KINGDOM OF LESOTHO
NINTH PARLIAMENT
NATIONAL ASSEMBLY
DAILY
HANSARD
(Official Report)
THIRD MEETING
FIRST SESSION
Friday
12th February, 2016
(unrevised)
NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER
Friday, 12th February, 2016
The House assembled at 9:15 a.m.
(Rt. HON. MADAM SPEAKER in the Chair)
PRAYER
The Clerk led the House in Prayer
OBITUARY
Litho tse Khabane, le tla hopola hore qalong ea beke le ile la tsebisoa ka masoabi ka lefu la Setho se Khabane sa mehleng sa Ntlo, Me
Matanki Mariam Mokhabi le Setho se Khabane sa mehleng sa Ntlo ea Senate, Molula-setulo oa mehleng oa Lekhotla sa Sesole, ebile e le hlooho ea
Muso Major General Elias Phitšoana Ramaema. Kajeno joalo kaha le boetse le tsebisitsoe, Ntlo e etsa lipolelo tsa matšeliso.
Setho se Khabane M
e Matanki Mokhabi, ke ngoana oa matsibolo oa mofu Ntate Matlola Elia Montoeli le
Me
Mamahlape Blandinah Montoeli. O hlahetse Tšitsong Mphaki seterekeng sa Quthing ka La 27 Phupu 1954.
⦁ Ka 1965, a qala lithuto tsa hae Tšitsong Primary School, a qetella Quthing Higher Primary.
⦁ Ka morao ho moo, o ile a ntšetsa lithuto tsa hae pele St. Stephens High School Mohale
s Hoek. A fetela sekolong sa mosebetsi oa matsoho St. Elizabeth moo a ileng a fumana lengolo la Home Economics.
⦁ Ka 1978, Setho se Khabane M
e `Matanki o ile a kopanngoa ke lenyalo le Ntate Matlaletsa Mokhabi.
⦁ Ka 1982 o ile a ea koetlisong sekolong sa botichere moo a ileng fumana lengolo la Secondary Teaching Certificate (STC).
⦁ Ka 1985 o ile a ruta sekolong se phahameng sa `Maseribane, ea ba ka 1986 o se a ilo ruta sekolong se phahameng sa Mopeli.
⦁ Ka 1996, a boela a intlafatsa sekolong se Seholo sa Sechaba (National University of Lesotho), a fumana lengolo la Bachelor of Education (BEd.) ka selomo sa 2000.
⦁ Setho se Khabane M
e `Matanki Mokhabi o ne a khetheloe Lekhotleng la Sechaba a emetse lebatooa la Qhoali tlasa folakha ea Puso ea Sechaba ka Sechaba (LCD) ka mora lefu la Mohlomphehi Tlokotsi Belebesi. (Moea oa hae o phomole ka khotso).
⦁ M
e `Matanki o ne a nke kano lekhetlo la pele ka labone la La 28 Mphalane 2004.
Nakong eo e neng e le Setho sa Ntlo, Mohlomphehi M
e Matanki o ile a khetheloa ho ba; ⦁ Molula-setulo oa Komiti ea Bo-
Me ba Maparamente (Woman
s Parliamentary Caucus) e bopiloeng ka bo-m
e ho tsoa makhotleng le mekheng ea lipolotiki ka ho fapakana.
⦁ E ile ea ba Setho sa Public Accounts Committee (PAC) e leng eona e alosang tšebeliso ea lichelete tsa `Muso tsa sechaba.
⦁ E ile ea ba moemeli oa lefapha la Lesotho komiting ea phethahatso ea Liparamente tsa linaha tsa Mokhatlo oa selekane tsa tikoloho ea Africa. A representative of the Lesotho Branch in the Executive Committee of the Common Wealth Parliamentary Association (CPA) Africa Region.
⦁ Ke ka nako ena Setho se Khabane M
e `Matanki Mokhabi a ileng a emela Paramente ea Lesotho liphuthehong tse ngata ka ntle ho naha. Mehlala e seng mekae feela e kenyeletsa Africa Boroa, Zambia, Nigeria, Cameroon Fiji Islands le tse ling.
⦁ Setho se Khabane M
e Matanki Mokhabi o ile a boela a khetheloa ho emela lebatooa la Qhoali likhethong tsa 2007. Ka morao ho moo, a fuoa boikarabelo ba ho ba Motlatsi oa Letona la Thuto le Koetliso. Ha morao ea eba Motlatsi oa Letona la Khiro le Bosebetsi. Matona a makala ana ka bobeli a botsoa lipotso tse ngata haholo,
me ruri ba neng ba le teng ka nakong ea hae ba tla hopola hore M
e Matanki o ne a eba teng ka Lekhotleng ka mehla ho araba lipotso tsena. O ile a hapa lipelo tsa bo mphato oa hae haholo ke hona.
Me
Matanki ke m
e oa pele oa ho tšepeloa boikarabello ba ho emela lebatooa la Qhoali Paramenteng. Re tla hopola hore Bakhethoa ba lebatooa lena pele ho eena ebile bo ntate Bahlomphehi;
S. M. Letsie
L.P. Qoane,
V. Bulane
T.M. Belebesi
Athe kajeno teng ke Letona le Khabane Mohlomphehi M. Mokhothu.
Setho se Khabane M
e Matanki Mokhabi e bile Setho se matla kerekeng ea Chache (Anglican Church) moo e neng e boetse e le setho sa Mother
s Union ebile e le Lay-Minister.
Lefu le mokhaoletsa e se e le setho sa Komisi ea Bosebeletsi ba Puso ea Libaka (Local Government Service Commission).M
e Matanki o siea molekane oa hae,
me oa hae, barali ba babeli le litloholo tse peli. Moea oa hae o phomole ka khotso. Mofu Major General Elias Phisoana Ramaema eena ke ngoana oa hofela baneng ba bararo ba bafu Ntate Thuso le
Me
Malepota Ramaema. O hlahetse Ha Ramaema Mapoteng Berea ka La 10 Pulungoana 1933.
Ka 1947 ho isa ho 1952 a kena sekolo sa mathomo Sione High Primary. Ka 1953 a fetela Christ the King High School moo a ileng a etsa J.C, a etsa lengolo la botichere Pius XII College.
Ka La 31 Phato 1961, mofu o ile a kopanngoa ka lenyalo le mofu Maki Lithonako Phomane eo a ileng a rehoa Masechaba Ramaema. Lenyalong la bona ba ile ba sitsoa ka bara ba bararo. Ka 1957 o ile a ea Africa Boroa moo a ileng a sebetsa Steyn Gold Mines lilemo tse peli. Ka 1959 o ile a khutlela hae Lesotho moo a ileng a kena Sepoleseng sa Lesotho. Ka morao ho phethela koetliso ea mathomo (Recruitment Course), o ile a sebetsa mosebetsi oa sepolesa literekeng hofihlela a kenngoa ka sesoleng sa naha se neng se neng se tsejoa ka Police Mobile Unit (PMU). A phahamisetsoa maemong a phahameng kahare ho tšebetso ka tsela e latelang; Sergeant 01 May, 1968 Sun-Inspector 01 May 1970 Inspector 01 August 1971 Lieutenant 01 February 1974 Captain 01 August 1975 Major 01 September 1976 Lieutenant Connel 01 January 1978 Connel 01 October, 1979 Major General 19 June, 1991 Mofu Major General Ramaema o ile a khetheloa ho ba Setho sa lekhotla la Sesole (Military Council). Ka la 01 Hlakola 1986. Ka la 01 Phuptjane 1991 a phamisetsoa boemong ba Major General. O bile a khetheloa ho ba molula-setulo oa makhotla a mabeli, la Sesole le la Matona ho isa ka La 02
Mesa 1993 ha puso ea sechaba e boela tšebetsong, `me a nehelana ka marapo ho Tona-Kholo ea mehleng mofu Dr. Ntsu Mokhehle, moea oa hae o phomole ka khotso. O ile a tlotloa ka likhau tse latelang;
Police Medal for Gallantry (PMG)
Police Medal for Meritorious Service (PMMS)
Police for Long Service (PMS)
E le mokhoa oa bointlafatso karolong ea tšebetso, o bile boikoetlisong (Courses) ba karolo tse ngata tse kenyeletsang Refresher Course, Weapon Training, Platoon Commanders Leadership, Discipline and Field Craft Course, Staff Reporting Course, Warrant Officer
s Commanding Course le Store Keeping Course.
Kahare ho Sesole o ile a sebetsa mafapheng a fapakaneng a kang lipalangoang tsa Sesole e le molaoli teng (Transport Officer) oa mabotho mokhahlelong oa boraro (Company Commander). Ho ba mohokanyi oa tšireletso le boitšoaro (Coordinating Officer -Security and Discipline), a bile a ikarabella litabeng tsa tsamaiso.
Mofu o sebelitse Sesoleng sa Lesotho lilemo tse mashome a mararo a metso meraro (33 years), likhoeli tse tšeletseng (six months) le matsatsi a mararo (3days). A ea phomolong ka la 03 Mesa 1993. E ile ea eba Setho sa Ntlo ea Senate. Lefu le mokhaoletsa e le an Assessor ka Lekhotleng le Phahameng la Lesotho. Mofu o siea bara ba babeli, litloholo tse leshome le setloholoana se le seng. Moea oa hae o phomole ka khotso.Re ka kena lipolelong tsa matšeliso Litho tse Khabane. HON. L. Rakuoane (Minister of Home Affairs): Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ntumelle ke u hlomphe,
me ke amohele monyetla oo motho o fumanang oa hore re tlo fana ka matšeliso, empa mohlomong re boetse re tlotla bahale ba na ba babeli ba Lesotho ba sebelelitseng naha ena ea Moshoeshoe. Ke qala ka
Me Mamokhabi eo ke mo tsebileng nakong eo a neng a itukisetsa ho tla kahar
a Ntlo ha a ne a nyoloha mabaleng a lipolotiki koana ka mora lefu leo la Ntate Belebesi a ileng a ba mokhutšoanyane haholo Paramenteng mona. Ke ne ke teane le eena joalo kaha u itse e ne e le Setho se matla sa kereke, ha ke mo bontšoa re ntse re beha mekha ea rona eena a tsoa kerekeng. O ne a bile a apere liaparo tsa Bo-Mabana. E leng hore e ne e le Mo-Kreste e moholo empa ea lumelang hape hore litaba tsa naha ena li tlameha ho sebetsoa le ke bona Ba-Kreste. Ke ile ka
mona a le matla ikakhetse kahara lipolotiki empa le litabeng -tsa tumelo a ntse a le matla. Re bile le eena Paramenteng me ka bona
me ea matla oa moikokobetsi eo a neng a lula a thabile le lebonyo la hae e le letle haholo le khothatsang le ahang setsoalle, ke ka moo ke mo tsebileng ka teng. Mohlomphehi Motsamisi oa Lipuisano, ha ke akaretsa litaba tsa bo
me ba emelang lipolotiki, ke tseba hore na
me ha u nka taba ea litšenyehelo ea boiketo nako eo bo ralipolotiki ba e nkang, ke ee bone e le sebete se seholo seo re tsebang hore bo-
me hangata ha ba eme mabaleng ka lebaka la mofuta oo lipolotiki li leng ona. Ho sonngoa hangata, nako ena kaofela ba khahlanong le uena ba tla fumana mekhoa eona ea ho u buoa hampe. Ho tiisetsa litaba tseno tse kaalo tseo re tloaetseng hore ho fasana ka mekoetla. Empa hangata ho otlanoa ka liretse. Ho tiisetsa boemo bo joalo ho tloha kahara li-primary tsona tsa party ka bo tsona ho fihlela joale ha re se re qothisana lehlokoa le bao re ka reng ke ba lireng, ke mosebetsi ho etsa taba eo. Empa e kholo eo re e tsebang ke taba ena ea litšenyehelo tsa ho tsamaea re iketa. Re tseba hantle hore
me hangata ke motho eo ka sebopeho a etselitsoeng ho alama lelapa. Ho bolela hore li-resource tse teng hangata, bo-
me ba fapana le bo-ntate ka hore bona ehlile ba shebile ntho re ka reng ke ho pholosa lelapa la hae about the preservation of the family. Ha u sheba ka lehlakoreng le leng bo-ntate hangata, rona re le batho ba jalang, ke hore bao u ka reng ke ba community, ba tsamaea hohle mona ho thusa motho e mong le e mong. Le kahar’a lelapa ba joalo, ‘m’e o tla tseka hore li latoe li be haufi le bana ba hae empa u tla fumana hangata bo-ntate e se e le bona ba shebiloeng le ke lelapa hore ba il’o thusa kae-kae joale, ‘m’e a ntse a shebile, hore a ee lipolotiking moo ho hlileng ho fuparoloang ka bonngoe seo u nang le sona seo u reng u siisetsa bana joale u tlameha ho tsamaea u sheba ka ‘nqane. Ke mosebetsi o moholo oo ke reng hantle u ka ba ua u sheba e le contradiction kapa e le toantšoano ha o nka sebopheho seno seo ‘m’e a se etselitsoeng ho alama lelapa. Eona ntho eo ho thoeng ke instinct ea pele ke hore a alame lelapa, joalo bo-ntate ba tla ke ba qamake koana a be a se a ntse a re o shebile naha ena, a tlohe a se a re o loanela Afrika eena a ka tloha a shoela Afrika. Hela! Ke hore o siea bana mona o se a rakaletse a shebile hole koana joale ho na le ea shebileng bana, bona bana bao e leng sethopo sa ntate hore se tle se be teng kamoso ha eena a ntse a tsamaea a shebile hole koana, a be a re le lona lefatše lena nka tloha ka ba molopolli oa lefatše. E le hore ‘m’e a iphumane a le boemong bono ba hore joale a ee moo le eena a etsang mesebetsi e ‘meli, ea ho alama lelapa le ho bona hore le lelapa lena le ea phela, a be a re le naha ena, a be a re le Afrika hape joalokaha u hlalositse, ‘M’e, ka nepo e kholo hore na ‘M’e ‘Mamokhabi na o ile a emela naha ena le Afrika boemong bo feng, joale a takalatsa linthong tseno hore na ke mosebetsi o mo kae, ‘me kannete re tlotla taba eno. E le hore ke ‘ngoe ea litaba tseo bo-‘m’e, mohlomong ba fapana le bo-ntate ka eona tsela eno ea hore o etsa lintho tse ngata tse kholo tsa lelapa, joale le tsa naha a bile a ntse a tlameha hore a etse balance. E leng hore ke mosebetsi o moholo. Mohlomong tšebetso ena ea ‘m’e ba Basotho ea ho roala ngata le ho beha nkho leha e le ntho e boima hakaalo feela e etsa symbolise that balancing act eo mohlomong batho bao ekareng bo-‘M’e ‘Mamokhabi le bohle bo-‘m’e ba keneng mona moo re reng ho thata ba sebetsang teng. Ke ona matšeliso ao, ‘M’e, re ka mo felehetsang ka ona, ra tiisa ba bang lengole hore ba tsoelepele ba tiise tseleng eona eno hobane ba etsa mosebetsi o pharaletseng haholo. Joale ha ke tla ho Ntate Ramaema, kannete ba bangata re hlile re mo tsebile ka eona nako eno, haholo ka nako ea coup hobane ke hona moo ba ileng ba hlahella haholo bo-ntate bao e neng e le litho tsa lekhotla la sesole, empa o hlahelletse haholo ka 1991. Ntate Ramaema ha re tsebe ha ho se ho feroa ka history ena ea litaba tsa lipolotiki, feela kea tsebe ho ne ho qetoe beke ho so hlahelle motho ea nkang sebaka sa General Lekhanya ha a qeta ho oela. O ile a qetella a hlahile mohlomong re ka reng ke eena a concensus figure e ileng ea hlaha kamorao hore Ntate Lekhanya a oele hobane ho ne ho hlakile hore borabele bono bo ne bo entsoe ke masole a manyane ba ho tlosa bo-Ntate Lekhanya, Ntate Thabane le Morena Sekhonyana. Ba ileng ba mathela ka mose ka mono ba re ‘Muso oa South Afrika o tle o ba khutlise. Ka 1991 ho ile ha ‘na ha etsahala joalo, o ile a ba a sebeletsa IEC, ka 1994 o ne a sebeletsa IEC ha esale a tloha ka 1991 ka linako tsona tseno. Joale ntate Ramaema ha a se a hlahile e le eena moetapele, o ile a etsa limakatso tse kholo, ‘m’e, ke re le melaong feela, ‘muso ono oa ha eke ee ke re haeba ho ka ba le ‘muso o ka tšoanang le oo oa liphetoho tse kholo tse ileng tsa etsahala, ka nako e ‘ngoe tse hlolang le tseo re ntseng re li etsa hona joale re le ba-democracy. Ehlile ho na le melao eo puso eo ho thoeng ke ea Ntate Ramema e ileng ea e etsa e tebileng haholo. Ea pele e ileng ea etsahala e ile ea ba ho tlosa Order No.4. E leng hore ke moo a neng a bontša hore joale ha ho na mokhoa oo ho kannang ha tlangoa Basotho melomo, e leng e ileng e neng e ile ea hlongoa ke ‘muso ona oa sesole hore ho se ke be hoa polotikoa kahare ho naha ka mona. Ke eena ‘musi oa pele oa lesole a ileng a re batho ba bue maikutlo a bona, o ba lokolla e ntse e le tlasa puso ea sesole. Joale ke re hape hona lipolotiking mono ho ile ha hlakoloa molao oo esale o etsoa ka 1970, ha batho ba ntse ba re ba ile ba ea maximum lipolotiking tsa congress, hore ebe motho o ile a ea ka 1970 a ea koalloa ka mono ke ntho e kholo haholo. Ke moo baetapele ba congress ha ho buua ka bona eka ke bona ba le bang empa ba ne ba na le ba bang ba heso baetapele baka mono. Joale ho ne ho sebelisoe molao mona oo ho neng ho thoe ke Suppression of communism. E leng hore ma-congress ha a tla tšoaroa a koalloe ka 1970 a ne a bitsoa makomonisi, lentsoe le teng la sekhooa le reng, give a dog a bad name and then you kill it. Ke tloaetse ho etsa khang le boralipolotiki ba heso ba ma-congress ke ba joetsa hore ke ile ka loantšoa hothoe re makomonisi e le hore le hle le tsebe ho khakhathoa hantle. Joale Ntate Ramema o ile a tlosa molao ono, e leng Order eno e neng e ile ea etsa hore batho ba hlotholoe litelu, ba bang ba beta bana mahlong a bo-ntata bona ka 1970 eo batho ba bang ba ikutloisang bohloko ha ba baleha hona joale, ke lintho tse entsoeng under ntho eo ho neng ho thoe ke Suppression of Communism ka 1970. Ka hona Ntate Ramaema o ne a fihle a tlosa molao ono oo ho neng ho hatelloa Basotho hothoe ka makominisi, ke hore baitseki ba naha ena ba ne ba bitsoa makomonisi. O ile a fihla a o tlosa molao ono oa hore batho ba ka nkeloa thepa, ho ka chesoa liphahlo hobane liphahlo tsena tsa ma-congress ka nako eno li ne li bitsoa tsa makomonisi joale ebe li se li chesoa. Le lipampiri tsohle tse belaetsang ha ho ne ho thoe ke tsa bokomonisi e ne e le hore li tlosoe, li chesoe, le libuka tse itseng kahar’a naha ena, ‘me o ile a fihla a hleka litaba tsena. Empa kannete o ile a tloha boemong bona ba lipolotiki a theohela tlaase bathong moo a qalileng teng. Moo Ntate Ramaema a qalileng teng, ‘me it’s significant, ‘M’e, hore ebe re mo paka ‘moho le ‘M’e Mamokhabi. Ea pele bo-‘m’e ba neng ba nyetsoe ba ne ba sa fuoe li-pension leha e le mohlanka oa ‘muso. Taba eno e ile ea bolaoa ke regime eno kapa ‘muso ono oa Ntate Ramaema, eaba o bolaea litaba tseno tsa hore ebe bo-‘m’e hobane hothoe ba nyetsoe, ha ke tsebe hobane’ng ha ba ne ba sa tlamehe ho ba le pension bona kapa pension e ne e fumanoa ke bo-ntate feela e ne e le ntho e illogical feela, e ne e le teng e hlakotsoe ke Ntate Ramaema ka 1991 taba eno. Empa joale a teba le ho feta, ‘M’e, moo ke batlang ho liella litaba tsa hae tse kholo, tsena tsa democracy ba tlang ba tla tla ba bua ka tsona, ke li habantse feela. Molao oa mobu ha ntate a ne a hlokahala, e ne eba ‘m’e e se e le mobaballuoa feela ho mora oa hae e moholo. Ke hore o ne a sala ka ntho e neng e bitsoa a usur-fruct right, ke hore ea hore a lule a ntse a baballetsoe joalo ho fihlela a hlokahala feela thepa eno ho se ho tsejoa ka molao hore ke ea mora oa hae a moholo. E leng hore o ne a fetoha ngoana le ka thepa feela eno eo monna oa hae a mo siileng le eona hore na ke liphoofolo le eng, e se e le motšoareli, o se a ka ea khotla a ba joetsa hore mora oa hae ea moholo o oa senya ebe o mo kenya nyeoeng, ha re thepa ena ke e ka o ne a mpa a re feela o siea thepa tseo a li baballetsoeng, e leng hore Basotho ba ne ba ntse ba na le paballo, e leng hore bo-‘m’e ba ne ba sala paballong ha banna ba hlokahala. Empa ka 1991 ho ile ha thoe she is a title- holder, ‘muso oa Ramaema oa be o re, o se a tšoara title eane ea monna oa hae, E teng order e ileng ea etsoa. Rona kannete re ile ra fetola tse ling mona ha re se re khannoa ke ma-America re shebile le MCC, ke hore ha ke sure hore na re ne re tla sebetsa ha bonolo hoja ebe e ne e se ka ho sutumetsoa ke ma-America. Ntate Ramaema ka puso eno ea hae o ile a fa bo-‘m’e li-title ho banna, ke ‘nete morao tjena e ile ea ba re se re re b aka tšoara title e itseng empa ka nako eno ho ne ho hlile ho nka mora. Ka 1991 eaba ho thoe… ke ile k aba ka hloka nyeoe. Ke cho tjena hobane ha ke e lebale hobane ho na le nyeoe eo morali a neng a fuoe setša ke ‘mae le ntatae, joale ha ba hlokahetse joale ba lelapa ba se ba re ke bona ho latela molao oa Sesotho. Eaba ke fihla ke e qhala ka order eno hore ‘m’e o se a na le title holder o se a bile a ka supa mojalefa. O ile a bile a ea pele hore o se a bile a na le tokelo ea ho supa mojalefa ka lebaka la order e ileng ea tsoa ka 1991, e ileng ea etsoa ka nako eno ea Ntate Ramaema. Litaba tsena kea tseba ha ho s’o be nako eo li buuang ka matla a maholo, ‘me ehlile e teng melao e ka sutjoang e ikhethileng, e entsoeng ka nako eno ea ntate Ramaema, eo ke reng le rona Pusong ea Sechaba ka Sechaba kaha re se re tšaba li-vote mane, ho ne ho se bonolo hore batho ba ka aba hoja ra se ke ra sutumetsoa ke ma-America ha re shebile MCC, ho ka ba ho sa ka ha tsamauoa haholo. Ka hona Ntate Ramemae o ile a sututsa litaba tseno, e bile lesole le ikhethileng haholo le tlamehang ho lula le ntse le tlotloa kahar’a naha ena. Ke tena ke khobotla lintlha tsena, ‘M’e, hobane ke re litaba tsena li ke li kene fatše ho tsejoe hore na Ntate Ramaema le bano bao a neng a e na le bona kapa ba neng ba liea ‘muso, ona masole ano a manyane hobane taba eno ea masole ano ke eona e ntseng e bakile litaba tsa 1994 ha ba ntse ba arohane ba ntse ba tsekisoa hore na 1991 le ne le etsa eng. Litaba tseo ha li ka ba tsa fella mono, litaba tsa bona li ile tsa lia ho fela empa ke ne ke re ke ka moo ho leng kateng. Ka ‘nete re tšelisa Motlotlehi, ‘M’e, ka ho lahleheloa ke masole a mofuta ona oo re o supileng mona oa batho bao a neng a e na le bona. Ka ‘nete le lefung lena Motlotlehi o ile a ba teng le eena Mohlomphehi Tona-Kholo ka matla a maholo, ka
nete rea ba tselisa ba le babeli. Ba ile ba itselisa ba feela ba moloka. Re ile ra thaba ka
nete. Rea ba u tselisa Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ka Matlo a na a mabeli rea a tselisa. Re tselisa Maparamente. Re tselisa le malapa ao a lahlehetsoeng ke bahale bana empa bao ka
nete ba siileng history eo re tlang ho ithuta ho eona e le hore le ha re ntse re feeloa, re ntse re hetla historing mane hore ba feela ba re sietse letho.
Ka mantsoe ana, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke re kea leboha. Meea ea bona le ea balumeli bohle e tle e phomole ka khotso.
HON. K MATHABA (Minister in the Prime Ministers Office): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ka sebaka seo u mphang sona hore re ke re be le mantsoe a matseliso ka linatla tsena tse peli tse ueleng moleng oa ntoa, moo ntoa ea bophelo e ntseng e loana hona teng. Ke mpe ke qale, Mohlomphehi, ka hore ke re ke uele litabeng tsa Mohlomphehi
Matanki Mokhabi eo motho u mo tsebileng nakong eo ebang setho sa Paramente ka selemo sa 2004, seo u seng u buile ka sona, Mohlomphehi, ha u beha litaba tsa hae mona.
Ho tloha hoba ke tsebile Mohlomphehi Mamokhabi, Setho se Khabane ke mo tsebile e le motho oa boikokobetso, motho ea neng a bonahala e se motho ea ratang mefere-fere kapa tsona likhang empa e le hore tsebetso ea hae ehlile e
meile ho na moo ho pheoang likhang ho na teng. Katamelo ea hae litabeng tsona tsena e ne e le ka mokhoa oa boikokobetso ka mokhoa o makatsang ha a ne a atamela litaba tsa lipolotiki. Le ha e ne e ba ho fihla nako ea hore ho be le khang e matla ka hare ho Ntlo, Mohlomphehi Mokhabi o ne a eba tsietsing e tsabehang. Le ha u ka ba oa fihla ho eena u ne u tla fumana e le motho eo a ntseng a re “ha re rarolleng litaba ka khotso re se ke ra tlisang tharollo ka mokhoa oa likhang kapa ona o ka re memelang mefere-fere.” Ke m
e eo ke reng ke tsibile e le motho oa pelo eo e neng e sa rate litaba tseo li ka tsa utloisang ba bang bohloko. Ke sebopeho tseo ke mo tsebileng ka sona ka ka nako ena eo re bileng le eena tsebetsong mona.
Empa, Motsamaisi oa Lipuisano, ha ke fetela ntleng engoe hape, ea boemo ba hae e le motho bo bontsang matla le boitelo thomong eo aneng a e etselitsoe ke sechaba sa habo, sa lebatooa la Qhoali, ho ema o emela likhetho mabatooeng a kang ano a bo Qhoali, Hloahloeng, Mantsonyane, Senqu, Thaba-Tseka le Ketane, ke mabatooa a thata haholo ho a tsamaea. Empa ha o ka sheba mabatooa ana ao ke buileng ka ona o tla fumana hore ho eme bo-
me,
me ba tlile le ona. Ho tsamaea ka hare ho ona eba leeto le thata ka mokhoa o makatsang. M
e Mamokhabi ke oa ba bang ba kileng ba ema ka hare ho lebatooa leno la Qhoali ea ba o liea banna ba neng ba eme le eena mono. Taba eno ke sesupo sa matla a motho ao aa bontsang ka nako eno ea boiketo. Taba eno e supe feela, Mohlomphehi, hore e ene ehlile e le motho ea matla ea itelang ha a etsa mosebetsi oo a neng a lakatsa hore a tle ho emela kapa a etelle sechaba sa habo pele ka oona.
Kea kholoa, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ea ho qetela litabeng tsa hae e ntse e le taba eane eo ke buileng ka eona ea boikokobetso, le ho na joale matsatsing ana ao bophelo ba hae bo tlang ho feela, ke motho eo e neng e ee ere moo re kopanang teng e be o ntse a lula a bua ka taba ea hore re mpe re be le mamellano, re be le tlhomphano le boikokobetso mosebetsing ona oo re leng ho ona oa ho etella sechaba pele.
Empa kaholimo ho tsohle, o ne a ee a re ba ntse ba re beha ka lithapelo ka linako tsohle moo ba rapelang teng. Ke taba ena e buuang ea bolumeli ba hae kerekeng ea habo hore ehlile ke motho ea neng a sekametse haholo tumelong. Ka ho rialo ke lumela hantle hore litaba tseho o ne a li bua hobane a ne a ena le tumelo ea hore ka thapelo eno eo ba ntseng ba e etsa ea letsatsi le letsatsi, puso ena e tla tseba hore e be le katleho le bophelo ba lilemo tse hlano tseo e lokelang hore e li phele.
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke mokhoa kapa ke sona sebopeho seo ke tsebang M
e Mamokhabi ka sona, le ho feta moo ke lintlha tsena tseo u seng u li beile tsa boikarabello boo a neng a bofuoe ba hore e be ebile motlatsi oa Letona makaleng ana a mabeli, eo aneng a araba lipotso joaloka ha u bolela ka hare ho Ntlo ena ka mehla. Taba eno re lipaki tsa eona, re hlile re e bone hore o ne a hlile a etsa mosebetsi ono o joalo ka bokhabane. Ekasitana le kantle linaheng tseo a neng a ntse a emela Paramente ea Lesotho, re bone mesebetsi ea hae, hona ho Commonwealth Parliamentary Association (CPA) moo, ebile li-forum tse ngata tseo ho kopanoang ka tsona Lesotho mona e le Setho le Ntlo ka boeona feela. Litaba tseo a neng a li teka a li tekela Litho tse Khabane e ne e le litaba tseo motho u utloang hore litsoa mothong ea hlakileng ea ikemiselitseng ho sebetsa le ho phethahatsa thomo eo a e filoeng ke naha ea habo.
Ke mpe ke fete, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke fetele ho Major General Phisoane Ramaema, eo ba bangata re mo tsebang ka lebitso la hore ke koloi e mona e senang likere tsa morao. O ne a re koloi ea hae ke ea kere tsa pele feela ha e sana reverse. Ke hobane joale ho ne ho fihlele nako ea liphetho me ba bangata ba lebeletse hore lietsahale. Joale ba bang ba re a fetole maikutlo a seke a neha kapa a fana ka puso hore joale ho uoe likhethong tseo ka tsona li tlang ho re tlisetsa puso ea sechaba ka sechaba. Moo Ntate Ramaema, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ebile borokho boo re tsetseng ka bona ho tloha Ekhepeta ho ea Kanana. Leeto leo le tsamauoeng naheng ena la lipolotiki, ebile le bolutu ka mokhoa oa makatsang ho tla fihla selemong seno seo Ntate Ramaema a neng a nehelana ka lesokoana la puso joale a re ho uue likhethong tseo ka tsona ho tlang hore sechaba se ikhethele
Muso oo se lakatsang hore e be ona o se busang. Ke litaba tse bolutu ka mokhoa o makatsang tseo re li tsebang tse ileng tsa etsahala. Kajeno naha e pusong ea sechaba ka sechaba, batho ba bua ka mokhoa oo ba ratang kateng, ba etsa ka moo ba batlang ho etsa kateng ba re ba etsa exercise their rights. Litulo ke tseno ha li na batho ba li lutseng ke bolokolohi bona bo teng boo kajeno sechaba se sesang ka hará bona. Bolokolohi bona bo etsa hore batho ebe ba etsa liketso tsa mofuta ona. Ha e ne e le mehleng ea pele Ntate Ramaema a nehelana ka lesokoana leno la bolokolohi bona, litaba tsa mofuta ono li ne li ke ke tsa etsahala. Ha u ne u qala u hana tsamaiso, ha hlooho ea ‘Muso e re ho uoa bochabela joale uena u ea Bophirima, u ne u tla tséla noka u furalle Lesotho hobane a ne a tla be se a ntsítse koepere a nomora motho.
Litaba tseno re fetile ho tsona ka lebaka la bo-Ntate Ramaema, re mona moo re teng kajeno. Ka hona, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, rea leboha hobane re bona menyabuketso ea hae leha e le mona a re sihile tjena.
Likhau tseo a neng a na le tsona kapa a ileng a li fumana e ne e le ka lebaka la boiphihlelo ba hae. Ekasitana le li rank tsena tseo u li lokolisitseng ka bokhabane, Mohlomphehi, tseo a li fihletseng ho tla fihla ho ena ea Major General eo lefu le mo khaoletsang a ntse a le ho eona, ke sesupo sa matla le boiphihlelo ba Ntate Ramaema.
Ka mantsoe ana ke kopa ho ts’elisa Lekhotla la LCD, ke tsélise Moetapele oa lona Lekhotla leo ka eona tahlehelo eo, ke u ts’elise ke be ke tsélise ‘Muso oa Motlotlehi ekasitana le eena Motlotlehi ka kotloloho. Le ho Ntate Ramaema ke ntse ke rialo joalo ka ho ts’oana le Litho tse ling tse Khabane, ke re ke ts’elise matlo a mabeli a ketsa molao le batsamaisi ba oona ekasitana le bookameli ba sesole sa Lesotho hammoho le Hlooho ea Naha le malapa ao bafu ba tsoang ka hare ho oona. Le ts’elisehe ka tahlehelo ena ea linatla tsena tse kana-kana, empa leha li ile, li re sihetse lefa, li re sihetse khotso le tsoelopele ka hare ho naha. Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. M. MOLEFE (PR): Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, le ‘na joaloka ba bang ke re ke ts’elisa Motlotlehi, ‘Muso, ke tsélise le uena Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, Ntlo ena e Khabane le Ntlo e ka holimo ea Senate ka tahlehelo ea Litho tsena tse Khabane tse re sihileng lefatséng lena le ka koano. Ke tla qala ho bua ka mofu Ntate Ramaema. Ke ile ka tseba Ntate Ramaema leha ke ne ke sa mo tsebe sefahlehong, empa ke ile ka mo tseba ka mesebetsi ea hae ka nako eo a neng a etella Lekhotla la Sesole pele. Ka nako eno e ne e le ka mor’a hore Sesole sa Naha ena se hlokomele boemo boo naha ea Lesotho e ntseng e tetebela ho bona ka lebaka la puso e neng e le teng ea ka nako eo e leng ea BNP. Sesole se ile sa namolela Basotho ka selemo sa 1986 ka ho phamola puso ka mabaka a neng a utloahala a hore ruri Lesotho le se le phela ka hare ho lefifi ha ho sa na puso ea sechaba ka sechaba e neng e ile ea timela ka morá likhetho tsa 1970.
Masole a Lesotho joaloka bana ba naha ena ho ile ha fihla ho bona ka nako eo hore ba etse qeto ea hore kannete ba bule tsela. Ho tloha ka selemo sa 1986 ba bang ba rona re ne re ntse re le banyenyane lilemong empa lipolotiking re ne re se re le baholo. Ke ne ke le moholo lipolotiking hobane ho ne ho se na ntho eo ke sa e tsebeng. Joaloka ngoana ea ileng a hlahela ka hará lelapa la lipolotiki la batsoali ba neng ba rata congress haholo, ke ile ka e rata le ‘na, ‘me ka hola ke le lona. Ha ke se ke fihlela lilemo tsa ho ba le tlhalohanyo ea litaba, taba ena e ile ea tota ho ea pele ka hore hore ebe ke ile ka ba le lehloeo le leholo ho ‘Muso ono. Ke ka hona ka ileng ka tseba litaba tsena tse ileng tsa etsahala ka bo 1986 le ha ke ne ke le monyenyane lilemong hakaalo, empa ke ne ke se ntse ke le ‘m’e.
Ke hopola ke selemo seno sa 1986 ha se-ea-le-moea se phatlalatsa hore ‘Muso oa mofu Morena Leabua o oele, ke ne ke pepile ngoana oa ka ea neng a le lilemo li peli ka nako eno. E ile eaba thabo e kholo ka hare ho naha ena ho ba sa kang ba tseba taba eno. Joale empa rona ba neng ba se ntse ba lula Maseru mona, re ile ra pepa bana ra tla re matha teropong ena ea Maseru. Ke ne ke bone ho se na Mosotho ea neng a sa thaba, ‘me ke moo ke ileng ka ipotsa hore na Manashenale na e se ntse e le ntho e teng ha eka re thabile kaofela tjee. Ha ke batle le ho bua halele ka ho lokolisa boemo bo neng bo le teng ka hare ho teropo ena ea Maseru ka nako eno.
Ke kopa ke titime ke tle litabeng tsa mofu Ntate Ramaela. Ha ke na litaba tseo nka reng ke tseba Ntate Ramaema ka tsona ka botebo, empa ke mo tsebile ka ona mosebetsi ono oa hae joalokaha ke ile ka bolela. Ho ne ho ile ha etsahala linthonyana tse ngatanyana ka hare teropo ena ea Maseru. Ke hopola ka letsatsi le leng ho balehuoa ka har’a teropo ho tloha Queen II Hospital ho ea holimo setopong koana ho thoe Maburu ke ao. Ha ke se ke utloa ho thoe ho ne ho ile ha etsahala hore ebe sesole se se se potapotile Government Complex e leng nakong eo ho neng ho bonahala hore – Mohlomphehi ke kopa ts’oarelo ke mpe ke khutlele litabeng tsa ka.
Joalo kaha Litho tse Khabane li ile tsa bolela, Ntate Ramaema e itse ha kena pusong mona taba e kholo ea hae ebile hore koloi ea hae ha e na reverse. E ne e le hobane masole a ne a ile a hlokomela hore Major General Lekhanya taba eane eo a neng a re o batla ho isa Lesotho pusong ea sechaba ka sechaba ho se ho le thata ho eena ho theoha setulong. Eaba masole a etsa qeto ea hore a bea motho ea tla phethisa litaba tseno e le hobane le linaha tse kantle li ne li se li tlatsitse lerata ka taba eno ea hore na ho uoa neng pusong ea sechaba ka sechaba. Ka eona nako eno ke ile ka tseba Ntate Ramaema ka hore ebe o ile a ntsá koloi ea hae likere (gear) tsa morao e le hobane a ne a hahamalletse pele hore Basotho ba khutlele pusong ea bona ea molao.
Taba ena ea hore ebe mofu Ntate Ramaema o ile a betefala hore a phethahatse taba ena, leha ke se ke sa nepe hantle, kea kholoa ‘Muso oo a neng a o etelletse pele ke oona o ileng oa theha Lekhotla la Popo ea Molao oa Motheo, hobane kea tseba hore le ile la theoa ke ‘Muso oa Sesole leha ke se ke sa tsebe selemo hantle hore na e ne e le ka selemo se fe. Ha re se re khutla likhethong re ile ra bona neheletsano e ntle haholo ea puso e ileng ea etsoa ke eena mofu Ntate Ramaema ka hona e itse leha Ntate e se e le Setho sa Senate, re ile ra hlokomela ba bang hore ruri ’Muso oa rona o ntse o hlokomela bohlokoa ba hae ba mosebetsi oo a ileng a o sebetsa ka bokhabane haholo nakong eo a neng a eteletse puso pele.
Ha ke buile hakaalo ka eena, ke kopa hore ke re ke tšelisa lelapa la hae joalokaha ke tšelisitse ba boholong, ke tšelise bana ba hae, esita le batho ba sebaka sa ha habo.
Ke fetele ho ’M’e Mamokhabi. Ke re ke tlotla e kholo ho utloa hore ’M’e ’Mamokhabi ebile ’m’e oa pele oa ho emela likhetho Lebatooeng la Qhoali. Sena se paka hore eena feela e le motho, e ne e le motho oa bohlokoa eo Ntate Morena Molimo a ileng a mo tlisa ka hare ho sebaka seno, ka hare ho lelapa leno. ’M’e ’Mamokhabi ’na ha ke qala ho fihla Paramenteng mona, ka 2009, ha ke qala ho mo tseba. Ke ne ke bona e le ’m’e ebile e le Motlatsi oa Letona la Thuto ka nako eno. E ne e le ’m’e ea bonolo, ea bonolo leha a bua, ka lentsoe le bonolonyana tjena.
Lipolotiking mona, hangata batho ba teng ke batho ba lerata, bao mohlomong motho a ka bang a khethoa ka lebaka la hobane mohlomong lentsoe la hae le batla le phahame haholo ha a bua. Empa ’M’e ’Mamokhabi ha hoa bonahala e ne e le motho ea nang le lentsoe le ka phahamang mohlomong ha a se a bua lipolotiki tsa hae hore ebe sechaba se ile sa mo utloa, eaba se bile se mo khetha ka boemo bono.
’M’e ’Mamokhabi o khethiloe ka lebaka la makhabane a hae ao ho bonahalang a ne a ena le ’ona bophelong ba hae le sechabeng sa ha habo hore ebe se ile sa mo tšepela boemo mono. Ke lumela hore ehlile o ile a khothaletsoa feela, ha e le ho iketa hore a ka emela likhetho ha ke lumele e le litaba tsa hae hobane ke bone e le motho ea neng a le bonolo haholo; ke hore bophelong ba hae boo a bo phetseng ho tloha nakong eo re neng re mo tseba rona ba bang. ’M’e Mamokhabi ke mo tsebile haholo ka hare ho lekhotla la haeso la LCD ho tloha ha e ne e le ramatlotlo oa Komiti e Kholo ea Mafumahali. Ebile motho ea matla haholo ka hare ho Komiti eno. Leha litaba li ne li bonahala ka nako e ’ngoe li sa tsamae hantle, ’m’e o ile a ’na a ikemela ’neteng ea hae, ka bona bonolo bona bono ba hae.
’M’e ’Mamokhabi o ile a boela a khetheloa ka hare ho lekhotla la heso, ea eba mookameli oa lekhotla la mafumahali la LCD. Ke motlotlo ho bolella Ntlo ena e Khabane hore setulo sena ke se amohetse matsohong a ’M’e ’Mamokhabi sa hoba Mookameli Komiting ea Lekhotla la Mafumahali. Ho amohela boemo bo joalo, ho motho ea joaloka ’M’e Mamokhabi, ea moholo hakaalo-kalo, le ka utloa hore na ke ne ke fokotse hakae hobane ’na ehlile ke ne ke fokola. Ke ne nkeke ka ipapisa le motho ea kang ’M’e ’Mamokhabi hore setulo seo a neng a se lutse nka iphumana ke se lutse. Leha ho le joalo, ke ka mokhoa oo ho etsahetseng.
’M’e ’Mamokhabi mosebetsing oa hae oa ho ba Motlatsi oa Letona la Thuto, re ile ra bona tse kholo ka hare ho lekala leo. Eo nka ka e supang ka kotloloho, ke hore tšebetsong ea hae le Letona ’M’e ’Mamphono ka nako eno, ho ile ha etsoa molao oo ruri e leng seemahale se ke keng sa heleha kapa sa heletsoa ke mang kapa mang ka hare ho naha ena, oa molao oa thuto ena e sa lefelloeng ke batsoali eo ngoana e mong le e mong a tlamehang ho ea sekolong. Eba lelapa la habo le kojoana-li-mahetleng, eba lelapa labo le boemong bofe kapa bofe. Re ile ra bona tšebetso e matla ha ho ne ho etsoa molao ona ha kare ho ntlo ena ’m’e ’Mamokhabi e le karolo, e le Motlatsi oa Letona ka nako eno. Ha ke ntse ke ea pele,’M’e Mamokhabi joaloka le-congress, hona e ne ntse e le sesupo sa hore e mong le emong a ithute hore congress ha ho na moo e hlabanang teng le bo Kreste. Leha Ma-congress a ne a rehelloa hore ke makomonise ha a batle Molimo le baetapele ba bona ha ba batle molimo.
’M’e ’Mamokhabi, e le le-congress a sebetsana le mosebetsi oa lipolotiki, o ile a sebetsa le ka hare ho kereke ea Ntate Molimo eaba o apara kobo ea bo-’M’e e kholo ea Mother’s Union. Hona e ne e le ho bontša hore polotiki ea congress ehlile e sebeletsa Molimo hobane e sebeletsa ’nete. Lintho tsena tse peli ha li hlabane ho batho ba nang le maikutlo a hore bapolotiki ke batho bao e seng ba Kriste kapa ba sa rateng litaba tsa Ntate Molimo.
Ha ke lihella, nka paka ’M’e ’Mamokhabi ka botle ha hae. E ne le ’M’e e motle haholo litšobotsing tsa hae. Ke motlotlo hore ebe ke ile ka tseba hore o motle tjena hobane e le ngoanan’a oa Mohlakoana. Joale le ’na ke Mohlakoana, kea bona hore bahlakoana ehlile ka batho ba batle…[Litšeho]…. Ke ne ke thabile haholo ha re ne re pata ’M’e ’Mamokhabi, ke utloa hore ke Mohlakoana ke re “ache ke ne ke makaletse botle bo bokana-kana, ke hobane ke ngoanana Mohlakoana motho enoa.” Rona re batle Bahlakoana, le hona ba basetsana hae! Le hoja ba bang ba ee ba re rehelle ka hore Bahlakoana ba laela banna, ke bona botle bona joale banna ba rona ba re mamela ha re hlaha ka litaba tse ntle hobane re be re le batle, re be re li etsa re bile re ntse re boso-bosela tjena.
Ka hona ke kopa ke tšelise, joalokaha ke se ke tšelisitse boholo, ke tšelise lelapa la ’M’e ’Mamokhabi, lelapa la bo, ’M’e oa hae ea ntseng a phela, eo ke ileng ka bona e le litšobotsi tse tšoanang feela ka hare ho lelapa leno le bana babo, e le batho ba batle bo hlollang. Ke tšelise Lekhotla la heso la LCD, ke tšelise moetapele oa rona le kereke ea habo ea chache. Mokhatlo oa ha habo oa Mother’s Union. Ka hona ’M’e ha ke buile hakaalo ke re moea oa hae le oa balumeli bohle o phomole ka khotso mohaung oa Molimo.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Setho se Khabane sa Makhaleng. Che le se ke be la re ke se ke shebile bahlakoana feela, khale a ema.
HON. M. S. LEHATA (Makhaleng). Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano ho fumana monyetla ona. Ke be ke lebohe hore u oa tseba hore ke mohlakoa, ehlile ke nkane. Ke kopa le ‘na ke fetise matseliso a ka ho bafu bana ba babeli bao naha ea Lesotho e lahlehetsoeng haholo ke bona. Bao ba nang le pale e kholo ka hare ho naha ena ea Lesotho. Bao ba sebelelitseng sechaba sa Basotho hantle ‘me ba siileng mehlala eo re ka ra e supang ea hore ebe ha re lihlong ho bua ka bona le ho paka makhabane ao b’a entseng nakong eo ba ntse ba phela. Ke leboha monyetla ona oo fumaneng Mohlomphehi.
Ke batla ho qala ka Setho se Khabane sa mehleng sa Senate Ntate Ramaema, ke se ke ka re Major General Ramaema. Empa ha ke sa le moshanyana a lilemong tsa bocha ba Lekhotla la Mahatammoho kamorao hore Order No. 4 e hlakoloe joale ho uoa mabaleng a lipolotiki, ke ne ke tseba lebitso Ramaema ke sa tsebe monga lona. Ke lesole la pele leo ha ho ne ho uoa likhethong tseno party e ‘ngoe le e ‘ngoe e ne e bina ka ena, hantle e seng hampe. O ne a amoheloa ke li-party tsohle tse batlang ho ea likhethong. Ba beise ba likhetho ka 1993 ba bang ba bona ba ne ba re fela “Ramaema a bule liheke re se ntse re kokota”. Ke hopola Mahatammoho a ne a cho joalo hore re se ntse re kokota bula liheke. Hobane ho ne ho bonoa lesole le pholosang naha ea Lesotho, lesole le tlil’o tla le fa Basotho bolokolohi, lesole le bulelang puso ea sechaba ka sechaba. Indeed o ile a etsa joang. O pale lingata ba bang ba buile ka hore o ne a re ea hae ha e cheche. Ha tsa ba bang li ne li se li checha. Ke hore ebe …sesole ke hobane a neng a khanna pele le bo moetapele oa Bohanyetsi, ea bona e ne e sa ee likhethong e ne e rata ho ema e checha ho feta ho ea likhetho. Ke hore re ne re na le batho ba sa rateng puso ea sechaba ka sechaba. Le hona joale ha ba ntse ba le teng re ke be ra ba le phomolo hohang , ba tla nne ba e loants’e.
Ntate Ramaema e ile ea ba mohlala ono a ile a iketsa sehlabelo sa hore ebe Lesotho le mona moo le leng teng le busoa ka puso ea sechaba ka sechaba. Paleng eohle eo bohle re e tsebang hore na ho etsahetseng ho tloha 1970 ho fihlela 1991 le 1993 ha ho uoa likhethong ‘me taba ea lilemo tse ngata tseno tseo li senang puso ea sechaba ka sechaba ebile challenge e kholo naheng ena eo e tla tsoa ka mora nako. Le hona joale re ntse re na le batho kapa re ntse re kotula ntho e neng e jaloe ho tloha 1970 ho fihlella 1993…Ho ntse ho na le batho ba ntseng ba na le ho nahana hore naha e ka se busoe kantle ho puso ea sechaba ka sechaba. Ho ntse ho na le batho bao ba ntseng ba lella monate oa ho busoa ka likhoka ho feta sechaba ho ikhethela hore na se khethile bo mang hore ba se buse. Batho bano ha ba ntse ba le teng ehlile naha ena e tla nne e hloke botsitso tjena ho fihlella khale. Eleng hore Ntate Ramaema ke e mong oa bahale bao re ba ka ba etsetsang lifika tsa ho ba tlotla joalo ka bo Morena Moshoeshoe hobane o ile a kopanya sechaba sa Basotho a se fa tokelo ha se ne se fasitsoe molomo re sena tokelo ea ho buoa, re sena tokelo ea ho etsa eng kapa eng. Ho ne ho busa ‘musa-nosi le lelapa la hae le bohle ba neng ba khema le eena, ha ba bang bona ba ne ba phela joalo ka linyamatsana.
Ke fete ke tle ho khaitseli ea ka Ausy Matanki. Ausy Matanki e ne e le khaitseli ea ka joalokaha Ntate Pheko a batla ho cho joalo. Ba bang ha ba tsebe taba ena hore re ne re amana tjena feela joale ke ne ke sa mo tsebe. Ha a fihla Paramenteng mona o ne a fumane ke le sieo ka 2004, ke ne ke tsoile ke le kantle ho naha. Ha ke fihla ke fumana a lutse pela ka joale ke sa mo tsebe joale …ha ke re Paramente ekare re lekala kaofela joale ke re “hae uena! Ha o tlo nlumelisa keng?” joale a ntjeba hampe tjena. Ha ke re e ne e le Tichere, joale ke re “oh, tichere o bona eka ke ngoana oa sekolo, o re ke ngoana mang a tella hakale” o ne a sa tloaela bophelo bona ba Paramenteng mona. Ebe ha re ‘moho tjena o oa mpaleha kea bona o ntse a re “ngoana a seleng eo”. Joale kea mo khathatsa ke re “hae uena, ho thoeng o mang? O re o Qhoali?”. Eare ha re se re tsebana eaba e ba khaitseli ea ka ka hore re bahlakoana ebile habo o na le moena oa hae a bitsoang Mootsi joale taba eno ea etsa hore re utloane haholo.
Joale ke na le lerato la hore batho ba bacha Paramenteng mona ha ba fihla ebe kea ba rata haholo ba fihlang Paramente e se ntse e tsoelapele. Kea ba atamela ke ba rutena Paramenteng ho etsoa joang, ho thusana le bona hore ba utloisise bophelo ba Paramente. Taba eno le ho eena e ile ea etsahala joalo ea hore ebe re tsamaea leeto la ho rutana litaba tsa Paramente le tsa bophelo kaofela hobane re ne re se re le bana ba motho
Batho ba bangata mona ke utloa ba ntse ba buoa ba re o ne a le bonolo. O ne a buoa ha bonolo empa a se bonolo. ‘M’e Matanki Mokhabi e ne e se motho ea bonolo ho hang. O ne a ka bua ka bonolo feela o ne a se bonolo ho hang. She was very strict, ebile o ne a emela seo a lumelang ho sono ebile o ne o ke be oa mo tlosa ho sona, hore na o tla o phoka ha bonolo feela o ne o se o tla utloa ha a o tsoara hore “ae, ausy eno ntho ena o oa e hana ebile o tenehile”. Taba eno e ne e etsa hore ebe ke motho oa maikemelo moo a fuoeng mosebetsi o sebetsa ka matla ho utloa boteng ba hae eka o bonolo empa a se bonolo hohang. Re ne re buoa litaba tse ngata le eena, e ka ba mathata a hae, mosebetsi kapa lipolotiking. O ne a tla nletsetsa a re “khaitseli mona…” le ‘na ke buoe le eena ke re “Mamokhabi joale mona ho tjena re etsa joang”. Ke hore re ne re lula re buoa nako e kholo le e nyane ‘me ke ne ke tseba maikutlo a hae le ka mokhoa oo a nahanang kateng.
Le likatleho tseo a li entseng Lebatooeng la Qhoali re ne re bua ka tsona…le eena a re le ‘na Qhoali koana ke se ke entse lebaka bo ‘m’e likolong koana ba se ba fepa ka lebaka lena leo ba iketsetsang lona ho feta ho reka lintho mabenkeleng. O ne a leka ho etsa empower bakhethi ba hae mane. O ne o tla utloa a se a re koporasi e itseng e se e na le chelete e itseng. Ke nakong ea hae moo marokho a mabeli a ileng a etsoa. Lebatooa leno la Qhoali. Motlakase o ile oa kena. Qhoali e ile eaba le a lot of infrastrature nakong eo ‘M’e ‘Mamokhabi ha e ne e le Member of Parliament. ….ho se ho thoe “Qhoali re ilo etsa tjena….” Ebe ke re “hao! Qhoali ee e se e hlaha hangata hakakang eona ha Mohale’s Hoek ena a ntse a lla ka hore esale ho mathisoa lebili a sa fuoe letho [Litseho] ka nako eno. Ke leka ho bontsa feela hore na re ne re phela joang. Le hore na ena o ne a a tleha hakae.
Mohlala oo ke o etsang ke hore bokhethoeng ba hae ho ne ho na le lintlafatso ‘me budget re ne re e fetisa ka mona. Ke leka ho bonts’a batho ba Qhoali ba fumane melemo e mekae nakong eo e neng e le Leparamente, pusong ea ka nako eno. Ha ba bang bona o fumana hore re ea tlatsa feela ha re fumane letho.
Ke leka ho bonts’a ntho eno ea hore taba ena ea budget ehlile e bohlokoa. Le hle le itokiseng matona hore budget ea lona ke bone hore e isa makhaleng letho. Ha e sa ise letho sechaba sa Makhaleng mane sena le makala a mane (4) sa ea re loants’a se batla lintlafatso. Ke re ke hle ke etse molaetsa ka mona likhakanyo tsa lona haeba ha li
ea re ts’oarela letho ekanna eaba ena ea ho tlatsa mehlaena ha e na ho etsahala Letona le Khabane la Home Affairs.
Ke leka ho bonts’a hore na e ne e le moetapele e mokae oa sechaba. O sebelitse hakae. Kea tseba hore eitse ha a se a sa tla Paramenteng mona e ile ea eba Commissioner mane Lekaleng la Local Government ‘me a sebetsa e le e mong oa bahiri ba Local Government service moo e leng Lekala le leholo leo re le shebileng ka mahlo ho hiroe bana ba Basotho ba tlise lintlafatsa ba il’o sebeletsa sechaba hobane Local Government ke eona e etsang lintlafatso mane metseng. Ke eona e arabelang litlhoko tsa Mosotho mane motseng tsa letsatsi le letsatsi. Ke lekala le bohloko ka mokhoa o makatsang. Moo neng a le teng hape o ne a hlile a emetse sechaba sa Basotho ke ka hona ka mosebetsi oa hae o motle re ne re tla tlameha ho fumana lits’ebeletso ka ho re a bone hore hona le batho ba fihlang metseng ea bo rona ba tlang hore thusa hore ho be le litsela hobe le metsi, puso ebe hantle, mak’hanselara a etse mosebetsi ekasitana le bohle ba ikarabellang tlas’a puso ena ea libaka.
Eleng hore batho bana ba babeli e ne e le batho ba bohlokoa haholo ba bapetseng karolo e kholo ka hara naha ena ‘me hona ho re Motlotlehi Hlooho ea Naha o lahlehetsoe le babusi ba naha ena ba lahlehetsoe ekasita le baruti ba moshoeshoe hobane Ausy ‘Matanki e ne e le Me ea ratng kereke,ke hore o ne a tsoana le n aka hare ho Kereke ea For a(LEC) .Ke motho ea moholo haholo.Joale taba eno e re bohle ba bohlokoa ba neng ba sebetsa le bona ba lahlehetsoe haholo ka hona ke ba kopela matseliso ekasitana le malapa a bona bao ba a siileng,re tselisa malapa ano a bo bona le bohle kaofela.Rea leboha.
RT.Hon.MADAM SPEAKER:Hon.Member for Malingoaneng.
Hon. S. Qoo (Malingoaneng):Kea leboha,Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano.Ha ken a ho ba molele haholo hoba ho se ho fanoe ka matsiliso ruri a khothatsang a matla. Ke rata hore ke be ke se ke akaretsa feel aka bona ba le babeli joalo hobane mehlala e mengata e se e fanoe.Na hook e batlang ke hata ho holima teng haholo,Mohlomphehi, ke ea hore ke nete re fan aka matsiliso malebana le Litho tse peli tes re siileng feela boholo bat aba bo sallane le rona ba ntseng ba phela. Taba ke hore na batho bane bao re neng re phela le bona kapa bao re utloang lipale tsa bona re kopilitse eng ea bohlokoa molemong oa Lesotho.
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ha u mametse mats’eliso a seng a fanoe, u utloa mats’eliso a otlang pelo haholo, haholo ha re utloa ka Ntate Ramaema eo e ne ng e le Setho sa Senate e le motho oa lesole, a ileng a ema hore a lopolle Basotho qhafutsoang eo ba neng ba le ho eona kapa moo ba neng ba se ba oetse hona teng. Re ntse re tla le tsona litaba tseno ho fihlela letsatsing lena leo re emeng mona rona bo-Serialong re phelang, joale re sheba morao le hona joale, hore na ha hothoe lesole le koetlileng le laolang sesole ho thoeng. Ke enoa o beile hore Basotho ebe re teng hona joale.
Ha u sheba history hona joale, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, o ka re history e ea ipheta. Ho ne ho ena le mofuta oa batho o bonahalang hore o batla ho nka Lesotho lena o le busetsa hona mane moo Ntate Ramaema a le latileng hona teng. U’a utloa hore pale e ea ipheta, ka hona re tlotlisa mosebetsi o ileng oa etsoa ke Ntate Ramaema, lesole la Lesotho mona molemong oa Lesotho le bana ba Basotho. Joale re re rona ba phelang ha re kopitseng hore na re eang hokae, re ts’ehetsang batho ba mofuta ofeng ba nahanellang Lesotho bokamoso joang.
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ha ho buua ka ’Me Matanki Mokhabi, ’na hangata ha ke bua kapa ha ke tla bua ka motho, ke batla ho tseba hore na lebitso la hae ke mang. Hothoe ke Mantaki, ke hore “rea leboha” ka mantsoe a mang. Eleng hore Lesotho le lebohile. Re lebohile ka tlotla eo Ramaseli a ileng a re fa eona kahoo ha a tsamaee ka khotso a il’o phomola mohlakoana eno. Joale rona ba setseng mona tabeng tsee tsa ’M’e ’Matanki re li nka joang boetapeleng ba rona joalokaha li se li hlalositsoe? Ke hona moo ke reng ’na ke fana ka mats’eliso hona teng.
Hangata re tla emela nako eo hona joale tjena hothoeng ’M’e Matanki e se e le mofu, Ntate Ramaema e se e le mofu, re sa rate hore ka nako e ’ngoe re ke re bue litaba batho ba sa ntsane ba phela. Hona joale tjena ha u tsoa monyako ona u sheba ka mona leboteng u’a bona hore Speaker e ile eaba mang mang, eaba mang mang selemong se itseng, etlare ka letsatsi le leng, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, u se u se mono joale re se re fana ka mats’eliso, joale ebe re ntse re re letsatsi le itseng hoa etsahala tjena, hoa etsahala tjena, ha le ts’oanetse hore re bue hona joale tjena hore ka Mantaha oona ona u bonts’itse boiphihlelo ba hau [Liatla].
Ha re na ho emela letsatsi lane re loketse hore letsatsing lona lena le bolele hore maoba mona ka ’Mantaha le Labobeli u ile ua bonts’a boiphihlelo moo batho ba neng ba nahana hore ha u bone hore na ho ntse ho etsuoa eng, ba u nka ka hore u motho oa ’m’e ha u tsebe letho, athe u leka hore u bokelle Basotho ba tsebe hore na Lesotho mona boetapele ke eng. Re ke ke ra emela letsatsi leno, re rata hore rona ba phelang ebe re ntse re bua litaba tseno hobane ka letsatsi le leng Litho tsena tsa Paramente re tla be re ntse re ts’elisana joalo. Ke ka makhetlo a mangata re fana ka mats’eliso ka hare ho Paramente ena re emela nakong eane eo motho a seng a ithoballetse. Joale ’na ke re, Bahlomphehi ba ka, ha re kopitseng mehlala e metle e entsoeng ke batho bana ba seng ba tsamaile.
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke bile ke ntse ke nahana ha ke lutse mona hore ebe banna joalokaha ke ne ke tseba hore ’M’e ’Mamokhabi o ne a khaba ka liaparo tsa kereke hape e le Setho sa Paramente, ebe ho ka etsahala ka letsatsi le leng ho be le ts’itsinyo ea hore …bona hona joale tjena ke Labohlano re li tie li khubelu tse ling li tala, tse ling li putsoa, ho ke ho khethoe letsatsi le le leng feela, haeba ke Labone ebe Labone, haeba ke Laboraro ebe Laboraro, e mong le e mong a ke a tle ka liaparo tsa hae tsa kereke ea hae re bone hore na efela re le balumeli ba ’nete na. Kea tseba hore Motlatsi oa Moetapele oa LCD o na le lebanta le le putsoa, a le fase re ke re tl’o bonts’a hore efela re le baetaele ba sechaba, efela re kopilitse ho ’M’e Mamokhabi litaba tse ntle. Joale re tlil’o tla bona bane ba sa keneng kereke ka mona etle ere mohla re ts’elisang re tsebe hore “hee motho o ne a hana kereke enoa”, [Lits’eho] Ba se ke ba be esale ba kene ka mahafing a bo-Qoo ka mona. ’Na nka tla ke apere tsa kereke ea haeso hobane ke setho sa “banna le bahlankana”, nka tla ke o ts’oere molamu mona [Liatla]. Joale ke re taba eo ekaba mats’eliso a matle ao bana ba ’M’e Mamokhabi, ao bana ba Ntate Ramaema ba khotsofala hore “hela! “Banna, Paramente ke eane e re e kopilitse litaba tsena ho motsoali oa rona”.
Ka hona ha se ke tobokelitse hakaalo ke re ke tselisa Motlotlehi Hlooho ea Naha, ke u ts’elise, ’M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ke ts’elise ’Muso oa Lesotho, ke tselise Litho tsa Paramente, bohle kaofela le malapa ano kaofela a lahlehetsoeng ke likakapa tsena. Ha ke lumele le hona joale tjena a ntse a e-so ho ts’elisehe. Ke ts’elise le Opposition e sieo, hore moo ba leng teng ba ts’elisehe hobane re lahlehetsoe, ba ne ba loketse hore ebe letsatsing lena re ’moho re fana ka mats’eliso ho likakapa tsena hobane ka letsatsi le leng ha se ka nq’ena ka ’Musong feela lefu le ka bang teng le ka Bohanyetsing le tla ba teng joale re se re ts’elisa ka teng. Kea leboha.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Hon. Minister of Law and Constitutional Affairs, ke u bone, Setho se Khabane sa Kolo, u ile ua lieha ho ema ke itse ekaba ha u sana thahasello ea ho bua.
HON. M. LETSOSA (Minister of Law and Constitutional Affairs): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke rata hore ke re matšelisong ana a Ntate Phitsoane Ramaema le ’M’e Matanki Mokhabi. Ke qala ka ho tšelisa lelapa la Ramaema. Ho se ho buue litaba mona ka Ntate Ramaema tse ileng tsa etsa hore ruri lebitso leno ha ho buua ka lona kapelenyana ebe ho se ho tla litaba tseno tsa koloi e senang kere ea morao. Empa ’na litaba tseo ke ratang hore ke li supe e le mehlala e metle ea bosebeletsi ba Ntate Ramaema boo motho o ileng oa bo bona ke ha haeso Lebatooeng la Qalabane mane tikolohong ea haeso hantle Litšoeneng, kamorao hore Ntate Ramaema hore a kene pusong a etelle ’Muso oa lesotho ka nako eo eba ho fihla lintlafatso mono tseo ke li hopolang hantle tse peli. Ea pele eaba ho uoa lirapeng tsa motse, ka Litšoeneng ka mono hantle Litšoeneng sekolong pel’a jarete ea sekolo motse o ne o ena le lirapa mono moo ho lengoang meroho teng. E seng malapeng e ne e le ka thoko koana joale e mong le e mong a ena le serapa moo a lemang moroho teng.
Eaba boteng ba puso ea Ntate Ramaema ho fumaneha terata e pota-potang lirapa tseno hobane joale liphoofolo kaha ke ka thoko ho motse mono liphoofolo li ne li senya meroho eno, le bana ba ratang ho inkela feela e leng masholu e ne e se taba e thata ea hore motho ha a feta mono hobane ebile ke pel’a tsela hore a ka roba hlooana ea cabbage ebe o feta ka eona. Empa eaba ho ea terateloa mono sechaba seno sa mono se tseba hore ho be le ho sireletseha mono eaba ho ea notleloa mantsiboea ha ho chaisoa, ebe ho tla notlolla hosane hape. Ho ne ho se ho ena le mokhoa ono oa ho laoleha liphoofolo li se li sena mokhoa oa hore li ka kena mono. Ke mosebetsi o motle oo ke ileng ka o bona ’na ka nako eno ea litšebeletso tsa Ntate Phitsoane Ramaema.
Hona pel’a liratsoana tseno eaba ho ba le ntlafatso e ’ngoe e ileng ea eba pel’a liratsoana tseno ka Litšoeneng ka mono, e ’ngoe ea eba Litšoeneng Ha Ntanyele mono Mohlakeng eaba ho fatoa matamo a lihlapi a mabeli ka Litšoeneng le Ha Ntanyele mane Mohlakeng. Ruri e ne e le ntho eo re qalang ho e bona, re sa e utloisise hore na matamo aa a tl’o beha lihlapi joang na ho tl’o etsahala ke eng. Empa ka ’nete a ile a fatoa oona a mabeli. Ke hopola hantle hore ho ile haba ha ntšoa batho bao ho thoeng ba lebele matamo ano a tle a seke a senngoa haholo-holo nakong ea bosiu. Eaba neng-neng ho akheloa lihlapi ka mono haholo-holo ka letamong le neng le le Ha Ntanyele empa ke lemoha hore tsela eo li neng li lutse ka eona ha pula lina, likhohola li tla li fihla li koaloa hobane e ne e hlile e le mohlakeng lipula tsa fihla tsa katella lihlapi tseno tse theosa le pula nakong eo pula e nang. Empa mosebetsi ono ruri e ile ea eba mosebetsi oo re neng re o tsota oo re neng re bona o etsahala ka mono, ’me lebitso la Ntate Phitsoane Ramaema la tuma haholo ka nako eno ho ntse ho thoe ke mesebetsi ea Phitsoane eona ena. Ke ne ke re ke supe lintlha tseno tseo ’na nka li hopolang tse etsahetseng haufi haholo le moo ke neng ke phela teng ka nako eno. Ka mantsoe ana ke ikamahanya le tse seng li buue koano, lelapa la Ntate Ramaema le tšelisehe, Motlotlehi le ’Muso oa hae ba tšelisehe, Matlo a mabeli haholo-holo ka Senateng kamoo Ntate Ramaema a sebelitseng kateng ba tšelisehe le bona, ekasitana le Sesole sa Lesotho seo a ileng a se sebeletsa nako e telele le sona se tšelisehe haele mona Ntate Ramaema a se a siile lefatše lena.
’M’e Matanki Mokhabi, u balile hantle Mohlomphehi mono hore o ile a ba Roma mane. ’Na ke qalile ho mo tseba hona teng. Ke ne ke ntse ke mametse ka hloko ha a hlalosoa ka utloa hore libopeho tseno kea li tseba tseo a ntseng a hlalosoa ka tsona. E ne e le ’M’e ea buelang fatše. Setho se Khabane se itse e ne e se motho ea lerata, ho ne ho le joalo e ne e se motho ea lerata ho hang, empa ruri ’na kamoo ke neng ke ’mona kateng e ne e se motho ea bonolo ho hang leha a ne a buela fatše joalo. Hona le Setho se Khabane se buileng joalo. Ke utloa ke lumellana le maikutlo a hore o ne a buela fatše a sa etse lerata empa e ne e se motho ea bonolo ho hang a ntse a buela fatše joalo.
Ke hopola hore ha re ntse re le Roma mono hone ho ena le batho ba lisoasoi joale bo-’m’e ba neng ba lekana le ’M’e Matanki sekolong mono ba ne ba bitsoa, hona le lebitso leo ba neng ba bitsoa ka lona ha re le sekolong mono haholo-holo faculty eo re neng re le ho eona hobane re ne re hlile re le faculty e le ’ngoe. Bane ba re ke bo-machuo, joale ’M’e Matanki ka taba ena ea hae ea hore o ne a buela fatše feela a se bonolo haholo ha bashanyana ba bacha joalo ka rona ka nako eno ba ne ba ka bitsa lebitso leno la hore ke le-chuo ho eena – re ne re ena le batho ba neng ba ena le botoutu tjena e ne e tlare ha a feta ebe motho e mong o bitsa lentsoe leo la le-chuo kapa a bitse le leng feela lentsoe le-chuo le hlahe u ne u tla bona a u sheba ka holim’a likhalase tsa mahlo joale re ne re se re ntse re tseba hore ha a se a u sheba ka holima likhalase tsa mahlo o tsebe ho se ho se monate ho hang. Taba eno ea leihlo leno feela e tlabe e o lekane hore ebe e o khalemetse. Ho ne ho lekane hore ebe o u khalemetse ha a ile a u sheba ka tsela ea mofuta ono.
Ruri ’na ’M’e Matanki ke mo tsebile e le motho ea buelang fatše feela ha hona nako eo nkileng ka nka e le motho ea bonolo le ka mohla. Ke ne ke tseba hore a ntse a buela fatše joalo, ha a u thiba o tla u thiba haeba a batla ho thiba motho. E leng hore ka ’nete ’na ke mo tsebile ka sona sebopeho seno.
Ha re se re arohane re tlohile mono sekolong, e ee e re ka nako e ’ngoe moo ke neng ke ruta teng ebe ke nka bana ba sekolo re tla Paramenteng eane ea khale tlaase mono, joale bana ba shebeletse ka Paramenteng ka mono ho ntse ho etsoa litaba tseno, ha re tsoa re tsoela kantle ebe ke boa ’M’e ea phahamang litulong a tsoa lipakeng tsa litulo a ea monyako, bana ba qeta ho tsoela kantle ebe ha a hlaha ke bona hore ke ’M’e Matanki.
Ke ne ke ile ka arohana le eena ke leba sekolong moo ke il’o sebetsa teng, le eena a leba sekolong moo a il’o sebetsa teng hobane eena o ne a ile Roma a se a ntse a tloha sekolong moo a neng a sebetsa teng. Ke ne ke saka ka tseba ho hang hore ke setho sa Paramente. Ha re tsoela kantle re se re kopana le eena ebe rea lumelisana eaba kea ’motsa na o fihlile joang mona, eaba oa hlalosa hore na o fihlile joang empa e ile ea eba leeto le le lelele hore na o fihlile joang empa ka ’nete a hlalosa, ’me ka mo thabela haholo, ka boela ka mothabela haholo ha ke bona hore e ile eaba ea boela ea eba Setho se Ntlo ena ea Paramente re ne re ntse re sebetsa le eena hantle mono.
Empa taba eo ke batlang ho lihella ka eona kea hore ha re ntse re le Roma ka 1998 ha naha ena e ne e babela batho ba bangata, ho etsoa litaba tse ngata o ne a ntse a le Roma ’M’e Matanki ka nako eno joale re ne re ena le mokhoa oa hore ka mekhatlo eno e jareteng mono eo Ma-congress a neng a tseba hore na a ikenya joang ka har’a eona ebe re ntse re shebisanang litaba hore na ha ho le tjee joale ho etsahala joang.
Ke hopola re kopana le eena re ntse re bua joalokaha e ne e se motho eo ke neng ke mo nka a le bonolo ha re ntse re bua ka litaba tseno eaba oa re botsa na re tseba eng ka lipolotiki, ka utloa hore ’M’e Matanki o tla tlisa khalemelo e matla ha ho se ho le tjena eaba taba eo e etsa hore ho hang ke seke ka mo kopanya le lipolotiki tsa mofuta ofe kapa ofe. O ne a cho joalo feela ha a qeta a feta. Ha ke se ke ’mona Paramenteng ka ’motsa na o kene joang, neng mona, eaba oa mpolella hore haeba le likhetho-pheto Qhoali eaba ke re ’M’e Matanki uena! Hobane ke hopola tsela eo a neng a re botse ka eona hore “Le tsebang ka lipolotiki lona” re bokane pel’a keiti, eaba oa feta ha a bue letho.
Taba eno e ne e etse hore ke nke e le ’M’e ea sa batleng lipolotiki, ea sa batleng le ho utloa lentsoe feela polotiki kamoo le leng kateng. Empa ka ’nete e itse ha ke se ke ’mona ka bona hore mohlomong o ne a sa rate hore re qetelle re tsositse libata masene o ne a ntse a bona hore na litaba li tsamaea joang. Ruri ke ne ke re lelapa la Mokhabi le tšelisehe, Lekhotla la lipolotiki la habo la LCD le lona le tšelisehe. O ne a se a le Local Government Commission, ke tšelisa lekala leo ka Letona la lona, kea u tšelisa Mohlomphehi Motsamaisi, u mo tsebile ’M’e Matanki o sebelitse le uena mona, le sechaba sa Basotho ka kakaretso se lahlehetsoe ke bahlanka bana ba babeli ba ileng ba sebetsa ka bokhabane. Kea leboha Mohlomphehi.
HON. MADAM SPEAKER: Honourable Member for Kolo.
HON. T. P. LEHLOENYA (Kolo): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi le ’na ka ho fuoa monyetla oa ho beha a le mabeli a le mararo mona matšelisong a linatla tsena tse Mohlomphehi Phitšoane Ramaema le Mohlomphehi ’Matanki Mokhabi. Ruri ke tlaba mokhutšoanyane haholo hobane ehlile litaba tsa ka le bona li khutšoanyane haholo.
Ho Ntate Ramaema ke ithuta ha ho ntse ho baloa nalane ea bophelo ba hae mono hore o kene sekolo Christ the King moo le ’na ke keneng teng. Empa selemo sena seo ho buuang ka sona se nthuta hore o ne a rutoa ke moholo oa ka tichere Patrick Lehloenya eo le eena e ileng ea eba setho sa Ntlo ena tlas’a folakha ea Marematlou Freedom Party e eteletsoeng pele ke Mohlomphehi Moeketse Malebo kajeno, ’me ekasitana le nakong eo e leng Molaoli oa Sesole sa Lesotho ke ne ke se ke le palehong Botswana, ’me taba eno litaba tsa hae boholo ke li fumane ke le hona teng.
Ho ne ho ile haeba le nako eo ke phelang le Rangoane Ntsukunyane Mphanya, ’me a re ho ’na komiti e kholo ea BCP e se e entse qeto ea hore e khutlela hae lipuisanong. Joale ke botsa hore na joang tlas’a maemo a mofuta oo rangoane, eaba o ntemosa hore enoa ea pusong kajeno Ntate Phitšoane Ramaema (Major General) a e bua ka seja-hlapi hore, he is the man we can trust, ’me o ne a mpolella tseno hobane a re ke ’ne ke behe leihlo likhoebo tsa hae tse mono Selebi-Phikwe. Taba eno ea hore ke motho eo Lekhotla la Mahatammoho le ka mo tšepang e ile ea hla ea ipontša hang feela ka hore ebe Order No. 4 e ea hlakoloa. Ea boela ea ipontša hape ka hore Molao Theo ona ona oo re ntseng re o sebelisa kajeno leha o se o hlomathisitsoe makhetlo ebe ke oona o ileng oa raloa tlas’a leihlo lona leo la Ntate Ramaema.
Ruri ’na ke re kaha ha kea ’mona leha ke fihla mona e ne e se e se Molaoli oa Sesole, ke mo hopola le ho mo utloela ka mesebetsi ea hae. Ka lona lebaka leno ke re rea mo leboha ka tsela e khethehileng lesole leo la masole, ’me re re Motlotlehi a tšelisehe ho latela mekhahlelo eohle ea tšebetso eo a ileng a e etsa ekasitana le Ntlo ea Senate ho tla fihla ka hare ho Sesole le sechaba ka kakaretso le sa ha habo.
E re ke fetele ho Mohlomphehi ’Matanki Mokhabi. Mohlomphehi Mokhabi le eena ha ke fihla Paramenteng mona ka selemo sa 2012, e ne e le selemo seo a qetelang hoba Setho sa Paramente le eena, e leng hore ke mo tsebile haholo nakong eo eena e neng e le Motlatsi oa Letona ha ’na ke ne ke le ’Musi oa Setereke sa Mafeteng. Khakahano ea rona ea tšebetso e ne e le haholo-holo litabeng tsa puso. Empa ho boetse ho ntse ho ena le likhokahano tsena tse ling tsa hore re qetile lilemo tse ngata re le Litho tsa Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba ho fihlela Democratic Congress (DC) e thehoa. Ke hopola re bile le tšehisana kamorao hore DC e thehoe re makallana, ke ipotsa hore na o sebetsa joang lekhotleng la LCD hobane ke ne ke bile ke nahana hore re tsamaea ’moho ka maikutlo le eena a ’makaletse hore na ke tšetse joang a lumela hore re tsamaea ’moho ka maikutlo.
E leng hore ruri taba eno e ileng ea etsahala ka nako eno lekhotleng lena la Mahatammoho la Ma-congress kapa malinyane a lona e ne e le bolutu ka tsela e makatsang ho batho ka ho fapana le maemo. Ke mo tsebile hape hona litabeng tseo tsa lekhotla e le motho ea boikokobetso haholo. Boikokobetso bona boo e ileng eare ka selemo se seng eaba likhethong tsa komiti e kholo ea mafumahali moo a neng a qothisana lehlokoa le ’M’e Maphoka Motoboli boemong ba ramatlotlo, moo e itseng ha ho phatlalatsoa sebokeng eaba hothoe ’M’e Maphoka Motoboli ke eena ramatlotlo o ile a qeta likhoeli a le boemong bono empa kamorao ho tletlebo komiti e kholo e ile ea khutlisa boemo bono ’M’e Matanki ea boetse ea eba the rightful office holder ea hoba ramatlotlo oa lekhotla la mafumahali a LCD ka nako eo.
Ruri u tle u bone hore mesebetsi ea hae e ne e hlile e ipabotse o qetelletse ebile e eba mookameli oa lekhotla leo la mafumahali a LCD. Empa litabeng tsena tsa thuto haholo-holo e leng hona moo re ileng ra sebetsa haholoanyane le eena o ne a putukana Mafeteng mane, e le hobane likolo tse ’maloa tsa Mafeteng li phahamisitse likausi, ho kenyeletsa le sekolo seo tichere Letsosa a neng a ruta ho sona sa Tšakholo High. Ruri nakong eno ea ’M’e Matanki, Mafeteng e le setereke esale se lula holimo-limo ka ho ntša li-result tse ntle boemong ba primary, secondary and high school, ’me re motlotlo hore moea ono oa boipabolo o ntse o le teng leha e le mona a se a tlohile lekaleng leo, ’me a bile a falletse lefatšeng le ka koano.
Ke mpe ke qetelle feela ka hore hona le letsatsi le leng leo ha motho o le sheba matsatsing ana o mpa o tšeha feela empa ka nako eno e ne e le ntho e bolutu e sa re robatseng hantle. Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo kajeno ka nako eno e ne e le Letona ebile e le mong’aka ka lekhotleng, e le mongoli e moholo, ebe ka letsatsi le leng haeba ke hopola hantle ke ka selemo sa 2010 a ntetsetsa hare ho bosiu feela a re, monna heso ak’u nthuse koloi ea Mohlomphehi ’Matanki Mokhabi e phethohile moo seterekeng sa heno, u be u bone hore o oa thuseha, hele! Koloi ea Mohlomphehi Motlatsi oa Letona le phethohile! Na litaba tsee ke tsona! Empa ha nkaba ka mo arabisa ke ile ka tsoha ka bitsa sepolesa sa heso ra tsoha bohle ’na ka hla ka leba Motsekuoa, Tsoaing, ka kopa sepolesa sa heso se lebe boroa e re ha se fihla Tšoloane se tle se eme. Joale taba ena ha ke se ke le tseleng ke boele ke letsetse Mohlomphehi Letona ka nako eo ke botse hore na o sure hore Mohlomphehi Matanki o teng moo na. Ke utloile e ka o tsoetse kantle ho naha na ho joalo, a re ehlile ho joalo eka koloi eo e tšetse bahlanka le bana ba hae. Leha ho le joalo ra tsoela pele ho le lefifi le lekaalo re ntse re sheba ho fihlela eane a …ha ke fihla Motsekuoa ke ema hape re shebisana re re ha ho na ntho ea mofuta ono, ha ke boetse ke mo letsetsa ke tlaleha taba ea hore…, kea kholoa e ne e se le ka bo 2:00am joale bosiu, ke letsetsa Ntate Metsing ke mo hlokomelisa hore, hela! Taba eane ka ‘nete rona ha re bone letho ntle le haeba e ile ea tsoa kapa e tsamaile ka litsela tse ling tseo re sa li tsebeng. A re, ‘monna, u ntetsetsa tjena ebile ke qeta ho fumana molaetsa hore, ae! Koloi eno hantle-ntle e phethohile Mt. Moorosi, batho bano ba thusehile ba bile ba sepetlele Quthing.” Litaba tseno tsa ‘M’e ‘Matanki li ile tsa re qabola ka morao ho mono ha re se re li bua feela e ne e le lintho tse bohloko ka nako eo li neng li etsahala.
Mohlomphehi, ruri ke re litaba li builoe li ngata ha ho na tse ngata tseo ‘na nka hlolang ke li bua ha e se feela hore lelapa leo la ‘M’e ‘Matanki le tšelisehe, ho tšelisehe le bohle ba ileng ba mo tseba moo Qhoali eleng bakhethi ba Qhoali. Ho boele ho tšelisehe le Mokhethoa oa Qhoali kajeno.
Ke boele ke tšelise hape ha re ntse re tla re nyoloha joalo lekhotla la LCD, haholo-holo ka ho mafumahali ka mokhoa oo ileng ea eba setho se matla kateng.
Re boele re tšelise hape Mohlomphehi Letona le Khabane la Puso ea Libaka le Borena kaha ‘M’e ‘Matanki o re sia tjena e le setho sa Local Government Commission.
Re boele re tšelise hape eona Ntlo ena e Khabane, re tšelise Mohlomphehi Tona-Kholo ea ileng a sebetsa ka nako e telele le ‘M’e ‘Matanki.
Re boele re tšelise hape uena, Mohlomphehi, ka kotloloho ho fapana le Ntlo. Re boele re tšelise hape Motlotlehi, le bohle Basotho ba ileng ba tseba ‘M’e ‘Matanki. Kea leboha, Mohlomphehi.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Hon. Deputy Minister of Health.
HON. L. KOMPI (Deputy Minister of Health): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke ema mona kajeno ke tšelisa Motlotlehi ka tahlehelo ea Bahlomphehi bana ba babeli bao re buang ka bona kajeno.
‘M’e u tle u ntumelle ke tla kena haholoanyane ho ea ‘M’e ‘Matanki Mokhabi. Ke qalile ho mo tseba ha ke sebetsa Lekaleng lane la Labour and Employment mafelong a selemo sa 2007 e le ha ke qala mosebetsi mono eena e le Motlatsi oa Letona sebakeng seo. Re le bahlanka, re ne re atisa ho bua ka eena ka hore re bona a sitoa ho thusa Ntate Masemene. Ka kutloisiso feela re ne re bona ekare ha a na le bokooa ba pono o hloka motho ea mo etsetsang lintho. Joale re bona ‘M’e ‘Matanki a le bonolo, re ntse re re, ‘o tla mo tlohela hobane o bonolo o tšaba le ho bua le ntate ka thata litabeng tse ling ka lebaka la bonolo bona ba hae feela’. Empa ha nako e ntse e ea re ithuta bona ba le babeli ra fumana hore ehlile ba na le neheletsano e ntle ea mosebetsi oa bona le kutloisiso ea hore na hana e mong o kenya letsoho ha ho le joang.
Ka boela ka sebetsana le ho ba pela hae haholo ha ke ruta ngoana oa hae ea bitsoang Tanki. Joale a atisa hore a re, ‘Kompi, ho na le ngoana oaka ka mono eo u mo rutang o ee a re o bona u le monyenyane hore u ka ba ruta oa ipotsa hore na ho etsahetse eng’. Ka leka ho bua le eena ka re, ‘M’e ‘Matanki, ke ne ke le monyenyane ha ke le Labour, ha ke se ke le ka mona ke se ke batla ke tii-tiile hore nka tseba hore ke shebane le bo Tanki. U ntšepele hore haeba ke ile ka sebetsa Lekaleng la hau mono ka ba ka fumana mosebetsi o mong, e re taba eno keboiphihlelo feela hore nka tseba ho shebana le morali le ho mo tataisa moo ho hlokahalang.”
Ka selemo sa 2012 ha ke tla lipolotiking mona e ne e le ha eena a tsoa joale ha nna ke kena litabeng tsena tsa lipolotiki, joale a bile a sa utloisise hore na ha a ne a bona eka ke na le passion ea ho sebetsa le bana ka mor’a hore a ntšepele hore nka etsa mosebetsi ka bo Tanki na ka lipolotiking ka mona ke tla loka na. Ba ne ba ile ba mo sebela kea kholoa hore na mefokolo eaka ke e feng ka sekolong ka mane, ‘me a bone eka ka lipolotiking ka mona ha ho hlokahale batho ba joalo. Joale ha ke bua le eena a ntse a re; “manyeo u ‘ne u bue ha li u qakile leha re le ka ntle re tl’o u tataisa hore na u etse joang ka mona.” Ho ile ha fela ha eba joalo ea eba ‘m’e eo motho u tšabelang ho eena khafetsa ka fono ho batla botataisi le hore na u etse lintho tse ling joang.
Ha ke fihla Lekaleng la Thuto ke eba Motlatsi oa Letona la Thuto ke ile ka sebetsa mono a e-so re letho ho ‘na empa ha nako e ntse e ea kea bona a bona hore ho na le lintho tseo ke sa fihleng ho tsona kapa ke sa kang ka li nka ka matla. O ne a atisa ho omana ka hore policy ea Lekala la Thuto e re, “it is a compulsory education and it should be inclusive, joale le lutse mono ha ho na letho leo le le etsang hore ebe compulsory ha ngoana a sa ea sekolong, a bapala motseng mane, Kompi, le itholetse mono le ntse le sa etse letho ho thusa Basotho. Ha nka ba ka batla hore na ebe eena ha a ne a le lekaleng leno o ne a etsa’ng hore bana ba sa eang sekolong a etse enforce batsoali hore ba fele ba tlise bana. Feela taba eno e ne e sa mo tšoara hantle hore policy e re, it should be a compulsory education joale rona re re feela ho isoe bana sekolong ha ba sa ea ha re etse letho.
Joale a boetse a shebane le ena ea hore re re it is compulsory and it is inclusive. Joale a re ha le ntse le re it is inclusive le etsang ka batho ba nang le bokooa?” Empa likolong moo re sa bone batho ba nang le bokooa, Kompi, le tšoere taba eo ka matla le reng? Joale ka mo atamela ka re, ‘’M’e ‘Matanki, ke utloa u le bohale feela u sa njoetse hore na re etse’ng. U bontša feela hore tsena re li tlohetse empa ha ke bone u tataisa, ‘M’e, hore na re etsa joang. Re ile ra li qoqa nako e telele ka ‘nete ra ba ra bua haholo ka ena ea hore lekaleng mono ho na le special education, ke unit e nyane eo re e tlohelang nako e telele eba ha le tsotelle batho ba nang le bokoa, ka ‘nete ka qala ho ba le kutloisiso le lerato la hore na re sebetsa joang le batho ba nang le bokooa le ho atamela eona unit eno e nyane hore joale ke utloe hore na karolo ee ea inclusive education re e atamela joang.
Ke sebelitse le bona, ‘M’e, ke lutse nako e khutšoanane Lekaleng leno la Thuto empa nako eo ke e lutseng ke ne ke ile ka ithuta ho eena a ba ‘na a njoetsa hore na ke likolo lifeng tseo ho bonahalang hona joale ehlile li amohela bana ba nang le bokooa, li thusa joang ka matichere, li thusa joang ka lisebelisoa, ba atameleng feela le bue le bona. Kea kholoa ha ke etsa mohlala feela litabeng tsena re ile ra li sebetsa hoo selemong sena se qetang ho feta sa 2015 ha ho ketekoa khoeli e mona ea mosali oa Moafrika, sekolo se mona sa rona se Ha-Tšosane sa Mohloli oa Bophelo se ile be sa fa ‘M’e ‘Matanki mpho. Ka lehlohonolo o ne a sa phela, ba re, “re bone ‘m’e eo itseng ha a le ka hare ho education eaba o’a tseba hore re na le bokooa ‘me a re thusa ka sohle se ho eena”. Ka ‘nete ba ile ba mo fa mpho ba re, ‘re tloaetse ho bua ka bo-‘m’e ba matla, ‘me enoa ke e mong oa bona. Re ne re na le eena letsatsing leo. Ke hobane Mohlomphehi Mokhethoa oa Malingoaneng o itse re tloaetse ho bua ka lintle tsa batho ha ba se ba oele, empa Mohloli oa Bophelo o ile oa etsa se fapaneng oa mo tlotla lilemo tse ngata a se a ntse a tlohile education feela ka lebaka la maputulo a hae eaba ba mo fa mpho eo.
Ke sebelitse le eena haholo, ke motho ea ratang ka mona ka lipolotiking ho rekisa likeletone (skeletons) ha ho uua likomiting. Joale e ne e re ha u bua le eena u re, “‘M’e ‘Matanki, ke tšoere sekeletone sena, ebe o se etsa criticize kapa o se otla haholo tjena u be u tšabe ho tsoa ka sona u re, banna ebe ntse ke tsamaea ka parcel ee eo ke e tšoereng, ka mor’a hore a e khakhathe hakaalo, a ba ‘ne a u joetse hore, ‘’na, Kompi nkeke ka e khetha ntho eno eo u ntseng u re ke il’o e khetha.” Joale ha u re, “‘M’e ‘Matanki, ke kenye bo mang moo ha baa baka u ba otlile hakale?” A re, ha ke na batho feela bano ba hau u bona ekare ‘nyeo a ka etsa tjee? Eo eena ha u ke be u bone hore o tjee?” Ebe motho u se tšoere, u ntso re ebe ha ke se boelella joale ke se ke tlo reng ha a se a se…a u bontša lintho tseo u li bonang u le motho hore ehlile ua tseba ho joalo, feela joale ha ke cheche mona teng ehlile ke bua ka taba ena. Joale u ipotse hore na ebe ha ke kopana le motho oa bobeli ke se ke tlo reng ka sekeletone seo ke se tšoereng, a ba ‘na u hopotse le letsatsing leo ho tlo khethoa hore na u ntse u tšoere ntho ela eo u ntseng u re re e khethe, u ntse u e
buelella hohle moo? Joale ebe ke tla mo joetsa hore; “ache, ‘M’e, kaha ha u na sekeletone sa hau, ‘na ke tšoere saka ke ne ke hlile ke u fereha pele ke se isa lithong tse ling hobane ke re re bue re le bo-‘m’e, re bue ke le ngoana oa hau u mpontše hore na ke se lokise kae pele nka bua le ba bang.
E ne e le ‘m’e ea bonolo, ea ratang makhethe, eo ha ke ne nka hlaha sea-le-moeng ponong ke sa shebahale hantle, ke ne ke tseba hore o tla re, “Kompi u entse joang ha ekare ua tsofala tjee u entse joang? Ke bone hlooho ena ke sa e bone hore na hantle u entse joang hantle?” Joale ke leke ho hlalosa hore; “‘M’e ‘Mamokhabi hle ke ne ke re ke tla lokisa hosane joale… a re, che! Ke rona, Kompi, ba ka hlahang ba le tjena eseng ngoana ea mokana oa oena ebe ha u hlaha mono ha re bone hore na u Letona ‘ngoe. Joale motho u tšaba ha u ile ua hlaha ho TV hore oe! Ebe ‘M’e ‘Mamokhabi o e shebile, ebe o tlo nsisinya mantsiboea hore; “ache, ‘manyeo, ache ua re soabisa, ke u shebile ka ipotsa hore na ba u shebileng ba bakae ha u soabisa tjena.”
Empa e ne e le litaba tseo motho u li tloaelang hore har’a batho ba tla letsa ‘M’e ‘Mamokhabi ke e mong ea tla re, “ae ‘mangeo, u itlhokomele u monyane, ha re bone hore na u ntse u etsang mono, joale ebe lentsoe lena le bonolo, motho u re ebe ‘M’e ‘Mamokhabi ha ekare o bohale ka har’a lentsoe le bonolo lee ebe o etsa joang. Empa motho ebe ua tloaela hore e le hore bo-‘m’e ba tjena ke bona bao re ba hlokang. Ha a tsamaee a il’o bua le batho koana hore ache, hee! Phoso e teng mono li hana ho kopa-kopana hantle tjena, ehlile oa u joetsa hore, ae ‘mangeo itlhophe. Neng-neng u re, “‘M’e ‘Mamokhabi ke ne ke sa tsebe hore TV e tla fihla, are, ‘u tsamaea u le litšila u ntse u re TV? U ne u sa tsebe hore e tlo fihla moo ha u tla apara lintho tsee?” Athe ka nako e ‘ngoe ehlile motho u ikaparela feela u ntse u re ke ea ofising ha ke tlo kopana le batho, athe ho tla hlaha taba mona ho thoe Mohlompehi Tona-Kholo ke eo, e re ha u tsoa u bone hore ehlile ha li ea kopana tsona empa mosebetsi ke moo re eang. Motho u ithute hore e le hore ka mehla u tlamehile ho itukisetsa hore ha ho ka thoe iu! U tla tseba ho ema mono hobane ha u tsebe letsatsi leo u tla ba ka pel’a sea-le-moea pono sena.
Morao-rao tjena o ile a nkopa thuso eo ke neng ke mo araba ke le very diplomatically ke re, “che, ‘M’e ‘Mamokhabi, ntho eno eo u e batlang ha e Lekaleng la Bophelo e Lekaleng la Social Development. Joale a re, “Kompi, ha kea u letsetsa u le Letona la Bophelo, ke u letselitse u le Letona, u se u tla bona hore na ha ke re u thuse motho eno u se ka ‘na ua ntjoetsa hore ha Lekaleng la Bophelong ke lekaleng lefeng feng mona, ‘na ke u joetsitse ke e siea hona mono, ke se ke tla khutlela ho uena ke utloe hore na u e etsang”. Joale a bile a nkopa thuso e le ka ‘Mantaha motho eo ho thoeng ke mo thuse ho thoe ka Labohlano o tla be a tlosa mofu oa hae Maseru mona a mo isa Qhoali, joale ke sa utloe hore na ebe ‘M’e ‘mamokhabi, thuso ee eo u nkopang eona ke tseba Social Development e tla ea e ke e il’o ikholisa hore motho ea joalo ehlile oa hloka pele ba ka mo boloka, na ka ‘nete u se u re lipakeng tsa ‘Mantaha le Labohlano ebe ke entse ntho ee. Eaba o re, le ‘na o fihla ho nna hona tjena joale ba se ba bile ba behile letsatsi, u se u tla e bona. Ke utloa e le boima le ha ke tloha lapeng ke tla mosebetsing ke sa tsebe hore na ebe ‘M’e ‘Mamokhabi kopo ee… ke ntse ke bile ke mo fa option hore ‘M’e ‘Mamokhabi u na le van, ha u nke mofu ka van ua mo isa Qhoali ua se ka mpatla lintho tsee tse boima tjee? Joale are, ba khethile ‘Muso bana bana, ha ke se ke u joetsitse tjena u se u tla bona hore na u etsa’ng.
Ka ‘nete ha u fuoe taelo kapa kopo-taelo eba boima feela u tsamaee motho u e etse u fihle u koatile. Leha u nahana ho mo araba u re, ache ‘M’e ‘Mamokhabi oa be a tlo nkopa lintho tse sa etsahaleng ebe ha a qeta o o li siile ho ‘na. Empa taba eona eno feela e ne e re ke ‘m’e ea neng a tsotella a bile a tseba hore ha ‘Muso o ka tšepela motho ho etsa mosebetsi a fele a o etse. A re, ke bile mono kea tseba ha ho bonolo empa batho bana ha ho bonolo hore ka har’a ‘Muso ba ikopele lintho li etsahale, tsamaea le li etse li tle hle li imele uena, Mohlomphehi Letona, u tle u tsebe ho bona hore na ka moso le li nolofatsa joang le le ‘Muso.
Ka ‘nete ka tahlehelo ea hae ke tahlehelo e kholo ho sechaba sa Basotho, ke tahlehelo e kholo ho lekhotla la rona la lipolotiki (LCD), ke tahlehelo e kholo ho bo-‘m’e bohle ba baetapele ba keneng ka mona. Ke re moea oa hae le meea ea balumeli bohle ba falletseng e phomole ka khotso.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Hon. Minister of Defence.
HON. T. MOKHOSI (Minister of Defence): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ka uena, Mohlomphehi, Litho li se li tšelisitse haholo, joale ke rata hore ke behe mantsoe a mabeli a mararo ka linatla tsena tse peli tsa naha ea Lesotho tse siileng maputulo, tseo kajeno ha re li hopola, re li hopola re le motlotlo. Motho ha u bua ka ‘M’e ‘Matanki, ebile u mametse litaba tse builoeng tseo u ke keng ua rata le ho li phetha, re tla batla ho tšoara litaba tse peli feela.
Ea pele, e ne e le ‘M’e eo ntle le taba ea hore e ne e le motho ea ikokobelitseng, e ne e le motho ea neng a hlompha motho e mong le e mong. Empa e kholo e ne e le ea hore e ne e le mohlala oa seo ‘m’e a tšoanetseng ho ba sona, e ne e le ‘m’e ea neng a khetha lipuo tseo a li buang a boele e le ‘m’e ea neng a khetha hore na metsoalle ea hae kapa bao a ka tsamaeang le bona ke bafeng. Ke motho eo ileng ea eba mohlala, ‘me ha motho u mamela leha Litho li bua u bona motho ea ileng a thetsa maphelo a Basotho ba bangata ka hare ho maloti mane moo a neng a le teng, tlaase mona mabalane ha a se a fuoe mesebetsi e fapakaneng ke ‘Muso ho fihlela motsotso oa ho qetela oo a ileng a tsamaea ka oona, o siile mohlala ruri.
Ha motho u fetela ho Ntate Phitšoane Ramaema eo e ileng ea eba molaoli oa sesole, le eena ka bokhutšoanyane o ile a hloella mosebetsing ono oa bookameli ka nako e thata eo mohlomong ka har’a maboto a ka mono ba bangata ba ne ba se ba bona monyetla oa hore ha u batla ho ba mookameli u khethe-kheth ba babeli ba bararo le shebe hore na le liea ba ka holimo joang joale ebe ho hloella lona. Nakong eno eo a neng a hloella o ne a hloella ho ntse ho ena le eona mehopolo eno ea mofuta ono eo batho ba neng ba e-so ka ba nahana le hore litaba li ka busetsoa pusong ea sechaba ka sechaba, mohlomong batho ba sa ntsane ba re, ‘ke nako ea rona ea hore le rona re ke re je, le rona re be baokameli. Empa ea re ha a fihla mono a fihla a re, ‘ha ho sa na ‘Muso mona, hantle-ntle puso ha e eo’. Ho ne ho bile ho ena le lentsoe le neng le ee le re e ne ere ka nako e ‘ngoe ha ba re ba ea fihla, joale ba se ba re ba il’o mo liela eaba ba mo fumana a se a ntse a paqame. Eba o re ho bona, ‘e nkeng haeba le batla ho e nka puso feela ‘Muso ha o eo’. Ha ba hlokomela hore ehlile sena seo a ba fang sona ke ‘nete ea hore puso ha e eo kapa ‘Muso ha o oo e le hobane nako e ne e se e se eona ea hore ho ka hlotse ho sa thoe ho busa sesole, eaba bao baa amohela hore ba tlameha ho mo tlohela.
Empa ke nako e thata e neng e mo hloka sebete, ka mehla e ne e re leha a tsamaea har’a bosiu kaha ‘na e ne e le moahisane oaka ka nako eo re ahile ‘moho, ke ne ke ee ke bone koloi eno ea hae e tsoa ka tlung ka mono e tsamaea sebaka se se telele haeba nako e ne e se e le bosiu che ha ke tsebe hore na o ne a ea kae. Motho e mong o kile a nsebela hore na o ne a ea kae, empa kaha mong’a taba tseno ke eena a ka li phetang, ‘na ha ke na ho li pheta feela ke ne ke ee ke bone ha a etsoa eba koloi eno ea hae e tsoa e timme lilaete e tsamaee sebaka se se lelele ere ha e le hole mane eabe e le hona a e laetang, le nako eo a khutlang ha ho ne ho ka etsahala hore ebe ke kantle ene eba e tla feta e se e sa laeta. E ne e le hobane kantle mororo o ne o le moholo oa batho ba neng ba ntse ba nyoretsoe hore ba pusong joale ba bona hore hee banna! Re ile ra fosa, re beile osele joale o busetsa puso ena ho sechaba athe re ne re sa ntsane re e mamelletse.
Empa taba eno ke mohlala oa motho ea neng a tseba hore ntho e ‘ngoe le ‘ngoe motho o e fuoa ke Molimo, ‘me haeba motho hohle moo a teng o beoa ke Molimo, ha Molimo a itse nako e fetile o tlameha hore a amohele. Kajeno re nakong e thata eo re bonang batho ha ba ile ba utloa pompong leha e se e felile ba sa batle ho lumela hore e felile, joale ebe motho o khetha hore ache, nka mpa ka etsa lerata ka tšela le noka ka ea ka ‘nqane ke batle hore na ke mang ea ka nthusang a nthoanapisa pompong moo a ka e tholang teng hore e tle mpe e khutlele hape ka hanong e le hobane a sitoa ho amohela. Leha a ile a bona lebese le qhalana ka bomalimabe le qhanele lehlabatheng, ebe o sitoa ho amohela hore lehlabathe le tla monyela kapele lebese leno, joale re utloe lerata le tšabehang leo u tla be u utloe joale Basotho ba ntse ba thetsoa ho thoe ho tjena, ho thoe ho tjena.
Empa Ntate Ramaema ebile mohlala oa batho bao ruri leha a ne a ile a fihla tlhorong ea puso ea naha ena ha nako e fihlile ea pele o ne a tseba hore ntho ena ena le beng ba eona, ‘me ke tšoanetse hore ke e fetise. Leha a se a e fetisitse ha u kaba ua bona motho a ntseng a sebetsa a hetlile morao. Motho e mong o ee a re, ‘ke fetisitse lesokoana feela ha u sheba liketso ua bona hore ae ka ‘nete motho enoa o ntse a hetlile, o ntse a batla tsela ea hore na lesokoana lena a ka ea le tseka joang. Athe eena ha a feta mono e ne ebe o fetile, ‘me eaba o tsoelapele ka mesebetsi e meng hape eo sechaba ka ‘Muso se ileng sa mo abela sona. Joaloka mohaisane, ke motho eo nako eo re ileng ra e phelisana le eena ka har’a motse mono e neng e le monna oa motseng oa Mosotho eo re neng re mo bona a le teng mafung, re mo bona a leteng matšelisong joalokaha ho thoe lefu ke ngoetsi ea malapa ohle, re mo bona a le teng mesebetsing ea rona ea metse mono letsatsi le letsatsi. Hona nakong eno eo eena e neng e le eena mobusi ka hare ho naha ena e ne ere ha ke theoha mono hobane mono moo re ahileng ka nako eno ho ne ho sena le tsela ho sena le likoloi feela ene e re ha re theoha mono eba re ka nepana le eena, e ne eba koloi eona eno eo a e palameng e tla ema, ha ke tsebe le hore na ke litaba tse nepahetseng hobane ha nke be ke li bone li etsoa. Feela eno ea Ntate Ramaema e ne eba e tla ema e mpalamisa ‘na le molekane oaka, ha re kena ka mono ebe re fumana mabetlela a beiloe mono joale re tlameha ho tlola mabetlela ana holimo feela ebe rea palama re lula le eena. E re ha a fihla ka toropong ebe e ea ema rea theoha. Ruri re ile ra bona motho a neng a ena le lerato le ho bahaisane le ho Basotho le ho naha ea ha habo. Ha ho ntho e tšoanang le ho ba le lerato ho naha ea haeno, ha u na le lerato ho naha ea haeno eba uena u le motho litakatso tsa hau, tsela eo u shebang litaba ka eona, sa hau u se behella ka thoko, u bea Basotho pele.
Re se re ile ra bona le nako e fetileng ena ha motho a ntse a tsekella ho lula mono a lakatsa ho bona ekare a ka be a lata masotho a linaha tse ling joale masole ano a mpe a tlo rinya ana a Lesotho e le hore a se ka ba a hlotse a tloha mono. Eleng hore ke re ka Ntate Ramaema re bone mohlala oa motho a nang le lerato la naha ea ha habo eo a e lakaletsang botle, ‘me e se eka mesebetsi eno ea hae le mesebetsi ea ‘M’e ‘Mamokhabi e ka phela ka hare ho rona re le Basotho ka ho sa feleng.
Ka litaba tsena, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, le ‘na kea tšelisa, ‘me u ntumelle Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, hore ke re ke tšelisa ka bokheleke bohle bo seng bo ile ba beoa ke Litho tse Khabane ka hare ho Ntlo ena. Kea leboha.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ruri kea leboha, Litho tse Khabane. We have now come to an end of today’s proceedings. The Chair wishes the Rt. Hon. the Prime Minister, Hon. Deputy Prime Minister and Leader of the House. Hon. Ministers and Deputy Ministers. Hon. Deputy Speaker, Hon. Members. The Table, Hansard Editor and his Staff. The Chaplain of the House, Ushers, Radio Lesotho Reporters, Lesotho Television group, Police Officers here present and in the premises, a very pleasant weekend.
HON. MEMBRS: Same to you!
RT. HON. MADAM SPEAKER: The House is adjourned until Monday afternoon at 2:30.
ADJOURNMENT
There being no further business upon the Order Paper, Rt. Hon. Madam Speaker, adjourned the House without question put, pursuant to Standing Order No. 16(2)
House accordingly adjourned at 11:15am.