KINGDOM OF LESOTHO
NINTH PARLIAMENT
NATIONAL ASSEMBLY
Daily Hansard
(Official Report)
FOURTH MEETING
FIRST SESSION
Monday
21st November, 2016
(Unrevised)
NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER
Monday, 21st November, 2016
The House assembled at 2.30pm
(HON.DEPUTY SPEAKER in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
HON. M. SHAO (PR): Ntlha ea tsamaiso!
HON. DEPUTY SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso, Hon. Shao.
HON. M. SHAO: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Ntlha ea tsamaiso eo ke emang ka eona ka boikokobetso, ke ea ho bona hore ho na le Notice Paper ea potso mona. Bekeng e fetileng kea kholoa ho ile ha ‘na ha botsoa taba ena ea lipotso. Ke na le lipotso tse ngata tseo ke li beileng Tafoleng, joale ke botsa hore na ho ntse ho tla potso e le ‘ngoe ka letsatsi, ebe eona e hlahang ho Order Paper ebe ho etsahala joang, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, re e-na le lipotso tse ngata?Kea leboha.
HON. DEPUTY SPEAKER: Kea leboha, Mohlomphehi. Ena e ngotsoe hore ke Urgent Question. Ke lumela hore lipotso tsohle li tla ‘ne li botsoe ‘me li tla arajoa ka nako ea tsona. Kea leboha.
HON. M. FAKO (Mabote): Ntlha ea tsamaiso!
HON. DEPUTY SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso, Hon. Member for Mabote.
HON. M. FAKO: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Ke ile ka etsa Tšitšinyo letsatsing la kajeno ho latela mangolo a ileng a fumanoa ke ba bang ba bo-mphato oa rona ba Maparamente a heso a ka mona ka Lehlakoreng la Bohanyetsing a show cause why. Ke entse Tšisinyo eo ke ipapisitse le Standing Order No.29- Motions for Adjournment-Definite Matter of Urgent Public Importance hore taba ena e batla e le melomong ea sechaba, e batla e beile sechaba tlokotsing esita le Lesotho ka kakaretso, tšireletso ea sona e batla e le tlokotsing ke litaba tsena tse etsahetseng.
Ke ile ka kopa hore taba ena e tle ka koano e tl’ilo tšohloa ka mona. Ke ile ka isa kopo e joalo ka Ofising ea Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke batla ho tseba hore na ebe taba e joalo, Mohlomphehi, ebe Mohlomphehi Madam Speaker o ile a ufa taba e joalo hore e teng desk ea hae na? Re e lebeletseng ka hloko hore taba eno e ke e buue re e tsebe. Ntlo ena e tsebe ho tsebisoa ha re se re qala feela re utloa hore Bahlomphehi ba heso ba se ba fumane mangolo a joalo empa Ntlo ena e sa ka ea bolelloa hore ho tlaba le taba e joalo.
Ke nahana hore procedurally ho na le tsamaiso e nepahetseng ka hare ho Ntlo ena hore ha litaba li le teng tse amang Litho, ho na le methati e atameloang. Ke tle ke hlakise mona hore bokotsi ba taba ena moo ke bo bonang teng ke bona hore bo nkile Maparamente a heso a nang le botšehetsi bo tšabehang ka hare ho naha ena le baetapele ba ….
HON. DEPUTY SPEAKER: Hon. Member, ke utloa eka point of order ea hao ke e utloile. Re se ke ra etsa statement empa re bua ka point of order. Ke utloa eka u e qetile hore kajeno lena u entse Tšisinyo Ofising ea ‘M’e Speaker. Ke tumelo ea ka hore haeba u entse Tšisinyo Ofising ea ‘M’e Speaker, accordingly o tla tla a e araba taba eo.
HON. L.M. MOHLAJOA (Malimong): Point of order!
HON. DEPUTY SPEAKER: Point of order, Hon. Member for Malimong.
HON. L.M. MOHLAJOA: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Ha ke tsebe hore na point of order ena eo ke emang ka eona ehlile ea qabola. Ke rata hore u tle u mphe…
HON. MEMBERS: Na u entse point of order kapa u etsang? [Lerata]
HON. M. MALIEHE (Butha-Buthe): Point of order!
HON. DEPUTY SPEAKER: Point of order, Hon. Member for Butha-Buthe.
HON. M. MALIEHE: Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, point of order eo ke emang ka eona ke hore Standing Order No. 29, seo se hlalosang ke hore haeba ho na le taba ea bohlokoa e potlakileng, ha se na notice, se etsoa ka eona nako eo ha Setho se eme se bontša hore ho na le taba ea bohlokoa hakaalo. Ke kopa u re thuse, Ntate, hore na…ke kopa u re thuse hore…Standing Order No. 29 sena ha se re ho eo buua ka taba eno ka letsatsi le hlahlamang empa e buua ka eona nako eo. [Liatla].
HON. DEPUTY SPEAKER: Kea leboha, Mohlomphehi oa ka. Ke ne ke re taba eona eo ea Standing Order No.29, ka ha Mohlomphehi o se a entse Tšisinyo ebile a e isitse Ofising ea ‘M’e Speaker, o se a ntse a etsa apply her mind ho eona. O tla tla a e araba taba eo.
HON. MEMBERS: Uena? E tla arajoa neng?
HON. J. MOLAPO (PR): Point of order!
HON. DEPUTY SPEAKER: Hon. Member for Kolonyama.
HON. H.J. SETS’ABI (Kolonyama): Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Ke mpa ke ngongorehisoa ke taba e fokolang joalokaha u se u beile ea hore na athe Paramente e ka tsamaisoa joaloka shopo ea moitšukuli tje! Standing Order No. 29 se ntseng se hlalosoa se re e tla kena kajeno. Joale uena u re Madam Speaker ha a le teng. Lipakeng tsa hau le Madam Speaker, hase ofisi? Ha a le sieo hakere you are here, eseng hore u re bolelle hore mohlang a leng teng o tla e araba? [Liatla]
HON. DEPUTY SPEAKER: Kea leboha, Mohlomphehi. Ea pele, ke ne ke utloa u bua ka lishopo, ha re sebetse lishopo mona. Monga Tlhahiso o hlaloselitse Ntlo ena hore na o entse joang. Re tla latela taba eno ka karabo eno eo ke u fileng eona.
HON. MEMBERS: Point of order!
HON. DEPUTY SPEAKER: Point of order, Hon. Member for Teya-Teyaneng.
HON. P. MALIEHE (Teyateyaneng): Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, taba ena ea hore Tlhahiso ha li etsoa ka hare ho Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba kapa moraong ona ha li etsoa ka hare ho Ntlo ea Bakhethoa ba Sechabeng ho se ho e-na le trend eo kapa ho se ho ena le mothinya oo botsamaisi ba rona bo o nkang ka hore bo sa ntsane bo il’o inahana.
Taba ena re le Lehlakore la Bohanyetsi, re e ngola re ipapisitse le molao. Tsela eo le sebetsang taba ka eona hoa bonahala hore ho se ho sa ipapisoe le molao. Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, re kopa Paramente ena e le an Honorable Parliament,e tšepetsoeng ke Basotho hore e etse uphold taba ea molao ka hare ho naha e etse joalo. Mona ha re nka kano, re khethiloe ke sechaba mabatooeng, ha rea nka allegiance ho motho ea itseng. Re nkile allegiance to His Majesty. Eaba re re re tla sebetsa ho latela molao ka hare ho naha ena. [Liatla] Ha rea nka kano, re e nkela motho e mong kano eo e leng Mosotho, eo re lekanang le eena ka matla empa re nkile kano ho Motlotlehi le majalefa a hae hore ena Ntlo re tla sebetsa ka molao feela. Re kopa re shebaneng le ntlha tsa molao ha re le ka hare ho Paramente re tloheleng bosoasoi bona boo etsoang ka hara Paramente ka mona. Kea leboha[Liatla]
HON. DEPUTY SPEAKER: Honourable Member, ke utloa hantle taba ena eo u buang ka eona, ebile ke utloa hantle hore na u ntse u reng. Ke mpa ke makalla ena ea motho ea nang le matla ao re lekanang ka oona. It is quite interesting. Ke rata hore ke re haeba re bua ka molao mona re ke re bale Standing Order No. 29 (2).
HON. MEMBERS: Ae! Ha re qale Standing Order No. 29 (1).
HON. DEPUTY SPEAKER: Bahlomphehi, ke kopa hore le lumele ke le tsamaise le seke la ntsamaisa.
Standing Order No. 29- Motions for Adjournment-Definite Matter of Urgent Public Importance
(2) A member who asks leave to move the adjournment of the business before the House shall, before the commencement of the sitting, hand to the Speaker a written notification of the matter which that Member wishes to discuss. The Speaker shall refuse to allow the claim unless the Speaker is satisfied that the matter is definite, urgent and of public importance.
Ke ne ke re haeba Speaker o fumane taba ee ’me a re ha se ea bohlokoa hakaalo, ke utloa eka taba ena e ea lumela hore a ka re o tlatla a e araba ha a e shebile.
HON. M. MOLAPO (Thaba-Phatšoa): Ntlha ea tsamaiso eo ke emang ka eona, Mohlomphehi, ke hore Speaker haeba a fumana taba eno e se ntlha e tatileng, o lokela ho tla e bua ka mona ka Ntlong hore ha e ea tata. Joale u teng e le uena Speaker, ke hore na kopo ena e etsoang ke Setho se Khabane u reng ka eona na?
HON. DEPUTY SPEAKER: Kea u utloa, Mohlomphehi. Taba ena eo ho buuang ka eona mona, in as much as ke eme mona lebitsong la Speaker taba ena eo ho buuang ka eona mona ha ke e arabele.(lerata)
HON. MEMBERS: Point of Order! U Speaker! [Lerata] Mono u eme boemong ba Speaker. Division! Seka lula fatše e re Speaker sane sa hau se tle.
HON. DEPUTY SPEAKER: Lulang fatše. Ha le eme joalo, Bahlomphehi ba ka ke tla kopa hore ’na ke lule fatše.
HON. MEMBERS: Ae! kannete eseng u lule fatše. Haeba ha u Speaker tloho le Speaker. U khethuoe mona hore u tlo tsamaisa Ntlo ena, haeba hau e tsamaise tsamaea! E mpe ebe ua ipotsa hore na hobaneng re sena tšepo ho uena. Ke tsona litaba tsena tse re hlokisang tšepo ho uena. Haeba hau tsebe ho bala u lutse Setulo sa Speaker empa ha u etse mosebetsi oa Speaker. U ntse u re mong’a ofisi ha a eo hau re ehlile ha u oo. Tsamaea! Etsa mosebetsi oa hau oo u o fuoeng ke Molao oa Motheo. U etse Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano. Tsamaisa Ntlo ena ka molao ke boikarabello boo u bo fuoeng, hau sa u etse lumela Motion o kene re kenye motho mono ea tla etsa mosebetsi oa Ntlo ena. You cannot sit down and just occupy space, etsa mosebetsi oo u khethetsoeng , Ntlo ena e Khabane e tsamaisoa ka molao, e tsamaisa ,e tsamaise according to process.
HON. M. MALIEHE (Butha-Buthe): Lulang fatše.
HON. DEPUTY SPEAKER: Honourable Member for Butha-Buthe.
HON. M. MALIEHE: Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano, kea leboha kannete hau nkhauhetse hobane kannete ua mpona ke hauhile le ’na. Temana 3(a) e re u le Speaker u iketse pronounce hore na u amohela Motion kapa hau u amohele joale tse ling li tla latela. Re lebelletse hore hona joale kamor’a hore Setho se Khabane se u bontše litaba tsena ebe u etse announce hore ha u amohele Motion joale re tsebe ho tsoela pele ka tsamaiso. Ke eona ntho eo re e hlokang.
HON. DEPUTY SPEAKER: Kea u leboha, Mohlomphehi. Ke rata hore ke re it is unfortunate hore ebe ha batho ba bua ebe ba ka nahana hore ba ka buela hong. It is unfortunate, ha re bua re tla bua ka bonngoe joalokaha Mohlomphehi Mokhethoa oa Butha-Buthe a entse. Taba eo ke neng ke e hlalosa mona eo ke tla boela ke e hlalosa hape ke re, ke rata hore le nkutloe hantle mon, Ke re taba ena eo Mohlomphehi a batlang ho e etsa discuss mona ke nka hore eona ’na ha ke na ho e araba. Ke cho joalo. ’Na ha ke na ho e araba, ’me ke kopa hore re tle re etse tjena, re behelle li-emotion ka thoko, taba ena ehlile e tla arajoa. Ke hona moo taba eaka e leng hona teng.
HON. MEMBERS: When?
HON. N. MOHLAJOA: Point of Order!
HON. DEPUTY SPEAKER: Ke kopa u lule fatše. Honourable Members, ke kopa le lule fatše. Honourable Joang Molapo ke re u lule fatše.
Honourable Members, the House is adjourned until tomorrow….
HON. MEMBERS: Aebo! Absolutely not! [Lerata]
Adjournment
There being no further business upon the Order Paper, Hon. Deputy Speaker adjourned the House without question put, pursuant to Standing Order 16(2).
House accordingly adjourned at 14.55 p.m.