Hansard 27th November, 2015

NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER
Friday, 27th November, 2015
The House assembled at 9:10 a.m.
(RT. HON.MADAM SPEAKER in the Chair)

PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer

RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk.

TABLING OF REPORT
Repot of the Portfolio Committee on Social Cluster on a Review of Performance for the First Quarter of the Fiscal Year, 2015/2016, tabled by Hon. T. Ramakeoane (Chairperson of the Committee)
Report to lie upon the Table and to be published
RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk.
PROCEEDINGS ON SUBSTANTIVE MOTIONS AND BILLS


MOTION
ADOPTION OF THE REPORT OF THE PORTFOLIO COMMITTEE ON THE LAW AND PUBLIC SAFETY CLUSTER ON THE ANTI-TRAFFICKING IN PERSONS REGULATIONS, 2015.
HON. L. MOLISE – MABUSELA: Thank you very much, Rt. Hon. Madam Speaker. I rise to move:
That this Honourable House resolve to adopt the Report of the Portfolio Committee on the Law and Public Safety Cluster on the Anti-Trafficking in Person Regulations, 2015.
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano le lona Litho tse Khabane, ka Labone la la 19/11/2015. Mohlomphehi Letona le Khabane la Litaba tsa Lehae o ile a teka ka hare ho Ntlo ena e Khabane melaoana, Anti-Trafficking in Persons Regulations, 2015.


Ho latela melaoana ea tsamaiso, li-regulation tseno li ile tsa fetisetsoa komiting. Komiti e ile ea mema Mohlomphehi Letona le Khabane le moifo oa Lekala ho tla hlalosa hore na ebe se lebelletsoeng hore Basotho ba se tsebe, ‘me ba se utloisise ka melaoana ena na ke sefeng.
Mohlomphehi Letona le Khabane le ile la fana ka background e entseng hore ebe ho qetelletse ho na le melaoana ena. O ile a bontša hore melaoana ena e teng ho phethahatsa tšebeliso ea Anti-Trafficking in Persons Act, 2011, e le molao o ileng oa fetisoa ke Ntlo ena e Khabane ka selemo sa 2011, haholo section 51 ea eona.

Ke mpe ke supe, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, e sa le sethathong hore melaoana ena e phethahatsa karolo e kholo haholo kapa karolo eohle ea molao o buang ka taba ea thibelo, tšireletso ‘moho le ho bona hore bohle ba kenang tlolong ea molao ono oa khoebisetsano ea batho e etsa cover li-aspect tseno kaofela, prevention, protection and prosecution of perpetrators of human trafficking. Litaba tsena kaofela le tsona li fuperoe ka hare ho melaoana ena.


‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, Mohlomphehi Letona le Khabane le ile la hlalosetsa komiti hore ha e le hantle seo melaoana ena e se etsang ke ho bona hore joale ho ba le mafapha ‘ohle a fuoang boikarabello ke molao ono oa 2011, hore mafapha ano, e mong le e mong a tsebe hore na boikarabello ba hae na ke bofeng. Ruri ha u sheba ka hare ho melaoana ka mona, makala ‘ohle a amehang a teng ka mono. Lekala le leng le le leng le behetsoe hore na lipehelo tsa lona na ke lifeng, haholo ha ho sebetsanoa le litaba tsa anti-trafficking.

Ke mpe ke supe, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, hore Lesotho ke setho sa mekhatlo ea machaba. Ka hoo le lebelletsoe hore ka mehla ha le ile la nka likhato tsa boitlamo le bonahale le phethahatsa boitlamo bono. Ke buisoa taba ena ke hobane, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, Mohlomphehi Letona le Khabane o ile a hlalosetsa Komiti hore ha e le hantle re qetelletse re eba le molao ono oa 2011 oa
Anti-Trafficking e le ha Lesotho joale le ne le phethahatsa boitlamo ba lona ka mor’a hore le tekene convention e tsebahalang ka hore ke United Nations Convention Against Trans national crime e tekenetsoeng ka selemo sa 2000. Mosebetsi oa protocol eno kapa convention eno ke ho thibela kapa ho hatella, to suppress le ho ahlola, ho bona hore ehlile ho ahloloa batho bohle ba kenang litlolong tsa molao tsa thekisetsano ea batho, haholo-holo bo-’m’e le bana. Ka lebaka lena, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ka mora ho lekola tsohle tse phuthetsoeng ke melaoana ena le ho fumana tlhalosetso eno e bataletseng ka Mohlomphehi Letona le Khabane, Komiti e ile ea bona hore ho bohlokoa haholo hore re lumele hore melaoana ena e kene tšebetsong hobane e tla thusa Lesotho hore le fihlele e ’ngoe ea meoloane eo e ipehetseng eona e leng Vision 2020. Mane moo e buang ka hore Lesotho e tlare ka 2020 e tlabe e le naha e nang le khotso ka bo eona e le naha ’moho le bao e ahisaneng le bona.

Joalokaha ke se ke supile, Mohlomphehi, moraonyana hanyane ka taba ena ea Convention Against Trans-National Crime, rea tseba hore taba eno ea khoebisetsano ea batho ke tlolo ea molao e mathang ka lebelo le phahameng, e pharalletseng haholo e fetang li-boundary. E leng hore taba ena ea li-regulation tsena e tlil’o re thusa haholo ho bona hore re phethahatsa taba eo ea hore re qetella re sa iphetole tšita, ka hore re sebelisoe ke litlokotsebe molemong oa hore ba tsebe ho phethahatsa merero ea bona e mebe ea thekisetsano ea batho.

Ka lebaka lena, Mohlomphehi, ke rata hore ke bontše hore har’a li-provision tseo re ka ra reng li hlahelletse haholo ka har’a melaoana ena, ke eona eno e buang ka the roles and responsibilities of the different stakeholders. Joalokaha ke se ke ile ka hlalosa hore na boikarabello ba makala ka ho fapana bo phuthetsoe ka mono, mafapha ohle ’me ho lebelletsoe hore ho tle ho etsahale joalo.

Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, e ’ngoe hape e bohlokoa haholo eo re ka ra reng it’s a salient principle ka mona ka har’a li-regulation, ke taba e buang ka taba ea rescue ea mahlatsipa. Hore na joale ha re se re fumane syndicate mane kae kae, joale re se re re sepolesa se tsoe se ee moo, empa lehlatsipa leo le angoang ke tlolo eno ea molao na lona le tšoanetse hore le tšoaroe joang. Ke provision for rescue of victims. Ka nako e ’ngoe u tla fumana hore motho o tla qala hore a etsoe traffic kapa ho hoejoe ka eena, kapa a koeteloe esitana le hore a hoehoeloe ka tsela e itseng, mohlomong ke etse mohlala ke re naheng e kang China, o tla tsamaisoa a ntse a potolohisoa mohlomong a be a qetelle a fumanoe Lesotho mona. Ho hlakile hore ho latela tsela eo a tsamaisitsoeng ka eona e sa nepahalang a ka qetella a fihlile ka hare ho naha a se na litokomane. Re nka boikarabello ba hore ha lehlasipa le joalo le se le le teng,

ena e re a amoheloe, a fuoe nako ha sepolesa se ntse se hlahloba hore na e feela e le lehlasipa na e se setloli sa molao, a fuoe nako eno ea hore a mpe a be le temporary residence. Mohlomong qetellong ha ba fumana hore lehlatsipa lena ho khutlela morao ha hae ho ka mo bakela mathata o tla qetella a fumane permanent residence permit.

Lingata li-provision ka mona tse bohlokoa haholo. Re bua ka taba ea repatriation. Haeba ngoana oa rona oa Mosotho a ka nkoa ka hara naha ena a hoehetsoe eba hothoe e il’o ba ’mabotle, kapa ho na le mosebetsi kae kae London, joale eaba oa nkoa oa tsamaea. Ha fihla moo eba ho fumaneha hore o hlahetsoe ke bothata bona bono ba hore ke lehlasipa la thekisetsano ea batho bana ba etsang liketso tse sa hloekang. O lokela hore joale a thusoe hore a latoe mono. Melaoana ena, Mohlomphehi, ehlile e bua ka taba ea repatriation hore na re sebetsa joang re le naha ’moho le linaha tseno tse ling ho bona hore na re thusanang joang, hore Basotho bao ebang ba mono ho ka etsoa joang, le Machaena kapa ba bang ba linaha tse ling ba tlabeng ba le mona ba ka khutlisetsoa linaheng tsa bona joang. Ha ke bua ka Machaena, ke etsa mohlala feela. Ke kopa hore ke tle ke se ke ka nkoa eka ke re mohlomong ke bona batho ba bang le bothata.

Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, taba e ngoe e bohlokoa haholo ke taba ea hore melaoana ena joale e tlil’o phelisa hoo ho tsebahalang ka hore ke Victims of Trafficking Trust Fund. Ke letsete leo ka lona mahlatsipa a na a tlang ho thusoa ka lona. Hore bonyane ha ba se ba le teng ba fumanetsoe shelter, ba tsebe ho phela mono ha ho ntse ho etsoa maoala a ho bona hore na ba etsoa intergrade into society ka tsela ea mofuta ofeng kapa ba khutlisetsoa habo bona joang.

Litlhoko tsa batho li ngata, li ea fapana. Ho hlakile hore motho ha e ile eaba lehlatsipa la tlolo e mpe hakaalo ea malao joalo ka khoebisetsano ea batho, o lokela hore a ee tlhabollong. Taba ena, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke litaba tse tlabeng li phuthetsoe ke hore Trust Fund e tle e bone hore na e li lefella joang. Ke hore litaba tsohle tse ka bonang hore batho bano ba bileng le bothata ba fumane thuso.


Mohlomphehi, ke rata hore ke mpe ke qetelle ka ho supa hore ha re se re ea tabeng ea litjeho, ruri Lekala lena la tsa Lehae ke le leng la makala a bonahalang joale a ipabola haholo ’me ke motlotlo haholo ka taba ena. Ka hona re lokela re thoholetse Mohlomphehi Letona le Khabane Ntate Rakuoane boeta-peleng ba lekala leno. Kannete they are doing very well. Ha u heba, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ka hare ho likhakanyo tsa lichelete tsa selemo sena lekala le ne le se le ntse le kentse litaba tsa lichelete, this has been budgeted for. E le hore ha ba tlisi tse melaoana ena ka har’a Ntlo e Khabane hore e kene tšebetsong feela ba sa itokisa. Ka ’nete, Mohlomphehi, we need to applaud this effort by the ministry. Ka lebaka lena, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke rata hore ke mpe ke bontše feela hore Komiti e ile eaba le lingongoreho tse nyenyane feela tse ka lokisehang…

RT. HON. MADAM SPEAKER: Mohlomphehi Molula Setulo, kannete ke kopa Ntlo ena e Khabane ho ananela taba eno ea hore lekala le thoholetsoe. [Liatla]. Ha re utloa litaba tse ntle tse hlahang ho balisa, re lokela ho bontša hore rea li ananela ka hore re thoholetse lekala le joalo. U ka tsoela pele, Molula-Setulo.
HON. L. MOLISE-MABUSELA: Kea leboha haholo, Mohlomphehi Molula Setulo. Mohlomphehi, ke mpe ke kene mona moo ke neng ke re e le eaba lingongoreho feela tse seng kaalo ka Komiti moo re neng re re, Mohlomphehi Letona le Khabane ’moho le Lekala la tsa Lehae re ke re lokiseng ntlha tse itseng. Joalokaha ke ile ka bontša hore ka hare ho Setšoantšo sa Molao ho na le mafapha a mangata a emetsoeng, ha re sheba litabeng tsa ho tlaleha (media), re ile ra fumana hore li-regulation tsena li shebahala ka tsela eo ekang li entse target state owned media. Joale re re ho latela bohlokoa ba litaba tsena, e ne e ka akare ho fuoa mafapha ohle a sebetsanang le litaba tsa bophatlalatsi to deal with this issue, to be represented ka har’a li-sector tseno. Mohlomphehi Letona le Khabane le ile la ananela litaba tsena.

Taba e ’ngoe hape eo re neng re bua ka eona ha re bua ka taba ea representation ea li-stakeholder e ile eaba taba ea marena esitana le batho bao ekang Maparemente. Ho mpe ho hlake hore Maparamente le Litho tse Senate, re ne re re boemeli le ha bo ka ba fuoa observers status, rona re tla etsa mosebetsi oa rona oa oversight re le likomiti empa ha ho se ho tluoa tabeng ea bophethahatsi (implementation) re lokela hore re bonahaleng re otla ka leoto le le leng. Taba eno e bohlokoa haholo hobane re le baemeli ba sechaba, ka mona ka hare ho matlo a mabeli e leng Matlo a Mahosana le Lekhotla lena la Sechaba, mosebetsi oa rona o moholo o mane sechabeng, re kopana le sona ka lipitso, libokeng le mesebetsing e meng e mengata, ’me re ka tseba ho fetisa melaetsa haholo ha re le knowledgeable ka li-issue tsena tsa anti-trafficking.

Taba e ’ngoe hape e bohlokoa haholo eo re ileng ra e hlahisa e le ngongoreho ke taba ea tlhokahalo ea offices, ekaba literekeng kapa ho li-region. Re ne re re taba ena ea anti-trafficking e etsahala haholo ho sechaba sa Basotho se se nang tsebo. Se tla hoheloa ka litšepiso tse sieo, tsona tseno tsa mesebetsi ’moho le tse ling hape tse ngata. Ha e se e etsahetse hobane e etsahala koana hole Sanqebethu, Mokhotlong joale nkhono a lokela ho tla Maseru a tlil’o tlaleha ho re setloloana sa hae se nyametse kapa esale se tsamaea le batho ba itseng, e ka baka bothata ’me ea etsa hore le moo ebang litaba li ne li ka sebetsahala kapelenyana motho a pholoha, ebe taba eno ea holotseha e fetoha lefeela. Komiti e ile ea khothalletsa Lekala ka Mohlomphehi Letona hore ruri le mpe le itokisetse le ho shebela moo ba ka etsang decentralize li-office tse tlang ho shebana le ho loantša khoebisano ka batho.

Taba e ’ngoe hape e bonahetseng e le sieo ke taba ea li-shelter tse tlang ho fua li-victim. Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, taba ea ho qetela eo re batlang hore re tle mpe re e supe mono ho lingongoreho ke hore ka mor’a hore re thakelane ka malebela le Mohlomphehi Letona le Khabane re ile ra bona re ena le tlhoko ea hore Lekala leno la Home Affairs, le tla mpe le etse accommodate sepolesa le counsellors ka hare ho lekala. Re shebile hore ka nako e ’ngoe ha ho se ho tsuoa joale ho uoa mono moo ho ilong ho sebetsanoa le litaba tsena ho pholosa mahlasipa ’moho le ho tšoara litloli tsa molao, haeba ho se na mapolesa ao ka kotloloho a entsoeng designate to deal directly with the issues of anti-trafficking, eka ’na eaba bothata ba hore e re le ha ho letsoa ebe ho thoe batho ba sebetsanang le litaba tseno ebe ho thoe ha ba eo.

Taba ena ka tsela e tšoanang e ntse e tšoana le mane Lekaleng la Social Development moo bahlabolli ba leng hona teng. Ra re lekala le hle mpe le ikeletse hore le ba le batho bana ka hare ho li-office hobane bothata bona e se e ntse e le bothata bo teng. E re nako tsohle ha mapolesa a tsoa a il’o etsa mosebetsi a tloha le li-councilor ebe e le hore ke batho ba tsoang ka office ka nako e le ’ngoe, ho etsoe mosebetsi o motle o phethahale ho sutho sebakeng se kotsi.

Empa re ile ra hlokomela hore ho teng hoo ebileng e tla sala e le qholotso ke taba ea makoloi empa bothata bono re lumela hore re tla bo hlola le haeba e ke ke ea eba selemong sena seo re seng re ntse re kene ka hare ho sona sa lichelete empa selemong se tlang teng selemong setlang re batla ho lumela hore Ntlo e Khabane e tlabe pelo e mongobo ho bona hore ho ba le likoloi tse ka thusang lefapha leno le sebetsanang le anti-trafficking hore li tle li sebetsahale hantle ntle le tšitiso ea tlhokahalo ea transport.
Ka lebaka lena, Baheso ba tla ntlatsa hobane litaba tsena lingata, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke kopela Tlaleho ena hore e tle mpe e amoheloe ke Ntlo e Khabane, ’me e tle e tsebe ho thusa hore li-regulation tsena li tle li tsebe ho sebetsa. Kea leboha.


RT. HON. MADAM SPEAKER: May I have a seconder. Honourable R. Litjobo.
HON. R. LITJOBO: Madam Speaker, I rise to second
This Honourable House resolves to adopt the report of the
Portfolio Committee on the Law and Public Safety Cluster on the
anti-trafficking in persons regulations, 2015.

Mohlomphehi, ke tlatsa Mohlomphehi Molula-Setulo ea seng a buile ka bokhabane. Ka hona ke kopa hore Ntlo ena e Khabane e ananele report ena. Kea leboha.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Litho tse Khabane, taba ena ea trafficking in persons eo re tloaetseng ho e bitsa feelaka hore ke thekisetsano ea batho, ke taba e utloahalang e atile haholo lefatše ka bophara. Ka bomali-mabe lipatlisiso li bontša hore naha ea Lesotho ke e ’ngoe ea linaha tseo batho ba fumanoang ka bongata bo boholo, bana ba rekisoang. Ha re qala ho bolelloa ka taba ee, re ne re sa e lumele. Rona re ne re e etsetsa khang ka hore batho ba habo rona ba tšelela naheng ea bohaisani ka boikhethelo ba il’o batla mesebetsi. Empa ra hloloa ho araba potso ea hore na re ee re tsebe hore na re ee re tsebe hore na ba ee ba felle kae, haeba re qetelletse ha ba tloha ba ea lehonyeling, ba ea Ceres, ha ba ea hohle naheng ea bohaelani rona re tseba ba il’o batla mosebetsi.

Joale Letona le Khabane, ke ipiletsa ruri hore u tle mpe u lokise hore Ntlo ena e Khabane e tle mpe e tlil’o beoa leseling. Taba ena ka nako e ’ngoe e ee e bonahale e etsahala ka eona nako ena eo re eang re e lebile ka oona mabaka a mangata a fapaneng. E le hore bohle ba be le kutloisiso e phethahetseng ea hore na ehlile ho thoe ho etsahala joang. E le hore metseng le metsaneng koana moo re emetseng sechaba teng, re ’ne re anetse thuto ka taba ena.


Ho shebahala e le taba e hlokofatsang batho ka tsela e harolang letsoalo kapa e nyarosang eo ho thoeng e tšoana hantle le nako tsane tsa makhoba. Ke bokhoba ba hona joale. Ruri kea kopa, Ntate hore u tle u tlo hlaba Ntlo ena e Khabane malotsane. Question proposed HON. L. RAKUOANE (Minister of Home Affairs): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Kea u leboha ka tlhokomeliso eo u re fang eona re le lekala, le Litho tse Khabane haholo komiti e re alositseng eo re tlamehang ho tsamaeamoho le eona.

Melaoana ena e tekoa ka pela Ntlo tjena hore re fine selelu ka litaba tsena tsa toantšo ea thekisetsano ea batho e etsoang ke batho ba bang ho ba bang. Ho latela naha ea America, re le Lesotho re ba ba bang ba naha e seng e supiloe ka monoana. Selemong se fetileng re ne re tlameha hore ebe re se re qalile ho ahloloa. Ma-America ana le li-report tseo ba nang le tsona tseo e reng ha e ntse e sebetsa hantle ebe ba re ke tear 1, ha e fihla moo e supuoang ka monoana ke tear 3. Tear 3 joale teng hothoe e bonahala e iphapantse. Rona re eme ho tear 2 moo re tlamehang hore re khutlele ho boemo ba boraro moo ba reng le lithuso tse ling ba li emisa.

Ke nete ho builoe haholo ka litaba tsa human rights le tse ling. Ehlile taba ena e teng.Me mebusong e fetileng le ona o teng ho ntse ho sutjoa naha ena ka menoanoa. Re leka ho baleha selepe seo ha re etsa tjena. Hona le plan of action ea ho lonatšoa khoebisano ka batho eo re lekang ho e fetisetsa Lekhotleng la Matona. Ha e felile e tla tla e behoa ka pela Ntlo ena hape hore na moralo ke ofeng. Ke supe ka ho khetholoha hore Letona le Khabane la Sepolesa re se re ile ra lula fatše le ena ra etsa litumellano, o se a bile a ntšitse li ofisiri. Empa re sokulisoa ke hore nakong eo re neng re lokisa liofisi ho ile ha ba le mathata a mang a ho suthisetsa batho ofising eo. Empa litaba tsena re se re li qetile hore re be le unit e itseng ea sepolesa e tlohang Lekaleng ea tlhekefetso ea bana le bo-me. Ke bona batho ba tšoarang ka boima bano.

Morero ke hore mafapha a mang a amehang a be haufi a lule a hokahanya. Ke moralo oo re lekang ho o etsa. Empa e le hore joale department eno ke e ngoe ea tse tšesanyane haholo hobane ea fihla. E ntse e huloa nthau ke Commissioner eo ho neng ho thoe ke ea ma-refugee. Taba ena eo re ntseng re bua ka eona ea Basotho bana, kae-kae ba etsoa traffic, kae-kae ke immigrants (batho ba tlohang naheng engoe ba leba ho e ngoe). Re ntse re leka ho bula lekalana le bitsoang Migration and Development. Ke lakalana le ntseng le le lecha le se na batho leo re lekang ho le safola hore le tsebe ho phelame le sebetse litaba tsena.
Ka ho otloloha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, phatlalatso eo ke neng ke etsa ea tumellano ea rona le Letona la Litaba tsa Lehae la Africa Boroa. Morero o mong o moholo, Basotho ba etsoa traffic hobane ba lula ka thoko ho molao South Africa. Ho ba tlosa sekhobong seo moo ba keneng tlasa litafole, moo ba hiroang le ho qhekelloa joale ba etsoa traffic. Ho se ho ile ha ba la documentary ea tse ileng tsa hlaha ho tse ling tsa li-TV tsa South Africa ho hlahisoa bo-meba Soweto ba tlohang mona ba ntse ba re ba ea mesebetsing eba ba fihla ba bolokoa moo. Morero ke ho qhala litaba tsa mofuta o joalo,me batho ba rona ba sebetse ka molao.

E ngoe ea lintho tse loantšoang ke eona taba ena ea hore Basotho ba tlohele ho etsoa makhoba ha ba le naheng ea South Africa. Meloanana ena e tla thusa hore re tsebe ho fihla ka moo re itlhophileme re na le lihlopha tsa tšalo morao holima litaba tsena. Kanete ke leboha litaba tsohle tseo komiti e re hlabileng malotsana le ho re elellisoa moo likoti li leng teng. Re tla leka, me re bone ka litsela tsohle hore re ananela likhothaletso tsena, re bone hore na re sebetsa ka matla joang. Re leboha sebaka seo re se fuoeng le monyetla. Ke qetella ka hore re bile le melaoana ea li-passport eo re ileng ra hlokomelisoa hore ea 2013 e ile ea oela. Ke tlaleha hore ka Laboraro re ile ra atleha hore melaoana eno ea rona e-so felloe ke nako, le eona ena ea trafficking re ile ra e beha ka Senateng [Liatla]. Ekanna ea ba makala a mang a heso a tlisitseng li-regulation ka mona, ha ke sure hantle hore na ba u behile. Ke ee bone e le rona ekang re hatella ka thata. Ke bua taba ena hobane ha hona thuso hore re teke litaba ka mona ka komiting. Ha li sa ea ka Senateng ha li eo,me mosebetsi oa rona o tsoela moeeng feela. Ke tiisa hore li-regulation tsena tse peli tse tekuoeng ka mona li beuoe ka Senateng. Taba ea hore li behoe e se e entsoe, che puo ea bona e tla ba maikutlo a bona me a tla khutlela Ntlong mona. Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano [Liatla]. RT. HON. MADAM SPEAKER: Thank you, Honourable Minister of Home Affairs. Empa haele ena ea li-regulation ho tekoa ka Senateng, rurina nka kopa hore u e behe ho Cabinet ho hlokomelisa Bahlomphehi Matona a Khabane. Hobane ha re e-so be le tsela e otlolohileng, eo re neheletsanang ka eona le ba Senate joalo ka litšoantšo tsa molao. Honourable Minister of Justice and Correctional Services

HON. M. V. MALEBO (Minister of Justice and Correctional Services): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke emisoa ke ho lakatsa ho bolela ntho eo ke neng ke ntse ke mametse hore na ke tla e utloa. Ke ile ka leboha ha ke utloa u bua ka makhoba le Mohlomphehi Letona a bua ka ona. Re tšoanetse hore re hopole hore nakong eno ea makhoba ho ne ho na le batho ba sebetsang mosebetsi ono, they were called agents. Rea tseba hore at that time, li-agent tse kholo e ne e le batho ba bitsoang ma-Arabia. Ha ba tla Afrika, ma-Arabia e ne e le ona a neng a sebetsa mosebetsi oo. Ba ne ba bona hore batho ba bokelloa, ba isoa likepengme ba ilo romeloa linaheng tse neng li hloka makhoba. Ntho ena e tsohile bocha,me seo re lokelang ho se hlokomela ka hara naha ea rona ke hore na, who are the agent? Re se ke ra soabela taba ea hore rea tsoma joale re tla fumana e le bo-nyeo le bo-nyoe ba re ratang. We must first find hore na batho ba hlileng ba sebetsang mosebetsi ona o mobe oa hore Lesotho le rekise Basotho ke bo mang. Ke hona moo taba ea rona e leng hona teng. Ke utloile ha ho ntse ho buua ka mapolesa but the important thing ke hore re fumane hore na batho ba na ba tšoanetseng hore re sebetse ka bona ke ba feng. Kea leboha, Mohlomphehi. RT. HON. MADAM SPEAKER: Thank you, Honourable Minister. Honourable Member for Makhaleng. HON. M. LEHATA (Makhaleng): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaiso oa Lipuisano. Ke tsoela pele ho tlatsa Litho tsa Komiti ea haeso. Taba ena hobane e ngotsoe ka Sekhooa “anti-trafficking” e se e ka ke ntho e mohlolo feela re phela le eona Lesotho mona almost every day. Basotho ba tlameha hore ba elellisoe litaba tseo hore na ka nako engoe mabaka a etsang hore li qetelle li etsahala ke afeng.


Ke ile ka thaba haholo maobane ka polelo ea Letona la Home Affairs ka tsela ena ea hore na re tlo sebetsa joang le South Africa bakeng sa Basotho ba sebetsang makichining le ba ilo batla mesebetsi le ba likhoebo tse nyane e ile ea thusana haholo. Re ne re hlile re tšoere bothata. U ne u fumana hore motho oa me o tla tloha mona a ilo batla mosebetsi teng. Ebe ha khutla o khutla a le motle, a le lirao likholo, a itlotsitse ka lipontolo ha fihla motseng mane. Joale banna ba motseng mane ba khahloe me ba bone eka bophelo bo teng. RT. HON. MADAM SEPEAKER: Order! Setho se Khabane, kanete mantsoe a mang ha nepahala. Ha u hlalosa libopeho tsa motho, ha u qala u re u motle, batho ba tla iketsetsa setšoantšo sa hore na o joang, e seng u bo qolle litho ka kotloloho. Joale ebile u etsa mohlala ka bo-me. HON. M. LEHATA: Ke kopa tšoarelo, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. RT. HON. MADAM SPEAKER: Tsoela pele, Setho se Khabane. HON. M. LEHATA: Ba bang ba ee ba bone eka bophelo bo teng koana moo a tsoang teng. Ha tloha o se a tloha le ba ba babeli ba bararo. Ebe ha fihla koana a fumane hore bophelo ba mono bo batla bo le thatame ba ba tsietsing hoo ba qetellang ba fetoha makhoba. Taba eno e phelehile nako e telele kahara naha ena ea Lesotho ebile e ntse e le teng. Melaoana ena e leka ho chorisa litaba tse kang tseno. Nkile ka tsamaea ka fihla lekoeisheneng le leng Welkom mane. Re ne re lata thoto ea motho ea neng a hlokahelletse teng. Eaba ha re fihla moo motho eo ke neng ke tsamaea le ena o re; “mofu o ne a fihla hae koana a sebelitse haholo. O ne a phela moo ho leng tjee?” Ebe ke re, “ae, mona mesebetsi ea teng e tjena, ha se le hore ho na le bophelo.” Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, taba ena ea human trafficking, le batho ba e etsang, not only the victims, mona re etsa protect victims le ho tšoara ba e etsang, feela beng ba eona ke li-tycoon tse sebetsang le li-President le li-Prime Minister le Matona kaofela. Nako ena koafela o tla fumana a na le chelete, o aha setsoalle a thusane. U tla bona eka ke motho oa bohlokoa athe o pata libe tsa hae hore chelete eno ke ea batho bao a ntse a ba rekisa ho tloha naheng ea habo. Taba ena e kotsi hobane le ba e etsang o tla fumana hore ka pokothong ba ema hantle hoo ba fahlang ba sebetsang hore ba bone tšebetso eno ea bona. Ba tla ka melemo ho feta hore na ba ntse ba etsang. Lesotho mona ho kile ha ba la case ea e mong a neng a batloa. E ne e le nyoe e kholo moo u neng u utloa hore hona e mong ehlile o sebetsa le tsona litaba tsena tsa anti-trafficking. Engoe ea li-concern tse teng ke hore protocol e ile ea tekeneloa ka 2000 joalo kaha ho hlalositsoe, me molao oa etsoa ka 2011. Li-regulation ke tsa 2015. Re boetse re na le challenge e kholo ea hore re tla lumela lintho machabeng, re li etse hore li qale li sebetsa hae mona. Eba ntho ea nako e telele haholo hoo ka nako engoe le batho bao ho lumellanoang le bona ba bone re lieha ho phethahatsa.

Maoba ka komiting re ne re na le baeti ba tsoang United Nations (UN) ba bontša hore there are some protocols tseo re li fuoang ke Muso oa Lesotho, tse ling ke tsa bo 1992, empa ho fihlela hona joale ha li e-so phethahatsoe. Taba ena ha e re hlahisi hantle haholo. Hobane hona joale re se re phela re le lefatše le le leng, re phela ka litumellano le ho phelisana, le khoebisano e seng e le teng kahara lefatše.

Ke ipeletsa ho Muso hore lintho tse ling ba li etse kapele. Linaheng tse ling peleMuso o etsa rectify, o khutlela Paramenteng ho kopa litumello, empa Lesotho mona re file Muso matla a ho etsa litaba tseno kaofela. Hoa rona ke ho tla lokisa hore na litumellano tseno tse machabeng ke li feng. Taba engoe ea bohlokoa ke ea fund e tlo theheloa batho bana hore ba thusoe, haholo li-victim. Ba thusoe ka ntho engoe le e ngoe, e se ke ea ba batho ba sotlehang. Haeba ba fumanoe, ba etsetsoe counselling ba be ba thusoe ka moo ba ka phelang teng. Ba thusoe ka litšebeliso tsohle tse hlokoang ke motho hore ho shejoe hore na motho enoa a ka thusoa joang. Beng ba litaba tsena ke batho ba kotsi haholo ebile ba bolaea.

HON. M. S. LEHATA:.. u ke ke ua ba hlahisa hore ehlile ke Ntate mang-mang ea entseng tjena. Ke batho ba ts’osang batho, ba behang batho tsietsing nako ena kaofela. Molula-Setulo mona o ile a etsa mohlala ka the Chines. Le hae mona ha u ka oa sheba hore na ba hlomphana ha kae, u tla bona hore ho na le boss le ba bang. Ha ba khalemelana u tla bona hore batho ba na ba laoloa kae-kae ka mokhoa o mong o itseng oa bona. Hona ho bonts’a hore ha ba na boikemelo. Litaba tseno ha u ka li sheba hantle u tla bona hore litaba tsena tsa human-trafficking li batla li le boima haholo, ‘me ke taba e serious, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ha ke buile hakana kea tlatsa, kea leboha.

HON. N. DLOMOSE (Teele): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ka’nete ‘na litaba tsa ka li khuts’oane haholo le tabeng ea ho theholetsa ka matla likhato tsena tse nkuoeng ke Letona le Khabane ka Lekala leno la ha habo hore ebe ba re beile boemong ba hore re le naha re itukise hore re se ke ra hlaha hampe lichabeng tse ling ra bonahala re le sechaba se sa tsotelleng se bohlasoa. E kholo litabeng tsena ke hore joale le rona re le Sechaba sa Basotho ka melaoana ena re fihlile boemong boo re sireletsang Basotho hore ba se etsoe liketso tsena tse bohloko, tse mpe, tseo lefats’e le rona re lumellanang hore ha li ea nepahala.

Ke lekatsa ho qetella ka taba ena, ‘M’e Motsamaisi le lona Litho tse Khabane, ke ‘nete hore ka hare ho naha ena litaba tsena tsa thekisetsano ea batho li ea etsahala ka tsela eo Litho tse Khabane li seng li hlalositse ka eona. Libaka tse tlokotsing e ts’abehang tseo re bileng re ka reng le melaetsa ea rona le ho bua ka litaba tsena ha se taba e etsahalang ka bobebe, hase libaka tseo litaba tsena li utloisisehang ho tsona, ke libaka tse ngata ka hare ho naha ena. Mohlala, ke libaka tse pela maliboho haholo joalo ka Lebatooeng la ha eso la Teele. Ha u tloha Borokhong ba Teele u nyolosa ka noka eno ea Teele u ea mohloling oa eona moo hothoeng ke Teelenyana, ehlile ke sebaka ke buleileng seo ha motho a tloha ka mona ka hae a ea ka Republic of South Africa, o ts’ela nokeng mono a se a bile a kena ka hare ho motse. Taba eno e hloka hore re le boetapele litaba tsena ha re li bua tse kholo ha kana, re iphe bohlale ba hore na libakeng tse joalo ka tseno re fihla joang ho tsona. Re eo leka hore sechaba se phelang mono ka lebaka la mathata le ts’obotsi ea sebaka le bophelo boo ba bo phelang, ho bobebe ho bona ho oela lemeneng la hore batho ba nke monyetla hobane ba le pela moeli ebile le bophelo libakeng tseno bo sokolisa haholo. Ke hole Quthing le Sterkespruit empa mona lipakeng bophelo bo ntse bo tsoelapele.
‘Na, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ke lakatsa ho qetela ka hore litaba tsena ha ke li nke hanyane hohang. Ke ee ke bolelle bana ba ka hore ha ba bona motho eo ba sa mo tsebeng, ba bile ba sa utloe hantle hore na ha a bua o bua puo efeng, ba se ke ba mo tlontlolla le ho bona eka hase motho. Ntate-moholo oa bona, Ntate ea tsoalang Ntate, o ne a boloke motho hobane a ne a fihli motseng oa ha habo rona mono, ke taba eo ke e bolelloang, a bolelloa hore motho eno o ne a fihli a re ke Mqena. Taba eno e ile ea etsa hore a amohelehe batho ba re ha habo ke mono. Ka lehlohonolo ka lebaka la tsela eo a ne a fihli a sotlehile ka eona o ne a lule mono le sechaba sa mo amohela, batho ba ha habo ba qetella ba mo fumane. Litaba tsena ha rea tlameha ho linka hanyane hohang, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ka’nete kea thoholetsa hore litaba tsena li kholo ke hore re le naha, re le sechaba le Litho tse Khabane re li phamolele holimo, re li bue hohle moo re kopaneng teng re fumaneng monyetla ua ho bua re bua, le sechaba. Kea leboha, ‘M’e, kea theholetsa.


HON. T. LEHLOENYA (Kolo): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano ka monyetla ona oa ho ts’ehetsa le ho thoholetsa Tlaleho ena ea Komiti ‘moho le lekala. Ruri litaba tsena ke nka hore tataiso eo u e fileng Lekala lena la habo rona e ntle haholo. Sebopeho sa puo e fanoeng ke Mohlomphehi Letona le Khabane la Toka le eona re e ahela lesaka rona ba Kolo. Ntho ena rea e phela, rea e tseba ebile e re utloisa bohloko kamehla.

Moo taba e leng teng, Mohlomphehi, ke mona, batho ba rona haholo ba na ba bacha ba ekoa ka maleme a monate ka hore ho na le lintho tse molemo haholo naheng ena ea boahelani. Ba ea mesebetsing haholo-holo ea mapolasing, ea likonteraka le eona eno ea makichining. Ha khoeli e fela a sebelitse, motho ea joalo, enoa ea mo ekileng, o bolella sepolesa hore motho ea itseng o teng oa sebetsa a se na litokomane tse mo lumellang ho sebetsa naheng eo ea boahelane, Southo Africa. Sepolesa se nka motho eno e le setloli sa molao. Motho enoa o ekiloe, a isoa ho ea sebetsa boemong boo ba bokhoba. Ha a qeta joale o boetse oa ts’oaroa hobane joale o lutse matsatsi a mangata South Africa a bile a se na le tokelo ea ho sebetsa naheng eo. O ea Lendela, o tla Lesotho mona e le setloli sa molao feela eena a otliloe ka sebopeho sa hore o ile a ekoa.


Ruri ke ne ke lakalitse ha Matona a Khabane le amanang le mesebetsi e meholo le e menyane ba ne ba le teng ba utloa litaba tsena. Batho ba na ba ntseng ba ekoa ka sebopeho sena boholo ba bona ke bacha haholo ba basetsana. Ke bacha ba hlokang hore ho boptjoe maano le mekhoa ea hore ba fumane mesebetsi hae mona. Maobane re ile ra thaba haholo rona ba Kolo ha re utloa molaetsa oa Mohlomphehi Letona le Khabane a re ho se ho tla ba le monyetla oa hore batho ba joalo ba sebetse lilemo tse ‘ne (4) hobane e re fokoletsa bothata bona.

Ho na le bothata bo bong bo ntseng bo setse, Bahlomphehi Litho tse Khabane le uena ‘M’e Madam Speaker. Ho na kekong eo ke qetetang ho bua ka eona, ho boetse ho na le ba na ba bahlankana ba isoang mekoting le li-mining tsena tse seng li sa sebetse. Batho ba na ho latela litlaleho tseo re li fumanang, ba kena ka mono ka mokoting bonyane likhoeli tse isang borarong (3) le bots’eleleng (6) ba lutse le ho tsoa ba sa tsoe ka mono. Ba bangata ba shoetse ho na ka mono. Ruri rona ba hlahang bokaota re lla letsatsi le letsatsi. Beke le beke re boloka batho ba bolaeloang ho na litotomeng moo.

Ke batla hore ke qetelle ka hore, re leboha ‘Muso oa Motlotlehi ha e le mona ho bonahala ba nka likhato. Kea hopola hase khale ba le pusong ba ileng ba ea Germiston ho ea lebana le tsona litaba tseno. Boithuto bono ho ea bonahala ke mona bo re fa le ho re tsoalla molaoana ona oa sebopeho sena seo Komiti e se tekileng Paramenteng ena. Ruri ka mantsoe a na a mabeli a mararo, re theoletsa le ho tlatsa ts’ebetso ena e ntle ea Komiti, Mohlomphehi, kea leboha.

Rt. HON. MADAM SPEAKER: Thank you, Honourable Member. Litho tse Khabane, ke kopa hore re qeteleng. Mesebetsi ea ka jeno e bonahetse e le mengata. Honourable Shao, tsoela pele.
HON. M. SHAO (PR): Kea leboha le ‘na, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke ema mona ho thoholetsa hore Ntlo ena e Khabane e amohele Tlaleho ena e tekiloeng ka bokhabane ke Molula-Setulo oa Komiti ena ea Molao. ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ruri taba ena joalo kaha e se e bonts’itsoe ea thekisetsano ea batho, ke bokhoba bo ts’abehang bo etsetsoang batho. Lefats’e ka kakaretso le ts’oenyeile haholo ke thekisetsano ena ea batho. Ka mokhoa o ts’oanang, le naha ena ea rona ea Lesotho e ts’oenyehile joalo kaha Lekala lena la tsa Lehae le lona le ts’oenyeile. Le entse melaoana ena eo Komiti e fetisitseng.


Ka hona, ‘M’e Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, bokhoba bona bo etsetsoang bana ba Basotho, ke bo bobe haholo. O tlabe a nkuoa a ts’episitsoe mosebetsi ho na mona naheng ea boahelani. Ha ba fihla ka mona ba fumana hore ha ho mosebetsi ba fetotsoe makhoba ba sebelisoa hampe ekaba ts’ebelisong ea malapeng kapa eo ba sebelisoang ka litaba tse sa nepahalang tsa sex. Haufi, Mohlomphehi, ha u ne u re rumile South Africa, Johannesburg, re ile ra utloa litaba tse re ts’osang hore ho na moo ho na le sebaka seo batho ba na ba ntseng ba nkoang ka mona kahara naha ea rona ba isoa mono ba eo sebelisoa hampe ka mokhoa o ts’abehang. Taba ena e re Lekala lena la tsa Lehae le ke le bone hore le nka khato le eo fuputsa litaba tseno ho lokolla bana ba Basotho ba ntseng ba sebelisoa hampe sebakeng seno.

Ho feta mono, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, kahara molaoana ona, ehlile khothaletso e matla ke hore, ha sepolesa se se se ts’oere batho ba na ba hlokofatsoang ka thekisetsano, ho bonoe hore ts’oaro ea bona e ba e nepahetseng matsohong a sepolesa. Le likelello tsa bona li eabe li se li amehile haholo. Ho bonoe hore ba ts’oaroa ka mokhoa o nepahetseng ho na mono karolong eno moo ba leng ho na teng. Lithupelo li etsoe ka mafapha ohle. Ho etsoe lerata ka hare ho naha hohle likopanong ka ho fapana hore thekisetsano ea batho ke ntho e mpe ka mokhoa o ts’abehang. ‘M’e, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, le ‘na ka mokhoa o ts’oanang, ke khothaletsa Ntlo ena e Khabane hore e amohele Tlaleho ena ka melaoana ena e seng e beiloe ka pele ho Ntlo ena e Khabane, kea leboha.
Question put and agreed to
Resolved
That this Honourable House resolves to adopt the Report of the Portfolio Committee on the Law and Public Safety Cluster on the Anti-Trafficking in Persons Regulation, 2015.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Litho tse Khabane, feela le hlokometse hore e mong oa Litho tsa Komiti, Setho se Khabane sa Makhaleng o buile ka hore batho bana ke li-tycoon, Li-tycoon ke batho ba ruileng haholo. Ke hobane ehlile ho thoe khoebo ena e ba tlisetsa chelete e ngata haholo. Mohlang re se re fumane monyetla oa ho buisana ka litaba tsena, le tla hlokomela hore na ba etsa chelete e ngata hakana-kana joang. Kea kholoa ke nako ea hore ka nete re lokela hore re be our brothers and sisters keepers. Ha ba re tlalehetse hore ba ilo batla mesebetsi ka naheng ea boahelani, re hle re bue le bona ka thata. Ba re fe linomoro tsa bona tsa lifono, ba phehelle ho buisana le rona khafetsa le rona re bue le bona khafetsa. Ba re bolelle bahiri ba bona le li-address tsa bona. Le metsoalle ea bona hobane ka nako e ngoe ba amouoa lifono. Ebe ha a se a amohiloe fono a ne a ena le linomoro tsa rona ka fono, o sa la a se a sena tsona kaofela, a sa litsebe ka hlooho le rona joale re se re sa mo fumane joale re sitoa ho bua le eena. Empa ha re tseba metsoalle ea hae re tla pheella ho tseba hore na o ho kaeme re tla buisana le eena joang. Ehlile taba ena eona it is real. Ha re ne re e hlaloseng ho bohle bao re ka khonang ho buisana le bona, bana ba bo rona ha ba re bolella hore bo-Lirontšo ba sebetsa CapeTown, ba sebetsa Matatiele, ba sebetsa Natala, ha re ba hlokomeliseng taba tsena hobane bona ha ba eso li ele hloko. Ke tlaleheloa hore baeti ba rona ke bana ba sekolo sa Khanyane L.E.C primary Leribe. Lebitsong la lona Litho tse Khabane ke amohele baeti bana ba rona le ho leboha litichere tsa bona ka tukiso ena eo ba e entseng hore ba tlo tseba ka hare ho Ntlo ena ea Sechaba. Kamehla ke ee ke re, tlhophiso tse kang tsena ho bana ba bang ke taba e mona eo ho thoeng it’s a life changing experience, ho kena ka hare ho Ntlo ena ho bona ho bolela tse kholo bophelong ba bona. Ke ba kopela hore ba be le kutloisiso, ba amohele tataiso ea batsoali ekasitana le ea litichere hobane ke hona moo bohlale bo fumanoang teng. Ka letsatsi le leng le bona ba tla be ba eteletse naha ena pele joalo ka lona, Matona a Khabane le Litho tse Khabane. Ke kopa re ba amoheleng. [Liatla] This brings us to the end of todays business. The Chair wishes the Rt. Hon The Prime- Minister, Honourable Deputy Prime Minister and Leader of the House, Honourable Leaders of Political Parties in the Coalition Government, Honourable Ministers and Deputy Ministers, Honourable Members, The Table, Hansard Editor and his Staff, Sergeant-at-arms, The Chaplain of the House, Ushers, Radio Lesotho Reporters, Lesotho Television Grew, Police Officers in the Premises a very pleasant and a warm weekend.

HON. MEMBERS: Same to you.
RT. HON. MADAM SPEAKER: The House is adjourned until Monday at 2.30pm
ADJOURNMENT
There being no further business on the Order Paper, Rt. Honourable Madam Speaker adjourned the House Pursuant to Standing Order No. 16 (2).
House accordingly adjourned at 10:05 am.