KINGDOM OF LESOTHO
ELEVENTH PARLIAMENT NATIONAL ASSEMBLY
Daily Hansard (Official Report)
FIRST SESSION SECOND SPECIAL MEETING
Monday, 28th August, 2023
(Unrevised)
NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER
SECOND SPECIAL MEETING
Monday, 28th August, 2023
[The House Assembled at 2:30 p.m.]
[RT. HON. MR. SPEAKER in the Chair]
PRAYER
[The Chaplain Led the House in Prayer]
COMMUNICATION FROM THE CHAIR
Litho tse Khabane, ka Labobeli la la 22 Phato, 2023 ha Ntlo ena e Khabane e ne e phomola e ne e le hore re emele Kahlolo ea Lekhotla le Phahameng, eo re neng re tšepisitsoe hore e tla kena ka Labohlano la la 25 Phato, 2023. Kahlolo e fetse ea fanoa ‘me ea ahlolela Ntlo ena e Khabane khahlanong le Monghali Kananelo Boloetse le ba bang.
Kajeno Ntlo e ne e lokela hore ebe joale e tla kena khabong ho tsoelapele ka ho sebetsa mosebetsi ona o moholo; oa bohlokoa; oa sechaba; empa hee, ke feela nako e hakanyetsoang hora ea leshome hoseng ha kajeno (10:00 a.m today) ha re fumana Tokomane ea Lekhotla (Court Notice) ea hore Monghali Kananelo o nka boipiletso nyeoeng eo. Hamorao ka nako e ka hakanyetsoang horeng ea leshome le metso e ’meli (around 12:00 n.) re boetse re fumane Tokomane e ‘ngoe hape ea Lekhotla (Court Notice) eo ho eona joale ho hlileng ho qosang Litho tse peli tse Khabane tsa Ntlo ena.
Qoso ena e se e fapane le eane ea Monghali Boloetse hobane eona ka kotloloho e qholotsa Phutheho ena e Khethehileng ea Paramente (Special Meeting of Parliament) eo re leng ka hare ho eona.
Hansard: Monday, 28th August, 2023
Boemong bona Litho tse Khabane, Ntlo e tlangoa maoto le matsoho ho latela Molao oa rona oa Tsamaiso oa No.43(2) o reng;
“A Member shall not refer to any matter on which a judicial decision is pending.”
Litho tse Khabane, le tla hopola hore ka kopo le tataiso ea Mohlomphehi Moetapele oa Ntlo, Ntlo e lokela hore ebe, mohlomong e boemong boo e atlehileng ho fetisa Sehlomathiso sena sa Leshome le Motso o Mong sa Molao oa Motheo se shebiloeng ka mahlo a nchocho ke sechaba sa bo-rona. Empa maemong ana ao re leng ho oona re lokela ho koala Phutheho ena e Khethehileng ea Paramente ho ea ka Molao oa rona oa Tsamaiso oa No.43(2) oo ke o supileng e le hore re fe Makhotla a Molao nako ea hore a tšohle le ho seka-seka liqoso tsena tseo ke li boletseng. Ka tsela e joalo, phutheho ena e tla koaloa ’me Ntlo e tla khutlela boemong boo e neng e koetse ho bona ba sine die.
Honourable Members, the House shall stand adjourned sine die.
ADJOURNMENT
The House accordingly adjourned sine die at 2:45 p.m.
Hansard: Monday, 28th August, 2023