Hansard 26th November, 2015

NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER

Thursday, 26th November, 2015
The House assembled at 2.30 p.m.
(RT. HON. MADAM SPEAKER in the Chair)

PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer

RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk.
ORAL ANSWERS TO QUESTIONS

  1. UNREGISTERED TRACTORS.
    Hon. M. Hlalele (Thaba-Phechela): Asked the Minister of Public Works and Transport,
    if he is aware that a large number of Basotho owned tractors
    have not been properly/legally registered, and this precludes
    their getting lease contracts for the current year’s farming
    season; and if so, how soon the Minister will intervene.

HON. M. MOLETSANE: (Deputy Minister of Public Works and Transport): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. ‘M’e, ke na le karabo ea potso ena. Empa feela ke na le eona ka hare ho mochine (i-pad) hobane e ne e romeletsoe ho Ministry of Agriculture. Re tsoa elelloa metsotsong e fetileng hore e se e le ea rona. Ha kea e hatisa ka pampiri, ha ke tsebe hore na ebe nka e bala, Mohlomphehi.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Tsoela pele ka karabo, Letona le Khabane.
HON. M. MOLETSANE: Mohlomphehi, Lekala la Mesebetsi e Meholo le Lipalangoang ruri le lebeletse hore Lipalangoang tse lulang ebile e le tse sebetsang ka hare ho naha ea Lesotho li ngolisoe ka molao, sena ke boikarabello ba beng ba thepa e joalo. Ho latela Section 6 ea Molao oa rona oa Road Traffic Act, 1981, ke tlolo ea molao hore ebe motho a ka ba le sepalangoang kapa eona terekere eo ka hare ho molao oa rona e leng classified le trailer e sa ngolisoa ka molao. Le teng haele mona ho bonahala hore mohlomong sechaba sa Basotho ka bongata ho hlokomeleha hore litekere tsa bona li lokela ho ngolisoa, Lekala lena la heso le tla itokisitse ho fana ka tataiso ka mekhoa o fapaneng, mohlala, joaloka ho etsa li-campaign ka hare ho metse ea rona moo literekere li fumanehang teng le hona mane masimong moo literkere li sebetsang teng hobane boholoba tsona ha lia ngolisoa hobane joale li le masimong mane moo ho lumeloang hore li ke ke tsa bonahala tsa fumanoa teng.

Taba ea bobeli ea hore na re tla sebetsa joang hore re sebetsane le taba ena. Ke hore e tla hokahana hape le ba habo rona ba sebetsanang le taba ena ea bophethahatsi ba molao (law enforcement) ho bona hore literekere joaloka makoloi a mang a phelang metseng mane ehlile Basotho ba utloisise hore ke thepa e lokelang ho ngolisoa, e tsamaeang mebileng ea rona ho sa tsotellehe hore na e tsamaea meeling ea masimo empa re tla etsa hore rona re le Lekala re il’o fana ka thuto eno hore literekere li ngolisoe joaloka thepa e ‘ngoe ea sechaba. Ha ho le joalo, kea tšepa hore etlare ha mesebetsi e kang ena ea Lekala la Temo e hlaha ebe joale ba fumana lipampiri tse lokelang hobane thepa ea bona e ngolisitsoe. Kea leboha, Mohlomphehi.


HON. T. LERAFA (Motete): Ntlha ea tsamaiso!
RT. HON. MADAM SPEAKER: Tsoela pele, Setho se Khabane.
HON. T. LERAFA: Ntlha ea tsamaiso eo ke emang ka eona ke hore Setho se Khabane sa Makhaleng se kene ka hare ho Ntlo ena e Khabane se tsotse. Ke se kopela hore se tsamaee se il’o apara hantle.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Re tlaba le mathata a quorum. Ke maketse hore na hobaneng se tla se apere joalo. Next question…
HON. P.D. MAFEREKA (Mpharane): Ntlha ea ka e nyanyeletsang ke hore…
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ha re potlakeng hle, Bahlomphehi, ho etsa mosebetsi ona.
HON. P.D. MAFEREKA: Mohlomphehi, ho latela lerata le teng pelaka ha kea utloa na u itseng.
RT. HON. MADAM SPEAKER: U sa utloeng?
HON. P.D. MAFEREKA: Ke ne ke kopile potso e nyanyeletsang. Ke ne ke sa utloa hore u itse ke bue. Kea leboha, Mohlomphehi. Ke botsa Mohlomphehi Letona le Khabane hore mane Mohale’s Hoek ehlile bothata ba teng bo bonahala bo tšoana le ba Thaba-Phechela, empa basebelisi ba literekere ba hlokometse hore ha ba fumane mosebetsi oa ho ea masimong ka literekere tsa bona empa ba amohetse hore tse ling ha li na mangolo. Taba ea bona ke hore na Lekala le ke ke la ba thusa ho ea ho bona le il’o nka likhafa hobane literekere tseno li tšetse li se na mangolo ka South Africa eleng tsa khale, ba mpe ba il’o nka likhafa tseno ba tsebe ho tla li khafela ebe chelete ea kena joale bona ba tsebe ho fumana mangolo a ho sebelisa literekere tseno haholo temong ena ea ‘Muso. Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. T P. MOKERETLA (Minister of Public Works and Transport): Kea leboha, ‘M’e Madam Speaker, ke utloa taba ena ea Mohlomphehi Setho se Khabane, u re na mohau o teng na? Joale ke re, mohau o ka ba teng empa thuso ha e eo. Ruri taba ena ea ho se ngolise thepa ka molao e re bakela mathata haholo, ebile e atile haholo. Ha u ka tseba hore na Mohlomphehi, literekere li etsa likotsi tse kae, ka hare ho metse eona eane ea rona moo ho lumeloang hore there is no traffic. Re tšoanela ho sebeletsa hore ruri sechaba sa Basotho se utloisise bohlokoa ba hore terekere e tšoanela hore e ngolisoe e na le mosebetsi o ka hlahang Lekaleng la Temo kapa ho se na …


RT. HON. MADAM SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso ka Setho se Khabane Lineo Molise – Mabusela.
HON. L. MOLISE – MABUSELA: ‘M’e, ke ne ke kopa hore u nsireletse, Setho se Khabane sa Malingoaneng se fihla late and se fihla se se ntse se nhlekahleka.
RT. HON. MADAM SPEAKER: U ntse u mo etsa’ng Setho se Khabane sa Malingoaneng? Ak’u tlohe mono, re lokela ho sebetsa ka tsela e tla re bolokela nako. Hon. Minister u ka tsoela pele ho qetela karabo ea hau.

HON. T. MOKERETLA: ‘M’e, ke ne ke se ke thethile karabo ea hore ka ‘nete ke ne ke kopa Setho se Khabane se amohele hore tabeng ena ea ho ngolisa thepa ea rona e tsamaeang ‘mileng, eona re tle mpe re tsepame holim’a eona. Taba eno ea ho khafisa, re tšoanela ho khafisa thepa e hlileng e ngolisitsoeng ka molao, ‘me oa utloisisa hore haeba ho buua ka ho khafa ho bolela hore koloi e joalo kapa terekere e joalo e tšoanela hore ebe e ngolisitsoe ka molao. Ka ‘nete e ntse e le bona boipiletso ba ka bono, Mohlomphehi. Kea leboha.

RT. HON. MADAM SPEAKER: Potso ka Hon. Member for Thaba-Phechela.
HON. M. HLALELE(Thaba-Phechela): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ka ‘nete kea e utloa karabo ea Letona le Khabane, ke ne ke mpa ke botsa feela hore na joale ha ke sebelisa terekere eo ke ileng ka e ja lefa ho Ntate oa Ntate, e sena pampiri leha e le ‘ngoe, li-part tsa eona, sefuba sa eona se ile sa nkoa koana, nkatapa ea nkoa koana [Litšeho], tsa kopanngoa, joale e sebetsa hantle terekere ena. Joale Lekala le ngolisang lipalangoang lona le batla hore e panye, na o bolela hore masimong mola terekere ee ha e tjekela ka mona temeng mane, e tšoanetse hore e ‘ne e panye hobane joale molao o ngolisang likoloi o re li panye. O re ha u hata mariki e laete, o re e be le hooter, eleng hore li ea hlokahala le literekeng tsona tseo?

HON. T. MOKERETLA: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ka ‘nete ke kopa hore taba ena ke mpe ke hatelle hore molao ka ‘nete ke molao, U’a tseba Mohlomphehi le Litho tse Khabane tsa Ntlo ena, maoba mona mane Brazil ho ne ho tšoeroe ‘moka oa United Nations moo ehlileng conference eno e neng e le “On road safety”. Lefatšeng mona ho hakangoa hore ka 24 hours ho hlokahala batho ba 7, 000. Ho ea utloahala hore haeba batho liketeng tse supileng lefatšeng mona kaofela ba ka hlokahala ka 24 hours, rona re le Lesotho na re etsa contribute bokae. E ‘ngoe ea mabaka a etsang hore ebe ho na le likotsi tseno haholo-holo Africa mona, ke hore ebe thepa ea rona e tsamaeang litseleng tsa rona ha e maemong a nepahetseng. Ka lebaka lena, ke ne ke re Setho sena se Khabane, ehlile ke re terekere e tšoanela ho panya, hore na e il’o potela ka lengopeng, hore na e laela lehlabathe, hore na e laela patsi e tšoanela hore eabe e na le mangolo.

Tabeng eno ea hore literekere tsa rona tsa Basotho re amohele e ka ‘na eaba ke coalition of different parts from different factors. Molao o teng o supang hore na ha u nkile engine mane u nkile lepheo la terekere mane u kopanya u bopa terekere na ho tla sebetsoa joang. Ke re ho Setho se Khabane se eletse lihoai tsa ha habo sona hore li atamele ofisi ea Lekala ba tla ba thusa ha feela eba litsenkana tseno tse ahileng literekere tseno o li fumane ka molao. ‘Na ha ke bone ekare ho na le bothata, Mohlomphehi. Kea leboha.
106.  OVERDUE PAYMENTS OF PARTY AGENTS.
Hon. M.  Hlalele (Thaba-Phechela):  Asked the Minister of Law and Constitutional Affairs,
if he is aware that party agents who participated in the 2015 general elections have to-date not been paid; and if so, how soon the Minister will intervene.
 HON. M. LETSOSA (Minister of Law and Constitutional Affairs): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Payment of party agents is a shared responsibility between Independent Electoral Commission (IEC) and the political parties registered with the Commission, which participated on the 28th February, 2015, General Elections. Section 70 (4) of the National Assembly Electoral Act, 2011 states that a political party registered with the Commission shall be entitled to funding from the consolidated fund for the purpose of campaigning and payment of party agents. In the shared responsibility on paying party agents, IEC provides funding to political parties according to the number of agents a political party had appointed, while on the other hand the political parties ensure that party agents receive their payments. Political parties are the pay-masters and IEC is the provider of the funds.
On 30th April, 2015, IEC invited political parties to a meeting, and each political party was requested to be represented by both the Secretary General and Treasurer. It was in this meeting where it was agreed how the funds to pay party agents were to be disbursed. It was also agreed that the first funding (1st submission) would only be released when both parties (IEC and political party) had approved the relevant banking details. The second submission would be released when political parties had returned the payrolls to IEC. This means that only political parties which had paid their agents and returned the signed payrolls to IEC are due for the 2nd submission.
A copy for Thaba-Phechela No. 48 Constituency is attached to illustrate how payment of political party agents was done. The copy indicates that only two (2) political parties with a total of three (3) party agents were due for the second submission with an amount of M2, 550.00.
Lethathamo leno le bontšang hore na Thaba-Phechela ho sebelitsoe joang, Mohlomphehi, le qhoahelletsoe karabong ena. Kea leboha.


RT. HON. MADAM SPEAKER: Potso e nyanyeletsang ka Mohlomphehi Lineo.
HON. L. MOLISE – MABUSELA: Kea leboha, Mohlomphehi, ‘na ke ne ke re re utloa tlhaloso ea Mohlomphehi Letona le Khabane. E ne ekare e ka be e ngotsoe ka Sesotho hobane ebile ke bone hore Basotho ba se ba hlile ba ichebella litaba tsena ba li mamele haholo hona tlaase mane metsaneng. Feela potso eaka ke ena, ‘M’e, ho Mohlomphehi Letona le Khabane, ea hore na o hlokometse hore ka ‘nete bohlasoa bo teng mono IEC? Ke eona eo e reng ha e se e ntša chelete e e fa li-political party hore li il’o lefa batho, e fana ka manane a sa kenyang mabitso a batho ba bang bao e neng e le li-party agent na?

HON. M. LETSOSA: Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ruri taba eno e hlokomelehile ea hore ho ea etsahala hore ha IEC e fana ka mabitso a lokelang hore a lefshoe, ebe ho bontšahala hore ho se ho na le a setseng. Mono moo ke ntseng ke bua ka taba ea hore ho bile le meeting, ho ne ho lokisoa tsona litaba tseno eaba ka har’a meeting ona ono moo ho neng ho bitsitsoe bangoli ba baholo ba li-party le bo-ramatlotlo ba bona ke hona moo ho ileng ha lumellanoa hore ho sebetsoe ka manane ao a teng. E tle e tsebe hore ha ho qeta ho lefshoa bano ebe li-party li etsa second submission ho shebiloe payroll hore na ho payroll mono ba fetse ba lefa kaofela kapa joang. Ke moo re hlalosang hore ho fihlela ha joale ka ‘nete ke li-party tse peli feela Lebatooeng leno la Thaba-Phechela tse ileng tsa etsa joalo. Litaba tsa bona li ntse li sebetsoa. Empa ea hore ho na le bohlasoa ba hore ebe mabitso a qetella ha ho se ho lefshoa ho se ho hlaha a fokolang, ke bofokoli bo teng IEC mono Mohlomphehi, boo ke reng ruri re tla sebetsa ka thata hore re bone hore ha bo sa tla ipheta hape hape. Kea leboha.

107.   CLASSROOMS FOR BONGALLA PRIMARY SCHOOL.
Hon.  M.  Hlalele (Thaba-Phechela):  Asked the Minister of Education and Training,
if she is aware of the urgent need to build classrooms for Bongalla
Primary School; and if so, how soon the Minister will intervene.

HON. M. MOLELEKI (Minister of Police): Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano le Litho tse Khabane, Lekala la Thuto le fumane hore Bongalla Primary School e na le bana ba 281 le liphapusi tse tšeletseng (6) tsa ho rutela. Sena se supa hore sekolo se na le lihlopha tse peli tse ruteloang ka phapusing e le ’ngoe. Le ha litichere li koetliselitsoe ho ruta lihlopha tse ’maloa ka phapusing e le ’ngoe, ’nete ke hore lenane thuto le lecha le fana ka phepetso e kholo haholo tlhophisong ea mofuta ona. Ka hona Lekala le kenyelelitse sekolo sena sa Bongalla meralong, me se tla thusoa ka phaphusi ea ho rutela ha maemo a lichelete a khotsofatsa.

HON. R. MARUMO: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Potso ea ka e nyanyeletsang ho Letona le Khabane ke hore na bahlanka ba hae bana ba hlahlobang likolo na ba etsa mosebetsi hakae, hobane ke lumela e se sekolo sena sa Bongalla feela se nang le mathata a liphaphusi tsa ho rutela. Na Letona le Khabane le ka tlisa ka Ntlong ena e Khabane lenane la li-primary school tse bonahalang li le tlokotsing joaloka bongalla ho kenyeletsa le tsane tse Lebatooeng la Leribe No:12 na?
HON. M. MOLELEKI: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, taba ena ke e ngola fatše, ke khutlele lekaleng mane e le hore ke il’o ithuta eona. Ha re tla Mohlomphehi Letona le Khabane la Thuto le se le tla tla ka polelo tlas’a Standing Order No:28, feela se ntse se araba potso ena ea Mohlomphehi Setho se Khabane.

108. CLASSROOMS AND TEACHERS FOR PHAATJANE PRIMARY SCHOOL.
HON.  M. M. N. MOREMOHOLO (Thaba-Tseka):  Asked the Minister of Education and Training,
if she is aware of the need for teachers and classrooms at Phaatjane
Primary School (Reg. No. 130012) which uses old mud huts for
classrooms;

and if so, how soon the Minister will intervene.
HON. M. MOLELEKI: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, Lekala la Thuto le Koetliso le hlokometse hore ho na le bothata bo teng ba liphaphusi tsa ho rutela sekolong seno sa Ha Phaatjane Primary School. Hobane bana ba sekolo sena ba ka holimo ho 200, ’me ho sebelisoa holo ea kereke le phaphusi e le ’ngoe, eo e seng le maemong a matle eona phaphusi eo a ho rutela bana. Ka hona Lekala le ntse le etsa maoala a ho batla lithuso sebakeng sa sekolo sena. Ntlheng ea litichere teng, lekala le hlokometse hore sekolo se na le tlhoko ea tichere e le ’ngoe, ’me bothata bona bo tla fengoa selemong se tlang sa lichelete haeba Ntlo ena e Khabane e ka ea fetisa likopo tse tla tla polangoa ka pele ho eona haufi.


109. NEED FOR SUBSIDIARY ROADS
HON.  M. M. N. MOREMOHOLO (Thaba-Tseka):  Asked the Minister of Local Government and Chieftainship,
if she is aware that there are no roads leading to the villages of
Kolberg-Patisi, Koma-Koma, Chebane and Majara;

and if so, how soon the Minister will intervene.

HON. K. DIHOLO (Deputy Minister of Local Government and Chieftainship Affairs): Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano le Litho tse Khabane, litsela tsee eang metseng ea Kolberg-Patisi, Koma-Koma, Chebane and Majara ke litsela tse kahar’a Lebatooa la Thaba-Tseka No:74. Litsela tsena li tla ahoa mokhahlelong oa bobeli oa khaho ea litsela Seterekeng sa Thaba-Tseka. Ho latela meralo ea Lekhotla la Setereke la Thaba-Tseka (Thaba-Tseka District Council) selemong sa lichelete sa 2017/2018. Mokhahlelong oa pele oa litsela Lebatooa la Thaba-Tseka N0:74 le se le ahetsoe litsela tse ’ne (4) tsa lehlohlojane e leng litsela tse latelang:-
Mohlakeng – Motsoloane
Makere – Mohlanapeng
Motsepa – Motsekuoa
Kholoane – Mokoto
Kea leboha, Mohlomphihi Motsamaisi oa Lipuisano.


110. NEED FOR WATER AND VIP TOILETS
HON.  M. M. N. MOREMOHOLO (Thaba-Tseka):  Asked the Minister of Water,
if he is aware of the lack of potable water and latrines in the
villages of Makoabating, Mapheaneng, Liqonong, Pharahlahle,
Tlaling and Lihlabaneng in the Thaba-Tseka Constituency; and if so, how soon the Minister will intervene.

HON. R. ’MOKOSE (Minister of Water Affairs): Ha re bontša ka Paramenteng ka mona hore na ke metse efeng selemong sena eo re tlil’o kenya li-toilet ho eona re ba kenya metsi ho eona ene e le metse e 82. Metse ena e boletsoeng e ne e le sieo moralong oa tšebetso oa selemong sena. Empa le ha ho le joalo, metse ena re tlil’o e kenyelletsa meralong ena ea 2016…
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso ka Setho se Khabane ’M’e Molise – Mabusela.
HON. L. MOLISE – MABUSELA: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke ne ke re feela u mpe e u re thuse hore re utloe hore na ebe Paramenteng moo likipa le lipoti li lumelletsoe na? Kea leboha.

RT. HON. MADAM SPEAKER: Che, Setho se Khabane. Setho se Khabane sea tseba hore na ho aparoang joang ka Ntlong ena e Khabane. Tsoela pele Letona le Khabane.
HON. R. ’MOKOSE: ’Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke ne ke bontša hore metse ena e boletsoeng e ne e sa hlahe moralong oane oa metse e 82 e ntse e sebetsoa ha ha joale. Empa re kentse moralong oa selemo sena se tlang sa 2016/2017.

  1. LACK OF POTABLE WATER: LIPHAKOENG, HA THETSANE
    HON. M. Y. MALIEHE (PR): Asked the Minister of Water,
    if he is aware of the fire need for potable water at Liphakoeng, Ha Thetsane where people are compelled to drink water drawn from sanitary puddles;
    and if so, how soon the Minister will provide water pumps in the area.
    HON. R. MOKOSE (Minister of Water Affairs): Liphakoeng ke o mong oa metse e neng e hloailoe hore e fumantšoe phepelo ea metsi ka selemo sa 2014/2015 tlasa merero e menyenyane ea phephelo ea metsi eo WASCO e iketsetsang eona. Ka selemo sa 2014/2015, motse ona o ile oa fumantšoa metsi, me sechaba sa teng sa kenya lipompo malapeng. Ke malapa a fokolang feela a sa fumantšoang phepelo ea metsi kaha a ahile ka holimo ho letangoana (reservoir) le fepelang sebaka sena ka metsi, eleng le holima thabana ea Ha-Ratjomose (Mpilonyane).
    Ho bile le tumellano le Maseru City Council hore sechaba se ahe feela bophahamong ba 1 600 empa hona joale hona le baahi ka holima letamo leo. Ho boetse ho bile le tlhokomeliso eo WASCO likopanong tsa eona le sechaba e etselitseng marena le li-council ea hore sechaba se se abeloe mobu ka holima matangoana a phepelo ea metsi esita le hona ho lumelloa ho aha ho ea holimo thabeng. Sena se setisa hore se fumantšoe phepelo ea metsi.
    Ho sa le joalo, motse ona oa Liphakoeng, ka selemo sa 2013 Tlhakola, o ile oa etsetsoa mekhoa ea nakoana ea ho fumantšoa metsi. Ho bile le litanka tsa metsi tseo ka tšebelisano moho le komiti ea ntlafatso ea motse, sechaba se neng se li sebelisa ho ithekela metsi ha WASCO eona e ne e tlisa metsi ao ka likoloi. Motse o haufi oa Mankoaneng le ona o ile oa phalleloa ka tanka ea metsi nakong eo. Empa kamora ho phethela morero o seng o boletsoe oa marang-rang, litanka tsa WASCO li ile tsa khutlisoa e le tumellano le komiti kaha joale ho ne ho bonahala li ne li se li sa tsoele sechaba molemo kaha se kentse metsi malapeng.
    Mohlomphehi, ke supe ka kotloloho hore sebakeng sena ha hajoale ho ntse ho runya matlo a macha a ntseng a hloa thaba. Hona ke qholotso e kholo ho lefapha la haeso ho fana ka phepelo ea metsi kaha hona ho bolela hore lekala e inahanele ho aha letangoana le leng esita le setsi sa ho pompa ho qosang lichelete tse ngata.
    Bothata bona ba ho aha ho ea holimo thabeng ha se ba liphakoeng feela mona Maseru. Mohlala ke Tšenola, Tšiu, Qoaling, Tšosane le metseng e meng sechaba se ntse se itsoella pele ho abela litša libakeng tse phahameng. Hona ke kobo anela libakeng tseo WASCO e fanang ka metsi. Ka hona taba ena ke e hlokang hore bohle re e ele hloko ekasitana le ba abang mobu kaha e khina phano ea tšebeletso ea metsi le ntlafatso ka kakaretso.
    Leha ho le joalo, lekala la heso le tla imamella taba ena ho bona hore na thuso e ka etsoang ke efeng. Mohlala, prepaid communal stand pipe. Ke moo ba ke keng ba hokela malapeng. Ba tla etsetsoa pompo ea sechaba moo ba ithekelang metsi ka senotlolo.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Potso e nyanyeletsang, Honourable Molise-Mabusela.
    HON. L. MOLISE-MABUSELA (PR): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Rea leboha ka karobo e ntle. Ke kopa ho nyanyeletsa ke botse Letona le Khabane hore na haele mona ho bonahala naha e le tlokotsing le lefatše ka tlhokahalo e kana-kana ea metsi. Na ba ne ba ke ke ba khahloa hore ba nke monyetla e le lekala ho holisa private sector haholo batho ba ka bang le litsebo tsa metsi. Kea leboha.
    HON. R. MOKOSE: Litabeng tsena tsa metsi re ntse re na le ho sebetsa le private sector. Re na le batho ba nang le mechine e borang kaha rona re na le o le mong feela,me re se ntse re sebetsa le bona. Libakeng tseo re reng re lokisa li-borehole, ba kene teng ba ntse ba etsa mosebetsi. Empa li ntse li sa lekana. Takatso ea rona ke hore ha re tlo polanya kopo ea rona mona ea kopo ea lichelete, re tla be re kenyeletsa kopo ea lintho tse peli eleng mechine e borang bonyane e mehlano hammoho le litanka tse tla re thusa hore ha tlokotsi e tšoana le ee, bonyane ho etsa region metsi. RT. HON. MADAM SPEAKER: Honourable Member for Makhaleng. HON. M. LEHATA (Makhaleng): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke botsa Letona le Khabane ho latela karabo ea hae moo e reng,Muso e le ona o fanang ka metsi ho sechaba, hape e le ona o fanang ka litša, Muso o sitoa ho etsa hore tšebetso eo e tsamae kapaMuso ha o buisane ka mafapha a ona na? Baabi ba litša ke Muso, le ba fani ba metsi keMuso. Batho ba hlokang metsi ke sechaba. Joale o re sechaba se fuoe litša thabeng, e le hore Muso o sitoa ho lokisa litaba tsee moo? HON. R.MOKOSE: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ho na le moo re bontšitseng hore lekala le ile la kopana le Maseru City Council hammoho le marena ho ba hlokomelisa bothata bona. Hoa bonahala hore ho hlokahala hore lipuisano line li be teng li se ke tsa feela. Karabong ho na le moo ho bontšang hore ho ile hoa ba le likopano tse joalo.
  2. STIPENDS FOR NUL STUDENTS
    HON. M. Y. MALIEHE: Asked Minister of Development Planning,
    if she is aware that some NUL students, in particular the first year students, have to-date not received their stipends from the NMDS; and if so, can the Minister say how soon the situation will be redressed.
    HON. M. LETSOSA (Minister of Law and Constitutional Affairs and Human Right for Minister of Development Planning): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Re na le lenane la baithutu ba 1 628, ba ileng ba fumana lihlapiso moho le keketso ea lenane la lihlapiso ka mora qeto eaMuso ea ho thusa baithuti bohle ba amohetsoeng ka Sekolong se Seholo sa Sechaba. Manane ana ka bobeli a ile a sebetsoa, me baithuti bohle ba qetileng methati ea ho amohela lihlapiso le ngoliso ba ile ba fumana litsieane ka tšebelisanomoho lipakeng tsa ofisi ea lihlapiso le university ho ipapisitsoe le litumellano tse teng.
    Tumellano ena e teng e ama chelete ea libuka ea selemo, chelete ea lijo ea likhoeli tse peli le ea bolulo ea likhoeli tse peli ho baithuti ba lulang ka ntle ho university.
    Re boetse rea tsoelapele ho fa baithuti bohle ba qetileng methati e amehang litsieane tsa khoeli ea boraro eleng ea Pulungoana moo taole ea lipatala e seng e le matsohong a ofisi ea lihlapiso ntle le tšebelisano moho le university. Phano ea litsieane e se e tla tsoelapele ho ea ho baithutu khoeli le khoeli ka La 15, ho latela tumellano e teng lipakeng tsa ofisi ea lihlapiso le libanka tseo baithuti ba nang le li-account ho tsona. Leha ho le joalo, ho ntse ho na le palo e fokolang ea baithuti ba e-so fumane litsieane kaofela tlasa mabaka a latelang;
    Ke baithuti ba e-so fumanae litsiane tsa bululo kaha manane a bolulo lefapha la lihlapiso le fumana manane a joalo ho tsoa ho university. Ofisi ea lihlapiso e fumantšitse baithuti bohle bao sekolo se faneng ka manane e le pontšo ea hore ha ba lule kahare ho matlo a bolulo a university. Re ntse re tsoelapele ho sebetsa le university hore e finyeletse manane ohle a baithuti ba lulang kantle ho sekolo ho bebofatsa phano ea litsieane tse amehang ho baithuti ba joalo.

Hona le palo e fokolang ea baithuti ba ntseng ba qetelisa methati ea kamohelo ea lihlapiso bao lenane la bona le fihlileng ofising ea lihlapiso ka La 21 Mphalane 2015 ho tsoa university.

Pheletso ea kamohelo ea lihlapiso e boetse e angoa ke ho se ikamahanye ha baithuti ho tla etsa kamohelo ea lihlapiso ka matsatsi a beuoeng ke ofisi ea lihlapiso. Boemeli ba baithuti Sekolong se Seholo sa Sechaba bo hlokomelisitsoe ka boemo bona me bo sebetsamoho le ofisi ea lihlapiso ho bona hore baithuti ba joalo ba finyella `me ba tle ba tsebe ho fumana lihlapiso tsa bona.
Eba ha kaalo karabo ea potso ena. Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano.

  1. NEED FOR BEWYS WRITERS
    HON. T. LERAFA (Motete): To ask the Minister of Local Government and Chieftainship;
    If she is aware of the need for bewys writers at the following places in Motete Constituency:
    Motete – where the bewys writer resigned and was not replaced;
    Ha-Mahlekefane – where the bewys writer has retired; and replaced by a volunteer who charges exorbitant prices on farmers;
    Kao – where the bewys writer has retired;
    Ha-Lehloare – where the bewys writer passed away and the volunteer replacement writer also passed away; and if so, how soon the Minister will intervene?
    HON. L. K. DIHOLO (Deputy Minister of Local Government and Chieftainship): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano le Litho tse Khabane. Lekala la haeso le hlokometse ka likheo tsa bangoli ba babeisi Lebatoeong la Motete.
    (i) Mongoli oa babeisi Motete o itokollotse mosebetsing selemong sena sa lichelete sa 2015/2016. Lekala la haeso le entse kopo ea ho tlatsa sekheo sena ho Lekala la Bosebetsi ba Sechaba (Public Service) hore re lumelloe ho hira mohlanka e mocha selemong sena sa lichelete sa 2015/2016. Re ntse re emetse tumello ea lekala leo.
    (ii) Haele motseng oa Mahlekefane, sekheo se bile tseng selemong sa 2013 ha mongoli oa babeisi a ea phomolong (retirement). Ka mokhoa o ts’oanang re kopile tumello ho Lekala la Bosebetsi ba Sechaba (Public Service) hore re tlatse sekheo sena.
    (iii) Motseng oa Kao, le teng mongoli oa babeisi o ile phomolong (retirement) ka selemo sa 2013. Sekheo se ile sa lieha ho tlatsoa hobane mohlanka ea neng a entse kopo ea mosebetsi o ile a tlameha ho emela khatiso ea menoana (Police Clearance) e nkileng nako e telele haholo ho fihlela selemo sa lichelete sa 2014/2015 se feela. Ka lebaka leo re boetse re beile kopo ea ho tlatsa sekheo sena ho Lekala la Bosebeletsi ba Sechaba (Public Service). Re emetse tumello ea lekala leo.
    Motseng oa Ha-Lehloara, ha ho e-so be le sebaka se phatlalalitsoeng ka molao sa ho ngolisa babeisi. Ha e sa le ho sebetsa baithaopi ho tloha khale. Ke hona sebaka se joalo se tla phatlalatsoa ka molao motseng oo e le sebaka se secha sa ho ngolisetsa babaeisi. Phatlalatso e joalo e tla etsoa ha ho buleloa ho tlatsoa hoa likheo tse ncha ke Lekala la Bosebeletsi ba Sechaba (Public Service).
    Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano le Litho tse Khabane, ha re ntse re emetse tumello e tsoang ho Lekala la Bosebeletsi ba Sechaba (Public Service) ho tlatsa likheo tsa bangoli ba babeisi, Lekala la haeso le ikelelitse hore moo ebang ho na le likheo tse joalo, ‘Musi oa Setereke eleng District Administrator (DA), a thusetse ka ho fana ka koloi ho isa mongoli oa babeisi ho tsoa sebakeng se seng ho ea sebakeng se joalo. Keletso ke hore ofisi ea DA e etse lethathamo la ts’ebetso ‘me ofisi e ngolle Marena a libaka tse amehang ho tsebisa sechaba ka lethathamo leo la ts’ebetso le matsatsi ao sechaba se tlang ho sebeletsoa ka oona. Kea leboha, ‘M’e Motsamaisai oa Lipuisano.
    HON. M. LEHATA: Kea leboha ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ho latela karabo ea Letona, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ha ke utloe hore na Local Government e bua ka Public Service e na le Local Government Commission joang? A re hlalosetse hore na baa empa ba tlasa Local Government feela ba hiroa ke Public Service eseng Commission na? Ha ba etsa tumello Public Service Commission ho ena le Local Government Commission eo re e etselitseng molao oa hore e hire bahlanka ba Local Government?
    HON. L. K DIHOLO: Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Hantle tumello ea khiro ka bo-eona e lokela hore ebe e fanoe ke Public Service. Ka lebaka leno moo likheo ho bonahalang li lokela hore li tlatsoe, re na le Commission eo e tla hira bahlanka ha feela tumello e joalo e fane ke Public Service, kea leboha.
  2. NEED FOR WOOLSHED – ‘MUELA
    HON. T. LERAFA: To ask the Minister of Agriculture and Food Security;
    If she is aware of the need to establish a woolshed at ‘Muela to serve the needs of the communities of ‘Muela, Ramalieletse and Setlakalleng which currently have to drive their livestock long distances to get shearing services at the risk of losing some of the animals to fatigue, and if the Minister is aware, how soon he will intervene.
    HON. M. MOLAPO (Deputy Minister of Agriculture and Food Security): Kea leboha, ‘M’e Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke bona eka u entse phoso ha u re Local Government. Karabo e tlameha ho tsoa Lekaleng la Temo.
    Rt. HON. MADAM SPEAKER: Ho joalo Letona le Khabane, tsoela pele.
    HON. M. MOLAPO: Potso ena ke kopa hore ke arabe ka ho hlalosa feela hore, hore ho tsebe ho ba le likiri libakeng, ho lokela hore sebakeng seo sekiri se tlamehang ho ba ho sona, bo be le liphoofolo kapa likhuts’oane tse ka bang likete tse leshome (10,000). Ha eba linku li se liketse tse leshome ho shejoa hore na li-bale tsa boea tse hlahisoang libakeng tseno li kae. Tsona li tlameha hore li be lekholo le mashome a mahlano (150) kapa ebe makholo a mabeli (200). Ha boemo bo le joalo, sekiri se tla ba teng sebakeng seno.
    Ho feta mono ho lokela hore ho shejoe litsela. Moo sekiri se leng teng litsela li ts’oanela hore li be teng e le hore likoloi li tsebe ho kena hore ho laeloe li-bale tseo tsa boea li tle li e’o fihla moo li ts’oanelang ho ea fihla teng e le hore ha eba likiri li le ka nqa eana ho noka makoloi a tle a tsebe ho ts’ela noka eo ho ea lata li-bale tseo tsa boea.
    Ha litaba li le tjena, lekala la haeso le tla ema ka maoto hore le e’o sheba libakeng tseo hore na ebe re na le likhuts’oane tse kae ka palo. Leha eba re sa fumane hore na likhuts’oane li kae, re be le lipalo-palo tse re bonts’ang hore na li-bale tse hlahisoang moo tsa boea ebe li lumella hore ho ahoe sekiri moo.
    Taba e ‘ngoe e hlokang hore re e hlalose ke hore e batla e se e ikara-karabella Lekaleng la Likhoebo tse Nyenyane, rona rea hlahisa. Re hlahisa phoofolo, ha e se e tsitsitse e se e na le boea joale re bone hore na re etsa joang feela lekala la haeso le tlil’o batlisisa hore na lipalo-palo li eme joang hore sekiri se il’o fihla moo. Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Next question, Hon. Member for Qhalasi.
    HON. S. QOO: Potso e nyanyeletsang.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Hao! Na u ne u il’o botsa u tsamaea hakalonyana? Tsoelapele hee, Setho se Khabane.
    HON. S. QOO: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Potso e nyanyeletsang kea hore ke mametse karabo ea ‘M’e Letona mono ka litaba tsa sekiri. Letona o bontša hore boea bo se bo ikarabella koana likhoebong tse nyenyana, ho ne ho se bobebe hore karabo ee u mpe u ise likhoebong tse nyenyana e il’o ba bona ba e arabang hobane haeba u tla batla hore sekiri se be le linku tse fetang likete tse leshome, hona joale tjena re na le bothata ba makhulo ka mono. Haeba re tla bokella liphoofolo ‘nqa e le ‘ngoe moo re lebeletseng hore re tle re il’o ntša boea bo bongata re tlil’o fuoa sekiri, re tla ba le bothata. Joale re re na ha ho betere hore karabo ee e ee mola likhoebong tse nyenyana na?
    HON. L. MOLISE-MABUSELA: Empa u e arabile.
    HON. M. MOLAPO: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Karabo eo ke tla e araba Mohlomphehi Setho sa Malingoaneng kea hore e tla ea, potso e tla ea fihla Lekaleng la Likhoebo tse Nyenyane, empa ka hobane re tšoarane ka matsoho mosebetsi ona re ntse re khona ho o sebetsa re le babeli, kea leboha.
  3. REHABILITATION OF ROAD
    HON. P. LETEETEE (Qhalasi): Asked the Minister of Public Works and Transport,
    if he is aware that the Thekiso – Liphiring – Takalatsa road has severely deteriorated and needs urgent attention; and if so, can the Minister say how soon the road will be rehabilitated, and give reasons why the road may not be upgraded to tarmac as Mohale’s Hoek does not have developed roads like other lowlands districts.
    HON. M. MOLETSANE (Deputy Minister of Public Works and Transport): Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, karabo potso ena ea Setho sena se Khabane ke e latelang;
    Ho hlokomelehile hore ka selemo sa 2014/2015 hore tsela ea Thekiso – Liphiring – Mohalinyane – Tsoloane, e hloka tokiso. Lekala la heso le kenyelelitse tokiso ea tsela ena ka tšebeliso ea mechini e hiriloeng e leng hoo re tloaetseng ho ho bitsa ka hore ke force account ka mane ka lekaleng. Moralong oa litsela tse tla lokisoa sebakeng sa selemo sena sa 2015/2016.
    Leha ho le joalo Lekala la heso le ile la mema beng ba mechini e hlokahalang sebakeng sa tšebetso ena. Ka morao hore ho khethoe bahirisi ba thepa ba atlehileng boiketong boo ho bona bo-ramechini ba neng ba menngoe ka memo ea boiketo e buleileng (open tender), tšitiso e ile ea hlaha ha moiketi e mong a hlaha ka qoso ea hore o sitisitsoe ho atleha boiketong boo. Mosebetsi haesale o faseha ke ho emela liqeto holim’a tseko eo ea hae. Hang ha litaba tseo li ahlotsoe, mosebetsi o tla tsoelapele.
    Tabeng ea hore na hobane’ng tsela ena e ileng ea se ke ea kengoa letšoana, karabo ke hore, Mohlomphehi, pele tsela e fihla boemong boo, ho shejoa lintlha tse ngata tse kenyeletsang;
    lipalo tsa sephethe-phethe se sebelisang tsela eo,
    boemo ba tlhoko ea ntlafatso ea tsela papisong le tse ling kahare ho naha ka kakaretso.
    Bohlokoa boo ntlafatso ea tsela e joalo e tla bo tlisa kholisong ea moruo oa naha ka kakaretso.
    Lipalo tsa likoloi tseleng ena ha hajoale li sa le tlaase haholo. Karolo ea tsela ena e kopanyang metse ea Mohalinyane le Sephapo Gate e sa ntsane eona e ikarabella Lekaleng la Puso ea Libaka. Kea leboha.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Thank you, Hon. Minister. Hon. T. Pheko.
    HON. T. PHEKO: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke rata ho botsa Letona le ntseng le araba litaba hantle hore a ke a re behe leseling hore na hantle ha lekala le batla hore e tle e be ho tla etsoa tsela sebakeng se itseng, joale le batla ho bala likoloi tse tsamaeang moo mo ho senang tsela, na taba ee e ba thusa kang hobane likoloi li ke ke tsa tsamaea ka bongata moo ho senang tsela?
    HON. M. MOLETSANE: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, taba ena ea ho bala sephethe-phethe litseleng tsa rona ka mefuta ea eona e fapaneng e meraro, e leng litsela tsena tseo ho thoeng ke li-by pass, e le litsela tse re isang marokhong, e leng litsela tse kopanyang litereke le litsela tse ling tse fokolang ka palo tse kenellang kahare ho metse, haholo-holo tse fetang mashome a mabeli a kilometer ehlile re tsoelapele ho e etsa. Ke tsona tse re thusang hore na ha re ntse rea pele ka meralo sephethe-phethe se ntse se hola hakae, se ntse re fokotseha hakae.
    Ka hona ke ne ke re, Mohlomphehi, ehlile re sebetsa moo ho nang le tsela. Ke utloa Setho se Khabane se re moo ho se nang tsela, ehlile re sebetsa moo ho nang le tsela. Ke ne ke rata ho tataisa Litho tsena tse Khabane ka hore Lekala la haeso le na le Gazette e phatlalatsang ka kotloloho litsela tsa Lekala lena la Local Government. Hona le litsela tse ling tseo ekanna e aba Litho tse Khabane li bona eka ha ho sa na tsela mono hobane e senyehile, empa rona ka lekaleng ka mane re nka tsela e le teng hobane route e teng mono e phatlalalitsoeng ka molao. Le hona mono ehlile ke tokelo ea rona ho sheba hore na ho ntse ho tsamaeea joang e le hore haeba ho se ho sa tsamaee hohang, ‘me eba Litho li bona eka ekare ha ho sa na tsela, re tsebe hore re tšoanela ho ea sebetsa mono kamoso. E le hore palo eno ea sephethe-phethe e ea hlokahala le hona mono moo Setho se Khabane se boneng eka ha ho na tsela empa rona ho latela rona e le teng. Kea leboha, Mohlomphehi.
    RT. HON.MADAM SPEAKER: Next question Hon Member for Rothe. Hon Member for Qhalasi.
    HON. P. LETEETEE(Qhalasi): Kea leboha, mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Mohlomphehi Motlatsi oa Letona ke hore na ha a re ho na le motho ea ileng a re e tla sebetsoa selemong se tlang, a ka tiisetsa Ntlo ee joang hore taba tseo li tla be se li fetile hobane ke utloa eka o ntse a na le taba hona joale.
    HON. M. MOLETSANE (Deputy Minister of Public Works and Transport): Che, Mohlomphehi, kea utloa hore Setho se Khabane se mpotsa ka nako ea hore na taba e tla fela neng. Ke sitoa ho fana ka hore na taba eno e ka fela neng. Le ha ho le joalo, Mohlomphehi, boikeletso ba rona kea kholoa tabeng ena ke ba hore kamorao ho hore re kopane le Lekala la Finance, moo ho bonahetseng ho bile le bothata tabeng ena ea tender, re ikelelitse hore re khutlele morao re il`o qala taba ena bocha, re etse re-tender. E tla kenyeletse hona mono hore re tla be re hira thepa ea Basotho literekeng mono e le ho sebetsa litsela tsena tseo re reng li tla sebetsoa, ke Lekala ka kotloloho ka sena seo re se bitsang force account. Eleng hore ntate ehlile re bona eka tsela eo re tlang ho e nka e tlaba ea re-tender. Kea leboha, Mohlomphehi.
  4. NEED FOR ROADS.
    HON. M. PHOHLELI (Rothe): Asked the Minister of Public Works and Transport,
    If he is aware that the Thekiso-Liphiring-Takalatsa road has severely deteriorated and needs urgent attention; if so, can the Minister say how soon the road will be rehabilitated, and give reasons why the road may not be upgraded to tarmac as Mohales Hoek does not have developed roads like other lowlands districts. HON. M. MOLETSANE: Mohlomphehi Motsamaisi oa Liouisano, Lekala la heso le elelletsoe ka tlhokahalo ea litsela tse hlahang potsong mona, ho tloha Ha-Malelu, ho feta Ha Sankoe ho ea Malimong moo ho senang litsela hohang. Tsela e theohang Ha- Tlhakanelo moo sekolo sa Thuto ke Leseli se leng hona teng. Tsela e tlohang setopong sa Majalle ho ea Liqoabing, Thabana-Tšooana, Ha- Sello le Ha-Rasebonoang ho ea Tšoeneng ho ea kena Ha-Mokhele. Kanete, Mohlomphehi, Lekala la heso le tla kenyeletsa likopo tsena lethathamong la likopo tsa litsela tse ncha tsa setereke tse tlang ho kopeloa lichelete tsa khaho.
    Hona moo, ke tšoanela hore ke re kaha ke litsela tse ncha cha, re tla boetse re lula le bo mphato oa rona ba Puso ea Libaka ho sheba hore na ho latela bolelele ba litsela tseno, na li ka oela ka Lekaleng la Local Government kapa ka Lekaleng la Public Works. Kea leboha, Mohlomphehi.
  5. REHABILITATION OF ROAD
    HON. L. HLAPISI (Maliepetsane): Asked the Minister of Public Works and Transport, If he is aware that the road from Kholokoe, which serves the villages of Kholokoe, Nthonyana, Motaba, Sebelekoane and Botšoela is so badly damaged that it has been abandoned by public transport operators, and if the Minister is aware, hoe soon he will intervene as the situation negatively affects the travel necessities of the community. HON. M. MOLETSANE (Mohlomphehi Motsamaisi oa Liouisano, tsela e kopanyang Kholokoe le metse ea Nthonyana, Motaba, Sebelekoane, Botšoela le karolo ea tsela e kopanyang metse ea Ha-Mokhothu le HaMpali-pali, tsela ena e kenyeletse lethathamong la litsela tse tlang sa lichelete. Ka mantsoe a mang ke ea mo fa Mohlomphehi.
  6. NEED TO FILL TEACHING VACANCIES.
    HON. L.LESOMA (PR): Asked the Minister of Education and Training,
    If she is aware of the need to fill the long-standing vacancies left by the below-listed persons at Popa Secondary School.
    G. Mangombenye who left in 2012 (emp.No. PP94710);
    Retšelisitsoe Ntsamai who left on 1/04/2014 (emp. No. P95073);
    as well as the vacancy at Popa Primary School; created by Manapo J. Makhutloane who left on 31/12/ 2013, and if so, how soon the Minister will intervene. HON. M. MOLELEKI (Minister of Police and Public Safety): Mohlomphehi, Motsamaisi oa Lipuisano le lona Litho tse Khabane, Lekala la Khiro ea Litichere le ile la hira tichere Gaylord Magombenye oa nomoro ea khiro ea PP94710 ea neng a tšoere mokobobo e le hlooho ea sekolo. O ne a hiriloe ho tloha ka la 2nd Phato 2010 ho isa 31st Tšitoe 2010, ka lengolo la Casualty Return (CR) la nomoro ea P70588. Eaba ka la 3rd Pherekhong 2011 ho isa ho la 31th Phuptjane ke eona 2011, ka lengolo la pampiri ea Casualty Return ea No. P78573 o boetse a ekeletsoa khiro, eo le eona e ileng ea nchafatsoa ho tloha ka la 1st Phato ho isa 31st, Tšitoe 2011. Ka pampiri ea khiro e le Casualty Return No. 78574.
    Ho tloha moo lipakeng tsa Tšitoe 2011 ho fihlela hona joale, ka morao ho hore boto e hlahisoe kapela Lekala ka lengolo la 24thMesa, 2013, tebello ea lekala la heso ea eba hore Boto e tla tlaleha sekheo hang ha tichere Magombenye a tsamaea, joaloka ha molao o file liboto matla a joalo. Empa ba ipoloketse taba ena ho fihlela lena le holimo.
    Lekala le hlokomela hore sekheo se bakiloeng ke tichere e bitsoang Ntsamai Retsilisitsoe eo nomoro ea eona e leng PP 95073 ha se ea tlalehoa hofihlela selemo sa lichelete se fetile. Ho latela mokhoa oa tšebetso oa lekala sekheo seo se ile sa ntšoa likhakanyong tsa lichelete ka lona lebaka leo.
    Athe, tichere e bitsoang `Manapo j. Makhutloane oa nomoro ea PR 03581, eona e ile phomolong ka la 21st Tšitoe, 2013 ho latela litokomane tsa TSD. Empa le eena ho file ha re fumane tlaleho e entsoeng ke Boto, ka hoo sekheo seo ha sea kenyeletsoa likhakanyong tsa selemo sa lichelete sa 2016 ho fihlela selemo sa 2017. Ke bona boemo bona. Kea leboha, Mohlomphehi.
    119.NEED TO FULFILL A PROMISE.
    HON. T. SEOKA (Thaba-Moea): Asked the Minister of Public Works and Transport,
    if he is aware of the promise that was made, to build roads that join Thaba-Tseka and Lesobeng, Lesobeng and Kuebunyane and onto Hloahloeng, as well as Lesobeng and Semonkong, and if the Minister is aware, how soon the promise will be fulfilled.
    HON. M. MOLETSANE Mohlomphehi Motsamaisi oa Liouisano. Lekala la heso le se le ile la hlokomela hore ho ba thoko le libaka tsa litšebeletso ho sekisetsa sechaba sa libaka tse joalo. Ke ka lebaka lena Lekala la heso le emeng ka maoto hore ka nako e sa eng kae boholo ba libaka ka hare ho naha li be li hokahantsoe ka litsela e le ho atametsa litšebeletso sechabeng ka hohle hohle. Empa ka lebaka la lichelete le hore likhaho tsa litsela ke taba e boima haholo, haholo-holo libakeng tsena ka selemo se le seng. Le ha ho le joalo, morero ona o ntse o phethahatsoa hanyane ka hanyane, selemo le selemo.
    Kaha khaho ea tsela ena e le litjeo tse phahameng haholo, ka lebaka la sebopeho sa naha ea rona, ho ho bonolo ho fihlela metse eohle e nang le tlhoko. Ha joale ho aha a kilometer ea tsela e raliloeng ke maloti a li-million tse robeli ho ea ho tse leshome (8 to 10 million maloti). Lekala la heso le lemohile tlhokahalo ea tsela e kopanyang metse ea Thaba-Tseka le Lesobeng le Koebunyane ho ea Hloahloeng, Lesobeng ho ea kena Semonkong.
    Litsela tsena li kenelletse morerong oa nako e telele oa Lekala oa ntlafatso tse kopanyang metse e ka maloting. Empa ha hajoale chelete e tlang ho abeloa lekala selemong se tlang sa lichelete e se ntse e lekane ho ntšetsa pele merero ea khaho ea litsela tse seng li ntse li tsoela pele. Kea leboha Mohlomphehi.
  7. PROVISION OF ELECTRICITY
    HON. T. G. MAMASIANE (Pela-Tsóeu): Asked the Miniter of Energy and Meteorology,
    How soon electricity will be provided to the following village which have formed schemes and registered with the Rural ElectrificationUnit: ‘Mate, Lentsoaneng Menkhoaneng, Mahlabatheng, Ha George, Ha Leabua, Liphaleng, Kerammele and others.

HON. M. LETSOSA (Minister of Law,Constitutional Affairs and Human rights): Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke lakatsa ho tsebisa Setho se Khabane hore litokiso li ntse li tsoela pele ho hokela phephelo ea motlakase metseng e meng ea lebatooa la Pela-Tsóeu. Ka ho totobala e meng ea metse e tla sebeletsoa tlasá morero o ntseng o tsoela pele o tlatselitsoeng ka lichelete ke ‘Muso oa Lesotho le Banka ea Ma-Arab ea Ntlafatso ea Moruo Afrika. Boemo ba morero ona ke hore re se ntse re sebetsana le ho fumana mekonteraka e ka etsang tsébetso ea khaho ea marang-rang a phephelo ea motlakase. Metse e ke keng ea sebeletsoa mokhahlelong ona e tla lokisetsoa hore e sebeletsoe mokhahlelong o hlahlamang. Kea leboha, Mohlomphehi.
MONG. T..G. MAMASIANE: Mohlomphehi, ke botsa Letona le Khabane le ntseng le araba potso hantle hore motse o kang ona oa ‘Mate oo ka kotloloho o hlahileng potsong mona, ke oo pusong ea nako e fetileng ho ileng ha ea Letona la nako eno ho ea fana ka tsépiso sechabeng hore hang hang motlakase o tla ba teng. Mabaka e le hobane scheme seo motse ono o se entseng se ile sa fihla ka nako Lekaleng lena la Phephelo ea Motlakase Metseng. Kutloisiso e hlakileng ke hore sechaba se lebelletse motlakase ono, ‘me ke kapele ha kae Letona le tla boela le isa motlakase motseng ona oa ‘Mate na?
HON. M. LETSOSA: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke mpa ke re Setho se Khabane ruri karabo e itse metse eno e thathamisitsoeng e tla tla e sebeletsoa le hoja Setho se Khabane se se se qohollotse motse o le mong ha joale. Joale ka ha motse ono ho bonahala o na le litaba, nka re Setho se Khabane se be pelo e mongobo hore litaba tseno tse otlolohileng, tse tobang motse o le mong ka hará metse e mengata hakaalo, re ke re eo li hlahloba hantle Lekaleng mane hore na hantle ntle ho ile ha etsahala joang. Na ebe hase o mong oa metse e kenelletseng mona. Ke kopa hore ke tle mpe ke eo sheba taba eno ka botebo, Mohlomphehi.

  1. ANOMALY IN FUCTIONING OF STREET LIGHTS.
    HON. M. LEBUSA (PR): Asked the Minister of Public Works and Transport,
    if he is aware of the anomaly in the functionality of the streets lights from the Maseru border post to the CBD, which did not fuction for many months leading to the SAIMSA games, but were working once the games got under way, only to be non-functioning again as soon as the games were over; and if the Minister is aware, how soon he will intervene.
    HON. M. MOLETSANE: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, kea leboha. Ha joale tsébetso le tokiso ea mabone a tseleng ka kakaretso ha se Kingsway feela e nang le mathata. Mathata ana a bakoa ke lintho tse ‘maloa tse kenyeletsang bosholu ba mehala e fepelang motlakase (power cables), ho chaisoa ke makoloi le ho felloa ke bophelo (normal wear and tire) likaroloaneng tse nyenyane tse fapakaneng. Tsena tsohle li baka hore mabone ao a se sebetse hantle.
    Ka holimo ho mona Lekala le elelletsoe hore mokhoa o tloaelehileng oa tsébetso bosebeletsing ho tloha linakong tsa tsébetso, working hours ho isoa mokhoeng oa theko ea lisebelisuoa le tsona li ekeletsa bothata bona.
    Ka ho elelloa mathata ana, Lekala le se le ile la etsa boithuto ba ho sebelisa mekonteraka ho etsa tokiso karoloaneng e le ‘ngoe ea mabone, ‘me hoa bonahalaa sebetsa hantle. Ha joale Lekala le ile la mema boiketo ba mekonteraka e sebetsanang le motlakase sebakeng sa ho ntlafatsa le ho lokisa ka nako ea selemo mabone óhle ka har’a teropo ea Maseru a boikarabellong ba setsi sa litsela e leng Road Directorate.
    Litokomane tsa boiketo li se li ile tsa amoheloa le ho buloa, ‘me li ntse li hlahlojoa ke setsebi. E leng hore re ntse re etsa evaluation sebakeng sa kabo ea mesebetsi khoeling ea Ts’ítoe selemong sona sena. Leha ho le joalo setsi sa litsela se tla ‘ne se tsoele pele ka tokiso ho fihlela mekonteraka e abetsoe mosebetsi. Kea leboha, Mohlomphehi.
    HON.M.LEBUSA (PR): Mohlomphehi, kannete ehlile re na le bothata hobane re fumana hore ba bang ba rona ha re tsebe the demarcations. The last time ha ke ne ke botsa potso ena ho ile ha thoe tse ling ke tsa Ministry of Local government ha tse ling e le tsa Public Works. Joale mabone ana a ne a khants’itse beke eno kaofela ha SAIMSA e le teng. Na mabone aa a se a hloka service ha SAIMSA e qeta ho fela?
    HON. M. MOLETSANE: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke kopa ho qala mane moo Setho se Khabane se neng se re se fumane tlhakisetso ea hore na a Lekala la Public Works ke afe. Joale ke re a Lekala la Public Works ke a ana ao ke tla a hlalosa mona. Mona Maseru kapa literopong Lekala la heso tsela ea lona e ba e ‘ngoe le e ‘ngoe ka hará naha ea Lesotho e isang sechaba moo ho tséleloang naheng ea Afereka Boroa (border post). E leng hore tsela ena ea King’s Way hoa fihla ka borokhong ke ea Lekala la heso. E tla ba tsela eo e leng by-pass, ehlile kannete ke rata ho amohela litaba tsa Setho sena se Khabane hore ehlile bothata bo teng. Ke mpa feela ke sa elelloa hore ka nako ea SAIMSA mabone a ile a khantsá sebakeng seno. Kannete e ka ‘na eaba e ile eaba lehlohonolo la beke eno feela, bothata bona ehlile bo teng.
    Ke hlalose, Mohlomphehi, hore bothata bo teng ke hore technology e bonahalang e ne e ntse e sebelisoa e ts’oanela e ke e hlahlojoe hape hobane mabone ana a rona ke ana a chekeloang fatsé moo u fumanehang hore ha ho robehile lebone le le leng ho tsóanela hore ho chekoe mabone kaofela ho tsebe ho fumanahala hore na ho robehile lebone lefe. Ntle le mona taba ena ea bosholu ba li power cable tsena tsa koporo e etsa hore mabone ano a mofuta ono a utsoehe habobebe.
    Ke mpe ke khobe Setho se Khabane matsoafo ka hore taba ena eo re tliló tla e kenya tsébetsong ea hore re tliló tla batla mokonteraka ea tla sebetsana le mabone ano letsatsi le letsatsi. Mokoteraka eo e reng ha palo e qeta ho chaisoa ke koloi mono ebe oa tsamaea o iló e lokisa joale o se a tla tla bua le Lekala hore na o lefshoa joang. Taba ke hore Road Directorate e ne e bonahala e emiloa haholo hore e etse manage litaba tsena tsa mabone. Re bone hore bohlokoa ke hore re fe private sector e sebetse hobane mokonteraka eno eena o tla lula a sheba hohle mona ka hará libaka tsa rona hore mabone a ea khantsá. Kea leboha, Mohlomphehi.
  2. SANITATION ISSUES IN MANTŠONYANE.
    HON. M. A. TAOLE (Mantšonyane): Asked the Minister of Local Government and Chieftainship,
    if she is aware that:
    the people employed to clean the Mantšonyane town
    and public toilets were not paid between 2012 and 2015;
    and

the public toilets have been shut down in the current year and
this has left town in a state of squalor;
and if so, how soon the Minister will intervene.
HON. K. DIHOLO: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano le Litho tse Khabane, Lekhotla la Puso ea Libaka la Tenesolo, KO1 le ntse le kolota batho ba ileng ba sebetsa ho hloekisa toropo ea Mantšonyane ho tloha ka October 2012 ho fihlela August 2015. Re le lekala re se re hlokometse boemo bona, ’me taba ena e se e ntse e sebetsoa.
Ha e le bothata ba matloana a koetsoeng a sechaba Mantšonyane ka lebaka la ho hloka budget ea li-wages, Lekhotla la Puso ea Libaka la Tenesolo KO1 le iphumane le lokela ho koala matloana a sechaba hobane le hlokometse hore mekoloto e ntse e nyoloha. Ka hona ka La 24 August 2015, matloana a ile a emisa ho sebetsa. Batho ba neng ba sebetsa ka matloaneng ba ile ba ngolloa mangolo ho ba hlokomelisa ka boemo bona.

Tebello ke hore li-wages li tla kenyeletsoa likhakanyong tsa 2016/2017. Matloana a tla boetse a buloa hape. Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. M.A.TAOLE: Ke botsa Letona le Khabane hore na le bona ho le betere ho koala matloana ho baka bohlasoa, ho na le hore ebe ho ntse ho itukisoa matloana ona a ntse a tsoelapele, joale bohlasoa bona bo ntse bo tsoelapele kapa hona hore batho joale ba qetelle ba tšoarisitse mathata boemong ba bophelo na?
HON. K. DIHOLO: ’M’e Motsamaisi oa Lipuisano, khathatseho ea Setho se Khabane ea utloahala ea hore ho koala ha matloana ehlile ho tla baka hore sechaba se be le bothata ba hore na se ithusetsa kae. Feela hoo e leng ’nete ea taba ke hore taba ena eo ke bontšitseng hore e ntse e sebetsoa, ho bonahetse kotsi boholo ba eona e le hore basebetsi mono ba tla hloka hore na ba lefshoa kang, ’me ba ne ba se ba nkile nako ba sa lefshoe mokoloto o ntse o nyoloha o ea holimo. Ka lebaka leno, lekala le ile la ikeletsa hore ho engoe nakoana ho ’ne ho lokisoe ka mokhoa o tatileng hore tharollo e be teng tabeng tsena. Kea leboha


RT. HON. MADAM SPEAKER: Point of order, Hon. Member for Makhaleng.
HON. M.S. LEHATA: Kea leboha, ’M’e Motsamisi oa Lipuisano. Ha se le hore ho fositsoe tsamaiso, ke ne ke re Letona le Khabane la Local Government le concern ea Mokhethoa oa Mantšonyane e ke e shejoe ka mokhoa o fapaneng le ona oa ho itukisa. Ke kopo, bophelo ba motho ke hore a ee ntloaneng, ha u koala matlana u lebeletse eng ka bophelo ba motho eo, ha e le mokoloto o tla lefshoa Letona le lebeletse eng? Re ne re kopa le ke le e shebe ka mokhoa o mong, le eo fetola qeto eno le le ’Muso. Ke kopo, ke utloa e tlameha e nkoe e le emergency ka ’nete.
RT. HON MADAM SPEAKER: Thank you, Hon. Member.

  1. NEED FOR A FOOTBRIDGE.
    HON. K.J. MOROENG (Mekaling): Asked the Minister of Public Work and Transport,
    if he is aware of the need for a footbridge across the
    Litenteng stream to facilitate travel by the people of
    Ha-Nthekeleng when they go for essential services such
    as schools, health centres, work places, etc; and if the
    Minister is aware, how soon he will intervene as several
    people have drowned already.

HON. M. MOLETSANE: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, kea leboha. Bahlanka ba lekala la heso ba tla potiela sebaka sena, e le hore ba tle ba etse likhakanyo tsa lichelete tsa khaho ea borokho bona ba maoto. Kamorao ho mona, Lekala la heso le tla kenyeletsa kopo ena lethathamong la likopo tsa marokho a hlokahalang a setereke sa Mohale’s Hoek joalokaha e le tšebetso eo re lumellaneng ka eona. Mohlomphehi kea leboha.

  1. SOIL EROSION PREVENTION.

(Was deferred)

RT. HON. MADAM SPEAKER: Hon. Members, the Hon. Members of Home Affairs has given notice of a statement he wishes to make right now.

HON. L. RAKUOANE (Minister of Home Affairs): ’M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ke lebohile ka monyetla oo u mphang ona hore ke etse polelo ena holim’a tumellano e khethehileng ea Lesotho le Afrika Boroa (Lesotho Special Dispensation).
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, Bahlomphehi Litho tse Khabane, ke leboha sebaka seo ke se fuoang ho tla bea Litho tse Khabane leseling ka khatelopele ea litaba tsa tšebelisano ’moho lipakeng tsa Lesotho le Afrika Boroa haholo mabapi le ho nolofaletsa Basotho ho tsoa le ho kena malibohong, esita le ho ba noholofaletsa ho sebetsa ka molao le bolokolohi Afrika Boroa.


Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke kopa u ntumelle ho hopotsa Litho tse Khabane tsa Lekhotla la Sechaba hore Khosi Letsie III puong ea hae ea pulo ea Paramente ena ea Borobong, o ile a bolela hore ’Muso o tla kena lipuisanong tse khethehileng le naha ea Afrika Boroa ho hlopha bocha likamano tsa linaha tsena tse peli molemong oa Basotho ka kakaretso. Motlotlehi o ile a re;
’Muso oa ka o tla kena lipuisanong ka tsela e khethehileng
le naha ea Afrika Boroa, e le ho hlopha bocha likamano tsa
linaha tsena tse peli tse kopanngoang, e se feela ke boahisani,
empa hape e le baamani moruong oa tsona, paleng ea
tsona, polotiking, le mekhoeng le metlong ea tsona. Sepheo
sa lipuisano tsena ke ho pholosa le ho lopolla Basotho tseleng
eo ba iphumanang ba tšoaroa ka eona malibohong, khoebong
le mesebetsing eo ba e etsang naheng eo.‘Muso oa ka o
tla hlahlona taba ena ea likamono tsa rona le Afrika Boroa
ka tsela e tebileng, ‘me e pharaletseng.”

Mohlompehi Motsamaisi oa Lipuisano, e le ho phethahatsa taelo ena ea Rabasotho, ‘Muso o ile oa theha Komiti e ikhethileng ea Lekhotla la Matona ho etella pele litaba tsena. Komiti e ne e bopiloe ka Bahlomphehi Matona a Makala a latelang:

Lekala la tsa Lehae ( Molula-Setulo)
Lekala la tsa Machabeng
Lekala la Toka le Thlabollo ea Batsoaruoa
Lekala la Bosebetsi le Khiro
Lekala la Lichelete
Lekala la mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang
Lekala la Khoebo, Mesebetsi e Meholo le Limmaraka
Lekala la Bophelo le
Lekala La Thuto.

Mohlomphehi, ke motlotlo ho tsebisa Ntlo ena e Khabane hore Letona la Litaba tsa Lehae la Afrika Boroa Mohlomphehi Malusi Gigaba o ile a ba leetong la semmuso koano Lesotho ka la 21 le 22 Loetse 2015. Sepheo sa ketelo ea hae e ne e le ho phethela lipuisano tseo ‘na le eena re neng re se re ile ra li qala.
Lipuisano tsena li ile tsa eba holima ts’ebelisano ‘moho lintlheng tse latelang:
Ho tsamaea ka bolokolohi malibohong ha bahai ba linaha tsena tse peli
Phano ea tumello ea ho ithuta ba keng sa baithuti ba Basotho
Tumello ea hore Basotho ba likhoebo tse nyane ba sebetse naheng ea Afrika Boroa ka molao
Phatlalatso ea tsoarelo ho Basotho bohle ba tlotseng molao oa bojaki oa Afrika Boroa ‘me ba fumaneng litokomane tsa naha eno ka bomene-mene.

Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke motlotlo hape ho phatlaletsa Ntlo ena e Khabane le Basotho hore tumellano ena e khethehileng (Lesotho Special Dispensation) e ananetsoe ke ‘muso oa Afrika Boroa ‘me joale e fetohile leano la ‘muso oa linaha tsena tse peli [Liatla].
Mohlomphehi, ke kopa ho hopotsa Litho tse Khabane hore sepheo sa mantlha sa ho fihlella tumellano ena, ke ho tsitsisa boemo ba Basotho ba phelang Afrika Boroa ba iphumanang ba tlotse molao oa bojaki oa naha eno ka mabaka a fapaneng.

Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano le Litho tse Khabane tumellano ena (Lesotho Dispensation) e tla kena ts’ebetsong ka la 1 Hlakola 2016 le ho le joalo tumellano e mabapi le ho setempe le ho hatisoa hoa libuka tsa ho eta (Passports) eona e tla qala haufinyane ‘me re tla phatlalatsa letsatsi ka nako e khuts’oanyane haholo [Liatla].

Taba e ‘ngoe ea bohlokoa e phuthetsoeng ke tumellano ena ke hore ka mora phatlalatso ea tumellano ena kena ha ea Afrika Boroa, Basotho bohle ba entseng tlolo ea molao e amanang le bojaki (Immigration related offences) ha ba sa tla ts’oaroa le ba neng ba se ba phatlalalitsoe ba sa amohelehe Afrika Boroa (Undesirable Status) ka lebaka la litlo tsa molao ho kenyeletsa le bane bao hothoeng ba jele matsatsi ba entsoe fine le bona ba tsoaretso [Liatla]. Ke mpe ke supe hore ena ea tsoarelo ehlile eona e sebetsa hang-hang re mpa re lebelletse ho ts’oara litokomane ka taba eno.

Mohlomphehi, ke supe ke sa le mona hore ts’oarelo ena e ama feela batho ba tlotseng molao oa bojaki naheng ea Afrika Boroa eseng litlolo tse ling tsa tsa molao (other convictions). [Liatla]
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke phethela ka ho tsebisa Ntlo ena e Khabane hore Lekala la haeso la Litaba tsa Lehae le ba Afrika Boroa a ts’oere ka thata ho phethela tokisetso ea ho kenya ts’ebetsong tumellano ena e felletse. Lekala la haeso le itokisetsa ho amohela le ho fana ka litokomane ho Basotho ba habo rona ha ba fihla hae. Ka lebaka la tumellano ena lekala la haeso le itokiselitse ho amohela le sebeletsa Basotho ba bangata haholo nakong ena ea mafelo a selemo le phomolo ea keresemese. Ke se ke laetse bahlanka ho etsa moralo ea tsebetso e tla lumella tsebeletso e tsamaee ka mokhoa o nepahetseng, Mohlomphehi [Liatla].

Ke mpe ke qetelle feela, ‘M’e, ka hore polelo ena e tla fumaneha. Kea tseba hore re entse phoso ka lebaka la ho potlaka re tlameha ho tla qhoaella (statement of intense) se ileng sa tekeneloa hona ka la 22 le se akaretsang litaba tse ngata tsa maikemisetso joaloka ho lumella ts’ebetso e kang eane ea li-6 month. Feela ha ho e ntsoe boithuto bo lekaneng batho bano ba joalo ha ba sa tla feta mane ho liofisiri tsa immigration ba se ba tla tseba hore bona ba ipulele ka menoana likeiting feela e le boithuto.


Nthla e ‘ngoe e tla hlaha statement seno ke taba ea maliboho. Kea tseba re ntse re bots’oa ka eona mona ana ao hothoeng kea sechaba, haufinyana moo sechaba se itselelang teng. Taba eno boithuto bo se bo qalile, e le hore re se re lebelletse hore kamora boithuto re phethele. Ho tlaba le libaka tseo sechaba se ahisaneng ka mokhoa ona se bitsoang community crossing. Le eona e tla phatlalatsoa selemong se tlang hore na a tlaba ho kae maliboho ano a sechaba ao ho senang ho uoa hole haholo.

Ke lumela hore re tla tlisa statement kapa polelo eno e tekenetsoeng ke Matona ano a mabeli ho hlakisa ka bophara maikemisetso a pharalletseng. Ka hona, ‘M’e, ke re ke lebohile monyetla oo Lekala la haeso le o fuoeng hore ebe ke etsa polelo ena. Ke lebohile, Mohlomphehi [Liatla].
RT. HON. MADAM SPEAKER: Thank you Hon. Minister. Hon. Members you may pursuant to Standing Order No. 28(2) put questions to the Minister by period not exceeding 20 minutes. Hon. K. Makoa.
HON. K. MAKOA(PR): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ke na le lipotso tse peli feela. Potso ea pele ke hore ke lebohe ka pelo eohle e aka le ho tsoa boteng ba pelong ea ka mosebetsi ona o moholo oa bohlokoa. Potso ea ka ke hore na Letona le Khabane ekaba ba e ntse mekutu efeng ho tsireletsa tumellano ena ea bohlokoa hakana-kana hore litlokotsebe tsa linaha tse ling li se ke tsa fihla tsa iphaphata mono eaba li ea re senyetsa na?

Potso ea bobeli ke hore na ebe boemong bona ba li-study permit ke taba feela ea hore ba lokolohe hore ba be kamoo ba ithuta kapa le taba ea hore na ba lefa hakae taba eo?
HON. RAKUOANE: ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano ke lebohile lipotso tsa Setho se Khabane. U tla ntumella ‘M’e ke tle ke qotse tse ling tseo ke li siileng. Litlokotsebe tsa linaha tse ling, li tla li qojoa ka hore Basotho bohle ba tla fumana ts’ebeletso eno ba tla ngolisoa e le hore… ba bang ba se ntse ba ngolisitse. Rea tseba hore mokhoa o mocha oa ho ngolisa ke ona oa ngoliso ea menoana. Eleng hore ha rona ha bohlokoa ke hore ngolisong mono re tle re bone hore re thiba litaba tsena. Kea kholoa Litho tse Khabane li ee ‘ne li utloe tlaleho hore mohlomong re tla tlameha ho tla ka statement, re ke re bonts’e hore na re ntse re ts’ireletsa sesiu sa rona joang, ho ts’oeroe batho ba bakae ba tlohang linaheng tse ling, ba bang ba iketsa limumu, ba iketsa joang,’me re ntse re leka ho thiba taba ena. Eleng hore rea belaela hore ho ka ‘na ha ba le batho ba khallang ho tla litabeng tsena tsa rona, ‘me ke nahana hore re tla tlameha ho tii-tiisa tabeng ena. Ke nahana le komiti e tla re bitsa hore re e’o eletsanang hore re na re tii-tiise joang litabeng tsa ho thiba litlokotsebe.

Taba ea li-study permits, re hlile re beile sello le ha re e-so’ ka re arabeloa. Bothata ba teng ke taba ena ea medical aid, eo re sa tsebeng hantle hore nakong ena ea special dispensation na re tla thusoa joang. Hantle ho bile ho fumanoa ho ena le bana ba bang ba hlahetseng koana ba Basotho. Ke tsoa TY koana moo Mohlomphehi Letona la Khabane Ofising ea Tona-Kholo le Letona le Khabane la Bosebetsi le Khiro ba leng mane ba bua litaba tsa mine, moo re tsebang hore re na le Basotho ba bangata ba teng makoeisheneng a mangata a litoropong tsa li-mine. Ke se ke ila ka tsamaea mono, ba bangata haholo. Re na le bana ba sekolo ba bangata. Ke lumela hore bano ho na le kutloisiso ea hore ho na le mefuta haholo eona eno e ka mono e sitoang ho ngolisoa, ha re qeta ho ba fa ba tla tlameha ho re ba amoheloe ka deferred permit, ba amoheloe ba le joalo, empa ha re e-so ka re qeta taba ena hantle.

Ke ne ke re ke mpe ke eketse feela taba ea hore re elelletsoe hore hona le Basotho ba pakeng tsa makholo a mane (400) le a mahlano (500) Lindela Repatriation Centre ha ke ntse ke bua tjena. Re ile ra etsa boipiletso ba hore na ho ka etsoa joang ka bona, hore na ba tle hae kapa ba etse joang. Joale re na le mahlakore a mabeli, ho na le maikutlo haholo karolo e ‘ngoe ea Afrika Boroa ea hore joale ba itse ha ba sa tebela Basotho. Na joale batho bano ha re il’o ba lata e ka re ba tebetsoe. Joale le teng taba ke hore na ke ba bakae ba tla tseba ho khutla. Le ha ho le joalo re romella moifo o il’o lata ba bang ba neng ba entse litokiso, ba seng ba fuoe lipampiri tsa hore ba tle hae. Re fumane litlatletso tsa bahoebi ba ‘maloa ba seng ba phatlalalitse. Company e kang ea Ntate Matekane, e tla nts’a libese tse peli hosane ho ea lata bane ba itseng [Liatla]. Re bone hore re se re ntse re fumana khahlametso ka hae ka mona ho thusa ba ka tsebang ho felehetsa ba bang ba tla ea mahae, hobane hangata ba ee ba fihle ba lahloe mono lelibohong.

Khetlong lena ka ha re nahana hore e mpe e be Keresemese, ho bona, re bone le ha ba fihla hore na ha ba fihla ba tla felehetsoa joang. Litokiso tse joalo li se ntse li etsoa tsa hore ho bonahale hore na ba tla tseba hore na ba fete joang.
Ho na le moifo hape o eang ho il’o fumana hore na ke ba bakae, ba reng…ba bile ba siile lithoto tsa bona le litaba tsa bona kae-kae, le bona re bone na ba tla khutla joang libakeng tseno. Ho na le moifo o tsamaeang mantsiboeeng oona ana e le hore ba il’o fumana maemo. Bano ba bang libese tse peli re lumela li tla tla hosane kapa mantsiboeeng oona ana. Bano ba bang bao ebang ba tla tlameha ho khutlela libakeng tsa habo bona re fumane mokhoa oa hore na ba tla tloha joang ha ba lokolloa Lindela mono. Hantle ba se ntse ba fuoa li-form tsa hore; se le ka qala ho itlaleha libakeng tse itseng la bolela hore le Basotho. E mong le e mong ha a tloha o se a ntse a tloha a ts’oere form. E se e le eona e tla mo namolela hore o se a ntse a e ts’oere [Liatla].


Ho oa utloahala hore le batho bao ebang ba itulela Lesotho mona ba its’oaretse li-passport tsa linaha tse ling ha se hore le bona b’a kenella. Taba ena ke ea Basotho. Empa haholo ea ne ea ho sebetsa ha ho thoe Basotho, le haeba u ts’oere passport ea Lesotho feela u se Mosotho, u se u ntse u utloa, ho ke ke ha thoe metsoalle ea rona eba e kena mona e tsoang kae kae linaheng tse fapakaneng, bao re ba fileng bojaki ba tla ea Bloemfontein, bao mohlomong ba fuoe le bane ba seterateng, ba tla fuoa li-permit tsa ho rekisa mono, ebe ho se ho tloha motho e mong mona haeba e se Mosotho joale ebe litaba tsa hae lia sebetsoa. South Africa ha e amohele taba eno. E thusa Basotho kamoo litaba li leng kateng. Kea leboha. [Liatla].
HON. M. MOLEFE: Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Le ‘na ka ho khetholoha ke thoholetsa mosebetsi oo Letona le qetang ho o phatlalatsa oa ‘Muso oa ho nka likhato tsa bohlokoa ho namolela Basotho bothateng boo esaleng bo re toba ka lilemo lemo.

Ke botsa Letona le Khabane hore na har’a tumellano ena, na taba ea batho ba ts’oereng litokomane tsa linaha tsena tse peli, mohlomong e le hantle kapa hampe, eka ba bona tumellano ke hore ho tla etsoa’ng ka bona hobane ba bang ba hlahetse South Africa empa batsoali ba bona e le Basotho, ba ena le litokomane tsa South Africa le tsa Lesotho moo, ba bang ba li fumane ka mokhoa o seng motle, ‘Muso o reng ka batho bao?

HON. L. RAKUOANE: ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, Setho se Khabane ke se mametse le ha se hanne ho otla taba moo e teng. Taba ea ho ts’oara litokomane tse peli, Afrika Boroa eona e le naha ha e hane taba ea dual or multi citizenship, ke Lesotho, empa ka ‘nete ha re hopotsaneng Bahlomphehi baka, ‘Muso ona oa Lets’oele, ke itse ka lebaka lena la matsatsi a 16 ke se ke fella mono, o ne o phatlalatsa re le mona Paramenteng, ‘me Mohlomphehi Tona Kholo ka sebele sa hae o ile a bolela hore taba ea ho qoqa ka taba ea dual citizenship e fihlile. Eleng hore taba eno Lekala la haeso le tla e tiisa, hobane boholo ba batho ba rona ba rutehileng, they lead, ena eo ke ntseng ke e phatlalatsa ena ea batho ba rona ba kae kae ha se eona taba. Eleng hore ena ea dual citizenship e tla tla re tl’o e bonts’anang. Re se ntse re lokisa leano le tla ea Cabinet, ha le felile le tla tla mona re tlo le shebisanang joale ebe Ntlo ena e Khabane e fetisa taba ena. Monate oa taba eno ha e batle le ⅔ majority. Section Number 41of the Constitution ke se ke ile ka sheba ntle le haeba kea fosa. Temana eno ha e hloke le ⅔ majority ha feela eba ‘Muso oona o etsa qeto holima taba eno.

‘Muso oa Afrika Boroa ha Letona le le mona le ile a botsoa, eaba ho thoe African National Congress (ANC) e se e hana taba ena ea dual citizenship ka lebaka la taba ea lintoa tsa Palestine le Israel. O ile a e latola a le ka borokhong hore che ho na le maikutlo a motho ea itseng. Eleng hore taba eno e ntse e sallane le rona mona Lesotho hore re bone hore na batho bana ba ts’oereng litokomane tsena habeli re ba etsa joang. Re ntse re belaela hore ho na le batho ba bang ba hanang ho nka li-ID tsa Lesotho hobane ba ts’aba ho hlahella hore na ke ma South Africa kapa che. Empa ha melao e molumella re tla fumana Basotho ba rona ba hlaelletse ba ipolela ‘me ba bangata re ba hloka e le bo ramatsete ho e-na le hore ba pate lihlooho. Leano lona le tla tla, e tla ba boikarabello ba Ntlo ena e Khabane hore na e tla reng. Kea leboha [liatla]


RT. HON. MADAM SPEAKER: Thank you, Honourable Minister. This brings us to an end of today’s business; the House is adjourned until tomorrow at 9.00 a.m.

ADJOURNMENT
The being no further business upon the order paper, Rt. Hon. Madam Speaker adjourned the House without question put, pursuant to the Standing Order, No. 16(2).
The House accordingly adjourned at 4.17 p.m