba sebelisa likolo tsa sechaba sena se futsanehileng. Ba sebelisa likoloi tsa sechaba ha ba lefe motlakase, metsi le petrol.

Sekheo se pakeng tsa bofutsana le borui bo bokaalo se notloa joang? Nkabe ke utloa ha ho ne ho thoe ba holimo ba nyolelloa ka 5 percent ba fats’e ba nyolleloe ka 40 kapa 50 percent [liatla] e le hobane maoba ba holimo ba ile ba itekanya le South African Development Community (SADC) ka 84 percent ka 2005. Joale ke re na bane ba tlase hobaneng ba sa ba nyolleloe holimo hore le bona ba tle ba Iekane le SADC na? Ke hobaneng ha ba ba siea tlase kajeno ha Lesotho e le Molula Setulo oa SADC. Maqheku le Maqhekoana ho thoe a nyolelloa ka M50.00, e ntse e le Ml 50.00 hobane ha ba tloha hae ba eo lata chelete ba sebelisa M50.00 bakeng sa transport, entse e ts’oana e le joalo.

Apri12007

Ha ho na nyollo ea meputso mona. ‘Na ke ne ke re hoja ‘Muso oa nyollela bahlanka bana ba ‘Muso ba sebetsang ka thata, bonyane oa ba bea maemong a SADC ka ha le bona ba ipehile v-eng. Boemo ba moruo (inflation) bo re ama ka ho ts’oana kaofela. ..(Lerata)… Ba se ke ba sebelisa thepa ea sechaba feela eaba u fumana hore nepotism ea sebetsa mono, corruption e teng hona mono, favouritism e teng le eona mono. Lintho tsena kaofela li bokane mane holimo…(Lerata)…. Naha ee ea batho ba ka tlase ho 3 million e ka sitoa feela ho ba khahlametsa ka bophelo? Ke litaba tse joang tjee?

Ha u sheba puo ena ea Letona la Lichelete, eo ‘na ke reng ka ‘nete ha e re letho. Puo ena ha e re letho, Mohlomphehi, feela ke re hoja Letona la ea hetla morao, la ka la Iula fats’e hoa ka ha raloa hantle e le hore moruo oa naha ena o arolelanoe hantle. E se ebe ho fuoa batho ba bang ba itseng ha ba bang bao e leng bakhafi ba siuoa boemong botlase. Ke re ke qala ho bona litaba tse tjena.

Ho buua ka infrastructure. Motlotlehi bonyane puong ea hae o ile a bonts’a hore na makhoro a tla etsoa kae. Ha u sheba Qacha ‘s Nek feela, u nyoloha ka tsela eno e eang Qacha o tsamaea ka tsela ea sekontiri. Lebakeng ke ena hona mona. Noka eno ea Senqu e fetang pel’a Lebakeng ha e na le borokho feela ba maoto. Feela ke re ho hiroa tente ka M6 million. Hobane’ng ha M6 million e sa nkoa ha etsetsoa batho ba Lebakeng borokhoana ba maoto feela?.. …(Litlatse).. . .

Ka har’a naha ena mabatooeng a mangata o tla fumana litopo li ntse li nkoa ka mampara e le hobane ho se na litsela. Ke ne ke ile Ha Lejone pel’a Letamo la Katse ke il’o ts’oara seboka.

HON. DEPUTY SPEAKER: U se ts’oara motho a ntse a shoele a il’o patoa. Bolela taba eno ea hore u ile oa re batho ba tlohelle hoa pata motho ba ee sebokeng sa hao.. .(Lits’eho)…

HON. C.S. MACHAKELA: Ke ile ka ea ts’oara seboka mono Malibamants’o pel’a letamo. Batho bano ba mono ba haile holim’a metsi, feela ha ba na metsi a hloekileng malapeng feela metsi ba lutse le oona

mono a rekisetsoa South Africa. ..(Lerata)… [potso] (Lerata) Metlakase ea feta mono feela ha bana eona. Ha habo Honourable Member for Sebapala. – Ha ke fane ka potso.

HON. M. MONYETSANE (Sebapala): Potso! Potso! U se ke oa bua ka ‘na feela u hana ho mpha potso.. ..(Lerata). . .. Order! Order!

HON. C.S. MACHAKELA: Ke re ha habo setho se Khabane sa Sebapala, se khethiloeng mane Sebapala, ho na le moo ho se nang litsela, moo bafu ba teng ba nkoang ka mampara. Feela joale ha ke bua ka litaba tsena se etsa lerata ka mona.

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! Order! Honourable Machakela, ke bona eka ke se ke u lumelletse haholo, litaba tsena tse controversial li baka marata. U hohola haholo, u khokolotsa matlakala hoo u sa boneng hore na ‘mala oa seeta sa hao o joang……(Lits’eho)…. Order! Re se re bile re u file nako e fetang ea hao ka lebaka la ho khokolotsa hona ha hao re shebile matlakala a lieteng.. …(Lits’eho)… Kea u bona president, kea u bona.

HON. M. LEHATA (Matsieng): Kea leboha, Mohiomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, ha u mpone. Ke rata hore ke bue ka puo ena ea Letona la Lichelete la naha ena. Kea leboha le ha ke bua ka mor’a motho e moholo eo ekileng eaba Letona la ‘Muso oa Motlotlehi eo ebileng eleng Motlatsi oa Moetapele oa Kobo-tata ha ha joale. Ha u sheba puo ena ea Letona la Lichelete e entse address mathata a teng ka har’a naha ena hoo e mong le e mong ea phelang ka har’a eona a a tsebang. Letona le bonts’itse hore na mathata ano le tla qalajoang ho a sebetsa, ‘me a ee pele joang. Ha ho le joalo, u bona puo eo e leng ea sechaba sa Basotho, e buang litaba tsa Basotho. Eo ts’ebetso ena e ka bang ntle haholo haeba ka har’a naha ena ho ka ha ba le khotso le botsitso. Puso ena e tla atleha haeba ka har’a naha ena ho ka ba le khotso le botsitso, ‘me ra Phela ka har’a naha eo Mosotho e mong le e mong a tla Phela ka bolokolohi, ‘me le ba ka ntle ho naha ena ba ka khahloang ho tla Phela le Basotho le ho hoebisana le bona hobane ba bona Basotho e le sechaba se itlhomphang, se ithatang, se ratang khotso e ileng ea etsoa ke Morena Moshoeshoe I.

Ha u sheba li-challenge tseo Letona le buileng ka tsona, e ‘ngoe e kholo ke ea HIV le AIDS. Ke eo ke reng lelapa le leng le le leng le fetile bothateng bono ekaba ka mohaisani kapa ka e mong oa lelapa. E leng hore bothata bona ke ba rona kaofela. Ke bothata boo baetapele ba naha ena bo ka Ntlong ena ha ho fihloa litabeng tseno ba lokelang ho thusana ‘moho ho bona hore kholumo-lumo eno ba qetelletse ba e fentse, e le hore Basotho ba tsebe ho phela. Li tla morao tsa lefu lena li ba ngata hoo li amang le moruo oa naha ka mokhoa o seng motle.

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! Ha se Letebele.

HON. M. LEHATA: Ka hare ho puo ea Letona ka mona kapa ka holimo ho eona o bonts’a hore taba e ‘ngoe e kholo ho tsona kaofela ke ea ho loants’a bofuma. Ho etsa create mesebetsi hore e be teng, ho holisa moruo. Tabeng eane ea ka ea . . . ke eona e qalang ea pele. Ha re ne re le mabaleng a lipolotiki re fereha sechaba, re re batho ba khethe Lesotho Congress for Democracy (LCD), ba bang ba khethe Toala All Basotho Convention (ABC), ba bang ba khethe Basotho National Party (BNP), joalo joalo, litaba tsa rona ho sechaba sa Basotho haeba u ne u limametse, e ne e le tseo u neng u utloa hore batho bana kaofela e ka re ba rata naha ea Lesotho. Baiketi bana kaofela ba ne ba utloahala hore ba na le thahasello pholohong ea moruo oa naha ena. Baikiti bana kaofela ha bona ban e ba bua ka tharollo ea mathata a sechaba sena, ‘me sechaba ka bo sona se ile sa khetha hore na se rata bo mang. Khotso eo u neng u e bona mabaleng mane motho a ka lebella hore e be teng hape le ka Ntlong ena moo re seng re le baetapele teng.

Sechaba se re file mosebetsi oa hore re haheng kapa re sebetseng ‘moho hore Basotho ba tsoele pele. Ntho ena ke e nka e le qholotso eo ke reng Litho tse Khabane tseo ke li hlomphang e leng baetapele ba naha ba tle ba e nke ka mokhoa o very serious, hore ba hopole hore sechaba sane se ka morao re tlarneha ho se thusa hore puo ena e builoeng ke Letona e phethahale, e leng hore le bohanyetsi e lokela e be boeletsi ho feta bohanyetsi.

Taba e kholo ea the infrastructure e teng ka har’a naha ka mona, Basotho ba.. ….(Lerata).. .. ba hloka metsi, ba hloka ho sebelisa metlakase kaofela. Letona le buile ka litaba tseno. Puong ea Iona le buile hape ka to improve

the infrastructure e leng taba e neng e le kholo ea hore ‘Muso o ka ba le merero e metle empa lebili la phethahatso le lieha ho tsamaea ka lebaka la the systems tsa melao le melaoana … tseo re neng re li fumana li le hona teng. Letona le bonts’a hore le tla phetha litaba tseno e le hore lits’ebeletso li ee kapele sechabeng ho latela leano la ‘Muso le teng hona joale la hore lits’ebeletso li tate ho ea sechabeng.

Naha ena e na le potential ea ho ithekisa. Botle ba eona feela bo ka phahamisa moruo. Naha ena e ka hohela bahahlauli ba bangata hore ba kene in this country ‘me ba sie letho, ebe moruo oa nyoloha.

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! Order please! Monyako oane 0 butsoe. Le ea o bona.

SETHO SE KHABANE: Ba tia Goa!

HON. M. MALIEHE (Butha-Buthe): Escort! Escort!

HON. M. LEHATA: Ha re tla tabeng ea ho etsa export, Letona le buile ka hore na re na le menyetla e mekae eo re e filoeng ke linaha tse ling. Re ka etsa export hoo re nang le hona ka ntle le libetsa feela. Le naha ena ka bo eona re ka e etsa export ka lebaka la ho khahleha ha eona. E na le lithaba, e na le eng le eng eo linaha tse ling li se nang tsona. Bahahlauli ba ka tla mona, ba re siela letho, ‘me ba tla be ntse ba nyolla moruo. …(Lerata)…. Line e nkiloeng ke ‘Muso ea hore lihotele kapa li hotel link ebe li nkiloe li isitsoe ho line ea lefats’e hore re tsebe ho ithekisa, re intlafatse, e bonts>a hore joale re ea pele, ‘me re batla hore Basotho ba tlil’o tla phela.

Mohlomphehi, re na le lejoe naheng ena, re lema bobatsi.

HON. F.R. SHEA (PR): Le bo lema kae?

MONG. M. LEHATA: Re lema bobatsi, ‘me ha re ka ra bo etsa export u tla fumana hore Mosotho eane ea tlase mane u tla fumana letho, ‘me a tsebe ho phela. Letona le bonts’itse hore na migrant labour ho tloha ka 1987 lipalo li ne li le kae ho isa ho 2006. Batho ba sa sebetseng South Africa ho tloha ka nako eno ba khutletseng hae mona is 74,000. Nako eo population  14 —

e nyolohang palo ea ba sebetsang ka ntle le eona e tla nyoloha, empa population ea nyoloha, batho ba sebetsang kantle ba ea sebetsa ‘me bona ba etsa joang? Unemployment ka har’a naha ea nyoloha. Ba bang ba teng ka har’a Paramente ka mona ba ileng ba khutla limmaeneng eaba lipolotiki li ba fa mosebetsi.. …(Lits’eho)… Letona le bonts’itse puong ea Iona hore .

HON. DEPUTY SPEAKER: Order please!

HON. M. LEHATA: Lehlohonolo la rona re le Basotho ke hore bonyane malapeng mane ho be le hoo re bang le hona. Mesebetsi ha e le sieo empa land eona e teng. Joale ke hore na ba khutlileng limmaeneng ba ka lula fats’e feela mokhoa oa le mobu o le teng. Letona le itse re le baetapele re thuse hore temo e nyolohe e le hore tlase mane temo e qetelle e se e le mosebetsi oa letsatsi le letsatsi e le ho loants’apoverty.

Mohlomphehi, taba ke hore na ha re bua ka temo re etsa eng re le baetapele ba naha ee? Re lokela ho etsa hore balateli ba rona ba utloisise taba ena ea ho ea masimong, re ikhireng, re hlahiseng, re tsebe ho ja, re tsebe ho rekisa, ‘me re tle re tsebe ho etsa export lihlahisoa tsa temo. Ke boikarabello ba rona kaofela ka mona hore re bone hore balateli ba rona, bane ba re fileng matla, ba ileng ba re khetha ba re ts’epile hore re tlil’o tla etsa phetoho maphelong a bona, re ba thuse hore re ts’oaraneng ka matsoho hore re sebeletseng naha ena.

Ha re nkeng puo e bohlokoa ena re eo e nea sechaba sa Basotho, re eo se bonts’a molemo oa eona le hore na se ka fumana eng ka hare ho eona e le hore ba tsebe ho fumana phetoho maphelong a bona. … ..(Lerata)…

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! Monyako 0 ntse 0 e-s’o koaloe.

HON. M. LEHATA: Lintho tsohle tse e-so ka li etsoa tse kang tsa crop farming le ena e ‘ngoe ea blockfarming, re tla thusoa ka li-skill. Hona ho bonts’a thuto eo re e fumaneng hobane re ile ra bona li project tsa naha ena tse kholo tse neng li tlisoa ke bafani. Tsa sebetsa hantle, ha ba tsamaea tsa oa. Hobane nako eo li leng teng ha re ka ba ra etsa hore Basotho ba khahlametsoe ka li-skill hore ba tle ba sale ba tseba ho li etsa manage ebe lia hola.

Ntlha ea bobeli ke hore nakong eno ha re ka ba ra khona hore ebe le li expect ho lifield tseno tse tla sheba hore environment ea rona, our culture na li kopanajoang e le hore li ntho tsena tsa li- project sechaba se bone hore na se Phela joang. Letona le bonts’itse hore we have to capacitate our people ‘s skills, e le hore na motho ea thusanang o teng e le hore ha a tsamaea ho sale Basotho ba tla sala ba ts’oere ts’ebetso eno. Ba e ts’oere hantle hobane ba tla be ba entsoe capacitate ka thuto ‘me ba na le tsebo ea mosebetsi ono. Taba ena e bonts’a hore na re tsoa kae re ea hokae. Oa bona hore ‘Muso oa Lesotho o moo joale o eang litlhokong tsa sechaba.

HON. F.R. SHEA (PR): Ke hona 0 eang, ha 0 e-so flhle?

HON. M. LEHATA: Ba bang ha ba bua ba re budget ha ea etsa address litlhoko. Minister o buile ka mokhoa o tlil’o tla sebetsa hore o tle o fumane licence kapa o qala khoebo ebe ka mokhoa oa nako e tla ba nyenyane. Ke hopola Letona le bonts’a hore holim’a linaha tse 174 we are ranged at 114. Taba eno e etsa hore li investor li sitoe ho etsa invest in this country ke re le ngoana Mosotho ea batlang ho qala khoebo a sitoe ho qala khoebo hobane a lokela ho tsamaea a long process pele a fumana capital eo a tlil’o tla qala mosebetsi ono. Capital eno e qetella e felletse ho process ho feta ho etsa ts’ebetso. Ka mokhoa ona oa ho fetola melao eno e neng e sitisa bana ba Basotho ho kena into business, ‘me the private sector e leng eona e tlil’o tla etsa promote ebile e etsa reduce rate of unemployment, ‘me ba tla hira ba bang ba Basotho ebe mesebetsi ea hlaha.

Hape likamano tsa bahoebi le libanka. Letona le itse le tla etsa hore ho be bobebe hore li-loan li tsebe ho fumaneha, bahoebi ba fumane li capital, ‘me ba tsebe ho qala mosebetsi. Ka hona ke ile ka utloa ke thoholetsa puo ena ea Letona haholo hobane bana ba Basotho are going to benefit Ke hore feela re ba fe thuto ea hore ba tsebe hore na ba qala kae ba ea ho kae ho fihla mona moo re batlang ho ba etsa empower hore moruo oa naha ena o tsebe ho nyoloha ebe bofuma bo’a fela.

Litabeng tsa thuto Letona le bonts’itse hore ehlile thuto ke e’ngoe ea key things eo re tlamehang hore re e sebelise hore bana ba tsebe ho kena likolo. Ha u kene sekolo u khona hore u ts’oare ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe hantle hobane u se u na le thuto e ‘ngoe e ka holimo ho ea bohlale ba hao ba tlhaho.

Those are the key things. LefatSeng tse thusang linaha tse ling. Bana ba linaha tseno ba li thusa hore li nyolohe e le bona hobane bana le thuto e etsang hore ba nahane ka mokhoa o fapaneng le motho ea nang le bohlale ba hae ba tlhaho feela.

Joale taba ke hore na haeba re bua ka education, re le ka mona re le baetapele ‘me e mong le e mong a kenya ngoana oa hae sekolofor a better future ea ngoana eno oa hae, na re re re ha re on the right track na. O ile a re; “haeba baetapele ba rona ba sa re thuse, ke hore na rona bo-ralipolotiki re etsa’ng hore the climate e be e joang hore batho ba bone ba be ba utloe monate oa ho ipusa in this country. Litaba tsena ke li bua tjena hobane ke mametse Litho tse seng li buile pele ho ‘na hore re tlameha hore le thuto e be teng ho rona, e se ke ea ba thuto ea bana feela le rona re le baetapele e be teng ea hore na ha u le moetapele u beang kapele ho uena ho feta eng. Ha u sheba in this country, history e ntse e bontSa hore ba bang ba baetapele ba nka monyetla ebe ba etsa hore kholo ea moruo e se ke ea ba teng le naha e se ke ea tsoelapele. Ba etsa joalo feela e le bana ba naha ena, ba tsoalletsoe from this country, empa ba sa rate naha ea habo bona.

In this Budget Speech ho boleloa hore re teoarane ka matsoho re le sechaba, likereke, politics, culture le invironment. Ha re ke ke ra tSoarana ka matsoho bana ba rona ba tla fumana naha ena e tetebetse ‘me ba tla rohaka mabitla a rona ba a supe ka menoana. I advice the politicians in this country hore ba hle ba kenye matsoho ho atlehisa kholo ea moruo ea naha ena. Tsena tse builoeng ke the Minister of Finance, tse ling tse hlahang mono re ke ke ra li fihlela ha feela re sa tSoarane ka matsoho ho sebetsa ‘moho molemong oa naha ena. Naha ena e na le metsi leha komello e le teng re ka sebelisa metsi ano ho noesetsa ‘me ra etsa lijo batho ba khona ho phela. Puong ea Letona ekasitana le puong ea Motlotlehi, o ile a bontSa hore litaba tsena tsa kholiso ea moruo ke tse tlang pele.

Re sebelise linoka ho noesetsa masimo a pel’a eona ‘me joale re hlahise lijo. Ho utloa puo eo e tla thusa Basotho hore ba tsebe hore na ba tSoanetse ho etsa joang molemong oa ntlafatso ea khoebo ea bona. Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamisi oa Lipuisano, Ntlo ena ke e ‘ngoe e tla tla thusana ho etsa melao le ho thusana hore lebili lena le tsebe ho tsamaea. Rea tseba hore ho entsoe reforms Paramente ea BotSelela ‘me sena se tla thusa hore joale re tle re sebetsane le makala a ‘Muso ho thusa hore performance ea delivery e

— 17 _

tle e nyolohe. Dr. Raditapole ha a bua mona o buile ka taba ea performance ea budget ea 2005/2006 hore na expenditure ebile ka tsela e feng. Motho ha a ne a bua ka eona u ile oa utloa hore bothata bo ntse bo le teng ha re tla mane hore joale lebili lane la hore lintho li fetehe kapelenyana ho mokhethi eane ea tlaase-tlaase mane mokhorong hobane bothata bo ntse bo le teng.

Ntlo ena ka matla a eona e bone hore re etsa melao e tla etsa hore lintho li tsamaee, in all committees, makala ano ha a fihla ho likomiti mesebetsi e tsoele pele e le hore re tle re tsebe ho botsa hore na ha Paramente e fane ka chelete le sa e sebelise , ‘me ke Ntlo ena e tla etsa joalo. E leng hore puo ena ea Letona e ntle hakana e toba rona kaofela hore joale re eeng pele ‘me ebe re bona hore Basotho ba tsoela pele. Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, ke rata hore ke re puong ea Letona, ke rata hore ke mo etse quote mantsoe a hae ao ke ileng ka utloa a ‘nkotla ka pelong ka mona. Ha ke na ho bua nako e telele [Lerata]. Kea tseba hore Litho li tatile ‘me ke tla qotsa ho page 9 bullet 22 it says;

“Madam Speaker, this is a start of a longjourney towards high, broad-based and sustainable economic growth, job creation and poverty eradication. The road may be winding andfull of challenges but we have no choice but to walk it together andfast”.

Ke ne ke re mantsoe ano Litho tse Khabane li nke e le thuto hobane ke ‘ona a tla etsa hore tsela ena eo re e tsamaeang re e tsamaee ‘moho. Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. T.M. THABANE (Abia): Kea leboha, Malome. Ke ne ke rata feela hore ke qale ka ho u lumelisa le ho tsebisa hore maoba ka 15-03-2007ha u qeta ho khethoa ho ba Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano ha nkaba ka ba le nako e ntle ea ho u lebohela. Joale ke nka motsotso na lekhetlong lena la pele ke ema kapele Ntlo ena ke bua esale u khethoa, ke u lebohela le ho hopola hore your usual wisdom e tla ‘ne e etse prevail ha u tsamaisa litaba tsa rona.

Ke ne ke re, Ntate, taba-taba kholo ea ho rerela batho hore na ba tla Phela joang, u tSoanetse u tsebe hore na ba bakae, ba hokae, lisebelisuoa tse teng tse entsoeng ke tlholeho li kae tseo ba ka li sebelisang. Ho bile le palo ea sechaba (Census), kea kholoa selemong se fileng eo re ileng ra hopola hore etlare pele ho bo Keresemese re be re tseba hore na re bakae ka palo, ba kulang ba bakae, ba phelang hantle ba bakae, ba seng ba ile ba bakae, ba kenang sekolo ba bakae le ba tsofetseng ba bakae e le hore e tle e re selemo hase thoasa Letona le etsa meralo le be le tseba hore na le e ralla holim’a eng. ….

HON. DEPUTY SPEAKER: Kamoo ka Lekhotle la sechaba, ha u bona ba tsofetseng re bakae? [LitSeho].

HON. T. THABANE: Masimo a seng a abioe ka khaho ee ea matlo e sa laoloeng a makae ‘me na ha e le mono masimo ano a ntse a fokotseha na monyetla oa rona oa hore re tla ja’ng na o hokae. Mona kaofela ke boikarabello boo Letona la Finance le Planning bo leng mahetleng a Iona. Ke bona litaba tseno a hlile a sa li sebetsa ka mokhoa o khotsofatsang, in fact, nka mo qosa ka total neglect of responsibility tabeng ea hore a re tsebise hore na re bakae, re eme joang, ba kenang sekolo ba bakae, joalo joalo. Census le li-statistic li bohlokoa haholo ha ho etsoa plan hobane u etsaplan holim’a ntho eo u e bonang.

Lesotho mona re na le litöia tseo re li beileng e le ho sireletsa sechaba thepeng ea sona. Nka bolela ofisi ea Auditor General e shebang hore na lichelete tsa sechaba li sebetsa joang ‘Musong ‘me e fanoe ka tlaleho ho Paramente hore e tsebe ho ithuta hore na ka mane ka moo ho thoeng ke ka ‘Musong (Excecutive) na lichelete tsa sechaba li ntse li sebetsoa joang. Ho na le hape litaba tse eang ka makhotleng a molao tseo e reng ha re itlhotse hona moo mesebetsing eo ebe re isanang makhotleng a molao ho ea botsana hore na ea nepileng ke mang, ea sa nepang ke mang.

Ho bonahala re ile ra ba ra thea a corruption unity e le ho alosa tlolo ea molao e ikhetholotseng e bitsoang corruption, e leng moo teng joale motho a jang lichelete tsa sechaba kapa thepa ea sechaba ka mokhoa oa bobolu. Ka hona ho bonahetse eka e imetsa makhotla a molao ebile e batla lipatlisiso tse khetholohileng hobane joale e etsoa ke batho ba mefuta-futa taba eo ea corruption. Joale re tle ho bohlanka ba ‘Muso e leng bona boo joale bo jereng bophethahatsi ba letsatsi le letsatsi ba merero oa ‘Muso.

Ke bona Letona le Khabane la Lichelete le re kolota hobane ha re nka pale ea Paramente ena ea ho ba puso ea sechaba ka sechaba e khutlele ho tloha ka 1993, li-audit report tse beiloeng kapele ho Paramente ka mona kaofela ha tsona, without exception, li bontSitse tSebeliso e mpe haholo ea lichelete.

Motho u ne u hopotse hore joale lekhetlong lena e tlaba Letona le kile la otla-otla hore na mehato e nkiloeng ke efeng ho bona hore Budget ena eo e etsang honajoale o e tSireletsa hore manong ao aa be sale a itjella chelete ea sechaba a tle a se ke a tla ja chelete ena eo a e abang hona joale. Re be re tsebe hape le hore na hantle-ntle ho sebelitsoe joang ka chelete e ileng ea abjoa ka selemo se fetileng. A ka be a kile a re tla-tla hanyane, e le hore re tsebe ho bona hore na o tena a batla chelete e kana hobane a se a sebelitse tema e kae hobane ha a qale le hoba Letona la Lichelete ka lehlohonolo. Litaba tsena ha re li tsebe.

Motho ha u sheba hona ho report eo ea hae mono o bona makala a mang a sa kang a sebelisa chelete kaofela eo a neng a e fuoe selemong se fetileng. Mohlala ke Lekala la Temo, empa a boetse a ntse a ba ekelelitse chelete. O ile a inahana joang hore batho bao ba se nang tjelo a ba fe chelete e ngata na? Joale empa potso eo nka ‘motsang eona ‘me eo nka e botsa Ntlo ena e Khabane, ke hore na hana Lekala la Temo le ka hloka tjelo joang re lapile ha hakaale-kale re ntse re shebile ho lona hore na re ja joang? Kea kholoa mohlomong ntho eno ea ho tlola taba eo e sa hlalosoe, e ne e le ho qoba lipotso tse ngata tse ka tobang hore na ha e ka Lekala la Temo ha le etse hore re je tjena na joale re tlaja hokae.

‘Nete eona e ea sala ea Molimo hore naha ena re ke ke ra ba ra tloha mona ra ba ra ea likella koana bolikela letsatsi re ntse re se na mokhoa oa hore re ka iphepa re le sechaba. Etsoe ka matsatsi a ho feta, ka oona mobu ona oa rona o fokolang, ka tsona lipokothonyana tsena tsa rona tse fokolang, ka bona boemo bona bo teng ba literekerenyana tsa rona tse teng ho na le nako eo ho kileng hoa ba le temo ka har’a naha ka mona. Temo e neng e bonahala eka ha e ne e ka ea oela joale matsohong a ‘Muso oa democracy, moo joale litaba li nang le ponaletso li sebetsoang hantle, Lesotho le ne le ka ‘na la fokotsa bot;ehetsi boo kapa boitSetleho boo le nang le bona lijong tse tsoang kantle.

Ke bona Letona le fokotse haholo litabeng tsena. Ke sitoa ho ananela hore o entse joalo hobane a hloka tsebo. Ke bona eka o entse joalo hobane mohlomong o ne a tatile. Etsoe ‘na ka ‘nete ke ntse ke rata hore le hoja o ne a le teng a ke a nkarabe hore na likhetho tsena tse tsoang ho feta ka 17/02/2007 0 li tsamaisitse ka chelete eo neng a e nkile kae, a e abetsoe ke

mang. Litaba tsena kaofela li mpaka hore ke be sale ke ntse ke bea monoana fatSe hore re lokela hore litaba tsa rona li be sale li hloekile, li le ntho eo ka sekhooa ba reng ke above board. Monna e mong oa le-Zambia o kile a bua ho radio eo ea habo bona mono e se e le motho ea nang le boikarabello kahare ho naha. A re; the economy of Zambia e tSoana hantle le economy ea lapeng ha ka mane.”

‘Na nka le qoqela feela Litho tse Khabane hore ka linako tsohle chelete ea ka ha e tsoa ka pokothong ka mona ke e nea mofumahali oa ka ke sheba koana e le hore a se ke a bona hore na ke ne ke hlile ke na le bokae ka pokothong ke tle ke tsebe ho mo fa e mo lekaneng [LitSeho]. Ke lumela hore bo-ntate ka mona kaofela ha ba ka ba buela Molimo ‘nete, ba tla bolela hore economy ea motho e motso chelete ha e fanoa ka lapeng ha ho shejoe. Malome (Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano ha ke tsebe hantle hobane e se e le motho e moholo ‘me e ka ‘na eaba eena o se a fana feela [LitSeho]. Re re economy ea motho e motSo, joale ha re fihla litabeng tsa sechaba taba eno ea rona e bonahala e hana ho salla morao. Re ntse re sebetsa economy ea hore ha re ntGa chelete re shebe koana ba bang ba se ke ba bona hore na re ntSitse e kae ‘me naha ena e setseng hona joale eona e tla ea….

HON. DEPUTY SPEAKER: Na u e ntSetsa u le kantle kapa u ua tsoa [LitSeho] ?

HON. T. THABANE: Ke bona ha ke sheba hape litaba tsena ke bona eka taba ea hore re hlile re bofutsaneng ba boja-likata e ka ‘na eaba ha e na ‘nete e ngata hakaalo-kalo. Ke bona eka bofutsana bona bo teng ‘me chelete e ke ke ea re kopa ka mokhoa 00 e ka kopang batho ba England kapa batho ba America, nkare le batho ba hona South-Africa mona mose ho noka. Holima litlokotsi tseno kaofela ke ithutile ha ke sheba hore mane Metsing-a-Lihlaba re fumane li-million tse R235.8 selemong sena se tsoa feta e le li-royalty. Ke hlokomela hape-hape hore tSebeliso ea ‘Muso ea makoloi a hiriloeng ho

company ea Makhooa ao re sa tsebeng ha habo oona na ke hokae, e re ja Ml 35.3 million. Ehlile Makhooa oona ‘nete ea Molimo ha ke tsebe hore na a tsoa kae Ml 35.3 million e lefa Imperial Flee Service per annum.

Ha re ntse re ne re ntse re sebelisa ntho e neng e bitsoa Plant Vehicle Pool Service (PVPS), e le hore re ne re se re hlile re le independent and self sufficient, re ne re lefa M20 million ka selemo. E leng hore taba ena ea Imperial e têoanetse hore e lahloe re khutlele ho self-sufficiency ka hore re itêebelisetse likoloi tsa rona tsa ‘Muso ‘me li tsamisoe ke rona ka Letona la rona le ikarabellang litabeng tseo. Ke tseba mehleng eo e ne e le mosebetsi o neng o kopaneloa ke Letona la Lichelete le Letona la Public Works. Letona la Lichelete le sheba hore litaba tsa chelete li sebetsa hantle moo. Letona la Public Works le bone hore likoloi tsena lia lokisoa, ha li se li tsofetse lia rekisoa ho rekoe tse ling.

Re ne re bile re na le monyetla mehleng eno ea hore re ee fantising mono re il’o reka likoloi tse fantisoang tsa ‘Muso empa tsa Imperial ha re tsebe hore na ha li qeta ho khehlemana mona na li fella kae. Mohlomphehi, haeba ho na le moo pelo ea ka e leng bohloko teng, Setho se Khabane Letona la ka Ntate Tsekoa, ke koloi e sotho tjena ea left hand drive eo re neng re e fuoe ke ‘muso oa Korea Lekaleng la Foreign Affairs mane ba re ba re thusa hore re tle re tsebe ho sebetsa. Joale eare ha ho nkoa setoko sa likoloi tse fuoang Imperial ke ‘Muso eaba e ea nkelloa. Ke kopana le eona tseleng mona e le taxi ebile e ntse e khannoa ka left hand eno ea eona.

Ke hopola hantle hore koloi eno ka letsatsi le leng e ne e khannoa ke driver, joale motho ea neng a bitsoa Maloi ea neng a sebetsa mono Foreign Affairs, leha ke bona eka o se a phomotse hona joale, a palame ka lehlakoreng la right, ‘me driver e le ka left. Ke nako eo Setho se Khabane sa Seqonoka Ntate Maope e neng e le Letona moo ka 1996-1998, kea bona o ne a sa hlokomela hore ke left hand right, eaba o re; “hele, ebile le khannisa Maloi likoloi tsa ‘Muso? [Litêeho]”. Joale Maloi e le motho ea se nang licence ea ho khanna. O ne a khalemela têebeliso e mpe ea li-asset.

Taba eno ea têebeliso e mpe ea li-asset ehlile e totile haholo ‘me u tla fumana hore koloi ea ‘Muso e khannoa feela e ea liheloa. Ke bona eka accountability eane e neng e le teng ha re ne re le PVPS hore ebe ho ngoloa lipampiri motho u qosoe u be u qetelle ho ntse ho tlosoa le moputsong oa hao, mane Imperial ha ke kholoe hore e teng. E leng hore batho ba lihela likoloi ka ntho eo ka Sekhooa ho thoeng ke impunity. Ka mantsoe a mang ke re ehlile Letona mona ho Budget Speech, ‘na ha a ne a ka ‘marnela, o ne a tla ntSa lintho tsena tsa bo-lmperial re ikhutlelle mane status quo ante moo re neng re iphelela hantle re le Basotho. Re hirile bahlanka ba rcl%l, likoloi li le teng, re tsamaea re ea moo re eang teng.

Ke rata hape ho supa hore Letona le Khabane le buile ka litaba tsa li ‘maraka. Ke rata hore taba ena ea li-‘maraka e ke e ka ka ea hla ea qapolloa hantle hore na ho thoe li-‘maraka re tle re qetelle re entse joang. ‘Na motseng ha eso mane ke ne ke Phela le moena oa ka, leha a se iketse boea-batho. Motho eno o ne a lema moroho. Joale moroho ono oa hae o ne o lula mono ehlile ho se na moo a o etsetsang ‘maraka teng. O ne: a qetelle e se e re ha motho a re o tlil’o reka moroho joale a iketse moo a neng a iketse teng ebe o re; “o batla oa bokae”. Motho eno a re; “ke batla moroho oa Ml .00”. Ebe o mo kopa hore a tlise chelete eo a tsebe ho kha moroho a tsamae. That was bad business practice empa e ne e le feela tsela ea hore a bone hore moroho ono o tloha serapeng moo hore a phele. Lebatooeng la heso koana ho ema linku tse fapakaneng, li be li Ote ke ho ema moo nako e telele. Tse ling u tla fumana hore li tloha bo Malimabatöo koana.[litöeho]

HON. DEPUTY SPEAKER: Butle ka Malibamatöo. [litöeho] Malibamatöo ha e le hole koa le ha Abia.

SETHO SE KHABANE: Tsa Malibamatöo li ea Hlotse kapa            Buthe.

HON. T.M. THABANE: Ke mpa ke ipuela ka libaka feela hie, Mohlomphehi. Moo taba e leng teng ke hore ehlile li tloha libakeng tse hole, li tsamaea nako e telele ‘me u tla fumana moo mo li leng teng ho sena le letho leo li le jang. Bobete re e ne e le ha li ne li ka rekisetsoa ‘Muso ebe ‘Muso ona o inontöetsa tsona. Ka hona one o ka atleha ho etsa phaello.

Taba e ‘ngoe ke hore moruo oa naha ena ea rona o itäetlehile ka lintho tse peli feela, e leng lekhulo le phoofolo. Ke tse ling tsa linthc tseo re ka tsebang ho phahamisa moruo joalokaha re le naha e holang. Joale bothata boo ke bo hlokomelang ke hore ha ho hlake hore na hantle lekhulo le oela Lekaleng lefe. Ha ke tsebe hore na lekhulo le oela lekaleng la Lecona le Khabane la Meru le Ntlafatso ea Mobu, Ntate ‘Mokose kapa ho Letona le Khabane la Litaba tsa Lehae (Local Government), Dr. Pomtëo Sekatle. Ha ho ntse ho tsekisanoa joalo, lekhulo lona le ntse le senyeha haesitana le leruo la liphoofolo le ntse le qepha. Liphoofolo tsena ke tsa ka koana Ica maloting moo ho ntse hothoe Kobo Tata ha ena bolateli, empa bo sa tla be bo be teng.

Ke utloile hape Letona le Khabane le sa re letho ka taba ea Local Government empa Lekala lena e le Ione leo e leng motso motso oa puso ea sechaba ka sechaba. Ke ka Lekala lena litëebeletso li atleEang hore li finyelle batho ba tlase tlase mane. Taba ena ea hore Letona le Khabane ha le ea re letho ka Lekala lena ehlile e mpeha tsietsing, haholo holo ha puso ea Local Government e sa qala ho kena tëebetsong.

Joale bothata ke hore re bona naha ea rona e shebahala e hlasetsoe ke bothata bo boholo ba bosholu, ‘me sena ke sona se boetseng se t)àka bofuma bo boholo ka har’a naha. Ho na le mokhoa oa Basotho oa boholo holo 00 re o sebelisang re le Basotho oa ho tëoaea liphoofolo litsebeng ege ho felisa bothata bona bo bakoang ke batho ba masholu. Eaba masholu a tla ka leqheka la ho khaola liphoofolo tseo litsebe. Eaba ho sebelisoa mokhoa oa ho etsa li-tattoo ka hore liphoofolo li tëoaoe liropeng, le teng li-tattoo tseo ba li tlosa ka hore ba li chesa ka aene. Sena se boetse se baka bothata bo bong ba liphoofolo. Liphoofolo li ka utsuoa ka mora thaba ka koana, masholu a li khannile ho fihlela li be li tëoaroa Mazenod. Eba hose ho sa tsebahale hore na li isitsoe motebong oa sepolesa Morija, Roma kapa Maseru. Ka hona bo bile le mokhoa o mong a ileng oa hlaha oa morao rao tjena 00 joale bothata eleng hore o turu. Ke ipotsa hore na ebe ha ele buturu ba oona le ho utsuoa hoa liphoofolo ebe ho turu ke ho feng. Joale ka mokhoa ona oo ke o khothaletsang e leng oo ho thoeng o turu, ho kaba bonolo hore ho etsoe trace ea hore na phoofolo eo e Morija. Roma kapa Maseru mona.

Sena se boetse se mphetisetsa tabeng ea sepolesa. Ke bona Letona la Lichelete le sa re letho ka taba ea sepolesa. Ke ne ke lebeletse hore Letona le tla bua ka taba ea keketso ea metobo ea sepolesa le palo ect mapolesa. Hobane ho ne ho ka khoneha hore ho etsoe maoala ‘ohle a ho fêl:isa tlolo ea molao ka har’a naha le hona ho sebeletsa sona sechaba sena se utloisoang bohloko ka liphoofolo tsa sona. Ke le motho ke bona Letona le IQabane

ekabe e ile ea re pele a tsamaea ho ea World Bank, a ka be a ile a hlokomela tse ling tsa mathata a kang ana a tjametseng naha ea Lesotho.

Hona joale nkile ka bona ntho e makatsang ka tsela e makatsang. Ha esale ‘m’e le ntate ba ntsoala ha ke eso bone motho a fuoa bail ka makhetlo a mararo. Ke bua ka botieo taba ea mofuta o joalo e etsahetse ka makhotleng a molao ka mono.[lerata] Motho o ile a fuoa bail, a ba a e fuoa, a baa e fuoa hape hape. Ka kutloisiso, ea ka ke nahana hore motho o fuoa bail ebile e tsamaea le lipehelo tsa hore a se ke be a ba a kena tlolong ea molao ea mofuta Ofe kapa Ofe. Joale mona u tla fumana hore motho o etsa tlolo ea molao, ebe o tsoa ka bail, a boele a etse e ‘ngoe hape, le teng a boela a fuoe e ‘ngoe, e leng eona ntho eo ke re ruri ea makatsa. Ena rr10tho eno o qeteletse a sa patala bail ea lekhetlo lena la boraro ka ha o ile a fuoa keletso ea hore tsamaea oena, batho bana ba u qeta.

Motho u ea ipotsa hore na ebe töebetso ea makhotla hantle e tla ntlafatsoa joang. E ‘ngoe ea litöiea tsa puso ke taba ena eajustice system. Iviaobanyana mona nakong ea likhetho, ha ho ne ho tlile batho ba bangata ba rieng ba tlile ka har’a naha ka mona, ke ile ka teana le mokhotsi e mong oa ka oa Lekhooa, o ile a mpotsa ka taba ea chelete e kaalo ka 6 million pounds eo e ileng ea fuoa ‘Muso ka Lekala la Toka, ele ho thusa makhotla hore a tle a tsebe ho nanabetsa toka sechabeng. Empa le kajeno lena ha eso kaba e sebelisoa. Joale motsoalle enoa oa ka a re, “hoja la sebelisa chelete eo hobane re tla qetella re khenne ‘me re e nkile”.

E ‘ngoe eo ke sa boneng Letona la Lichelete le hlile le bua ka eona ke taba ea temo e leng eo e ka boetseng ea nyolla moruo oa naha ea Lesotho. Ke bona joale ho e na le hore Basotho ba leme masimo a bona joale a lengoa ke Maburu. Lentsoe Leburu mehleng ea khale ka ha re ne re sa ba batle, ba ile ba qetella ba nka hore ke tlhapa ho ba bitsa joalo. Empa ba bitsoa ka nepo hobane leburu e hlaha lentsoeng la seburu, hoer. Ke lentsoe le bolelang farmer eseng tlhapa joalo kaha batho ba bangata ba nahana. Le rona mehleng ea khale re ne re tseba Leburu e le ntho e mohoete hoete, e boea ka linkong. Joale re bona ho thoe ba tlo lema masimo a Basotho. Hona joale ho na le batho ka Ntlong ena ba tsebang temo, ka hona ke bona ebile ho le betere hore ba tsoe ka Ntlong ka mona ba il’o lema, hobane ha ba tsebe leho bua. [lerata le litöeho] Ho mpe ho sale rona ba tsebeng ho bua. Ho ne ho bile hole betere ha hona hothoe re arolelane tsebo le Maburu ao

e seng hore ba leme masimo a rona hobane joale. ba tli’lo re tellisa ka basali ba rona. Nakong e tlare ha u re o khalemela mosali, a be a re, ‘ Gtloha mona oena o sa tsebeng ho lema lijo, lijo tsena li lengoe ke Leburu”. Mosali eo u tla sitoa le hore letho ho eena hobane o tla be a bua ‘nete.

Bothata bong boo ke bo boneng bo boholo ke taba ea lefu lena la morao rao tjena la HIV/AIDS. Lefu lena ha le khethe nku ka pere. Lesotho mona ha hona motho ea ka reng ha a angoa ke lefu lena. Ka Ntlung ena e Khabane ke ea tiisa hore kaofela ha rona re na le seng ka rona se angoiloeng ke lefu lena. Lapeng ha ka ke na le motho ea phelang le töoaetso ka har’a Ka hona ke tseba bothata bona first hand. Empa taba ke hore na mctho enoa o hlokongoeloa joang. Joale neng neng ho thoe le hlokomele matho enoa, e ntse e le motho joalo ka ba bang. E be neng neng ho thoe itlhokomeleng motho enoa a seke a le töoaetsa lefu lena la hae. Sena se tlisa pherekano sechabeng hoo qetellong motho a ka qetellang a se a sitoa ho etsa boikarabello ba hae ka lapeng.

Ke bona mokhoa oa ho loantöa lefu lena e le hore ho etsoe molao o hlileng o ka fanang ka thuto ea hore na hantle ehlile lefu lena ke eng le hore na batho ba angoeng ke lefu lena ho sebetsanoe le bona joang. Ebe molao o tla akaretsa litaba tsohle tsa AIDS. Ha ke ntse ke le lehlakoreng la ‘Muso, ho ne ho se ho na le setöoantso sa molao se etsang address litaba tsena tse ke li buang. Bothata ba ho se fetisa, ho ne ho se ho lumellanoe ka hore ho fetisoe setöoantso seo sa molao empa ha thoe ho thehoe National AIDS Commission (NAC) pele.

Lefu lena Iona ka ‘nete le teng hohle mona, ebile le ‘na ha ka koana le teng. Ha e le motho ea ka reng eena ha le eo lapeng ha hae, ka ‘nete ha a bue ‘nete. Ha ka koana ke ‘na feela ea bonahalang le le sieo ho eena, ke nahana ke taba ea hobane ke se ke holile hobane ehlile le bonahala le bona bana ba bacha le siea batsofe.

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! Setho se Khabane ke nak0 ea tee, 0 sa saletsoe ke metsotsoana ea ho qetella puo ea hao.

4.00 p.m.

DEPUTY SPEAKER: Order! setho se Khabane sa Ha Abia.

HON. M. T. THABANE: Ke leboha haholo, Mohiomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Ka nako ea tee batho ba nkhalemetse mona, che ba utloile hore le ‘na ke na le malobe ho sa lekane. Ke ile ka ba mamela, ‘nete e ntle hase taba ea bona ha ba sena bo malom’a bona. K.e, ne ke re, Ntate, taba ena ea AIDS ena ke ee ke utloe ho buua ka likhutsana tsa AIDS ho sa buoe ka bahlolohali ba AIDS, haholo ha bahlolohali bano e le bo ‘m’e ba neng ba itöetlehile holima mokotla o kenang ka tlung o hlaha ka motho oa monna moo lapeng lee joalo. Ke ‘nete likhutsana li ba ka mahlomola haholo hobane ke bana. Le hona likhutsaneng moo ha ke kenye ena ea bo ‘ma bona le ba bang bo nkhonoa bona joalo. Ke ee ke utloe ka nako e ‘ng,oe ho buua ka lentsoe la khutsana khulu, hantle ntle ha ho fihluoa tabeng ena ea ho phallela bana bano, ke bona eka ho ne ho ka ba molemo hore taba eo ea hore ho ‘ne ho kengoe li-adjective tsa khutsana khulu li lahloe. Khutsana ea AIDS ke khutsana ea AIDS, ‘me e ne e fumane melemo e lekaneneng khutsana ea AIDS ka tlasa maemo a fe kapa a fe. Ha re fihla ho AIDS mona ehlile re na le ho ferekana le ho ituba kelello ka litaba tseo re li ballang lipampiring tse tsoang mose ho maoatle, tse ngotsoeng ke batho ba sa tsebeng litsietsi tsa rona, ba sa tsebeng le mathata a rona. Taba eno ea batho bano. . .

HON. DEPUTY SPEAKER: Order!

HON. M. T. THABANE: Hao! Maliehe monna! 0 tia hioliena molato keng, batho bale ba tla etsang? Ke re taba eo ea .

HON. DEPUTY SPEAKER: Ha TY, e arohane ha kaale kaale le Mafeteng?

HON. M. T. THABANE: Ke re taba eo ea likhutsana tsa AIDS re re tebise maikutlo haholo bobane ke likhutsana tse töoaloang ke taba eo re sa e tloaelang, eo re sa kang ra e lokisetsa moetlong oa rona re le Basotho, eo re sa kang ra e lokisetsa bo iphelisong ba rona ba bo sechaba ba rona. Re bona lefu le se le re thoso feela mono le makatsang le fihla le ntse le nka batho mono le ba seisa bana ba bona. Ke re ha re ea re lebile litaba tsa AIDS, letsoho la rona le be bofefo ha re thusa. Le lipelo tsa rona ha re ea re lebile batho ba töoeroeng ke AIDS li be bonolonyana haholo ho feta ka mokhoa oo li neng li ka ba bonolo kateng ha re sebeletsa batho ba bang. Ke lefu leo ho fihlela hona joale le ntse le rehella batho joalo ka ha lepera le ne le rehella batho mehleng e fetileng. Litaba tsena kaofela ke utloa eka li batla hore taba ena re e sebetse ka hlokolosi. Ke ntse ke boetse ke khutlela tabeng ea hore molao oane hoja oa tla e le hore re tlo bona hore na re ka o sebelisa joang ho leka ho fokotsa bohale bona ba HIV/AIDS.

Ka ha o itse nako ea ka e se e le nyane, Mohlomphehi, ke ne ke rata ho ea tabeng eo ke bonang e re tonetse mahlo ka leihlo le nchocho haholo eo ke boneng Letona la Lichelete le iphapanyelitse eona ka mokhoa 00 utloisang bohloko. Taba ena ea hore ha rena ho kotula letho ehlile ke ‘nete, . .

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! Honourable Member for Thaba Phechela.

HON. M. T. THABANE: Taba ena ea hore ha rena ho kotula letho, e bonahala eka e ne e batla hore e ke e be Letona la Lichelete le ka be le ile la hla la tlolaka haholo ho e sebetsa hobane re tli’lo lapa hobane ha re na ho kotula bongata ba rona. Ho ntse ho le molemo hore re tsebe hore li polane tse entsoeng ke lifeng tsa hore na re tsoa le ho kae.

Ke bue ka ntlhanyana ea ho qetela e nyane ea hore taba ena ea meputso ea bahlanka ba’Muso ke taba e töoanetseng hore hantle ntle re etsise batho ba bang lefatöeng. E etsetsoa komisi tse khetholohileng kapa e barleloe litsibi tse khetholohileng hore li ke li shebe hore na meputso ena ha e bapisoa le se bokeletsoeng, e bapisoa le litöebeletso tse isoang sechabeng, na hana e behoa kae. Ke hopola hore ‘Muso oa Basotho Congress Party (BCP) (1993 1997) one o kile oa kopa tlatsetso ea company ea KPMG hore ba ke ba ba shebele hore na meputso ea Lesotho ha e bapisoa le ea linaha tseo re ahelaneng le rona na e joang, na moruo oa rona o ka jara ho flhlella kae oa se ke oa fihlella kae. Ha ke re ho tle KPMG feela ke re taba ea hore feela arbitrarily ebe Letona le re 10%, 4%, 6% kapa le re 7%. Ha ke bone ena le boiphihlelo bo lekaneng. Letona la boiphihlelo ba hae tsebong ea litaba tsa töebetso ea lichelete lefatöe ka kakaretso, ke bona taba eo a boetse a e fokoletse haholo.

Ke ne ke mpa ke nahana, Ntate, hore ke mpe ke qetele ka hore tlala eona ke sa pheta hape, e re tonetse mahlo. Ke tlala ea boja likate. Letona ha le

khutla koana Washington moo le ileng teng le tlo re bolella ka mokhoa o totobetseng hore na tlala ena o hopotse ho etse joang ke eona. Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! Honourable Member for ThabaPhats ‘oa.

HON. H. N. NTS’EKHE (Thaba-Phats’oa): Kea leboha, Mohiomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, ka sebaka seo u mphang sona, Ntate..

HON. DEPUTY SPEAKER: Oh! Ke lebetse ho u bolella hore u buile (Hon. T. Thabane) joalo kapresident [lits’eho].

HON. H. N. NTS’EKHE: …ke kopa ho nka monyetla ona 00 u mphileng ona, Ntate, ho otla lintlha tse ‘maloanyana. Le ha li ne li le ngata haholo empa ke kopa ke tle ke mpe ke be mokhutöoanyane ho tsona. Kea kholoa li tla etsa bohlano ha ho se ho thoe lingata. Ke kopa ho bua ka taba ea bohlokoa eleng Sustainable Economic Growth and Poverty Reduction. Ke taba eo ke reng ha li le joalo lintlha tsena tse peli, Ntate, ruri ke litaba tse kholo haholo tseo li hlokang boikitlaetso ba motho e mong, le e mong e le motho ka bo-mong, lelapa, mekhatlo, e kaba e ikemetseng, ekaba liorganisation tse regional kapa international.

Ke thoholetsa puo ea Letona le Khabane mona moo a buang ka ntlha tsena tse peli. Ha re ka ra li sheba hantle li hlaha leqepheng la bobeli, elengpage 2 le page 15 moo a buang ka li-project tsa temo, agricultural projects, tseo ke bonang hantle hore o ile a ba toboketsa puong ea hae hore ehlile o li abetse chelete e ka etsang M59million. Eleng hore haeba li-project tsena, Bahlomphehi Litho tse Khabane, re ka ra nyenyeletsa sechaba se re beileng ka mona ka ‘nete le ka tieo, ‘me ra se khothatsa hore se tle se töoare sejo seo se senyane, joalokaha le tseba hore sejo se nyane ha se fete molomo, eaba rea se boulella. Re töehetsa batho bao ka litsebo, ba ileng likolong mohlomong ba nang le bo-project management le bo project monitoring, eaba re ntse re ba chakela re ba fa malebela, re ka bona batho bao ba ikhullutse bofumeng.

Ka mabaka ana ke re M59 million eo Mohlomphehi Letona le Khabane la Lichelete le e supileng ke thoholetsa haholo. Hape nka lakatsa, haeba

mohlomong ho ka khoneha, hore in the Supplementary Budget a tle a boele a ba ekeletse hape e le hore re ke re bone hore re etsa alleviate bofuma. Ke utloisisa hantle hore bofuma ha se ntho eo re ka e felisang lefatöeng lena le phelang hobane le ntse le phikoloha letsatsi le letsatsi. Ka mabaka ano ke bona Mohlomphehi Letona la Lichelete le hatile ka leoto…

HON. DEPUTY SPEAKER: Ha a se a ba ekelelitse u ba kope hore ba se ke ba le chabisa [litöeho].

HON. H. N. NTS ‘EKHE: . . .ho joalo, Mate. Puong ea hae le ha a sa ka a bua taba eno e le ka mongolo, o entse mohlala oa hore ho projects tse kang tabeng ea ho apesa naha, a ka thabela hore mohlomong batho bano ha ba sebetsa ba apesa naha, ba fuoe lethonyana. Ruri haeba taba eno re ka e töoara hantle, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, ka mokhoa o töoanang e ka re tsoalla molemo o moholo. Haeba taba eno ea kanetso kapa kapeso ea naha ka lifate le limela tsohle tse kang bo-joang ba töane, joalo joalo, eba batho bano ba ntse ba thola letho mono, re tla tseba hore re iphumane re phephethela bofuma bane bo otlileng haholo batho bane ba koana mahaeng, metseng eseng mona litoropong moo re nang le bomotlakase, mokhoa oa ho besa, lintho tse ngata tsa mokhoa oa ho tsamaea le bo metsi, joalo joalo. Ka mabaka ano ke chaella taba eno monoana ea Mohlomphehi Letona la Lichelete ha a ile a etsa citation holima taba eno ea hore ekaba boipiletso le takatso ea hae hore batho bano ba il’o lema lifate le bona ba tle ba ke ba thole lethonyana.

Re ntse re le holim’a taba ea Sustainable Economic Growth and Poverty Reduction or Alleviation. Ntlha ea bobeli eo nka e supang leqepheng la bone o buile ka taba tsa Export Capacity and Product Diversification. Lintlha tseno ha li le joalo le tsona o qotsitse taba ea AGOA- (African Growth and Opportunity Act) moo e re lumelletseng hore re ka rekisa sohle naheng ea Amerika ntle le libetsa feela. Taba eno e re bolella hore ke qholotso e kholo eo Mohlomphehi Letona la Lichelete le e entseng le morero oo ‘Muso o nang le oona oa hore Lesotho Chamber of Commerce (LCC) le the Mohloli Chamber of Commerce le tsona, ba tle ba etse hore joale ba lule fatöe ba bone hore bahoebi ba tlasa bona, tlasa mekhatlo eno ea bona, ba hlile ba tsetsepela ka ‘nete, maano le boithekiso ba bona ka likoranta le ka liphatlalatso. Ke nahana ho lekane ho setseng ke hore hona joale ba ee to the action. They have to translate all their words into action, into reality. Ruri

ha ba ka ba khutla, ba ka kopana kapa ba sebetsa ba ntse ba arohane e le mekhatlo e autonomous e sebetsang tlasa ntho e le ‘ngoe, feela ba ke ba etse bonnete ba hore lithepa tseno tsa mefuta eohle li fela li tsamaea, feela re ke ke ra hlobola taba ea hore this is a collective responsibility. Haeba Mosotho e mong le e mong ka hare ho naha ena a utloisisisa hore ho ka ba bobebe hore ebe o etsa thutöoananyana ea setöoantäo, mohlomong ea sculpture, ebe o re o tla e romella e le ‘ngoe e eo kena Amerika, o tla fumana a senyehetsoe ho feta ha ba ka ba sebetsa ‘moho, eaba joale thepa tseno tsa bona li ea tsamaea. Le ‘Muso ke lumela hantle hore o na le tsebe e utloang o ka khona ho ba khahlametsa mokhoeng oa transportation ea thepa e joalo. Ka mabaka ana ke chaella ka monoana puo ea Mohlomphehi Letona le Khabane mono moo a buileng ka hore ho ke ho etsoe diversify production ea rona, even our exports ka mekhoa eohle eo re ka ra khonang.

Bofuma bona re ka bo fenya ka nako ea lilemo tse sa feteng lilemo tse leshome le metso e mehlano (15) eaba re bua bonyane re le naha e ‘ngoe eo re reng che! re na le kabelo in the World Trade Market joaloka linaha tse ling tse ntseng li lekana le rona ka size in terms of territory esitana le population feela tseo re reng lefatöeng li na le kabelo e kholo in the World Trade Market.

Ke kopa ho feta karolo eno ruri ka hore ke qholotso eo ke e sielang bahlomphehi bana ba mekhatlo ena e ‘meli e meholo ka hare ho naha ena, hore joale ba bone hore ba ba le access to the market. E le ka mokhoa oa ho bokella bahoebi ba banyenyane le ba mahareng le ba baholo kaofela ba etse clusters ofthose producing organizations, e be ba etsa contribute hore naha ena e rekise e be le kabelo ‘marakeng. Taba ena ke e siela bona eke ba ka ikutloa mohlomong moo ba ntseng ba hahlaula le ho bua le naha ena le bahoebi ba naha ena.

Taba eo ke tla e Otla hanyenyane ea boraro, eo ke hlokomelang hore e hlaha leqhepheng la bosupa (7) ke ea ho etsa minimize the costs and risks of doing business. Taba ena e se e builoe ka makhetlo hore ekaba bohlokoa ha re ka ra ba le one stop shop, eo ho eona e ka reng mohoebi ha a fihla mona e ba re lumela hantle hore re tsoa hohela motho enoa ho hlaha Asia, Europe, to name them, ha a fihla mona e be o fuoa recognition e lokelang, hore haeba motho enoa o tlil’o etsa invest ho tloha ho U$10million re fane ka hore bonyane within 24 to 48 hours khoebo ea hae e be e le infull operation, a

fuoe tsohle tse lokelang. Bo-ramatsete ba teng ba sukulisoa ke taba eno ea hore o tla ea ka Seteishining, a tlohe a ee holimo Setopong, a theohe hosane a ee Ha Thatsane, neng neng o ea khutla o ea Hlotse, neng neng o ea ButhaButhe, ke täokoliso eno ea ho fumana lintho tse lokelang hore a sebetse joalo. Ka bokhutöoanyane ke khothaletsa puo ea Letona le ho e chaela monoana, mona moo a bontöitseng hore those costs and limitations tse neng li le teng, eleng tsa nako le taba ea ho fuoa lisebelisoa tseno tseo a li hlokang, li ne li etsa hore ba nyahame ‘me motho a khutle a n’a sa ntsa le hona mona malibohong kapa at the border posts of this country.

Ka mabaka ano ke töehetsa taba eno ea hae, ‘me ke kopa hore bohle ba amehang ba tle ba bone hore taba eno le eona re e fetola liketso eseng lipuo feela. O se a buile le rona re tlatsa taba eno re le boetapele ba naha ena, ka Ntlong ena ea Bahlomphehi.

Ke kopa ho feta ho eona karolo eno ke tle ho ntlha ea bone, Mohlomphehi Motlatsi oa Lipuisano, hore naha ena e na le letlotlo le leholo eleng la bohahlauli. Joale feela leo ke lumelang hantle hore re hloka hore ka mokhoa o töoanang re le boetapele ba Ntlo ena, re le Bahlomphehi, re ke re khutlele tlase mane ho bo-‘m’e le bo-ntate; bahlankana le baroetsana ba nang le monyetla oa hore ba ka khona ho töoara bahahlauli ba naha ena hantle ba fumane ba siile letho kahar’a naha le ka etsang stimulate the economy of this country, ka hore re ba fe nyenyeletso ka mokhoa oa lithupelo.

Lekala le amehang la Tourism le Iona ka mokhoa o töoanang le bonahale le ea le tatile ho bo-‘m’e le bo-ntate, bahlankana le baroetsana bane ba phelang mane metseng ka lithupelo tsa matsatsi a mabeli, kapa bekeng joalo joalo, ‘me re ba hokahantse mohlomong le bo-rakhoebo ba banyenyane tlase mane metseng le metsaneng.

Ke kopa ho tea ka mohlala ke ona, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, Makhooa ehlile ha a ba tle hore ha ba fihla Lesotho mona ba tlil’o Phela lihoteleng tse turu tseo re li bonang hae mona, ba batla nthonyananyana tse fokolang tse hlileng li bontöang boleng ba naha eo ba tlileng ho eona. U tla fumana hore ba lula lihoteleng tse turu, ‘me ha ba fihla Lesotho mona ba leka ho li baleha ka hohle-hohle. Ha re ka ra ruta batho ba tlase mane hore rontabole ea hae ha a e entse a e hloekihloekisitse hantle ka hare, ‘me a e beha lintho tse peli tse tharo tsa ho sebelisoa, tsa toiletry, mohlomong le taba ea boroko feela, Lekhooa le khotsofetse ho roabala ka har’a ntlo eno ea rontabole hobane ke experience e kholo ho eena. Ke experience eo ekareg ha u re a lefe M400.00 hona ntlong eno ea hau feela, ha feela a utloa a töereletsehile o tla e siea M400.00, Ml 200.00, a bokh’ile hoteleng.

Ka mabaka ano ke fana ka mohlala ono feela o monyenayane oa mokhoa oa hore bo-‘m’e le bo-ntate ha ba ka ba koetlisoa ba fuoa lithupelo tlase mane ho latela thoholetso ea Mohlomphehi Letona la Lichelete ka letlotlo leo re nang le Iona la Tourism, ekeba ntho e kholo. Ha se khale haholo ha lehloa le khetheha mona mariheng a selemo se fetileng. Ho khetheheng hoa lehloa hono, le ‘na joalo ka ba bang, ke ile ka be se ke qoaea koloi ka senotlolo ke re ache ke batla nke ke eo fihla moo lehloa lena le leng lengata. Ka tsoa ka lena le ha u ea ka ‘nqa ea leboea ho naha ena ho ea tsamaea bo-‘Moteng. Ke fumane mono e le sechaba se neng se ka nka Bahlomphehi ka mona ka Ntlong ena ea sechaba ha leshome ho ea holimo. Ha ke ne ke ba sheba kaofela e ne e le ‘na feela motho ea neng a le motöo. E ne e le ‘na ea neng a le mosootho…

Ke ne ke na le batho bano le driver le li-bodyguard tsa ka joale ke le ka hare ho bona, ba natefetsoe ba ea holimo le tlaase mono. Ha ke tloha mono ke ile ka bala likoloi tse neng li le mono kaofela. Leha eba leihlo le ile la phatsama, feela tse ke ileng ka li bala likoloi ka letsatsi leno la mohla lehloa le khethehileng feela, li ne li etsa le 350. U itekanyetse hore na likoloi ha li le 350 li ne li töetse batho ba bakae ka hare ho tsona. Joale ka pono eno eo ke ileng ka e bona, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, ke ile ka ithuta hore ehlile ke ‘nete eo re ke keng ra iphaphanyetsa eona hore naha ena has got the potential in tourism. Re na le letlotlo leo re le filoeng ke Molimo leo re le eang ka mahlo letsatsi le letsatsi re sitoa hore re le etse turn into our treasure.

Ka mabaka ano, ‘na ke qholotso eo ke e fang Setho se seng le se seng, Mohlomphehi, le baetapele ba naha ka hare ho naha ena hore re ke re thusane le ho töehetsa ea abetsoeng le ho fuoa boikarabello tsamaisong ea lakala le joalo hore re fele re etse bo ‘nete taba eno e oela kutloisisong ea Mosotho e mong le e mong hore naha ena has got a lot to do, has got a lot to earn in tourism. Joale re tsebe hore e mong le e mong moruo o tlokome ka hare ho ntlo ea hae, ka hare ho phokotho ea hae.

Mohlomphehi Letona le Khabane le buile ka minimum infrastructure platform, eo ke reng ruri re se re ile boholo leha le bontäitse hore re sa na le likhato tse ‘maloa tseo re li entseng ka taba ea infrastructure ea naha ena in terms of road infrastructure, ekaba electricity, ekaba likhokahanyo tsa litelephone, joalo-joalo. Ntho tseno ha li le joalo, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, ruri ha re ka ra li fihlela le tsona ho latela seo le se khothalelitseng mona hore se tla etsoa ha ho tolokoa litsela tse tla tabola naha, li hokahanye naha, ke lumela hantle hore re tlabe re atamelitse bona batho bao ke ntseng ke bua ka bona bao ke reng ha ho bonolo hore nako eohle ebe e mong le e mong ha a batla ho etsa khoebo o batla ho tla teropong. E mong le e mong ha a batla ho etsa khoebo o batla ho ea torotsoaneng e hautöoanyane ea ha habo empa khoebo re ntse re ka e etsa metseng ka batho bano.

Ka mabaka ana, ke khothaletsa le ho thoholetsa puo ea Mohlomphehi Letona la Lichelete ha le itse ba tla leka ka hohle re le Lekhotla le busang re le ‘Muso o li tulong hore re bone hore re etsa provide minimum infrastructure platform. Ha re ka ra e fihlela kapele-pele, ra tata, re tla bebofatsa le ho nofaletsa tsena tsohle hore li etsefollow suit as quick as possible.

Ke kopa hore ke tle ntlheng ea ho qetela ea bohlano e leng eo ke reng e hlaha leqhepheng la leshome le metso e täeletseng (16) la polelo ea Letona le Khabane la Lichelete ‘me e boele e qopetse hanyenyane ka leqhepheng leshome le metso e supileng (17). Ak’u re nke ke etse hore re e bale ‘moho, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano hore page 16 mono bullet 46 e re;

This year major review ofour tax regime will be undertaken in order to render it fair, simple and equitable. In addition, the Government has decided to give back something to the taxpayers. The tax credit of1142, 911 will be increased to M3,500 thereby resulting in M589 that Government will not take from the taxpaying public. This will benefit the low income groups more. In addition, the threshold where people start paying taxes will be raised from Ml 1,643 per annum to M14, 000. All these will result in a 20% gain to the tax payer.

Ka bokhutëoanyane temana ena eo ke qetang ho qotsa e mpolella hore ho entsoe khahlametso ho bakhafisi ba lekhetho la naha ena ba ne ba lefshoang meputso e tlase-tlaase haholo. Ke qholotso ho rona ba ntseng ba fumana letho hore re ke re lumelle ‘Muso joale hore o tle o ke o etse li-project tsane tseo ke li boletseng ho batho bane bao re reng hase li-full time employees empa e tlabe e le ma-casual labour, e le mesebetsinyana eno e temporary eo ke e boletseng. Ka mabaka ana ke re ha re se re khahlamelitse mokhahlelo ona o tlase-tlaase oa balefi ba lekhetho naheng ena, ke nahana hore khahlametso eno ea 20% e khutlelang ho bona joale e se e sa ee ka ‘Musong, ruri e tla ke e etse hore moruo oa malapa a bona o ke o tlokome hanyane.

Re na le ntho e bitsoang consumer price index (CPI) e theohile haholo. Ha ke e toloka consumer price index, ke pokello ea hore na grocery bonyane ea malapa a fapaneng, bonyane re nka middle class and Iow class, hore na Ielapa ka leng le je grocery ea bokae ka hare ho Ielapa leno le joalo. Joale CPI ha eba batho bana ba ka atametsoa ka mokhoa ono oa 20%, e bolela hore the standard of living eo re neng re ntse re e abetse batho bano ka kabo ea meputso le keketso ea meputso e tl’o fetoha ho tloha selemong sona sena. Ka mabaka ano ke e ‘ngoe ea the key indicators tsa ha ho thoe moruo o ea hola kapa o ea putlama.

Ka mabaka ana ke re ke khothaletsa ke sa thekesele le ho chaella monoana ketso eno eo Mohlomphehi Letona le Khabane le e entseng e le keketso ho meputso ea bahlanka ba ‘Muso, ho meputso ea bahlanka bohle because ho itsoe 10% across the board. Rea tseba hore ho li-parastatal they can even go up to 25% ba fuoa increment eno ho ipapisitsoe le taba ea inflantion ea naha. Ka mabaka ana ke re holim’a 10% eo ba e filoeng, ‘na ke nka bahlanka ba ‘Muso le ba bang ba meputso eno e tlase ba fuoa 30% increment on their salary. Ke utloa e le keketso e ntle e khotsofatsang, e bontëang hore ‘Muso kapa Mohlomphehi Letona la Lichelete ruri le e mametse taba ea bofuma esitana le bofumanehi boo re bo bonang ka hare ho bahlanka bao re ka ra reng mohlomong ba ntse ba sebetsa feela re ne re ka’na ra re ba under employed..

SETHO SE KHABANE: Potso!

HON. H.N. NTS’EKHE: Ke kopa hore ha ke na ho mo fa potso ke tla mo fa next round. Ke kopa ho lihella lintlha tsa ka, Mohlomphehi Motlatsi Motsamaisi oa Lipuisano, ka hore ruri re le ba Thaba-Phats’oa re re re thoholetsa kabo ena ea lichelete. Mohlomphehi, puo ena eo Letona la Lichelete le e entseng ruri rea bona hore ka hare ho budget ena nakong eo e kenang joale re abang mona re tla ke re bone phetoho maphelong a Basotho. Re bona e bonaletsa ‘me e tla ke e re nke nakoana moruong esitana le ho feliseng bofuma ka hare ho naha ena. E leng taba eane eo ke itseng taba ea ka e lutse feela holim’a the sustainable economic growth and poverty reduction.

Ka mabaka ana re le ba Thaba-Phats’oa re e töehetsa re sa thekesele, Ntate, polelo ena ea Letona le Khabane la Lichelete. Ruri e se e ka kabo ena ea lichelete e ka theohela kapele tsebetsong ho latela ka mokhoa oo re bonang puo e re töoaretseng sona se manoni e le kateng. Re lebohela le bona bahlanka bao ba ‘Muso. Ha ke re ‘na lipalo tsa ka li mpha hore ba fuoe 30% increment hore joale ba tle ba il’o sebetsa ba etse deliver to the people, to the masses tsa naha ena ka hlompho le hlompheho e le bahlanka ba ‘Muso, e le bahlanka ba sechaba. Ba fane ka letsoho le bulehileng eseng le koekoetlang le khethollang mang kapa mang. Ba be ba etse bo ‘nete ba hore ba hlompha bona batho bao ba ba sebeletsang. Ke bona balefi ba lekhetho ba bangata mane tlaase mahaeng le malapeng bao ba ba fang eona increment ena eo ke e boletseng hore 10% plus 30% ena e ba e filoeng. Ka mabaka ana ke kopa ho lula fatöe, Ntate, ke re ke leboha nako eo u mphileng eona. Ke kopa hore ka ‘nete ba ntöoarele ha ke sa ba fa lipotso li tla tla ka moso. Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano.

HON. DEPUTY SPEAKER: Let us hear from the Economist.

HON. T. NYEOE (PR): Mohiomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, kea leboha. Ke ne ke re le ‘na nke ke bee mantsoe a se makae holim’a Motion ona o tekiloeng ka pel ‘a Paramente letsatsing lena.

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! Tsoela pele, ke ne ke khalema ba lerata. [Litöeho]

HON. T. NYEOE: Mohlomphehi, ke ne ke re puo ea Letona la Lichelete ka Ntlong ena a tlile hang kamora’ puo ea Motlotlehi, neng e supa tsela hore na lilemong tsena tse hlano tsa bophelo ba Paramente ho uoa kae. Ha Letona le tlil’o teka litaba tsa lichelete le rona re ne re tonne mahlo re hlile re mametse

hore na Letona ha le bua na le tla hle le ee hona mane moo Motlotlehi a kopileng teng.

Mohlomphehi, puo ea Motlotlehi e ile ea sekamela haholo litabeng tsa kholo ea moruo oo ka bo-oona ha o hola a reng o tla felisa bofuma, o hlahise mesebetsi. Ha o hlahisa mesebetsi o tle o felise bofuma bane le batho bane ba phelang ka tlas’a bofuma bona boo re reng ke bofutsana-futse. O ile a re moruo o tla hola ka 7% bonyane nakong ena ea lilemo tsena tse hlano. Ke utloile eka le leano la ‘Muso le re moruo o tle o hole bofuma bo fele, ‘me mesebetsi e tle e hlahe.

Ha ke bua letsatsing lena ke tla batla ke tle ke tsepame tabeng eona ena ea kholo ea moruo, tsena tse ling ke tla li pota kathoko. Ke tle ke tsepame hona mono feela. Ke tla loma hona teng ke tla siela ba bang litaba tse ling.

Taba tsa Motlotlehi le tsa Letona la Lichelete tsa kholo ea moruo, phokotso ea bofuma le tlhahiso ea mesebetsi motho u ka nka hore e ne e le consensus eo e hlahang sechabeng sa Basotho, hobane ha re ne re nyolosa re theosa ka har’a naha ena ea Lesotho, re iketela likhetho tsena tse tsoa feta e ne e le hona moo re neng re tsepame teng. Joale haeba sechaba sa Basotho se ile sa supa e mong hore a Iule steering wheel e be eena ea khannang ho phethisa toro eno ea bona ea hore bofuma bo tle bo fele, moruo o hole le mesebetsi e be teng, mosebetsi oa rona joale re le Bohanyetsi ke ho bona hore eno ea lutseng ho steering wheel a tle a bone hore toro eno ea Basotho ha e fetohe a nightmare.

Ke re litabeng tsena tsa moruo e ne e le hantle hore ha ho buua ka kholo ea moruo re tle re ke re shebeng hore na moo re leng teng ha hajoale re hokae? Ke ile ka re ke tle ke batle lipalo, ke shebe hore na moruo o ne o ntse o hola joang nakong ena ea lilemo tse ka bang leshome tse fetileng. Ke ile ka re nke ke qale ka selemo sa 1998 ke sheba hore na from 1998 ho fihlela 2006 moruo o ne o hlile o tsamaea joang. Ho ee ho thoe ha re bua re tle re bolele hore na lipalo re li nkile kae. Ke ile ka li shebe ho website ea bureau of statistics ke re nke ke bone hore na Under National Accounts ho suptjoa hore na moruo o hotse joang nakong ena ea lilemo tse ka bang leshome tse fetileng. Ha u ka ua sheba u tla fumana hore ho tloha ka 1998 ha o ne o nyoloha mane moo o neng o oetse teng o ea pele ehlile o hotse o tataea. O ne o tataea hobane ha u sheba esale o tsamaea ka bo-1.8%, 2.9%, 2.7%. O

ile oa qala ho bonahala eka oa nyoloha ka 2004 0 ea ho 4%, oa boetse oa oela ka 2005 0 etsa 2.9% haeba litaba tsena tseo ke li boneng li ntse li hlaha li le joalo.

Ke mona ha Letona le bea litaba le re ka 2006, li-estimates tsa bona li supa hore moruo e ka ‘na eaba o qhometse ho 6.2%. Che ka hobane li preliminary re se re tla bona ha li se li lefinalised hore na moruo ono ehlile na o qhometse hona teng. Ke khutlela mane moo ke reng ha u sheba ka tokomaneng eane ea Poverty Reduction Strategy u ne u lebelletse hore moruo o tle o hole ka 7.5%, ‘me ha o ka hola ka rate eno re lumela hore ke eona rate eo ho ka thoeng e tla theola bofuma. Ona oa rona ke ona o tlile o tataea, e leng hore ehlile o hole le target eno e neng e beuoe, ‘me le 2006 e se e bile e fetile. E leng hore hoo re neng re ntse re ho lebeletse joale ke hore na Letona haeba re ea pele, Iona le re ho tloha selemong sena na moruo o tla hola hakae. Selemong se hlahlamang o tla hola hakae? Ha o hola na o tla be o suthumetsoa ke eng? Letona le tla re re shebile hore na lintho tse tla suthumetsa moruo ke lifeng, lintho tseo re li bitsang Economic Growth Drivers hore joale ke tsena, ‘me ha re li shebile re tla li suthumetsa hore li tle li suthumetse moruo ona o tle o tsebe ho hola hore bonyane o tle o hole ka 7.5%. Ke bona eka ke tsona lipalo tseo re reng ha li eo ha re li bone.

Taba eane ea rona ea mekolo-kotoane, ea hore re tle re tsebe ho sheba re le Paramente re thusa hore na moruo ehlile o ntse o ea mane moo ho supuoeng teng, ke bona eka e batla e re thatafalla. Letona le tloaetse hore bonyane le ke le re lea hakanya hore na selemong seo re kenang ho sona moruo o tla holajoang, ha e le selemong sena ha lea rata le ho hakanya feela. Re ntse re lebelletse hore mohlomong le tle le ke le khutle le re bolelle hore na moruo le re o tla hola hakae, le tsona li-indicators tseno le reng ho sector e itseng ho tla holoa hakana, ho itseng ho tla hola hakana, hobane hoo re ho batlang rona ke aggregate. E le Letona la Lichelete le re in aggregate sector tsena ha li kopana kaofela li tla suthumetsa moruo hakana. Ke utloa le sa li bea. Ha le bea litaba tsa Iona le bua ka bo-tourism. Le hona le re tourism contribution ke 1.5%, ha le bolele hore na ha e le ka tlase ho the regional average ea 7% lichelete tsena tse eang ho tourism na tourism eona e tla tla e nyoloha, ‘me ha e nyoloha e tla tla e suthumetsa kholo ea moruo hakae, e theole bofuma hakae, e etse mesebetsi e mekae. Ke hona moo ke reng ke bona le re hloketse toka, le re tsamaisa ka leflfi, le hana ho re fa lipalo tseno.

Tourism re lumellana le Letona hore ke industry e holang, e kenyang mesebetsi; feela ha le bua ke bone le bua ka some of the sites tseo le reng le tla ba le taba ena eo li tla ke li fuoe batho ho thoe ba li tsamaise. Hoo re bonang ho sa hlaka ka har’a tokomane ke hore na ka mane ka Highlands, matamong, mona moo re bonang li-tourist li hlile li batla ho ea teng, ha re bone ho bua ka tsona, tourism for the last 20 years around the dam sites ha re e bone, ho teng ke hore re bona hore batho ba tla fihla ba tjeka feela ba tsamaea.

Ha ho na li-facility, eng kapa eng empa ba fihla ba hlaha ba cheha litlhapi ba ikhutlela. Ha u fihla Mphorosoane, Ha Lejone, ho ntse ho e na le likampo tsa Highlands, u tla fumana matjekelane a eme mono a li katile. Hore na ha li fuoe bahoebi ba ka li rekang ea hla ea e bafacility ea hore ha motho a le Ha Lejone, a hle a tsebe hore facility e teng moo a ka robalang teng, ha a le Mphorosana e teng, ha a le hokae e teng. Ho ne ho e na le bahoebi ba neng ba le interested hore ba ka etsa watersport, ka mono ke bona eka e ba hlotse. Ke kopane le e mong a ntse a re o se a le Kysna (Republic of South Africa) hobane joale o hlotsoe ho e etsa watersport. Litumellano tsa rona le South Africa ke ho fana ka metsi a hloekileng, ha ke tsebe hore na ho hlokahalang ke eng hoo re ka ho joetsang batho hore ba se ke ba Iuka metsi. Ha u ea Vaal Dam (South Africa) u tla fumana ho tletse likepe ho bapaloa. Ha ke tsebe hore na ha ba se ba le ka ha habo bona metsi ha a lukehe na, ha ba le ka Lesotho a ea lukeha na.

Ke ne ke re ke bona eka rona ha re jele Metsi a Lihlaba in terms of tourism re mpa re fumana li-royalty feela. Ha ke tsebe hore na bothata ba lit;a tse ka Highlands hore na li fanoa ke mang. Esale re li leka nakong eo ke neng ke le Chamber of Commerce, re leka ho bona hore na batho ba ka fumana litSa tseno empa re hlotsoe. Re se re bile re tetse. Mohlomong ho tla ke ho hlahe pheko hore nafinally ho tla etsahala joang.

Ke itse ke tla lula litabeng tseo ke utloang Letona le Khabane le re ekare ke tsona tse tla re holisetsoa moruo. Letona le Khabane le bua ka taba ea SADC free trade area, le re e tla qala ho sebetsa ho tloha selemong se tlang. Le mpa le sa bolele hore na eona e tla thusa joang. Letona le itse feela e tla thusa empa na joang ha lea bolela. Hobane up to now, “the SADC Trade Protocol was first signed in 1996, ha ke tsebe hore na Lesotho le ile la etsa

ratify neng, feelafor the last or more than 10 years, ha ho na hoo re ka reng re le Basotho re bona ho lokisitsoe bahoebi ba Basotho hore e tle e re hanghang ha nako ena e fihla ea 2008 joale SADC Trade Protocol e sebetsa, e be le bona ba qala ho tsamaea ba il’o rekisa. Ke bona eka ho tla etsahala rona re le Lesotho, re tlil’o fetoha ‘maraka empa ha e le hore na rona ‘maraka ona oa batho ba 235 million re tla o jela, ha ke bone.

Letona hape le bua ka li-bottleneck Lesotho mona re na le the high cost of doing business le li bureaucracy, eo re neng re lumela hore nakong ena ea lilemo tse leshome ha re ntse re itokisa, e ne e tsoanetse hore ebe re se re e hlaotse. Joale feela ha re ea qetellong joale eba the free trade area e qala ho sebetsa ke hona li-bottleneck tse teng li lekang ho tlosoa. Ke moo re ipotsang hore na ekaba re tla e jela molemo na? Batho bao ebang ba tseba litaba tsa moruo, ha ho etsoa free trade area hona le ntho eo re reng ke polarization ea li-industry, industry e tla ea moo e bonang hore

o li-cost li tlase, o is easy to make business, o infrastructure e se ntse e le teng

Ke hore na ha re kena le linaha tse 14, ha se moo rona joalo ka ha re le morao, re tla fumana hore industry le investment e etsa gravitate e ea linaheng tse ling.

HON. A.L. LEHOHLA: Haholo ha le ntse le etsa stayaway tjena.

HON. T. NYEOE: Ke ne ke re ha ke feta eno ea hore na are we ready. ‘Na ke bona eka we are not ready. Ke tla tabeng eafree trade area ena eo re eang ho eona on the customs revenue eo re e fumanang.

HON. DEPUTY SPEAKER: Order please! Tsoela pele, Honourable Nyeoe.

HON. T. NYEOE: Letona ha lea rata ho bolela hore na ho tlang ho re tobile ke ho feng. Hore na ha re kena SADC free trade area .

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! Maletsunyane.

HON. T. NYEOE: .eba customs revenue e etsoangfrom the SADC area eo re neng re ntse re e fumana eba ea feela, na ebe impact e tla ba kae. Ho feta mono Southern African Customs Union (SACU) e ntse e etsa negotiate free trade area le America, e etsa negotiate free trade area le European Union le linaha tse ling. Joale ke hore na rona bao revenue ea rona e tsoangfrom the customs revenue, na ha re ea ho li-free trade areas tsena ebajoale ha ho sana li-duty tse tla etsoa impose, na ha se hoo ho tla re ja mono moo re ntseng re fumana mohloli oa chelete eo eleng eona e tsamaisang naha ena. Motho o ne a lebeletse hore ebe by now, re se re fuue boithuto ba hore na hona hoo re tlang re ho shebile na ho bolelang. Hape le hore na ha hona mekhoa e meng eo re ka tsebang hore re nyolle revenue ka eona inland rather than hore ebe re shebeletse eno ea customs revenue. Ke eona eo re reng kannete ke bona eka ka letsatsi le leng re tla bolelloa hore mohloli o chele feela re sa ka ra bolelloa hore o tla cha.

Ke fetela ho ena ea phokotso ea bofuma. Le eona e ntse e le ntho e t:oanang. Ho thoe bofuma bo teng ka har’a naha ea Lesotho ‘me ‘Muso o tlil’o sebeletsa ho theola bofuma. Hoo re neng re ho lebeletse ke hore na ha joale bofuma bo itsenne hakaale ka har’a naha ena, ka lipalo. Hore na in the next five years re tla be re bo theotse hakae. Le haeba moruo ona ha o ka hola ka 7% o tla be o theotse bofuma, ke hore na re hokae, bo tla theoha joang, ka 2012 re tla be re le hokae. Ke hona moo ke reng ha re sa fuoe lipalo ‘me re sitoa hore re tle re tsebe ho lisa ‘Muso hore na o ntse o re isa hona mane moo o re tSepisitseng hore ba ea teng. Ke ile ka re nke ke bale tokomane ena ea Poverty Reduction Strategy, le ha ke batla ho bona hore na ka hare ho eona na ho na le moo ho buuang ka incidence of poverty. Ha u sheba page 8, e bua ka the two household budget surveys tse neng li etsoa ka 1986 1987. E ‘ngoe e entsoe ka 1994, 1995. Ho thoe between the two periods ho fumanoe hore 58% ea Basotho e Phela tlas’a khatello ea bofuma.

Ho thoe in the same period, batho ba bafutsana futse, ba nyolohilefrom 35% to 39%. Eleng hore bofutsana ehlile bo ja setsi ka har’a naha ena. Ke hona moo boo ke neng ke re mohlomong re ne re tSoanetse ho fuua lipalo hore ha hajoale, ke mpa ke etsa reference to some pages, tseno tseo ke fumanang ha ke li sheba pampiri eno, hore ha ha joale ha re re re tlil’o loantSa bofutsana ho bo theola bo hokae.

HON. T. NYEOE (PR): Hona moo, in numbers, bofutsana bo nyolohile ho batho ba 850,000 ho isa ho 950,000. Mafutsana-futse a nyolohile ho tloha ho 500,000 ho isa ho 600,000. E leng hona mane moo re reng haeba bofutsana bo bokaalo, ho na le mafutsana, ho na le mafutsana-futse, sepheo sa ‘Muso ke ho tla tla theola bofutsana le ho fokotsa bane bao ho thoeng ke mafutsana-futse, hana lipalo li hokae tseo re reng re sebetsa ka tsona, mekolokotoane ke efeng eo re tla beng re e shebile joale re re re tla be re tsamaea holim’a eona ho bona hore ka selemo sa 2012 ha bophelo ba Paramente ena bo fela, bofuma bo tla be bo felile. Ke hona moo re reng mekolo-kotoane ha re e bone.

Ke fetela ho eona ena ea tlhahiso ea mesebetsi. E ntse e le ntho e ts’oanang. Hana tlhokahalo ea mesebetsi ha ha joale e kae ka har’a naha ee? Batho ba sa sebetseng ba bakae? Joale ha re re re tlil’o tla hlahisa mesebetsi, re bolaea tlhokahalo ea mesebetsi re tlabe re e theotse hakae ha re fihla selemong sa 2012?

Ke ile ka sheba in the same document, ke sheba page 34, e ne e bua ka hore unemployment rate, ho sebelisoa a baseline ea 1999 ho ne ho thoe ke 31%. Joale target ka 2006 ebe e be hore theohetse tlase ho 31 % . Ke ile ka sheba litokomane hape ke re nke ke e’o sheba hore na li-statistic li re’ng. Ha kea li fumana, hoo ke ho fumanang Website ea Bureau of Statistics hore ka 2001 unemployment rate had shot up from 31 % to 43%. Joale ke hona mane moo ke reng na re hokae ka unemployment rate? Na re eang hokae ka eona? Re tla e theola joang hore etlere ha re fihla 2012 ebe e le hore leano lane la hore re tla theola bofuma le tlhokahalo ea mesebetsi re be re le fihletse.

Ha ho se na lipalo-palo, ha ho se na li-target, ha ho se na li-bench mark le rona re ipotsa re le Ntlo ena hore na re tla lisa puso joang hore na e ntse e ea hona teng. Ntle le haeba Letona la Lichelete le Nts’etsopele ea Moruo le ne le re ho rona re tle re tsamae ka 1ef1fi e le hore re tle se ke ra tseba hore re tle re tsebe ho le bona hore na moo le eang teng ke hokae. I don ‘t think that was intentional hore le re tsamaise ka lefifi hobane haeba re le Paramente eba mosebetsi oa rona ke ho

HON. H. NTS’EKHE (Thaba-Phats’oa): Kea leboha, Mohiomphehi

Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Potso ea ka e tobile ho Setho se

Khabane se ntseng se bua, hore na ebe ha se boipotso boo re ka ra bo etsang le eena hore mohlomong ha a ntse a re Mohlomphehi Letona la Lichelete le Meralo o bonahetse a re tsamaisitse ka lefifi, potso ea ka e re na mohlomong ha a re siela hore re tle re bone joale hore re kopana le li-statician joale li tle li tsebe ho re thusa hore re bone lintlha tseno hore na ebe li boemong bofeng ka mokhoa o pharaletseng ho feta ha a ne a se a re entse channel joale a re tlisetsa ntho e pheiloeng mona na?

HON. DEPUTY SPEAKER: O le tsamaisa ka leflfi joang le chabile toala! [lits ‘eho]

HON. T. NYEOE: Mohlomphehi, karabo ea ka e khuts’oanyane feela ho Setho se Khabane sa Thaba-Phats’oa. Letona le ne le fana ka financial policy ‘me re ne re lumela hoo re ho batlang ha re batle the details, re ipatlela feela hona hoo re reng ho re thusa hore re tsebe na le ea kae. The details re ka ‘na ra li batla ho batho ba li etsang, empa ha ho na ka mokhoa 00 re ka fuoangfinancial policy, ho ne ho buua ka li-policy tsa ‘Muso hore ho felisoa bofuma, ho etsoa mesebetsi, feela re sa bolelloa hore na moo re leng teng ke hokae, na moo re eang teng ke hokae. Ke hona moo ke neng ke bua ka taba ea leflfi hore ke bona eka Letona le Khabane le re tsamaisa ka lefifi.

HON. A.L. LEHOHLA: Re ea koana moo re shebileng.[lits’eho]

HON. T. NYEOE: Mohlomphehi, ntamolele ho Moetapele oa Ntlo. Ke batla ho ea qetellong ea litaba tsa ka ka hore ke bua litaba tseo ke utloileng li buua ke Setho se Khabane, Ntate Machakela mona moo ho buuang ka, ha u shebapage 10, paragraph 26, ka litaba tsa hore ho tlil’o tla ba le mesebetsi e mecha, lifeme tse ncha Maputsoe esitana le Ha Tikoe. Re ipotsa hore na is it not time hore lifeme tsena li ee literekeng tse ling. Ntho ena ea ho tlisa lifeme Maseru le Maputsoe e etsa hore batho ba hole le libaka tsena ebe bona ba sitoa ho fumana mosebetsi.

Joale haeba re loants’a bofuma re ts’oanetse re hle re ee mane moo sechaba se leng teng. Haeba taba ena ea ho hlahisa mesebetsi ka lintho tsena tsa lifeme ke mokhoa oa ho loants’a bofuma, hoja tsa leka hore li ke li tsamae li ee bo-Butha-Buthe ebile e haufi le Durban feela ha u bone ho na le letho le etsoang Butha-Buthe. Ha u sheba Mohale’s Hoek, re se re na le

selemo sa bone joale ho ahile lifeme tse supileng feela esale li thethebala mono ho se na batho ba eang ho ea bula mesebetsi re se bile re ntse re ipherehela Ie bona batho bana re Ie Majantja hore: “ha Ie sa khahloa ke ho ea Mohale’s Hoek” Ha ba bua ba re: “e-e, ts’elang tsoekere re tle re ee Mohale’s Hoek”.

HON. M. BILLY (PR): Mohlomphehi, ke ne ke re na Setho se Khabane se ntseng se bua hantle, na ha se hlokomele eka lifeme tsena tse Mohale’s Hoek li sitoa ho sebetsa hobane li ahiloe kaholimo ho motse, joale mokhoa oa lifeme hantle-ntle ao li a sebelisang ka hobane ke metsi a kotsi, h’a ts’oanela a fete a ea ka motseng. Joale e ka ‘na ea tloha eaba li lutse hampe hoo e leng bothata hona joale ha ho se ho shebjoa mokhoa oa ho sebetsa. Ke re na Setho se Khabane ha se bone eka ke a mang a mabaka a ka etsang hore ebe ha li e-so sebetse ao?

HON. T. NYEOE: Mohlomphehi, Setho se Khabane, Ntate Macaefa ha ke hlile ha ke lumele ho Ie joalo. Ha ho ahoa lifeme tseno ho ile ha ‘na ha etsoa environmental study. Ke bona eka re ile ra pasa hore li tle li ahoe mono. Ke re Ie ka mona ka Ha Thetsane ke bona li ntse li ahiloe ka har’a motse ‘me ha ke bone phapano e kaalo-kalo eo ho thoeng ho rona Majantja li ka emisoa hobane e ka ka li kaholimo ho motse.

Ka botieo re ne re re ha ho ke ho shejoe hore na lifeme tsena li ke keng tsa etsoa decentralize tsa ea literekeng tse ling. Ke ‘nete Mohale’s Hoek we don ‘t have a commercial border feela ha lifeme li se li Ie teng ho ke keng ha bonoa hore Makhaleng Bridge e ke keng ea etsoa a commercial border na. Re haufi Ie East London ka mane e Ie hore haeba ntho eo esale re bua ka eona re re ho ke ho etsoe review the incentive regime ea lifeme tseo ebang li ea kantle ho Maseru Ie Maputsoe hore na motho eo ebang o ea Mohale’s Hoek o na Ie higher cost structure, na ha ho na ho ka etsoang hore a khahlametsoe mohlomong ka utilities.

Selemong se fetileng ke ile ka botsa Setho se Khabane, Ntate Macaefa hore na e Ie beng ba basebetsi na ba khotsofala ha ekare ha re ea Mohale’s Hoek ra re batho ba Mohale’s Hoek mohlomong ho be Ie different wage regime ‘me o ile a re ha a bone eka bothata bo teng. Joale re ne re re hoja ha ka ha inahaneloa hore na ho tla etsoa ke’ng ho bona hore batho bana ba batseteli

ba ea literekeng tse ling. Ntle le mono ha ke bone hore na batho ba tla ea Quthing joang, Mohale’s Hoek le Mafeteng joang.

Setho se Khabane sa Teyateyaneng se ne ntse se re le Teyateyaneng ho uoe teng. Ha ke bone eka lifeme tsena li tla tseba hore li hlahise mesebetsi mane moo sechaba se phelang teng.

Mohlomphehi, bothata bo teng ke hore batho ba tlang Maseru ba tlil’o batla mesebetsi ha ba sa e fumane joale ba fumana mekhoa e meng ea ho iphelisa. Ke ntho ena ho tla bonahala ho na le bo-‘m’e ba emang bosiu mona ho tloha bo selikalikoeng sa sephethe-phethe mane. Le haeba batho ba ee ba re bo’m’e bano ba ema mono hobane bareki ba teng…

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! Order! Setho se Khabane, u tia tsoelapele hosasa. U saletsoe ke metsotso e leshome (10 minutes).

This concludes the business for today and the House will adjourn until tomorrow at 10.30 a.m.

ADJOURNMENT

And it being 5.00 p.m. Hon. Deputy Speaker adjourned the House without question put, pursuant to the Standing Order.

House accordingly adjourned at 5.00 p.m.