KINGDOM OF LESOTHO NINTH PARLIAMENT NATIONAL ASSEMBLY Daily Hansard (Official Report)
THIRD MEETING FIRST SESSION
Wednesday 9th December, 2015
(Unrevised)
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 1
NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER
Wednesday, 9th December, 2015
The House assembled at 2.40 p.m.
(RT. HON.MADAM SPEAKER in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
COMMUNICATION FROM THE CHAIR
Litho tse Khabane, maobane Ofisi ea Motsamaisi oa Lipuisano e amohetse lengolo le tsoang ho Monghali Pali Masenkane ea ipitsang co-organiser, a etsa tsebiso ea hore kajeno eena le ba bang ba tla tlisa lengolo la litletlebo, (petition) kajeno mabapi le loan settlement ea Litho tse Khabane. Ba fetse ba entse joalo. Lekala le amehang le ts’episitse ho araba litaba tsena.
Ke fa Letona le Khabane Ofising ea Mohlomphehi Tona-Kholo sebaka sa ho etsa memo ho Litho tse Khabane tsa Ntlo. Honourable Minister in the Prime Minister’s Office, the floor is yours.
HON. K. MATHABA (Minister in the Prime Minister’s Office): Kea leboha, Madam Speaker, ka sebaka sena seo u mphang sona hore ke fetise molaetsa o mokhuts’oanyane ho Litho tse Khabane tsa Ntlo mabapi le ts’ebetso e tl’o etsoa hosane ea ho thakhola National Aids Commission (NAC), eo Litho tse Khabane li hopolang hantle hore ha esale ho tloha ka selemo sa 2011 e behelloa kathoko.
Kajeno ho khahlile ‘Muso oona oa Khokanyan’a-Phiri hore ofisi eno e busetsoe ts’ebetsong. Litaba tsena li tla tla etsoa hosane ka la 10/12/15, ‘me li tla etsetsoa meahong eo e neng e le Boemeli ba ntlo ea Ma-Irish (Irish Embassy) Maseru West,
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 2
eo itseng ha ba tsoa ho eona ea ba ofisi eo Southern African Development Committee (SADC) e sebeletsa teng, ka nako e fetileng ea 2014/15 eo e neng e le teng ka hare ho naha. Ntlo eno ea boela ea tsoela pele hore ho sebeletsoe teng Komisi ea Monghali Mphaphi Phumaphi e sa tsoa fela.
Sebaka seno se ha u tsoile ka seterata sa ha u tlameha ho kena gating ea Botlotlehi, o nka letsoho le lets’ehali ha u hlaha ka Kingsway, joale eka u ea Sekolong sa Machabeng. Sebaka seno se ka letsohong le lets’ehali ka mono.
Mosebetsing ono Litho tse Khabane li menngoe hore li il’o ba teng ho ea tlotlisa ts’ebetso eno e il’o etsoa, eo ho eona ho tla ba Motlotlehi Letsie III, Mohlomphehi Tona-Kholo, Rt. Hon. Madam Speaker, Bahlomphehi Matona a Khabane, Litho tsa Paramente le batho bohle ba boemong bo boholo ba ‘menngoe ho ea ba teng. Re ne re etsa memo hore, Litho tse Khabane, le koptjoa hore le il’o ba teng tlotlisong eno ea mosebetsi ono.
Nako eo Litho tse Khabane li lebelletsoeng ho fihla ka eona ke 9.45 a.m. Memo ena e akaretsa Matlo a mabeli, eleng Ntlo ena ea Bakhethoa le Ntlo ea Mahosana. Bahlomphehi le lebelletsoe hore le il’o ba teng mono hore le il’o tlotlisa mosebetsi ono o moholo oa hore ebe ho butsetsoa ts’ebetsong NAC eo le tsebang hantle hore ts’ebetso ea eona e bile kholo ea hore ebe e etsa co-ordinate litaba tsa ts’oaetso ea HIV. Ka mabaka ao e ileng ea behelloa ka thoko ka oona, kajeno e le ho phethahatsa boitlamo bo teng ka har’a tumellano e thehang coalition government ho loants’a lefu lena la HIV and AIDS, ofisi eno e tla busetsoa ts’ebetsong.
Ba tla phatlalatsa joale litho tse thehang Board eona eo e tla tseba hore e tsamaise ofisi eno. Motlotlehi o tla fana ka puo ea letsatsi leo hore joale le utloe hore na molaetsa oo ba re ts’oaretseng oona ke ofeng. Kea kholoa ke tsona litaba tseno feela Hon.Madam Speaker, tseo ke neng ke kopile hore ke mpe ke li fetisetse ho
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 3
Litho tse Khabane e le hore li tle li tsebe hore ha li ea hae li e’o fihla li beha litaba tsena li ikutloetse ho hlaha molomong oa pere kapa ho beng ba tsona e le hore ba tle ba fetise molaetsa oo ehlileng e leng oona ba sa utloa ka bo- bare. Kea leboha. [Liatla]
HON. L.D. KOMPI (Qaqatu): Kea leboha, Mohlomphehi. Kannete ke ne ke re ke mpe ke fumane monyetla ona oa ho botsa Letona le Khabane hore na ebe lekhetlong lee ho lokiselitsoe Maparamente hantle na? Hobane kannete litaba tsena tsa li memo tse lebisoang ho rona empa ha re fihla mono re fumana re sa lokisetsoa ehlile ha li re ts’oare hantle. Joale etlaka ha re ee limemong tse etsoang ke Bahlomphehi. Kea leboha.
HON. K. MATHABA: Kea leboha, Mohlomphehi. Setho se Khabane sa Qaqatu, litokiso li hlile li nepahetse, kamohelo e tla ba e mofuthu e ts’oanang feela le ea maoba ha le ne le le Lepereng mane ha ho ne ho ketekoa letsatsi la World AIDS Day. Le hona mona le ntse le il’o fumana kamohelo e mofuthu e ts’oanang le eona eno feela. [Liatla]
RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk.
TABLING OF SUBORDINATE LAWS
(i) Members of Parliament Salaries (Amendment of Schedule) Regulations, 2014 tabled by Hon. M. Metsing (Deputy Prime Minister and Minister of Parliamentary Affairs)
(ii) Members of Parliament Salaries (Amendment of Schedule) Regulations, 2015 tabled by Hon. M. Metsing (Deputy Prime Minister and Minister of Parliamentary Affairs)
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 4
(iii) Statutory Salaries (Amendment of Schedule) Regulations, 2015 tabled by Hon. T. Au (Minister of Public Service).
Subordinate laws to lie upon the Table and to be published
ORAL ANSWERS TO URGENT QUESTIONS
- UNPAID WATCHMAN
HON. T. PHEKO (PR): Asked the Minister of Education and Training,
If she is aware that Mr. Tello Marite was engaged as a night watchman by the Ministry on 01/04/15 at Matsie Primary School (No. 106006) in Mohale’s Hoek district, but to-date has not been paid; and if the Minister is aware, how soon Mr. Tello Marite will be paid.
HON. T. KHOLUMO (Deputy Minister of Education and Training): Kea leboha, Mohlomphehi. Karabo ke e latelang:
Lekala le haeso le hlokometse hore Ntate Tello Marite ha a e-s’o lefshoe moputso oa hae ho tloha ha a qalile ho sebetsa (Sekolong sa Mathomo) Matsie Primary School e le mokati, sa nomoro ea ngoliso ea 106006. Lebaka ke hobane Ntate Marite o ile a lieha ho tlisa litokomane tsa hae tsa banka (bank statement) tse bonts’ang nomoro ea banka moo chelete e mo lefang e lokeloang ho kenngoa teng. Leha ho le joalo tokomane e joalo e se e rometsoe ofising ea thuto ’me liofisiri li se li ntse li sebetsana le moputso oa hae.
Liofisiri li fane ka tiisetso ea hore Ntate Marite o tla fumana moputso oa hae khoeling ena ea Ts’itoe ’me moputso oo o tla be o kenyellelitse le likhoeli tse fetileng tseo a li kolotoang. Kea leboha. - ROAD RENDERED UNUSABLE BY STORMS
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 5
HON. T. LEHLOENYA (Kolo): Asked the Minister of Public Works and Transport,
If he is aware that the recent flash storms have washed away drift structures at multiple spots on the gravel road between Mathebe bus stop, through Ha- Maholi and Ha-Seobi, to Ha-Mphasa; thereby cutting off all forms of roads access for a substantial number of people who travel to public facilities for services (service centres); and if so, can the Minister advise on the following:
(i) Reasons that routine maintenance of such a crucial and established road has been neglected for such a long period; (ii) Reasons that the road’s drift structures are made of earth instead of concrete, which is an inferior material; by comparison to the high quality gravel used during construction; (iii) The time and manner in which the Ministry plans to restore road access to the villages between Ha-Maholi and Ha-Seobi, without further delay; and (iv) Whether there are any contingency plans that the Ministry would put in place to ensure that the road remains accessible, under normal weather conditions.
HON. M. S. MOLETSANE (Deputy Minister of Public Works and Transport): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke kopa ho arabela potso ena ea Setho se Khabane ka mokhoa o latelang:
Hantle-ntle le pele ho likhohola tsena tseo Mohlomphehi a buang ka tsona, Lekala la haeso le bonahala le ne le se le ile la hlokomela hore tsela ena e bolelloang
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 6
potsong mona ehlile ha e maemong a matle a ts’ebeliso ka lebaka la ho se lokisoe ka mehla.
Ke kopa ke mpe ke hlalose methati e latelang ea ts’ebetso ea rona e le hore ke tle ke khutlele tabeng. Re sebetsa ka mekhahlelo e mene (4) ea litsela: Litsela tsa pele ke tsena tse kopanyang litereke tse eang malibohong a maholo a kopanyang Lesotho le Afrika Boroa tseo boholo ba tsona eleng lets’oana (primary or trunk roads).
Mokhahlelo oa bobeli, ke litsela tse kopanyang setereke se seng le litoropo ’me tse fepelang ho tsa mokhahlelo ona o ka holimo oo ke buileng ka oona. Le tsona boholo ba tsona ke lets’oana ’me tsona re li bitsa secondary or district roads. Tsa boraro ke litsela tse kopanyang libaka ka hare ho setereke ’me tsona li fepela mokhahlelo oa bobeli ka holimo tseo boholo ba tsona eleng lehlohlojane. Tsona re li bitsa tertiary kapa sub-district roads. Litsela tsa ho qetela tseo re sebetsanang le tsona Mohlomphehi, ke tsena tse nyenyane tse kopanyang metse le metsana tseo boholo ba tsona e leng mobu feela le lehlohlojane, tsona li bitsoa li access roads.
Tsela ena ea Mathebe e oela mokhahlelong ona oa ho qetela oo ke qetang ho bua ka oona. Ka lebaka lena Mohlomphehi, ehlile kea amohela hore Lekala la haeso le na le ho bitsoang maintenance back log. Litsela li ngata haholo tseo li e-so ka li lokisoa ka lebaka la tsona likhohola le mabaka a mang ao boholo ba oona a amanang le lichelete tseo lekala le li sebelisang. Ho latela bothata boo ke qetang ho bo hlalosa lekala la haeso le sitoa hore le hle le ahe litsela tsa boemo bo holimo bo ts’oanang. Ke ka hona ho nang le litsela tsa mekhahlelo ena e fapaneng eo ke qetang ho bua ka eona, Mohlomphehi. Lekala la heso le tla romela bahlanka mona
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 7
ba heso mona ka mokhoa oa kapele kamoo ho ka khonahalang ho hlahloba le ho rala hore na ho ka etsoa joang kapele hore tsela eo e sebetse ha moralo oa ho e khutlisetsa boemong ba eona le ho ntlafatsa libaka tseo ho bonahalang li angoa habonolo ke lipula bo ntse bo etsoa.
Leha bothata bona boo ke qetang ho bo hlalosa, Mohlomphehi, ba lichelete tsa rona tse ajoang kapa tseo re li sebelisang mekhahlelong ena e meng ea litsela, Lekala le tla leka ka hohle hore litsela tseo ho ka etsahalang hore li khaohe ka lebaka la likhohola, tsona li lokisoe kapele ho qoba tšitiso ea maeto. Kea leboha.
HON. P.T. LEHLOENYA: Potso ea ka e nyanyeletsang ho Mohlomphehi Letona le Khabane hore na ehlile ke le utloile hantle ha le re tsela ee ha se ea lehlohlojane (gravel) ke ea mobu na?
HON. M. MOLETSANE: Mohlomphehi, ke kopa hore ke hlakise hore ke itse tsela ena ea Mathebe e oela mokhahlelong ona oa bone oa litsela tseo ke qetang ho bua ka tsona. Tsona ke re boholo ba tsona ke mobu le lehlohlojane le fokolang ‘me tsona li bitsoa Access Roads. Ke se ke boletse hore bahlanka ba heso ba tla ea sebakeng seno, ho kanna ha fumaneha hore ho eona mono ho na le moo e seng e le mobu feela. Empa ho eona ekanna eaba gravel e ntse e tšoareletse. Ke ne ke mpa ke hlalosa hore ke mokhahlelong ona oa bone litseleng tseo re li sebetsang.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso, Hon. Member for Malingoaneng.
HON. S. QOO: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ntlha ea tsamaiso eo ke emang ka eona ke hore re amohetse gazette kajeno (Legal Notice No.148 of 2015) ke ea bobeli. Maobane mona ka Labobeli la la 8/12/2015 Legal Notice No.144 of 2015 re ne re amohela e ‘ngoe e neng e hlaha Public Service eo ka hare ka mona ha u phetla u ne u fumana hore e ngotsoe ke ntat’a mapotsanyane [litšeho] joale re ipotsa hore na o hlaha joang eena a se a le sieo mona pusong. Che ha ho na khang eono…
HON. T. PHEKO: Ntat’a mapotsanyane ke mang?
HON. MEMBER: Phooko!
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 8
HON. S. QOO: Oh, Ntate Phooko! [Litšeho] joale e ‘ngoe ke ena….
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ak’u hule mantsoe ano.
HON. S. QOO: Oh, ke ea a hula, Mohlomphehi. [Litšeho]. Ntlha eo ke neng ke bua ka eona, Mohlomphehi, ke hore na ebe re tla tseba hore re ke re lule re…hobane ha gazette ha e tsoile tjena e tlameha e ee Komiting re ke re bue ka eona, na re tlanne re khone ho bua ka li-gazette tsee tseo re qetang ho li fumana, Mohlomphehi.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ho joalo, Setho se Khabane. Next item, Mr. Clerk.
PROCEEDINGS ON SUBSTANTIVE MOTIONS AND BILL
MOTION
ADJOURNMENT SINE DIE
HON. M. METSING (Deputy Prime Minister and Minister of Parliamentary Affairs): Mohlomphehi Motsamaisi, ke ema mona to move:
That this Honourable House do now adjourn sine die.
Ka tloaelo ea puo ea rona mona, ke hore motion ona ke o mona oo ho thoeng o procedural, ke hore ha o na le litaba tse ngata. Empa nako e fihlile joale, ebile re se re fetile le moeli oa hore ebe re se re ile phomong le rona re il’o thaba le sechaba ‘me re boele le rona re il’o kenya letsoho temong. Empa leha ho le joalo, re bile le mosebetsi o ileng oa re tšoarella, ‘me oo re o phethileng ka bokhabane bo boholo. Boteng ba rona mona, Litho tse Khabane, kea kholoa bo bontšitse lefatše le sechaba sena sa Basotho ka kakaretso hore mantsoe a mona a hlolang a boleloa a hore ‘Muso will always have its way, while the Opposition will have its say, kannete ke mona ‘Muso o ntse o itsoella pele o sebetsa le Paramente e ntse e tsoelapele e sebetsa.
Lekhetlong lena kea kholoa…ua tseba motho ha a ile a ba sieo mosebetsing nako e telele, beng ba mosebetsi ka nako tse ling ba ee ba ipotse hore na bohlokoa ba motho eno na boteng, hobane joale leha a ntse a le sieo mosebetsi o ntse o tsoelapele, company ea atleha e ntse e tsa liphaello tse ngata leha a le sieo. Ke hore hona joale motho u se u ka ipotsa hore na litulo tsena tse mashome-shome na ehlile
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 9
hantle lia hlokahala na? Ke bona mosebetsi oa sechaba ona o itsoella pele ba le teng kapa ba le sieo [Liatla].
Kea kholoa ke taba e kholo ena e etsahalang kajeno ‘me e tla lula e etsahala. Ke tšepo ea rona hore e tla lula e etsahala ho ea ho ile, ho fihlela ba ithutile hore kannete hoja batho ba leka maoa a mang hobane joale ana ha a re thuse, hobane joale ebile a re kenyetsa khoao e kholo le ho kenyetsa sechaba khoao e kholo hore na joale batho ba ka ba le sebete se se kaalo hore khoeli e fele motho a lefshoe a sa sebetsa na. E leng hore ke eona taba e thata haholo e etsahalang hona joale hore re na le Maparamente ka hare ho naha ena a sa soabeleng hore a lefshoe ka chelete ea sechaba sena feela a sa sebetse, ebe ho ntse ho thoe ke lipolotiki tsona lintho tseno [Liatla].
Motho u ne u utloisisa hore baetapele bona ho na le ba tsoileng ka hare ho naha ba re bophelo ba bona ha bo ea sireletseha. Motho u ke ke ua tsekisa motho ha a re o utloa eka bophelo ba hae ha bo ea sireletseha. Joale bana ba bang ba bangata, ua ipotsa hore na…likhang tseo ba neng ba lokela ho li etsa ba ne ba tlameha ho tla li etsa ka mona. Empa ha ba etse joalo, feela ho etsa boycott fesetere (meputso), ha ba tsebe ho etsa joalo. [Liatla] Ke ona malimabe a teng. Motho e ke e re ha u se u sa batle lintho ebe ua bontša hore ha ho na ntho eo ke e amohelang ea batho bana, ehlile ke…leha ho le joalo, re re taba e kholo eo re lokelang ho itebohela le sechaba hore se e lemohe, ke hore se se ke sa tšosoa le hanyenyane hore ho na le motho ea ka beang ‘Muso ona tsietsing, ea ka beang puso ea sechaba tsietsing ka ho ngala Paramente. Nako ena eo re e hlotseng mona e tlameha hore ebe e hlakisitse to the international community le ho sechaba sa Basotho hore naha ena eona e tla tsoelapele ‘Muso oa Khokanyana-ea-Phiri o na le bongata bo lekaneng ho tsamaisetsa naha ena puso, re le ka mona ka Paramenteng le mafapheng ‘ohle a sechaba.
Kannete re lebohe, mosebetsi ona o motle o entsoeng, empa kannete re kokote lifubeng tsa bana bao ba bo rona hore; “ae kannete hoja la khutla. Le lekile, ho etsoa joalo, re utloile hore le koatile, le re ho na le lintho tseo le reng le li koatetse empa hoja la koata le ntse le khutla e le hore teng batho ba ‘ne ba bone molemo oa boteng ba lona mona hobane ha le sa khutle kannete eona e tla bolela hore ha re bone bohlokoa”. Kannete ke re ha e ntse e le joalo e bolela hore le molao ona oo ho
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 10
thoeng o teng hobane ona o teng, ke eona taba eo ke ratang hore eona re supe hore re tsietsing e kholo kajeno.
Molao ono ka tsela eo o ngolehileng kateng ehlile o ngolehile ka bohloko bono boo o ngolehileng ka ona oa hore kamora selemo ke hona ho shejoang hore na leparamente le tlile nako e kae Paramenteng. Haeba a na le matsatsi a ka tlase ho 1/3, ho bolela hore o felloa ke botho Paramenteng. E le hore kajeno re tlil’o lula fatše re shebe hore na Paramente selemong sena e lutse matsatsi a makae, ‘me haeba matsatsi ano ao e a lutseng batho ba neng ba ntse ba sa tle Paramenteng matsatsi ao a ka tlase ho 1/3 ka ho ea ka Molao oa Motheo oa naha ena, e tlabe e se e se Litho. Taba ke hore na process eno e etsoa joang e kang eno hobane ha re batle ho kenya naha ena tsietsing ho sa hlokahale. Empa le teng hoja batho ba amohela hore naha ena e busoa ka molao, ’me moo re tla tlameha hore molao ona o etsoe apply, leha ho le bohloko hakaalo feela re tla iphumana re se na ho hong. Ke taba ea hore na haeba molao o ka re batho ba bang ha esale Bakhethoa, rona re tla ba bitsa Bakhethoa joang. E leng hore ba re bea bothateng…[Liatla]…
Taba ena e se e ntse e le bolella tsitsipano e ’ngoe hape eo re tlamehang ho kena ho eona, ho tla qekanang, le ’Muso o boele o shebe hore na o nka likhato life, ha ho nkoe likhato life, ho ipapisitsoe le hore na molao o reng. Ke litaba tse bohloko, re suthumeletsanang litabeng tse bohloko ho sa hlokahale.
Empa leha ho le joalo, ka ’nete teng, ’na ke ne ke re hoja ba amohela hobane ka ’nete they have made their point. Rea tseba hore the main point ke hore ha ba thabela hore ebe ho na le mofuta ona oa Khokanyana-phiri. Hakere ho ne ho thoe ke mokou taba ee ea rona ee? Ha ba amohele hore ke ona o eme mokou…[Liatla]…’Na ke ne ke re ba lekile, ’me baa bona hore ache! Ntho ena e thata re ke ke ra etsa, there should be a limit hore empa tabeng e ntle ea litšebeliso tsa sechaba, batho ba ke ke ba tsoelapele. Ka mokhoa oo batho ba buang ka ntho eo ho thoeng ke bobolu, ba bolelang kamoo batho ba hloekileng kateng feela u tsietsoa ke sebete sa bona sa hore motho a hlahe fesetereng a amohela meputso a tseba hore ha a sebetsa…[Liatla]…
Ka mabaka ana, ka ’nete re ipiletsa ho bana bao ba bo rona hore, “oho hle, sechaba sa habo lona se le khethetse hore le tle Paramenteng e seng hoo hong.” Rea tseba hore batho ba bang esale Paramente ba ntse ba sa e rate le ho tloha pele. Re
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 11
tlameha hore re bontše sechaba le lefatše hore tumelo ea rona re lumela pusong ea sechaba ka sechaba. Ha re lumela pusong ea sechaba ka sechaba, likhang tsa rona re tlameha re tli’o li etsa hona ka mona. Puso ea sechaba ka sechaba e na le litšiea tsena tseo e nang le tsona e le hobane ehlile e fana ka oona monyetla ono oa hore ha u na le pelaelo u ee makhotleng, ha u na le litaba tse ling u emele sechaba sa heno ka hare ho Paramente. Ehlile e ne e le sona sepheo sa ho tlosa batho mane seterateng hore ebe ke hona moo re il’o tjolietsana teng, ho ema thothobolong re tjolietsana teng.
Monyetla ke ona o teng oa hore sechaba se re khethetse hore re tle ka mona re tlil’o tla re bua litaba tsa sona. E ne e le eona tšepo eo re tlamehang ho e matlafatsa ea sechaba sa Basotho hore Paramente e bohlokoa. Ke bona eka bana ba bo rona bona ha ba e bone joalo. ’Na ke ne ke re re na le boikarabello bo boholo ba ho kholisa bana bao ba bo rona hore ka ’nete ekaba bohlale hore likhang ha re tl’o li etsa, re tl’o li etsetsang ka Ntlong ena. Tsela eno re ba utloile re bone moo batho bas a….’me joalokaha ho se ho ntse ho etsahala, ho na le litaba tse ngata.
’Muso o ithatang ona, batho ba Bohanyetsi ha ba na le likhang, ba na le lipelaelo, ha li utloahala re li sekehela tsebe. Li ngata tseo li ka supuoang. La tseba hore na litaba tsa tšireletso eo batho ba bang ba neng ba belaela ka tsona hore na re li sebetsa ka matla a maholo hakae. Kea kholoa feela ka bokhutšoanyane nka le lemosa hore hona joale, re se re ntse re na le consultant mane eo re e fuoeng ke UNDP, eo ka eona re tlil’o sheba litaba tsena tsa ho etsa manage litaba tsa lipuisano (dialogue) le li-reform ka bo tsona hore na litabeng tsa liphethoho tse tlamehang ho etsahala, litabeng tsa Constitution le li-reform tse ling tsohle, na re tla etsa involve mafapha aa a mang a sechaba ka tsela ea mofuta ofe.
’Muso o sebetsa ka matla a maholo ho leka hore re bone hore litaba tsa naha ena lia tsitsa. Re sebetsa ka matla a maholo, moo re utloang ba na le taba, leha ba ntse ba le mono thoko, litaba tseno joaloka Mosotho e mong le e mong, pelaelo ha e le teng, ’Muso o tlameha hore o sekehele Mosotho e mong le e mong tsebe. Ke seo ’Muso ona o se etsang. Rea utloa, re utloile, ’me ha se bohlale ka ’nete hore re tsoele pele ka sebopeho sena. Ekaba ntho e ntle ha ba tla, ’me ba amohele hore ba le teng, ba le sieo, ebe le bona ba ithutile hore mosebetsi oa naha ena o ke ke oa etsa. Empa ha ba ne ba le teng, ho ne ho kaba hotle haholo hore ebe ba tlil’o phetha mosebetsi oo oa bona hore moo ba bonang eka lebatha le teng ho ’Muso, ba etse
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 12
tlatsetso. Teng e tlameha hore ebe ba kholisehile hore mosebetsi oa sechaba ona ha hona ema.
Ka ’nete ke re re lebohe mosebetsi ona o motle oo re o entseng. Rea tseba hore e tlare ha Paramente e buloa, e meng ea mesebetsi e meholo e tla be e le ho tla abela sechaba sena lichelete. Rea tšepa hore bana bao ba bo rona ba tla be ba na le rona. Tšoho ea rona le tšabo empa e le hore na matsatsi ha a il’o baloa, na re tlil’o fumana ba na le matsatsi a makae. Ke hore ha ke e-s’o bone batho ba re beileng bothateng bo bokalo. Eona ke taba ea hore na e tla toloka joang haeba matsatsi ano a fihla a re qii! Mane moo molang oa o reng, ha a le mong, taba eno ka bo eona feela e se e ntse e bolela tšitšipano. Rea tlameha ho ba bitsa le tli’o ba bontša hore molao ke ona o re tjena, le re ho etsoe joang? Rea tlameha ho botsa sechaba, rea tlameha ho botsa international community. E tla be e se e le taba hape, ha ba tšoareloe. Ao! Batho ba Molimo…[Liatla]. Joale bothata ba lipolotiki tsa rona hae mona, ke ee ke joetse batho hore batho leha ba tseka litaba, ba bang ba tla tseka makhotleng a rona mona. Leha ba tseka taba ha u joetse taba eno eo ba e tsekang, ba tla be ba bua ka litaba tse ling tse ngata…
HON. S. QOO: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke kopa ho botsa Ntate Leader of the House, hona joale re tlli’o koala, ’me re tl’o bula nakong eane re se re tl’o sebetsa litaba tsa budget. Ekaba ho entsoeng joang hore Ntlo ena hobane ka ho ba sieo hoa bona, e ka ’na eaba ntho eno e tlil’o ama budget ea National Assembly, ekaba e sebelitsoe joang hore e tle e se ke ea re otlella mono letlapeng na?
HON. M. METSING: Ehlile u oa bolela, Mohlomphehi. Ho na le litaba tse ngata mona tseo boetapele ba Paramente bo tla li hlalosa mona. Le tender feela kapa litšebetso tse neng li tlameha ho etsoa hona moahong mona, kea tseba selemong se fetileng ho ne ho ena le li-system tse tlamehang ho etsoa eba ha li etsoe. Selemo se hlahlamang baabi ba chelete ba re, “ re bone hore ha le na tjelo, lona le ka sebelisa chelete ho fihlela ho level e itseng.” Ka mabaka ana, chelete e khutlile. Ehlile ho bolela hore chelete e ’ngoe e neng e fanoe mona e le li-allowance e khutlile.
Bo ntho ena e ntseng e buua ho ntse ho thoe ha re na-tjelo, Paramente ke ena e se e sena tjelo e kholo. Joale ho se ho tlameha hore ha ho uoa selemong se secha, ebe ho etsoa factor that thing hore na ebe selemong sena ke ba bakae ba tla etsa
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 13
boycott Paramente…[Litšeho]…Joale taba eona eo ebe mohlomong selemong senore tlang kaofela, ebe e baketse ’Muso bothata hape hore, “ae re batla chelete.” Ua bolela, ehlile ba o baketse boima.
E ne e se e ntse e le hore e mpe ebe Letona la Finance ka ’nete, le tle le be pelo-e- mongobo, le mpe le amohele hore mona ka ’nete e mpa e le tafole e re oetseng feela ka lebaka la bana ba bo rona, ho ne ho sa tlameha hore ebe ho joalo. Feela hantle ehlile ho sebetsoa joalo hore lichelete tsa sechaba ha li sa sebetsa…le tla hopola hore le selemong sane seo re ileng ra ea likhethong ka sona, ehlile ke chelete e ngata e sa ka bang ea sebetsa ea Paramente. Paramente e ile ea koaloa, ho’a etsahala lintho tse ngata. Ehlile Paramente e se e hlile e batla e na le tsietsi eno, eo re batlang hore sekhobo seno se fele. Re se felisitse rona ba bileng teng Paramenteng.
Paramente selemong sena e sebelitse ka tsela…ba bang ba ne ba batla ho re khutlisetsa sekhobong seno. Empa rona re boetse re khutlisitse tšepo ea sechaba. Sechaba sea tseba hore Paramente ea sona, le Maparamente a sona a ka lula, a sebetsa litaba tsa oona. Feela eona ehlile e ntse ntho eno, ke hore feela Letona la Lichelete le tle le be aware hore chelete eona e tl’o khutla, e ’ngoe ea Maparamente eno ea li-allowance. Empa re tla e lemoha taba eno. Re batho ba nang le tšepo. Re ke ke ra etsa budget hore le selemong se tlang ho tla etsahala ntho ena. Re tlameha selemong se tlang teng re tlil’o etsa budget hore re tla be re le kaofela. Re batho ba tšepo, ke eona e etsang hore ebe re ntse re tsoelapele. Re na le tšepo ea hore ba tla be ba tlile selemong seno se tlang. E le boikarabello ba rona le rona hore ka ’nete re buueng le bona hore re ba utloile, litaba tsa bona re li utloile, ’me le bona e tlameha hore e le batho ba utloile ebile ba bone hore ka ntle ho bona ’Muso ona o tla ’ne o itsoelle pele.
Empa e le hore taba eno feela ba itima monyetla oa hore litaba tsena tse ntle tseo ba nang le tsona li etsetsoa sechaba hobane ka ‘nete ha re sebeletse sechaba feela ha re le ka ‘Musong, leha re le ka ho Opposition re ntse re etsa joalo ka tlatsetso ea rona eo re nang le eona. ‘Na ke mpa ke re ena eona e tsejoe, ke tsietsi ena eo ke reng rea rapela batho hore e mpe e be matsatsi ano a ka tlasana, e se e le eona thapelo ea rona. Feela haeba matsatsi ano ha a ka tlase ho moeli o beoang ke molao, a ka holimo, teng le se ntse le utloa hore e tl’o re bakela bothata. Ke eona ntho eo ke neng ke re le tla bona ntho eo ha re ka ra fihla ra re re e etsa apply,
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 14
batho ha ba na hore ba tseka ntho eno, ba tla hlahisa ntho e ‘ngoe feela eo ba reng ba ea e tseka.
Lesotho mona hangata, leha u ka utloa batho ba entse likhathatso li-ea-le-moeng mona, u tla fumana hore e mong ka ‘nete ke hobane a batla mosebetsi, ha le ka la mo lata la fihla la mo fa mosebetsi, ha a sa e kena taba eno [Liatla]. Taba ea poverty eona in this country, hantle-ntle bofuma ka hare ho naha ena bo re bakela mathata a tšabehang. Ehlile boholo ba lintho, le tsona lipolotiki tsa rona, bohla ba tsona u tla fumana hore tse ling tsa lintho ke hobane li kolla hona mono tabeng ea bofuma. Joale motho ha a re, ae! Le rona re ne re batla hore re ke re etse…
Ke hopola sengoli se seng kapa ho thoe ke Mitchel Wrong, joale a sebetsa le Zambia haeba ha ke fose, ba sebetsa mono, ba ne ba kena mono e le batho ba bohale ba re ba il’o loantša ntho ena eo ho thoeng ke corruption. Joale ha ba qeta ho kena ka mono eba o utloa bana ba habo a se a sa utloe language ea bona hantle. Joale ha a ba botsa hore; “hela! Le batla ho etsa lintho tsane tse neng li etsoa ke batho ba bane”? Joale ba re ho eena, “hee monna! Ha se joale re omme, ak’u be butle hanyane re ke mpe re kene mona”.
‘Nete e teng, rea tseba hore batho bano taba eno ha e eaba tšoara hantle hore ebe ha se karolo ea ‘Muso. Ka nako e ‘ngoe ha se le hobane feela e le joang, empa e le bona bothata bona ba rona ba naha hore ka linako tse ling litaba tsa bofuma li re bakela bothata. Eleng eona taba eo re tlamehang ho tla e sebetsa ka matla a maholo e le rona ba teng kajeno ho sebeletsa botsitso. Botsitso ha bo le teng ho hlaisoe mesebetsi re bone hore moruo oa hola. Taba eno ke eona eo ‘na ke nahanang it is going to be a long term remedy e tla re fokoletsa lintho tse ngata.
Hona joale tjena u se u ntse u bona le hore na haeba re ka tla tla etsa retrenchment e kana, [Litšeo] na ntho ena e bolela tsietsi e joang. E bolela tsietsi e kholo taba
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 15
eno. Ka mabaka ana ka ‘nete litaba tsena leha li le joalo, li re tšehisa feela ka ‘nete ke taba e bohloko eno eo ke reng, baheso, ka ‘nete ‘na ke thapelo eaka, ke ipiletsa ho bana bao ba borona hore ka ‘nete re utloile, rea tseba hore na litaba tseo ba belaelang ka tsona ke lifeng. Empa running away from the problem does not make it go away. Haeba bothata bo le teng, ke hore re tleng mona kaofela re tl’o bo thula ‘moho re tsebeng ho fumanela naha ena khotso ea moshoelella. Re le baetapele re na le boikarabello bo boholoanyane ho feta sechaba sane se re setseng morao. Boikarabello ba e mong le e mong oa rona ke hore re tl’o bang mona re beng ‘moho re thulanye lihlooho.
‘Na ke ne ke re thapelo eaka e se e le eona eno hobane eona haeba matsatsi a oela ka holimo ho moeli, hoba ‘na ke ne ke ile ka botsa ka re ha re ka mpang ra ngolla batho. Joale ba re molao ona o re pele selemo se fela. Joale selemo ha se felile ebe ho etsoa calculate matsatsi hore na li-sitting tsa Paramente selemong li bile kae, joale Moparamente ka mong o ile matsatsi a ma kae, ke a ma kae ao a sa a eang a filoe tumello. Ha ke nahane hore ‘M’e Speaker o kile a fa motho tumello ea hore a etse boycott Paramente. Eno it is obvious hore rea tseba hore ha ba ea fuoa matsatsi ano. Ke eona feela ntho eo ke reng ka ‘nete re arohana e re behile bothateng hore na ha re ka ra fumana re hlahetsoe ke ntho e joalo, e tla be e le tsietsi ke le joetse. Re tla be re tlameha hore re ba kope hore ka ‘nete re reng na, eleng hore e tla be e le taba e re lubileng.
Empa leha ho le joalo, joalokaha ke se ke supile ka ‘nete re tlameha ho khutlelang hae, Molimo o re baballetse ho fihlela mona, Bo-‘M’e le bo-Ntate.
Selemong se fetileng ka nako ena naha ea habo rona re ne re sa tsebe hore ho thoe bokamoso ba naha re ne re bona bo le lerotho. Re ne re sa tsebe hore na likhetho tseo re eang re li lebile li re fuparetse eng. Re ne re sa tsebe hore na bothata bo
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 16
neng bo le teng ka hare ho puso ka nako eno bo tla qetella bo re tsoalletse eng. Ka ‘nete nako eno e ne e le e ‘ngoe ea linako tse lerotho haholo, e ne e le e ‘ngoe ea linako tsa tsitsipano e tšabehang. Empa kajeno ha re bapisa letsatsi lena la kajeno, beke ena ea bobeli December, u e bapisa le ea selemo sa ho feta, ka ‘nete re tlameha ho leboha Molimo hore o re thusitse ho fihlela mona [Liatla]. Ke boikarabello ba rona re le baetapele.
Bo-‘M’e le bo-Ntate, ke ee ke supe ka mehla hore taba ea boetapele ke taba e thata haholo, haholo ha motho a e utloisisa. Ha u utloisisa u’a tseba hore puo eo ke e buang ke le moetapele, leha ba bang ba ka e bua feela bona e se baetapele, e matla haholo ha e buua ke motho eo ho thoeng ke moetapele. Ke ba bangata ba tla etsa ho ea kamoo moetapele a buang kateng. Ha moetapele a re khotso ha e eo feela e le teng ka hare ho naha, ua tseba ba bang ba qetella ehlile ba lumellana le eena ba re ha e eo. Re ne re le mane Lepereng le tla hopola ka letsatsi lane la World Aids Day,ke re ke bolella li-Development Partners mona hore hela! Khotso ka ‘nete lea bona hore ke ena e teng, National Aids Commission e tl’o kena tšebetsong, re supa li-programme tsa ‘Muso tse teng. Ka utloa mono e le bahlanka ba ‘Muso ba entseng lerata, ba re, ae! Le tla hopola ha ke ne ke re ho bona, lea tseba ke le joetse, ha e ne e le sieo le hore le ‘ne le re ae mona ho ka be ho sena ea reng ae! [Liatla]. Ka utloa ka ‘nete ke ba hlomohetse batho bano ba ntseng ba bua ntho eno, feela ka bona e le sona sesupo sa khotso ena eo rona re e phelelang. Libakeng tse ling ka ‘nete motho e mong o ne a re, fefenene. Ha a ne a ka etsa lintho tseno, motho e mong o ne a ka re fefenene holi
m’a hae mono, empa rona ha re na tsona lifefenene tseno. Ke sona seo re se hlokang re le boetapele, that level of tolerance. Mamello ea ‘Muso o teng hona tjena, the tolerance that we have, bo-‘M’e le bo-Ntate. Ke hopola mohlang ke ne ke koala Sine Die, joalokaha ke ne ke etsa tjena ka May last year, eba Ntate
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 17
Ramathebane ka mane o re, ‘re kopa u ke mpe u re tiisetse ntho e le ‘ngoe, re bona mapolesa a potela ka mona a ntse a re nokola’. Ka e utloa, ho ne ho le bolutu, a be a re, ‘ke kopa u re tiisetse, se ka koalang Paramente ena, re tiisetse hore ha u qeta ho e koala mona ha re tl’o tšoaroa hobane re bona rona re se ntse re nokoloa ka ntle ka mona [Litšeho]. Eaba ka ‘nete le rona rea iphapanya, ra ‘na ra re ha ho na ntho e joalo, athe le rona e ntse e tla ho rona [Litšeho].
Hakere ka nako e ‘ngoe motho e mong a re, “hela! Tau ke ena e ja batho ka ntle ka mona, ho na le e mong a ka nahana hore e tla qetella ka eena, joale ebe o tlohella ha e ntse e ja ba bang mono. Joale e re qetellong mohlang e sallaneng le uena u fumane hore joale u bile u mong.
Litaba tsena ke hopola ke li hopotsoa ke ntoa e ileng ea eba teng mane, kea khola ke Ntoeng ena ea Bobeli ea Lefatše joale batho bano ba khopo ba Adolf Hitler oa Gemany ba bolaea batho hohle mona, joale moruti enoa a etsa mohlala hore, “hela! ba ne ba tle mona ba fihla ba hlasela Ma-catholic ba a bolaea eaba rona ba bang re re ache, ha re Ma-catholic ha re tsotelle”. Ka moso ba tla ba fihla ba bolaea baetapele ba mekhatlo ea basebetsi (trade unions), le teng ra re ntho ena ha e re ame rona. Ba khutla ba lata Ma-juda ba a bolaea ka bongata bo boholo. Le teng ra re, aikh’ona! Ha re etse.
Qetellong ba tla ho rona re se re setse re le bang. Athe batho ha bolutu bo le teng re tlameha re bo supeng ka matla re sa qala, re se ke ra re tau ena ha e ntse e ja mane ‘na mohlomong ke oa ho qetela. E betere ha e le hona mane etlare ha e le harola ba babeli kapa ba bararo e ka ‘na ea ba harola hobane there will be casualties ha litaba li le teng, feela le tla e hlola ka matla ano a lona le le bangata le le sechaba.
Mohlomphehi, e teng ena ea hore re rute sechaba sa habo rona hore se amohele hore Paramente e bohlokoa. Batho le ha ba ngala Paramente, ha ke tsebe le haeba
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 18
lipaleng tsa lefatše ehlile ho na le moo Paramente e kileng ea ngaloa nako e telele hakana, ehlile ho se na le mabaka a utloahalang ebile ho sa tsekoe litaba tsa Paramente. Ua tseba hoja ho tsekoa litaba tsa Paramente, ho bonoa Paramente e tsamaisoa ka tsela e sa amoheloeng, athe mona ke hona mona moo e leng lepatlelo la hore batho ba tlil’o thusana ba hlahise likhang tsa bona empa ha rea etsa joalo. Che le ha hole joalo, rona bao Molimo a ba fileng boikarabello, hakere ho thoe ba bang mehleng ea bona ba ne ba re Molimo o ba file boikarabello bo thata ba ho busa batho bao ho thoeng ke Ma-congress, che rona ha rea fuoa mosebetsi o thata oa ho etsa eng, feela ke boikarabello ba rona ba ho bona hore re nanabetsa letsoho.
Ke rata hore ho nanabetsoe letsoho hobane ke boikarabello ba rona. Rona ba busang re na le boikarabello bo fetang ba bohanyetsi. In matters of state the responsibility of the government is more than the responsibility of the opposition.
Ke ka hona le memello re lokelang ho ba le mamello e kholoanyane ho feta ba bang. Ho fihlela mona re sa ipoloketse taba eno. Ke lebohe le makhotla a habo rona a lipolotiki hobane re sa ipoloketse taba eno. Ka nako e ’ngoe u ne u ka bona ba se ntse ba etsa mekoloko ba re hoa cha hoa tima empa le ha ho le joalo ba amohela hore ke rona ba lokelang hore re ikokobeletse sechaba seo re se etelletseng pele. Ka ’nete le bona re ba etelletse pele, ka mabaka ana re amohele hore ba tla ’ne ba etse litaba tsena tse teng feela re ba etelletse pele, re lokela hore re be le boikarabello esitana le mamello, ’Muso o etelletse e mong le e mong pele.
Ka hona ke ntho e kholo ha Maparamente ao a tsoetseng ’Muso a tšoara litaba ka tsela ena, le ka tsela eo lona Litho tse Khabane tse teng ka mona le tšoereng mosebetsi ona oa sechaba kateng. ’Muso oa lona ha o tloha mane o tla ka mona o tla o na le tšepo, o tseba hore Maparamente a teng ana a puso a fihla a tšoarana ka matsoho.
Ke ’nete ho na le this separation of powers ea Executive, mosebetsi oa lona le tla lula le u etsa ho bona hore ’Muso o ba accountable ka lipotso le ka litaba tse ling tse itseng. Empa ke rata hore re lebohe ho tsoa botebong ba pelo tsa rona le ’Muso ka mosebetsi oo Maparamente a teng mona a ileng a itella tšebetso ea sechaba. Re file lefatše taba ena e hlakileng ea hore Lesotho puso e teng, botsitso bo teng, ’Muso o teng ’me Paramente e’a sebetsa. E ne e le eona eo ke hopolang hore bana ba bo rona ba ne ba hopola hore e ke ke ke ea etsahahala, ke ena ea etsahala.
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 19
Ha e le mona ba elelletsoe hore mokou ona oo ba reng o mo lelele haholo, ba bona hore ha ho joalo ka ha ba ne ba nahana, ba elelloa hore ke ona oa sebetsa, hoja ba khutla ra tla sebetsa ’moho.
Ka ’nete ke le lakaletsa Keresemese e monate, mafelo a monate a selemo esitana le selemo se secha, hammoho le bohle, Litho tsohle tsa Ntlo ena. Le uena, Mohlomphehi Motsamamisi oa Lipuisano, ho ee ho thoe mabele a tlaleng ha bofshoe ka mathapisane. Taba eno re e bone ka uena hore ebe u ile ua tseba hore ebe u etelletse Paramente ka sebopeho sona sena. E leng taba e etsang pale. Ha ea tloaeleha hore ebe e etsa tjena le hore ebe ho ka fetisoa melao e moholo ka tsela ena eo ho etsahetseng ka eona ho se na le bothata, taba e kholo ebile boiphihlelo ba hau hore ebe nakong ena e thata ebe Ntlo ena e ile ea ba le molemo ono oa hore ebe ke motho oa boiphihlelo ba hau, ua litsebo tsa hau ea etelletseng Ntlo ena e Khabane pele.
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, re leboha esitana le moifo oa hau e leng bahlanka ba Paramente. Rea tseba mona moo re leng teng hore behind the scenes there are people who are working day and night hona Paramenteng mona hore ba bone hore mosebetsi ona oo re o etsang kajeno tjena o’a phethahala; e leng bahlanka ba Paramente. Le bona re lokela re ba lebohe le bohle ba entseng hore mosebetsi oa rona e be o motle. Ka ’nete rea ba leboha. Ke re ho lona re le lakaletsa a Merry Christmas and Happy New Year. Ka mantsoe ana kea sisinya, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano [Liatla]
RT. HON. MADAM SPEAKER: May I have a seconder please! Honourable Minister of Home Affairs.
HON. L. RAKUOANE (Minister of Home Affairs): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ha ke fuoa monyetla oa ho tlatsa Mohlomphehi Moeta- pele oa Ntlo. Ka hore Ntlo ena e Khabane e ke e phomole nako e sa boleloang. Sena ke seo e leng tloaelo ea Paramente, haholo nakong ena ea mafelo a selemo moo re ileng ho itlhophela ho keteka Keresemese le selemo se secha.
Mohlomphehi, ke mpe ke potlake ke tsamaee moo Moeta-pele oa Ntlo a seng a supile. Kannete re leboha tšebetso eo re e fumaneng boetapeleng ba hau, Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, Balula Setulo ba Likomiti tse Khabane le Litho tse Khabane tse entseng hore mollo o sale o ntse o tuka ka har’a Ntlo ena ho etsa
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 20
mosebetsi oa sechaba. Teko ea Bohanyetsi e ne e le hore tšebetso ea Ntlo ena e tla ba lefifi. Empa Litho tse Khabane haholo re rorisa likomiti mane moo ba neng ba lokela hore motho a mathe Likomiting tse peli kapa tse tharo ka letsatsi kapa a ee ho e ’ngoe hore a il’o bona hore ho ba le quorum a fetele ho e ’ngoe, joalo-joalo, ho bona hore ho ea sebetsoa.
Re lebohe boitebalo bona bo ileng ba bontšoa ke Litho tsena tse Khabane tšebetsong ena eo kannete ba bang re soabang ka hore ebe lehlakore la Bohanyetsi kapa la Boeletsi ba ’Muso le ile la ikhethela ho tsoa ka Ntlong ena e Khabane ka mona. Ho mpherekanyang feela ke hore kea tseba hore boholo ba liqeto tseno ha li etsoe ke bona. Ho na le batho esitana le marang-rang mona ba tšosang boeta-pele ba naha ena, haholo ba lehlakoreng la Bohanyetsi empa le rona re ntse re tšosoa feela re se re tiitiisa seholo …
…Power failure…
Kea leboha, Mohlomphehi. Ke ne ke le moo ke neng ke re ke re ha se ’nete hore liqeto tseno ha u li mamela, u li sheba ka mokhoa oo li etsoang ka oon, ha se li qeto tseo u ka reng boetapele bona bo li luletse fatše ho ka li hlapanyetsang hore na li re isa kae. Ke liqeto tseo re lokelang ho bona hore li entsoeng hore batho ba se ke baea Paramenteng hobane ha ba ea Paramenteng ba il’o etsa hore ’Muso o se ke oa oela. Hantle specifically they were not here ka tumelo ea hore ’Muso o tla ba sieo ha batho ba sa tle Parementeng. Ke eona ntho e etsahalang. Joale ha ho ntse ho etsoa taba eona eno, u bona batho ba seng ba bile ba re le lona le le batho bao re reng le se ke la ea, ha re sa tsotella ha le ka qetella le se le se Litho tse Ntlo ena.
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke ile ka bua ka pele ho Commission ea Ntate Phumaphi ha ke ne ke il’o ikarabella le ho bua ka matla. Ke moo ke ileng ka re ho na le tloaelo ea hore Moetapele enoa oa Ntlo a etsoe demonize. Empa ke ile ka makala ha ke loantšoa ha ke hlalosa hore litaba tsena tseo re ntseng re nyetoa ka tsona, ke hobane ho se ho ena le tloaelo ka har’a naha ena hore nako eohle ha motho a batla ntho ea e batla, a be se a re ke Metsing ea entseng joalo. Joale ke ile ka bea taba tsena ka pele ho Phumaphi ke bolela hore tloaelo ena ha e na ho re thusa ebile ke bona eka ke eona e ntseng e re bea mona.
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 21
Joale ha ke le hona mono ke ile ka bua ka taba ena ka ho Ntate Phumaphi le ha e le mona a tletse litaba tsena tseo ke bonang eka ho riteloa litaba ka hore batho ba itseng, haholo boetapele ba lipolotiki, bo nyetoe litabeng tsena.
Ke moo ke reng hona ho etsa e ka we look like sunday picnic, haeba batho ba khethiloeng, eo lefatše le neng le tlile mona ka lichete tse tšabehang tsa naha ena, ebe ba etsa ka boomo hore ho tsuoe fatše khetho eo ea sechaba. Taba ena le ha eka ke eaMuso, hantle ho nonyetsoa khetho eno ea sechaba (nullify). Ha batho ba bangata hakaalo hothoe ba je chefu (commit suicide), eo ho tsejoang hore ka lebaka la weight ea bona ka har
a naha, ho tla bonahala ha weight eno ea bona e theoha le naha ena. Opposition e ngata haholo joale e re ha re noeng chefu kaofela joale re tle re bone hore na ha re na teba le naha ena ha ho etsahala taba ena.
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ea be e le batho ba etsang ka boomo ba shebileng litulo tsa Bakhethoa ba Khabane hobane ba tšosoa. Ha se patuoe taba ea hore ba tšosoa. Lebaka ke hore e tle e be naha e bang tsietsing
moho le bona. Ho tle ho thoe, “ache, kaha ha lea atleha ho baMuso, ho betere ho re naha ena re e tipe
moho le botho ba lona re bo tipe haele mona re sa fumane litaba tsena kaofela.” Ke bona bothata boo re kopaneng le bona.
Empa leha hole joalo, ke khothetse. Ke mamentse Mohlomphehi Moetapele oa Ntlo eo a reng re tla leka litsela tsohle hore na re nanabetsana joang hore khetho eno ea sechaba, moo Molimo a ka re thusang naha ena e tle e pholosoe. Ehlile ho etsoa ka boomo ke lehlakore la Bohanyetsi moo ho lukoang khetho ea sechaba,me taba eno e luka metsi. Ke eona taba eo ke neng ke e beha ka pela Moahloli Mphaphi Phumaphi Ha ke se ke loantšoa, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ho ile ha thoe sebe sa ka ke hore na hobaneng ha ke bua taba eo ho Phumaphi. Ke ile ka re, “ae ka
nete ke nka e le motho ea neng a romeletsoe ke SADC mona, eo ke lumelang hore
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 22
e meng ea melaetsa eo a tlamehang ho e nka ke hore a tsebe hore ehlile re tla ba le bothata hobane ho etsolloa mosebetsi oa likhetho oa La 28 Hlakola, 2015 ka hore ho thoe Litho li hana ho tla empa re tseba hantle hore ba tšosoa. Taba ea hore ba entse ka boikhethelo ha se
nete. Ha hona motho ea moholo, eo a tsebang hantle hore o khethuoe ke sechaba eaba o se a ngala mosebetsi ka mabaka a sa tloaelang.”
Leha ho le joalo, ke khothetse horeMuso o tla leka ka litsela tsohle tsa ona hore na ho nanabetsoa joang, le eona khetho ena ea sechaba e tla pholosoa joang. Ke
nete joalo kaha a cho a re, joale batho ba na ha ele mona ba e senya ka boomo mahlong a malao (ho tloloa molao), moo o reng, se ke oa tlola matsatsi a makana, joale ebe motho o re, ae, ehlile re a tlola ka boomo re tle re bone na le tla re etsa joang. Feela ho buua ka matla ho ntse ho thoe puso ena ha se ea molao, ha ho mameloe molao, empa batho ba hlapanya motšeare letsatsi le chabile e be ba re, molao ona ntse re o bona…re se re tlohela taba ena ea hore ebe batho ha ba sebetse feela ba ntse ba lefshoa, Molao oa Motheo o ngotsoe ebile ho etsoa likhang ka ona hore ha o etsoe, ebe batho ba re ba o tlola ka boomo.
HON. M. SOULO (PR): Ke botsa Letona le Khabane hore na haele mona ho bohanala re sa nanabetsa letsoho, re se re nanabetsa matsoho, joale ha ba a khaola re se re tlo nanabetsa eng? [Litšeho] Marama ana khale a otloa, ha ke sa tseba joale. Le itse re shebe koana re etsa mosebetsi oa Jesu. Hantle qetello ea rona ke efe? Ha a se a khaohile a le mabeli re tlo etsa joang, kapa re tla nanabetsa maoto? HON. L. RAKUOANE: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke leboha potso ena. Re ne re ka re ke pertinent question kapa rhetorical question. Ho na le mohlolo o teng e leng taba ea bosupa, mohlomong e ntse e le hantle hore re roke. Litaba tsena tsoe Setho se Khabane se buang ka tsona li hlaha moo Morena Jesu a neng a botsoa ka hore na ha ngoana a fositse a tšoareloe ha kae. O ile a re, “Ka Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 23 makhetlo a leshome ha supa”. Joale u fumana hore Khokanyana-Phiri e supile. Ke hore e tla
ne e nanabetse ka makhetlo a supileng ha supa. [Liatla]. Ho na ho bolela hore re tla nanabetse le ha ho se ho khaotsoe ho hong le ho hong, re se re setse re se na letho. Empa re tla rene re lule re nanabetsa re ntse re re, re ba phuthe ke bana ba bo rona hobane ke karolo ea bana ba naha ena. E
ngoe ea tšepo ea tseo re neng re na le tsona ke ea keteko ea lilemo tse 49 e leng supa, ha supa e hlahang ho Levitike: 25, eo ho thoeng ho tle ho tšoarelanoe. Ke ntse ke bona hore e kana eba Moetapele oa Ntlo ehlile oa porofeta. Re selemong sa 49 re ipusa hobane naha ena e il
o qala tse 50. Ke taelo e hlahang hona moo. Joale ebe re nanabetsa letsoho joalo kaha ke cho, re hoeletse baetapele ba lipolotiki kaofela. Ba ile ba lumela, ba tla. Morena Joang Molapo o ile a tla, Mohlomphehi Khasu le ba mekha e meng kaofela ba ne ba le teng. Ba ile ba tsebisoa hore naha ha bo bona e fihlile lilemong tse 44,me joale e tšoara 50. Ba ile ba amohela taba ena eaba ba ea leboha. Litaba tse ngata tseo li neng li ntse li buua ke hore Paramente ha ena ho buloa hobane lefatše le ne le tlameha ho etsa liphetoho, joale re hloka 2/3. Ke ile ka botsa Morena Joang ka re, “hana ehlile le re le hana ho ea Paramenteng tjee hobane le re le re sitisa hore re se ke ra tsamaisa Paramente hobane re tlameha ho etsa liphetoho, ke mang a reng
Muso o tla etsa litaba tsee o le mong?” Eaba o re kanete ba maketse, ke ntho tseo ba ntseng ba li bua feela. Joale ke nahana hore re utloane letsatsing leo,
me ka re, “tlohong Paramenteng le tlo tseba hore
Muso o rerile hore le eona taba eno feela, le tleng re tlo e bua”.Haeba re ka sebelisa taba ena ea boipuso e le moo re kopanang teng ha ho be joalo. Re ile ra tloha re utloane hore ho tla mengoa li-party tse ling re eeng kaona Bokaota ha ho il
o ketekoa lilemo tse 49 ho ea ho 50 years. Empa mekha ena e meholo emeli e ile ea hloleha ho ea Mafeteng, le haele baemeli feela ha ka ba ea. Ho ne o itsoe e mong le e mong Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 24 a fuoe likarete tse tharo li isoe liofising tsa party hore batho ba bararo ba ilo emela party. Ke leka ho bontša hore na mesebetsi eo puso e ntseng e e etsa e le ho nanabetsa, ebile re tla
ne re tsoelepele. Boipuso ke ntho e kholo, moo re hopolang hore mokha o kang oa Basotho National Party (BNP) ke ona o ileng oa hlola likhetho sa 1965me oa amohela boipuiso ka 1966. Joale
Muso o re ho bona, tlohong re tlo ketekangmoho le hore re tl
o hetla morao le hore hore re shebele pele lilemo tse mashome a mahlano (50) tse tlang.
Litho tse Khabane, ha re eeng ho sechaba le rona. Taba ena ea ho ea phomolong ho sa boleloa nako ha re eeng ho bona re ilo ba hlalosetsa litaba tsena le lilemo tsena tse khethehileng hore ba khutle,
meMuso oa ba nanabetsa. Re re bohle ba ba kope hobane ke selemo seo ho thoeng ke sa tšoarelano, re nakong e laotsoeng ke Bible. Lilemo tsena tseo re leng ho tsona ke lilemo tse halalelang tseo ba tlamehang ho khutla, re tl
o bamoho. Ke ona molaetsa oo ke reng re e
o o fetisetsa sechabeng.
HON. S. QOO (Malingoaneng): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamisi oa Lipuisano. Ke botsa Letona le Khabane hore na ho fihlele tlhokomelong ea hae hore pampiri eane ea Sunday Express ea Sontaha sa 06th December, 2015, Mohlomphehi Motlatsi oa Moetapele oa Kobo-tata (ABC) o itse Basotho ba nke lihlomo ba ee ntoeng, ba itoanele hobane Lesotho ha le na khotso. U ka reng, Mohlomphehi, ha u tla utloa batho ba bang ba ntse ba re ha ho na khotso empa ba ntse ba tla Paramenteng mona ebile ba ntse ba pota le ka ofising ea Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ba ea holimo le tlase ba tšoara liphutheho hona ka mona. Basotho ba tlameha ho tseba taba ena. U ka reng ntate?
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 25
HON. L. RAKUOANE: Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Mohlomphehi, litaba tseno ke litaba tseo ho thoeng batho ba hobella mats’oele, o etsa hore mats’oele a mo lilieletse. Ha hona litaba tseo Setho se Khabane sa Peka ebile e le motlatsi oa moetapele oa Kobo-tata ehlile ha ana taba, Mohlomphehi, mono. Le taba ena ea ho rata ho loana, ha ke utloe hore na e tla re thusa ka eng. Ha re sa le nakong ea ho loana hona joale. Ntoa kea le leleme e etsoang ka mona ka Ntlong. Taba tsena tseo ba buang ka tsona tseo ba reng, ha ba tle ka lebaka la Phumaphi, che ba tlameha ba tle ka mona ba re, ‘we want Phumaphi’. Ke batla ba eme mono li-camera li ba ts’oere, ba e batle ba eme ka mona. Ke eona ntho eo ke e lebelletseng haeba ba na le taba, ba e batle ka mona [liatla].
‘Na ke re a tlohe mono moo a teng a tle ka mona a tlo batla Phumaphi le litaba tsohle hobane, le moetapele oa hae o itse Phumaphi e komisi tlo tla e pholosa naha ena. Ke hore ba tle ba tlo batla pholoho ka mona re na le bona. Ntoa kea leleme ha e sa le ea marumo. Mothei oa naha ena rea tseba hore o ne a re, motse ho ahoa oa morapeli, o ka nketsang ha e ahe motse. Ke eona khalemelo kapa boipiletso boo re ka bo etsang ho baetapele bano hore, che, o ka nketsang ha e ahe motse. Leha litaba tse ling li ntse li bonts’a hore ba itse ba baleha hore ‘Muso oa ba ts’osa, empa qetellong ha e sa le bona ba ba ts’osang ho se bo bonahala hore na beng ba ntoa e ne e le bo mang.
Ka mantsoe ana, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ke tlatsa Moetapele oa Ntlo hore Ntlo ena e tle e phomole, e tle e re ha re phomola mona re tle re phomole nako e sa boleloang. Joalo kaha a boletse, o bonts’itse mona hore ha re khutla mona re boetse re tla, re tla ho nako e halalelang hape, e leng ho aba lichelete tsa sechaba. Ha ke tsebe hore na ka nako eno e be ho tla be ho ntse ho thoe hoa loana, ho etsooa joang hore re abele sechaba lichelete. Re se re ntse re e beha le eona e le mokolokotoane hape. ho itsoe ‘Muso ona ke oa mokolo-kotoane, joale re se re beha e meng hore ha
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 26
re khutla re shebile budget. E le hore ke eona taba e tla be e halalela, ‘me eo ke lumelang hore motho e mong le mong o tla e hlompha, ha ana ho e etsetsa lerata. Ha ba rata hore re ‘ne re pulukoaneng kapa re bueng litaba, re tla li bua ka nqa eane ha re fitisitse budget kamora’o ho la 31 March, 2016. ‘M’e Motsamaisi oa lipuisao, kea tlatsa [Liatla].
Question proposed
HON. M. LEHATA (Makhaleng): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, re lebohe, re be re itebohele. Kea tseba hore hangata ho thoe it is procedural motion. Empa ke nako eo re koalang re koalla Keresemese e leng letsatsi le leholo haholo leo malapa a kopanang ka lona, le rona Ba-kriste re rapelang, le selemo se secha seo joale re kopang liqeto tsa hore Molimo a re thuse ho tsoela pele ka tseo re li hlokang.
Madam Speaker, ha e le mona re ea hae, re ea re eo phela le sechaba sane se re khethileng, se re rommeng. Re ea ho sona re eo bua le sona ka nako ena eo joale re otluoeng ke komello e mpe haholo. Lijalo masimong mane lia shoa ke mocheso, metsi lilibeng a felileng, mehloli ha e na metsi metseng ka lebaka la weather ena eo re nang le eona.
‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ho leader of the House, e le Motlatsi oa Tona- Kholo, le ba bang kaofela, re empa re ne re ka lebella hore Section 23 of the Constitution: Declaration of Emergency, e be e se e sebelitse ho phatlalatsoe koluoa e teng, koluoa ea tlala le mathata ohle ao re buang ka ona. Liphoofolo lia shoa hona joale ha hona joang. Batho ba bua meketa ha ba sa li ja lia shoa. E le hore lihoai tsa liphoofolo li tsietsing. Batho ba lemang liphoofolong ba tsietseng e kholo. Ha hona lijo tsa masimong ho latela weather. Joale le lihoai tsa liphoofolo ha li eo.
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 27
Ke nako eo ‘Muso o tlamehang hore o kopane, o ipolelle hore na o etsa joang ka nako ena e tjena, koluoeng ena na o thusa joang. Lekala la Temo le tsoa joang ho ea thusa lihoai ka furu e be haufi, subsist e be teng e be re fepa liphoofolo tsena hobane ha re tlo ba le lijo joale re shoelloa ke liphoofolo. Hona ho bonts’a bofuma ba nako e telele e tlang. Taba eno e ne e tla re thusa haholo hore re bone Lekala latsa Meru le lona e le nako eo le tla qalella hore le bone hore matangoana a ba teng hore ho bokelletsoe metsi ana a sieo, liphoofolo li tsebe ho noa, batho ba khone ho hlatsoa, ana a nooang a etsoe save hobane ehlile ha a eo.
Ka mokhoa o ts’oanang, le Lekala la Metsi le bone hore li-borehole li ba teng ho thusana hore re bone na re ka tsoela pele joang. Koluoa eona e teng kantle ka mane e ngata. Re ea tsamae, re ea ho batho bano ba ts’oeroeng ke mathata ano, ‘me re eo phela le eona, re ba karolo ea bona hona koluoeng eno e teng ea metsi le tsohle mabatooeng a rona mane.
Ke kopa hore ha re etsa tjena,‘Muso o ipolelle hore na o tla joang ka sekhahla o eo fihla sechabeng sane se nang le mathata a mangata haholo. Ke ne ke shebile letsatsing lena hoseng ha ke tsoa haeso koana ka holima sehlaba sa matsieng. Ha ke tsamaea mono ho sena tsela taba eno ke e bua kamehla. Joale ke re, Puso ea Libaka ekare e kabe e isa yellow plant pula e sale sieo, e re pula e tla e tlo li senya, ra be re entse tse ngata feela ka nako ena. E le hore ka nako ena re tlameha hore re nke monyetla oa hore moo bothata bo le teng re etse ho hotle, re nke monyetla ka taba eno. Ha pula e sa ne tjena, ha e bolaea liphoofolo, Puso ea Libaka eona, ka matla ke hore re etse litsela tse kenang metseng mona, e re pula e na, ra be re qetile litsela tseno ho sena ntho e ka re sitisang.
Ke leka ho bonts’a hore na re kene kahara makala ao re reng, ‘Muso o tle o eo sheba. Rea tseba hore hona joale ‘Muso o qeta hore ho tloba le batho ba na ba tlo
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 28
ngolisa ba fuoa li-permit, ba sebetsa South Africa. E le hore work load ea Home Affairs, e tlo ts’abeha haholo ka nako ena. E tlo ts’abeha haholo, e tloba li-line tse telele batho ba batla lits’ebeletso ba be le li-passport, ba tsebe ho ea mesebetsing ba eo batla mesebetsi hobane ‘Muso oa Lesotho le South Africa ba se ba lumellane ka hore na ho tla sebetsuoa joang. E le hore ke monyetla o mong hape o teng. Ke leka ho bonts’a hore ka’nete, re amohela hore re eo phomola feela koluoa e teng eona e phatlalatsoe, ‘Muso o be le stand sa hore na rea re ts’oere eng ho batho bane ka bothata bo teng.
Re ea tsamaea re ea ho bona, re ea re ts’oere eng? Ho tlang kamora’o ho rona ke eng, hoo re tla tla re ba hlabolla ka hona hore re se re entse qeto ea hore, re tlo etsa tjena le tjena ho araba bothata ba koluoa ena e teng e sa bakoang ke motho, e otlileng lefats’e kaofela. Ke eo le naha li se ntse li iphatlalatsa hore, rona mona re tla etsa tjena. Tse ling li se li ntse li tsoela pele hore mathateng a rona re tla etsa tjena. Lihoai li se li ntse li eletsoa hore na li etse joang libakeng tse ling joalo- joalo.
Ke ne ke re, re tsamaee feela mofao ono o tle o tle kamorao ho rona, ha re le kahare ho sechaba ka mane re buoe le sona hantle, re se ts’elisa le rona re utloile bohloko, re se ts’elisa hobane re tseba hore ‘Muso o na le programme e hlakileng. Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, kea tlatsa.
HON. S. QOO (Malingoaneng): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Le ‘na ke ema ke tlatsa hore re eo phomola ka mora ts’ebetso e matla eo re itelletseng eona re le barumuoa ba sechaba. ‘M’e Motsamaisi, taba ena ke ntho e kholo haholo ea hore e be re le barumuoa ba sechaba re ile ra lula ka mona re itella mosebetsi oa bona. Ka’nete ha u ka oa sheba, ‘M’e Motsamaisi, boetapele pele ba rona ba Lets’oele-le-beta-poho bo ts’oere ka matla hore puso ea rona e tsitse. Rea koala
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 29
hona joale re ea metseng le metsaneng. Ke se ke ipiletsa ho ba haeso kaofela rona ba setseng boetapele ba rona morao hore, ha eeng mane ho batho bane ba re rommeng. Ha re fihla moo, lerato lena leo baetapele ba rona ba le bonts’itseng, re eo le jala ka hare ho beng ba rona mane hore re be ntho e le ‘ngoe, ‘Muso ona o lule o le teng. Ha re fihla mola, re eo jala lerato, re se ke be ra jala lehloeo. Re eo ts’oara liboka, re eo ts’oara lipitso, re jale molaetsa o le mong ona oo re o bonang, oo re o kotutseng ho tloha boetapeleng ba rona.
Ke eona ntho eo ke neng ke rata ho e hatisa, ‘M’e Motsamaisi, hobane ruri re ea tsamaea. Ha re fihla mona ekare re ntho e le ‘ngoe. Ha re fihla mola motseng, ke tla fihla ke re, ‘oa mo tseba Serialong, e mobe motho eno, ‘Muso ha o tsitsi tjena ka lebaka la hae’. Feela ‘Muso o tsitsitse. Ha re eo buang li ‘nete mane hore re ne re le mane re sebetsa mosebetsi re o etsa ‘moho. Ke ee be ke bue ka nako e ‘ngoe ke le mafung mane ke re, lona sechaba sa heso, rea le ts’ilisa mona feela le hlokomele ntho e le ‘ngoe, mane Paramenteng re lula re le ntho e le ‘ngoe feela metseng mona re tla tla re tlo le ferekanya.
Ke taba eno hore re ntho e le ‘ngoe ho tloha mona kaofela ho ea kena mane Paramenteng. Ke ona molaetsa oo re batlang hore re o fetise, ‘M’e Motsamaisi, ono hore ha re eeng, Bahlomphehi baka, re il’o jala lerato lee la tšebetso eo re e entseng ea hore ebe mosebetsi ke oo re o phethetse, oo maobane a maobane re neng re fetisa li-bill ka moo tse bontšang hore ekanna ea ba mohlomong haufinyane re tla be re hatolohile, haeba re qetelletse re se qeta mosebetsi ona re se re petlelletse fela, re se re sa utloe, re se re hula ka thata feela ba bang ba sa sebetse, o tla re namolela molao ono oo re o fetisitseng mona. Ha e ne eba ha rea fetisa molao o kang ona ono, u’a utloa khatello e ne e kanna ea ba e teng mona. Hao banna! Rona ra ‘na ra sebetsa ba bang bona ea ‘na ba hlaha fensetereng joaloka Ntate Moetapele oa Ntlo ea ba ba ntse ba koenya fela, ntho eno e tsamaea
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 30
le khatello eno…..[Lerata]…O khalemetse taba eno. O khalemetse taba eno, a khalemela taba eno ka thata a bile a re re nanabetseng ho batho bano, re ba eletseng hore re sebetseng ‘moho.
Ruri-ruri batho bano ba sieo ka mona, ntho eo ba seng ba e jalile mane moo re eang teng, ha re il’o e sililang kaofela, re e pheseleng ba fumane hore, ae ka ‘nete batho ba senang linnete ke bana bao esale ba lula hae. E tle e re ha re khutla re tlil’o tla qala re na le moea o mong oa mosebetsi hape-hape oa ho tla aba lichelete le ho ntšetsa mosebetsi pele, re khutle re le ntho e le ‘ngoe.
Ka tsela e khethehileng, ‘M’e Motsamaisi, ke bile ke u leboha ka hore ebe u ile oa lula mono ua ‘na ua re soaea mehlare, oa thiba ka ‘nqena, oa thiba ka ‘nqena. Ua re thiba ka mona, ra thiba ka mona, Molula-Setulo Lineo Molise-Mabusela ka mona ra mo thiba, ho fihla e le eo o ile a ba a ipolela maobane hore hoja e se ka uena, a ka be a sa etsa mosebetsi ono. Le ‘na ke ea e tlatsa taba eno, ‘M’e, hore hoja e se ka uena Molula-Setulo oa Komiti ena, enoa eo re arohanang le eena ho tloha letsatsing lona lena, a ka ba a sa etsa mosebetsi ono. Le ‘na nkabe ke sa o etsa hoja ha se ka uena hobane ka nako e ‘ngoe ke ne ke ee bone hore u se u tiisitse fela u bona hore enoa oa Malingoaneng o’a khaola ha a etsa tjena. Enoa tloloko e ea khaoha, ho se ho tsoa hore na o e thiba joang.
Ka tsela eno, ‘M’e, u sebelitse, re tsamaea re ee hae koana [Lerata]. Joale ke ne ke re, ‘M’e, ha re eeng e se ke be ea re ha re fihla mane re kopana le bo-ntate oa mapotsanyane (Ntate Phooko) eaba re se re ba sala morao….Ntate Phooko, ebe re se re ba sala morao ba re khelosa. Ke bona batho ba tla re khelosa bano. Ka hona ke re rea tlatsa,’M’e. Ha re eeng re il’o phomola, re lule le malapa a rona ho be monate. Re eo sebetsa masimong, re eo sebetsa tsohle kaofela.
Ea bohlokoa kea hore, Bahlomphehi ba ka, hona joale ka phomolo ke nako eane ea li-party tse ngata (meketjana), re koenye hantle re ntse re shebile hore rea le rata. Haeba u tseba hore u tla koenya ho feta tekano, se ke ua ba ua khanna. Ha u fumana motho eane ea hae mane a khanna, nka boikarabello hore u mo khaleme [Liatla]. Rea le rata le rona e le hore kamoso re tlil’o tla re kopana ‘moho, ha re se ke ra baballang le rona feela. Ha re fihla mono….
RT. HON. MADAM SPEAKER: Potso ka Hon. M. Soulo
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 31 - HON. M. SOULO: Ka uena, ‘M’e Motsamaisi, ke botsa Setho sena se Khabane sa Malingoaneng se buang hantle leha se re tšehisa, hore ha e le mona u re…mona ekare re ‘moho. Ha re fihla metseng koana re buana hampe. Ha u bone eka haeba re ntse re tsoelapele ka taba eo, ka le leng la matsatsi etlabe e le rona ba lutseng Ficksburg, batho ba Ficksburg ba lutse ka mona na? [Litšeho le Liatla].
HON. S. QOO: Kea leboha, Mohlomphehi. Ka ‘nete ehlile ke khobotla taba eno ka thata hobane ha ho monate ho siea lehae o il’o lula Ficksburg ka mabaka a sieo, o siea ntlo ea hau le tsohle. Hela, Litho tse Khabane, rea li tseba litaba tseno. Re ne re lutse ka ‘nqane re shebile ka ‘nqena, ‘me letsatsing lena re ka ‘nqena ha rea sheba batho ka mane empa re shebile litulo [Litšeho]. Ha ho ntho e monate ho feta eno hobane haeba u tšoere ka thata motho u tlameha a tlole lesaka [Litšeho]. Hakere ha u tšoere ka thata e tla tlola lesaka, empa e ke ke be ea tlola lesaka ha u sa tiisa. Hela, ke ile ka bolela, Bahlomphehi ba ka, ka re ha ho na ntho e mpe e se nang molemo. Taba ea hore Ma-congress ane a haeso a ile a kopanela puso le batho bane ba ka ‘nqela, e ne e le fela hore ba re bontše hore, hela, sechaba ba boneng ke bao re ba romella ho lona le Ficksburg.
Ba loketse ho botsoa Ma-congress ano a hab’o rona hore na ho tlile joang hore batho bano ba ee Ficksburg, ba il’o etsang Ficksburg? Ba balehile ‘nete, ba balehisitsoe ke ‘nete. Joale ha re se ke be ra sebeletsang hore kamoso ra be re kokile mane ka lebaka la ho boitebalo, ha re itsebeng hore re chaba se le seng. Re fapane ka maikutlo le ka lintho tse ling kaofela empa qetellong ea letsatsi re Basotho. Re lleleng Boetapele bona ba rona bo itelletseng rona hobane ha e se ka bona ka molisana re ka be re sa lula tjena. Kea leboha, ‘M’e [Liatla].
RT. HON. MADAM SPEAKER: Honourable Members, I would like to give the Honourable Leader of the House opportunity for a wind-up.
HON. M. METSING: Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ka ‘nete, ‘M’e, e se e le taba e khutšoane fela. Ke lebohe, ‘M’e, ha u ile ua mpha monyetla ona hore motho ha u ile ua teka motion joale ho na le litaba tse hlahang tse ka hlokang hore u arabe, re etse joalo. Hona le taba e kholo, bo-‘M’e le bo-Ntate, e hlahileng mona e builoeng ke Setho se Khabane sa Makhaleng ka tlokotsi e tjametseng naha ka litaba tsena tsa komello. Ho joalo, taba ena ‘Muso o e lemohile, ‘me ‘Muso o se o ntse o sebetsa ka matla a maholo ho bona hore na
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 32
litaba tsena ‘Muso o kena lipakeng joang. Haufinyane re tla fumana phatlalatso ka Mohlomphehi Tona-Kholo, ho ntse ho etsoa litokiso.
Mohlomphehi Tona-Kholo o ile a eletsa hore ho theoe komiti mona ea Bahlomphehi Matona eo ke leng karolo ea eona, Molao oa Disaster Management o laola hore ha ho na le maemo a kang ana a tlokotsi ho be le komiti eo ho thoeng ke ea Disaster Relief Task Force, e thehoang ka Matona. Kea kholoa a mang a Matona ehlile e batla e le Cabinet kaofela kea kholoa, a mang a Matona a teng mono ke;
Minister of Local Government Minister of Education Minister of Health Minister in the Prime Minister’s Office Minister of Defence Minister of Police Minister of Finance Minister of Planning Minister of Meteorology Minister of Forestry Minister of Water Affairs Minister of Agriculture and Food Security, bao ke ba hopolang. Komiti e ile ea kopana bekeng e fetileng, e kopane le mafapha ‘ohle a sechaba, bafani le makala a ‘Muso ho ithuta boemo. E ‘ngoe ea litaba e ileng ea hla ea hlaha mono, e ile ea ba tlhokahalo ea metsi hore ho bonahala hore joale litaba tsena kaofela ha li shejoa ke tlala empa le tlhokahalo ea metsi e pele haholo. Ea ba ka ‘Mantaha ona ho kopanoa le mafapha a ikarabellang litabeng tsa metsi, ba se ba entse moralo feela ke litaba tse boelang li batla chelete. Boeletsi e ile ea ba bona bono ba hore mohlomong e le hore re tle re tsebe ho fumana lithuso ho balekane ba rona, re se ke ra e entsa ka tsela e mona ea ho etsa kopo e tloaelehileng empa e hle e be ho mona hoo hothoeng ke declaration ea qomatsi. Ho se ho ntse ho sebetsanoa le litokomane tseno hore haufinyana Mohlomphehi Tona-Kholo a tle a etse joalo.
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 33
Tebello le tšepo ea ka ke hore bekeng e tlang e tla fela boemo bono bo se bo phatlalalitsoe, ‘me ha bo phatlalalitsoe re tla be re se re na le tokomane e mona eo ho thoeng ke ea Appeal eo e leng eona e bolelang hore na ‘Muso o hloka bokae, hokae ho hlokoa bokae. Ho na le likhothaletso tse ngata tse etsoang tse kang tsa hore na metsi a ka isoa joang sechabeng. Minister of Local Government o ne a ile a hlalosa ka mono hore ho na le li-tankerer tse ngata tseo le li tsebang tse sebetsang litseleng. Ke tse ling tsa tsona tse ka shejoang hore na li ka eketsoa joang eaba metsi a fumaneha, metsi a isoa sechabeng. Le tse ling tse ngata, maoa a mang a mangata ao ‘Muso o ntseng o sebetsana le ona.
Hona joale kea kholoa ke ne ke tlameha hore ebe ke kopane le ba bang ba bafani re ntse re sebeletsa eona taba eno. Ke ne ke kopa hore fela re khobeng sechaba matšoafo. Rea tseba hore re ke keng ra se tlosa ka tsela e felletseng boemong bona, maemo a bontša hore ha re sa nke likhato hona joale, ha re ea khoeling ea boraro mane etlabe e le sechaba se sengata haholo se tlokotsing. Re tlameha re hle re qale hona joale,‘me boikemisetso ba ‘Muso ke hore re tle re fele re qaleng. Litšebetso tse kang tseno ha li theohela ho lona mane, bo’M’e le bo-Ntate, le le kahare ho sechaba, le sebetsa le Bakhethoa ba Puso ea Libaka mekhahlelong eohle ho tloha seterekeng ho fihla mane mabatooeng, ka ‘nete ke tse ling tsa litaba tseo kopo e kholo etlaba hore litšebeletso tse tlang ho etsoa mono hore le fele le be karolo ea tsona. Kea tseba hore nako e ngata le hle le belaele hore Bahlomphehi Matona a Khabane ha ba ts’oara litaba tsena ba ee balebale Litho tse Khabane tsa Ntlo ena. Taba eno e kholo. Re tla tlameha hore le rona re le Matona re se ke ra lebala hore ha litaba li tla mabatooeng mono ebe Litho tsa Ntlo ena li ea tseba.
Ke mpe ke tiise taba ena ea hore ’Muso o elelletsoe boemo bona ba tlokotsi, ‘me re sebetsa bosiu le motséare ho bona hore na re ka tseba ho khahlanyetsa sechaba sa habo rona joang. Ka ‘nete re ea amohela hore bothata bo teng. Mohlomphehi, ke ne ke batla ho fana ka tlhaloso ena feela ea hore Litho tse Khabane li tsebe hore ‘Muso o sebetsa ka matla a maholo ho bona hore na o khalanyetsa sechaba joang maemong ana a teng a tlokotsi. Kea leboha, Mohlomphehi, (Applause).
RT. HON. MADAM SPEAKER: Thank you, Honourable Leader of the House.
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 34
Question put and agreed to
Resolved
That this Honourable House do now adjourn sine die
RT. HON. MADAM SPEAKER: This conclude all the business for today and it also marks an end of the Second Meeting of the First Session of the Ninth Parliament of the Kingdom of Lesotho. The Chair wishes the Right Honourable the Prime Minister, Honourable Deputy Prime Minister and Leader of the House, Honourable Leaders of Political Parties in the Coalition Government, Honourable Ministers and Deputy Ministers, Honourable Deputy Speaker, Honourable Leaders of the Opposition Parties , Honourable Members, the Table, Hansard Editor and his Staff, Sergeant at Arms, the Chaplain of the House, Ushers, Radio Lesotho Reporters, Lesotho Television Grow, Police Officers here present, a merry Christmas, happy and prosperous new year.
HON. MEMBERS: Same to you!
HON. MADAM SPEAKER: The House is adjourned Sine die.
ADJOURNMENT
The House accordingly adjourned Sine die at 4.15 p.m.
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 35
Hansard Wednesday 9th December, 2015 Page 36