Hansard 16th November, 2015

NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER
Monday, 16th November, 2015
The House assembled at 2:30 p.m.
(Rt. Hon. Madam Speaker in the Chair)

PRAYER
The Clerk led the House in Prayer

OBITUARY
Litho tse Khabane, bekeng e fetileng le ile la tsebisoa ka masoabi ka lefu la ‘M’e ‘Maelisa Justinah Posholi.
Setho se Khabane ‘M’e ‘Maelisa Justinah Posholi ke ngoana oa matsibolo ho bana ba supileng (7) ba bafu Ntate Europe Joseph Malephane le ‘M’e Mpho Martina Malephane. Mofu o hlahetse West Driefontein Afrika Boroa ka la 23 November, 1959. O qalile lithuto tsa hae ka 1967 Letsatsing Primary School. Ka 1971 a fetela ho se phahameng sa Phahama High School. ‘M’e ‘Maelisa o qalile ho sebetsa Ellerines Afrika Boroa ka 1975.
Ka 1980 o ile a kopanngoa ka lenyalo le mofu Ntate Koali Joseph Posholi, ba sitsoa ka bana ba bararo (3), barali ba babeli (2) le mora a le mong (1). Ka 1986 o ile a tsoelapele ka tšebetso ea hae Ellerines Lesotho. Ka 2003 e ile eaba moithaopi a oka batho ba phelang le tšoaetso, esita le ho thusa likhutsana. O ile a bontša thahasello e kholo lipolotiking ho tloha ka 2004 moo a ileng a qetella e le mongoli oa Basotho National Party (BNP). Ka 2006 ea eba setho sa National Independence Party (NIP), a ba a khetheloa Paramenteng Lekhotleng la Sechaba (National Assembly) ka 2007.

‘M’e ‘Maelisa o hlokahetse ka la 20th October, 2015, o bolokiloe Matšaneng Mafeteng ka la 14th November, 2015 e leng Moqebelo ona o fetileng. Mofu o siea morali le litloholo tse peli.
Ke nako joale, Litho tse Khabane, ea ho etsa lipolelo tse khutšoanyane tsa matšeliso. Hon. Member for Motete.
HON. T. LERAFA (Motete): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Leha ruri motho eo ho buuang ka eena kajeno ke sa mo tsebe feela ke ile ka ithuta hore re se re batla re na le kotsi e kholo re le Ntlo ena ea batho ba ileng ba kena ka hare ho Ntlo ena ho sebeletsa sechaba ebe re lutse fatše hobane re sa ba tsebe. Mane motseng ha o le hona teng leha mofu o sa mo tsebe, ha o le mokhethoa oa sechaba o ee o koptjoe hore o fane ka matšeliso, ‘me ruri re hle re fane ka ona re ntse re sa mo tsebe joalo.

Ka hona, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ke tšelisa Motlotlehi, ke tšelisa Ntlo ena e Khabane le uena kea u tšelisa ka tahlahelo ena e kholo e etsahetseng.
Ke ithutile hore ’M’e ‘Maposholi e ne e le motho oa bohlokoa haholo sechabeng, ebile ke motho ea ileng a tšepahalla thomo ea sechaba; ke e mong oa batho ba se keng ba tsoa ka hare ho Ntlo ena hobane ba ronngoe ke sechaba a ngala joaloka ba bang ba ntseng ba ngala thomo ea sechaba. Rea tseba hore lentsoe la sechaba ke lentsoe la Molimo. Joale ke moo motho u ipotsang hore na ha re na le batho joale ba seng ba u behile tsietsing e le Litho tsa Ntlo ena joale ba le kantle, empa beng ba bona e leng sechaba ba ntse ba ba tšepahalla ka ho ba fa meropotso ea bona, e leng eo ba ileng ba ba tšepisa hore ha ba tla ka hare ho Ntlo ena ba tlil’o tla ba ba emela ba tla ba fa eona, e leng moo ho sebetsuoang litaba tsa sechaba. Ha e ne e le mehleng ea pele sechabeng sane sa Ma-Israele, re ne re tla re ke moo ho ngoloang Bible ea sechaba, athe mona ho ngoloa litaba tsa Basotho tseo re shebang bophelo ba bona ba kamoso hore na re tšoanetse ho etsa joang.


Kea ithuta hore ‘M’e ‘Maposholi o ile a tšepahala. E se eka Litho tse teng kajeno ka hare ho Ntlo ena le tsona li ka tšepahala joaloka ‘m’e ha ile a tšepahalla sechaba. Ha ke buile tjena, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ke re bohle re tšelisehe ekasitana le ba ileng ba sebetsa le ‘m’e. Kea leboha.
HON. M.S. LEHATA (Makhaleng): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, le ‘na ka ho fana ka matšeliso letsatsing la kajeno ka lefu lena la ‘M’e ‘Maposholi. Ha a fihla mona ka 2007 ‘M’e ‘Maposholi re kene Paramenteng mona ka nako eo re neng re sebetsa ‘moho le lekhotla la NIP hantle joalo ka hona joale ka har’a Paramente ekasitana le makhotla a mang. Joale ke mametse pale ea bophelo ba hae, joale ka mo sheba ka nako eno. Lipotso tseo ke eeng ke ipotse tsona ka eena, joale ea ba ke fumana likarabo letsatsing lena. Ea pele ke ena ea hore ebe o hlahetse South Africa, e ne ehlile e le motho eo Sesotho ka nako e ‘ngoe a sa se bue a bua ntho eane ea ka koana, eona ea Ma-South Africa tjena. Joale ebe ke re, “Setho see se Khabane ebe ke tsotsi ea mosali moholo ea Mafeteng kapa che?” Ke sa tsebe hantle hore na ho etsahalang joang. joale letsatsing lena ke fumane hore na hobaneng a ne a e-na le ho bua puo eno, ke hobane e ne e le motho ea tsoalletsoeng South Africa a mpa a nyaloa Lesotho mona.

Ea bobeli, o ne a e-na le bakuli Paramenteng mona bao a neng a ba tlela moriana ka sekupunyana tjena. Joale ke fumana lebaka la hore ebile setho sa support group, a sebetsana le bakuli, joale a fumana ba bang Paramenteng mona ea ba o’a ba phekola le bona joale ke bona litaba tsa hae tse ngata haholo, e ne e le motho eo e neng e le motsoalle oa motho e mong le e mong a bua le Setho se seng le se seng a sa tsotelle lipolotiki tsa hae. Ebile a khona hore a thuse batho. Ke hore ke hlokomela hore batho ba bangata ba ne ba phutholoha ho eena ke lebaka lena a ileng a qetella a ba phekola. Ha u ka re ntho e itseng e ea hana, u ne u tla utloa a se a re, “Ke tla u tlela le moriana oa ntho eno, kapa ae ke tla etsa tjena” nako ena kaofela e ne e le motho ea ratang ho thusa Litho mathateng a tsona. Kea bona hore eena e ne e le hobane,… ke hobane ehlile o ne a tlile lefatšeng mona e le mothusi oa sechaba ho tla se thusa hore a se etse hantle. Ke ka lebaka lena Lekhotleng la NIP a fihlileng ka selemo sa 2006 eaba ka 2007 feela a be a se a kene ka hare. Ke hore ha ba bang ba ne ba ntse ba fotse lilemo tse telele, eena ha a fihla feela, o fihla a hapa lipelo tsa batho a bile a fetela ka pele, eleng hore o ne a tsoaletsoe boetapele.

Ka hona, lelapa la hae rea le tšelisa, Mohlomphehi, ka Me eo a neng a thusa batho me ea hlokomelang bana ba hae. Lekhotla la NIP le lahlehetsoe, re tselisa baetapele ba lona le Litho tsa NIP. Le uena Mohlomphehi, Motsamaisi oa Lipuisano, u lahlehetsoe hobane ha e le mona re ntse re fana ka matšeliso le ka bao ba seng ba le sieo ka mona, ke hobane e ntse e le batho ba oelang tlasa lipheeo tsa hau, bao ba bang ba bona ba ntseng ba hlokomeloa ke eona Paramente le ona Muso oa Lesotho. Motlotlehi o lahlehetsoe ke Setho seno se Khabane se neng se le matla. Kea tseba hore e ne e le e mong oa batho ba neng ba botsa lipotso haholo ka Paramenteng ka mona, tsa sechaba sa habo sa Mafeteng. Re be re etse khang ea hore ena hantle potso e botsoa ke mokhethoa kapa ke mokhekhethane na? Re ne re sa botse lipotso haholo hee ka nako eno feela, ke e mong oa ba sebelitseng haholo ka hare ho Paramente ena ea Lesotho. Ka hona ke kopa bohle ba tselisehe, Kea leboha. HON. L. MOLISE-MABUSELA(PR): Kea leboha Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ha u mpha monyetla oa hore lena nke ke fetise matšeliso ka lefu la Mohlomphehi Me Maposholi.Me Maposholina ke mo tsebile hona Paramenteng eo ea Bosupa eo rona le eena re neng re fihla ho eona.


E ne e se m``e ea motle feela litsobotsing, ha u ne u ka mo sheba u ne u tla bona hore u ne a bile a le likoti marameng, a le motšoana a rata hore a lule a lohile essence e tšesanyane e ka re keamona, a ntse a buela fatše.
Ntho e ileng ea nkhahla ho eena haholo ke taba ena eo Setho se Khabane sa Makhaleng se seng se buile ka eona, e leng eena ea booki. Ho ee ho etsahala hore ka selemo sa 2008 ke kuleloe ke motsoali oaka, bokoling bono me Maposholi o ile a nkatamela a leka ho ntlhokomelisa hore ke setsibi sa meriana eo ea Sesotho. Ha a na e nkatamela joalo, a batla ho nthusa ka lerato lohle leo a neng a e na le lona hona le ho Litho tse ling tsa Paramente tseo a neng a ntse a li thusa. Ke mpe ke supe Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano hore na ke ile ka ithuta hore boholo ba bakuli ba hae e ne e le batho ba bo-ntate. Ke hore taba eno ke e bua hobane ha a mpha bopaki joale, ba hore na a ka nthusa joang o ne a ntse a supa, “Setho se Khabane sa Matsieng (ka nako eo)oa se bona, u ne a na le bothata bofeng feng feela ke moteile” ke etsa mohlala. E be o tla tloha a supe e mong hape a re “ oa se bona Setho se Khabane sa hokae kae, ena mathata a hae a ne a le tjena le eena ke moteile” Kanete, Me Motsamaisi oa Lipuisano, taba ena ea hae ke ile ka e rata hobane Basotho ba re “ ngoana phakoe se na o ipolela motho u motle ha u boleloa ke ba bang” feela joale ka rata hobane eena o ne a tsoile leano leno tlaase a beha mapaki mona a phelang. Kanete ke ba bona bakuli bana ba hae hore ehlile ka nete o ba teile ba ea phela. Ke rata hore ke re,Me Motsamaisi oa Lipuisano, ha lefu le se le le teng, ha re rate hore re tsepamise maikutlo a rona haholo holima mofu eo, empa na ke ee ke rate hore ke tšepamise maikutlo a ka haholo ho lima rona ba setseng hobane buka ea bophelo e re ka mose ho lebitla ha ho sana mosebetsi, mosebetsi o ka koano. Ho thoe re sebetse ka matla ohle ao Morena Molimo a re fileng ona. Ka lebaka lena, Mohlomphehi, ke rata hore ke lebohe ka tsela e khethehileng Lekhotla la bo-meMaposholi le ileng la khahloa ke hore le mo nke le mo kenye ka hare ho Lekhotla lena la Sechaba, hobane nete eo ke tlamehang hore ke e totobatse ke hore feela joalokana le joaloka Setho se Khabane Advocate Lekhetho Rakuoane ebile e le Letona la Home Affairs, re ba bang ba kenang ka mona ka Paramenteng ka mohau [liatla]. Me Maposholi le eena e ne e le bao ba mohau hee. Re tlameha hore re lebohe mohau ona, oo ileng oa etsoa ke Lekhotla la NIP ka nako eo, hore e be ba ile ba bona ho hlokahala horeMeMaposholi a kene ka hare ho Lekhotla lena. Ho kena ka hare ho Lekhotla lena hoa hae ho ile ha re ruta lintho tse ngata, eseng eona taba eno ea booki feela, empa e ile ea boela ea re ruta lerato la nete. Hara bakuli bano ba hae ba bangata o ne a sa oke Litho tse Khabane feela, o ne a oka le Marena, o ne a ee a a supe Marena a Sehlooho a re “Oa mona Morena oa Sehlooho oa kae kae, le eena ke mo teile” e leng hore o ne a sa sehe mpa ka lehare. Re tlameha hore re tle re mo lebohelle taba eo ea hore kanete o ile a re bontša lerato a itlahetsa e seng feela litabeng tsa tsebetsong ea Sechaba ka hare ho Lekhotla lena empa le tabeng ea booki. Re ananele taba eno.


Ke rata hore ke tšelise Motlotlehi Rabasotho, ke tšelise le uena Motsamaisi oa Lipuisano, empa ke boele ke tšelise hape Mohlomphehi Tona-Kholo. Ke tšelise Ntate Motsamaisi oa Ntlo, ke tšelise Moetapele oa Lekhotla la habo, ke tšelise le rona Litho tse Khabane. Joale empa, matseliso a khethehileng ke rata hore kea lebise ho ngoana oa Me Maposholimoho le litloholo tseo tsa hae. Ke mpe ke qetelle ka hore ke re feela ke re matšeliso a rona, Mohlomphehi, e tle e se ke ea eba matšeliso a senang phoofo, Entse e kaba hantle ha Ntlo ena e Khabane e ka ea etsa tsalo-morao the ka botho, ho leka ho lisa hore na ha e le hantle bophelo ba Litho tse Khabane ha li se li tsoile ka hare ho Lekhotla lena la Sechaba na e ba bophelo ba bofuta ofeng.

Taba ena ke e bua hobane, Mohlomphehi, hase hobane na ke tla tsoa empa ke e bua hobane joale ke se ke shebile feela hore na ka nako ena eo Paramente ena ea Borobong e bileng teng na re se re na le Litho tse kae tse tseo re ileng ra ema ka hare ho Lekhotla lena la Sechaba re fana ka matšeliso. Taba eno ke taba ea bohlokoa hore re se ke ra bua feela re khotsofale hore bana ba Litho tseno tse Khabane setseng kapa balekane ba setseng maphelo a bona a ntse a eea hantle. Ke utloa ena taba eeno ekaba matšeliso a fetang ha ke eme mona ke leboha Me `Maposholi ka karolo e kholo eo a e bapetseng ha Morena Molimo a ne a ntse a mo alimile bophelo. Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Moea oa hae le meea ea balumeli bohle ba falletseng e ke e phomole ka khotso ka mohau oa Molimo.
HON. MEMBERS: Ha ho be joalo.

HON. M. MOLEFE (PR): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ka sebaka seo ke se fumanang. E ne e ka ba ke lekoala ha ke ne nke ke ka ema hore ke bue ka ‘Mé ‘Maposholi. Joalo ka maoba ha re ne re bea litaba tsa ‘M’e ‘Maleipa, ke ile ka hlalosa hore ke ile ka fihlela matsohong a bo-‘mé ba neng ba le ka Paramenteng eno ea Bosupa, ‘me e mong oa bona ke ‘Mé ‘Maposholi. Joalo ka Litho tse Khabane tse seng li buile pele, ‘Mé ‘Maposholi le ‘na ke mo tseba joalo ka ha li boleloa. Joale ke ithuta hore eka‘na eaba ke mo tseba haholoanyane ho feta Litho tse ling tse Khabane hobane ‘na ke ile be ka fetoha motsoalle oa hae linthong tse ling.

Ha ke bua ka taba ena ea booki ba hae, ‘na ke e mong eo ‘Mé ‘Maposholi a ileng a mo thusa ka botlolo. Ke se ke ile ka noa kannete, le hoja ke ile ka hloloa ho e qeta hobane kannete e ne e ntlhole ka maleng, eaba o re, o ne sa ntjoetsa hore ehlile e qala ka ho etsa joalo.
Ha ke tsoela pele ka litaba tsa ‘Mé ‘Maposholi Paramenteng eno ea Bosupa, ke bolele hore e ne e le motho oa bohlokoa haholo linthong tse ngata, empa jang le siele lebatooa la ha habo la Mafeteng No. 55 moo a neng a tsoa teng. ‘Mé ‘Maposholi ke ne ke ee ke tsebe ha iló batla lijesi tsa libolo, a rekela li-team tsa libolo tsa maoto esitana le tsa matsoho. ‘Mé Maposholi o ne a etsa tsena ka pokotho ea hae.
Ha ke re ‘Mé ‘Maposholi o ile a fetoha motsoalle oa ka, ke hobane ke ile ka bona ka nako e ‘ngoe ha a ne a le tsietsing ea hore ebe o ne a se na le ha ele eng ka lebaka la litsényehelo tseno tsa ho thusa bacha ba lebatooa la ha habo la Mafeteng ka ho ba rekala libolo le liaparo tsa bolo. Ka nako e ‘ngoe joale ka motho a neng a hlokomela likhutsána, hobane o ile ‘ne a tsoela pele ka mosebetsi ono oa hae, o ile a hlalosa hore o ile a qala e le motho oa support group hore ebe o ile a qetella a se a hlokomela likhutsana. O ne a hlalosa hore moetapele oa NIP ka nako eno o ile a mo tseba ha a ntse a sebetsana le litaba tsena tsa li support group, ‘me ke ka hona a ileng a khahloa hore ebe ba ile ba mo kenya ho party list ea litho tse tlang ka hare ho Ntlo ena. O ne a bolela hore eena e ne e le le National, feela Ntate Motikoe ha ka ba a sheba party ea hae ha a mo kenya ka mona. O re o ne a sa tsebe le ho tseba hore e tla ba Leparamente hobane o ile a founeloa a le Mafeteng hore a itokise ka la bokae-kae o tla ea hlapanya Paramenteng. A re o ne be a ts’ohile letsoalo leo a sa le tsebeng hobane Ntate Motikoe a ile a mo tseba ka mosebetsi ono oa hae oa ho hlokomela batho ba hlokang esita le ba kulang.


‘Mé ‘Maposholi o ile a boela a betsa khoba e ‘ngoe ha re ntse re sebetsa le eena ka mono a ntjoetsa hore o ile a atamela Letona la Lichelete ka nako eno, ha ke sa fose e ne e le Ntate Timothy Thahane, hore a ke mpe a mo eletse hore na a ka etsa eng ho thusa batho ba ha habo hobane hona le ba robalang ba itsosa. O ile a ntjoetsa hore Ntate Thahane o ile a mo khothaletsa hore a etse lebaka. A re Ntate Thahane o ile a mo thusa hore a mo kopanye le batho ba ka mo etsetsang oven e beseletsoang ka patsi. Ha a ne a ntlhalosetsa hore na e sebetsa joang, kannete ke ne ke utloa ke rata ho e bona.


Ke ne ke utloe e nkhahlile haholo taba ena hoo ke neng ke ntse ke hopola hore nke ke chakele ‘Mé ‘Maposholi nke ke eo mo botsa hore na ebe thepa eno o ne a e fumane kae hobane ke ne ke utloe e nkhahla haholo le hoja ho bonahala hore ke ile ka liehela litaba. O ne a bolela hore oven eno e besoa ka patsi feela e kenya lilofo tse kae-kae ka mono kahare. Joale o batlile batho ba motseng mono hore ebe bona ba etsang bohobe. O ne a re batho bano bane ba fepa malapa a bona ka bohobe bono. Joale a re o na le likhutsana tse 35 ha li kopana le bana ba hlokang, tseo a li fepang letsatsi le leng le le leng ka lilofo tse 35. Joale ebe karolo e ‘ngoe ea bohobe bono eá rekisoa. A re ho ‘na, ‘Mé, ha u ne u ka bona mokoloko o neng o ba mono oa batho ba iló reka bohobe, o ne o tsábeha. O ne a se a na le ofisi ea batho ba neng ba ts’oere mosebetsi oa lebaka leno eo ke ntse ke lakatsa ho tseba hore na ebe e ntse e tsamaea hantle.
Ka mehlala ena eo ke e boletseng e mong le e mong o se a ka ithuta hore na ‘Mé ‘Maposholi e ne e le motho oa mofuta ofe. Joale ha ho buua ka pelo ea hae e ntle, khotso ea hae ka linako tsohle re ka bua letsatsi lena lohle hobane ‘Mé eno e ne e le ‘Mé oa pelo ea se tsoha le maobane, o ne a se na nxa le motho. Kea kholoa ha ke buile hakana ka’Mé ‘Maposholi, nka re ha ke batle ho senya litaba tseo ke li tsebileng ka eena. Joalo ka maoba ehlile kannete ba bang re ile ra tsóha haholo ha re utloa litaba tsena hobane re be re sa ka ra utloa le menyenyetsi ea ho kula ha Bahlomphehi bana ba kileng ba ba ka hare ho Ntlo ena, eba re se re utloa feela mafu a bona. Leha ho le joalo taba ena e re ruta hore re lule re se ntse re tlamme lithoto, re tsebe hore mona lefatséng re baeti.


Ka hona ke tsélisa Motlotlehi Hlooho ea Naha, Tona Kholo ea ‘Muso oa Motlotlehi, ‘Muso o Khabane le Ntlo ena e Khabane. Mokha oa habo oa NIP o kileng oa re fa motho oa bohlokoa joaloka ‘Mé Maposholi, kea o tsélisa le oona. Ke tsélise le sechaba sa ha habo sa Mafeteng. Ha ke buile hakana ke re moea oa hae le moea oa balumeli bohle e phomole ka khotso ka mohau oa Molimo.


HON. L. LEHLOENYA (Kolo): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ka monyetla ona oo ke o fumanang oa ho bea a mabeli ka ‘Mé ‘Maelisa Posholi. Ke e mong oa ba bileng lehlohonolo maoba ka Moqebelo hore ke be teng lefung la ‘Mé ‘Maposholi mane Matsáneng, Mafeteng. Ka ba lehlohonolo hape la hore e be ke ile ka mo tseba hona nakong ena ea Paramente ea Bosupa eo e neng e le Setho sa eona. Litaba tsa Paramenteng ea nako eno ke ne ke li tseba haholo ka eena ke lutse mono ho public gallery. Lebaka le leholo le neng le mpea ho public gallery ka nako eno eo ke neng ke le ‘Musi oa Setereke sa Mafeteng e ne e le ho tla lisa le ho sheba tsébetso ea Maparamente a lebatooa la haeso. Maparamente a setereke sa haeso sa Mafeteng a ne a ikopantse a entse khokanyana phiri joalo ka ha ehlile Paramente eno ea Bosupa e ne e le khokanyana phiri ea pele. Coalition ea pele Lesotho mona ka mokhoa oo ke hopolang kateng ke ea Paremente ea Bosupa ea LCD le NIP. E ne e sebetsa ka makhethe ana a hlollang Paramenteng eno.

Haeba ho bile le nako eo khotso e ileng ea rena Lesotho mona e ile ea rena ka eona nako eno, ‘me lintlafatso mane haeso seterekeng sa Mafeteng tsa bonahala. Ho neng ho etsahala ka nako eno e ne e le hore Maparamente ana a robong a mabatooa a setereke sa Mafeteng a kopane le Maparamente a khekhethane le molula setulo oa counsel ea puso ea libaka ba ne ba kopanela taba khoeli le khoeli, ka Labohlano la mafelo a khoeli e ‘ngoe le e ‘ngoe, ‘me ‘Muso oa Setereke e le mongoli oa caucus eno. E le hore ho tle ho bonahale hore na lintlafatso tse tlang ka ‘Muso, tse tekiloeng le ho latelloa ke Paramente li ho kae ka hará setereke, ho ntse ho etsoa eng.

‘Mé ‘Maposholi o ne a sa fose ho tla Paramenteng, joale kea bona hore ke hobane hape e ne e le ngaka ea Maparamente, re e tšoaea tsoepo le eona taba. Feela e ne e le ho bona hore bohle kaofela ba hulela nqa e le ’ngoe ka matla a lekanang. Nka mpa ka tšoaea feela hore na ka nako eno ea Maparamente ana a Bosupa, ao ’M’e ’Maposholi e neng e le karolo ea bona na Mafeteng e ile ea bonahala ka lintlafatso tsa mofuta ofe tse neng li e-s’o bonoe ka nako eno, tse e-s’o kaba li bonoa leha re ntse re bua tjena.

Ho ile ha ahoa lipetlele joalokaha le tseba le litliliniki haholo-holo seno sa Mafeteng OPD ea eona, ele ntho e ncha. Ho’a ahoa tliliniki e ’ngoe hape hona mono kampong Mafeteng eno ea LECOP le tse ngata haholo ka hare ho setereke. Ra boetse ra aha post office e kholo Mafeteng mono e ntse e le ka tšusumetso ea Maparamente ao a Mafeteng. Ha ahoa li-council le hona tse ntle haholo ka nako eno Mafeteng ho ea Likela Qacha’s Nek koana. Joale ra boetse ra qala tsela e ntle ea letšoana e tlohang Mafeteng e leba Van Royen e neng e le likoti e bolea batho.

Tsela ena ea Thabana-Morena eona e qalile ka eona nako eno ea letšoana ha e ntlafatsoa le marokho ane a Qhoqhoane a neng a tloaetse ho nka batho. Le ofisi ea Morena oa Sehlooho oa Likhele e ahile ka eona nako eona eno. Ke re coalition eno, ra boetse ra bona ntho e ’ngoe hape e mohlolo eo le nako le nako ha bana bano ba likhutsana ba Ha Lumisi ba bonoa, e ntse e ka ke ntho e e-s’o bonoe, ke nako eona eo ea bo-’M’e Maposholi. Ruri litaba tsa hae li ngata, ha kena le ho ea lolo-lolo ka tsona ke mpa ke re feela o entse mesebetsi e mengata le pele a etla Paramenteng mona.

Ke ’nete itse ha re fihla mono le Mohlomphehi Letona le Khabane Ntate Mathaba ra ithuta taba ea hore ntle le hore e ile ea eba le National pele a tla ho NIP, kamorao ho likhetho o ile a ea ho party e ncha eo ho thoeng ke CFM haeba ke hopola hantle mono Mafeteng. E leng hore o ne a mpa a supa feela hore ae, lipolotiki tsona ha se seboko, u ea moo moea oa hao o fokelang teng. Ruri ha re ntse re cho tjena, re leka ho tšelisa Motlotlehi Hlooho ea naha ea Lesotho, re tšelise Mohlomphehi Tona-Kholo e le Hlooho ea ’Muso oa Motlotlehi, re u tšelise ’M’e Madam Speaker le Paramente ena e ntle e Khabane, re boele re tšelise hape lelapa leo la ha Posholi le neng le mo nyetse, re khutle re tšelise hape le mo tsoetsoeng. Ke ’nete re utloile hore o ile a hlahela Westrifontain koana Gauteng, empa hantle-ntle ke motho oa Quthing, batsoali ba ne ba il’o sebetsa mono, ha a tloha teng a ikhutlela habo le li-root tsa hae li ntse li tiile haholo Quthing moo Mount Moorosi. E leng hore ha re cho tjena, re leboha monyetla ono oa ho tšelisa, e se eka moea oa hae le meea ea balumeli bohle, haholo-holo bana ba Maparamente a ntseng a re siea o ke o phomole ka khotso mohaung oa Molimo.

HON. M. LETSOSA (Minister of Law, Constitutional Affairs and Human Rights): Kea leboha, ’M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ka ’nete ke utloile ke rata hore ke mpe ke bee mantsoe a le mabeli ka ’M’e ’Maposholi. Mono lapeng ha hae Matšaneng ke moeling hantle oa Qalabane le Mafeteng. Ha hona motse o mong oo u ka u fetang ha u le Matšaneng mono u le ka lehlakoreng la Mafeteng ebe ha u kene ka Qalabene. Ehlile ba moeling hantle feela karolong e ka Mafeteng. Ha ’na ke qala ho mo tseba, lebitso lena ke le tsebile ka tsona linako tseno tsa Paramente ea Bosupa, ke ntse ke le utloa ruri mong’a leno ke hlile ke sa mo tsebe haholo, feela ke ile ka utloa lebitso leno haholo ka eona nako eo.

Ha re tla kikhethong tsa 2012 ka bona mong’a lebitso la oona mokhoa ona oa ho atamelana ha Mabatooa, e ne e re ha ho thenthetsoa ho uoa koana le koana ka har’a mabatooa ka mono ho buua le sechaba hore se tle se eo khetha ka nepo, ebe joale bana ba moeling li tsamaea li tsoakaletse maoto, ha u le ka Qalabane u se u ntse u le ka Mafeteng, ha u le ka Mafeteng u se u ntse u otla le ka Qalabane. Ke ile ka mo tseba hona mono ha re se re ntse re qoebeshana metseng eno e meeling hore le eena o teng, a emetse NIP. O ne a sebetsa haholo. Ke hopola Lekhotla la Likereke le etsa morero o neng o bitsoa thapelo pelenyana ho likhethoe tjena, ho ile ha tšoaroa thapelo, Mafeteng mono e ne e tšoaretsoe pel’a letamo leno le haufi haholo le toropo ea Mafeteng.

Thapelong eno, e ile ea re ha ho qetoa ho buua mono ha thoe bapolotiki ba ke ba fane ka mantsoe a mabeli. Ba ile ba ema ba ileng ba ema le eena o ile a ema. Ha a mena, ka ’nete ha a ka a bua litaba tse ngata o ile a be a se a nka monyetla hona mono oa ho kola bo-’m’e ba neng ba le mono, eba o se a re ka ’nete a ka ba tsota bolehe ha ba ka sitoa ke hore e le eena feela motho oa ’M’e ka har’a setereke sa Mafeteng ea neng a emetse, ebe ba tli’o sitoa ho mo khetha. Joale ba tle ba mpe ba etse joalo, ba tle ba seke mpe ba mo phoqa, bam o kholoa. Re ne re le bo-ntate ba supileng e le eena ’m’e feela. Eaba o re, “bo-’m’e, lona ba teng koano ka likereke tsa lona ka ho fapana, ha re ke re tlohelleng bo-ntate bana, le ntse le mpona ke ’na enoa, joale tsamaeang le il’o nkhetha.” O ile a bua la bona ka ’nete, kea kholoa bothatanyana e ne e le hore e ne e le bo-’m’e ba hlahang ka mabatooa ka ho fapana, e ka ‘na eaba ba ne ba ntse ba leka ho mokhetha empa joale li-vote tsa hasana hobane joale e mong o ile a ea Mafeteng, e mong a ea Qalabane, e mong a ea Mohale’s Hoek, ke belaela hore ba ileba ’na ba mo tšepahalla empa ka ho hasana ha li-vote, eaba ha li tle ’moho hore li tlil’o tla li mo nyolla Mafeteng. Empa ke ka moo a ileng a sebetsa kateng ’M’e ’Maposholi.

Taba e ’ngoe eo ke mo hopolang ka eona haholo, hona joale ha re tla likhethong tsona tsena tsa 2015, ho ee ho be le mekhatlo e ikemetseng, e ee ebe mengata joale ha ho uoa likhethong, e tla bontša hore e fana ka thuto ea voter education, ba batla hore batho ba kene letsoho joalo-joalo. Ho be ho fihla mokhatlo o mong mono, ona tlhophiso ea oona e ne e le hore batho ba ka fumanoang haufinyane feela ba ba ise se-ea-le-moeeng. Joale ka ’nete oa kena ’M’e ’Maposholi, ke mamela litaba tsa hae, ka makala ha ke utloa hore ha bue ka NIP. Joale ha kere kea mamela, ka utloa hore ho na le party e ’ngoe e ileng ea hlaha hona ha ho uoa likhethong mono e local haholo feela e ileng ea be e se e ropoha lebatooeng leno la Likhoele mono, eba ka ’nete o se a tšehelitse hona mono. Ha ele mona kajeno ke fumana hore o ne a bile a tloha BNP, a tl’o fihla ka ho NIP ka mona, o ne a se a bile a ntse a tataisa hobane e ne e le ea batho ba banyane haholo eno eo a neng a ba thusa selemong sena sa 2015.

Ke ntse ke belaela hore le leng la mabaka a neng a mo susumetsa haholo, e ne e le hona ho lemoha hore botataisi ehlile boa hlokahala. Eena e ne e ile eaba Setho sa Paramente, ke lumela hore o ne a hlile a ile ka litsebo tse batlang li pharalletse haholo ka hare ho party eno. Ha ke na pelaelo ea hore o ile a siea a ba tataisitse, a ba bontšitse hore na mokhoa oa tšebetso ea lipolotiki ho sebetsoa ka mokhoa ofeng. Che o ile a sebetsa ka moo ileng a sebetsa kateng. Ruri ’m’e re mo hopola ka tsona tseo, e bile mopolotiki oa Mafeteng moo eo re ileng ra mo tseba. Re se re re re mpe re tšelise Motlotlehi ka mohlanka eo a ileng a mo sebeletsa le sechaba sena sa Basotho, re tšelise Tona-Kholo ea ’Muso oa Motlotlehi, re tšelise Ntlo ena e Khabane ka uena ’M’e, re mpe re u tšelise, re tšelise lelapa la ha Posholi le bohle ba amanang le Mofu ’M’e ’Maposholi ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng le ba mo tsebang feela leha e se ka kamano hakaalo, la Basotho bohle ka kakaretso. Ho lahleheloa ka mokhoe eo e ileng eaba Setho sa Paramente, ha ele hantle ke mosebeletsi oa bona bohle kaofela bao e leng sechaba sa Basotho. Ka mantsoe ana ke re bohle ba tšelisehe. Kea leboha.

Ho lahleheloa ka mokhoe eo e ileng eaba Setho sa Paramente, ha ele hantle ke mosebeletsi oa bona bohle kaofela bao e leng sechaba sa Basotho. Ka mantsoe ana ke re bohle ba tšelisehe. Kea leboha.
HON. K. MATHABA (Minister in Prime Minister’s Office): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ke ema feela hore ke lebohe mats’eliso ana ao Litho tse Khabane li ntseng li fana ka oona malebana lefu la ‘M’e ‘Maelisa Posholi eo e kileng ea eba Setho sa National Independence Party (NIP) empa ho utloahala hore o felloa ke bophelo tjena a se a le mokheng o mong. Re leboha litaba tsena hobane re ile ra tseba ‘M’e ‘Maposholi, ra tsamaea le eena lilemo tse telele. O kene mona Mokheng oa NIP ka selemong sa 2004, e ne e le selemo sa leshome le motso o mong sena e le setho sa NIP. O sebelitse ka matla, ka bokhabane le ka botsepehi ka nako eo re ileng ra sebetsa le eena.

Ka hona ke ikutloa ke lokela hore ke re ke leboha litaba tsena tse beiloeng mona. Bopaki bona bo fanoeng mona ke boo ke bo tsebang ka kotloloho ka eena ‘M’e Maposholi hore ke mesebetsi ea hae kaofela ena e ntse e buua mona. Ke tahlehelo e kholo le ha e le mona a lahleheloa ke bophelo joalokaha ke cho a se a se mokheng oa rona. Empa ke mpe ke re haele likhethong ho uoe a eme a emetse NIP, ba ile ba mo shobelisa ka har’a oona moferefere oo oa nako ea likhetho bao ba ileng ba moshobelisa ‘me hoea bonahala hore e ne e le motho oa bohlokoa hobane ke eo NIP e neng e mo nke ho Basotho National Party (BNP) le bona ba ileng ba fihla ba mohlotha le bona ba ne ba bone bohlokoa ba hae. Ke bona e le motho oa bohlokoa ka mokhoa o makatsang. Rea leboha ka nakoana eo Morena Molimo a ileng a re alima eena hore re mo tsebe.

‘M’e ‘Maposholi ha re tla tsebana haholo le eena re sentse se tsamaea ‘moho, ho na le mosebetsi o moholo oo a kileng a o etsa oa hore …e ne e se ntse e le motho eo a neng a sebetsanang le litaba tsena tsa li-support group ‘me a bokelletse bana ba bangata ha hae mono le batho ba kulang. E ee re e ka selemo se seng, kea kholoa ke ka bo-2007 kapa 2008 e-be First Lady, ‘M’e Mathato o fana ka meriana ho bahatsa ba Litho tsa Paramente hore ho il’o thusoa batho bana ba phelang le ts’oaetso, ho ne ho na le lisebelisoa tsohle tse tsabang hore li ba thuse. Eaba re nahana ‘M’e ‘Maposholi hore re ke re nke mabokose ao rea ise Mafeteng hobane re bone hore ‘M’e Maposholi o sebetsana le batho ba phelang le ts’oaetso le bana bana ba likhutsana ba hlokang. Eaba re nka thepa eno re e isa hona teng re il’o mo neha eona boteng ba Morena oa sebaka seno se bitsoang Mats’aneng moo le sechaba sa teng ‘me ea eba thabo e kholo. Ra mo sala morao ka mosebetsi ono hore efela a sebetsa ka moo a lauoeng kateng ka lithlare tseno. O ile a sebetsa hantle hobane batho ba bangata ba ile ba paka ts’ebetso ea hae ka meriana eno eo a neng a e fuoe le sebelisoa tseno tse ling hore na li ba tsoetse molemo ha kae. Ha e ne e le motho e mong a kabe a ile a li rekisa a iketsetsa chelete empa eena ha a kaba a etsa joalo, o sebelisitse thepa eno molemong oa sechaba a thusa batho bano ka eona. Ka hona kea leboha, ke re kannete re lahlehetsoe ke motho oa bohlokoa eo e neng e le senatla bophelong ho batho ba mo tsebang ba kileng ba tsamaea le eena.


Ke kopa feela ke mpe ke re Motlotlehi a ts’elisehe ka mohlanka eona oa hae le uena ‘M’e o ts’elisehe ka sona senatla sena seo o kile oa kanna oa se roma oa sebelisa ka hare ho Ntlo ena e Khabane.
Ke ts’elise le Litho tse Khabane tse bileng le eena sebakeng sena. Ebe lelapa le lona re le kopele mats’eliso ka tahlehelo ena ea ‘M’e Maposholi le bohle bao ebang ba ile ba mo tseba. Athe rona re le ba NIP re ts’elisehile hobane re ile ra bona bohlokoa ba hae ka nako eo re phetseng le eena.
Ke lebohe kaholimo ho tsohle boteng ba Ntlo ena Khabane ka Litho tseo li rongoelletsoe mane ha hae hore li il’o ba teng lepatong la hae. Re sebelitse hantle le bona. E ile ea eba mosebetsi o bokhabane ka mokhoa o makatsang.

Ke mpe ke qetelle le ka lona lekhotla lena leo a neng a se a le ho lona hore le ts’elisehe le lona ka tahlehelo eo ea senatla seo se ileng sa ba phonyoha. Ka mantsoe ana, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano kea leboha.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk


TABLING OF REPORTS
Report of the Portfolio Committee on the Law and Public
Safety Cluster on the Lesotho Passports and Travel Documents
(Fees) Regulations, 2015, tabled by Hon. L. Molise-Mabusela(Chairperson of the Committee)
Report to lie upon the Table and to be published.


RT. HON. MADAM SPEAKER: Hona le report e ‘ngoe on the supplementary Order Paper.
HON. L. MOLISE-MABUSELA: Kea leboha, Mohlomphehi. Ha ke tsebe le haeba ke ts’oere pampiri e fosahetse. ‘Na pampiri eo ke e ts’oereng e bonts’a ho na le urgent question.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ke supile hore item e hlahlamang is on the Supplementary Order Paper. Tsoela pele, Hon. R. Litjobo.

Report of the National Assembly Delegation to the SADCPF
Workshop on Dialogue on the Strategic Role of the Legislature
in revised SADC Protocol on Gender and Development, tabled by
Hon. R. Litjobo.
Report to lie upon the Table and to be published.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk.
ORAL ANSWER TO URGENT QUESTION

  1. IMPERATIVE NEED TO RESOLVE WATER PROBLEM IN HLOTSE TOWN
    Was deferred
    PROCEEDINGS ON SUSTANTIVE MOTIONS AND BILLS
    20 MOTION
    ADOPTION OF THE REPORT OF THE PORFOLIO COMMITTEE ON THE ECONOMIC AND DEVELOPMENT CLUSTER ON THE FINANCIAL INSTITUTIONS (ANTI–MONEY LAUNDERING AND COMBATING OF FINANCING OF TERRORISM) REGULATIONS, 2015.
    HON. T. PHEKO (PR): Madam Speaker, I rise to propose,
    That this Honourable House resolves to adopt the Report
    of the Portfolio Committee on the Economic and Development
    Cluster on the Financial Institutions (Anti-Money
    Laundering and Combating of Financing of Terrorism)
    Regulations, 2015.
    Madam Speaker, melaoana ena e tekiloe ka pele ho Paramente ka la 2 November, 2015. E ile ea fetisetsoa Komiting ena. Komiti ena e ile ea mema Lekala le amehang hore le tl’o tla hlalosetsa Komiti hore na litaba tsena li bolelang. Ka bokhuts’oanyane, melaoana ena e entsoe ka lebaka la hobane Central Bank e le regulator ho latela molao oa Financial Institutions Act 2013, e ileng ea tlameha hore e etse melaoana ena e le hobane eona Central Bank, ke karolo ea mekhatlo e kang Financial Action Task Force (FATF) le SISMA. Ke mekhatlo e mengatanyana eo ho bonahalang Central Bank e kene ho eona tabeng ea ho loants’oa taolo ea libanka le ho sala morao litaba tsa lichelete.
    Taba e ‘ngoe eo Central Bank e ileng ea tlameha hore e etse melaoana ena, ke molao o bitsoang Money Laundering and Proceeds of Crime Act 2008. Ka melaoana ena Central Bank e tla thusa hore e hlahlobe le ho sala libanka morao hore na e ikamahanya le lipehelo tsa mekhatlo ena e boletsoeng ka mona. Li banka tsa rona tsa naha li ts’oanela hore haeba li sebelisana le libanka tse ling, li ts’oanela hore libanka tseo li sebetsanang le tsona, ebe libanka tse joalo li ikamahanya le melao ena eo ke seng ke e bonts’itse mona. Ke sona sepheeo sa melaoana ena. Melaoana ena Komiti e ile ea e hlahloba ka sepheeo sa hore e tle e shebe moo e ka bang ho na le bothata. Ke se ke hlalositse hore na e thusa banka ea Lesotho joang.
    Empa qetellong Komiti ha e qeta ho hlahloba litaba tsena, e ile ea fumana hore ha e na mabaka a ho hana hore li-regulation tsena li amoheloe ke Ntlo. Komiti e khothaletsa Ntlo hore e amohele melaoana ena hore e nkoe e nepahetse, ‘me e amoheloe ke Ntlo e tle e kene ts’ebetsong. Kea sisinya.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: May I have a Seconder, please!
    HON. M. R. G. KHATI (Moyeni): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ke tlatsa Setho se Khabane hore melaoana ena e fete e tle e kene ts’ebetsong. Kea tlatsa.
    Question proposed
    HON. M. MAPHATHE (Matelile): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke ema mona ho ts’ehetsa melaoana ena eo e reretsoeng hore e loants’e litaba tse kotsi tse bonahalang li etsahala haholo nakong ena eo batho ba iphumanelang maneri a ho hana ho buseha lefats’eng. Ebe ba tla tloha linaheng tsa habo bona ba il’o kokomala linaheng tsa batho ba bang, hore ba fumane batho ba ba ts’ehetsang ka lichelete ka sepheeo sa ho hlokisa linaha le mebuso e khethiloeng ka puso ea sechaba ka sechaba botsitso.
    Mohlomphehi, melaoana ena ha e kena ts’ebetsong e tla ba boikarabellong ba Banka e Kholo ho bona hore ehlile e laola lichelete tseno, le ho thibela taba eno ea hore ebe ho ntse ho hlatsuoa chelete ho ts’ehetsoa batho ba tsoileng taolong ka litaba tsa bokhukhuni ka lichelete.
    Mohlomphehi, le hona mona ka hare ho naha melaoana ena e tla thusa ‘Muso haholo molemong oa Sechaba sa Basotho. Ha u thotse, u shebile, u tla bona hore ho na le batho ba bang ba ruoang kapele ka sekhahla se phahameng, joale u fumane hore batho ba rekisetsana li-tender, ebe hosane u bona motho eno e se e le morui. Ha u sheba u fumane hore tsela eo ho sebetsanoang ka eona, ke tsela e bolileng e hlokang hore e laoloe kahar’a libanka ka mona. U ka ipotsa hore ka nako e ‘ngoe ho etsahalang hobane chelete e ka kena ka hare ho account ea hae, u fumane hore e phahame. Litaba tsena ke litaba tseo Molaoana oona o tlang ho re thusa ho tsona. Ka hona, Mohlomphehi, rona ba Matelile, re tlatsa taba ena ea hore Melaoana ena e kenngoe ts’ebetsong ’me e tle e tsebe ho thusa naha.
    Question put and agreed to
    Resolved:
    That this Honourable House resolves to adopt the report of the Portfolio Committee on the Economic and Development Cluster on the Financial Institutions (Anti-Money Laundering and Combating of Financing of Terrorism) Regulations, 2015
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk
    MOTION
    ADOPTION OF THE REPORT OF THE PORTFOLIO COMMITTEE ON THE ECONOMIC AND DEVELOPMENT CLUSTER ON THE MONEY LAUNDERING (CURRENCY AND BEARER NEGOTIABLE INSTRUMENTS DECLARATION) (AMENDFMENT) REGULATION, 2015.
    HON. T. PHEKO: Madam Speaker, I rise to propose
    That this Honourable House resolves to adopt the report of the Portfolio Committee on the Economic and Development Cluster on the Money Laundering (Currency and Bearer Negotiable Instruments Declaration) Regulations, 2015
    Mohlomphehi Motsamaisi ao Lipuisano, li-regulation tsena le tsona li tekiloe ka pele ho Ntlo ena ka la 2/ 11/ 2015. Ha li tekoa ka hare ho Ntlo ena ho latela melaoana ea tsamaiso li ile tsa fetisetsoa komiting ea heso. Komiti e ile ea mema lekala ho tla hlalosetsa komiti hore na hantle litaba tsena li bolellang, e le hore komiti e tle e etse liqeto holima litaba tsena.
    Ho latela melaoana ea tsamaiso re ile ra mema lekala hore le tle kapele ho komiti. Le ile la fela la tla. Mona ho bonahala le teng ho buua ka molao oane oa Money Laundering and Proceeds of Crime Act, 2008. Molao on o bonahetseng hore ho na le bothata ba ho o kenya tšebetsong, haholo ha ho phethahatsoa Section 28 ea molao ono. Karoloana ena ea molao (Section 28) e hloka hore motho e mong le e mong ha a tsoa ka hare ho naha kapa a kena ka hare ho naha mona a bolela (declare) hore na o na le chelete e kae. Melaoana ena mona e se e bile e bontsa hore batho bohle bao ekabang ba ea tsoa ka hare ho naha ka mona, a na le chelete e kaalo ka M25,000.00 ho ea holimo o tšoanela hore a itlhalose ha a tšela borokhong mane. Litaba tsena li re, Bahlomphehi, le rona re le Maparamente ha li-regulation tsena li qeta ho amoheloa re tlameha re hlokomele taba eno. Ka li-per diem tsena tseo re li fuoang. Per diem tsena tsa rona ha li tsoa mona o tlameha hore o bolele (declare) hore na o nkile chelete e kae, haeba o e nkile e le chelete. Ka nako e ’ngoe ha u fihla moo tsamaileng o ka fumana hore o fetoletse chelete ena mokhoeng oa chelete e itseng ’me ha o khutla le teng, mohlomong o thuloa ke jackpot moo o leng o tla o se o ekellelitsoe cheletenyana, ha o khutla mane o ntse o tla tlameha hore o il’o e etsa declare, “ke se ke sena chelete, ke se ke khutla le e ngata le ho feta eo ke ne ke ile ka eona koana moo ke neng ke ile hona teng”. Haele hantle li-regulation tsena li khutšoanyane hobane ho tla ba le e ’ngoe eo ke tlang ho e sisinya kamorao ho mona e bontsang litaba tsena.
    Komiti ha e hlahloba litaba tsena e ile ea bona hore ruri e tlameha hore e amohele litaba tsena. Joale feela recommendations tsa eona, komiti ea re lekala le tšoanela hore le kenye tšebetsong mekhoa eo le ka tsebang hore le tle le fumane hore na efela motho ha a tsoa ka mona o fela a entse declare na. U ka fumana hore batho ba bang ba bonahetseng ka hare ho naha ka mona aka tloha ka nako e ’ngoe o fumane hore chelete ena ebile o ithathetse ka eona lifuba tsena ha a tšela.
    Ha re bua ka leliboho re bua ka borokhong bona ba Maseru kapa mane Moshoeshoe I lebaleng la lifofane, Komiti e hlahisitse hore ho be le mokhoa oa hore na ho ka ba le scanner hore motho e mong le e mong ha a tsela mono a etsoe scan e le hore ho tle ho fumanoe hore e fela a sena letho kapa li sniffer dogs tse ka fofonelang hore na efela motho enoa chelete e neng e le ho eena a fela a e hlalositse. Kea sisinya, Mohlomphehi, hore melaoana ena e amoheloe ke Ntlo.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: May I have a seconder.
    HON. M.R. G. KHATI: Kea leboha Mohlomphehi Motsamaisi oa Ntlo. Ke tlatsa Setho se Khabane hore Ntlo e amohele melaoana ena. Ntlo e amohele e le hore e tle e kene tšebetsong molemong oa Basotho joalokaha ho se ho bonahetse hore ho na le khoholeho e ngata ea moruo oa naha ea Lesotho o eang ho baahisane esitana le linaheng tse ling moo batho ba ithuisang ka bolotsana, haholo-holo e le batho bao eseng baahi ba naha ena eleng batho bao eleng melata. Ka hona ke tlatsa hore melaoana ena e kene tsebetsong.
    Question put and agreed to
    Resolved:
    That this Honourable House resolves to adopt the report of the Portfolio Committee on the Economic and Development Cluster on the Money Laundering (Currency and Bearer Negotiable Instruments Declaration) Regulations, 2015
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk
    MOTION
  2. ADOPTION OF THE REPORT OF THE PORTFOLIO COMMITTEE ON THE ECONOMIC AND DEVELOPMENT CLUSTER ON THE MONEY LAUNDERING (CURRENCY AND BEARER NEGOTIABLE INSTRUMENTS DECLARATION) (AMENDMENT) REGULATIONS, 2015
    HON. T. PHEKO: Madam Speaker, I rise to propose:
    That this Honourable House resolves to adopt the report of the Portfolio Committee on the Economic and Development Cluster on the Money Laundering (Currency and Bearer Negotiable Instrument Declaration ) (Amendment) Regulations, 2015
    Mona, Mohlomphehi, ke moo ho etsoang amend Regulations tsena tsa rona. E ne e lokela hore ebe Regulations tsane tseo ke buileng ka tsona tsa pele tsa Money Laundering (Currency and Bearer Negotiable Instruments Declaration) Regulations, 2015, ebe li na le hona hoo re ho kopelang mona. Ka hona re etsa amendment ea hore ho be le saving, e tla ba Form A, e leng Form eo ha motho a tšela borokhong kapa mane lifofaneng a tlang ho e tlatsa hore na ke mang. Ke taba ea li-particular tsa hae, le hore na o ea hokae kapa o tlile ka business kapa joang. Ebe hoa bontšoa hore na leeto leo a eang ho lona ke leeto la mofuta ofeng, a be a bontše hore na o tsamaea ka chelete e kae, ebe oa e saenela le date e hlahe.
    Mohlomphehi, ka morao hore re hlalosetsoe hakhutšoanyane joalo re ile ra fumana hore ho tle ho phethahatsoe litaba tsena tsa hore batho ba tle ba etse declare, ho lokela hore ebe motho o na le Form. Ha Form e le teng ke eona e tla thusa hore ho phethahatsoe litaba tsa li-regulation tsena. Empa joale ha Komiti e se ntse e hlahloba e ile ea fumana hore form ena ha u e tlatsa, e tlatsoa e le ‘ngoe feela. Ka hare ho li-regulation ka mane Lekala le itlama hore kapa li-regulation li bontša hore ha li kene tšebetsong, lirekoto tsena li tla bolokoa lilemo tse leshome kaofela.
    Komiti e bile le litaba le lintlha mono hore hela, ebe banka kapa…lekhetlong lee li-record li tla tseba ho bolokeha esita ha u ea bankeng u batla statement sa selemo feela empa ba tla u bontša hore u ke ke ua se fumana, empa u tla fumana sa likhoeli tse tharo feela. Leha ho le joalo taba ea Komiti mona e ile eaba hore e khothaletsa hore Form ena e amoheloe. Komiti ea boela ea khothaletsa hore empa Lekala le tle le bone hore ha e kena tšebetsong, e tla etsoa in duplicate, e le hore motho ha a qeta ho etsetsoa mona a tle a be le ho hong ho mo sa llang. Kea sisinya.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: May I have a Seconder please!
    HON. R.G.M. KHATI (Moyeni): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke tlatsa Setho se Khabane mabapi le taba ea tokomane ena hore e kene tšebetsong, ‘me Ntlo e tle e amohele tokomane ena molemong oa hore ho tle ho be le ponaletso ha ba tšela malibohong le molemong oa Basotho ka hona kea tlatsa, Mohlomphehi.
    Question proposed
    HON. L. RAKUOANE (Minister of Home Affairs): Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ha ke na le tao moo ke eang, ke mpa ke re le ‘na kea tšehetsa. Ke mpa ke batla ho lokisa ntlha e le ‘ngoe ee ke utloileng Litho tse Khabane li sa hlaka ka eona, ka hore na li-regulation li sebetsa ho tloha neng.
    Regulation li sebetsa ho tloha when they are publishied the gazette. E ngotsoe joalo ka molaong, which means what the Parliament will be doing ka disallowance will be a repeal, ke ho hlakola empa feela molao o se o ntse o sebetsa. Ke ne ke re che le haeba ke tla hlaha e ka ke primitive hobane ke na le subordinate law empa ke ho thusa Ntlo e Khabane hore re sebetse hantle re tseba hantle hore ha u bala Molao, Interpretation Amendment Act, 1994 ehlile e cho joalo. Ehlile li ea sebetsa. What the Parliament will be doing ha e etsa disallow kapa e etsa allow ehlile e tempela molao o seng o ntse o sebetsa. Kea leboha, Mohlomphehi.
    Question put and agreed to
    Resolved
    That this Honourable House resolves to adopt the report of
    the Portfolio Committee on the Economic and Development
    Cluster on the Money Laundering (Currency and Bearer
    Negotiable Instruments Declaration) (Amendment) Regulations,
    2015.

RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk.

MOTION

23.ADOPTION OF THE REPORT OF THE PORTFOLIO COMMITTEE ON THE ECONOMIC AND DEVELOPMENT CLUSTER ON THE TRADING ENTERPRISES (AMENDMENT) REGULATIONS, 2015.

HON. T. PHEKO: Thank you, Madam Speaker. I rise to propose:

That this Honourable House resolved to adopt the Report
of the Portfolio Committee on the Economic and Development
Cluster on the Trading Enterprises (Amendment) Regulations,
2015.

Madam Speaker, melaoana ena e tekiloe ka pele ho Ntlo, ‘me ho latela Melao ea Tsamaiso mohlomong re tle re thusaneng hore re tle re tsebe ho nepa hobane joale motho ha u tsebe hantle hore na u e bea u e kopela ho reng. Melao ea tsamaiso e bontša hore Tlaleho ena e tlameha hore ha e tekiloe ka mona, li-regulation tsena ha li tekiloe ka Paramenteng ka mona li be li sebelitsoe within ten days, ‘me ha li sa sebetsoe li ea shoa. Li shoa, hlaha-lebajoe. Mona, Mohlomphehi, ho latela…

HON. MEMBER: Hopola hantle Setho se Khabane. Na li ea shoa kapa li ea sebetsa?

HON. T. PHEKO: Oh, kea leboha. Li tsoelapele ho sebetsa. Empa Komiti ho latela Section 101(5)(a), e re:

Malaoana eno ha e le ho Komiti, Komiti e ka e ananela.

(b) eona e re:
Komiti e ka e hana kaofela ha eona, e ka khothaletsa hore e se ke ea amoheloa.

(c) eona e re:

Komiti e ka hlomathisa melaoana eno, ke ntho ena mohlomong…

RT. HON. MADAM SPEAKER: Ache ak’u hlalose (c) hantle, Setho se Khabane?
HON. T. PHEKO: (c) e re e ka hlomathisa likaroloana kapa ea li etsa disallow, ea etsa disallow likaroloana tse ling tsa ….
RT. HON. MADAM SPEAKER: Ak’u bale (c) u tle u tsebe ho e hlalosa hantle.
HON. T. PHEKO: Madam Speaker, ke ena ke e fumane. Ke kopa tšoarelo Litho tse Khabane. Ke e fumane. Ntlha eo ke buang ka eona ke Standing Order No.

  1. Procedure on Subordinate Law in Portfolio Committee.
    Joale eo ke neng ke bua ka eona ke ea Standing Order No. 101(5) (c) e reng:
    that certain provisions of the law be disallowed.
    Mohlomong Sesotho seo ke neng ke bua ka sona ha sea hlalosa hantle. Ke ne ke leka ho hlalosa eona taba ena hore Komiti e ka bontša hore lintlha tse ling tsa eona melaoana eno e se ke ea amoheloa. Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano…
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Point of order, Honourable Member for Makhaleng.
    HON. M. S. LEHATA: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi. Ho latela melao ea tsamaiso ha ho na Setho se lumelletsoeng ho ja ka mona. Setho sa Semena se koma litlhare, ha ke tsebe na se li komela mang. O ntse a re bontša leleme hore le letšo.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: U tsebile joang hore ke litlhare?
    HON. M. S. LEHATA: O ntse a hlahisa leleme joale rea bona hore ke litlama-tlama feela ka hare ka mona, eka ’na eaba o re tšoaretse litlhare.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Semena, ak’u tšoele lintho tseo u ntseng u li ja.
    HON. T. PHEKO: Ntlheng ena, Madam Speaker, melaong ena eo Komiti ea heso e amohetseng hore e amoheloe le eona e ile ea tekoa kapele ho Ntlo ena e Khabane ka li-02 November, 2015. E ile ea fetela komiting ea heso. Komiti ea bitsa lekala le amehang hore lekala le tl’o hlalosa litaba tsena.
    Ho bonahetse ehlile melaoana ena e tsamaile tsela e telele. Ho leka ho otlolla tšebetso mona ho ile ha eba le li-regulation tsa 1999, ha boela ha eba le li-regulation tsa 2011 moo ho neng ho etsoa amend Section 16(2) ea ….
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Setho se Khabane, ke ee ke re re bue puo eo Hansard e tla tseba ho e hatisa.
    HON. T. PHEKO: …moo ho neng ho hlomathisoa…kea leboha, Madam Speaker. Ke ne ke re melaoana ena e tsamaile nako e telele haholo moo li-regulation tsena li ileng tsa etsoa ka 1999 ho hlomathisoa Section 16(2) ea melao eno ea Trading Enterprises (Amendment) Regulations 1999, ha boela ha hlomathisoa li-regulation tsa 2011. Mona ho ne ho buua ka taba ea 20% e fuoang mekhatlo. Re bua ka 20% ea license fee e neng e lefshoa ho Private Sector Foundation of Lesotho. Pele 20% ena e ile ea lefshoa ho Lesotho Chamber of Commerce and Industry (LCCI). Sehlomathiso sena hona joale se lokisa phoso ea hore ho ile ha bonahala ka nako e telele eka lekala le fane ka monopoly ho Private Sector Foundation of Lesotho e neng e se e beiloe ka har’a molao ka mona hore ho tla sebetsoa le eona feela ka 20% ena ea license fees. Ho hlomathisitsoe molao ona hore li-regulation tseno hore e mpe ebe mekhatlo eohle e licensed hore le eona eka khethoa hore ebe e meng eo ’Muso o ka sebetsang le oona. Mokhatlo o joalo o lokela ho anela Lesotho. Ka nako e ’ngoe u fumana hore ha e ne e le Private Sector Foundation of Lesotho ha e sana litho kae kae literekeng koana e se e le batho ba itseng feela ba ka har’a Maseru. Joale hore taba ena e khahlametse batho bohle, Letona kapa lekala le tle le itlhahlobele le hlahlobe mokhatlo ofe kapa ofe o licensed o ka tsebang ho etsa cover naha ka bophara hore o ka amoheloa e le oona. Mekhatlo e joalo e tla amoheloa le ho hloauoa ke board e ikemetseng e seng lekala. Board ke eona e tla khothaletsa hore na lekala le ka sebetsa le mekhatlo efeng. Kea sisinya.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: May I have a seconder please. Honourable Member for Moyeni.
    HON. M. R. G. KHATI: Kea leboha, Mohlomphehi. Ke tlatsa Setho se Khabane se buileng hantle, ka thata, ka matla hore lihlomathiso tsena Ntlo e li amohele e le ho matlafatsa melao e teng e le hore e tle e tsebe hore e kene tšebetsong molemong oa Basotho hore ba tle ba tsoele pele moruong ekasitana le khoebong. Ka hona kea tlatsa, Mohlomphehi.
    Question put and agreed to
    Resolved
    That this Honourable House resolves to adopt the report
    of the Portfolio Committee on the Economic and Development
    Cluster on the Trading Enterprises (Amendment) Regulations,
    2015.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Next item, Mr. Clerk.
  2. MOTION
    ADOPTION OF THE REPORT OF THE PORTFOLIO COMMITTEE ON THE LAW AND PUBLIC SAFETY CLUSTER FOR LESOTHO PASSPORTS AND TRAVEL DOCUMENTS (FEES) REGULATIONS, 2015.
    HON. L. MOLISE-MABUSELA (PR): Thank you very much, Madam Speaker. I rise to move;
    That this Honourable House resolves to adopt the report of
    the Portfolio Committee on the Law and Public Safety Cluster
    on the Lesotho Passports and Travel Documents (Fees)
    Regulations, 2015.
    Mohlomphehi, ka la 2 Pulungoane, 2015 Letona le Khabane la Home Affairs le ile la teka li-regulation tsena ka hare ho Ntlo ena e Khabane. Ho latela melaoana ea tsamaiso, ke hle ke tobe ka kotloloho Standing Order No. 100 (3), li-regulation tseo li ile tsa fetisetsoa kapele ho Komiti ea heso ho li hlahloba.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Setho se Khabane, ke hlokomela hore ho latela Order Paper re lokela ho fumana tumello ea Ntlo ho tsoelapele ka tlhahiso ena.
    Question put and agreed to
    Resolved
    That motion No.24, adoption of the Report of the Portfolio Committee on the Law and Public Safety Cluster on the Lesotho Passports and Travel Documents (Fees) Regulations, 2015, be moved without Notice under Standing Order No. 32(3)
    HON. L. MOLISE – MABUSELA: Kea leboha, Mohlomphehi, ‘me ke leboha le Litho tse Khabane tsa Ntlo ena ha li bile pelo mongobo ruri ho re lumella hore re teke tlaleho ena ea Komiti. Joalokaha ke ne ke supile, ‘M’e, ka la 2 November, Letona le Khabane le ile la hlaha ka pele ho Komiti la fihla ka teka li-regulation tseo tse laolang litaba tsa patala ea li-passport. Ho latela melaoana ea tsamaiso ke ile ka hla ka supa ka kotloloho Standing Order No. 100 (3), li-regulation tseo li ile tsa fetisetsoa Komiting ea heso, ‘me ke hona moo Komiti e ileng ea kopa Letona le Khabane ‘moho le moifo oa Lekala hore re ke re kopaneng re tl’o thakelanang ka malebela mabapi le litaba tse amang tsona li-regulation tseo.
    Ke mpe ke supe, Mohlomphehi, hore Mohlomphehi Letona le Khabane la Litaba tsa Lehae o ile a supa hore kaha selemo sane sa 2013 ho ile ha fetisoa kapa ho ile ha tekoa ka hare ho Ntlo ena e Khabane li-regulation tseo li neng li tsebahala ka hore ke Legal Notice No. 71, tseo tsona li neng li nyolla taba ea patala ea li-passport haholo, li ea ho bo-M400.00 – M550.00 joalo joalo ho ea fihla ho bo-M1100.00. Mohlomphehi Letona le Khabane ‘moho le moifo ba ile ba re lemosa re le Komiti hore leha e le mona Legal Notice No.71 e ile ea tekoa ka hare ho Ntlo ena e Khabane Paramenteng eo e fetileng ea Borobeli, ho bonahala eka ho ile ha e-ba le ho khibela kae-kae tšebetsong. Letona le Khabane ka nako eo la tsa Lehae Morena Joang Felix Molapo, ha a kaba a teka li-regulation tseo ka hare ho Ntlo eane ea Mahosana. Ka lebaka leo, ho ile ha khahla Letona le Khabane hore a mpe a lokise taba eo ea hore ebe ho ile ha e-ba le ho khibela hoo.
    Ke mpe ke hlalose, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano le lona Litho tse Khabane, hore ho latela Melao ea Tsamaiso, litšoantšo kapa li-regulation li tlameha hore li tekoe ka mona ka Lekhotleng la Sechaba li boele li il’o tekoa ka Senateng, ‘me li tsamaee ka methati e lebelletsoeng ka tsela e joalo li tla fetoha molao, ‘me li kene tšebetsong. Empa lekhetlong lena joalokaha Mohlomphei Letona le Khabane le ne le hlalositse ho ne ho bonahala li ne li tekiloe ka mona empa ka Senateng li sa tekoa. Ka lebaka leo, taba ea hore na li tšebetsong kapa ha li tšebetsong e ne hlile e le taba e batlang e re tšoarisa molika-likoane haeba ke bua Sesotho se nepahetseng. Ba bang ba ne ba ka nka Legal Notice No. 71 kapa regulations tseno li le sieo li sa phele. Ka lebaka lena Mohlomphehi Letona le Khabane le ile la bona ho hlokahala hee hore joale a etse li-regulation tsena tse ncha, ‘me tseo le tsona li neng li ntse li bonahala li batla li theohile mane ho M400.00 feela li nyolohile ho M100.00 eane eo Sechaba sa Basotho se e tloaetseng.
    HON. S. QOO: Ke kopa potso.
    HON. L. MOLISE – MABUSELA: Lula fatše.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Potso ka Setho se Khabane sa Malingoaneng.
    HON. L. MOLISE – MABUSELA: Ha ke mo fe. Ha a e-so utloe le hore na ke reng. Lula fatše, Serialong, kea sebetsa.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Ha amohele potso, Setho se Khabane.
    HON. L. MOLISE – MABUSELA: Ke mpe ke supe, Mohlomphehi, hore.. hee, Serialong oa khathatsa, oh! Setho se Khabane sa Malingoaneng! Ke e lokisitse, hae! Bo ntate bana ba ea ntšukulisa.
    HON. K. MAKOA: Mohlomphehi, ha u ntumella, Setho se Khabane se ntseng se bua hantle se hule mantsoe ao se a buang ha ho na Serialong ka mona, ho na le Setho se Khabane sa Malingoaneng.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: U ne u ntse u sa mamela athe hore o itse o e lokisitse taba eo?
    HON. L. MOLISE – MABUSELA: Ke se ke a hutse, Mohlomphehi, ke kopa tšoarelo, o nkhathatsa haholo ke hobane.
    HON. S. QOO: Ntlha ea tsamaiso ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, eo ke emang ka eona…
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Ha ke e-so u fe sebaka [Litšeo] Lula fatše, Setho se Khabane.
    HON. L. MOLISE – MABUSELA: Se ka ntšenyetsa nako hle! Kea leboha, Mohlomphehi, ke mpe ke supe hore Letona le Khabane le ile la supa hore ba ile ba hlokomela sekheo seo se neng se entsoe ke hore ebe melaoana eo ha e kaba ea tekoa ka mane ka Senateng. Empa a boela a supa hape hore Lekala le ile la hlaheloa ke bothata ba hore ebe li-passport tse maqephe a 32 li ile tsa fela, ‘me eaba ho sala li-passport tse nang le maqephe a 64. Ha Lekala le se le kopana le bothata bona, le ile la ikeletsa hore kaha passport e maqephe a 64 ha e na prize eo e e behetsoeng ka molao, bothata bo e-ba teng joale ba hore passport e joalo e ka rekisoa ka chelete e lekanang le eane ea maqephe a 32. Taba ena e ile ea ba susumetsa hee hore ba mpe ba etse li-regulation tsena tseo Komiti e tekang Report ea tsona kajeno, ‘me tseo ho tsona ba ileng ba etsa hore passport ebe M150.00, ‘me eno e maqephe a 64 prize ea teng ebe M300.00.
    Ke mpe ke supe, Mohlomphehi, hore Mohlomphehi Letona le Khabane le ile la bontša hore nako eo ba neng ba kopana le bothata bona ba ile ba leka ho etsa maoala ohle ho bona hore na ba ka fumana li-passport tseno tse maqephe a 32 joang molemong oa hore litšebeletso li ‘ne li tsamaee ka thello ho sa fuoe Basotho li-passport ka chelete eno e bonahalang e se ekare e ka holimo e makholo a mararo (M300). Empa ho latela maemo a lichelete ka nako eo, ka ‘nete e ile ea eba bothata, ke lebaka la pele le ileng la etsa hore ba sitoe hore ba fumane mokhoa oa hore ba kenye li-passport tseno tsa maqephe a 32 hape-hape tšebetsong ka eona nako eo.
    Empa taba e ‘ngoe hape e ile ea eba taba ea ho etsa order li-passport tseno. Ho nka nako e telele haholo ha ho kentsoe order hore li-passport li be li qetelle li fihlile. Eleng hore Lekala le ne le se na monyetla, le ne le tlameha hore le kenye tšebetsong li-passport tseno tsa maqephe a 64, ‘me le li rekise ka prize eno e M300.00. O ile a boela a re hlalosetsa hore ha e le hantle molaoana ona ha re o shebisisa hantle re tla bona hore ehlile taba ea li-prize tsa li-passport o bonahala li hlile li nyolohile. A bontša hore ka ‘nete tabeng ena haholo-holo ha u sheba mane moo re buang ka li-passport tseo ebang li utsoitsoe kapa li lahlehile kapa li senyehile, a bontša hore ka ‘nete mona Lekala le leka hore le ke le theole sekhahla se bonahalang se le teng ka hare ho Sechaba sa Basotho sa tšoaro e mpe ea litokomane tsena.
    Ke mpe ke titime, Mohlomphehi, ke supe hore ka ‘nete Komiti e ile ea mamela litaba tsena tsa Mohlomphehi Letona le Khabane hantle haholo ka hloko ra ba ra mo utloela ka ‘nete, empa Komiti e ile ea boela joale ea hopola thomo e tsoang ho Sechaba sa Basotho, ‘me e bile e shebile hore na hana maemo ao re phelang ka hare ho ona hona joale a lichelete na ebe ekaba a se a fetohile na, ‘me re ile ra ikhotsofatsa re le Komiti hore ka ‘nete ehlile bophelo ba rona bo ntse bo le tlaasa moruo o putlameng. Ka hona Komiti e ile ea sheba li-price tsena tse beiloeng. Komiti e ile ea hlokomela hore ehlile e nka li-passport tsena li ntse li le theko e phahameng ho latela maemo a bohloki ka har’a naha ena ea Lesotho na a boemong bofeng. E ne e sa bue e ipapisitse le taba ea li-regular passport feela empa e ne e shebile official and diplomatic passports, tseo joale tsona li-price tsa tsona li neng li thula ceiling.
    Tabeng ea li-passport kapa replacement ea litokomane ha li lahlehile, li utsoitsoe kapa li senyehile, Komiti e ile ea boela ea sheba litaba tsena ka leihlo le leng. Ea etsa mohlala oa hore ’M’e Lineo ke enoa o chelloa ke ntlo, ha se a hlahetsoe ke tsietsi, joale o lokela hore a khutle a qalelle a il’o batla litokomane tsohle tse ka mo thusang ho itsebisa e le mosali oa Mosotho ea phelang ka har’a naha ena ea Lesotho. Joale o tla ikela bankeng a fihle a fumane karete, a fete, a ee ho li-ID a fihle a fumane karete ea hae ea boitsebiso. Joale e re ha a fihla mane ho li-passport a utloe ho thoe a lefe sekete sa Maloti le makholo a makae-kae. Sekete sa Maloti ke price e ka holimo-limo haholo. Replacement ha u sheba ho latela li-regulation tseno e ntse e qala ho M300.00 ho passport e maqephe a 32.
    Ka hona Komiti e ile ea ikeletsa hore haele hantle maemo a tšebeliso ea li-passport hona tjena kapa ho lahleha hoa tsona a se a batla a fetohile, ka tsela ke ena: Li-passport tsena tseo re reng ke li-e-passport kajeno, tsena tseo ’Muso o khahlamelitseng Basotho ka tsona, ke hore haele hantle ho tšoana le ha ’Muso o fana ka tsona mahala ho latela hore na li theko e boima ha kae. Li se li entsoe ka tsela eo le ha Lineo a ka ba a tsamaea eaba o il’o sebetsa Ceres mane, ha a khutla a khutla a jele matsatsi, eaba o’a e lahla, empa a kebe a khutla hape hape a ea kopa passport ka mabitso a mang hobane monoana oa hae o tla mo tšoarisa. E leng hore bothata bono ba tšebeliso e mpe re ka re ’Muso o bo hlotse ho fihlela hona joale.
    Ka lebaka lena, ’M’e Motsamaisi oa Lipuisano, le lona Litho tse Khabane, Komiti e ile ea fihleloa ke maikutlo a hore re ka nka hore ho tla beng ho hlahetse Basotho khetlong lena, ba tlang Lekaleng ba lla ka hore passport e lahlehile, kapa e senyehile kapa e utsoitsoe, ehlile ba tla be ba hlahetsoe ke tsietsi. Potso ea ba hore na joale ha ba hlahetsoe ke tsietsi, sebakeng sa hore re ba thuse re ba pitla ka price e boima na. Komiti e ile ea etsa qeto ea hore taba ena e ke keng ea eba bohlale hohang.
    Komiti e ile ea boela ea lemoha hape hore ho latela hore ka har’a li-regulation tsena ho na le karolo ea boraro e buang ka ho etsa repeal Legal Notice No:71, e tlabe e se bohlale hobane ha e le hantle ke se ntse ke hlalositse mona hore re ka nka legal notice eno e ne e se molaong hobane e ne e sa ka ea latela methati eo e neng e lokela hore ebe e ile ea e latela. E leng mothati oane oa hore ebe e ile ea etsoa Table before Senate. Ka hona e ne e ka nkoa e le molao. Ka lebaka lena, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, Komiti ka mor’a hore e shebe litaba tsena ka botebo le ka tsela ena eo ke li beileng ka eona, ’me ba haeso ba tla ntlatsa, e ile ea etsa liqeto tsena tse latelang tseo e reng kannete e mpe e tlil’o li teka ka hare ho Ntlo ena e Khabane. Re kopa Ntlo e Khabane hore e be pelo e mongobo ho amohela likhothalletso tsena tseo Komiti e li entseng molemong oa bona. [lerata]
    Mohlomphehi, lerata le ka mona ke utloa eka le tla ntšitisa hore ke bee litaba tsa ka hantle ka hona ke kopa tšireletso.
    Khothaletso ea pele eo Komiti e e entseng e ile ea eba hore provision 2 (2) of the subordinate law be disallowed. Provision 2 (2) ke eona eane eo re reng Mosotho o hlaheloa ke tsietsi ea hore ntlo ea cha kapa pula ea mo kolobisa tseleng habohloko feela, mohlomong a etsoa ngakeng a kula hoo a sitoang ho tsamaea kapele ’me passport ea koloba ebe ea senyeha. Kapa o ba le bothata ba ho lieha ho fumana transport joale bashanyana bana ba tatileng ba mo nkela handbag, ba nkella le passport eno. Joale re re o se a ntse a hlahetsoe ke bothata ka hoo ha re se ke ra mo imetsang. Ka lebaka lena Komiti e ile ea ikeletsa hore e mpe e eletse Ntlo e Khabane hore e se ke be ea lumela hore Mosotho ha a lahlehetsoe ke passport kapa e utsoitsoe a e fuoe ka price eno e beiloeng ea M300.00.
    Komiti e ile ea boela ea sisinya hape hore provision 3 e leng ena e buang ka taba ea repeal ea Legal Notice No: 71 of 2013, le eona Ntlo e Khabane e e etse disallow. Ke supile ka makhetlo a mangata hore re ne re ke ke ra nka melaoana eo kapa li-regulation tseo li le molaong hobane li ne le sa ka tsa tsamaea methati eohle ea hore li tekoe. Ka lebaka leo Komiti ea khotlalletsoa hore e mpe e etsoe disallow.
    Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, khothalletso ea ho qetela eo Komiti e ileng ea e etsa ’me eo re kopang hore Ntlo ena e Khabane e tle mpe e be pelo mongobo ho e amohela, ke eo Komiti e ileng ea e etsa ea hore e ke mpe e fe Lekala la tsa Lehae nako ea khoeli ho theola litefiso tsa li-passport tsohle, ho sa tsotellehe hore na ke regular passport, official passport kapa diplomatic passport hore li-passport tsa maqephe a mashome a mararo a metso e ’meli, li ne li lule ho price eane eo re e tloaetseng ea Legal Notice No: 152 of 2004. Tse maqephe a mashome a tšeletseng le metso e mene (64 pages) tsona bonyane li mpe li rekisoe makholo a mabeli. Kutloisiso e le hore ha e le hantle ’Muso ha o rekisi litšebeletso empa o khahlametsa sechaba. Sechaba sea khafa hore se tle se tsebe ho fumana litšebeletso.
    Ka lebaka lena, Mohlomphehi, ke kopa Ntlo ena e Khabane, e tle mpe e be pelo e mongobo ho amohela report ena ea Komiti eo ke qetang ho e teka ha ha joale. Kea leboha.
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Mohlomphehi Molula-Setulo oa Komiti, ho latela Standing Order No. 101 (5), matla a Komiti a fella ho ho lumella kapa se lumelle litemana kapa li-regulation ka kakaretso. May I have a seconder please. Honourable Member for Makhaleng.
    HON. M. S. LEHATA :Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke kopa ho tlatsa, Mohlomphehi Molula Setulo oa Komiti. Ke Setho sa Komiti ena e Khabane. Molula Setulo o batla a beile litaba ho latela ka moo Komiti e ileng ea li sheba kateng. Likhothaletso tse hlahang mono ke tsa rona re le Komiti. Re khothallelitse hore li tle li theohe li-passport tsena ka gazette hobane ha re na matla a ho etsa amend regulation, hoa rona it is to allow or disallow,. Gazette ea hlokahala hore ebe teng e le hore e ne e sebetse, hobane ho bonahala e entsoeng ka selemo sa 2013 ha ea tsamaea ka methati e nepahetseng. E leng eane e ileng ea etsa lerata haholo. Ka nako eno re ne re le ka lehlakoreng la Bohanyetsi, joale re re passport e se ke ea eba theko e boima hobane Basotho ha ba sebetse. Ke hopola hantle hore ke ne ke le mong’a Motion ono. Eaba taba eo re reng gazette e teng, ’Muso o tlola molao ka hore o etse li-price tsa M400.00, ra re batho ba lefisoe li M400.00. E le hobane re entse lerata re thibile taba eno hore ba se ke ba e phethahatsa ’me eaba ha ba e phathahatse feela ba e tlohela e ntse e le joalo. Qetellong Lekala ha le se le sheba la fumana hore e ka na eaba le ka Senateng Gazette eo ha ea etsoa table. E leng engoe ea lintho tseo…
    RT. HON. MADAM SPEAKER: Order! Litho tse Khabane, ke ipeletsa hore re sebeliseng puo eo Hansard e tla tseba ho e ngola.
    HON. M. S. LEHATA: Kea leboha, Mohlomphehi. Ho na le taba eo ke ipotsang hore na hantle ke mang ea tlamehang ho ikarabella ho eona ho bona hore e ea phethahala. Tšebetso ea Paramente, e leng Ntlo ena ea Bakhethoa le Ntlo ea Mahosana. Hase Gazette ea pele eo ho thoeng e tlisitsoe ka mona, ha ea isoa ka Senateng. Hona le khang eo re kileng ra e etsa ka Ntlong ka mona, eaba ho fumaneha hore ho latela mosebetsi oa Senate, Gazette eo ha e hlahe lenaneng la tšebetso ea Senate.
    E ngoe ke ena e hlaha hape hore e tekuoe ka Ntlong ena, empa Ntlong e ka holimo teng ha ea tekoa. Taba ena re tlameha ho e fumanela pheko ea eona. Hore ntho e sebetse, e fuoa matla a molao ka mona ka Ntlong ena e Khabane ka botsamaisi ba eona. Botsamaisi bo isa Setšoantšo sa molao ho Motlotlehi a se tekenele hore se fetohe molao. E leng hore taba ea hore ke rona ba ikarabellang tšebetsong ena, re tlameha ho ba le mokhoa oa hore na re sala morao joang Matona a rona ha a tekile ka mona hore a ba eo fihla le ka mane ka Senateng. Me le ka teng tšebetso eo e etsahale. Ke bua ka taba eno hobane ke bone hore e kanna ea re phehisa hlama. E tla re ho ntse ho thoe melaoana e teng e sebetsang, e se ntse e sebetsa, u fumane hore Basotho ba ntse ba sebetsa tlasa melaoana eo ka molao e sa pheleng hohang. Taba eno e ka re bakela linyeoe tse ngata ha re ka fumana sechaba se salang morao tšebetso ea rona. Ke kopa hore re tle re e nkele holimo. Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke hopola moo re neng re buisane hona le taba e reng, haeba ho na le melaoana e ileng ea etsoa, eaba ha e phethahatsoe, joale ho na le e etsoang, ea ba ea phethahatsoa. Re tla re ba ne ba tlotse molao hobane ha ba phethahatsa. Rona re ka molaong rea phethahatsa feela re nyolotse li-passport, eane ha a nyolla. Ke mang ea fihlang pokothong ea mokhafi, ho fihla eng? Ke eloa a tlotseng molao, ea entseng molao eaba oa thola? Kapa ke ea entseng molao eaba ha a qeta oa o sebelisa na, ha re tla tabeng ee ea litjeo tsa passport? Rea lla re re, ho sa le boima hona joale ho latela moruo oa naha. Ho ntse ho le thata ho Mosotho ho ba le birth certificate (lengolo la tlhaho). Ho thata ho Mosotho ho ba le ID hobane litšebeletso li sa ntsane li le hole le bona. Li bitsoa tsa mahala ha u fihla ho counter. Feela motho oa Makhaleng o palama ka M100.00 o tla Maseru, o oa ja letšeare leno, o palama ka engoe hape ho thoe o entse phoso morena oa hae a e lokise, a khutlela Makhaleng. A tle hape? Pele litšebeletso li ea sechabeng, se se ntse se lefa haholo ho fumana litokomane tsena tseo ba li fumanang pele ba eo fihla ho li-passport.
    Leha re ntse re lumela hore passport e nyolehe kapa re lokisa le lekala, lekala hona joale le batla hore batho ba be le mangolo a tlhaho le ID pele ba fumana li-passport, ha le so fetole molao oa passport hore na e fumanoa joang. Taba eno e tlameha hore e tlo lokisoa hore molao oa li-passport o tle e seng li-regulation feela. Ho tlo hlomathisoa molao oa li-passport hore u be le eona u tlameha u be le lengolo la tlhaho le ID. Haeba ho ntse ho etsoa feela hore motho a fumane passport a sa feta lipehelong tsee, ke phoso. Lekala le tlameha ho sheba litabame le tlise molao oo ka Ntlong ena e Khabane.
    Taba ea litjeo tsena tseo re li kopetseng hore li theohe, ke hobane Basotho ba ne ba lefa haholo pele ba fihla ho li-passport ho latela lipehelo tseo ba li behetsoeng tse seng ka hara molao,
    Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, Basotho tlameha ho hlakeloa hore hona le passport tse mefuta e ‘meli. Ke e maqhephe a 32 e tloaelehileng, le e maqephe a 64 e kholoanyane ho. Ke ka hoo M200.00 e tlang ho eona, eo eona e tla ba ea batho ba ts’elang haholo e tlang ho ba bona ba e sebelisang ho feta bana ba its’elelang ordinarily kapa ba sa ts’eleng khafetsa. E hlake hore re le Ntlo ena re kopile ‘Muso hore o eo lokisa hore o khutle o tla ka melao e mecha passport e le M100.00 ea 32 e le hore ho se ke hoa e ba le phethoho kapa M200.00 ho eno e seng e batla e le maqhephe a mangata haholo.
    Le mona moo re kopile hore likarolo tse ling tsa molaong ona Ntlo e se ke ea li amohela e li nts’e, ha rea li etsa re le bang. Motho o tla nahana hore komiti e hanne likhothaletso kapa melaoana ea ‘Muso. Re lutse fats’e le lekala ra li shebisana, ra bonts’a ngongoreho ea rona, ra lumellana hore re tle ka Ntlong ‘me Ntlo e tla ikeletsa hore na e reng ka tsona.
    Kutloisisong ea motho, le ho latela molao ona oa li-passport, motho ea fuoang hore a ka ba le a diplomatic passport or official passport, ho thoe ha e ba o tlile boemong bono li ka nkuoa. Ha ho eso lokisoi hore o phele le tsona le ha o se o se ka har’a karolo ea batho ba tlamehang ho ba le tsona. Ho kile hoa e ba le motion ka mona hore batho ba hlomphuoe feela molao ona haa o e-so hlomathisoe. Lekala le ntse le ngolla batho hore ba khutlise li-passport ha e se e se bahlomphehi. Ho latela molao, ha o le kantle ho Paramente, oe fumane o le Moparamente, o tlameha ho e khutlisa. Ha o ne o le ka ntle embassy, o se o khutlile, o tlameha ho e khutlisa. Ke molao o ntse o le joalo. Taba eno lekala le ntse le ngolla batho hore ba etse joalo ba li khutlise. O tlo etsa charge e holimo ka passport eo motho a e fumanang ka boemo ba ha u le ‘Muso. E le hore ha e le hantle ba ts’oanetse hore e be ba li fuoa feela ka nako eo ba ntseng ba le litulong tseno, e re ha ba felloa ke litulo, e be ‘Muso oa li nka ka ha e le thepa ea ‘Muso.
    Ntlo e tlameha ho ikeletsa hore na taba eno e shejoa joang hore na ho tlameha hore ho be joalo kapa che empa molao o ntse o le joalo. Ke ka hona re reng le tsona li-price tsa tsona li be moo li neng li ntse li le hona teng li se ke tsa ba le mokhelo.
    Setho se Khabane se buile haholo ka tsena tse motho a eo kopa lekhetlo la bobeli ha e lahlehile kapa e utsoitsoe. Ts’ebetso eno e ne e se e le turu haholo hape. Batho ba se ba tlo ba tsietsing. Li-passport tsa hona joale li fapane le tsa pele tsane tseo ke neng ke tlosa foto ea ka ke beha ea ngoaneso a tsamaea ‘na ke eo batla e ‘ngoe. Ho na le mekhoa eo li ts’irelelitsoeng ka eona hoo hore e be ho ka ba le bolotsana bo bongata, e se e le ntho e sieo. Hantle e ne e le melao e metle nakong ea pele nakong eo passport e neng e fumaneha ha bobebe batho ba e sebelisa hampe. Taba eno ea tsebahala hore motho ha a jele matsatsi o ne a baleha ho patala sekete (1000.00) a tla lekholong (100) mona a ea moreneng a etsa change mabitso. Ho latela boemo ba hona joale ha e se ntho e ka etsahalang ha bobebe kapa ha e hlole e etsahala hohang. Hona ho bolela hore batho ba tla kopa passport ba re li lahleile, e tlabe e le kannete le ka tieo e le motho ea tsietsing kapa ea tlokotsing.
    Rt. HON. MADAM SPEAKER: Potso ka Setho se Khabane sa Qhalasi.
    HON. P. A. LETEETE (Qhalasi): Kea leboha, Mohlomphehi. Ka uena, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ke botsa Setho se Khabane sa Makhaleng se ntseng se bua hantle. Ke utloa thahasello ea komiti tabeng ea thekiso ea lipasa. Ka boikokobetso ke batla ho utloa hantle hore na le ena ea diplomatic passport, e oelella mona moo hothoeng li theoloe le eona? Ke batla ho utloa hona mono hore na le tsona li be joalo ha e ba lebaka ke hore Basotho ha ba na chelete ea ho reka li-passport ka litheko tseno tse boletsoeng, na le Bahlomphi ka moo le boo li-PS, le bona ho boleloa hore ha na chelete?
    Rt. HON. MADAM SPEAKER: U botsa mang, Setho se Khabane sa Qhalasi? Hansard e tla ngolang ha u nts’upa ka monoana. U botsa mang?
    HON. P. A. LETEETE: Ka uena, ‘M’e Motsamaisi, ke itse u ntumelle ke botse Setho se Khabane sa Makhaleng. Potso o ne a se a e utloile le ha ke ne ke itse Matsieng o ne a tla baleha. Mpolelle le ka eno ea ba-diplomat hore na ha ba na cheletete na?
    HON. M. S. LEHATA: Ha ke bua mona ke itse re khothalelitse hore Ntlo e amohele hore diplomatic passport and official passport li theohe li-amount tseno tsa M800.00 tse neng li beuoe mono. Mabaka a lintho tseno kaofela a fapane. Ha re buile ka ordinary ea 32 pages rea ho M100.00, ke bonts’itse mabaka a teng. Ha ke tla ho tsena ke bua ka molao o bonts’ang hore o ba le eona ha u le Moparamente, ha bo fela e tlameha ho nkuoa. Ha ho e-so lokisoe molao oa hore e be ea hau. E le
    hore oe fumana ka boemo. Ha e le hantle, ha e ba u e fumana ka hore e be u Setho sa Paramente, ha bo fela ea khutla. Motho ea tlamehang ho u fa eona kea u hlomphang. Joale rona re re le se ke la li fuoa mahala. ‘Muso ha o rekisi li-passport. Ha rea bua ka ho rekisa mona, ha ho rekisetsanoe, ke ts’ebeletso. Empa ts’ebeletso eo re fanang ka eona re re e theohe, kaofela hoa tsona re li behe ho price e tlase, e mong le emong ea tla khona a sa utloi bohloko. Le mohlang o ka e nkang ea ba u nka two and half joalo ka ba fetileng, u se u se Setho u le kantle e khutla, ha u utloi bohloko ba hore u ile oa patala haholo.
    Bohle kaofela ba fuoang lits’ebeletso tseno ba angoa ke molao ona. Ke eona ntho eo ke neng ke leka ho e hlalosa. Taba ena e bolela hore ho na le lintho tseo re tlamehang ho li lokisa molaong e le hore le ha re tla mona litifisong tsa lits’ebeletso melao ea be e lokisitsoe e le hore ha re nyolla molao oa be o hlakile re le moo ho batlang ho ts’oana. ‘M’e, ha ke boile ha kana kea leboha, ke tlatsitse Molula-Setulo oa Komiti.
    Rt. HON. MADAM SPEAKER: Litho tse Khabane, ke ‘ne ke phete hape hore ho latela Standing Order No.101 (5), matla a komiti a fella ho ananela kapa ho se ananele melaoana eo e beiloeng kapela komiti kapa likarolo tsa eona.
    HON. M. S. LEHATA: Ntlha ea tsamaiso.
    Rt. HON. MADAM SPEAKER: Taba eo ha e bolele hore koana komiting, komiti e ke ke ea hlahisa maikutlo ho lekala.
    Question proposed

Rt. HON. MADAM SPEAKER: Ntlha ea tsamaiso, Honourable Member for Makhaleng.
HON. M. S. LEHATA: ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ke kopa hore re hlakeloe mona moo u reng komiti ha e na matla, hore na ho li-recommendation moo komiti ha hona ntho e ka etsang na?
Rt. HON. MADAM SPEAKER: Order! Komiti e entse likhothaletso mona, Setho se Khabane. Sheba tlaleho eo ea komiti u tla bona hore likhothaletso li entsoe.
HON. M. S. LEHATA: Ke ne ke tla moo ke reng, ho latela tlhaloso ea hore komiti e na le matla a ho etsa allow or disallow likhothaletsong tsa eona tsa ho…
Rt. HON. MADAM SPEAKER: Sheba Standing Order No.101 (5) u tle u its’etlehe ka sona ha u ntse u hlahisa litaba tsa hau.
HON. M. S. LEHATA: Ke se shebile.
HON. L. RAKUOANE (Minister of Home Affairs): ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano, ke lebohile, ‘M’e. Ke leboha mokhoa oo ‘Molula-Setulo le ea motlatsitseng Setho sa Makhaleng ba beileng litaba kateng ho leka ho hlalosa ntho eo re neng re ka re e ne e le dilemma kapa bothata boo lekala le bileng le bona tabeng ena ea li-passport. Ke lumela hore lekala le utloa litaba tseo ba li beileng ‘M’e lia utloahala.
Rea li ananela, leha ho le joalo re ‘ne re supe hore komiti e ne e hlokomele hore ke hona re qetang ho tloha mokhoeng ona oane oa khale malebana le litaba tsa li-passport tse lahloang. Le rona re ntse re ts’oana le bona hore e kanna eaba batho ba ke ke ba hlotse ba li lahla ha bonolo hobane ba ke ke ba hlotse ba ipheta. Nako e fetileng motho o ne a ntse a ipha tse ngata. E leng hore taba eno ea utloahala hore batho ba ke ke ba li lahla ha bonolo.

Ts’epo e ntse e le hore haeba litaba tsena tsa ho ja matsatsi le tse ling li fela, e leng taba tse neng li etsa hore ba balehe litaba tsena, mohlomong kotsi ha e sa tla ba kholo e ka etsahalang. Leha e ba ka nako eo re neng re rala, re khothaletsa melao kapa ke e beha re ne re lumela hore thiba kotsi eo re neng re e bona, empa kamorao ho lipuisano rea ananela hore kotsi eno ha e sa le kholo haholo.

Ke kopa ho tla ho taba e ‘ngoe, leha ke tseba hore ruling ebile teng, empa nka nka e le maikutlo ao ba a behang kahara N tlo. U se u nepile hore e kanna ea ba technically speaking, ba ke ke ba kena litabeng tsa hore na ho tle ho etsahaleng hobane bona ba fella ho allow and disallow. Ke moo taba ea ka e le teng hore u kanna nka hore 2(1) leha e le mona ba buile ka tsela ena ba ne ba tlameha hore e be ba itse ‘allow’, le ho khothaletsa taba e itseng. Ke nahana hore mohlomong ke taba eo Molula-Setulo le Setho se Khabane sa Makhaleng, kea kholoa tsamaiso e bolela joalo. Ba ne ba tlameha hore ha ba fihla ho eno ba re Ntlo e amohele taba ena feela ba hlokomelisa… ke ntho eo Basotho ba reng sekoti tseleng sa hore joale ho na le moo batho ba tla khameha. Ke taba eo re utloileng. Re ile ra e buisana eno ea sekoti tseleng ea hore ho shejoe hore na e be ho ke ke hoa bebofatsoa litaba tsena ho latela kamoo ba beileng litaba kateng.


Ke boele ke hlalose hore ha ho ka hoa u oa lits’enyehellong ka bo tsona ho tloha ka 2004, ha ho kenngoa cassette e neng e re ke M100.00, ho ne ho patalloa linepe kapa lifoto ka thoko. Li ne li tloha ho M30.00. Motho e mong ho ne ho tla thoe ho ena ha u potlakile ho se na motho eo u mo emelang, motho o ne a iphumana a patetse M60.00. Re hopotsaneng hore mono teng chelete minimum was M130.00. Ba bang maximum e ne e etsa M160.00 ha ho kenyeletsoa linepe. Ha li sa le eo hona joale li pataloa ke ‘Muso. Ha ke tsebe hore na komiti le Litho tsa Ntlo li tla ‘ne li be thata haholo ha li ka hopola hore ha ho ka ha thoe motho a tlise lirasiti tsa hae ka nako eno ehlile o ne a patala M100.00 feela, u tla fumana hore o ne a patala le linepe. Kajeno litaba li se li etsoa ke ‘Muso and of course there is a very expensive camera e kenyelelitsoeng. Mohlomong leha Litho li buile ka matla le rona re ne re batla ho lumela, ha re hane hore re tla buisana hore na ra tla e kenyeletsa joang taba. Re hopole hore ha ho ka hoa batloa lirasiti tseo motho ka nako eo a neng a patala M100.00, o ne a ntse a patala linepe ka thoko.

Leha hole joalo lekala le utloile. Re utloile ,‘M’e, litaba tsena ha re na khanyetso tse matla haholo tseo re ka li etsang. Ke tlhokomelisano feela joalo kaha re ntse re hlokomelisana, lekala le ntse le tsamaea ‘moho le komiti. Re leboha ts’ebelisano eo re entseng le botoloki bo fanoeng.
Le bona ba morao ba hore batho ba behoe ka maemo. Rona kutloisiso e ne e le hore ha e le mona mafutsana re ntse re a beile tlase, ba ka khonang ba patale. Ke utloa le teng khang e teng ea hore hosane ke tsoha ke amohuoa. The new agument e utloahalang haholo hore maemo ha a fela joale motho a monyetsoe ka chelete a sa fuoe change ka passport eo ‘Muso oe nkang. Ke utloa hantle. Ke lintlha tse matla tseo motho o li mametseng ha ho ntse ho buisanoa li tekoa kapele ho Ntlo mona hore na rona re le kelala leha re ne re nka hore batho ba maemo a itseng ba ka khona, le hore li-passport tse ling li turu tsona. Ke utloa ntlha ena ea hore eno ke thepa ea ‘Muso ebile hothoe motho oa e amohuoa ebile ke tseba hore ke mosebetsi ho li lata, batho ha ba utloisisi taba eno
ea hore li khutle. ‘M’e re ananela ts’its’inyo tsena tseo komiti e li behileng kapele ho Ntlo, rea leboha, ‘M’e.
HON. S. QOO (Malingoaneng): Kea leboha, ‘M’e Motsamaisi oa Lipuisano. Ha ke na le litaba tse ngata. Ke ema ho theholetsa komiti ka mosebetsi o makhethe oo e o entseng.


Ke na le sello seo ke kopang hore ba tle ba nfitise ho sona e le komiti hore na, boithutong ba bona ba se ba bitsitsi Letona kapa lekala, ba bonts’ana Legal Notice No.71 eane e ileng ea tekoa ke Letona Felix, ha ba se shebisana joalokaha Mohlomphehi Letona a bonts’itse hore letsatsi leo melaoana ena letsatsi leo e hatisitsoeng ka eona e qala ho sebetsa. Joale nakong eo ena a neng a e teka ka har’a Ntlo ka moo e ne e sa qala ho sebetsa na? Ea pele kea hore haeba ke ‘nete e ne e sebetsa ho latela ha a ne a e teka, taba eo e ama pokeletso ea lichelete ea naha ea Lesotho. Ho na le ba bokellang lekhetho ba ipapisitse le hore na lekaleng ho beuoe eng. Ho tloha ka nako eo e neng e tekoa ho fihlela nakong eo rona re le ‘Muso re kenya ena ea 2015, ba itseng ka chelete eo, na ha hona tlolo ea molao moo e entsoeng? Na Auditor General ha ana ho tla hlaha ka moo a bonts’a hore ho ne ho kolotoa lichelete moo? Ha ho na motho ea loketseng hore a nkeloe likhato tsa molao tabeng eo? Ha le araba o itseng?

O qeta ho bonts’a hore ntho eno e sebelitse ho tloha letsatsing lona leno. Ha se hobane e qala ho sebetsa letsatsing lena. Li se li ntse li sebetsa, hore na li tekuoe kae ha lia tekoa kae, ha re na khang ka taba enoa. Kea tseba lekhotleng la heso ha re ne re le ka ho lehlakore la bohanyetsi, hohle moo ke neng kena teng ke ne ke re ba theole li-passport, ba lefisa li-passport bokana. Ntho eno e ntse e ama chelete ea sechaba. Joale ke re na…


Rt. HON. MADAM SPEAKER: Le ne le le ka nqa efeng, Setho se Khabane?
HON. S. QOO: Kea kholoa re ne re le ka mose ka mane ka moo ho senang batho ka litulong tsane, ‘M’e, ka lehlakoreng la ba eletsang ‘Muso. Ke sitoa ho hlalosa hantle…
Rt. HON. MADAM SPEAKER: Ha ke ntse ke etsa tjena ke ntse ke thusa Hansard.
HON. S. QOO: Ka mane ka Bohanyetsing, ‘Me’. Ha se boeletsi bano ke bohanyetsi. Boeletsi e ne e le rona hobane nako ea pele re ne re ba eletse, ba thiba ka nqena, ra ba thiba ka nqana, ba honyela.
Ke batla ho tseba, Mohlomphehi, hore na ebe ho itsoe taba eno ha ea ama lichelete tsa ‘Muso e le hore taba ena e tsebe ho feta hantle, e hloekile ha re etsa lihlomathiso tsena tsatsing lena.


Ho feta mono, ‘M’e Motsamaisi oa lipuisano, ke bona re sebelitse ka boitelo, re nahanela bafutsana. ‘Muso ona oa heso o khethuoe ke mafutsana, ‘me le ona o baballa mafutsana. Ke ka hona le honajoale ha ho thoe li-passport li tlohe ho M400.00 li khutle ho M100.00, o ikamohella ka mofuthu feela ho se na le khang ea letho. Aku bone hore na ke ntho e ntle ha kakang ha ‘Muso o ikeletsa o ntse o sa eletsoe ke bane ba tlamehang ho ba eletsa, Re ntse re le bang feela ka mona. Ke kopa hore hona mono moo ‘Muso ona oa Lets’oele-le-beta-pooho, o amohetseng sello sa komiti hore o theole litjeo tseo, e be ‘Muso oa amohela, re openg mahofi (Liatla).
Ha le se le opile mahofi…


HON. MEMBERS: Lula fats’e!
HON. S. QOO: ‘M’e Motsamaisi, ha ke buile hakaalo, kannete ke rata hore ke thoholetse ‘Muso oa heso ka ho nahanela bafutsana, ‘me ke re pele ea pele, le mane ho school fees kea tseba hore re ntse re tla le hona mono, ha rea ema mona, tsohle kaofela tseo re ileng ra itlama ka tsona, le ho li-certificate tsela re ntse re tla, re tla ba monyela hantle bana ba le sieo. Ka hona kea leboha.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Hmk! Che taba ena ha e ea nepahala ea hore ebe u opisa Ntlo ena e Khabane taba e sa utloahaleng hohang mahofi. Ha re qeteleng, Litho tse Khabane, hobane re se re ntse re sebetsa ka nakonyana eo ke e ekelitseng hobane ke ne ke hopola hore rea qetela.

HON.T. LEHLOENYA: Ke lebohile haholo, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Ke ema mona ke re rona ba Kolo re tšehetsa Tlaleho ena ea Komiti, ‘me re e tšehetsa ka hore e amoheloe. Litaba tsa rona li tjena; re qala pele ka ho thoholetsa ‘Muso ka makala a mabeli; Lekala lena la Home Affairs le ileng la ikapesa ka matla a AMCUF International Projects. Litsebi tse tla sheba hore matšoephenene ana ao Basotho ba tloaetseng ho’a etsa ho fumana li-passport a tla bokhutlong, taba eno e kholo haholo.

Re boetse re thoholetsa hape le Lekala lena la Likhohokahanyo (Communications) hobane bobeli ba bona ha ba kopantse matsoho joale, passport e se e tsoa ka letsatsi le le leng kapa a mabeli. Taba eno ke taba e kholo, ‘me e se passport feela empa e le passport ea maemo a holimo haholo, ao ho leng thata hore u iketsetse ea hau. Re mpa re re re ntse re le tsietsing ea hore joale ha u batla passport ena u tlameha hore u be le ID number ha u le ngoana kapa ID card ha u le motho ea moholo. Taba eo ‘Muso ka Lekala leo la Home Affairs o e potlakele hobane molao ona ha o bue ka taba eo. Re kopa hore sehlomathiso se etsoe kapele-pele molemong oa hore tsohle li tle li be molaong. Joale taba ea hore litjeo tsena li theotsoe, rona ba Kolo re nka e le taba e bohlokoa haholo hobane re ne re hlile re le mabaleng a lipolotiki mane re bontša hore puso eane e fetileng e ne e nyollotse passport ka tsela e khathatsang matla, empa haeba e theohile mono teng ho’a utloahala.


Re boetse re re hoo utlohalang hape ke hore thepa ena e ea rekoa ka tsona likhafa tsena tsa batho ba Kolo. Ka hona taba e bohlokoa ke ena, Bahlomphehi baka, ke hore naha e ‘ngoe le e ‘ngoe u tla fumana e se batho bohle ba nang le li-passport. Batho ba hlokang li-passport ke ba tsamaeang ba eang maetong, ha e le bana ba bang re hloka feela li-ID tseo re li fumanang mahala. E leng hore taba eno ea li-passport re re, “e”, li ka lefshoa feela ha li lefshoe ho latela bokhoni ba rona re le Basotho. Ka ho cho joalo kea tlatsa, Mohlomphehi. Ka hona ke leboha haholo ha Mohlomphehi Letona a utloisisa hore molao oo o tlameha ho ea ntlafatsoa. Kea leboha.

HON. M. METSING (Deputy Prime Minister): ‘M’e Motsamaisi, ha ke leboha monyetla ona oo u mphang ona. U ntumelle, ‘M’e, ke u hlomphe, ke hlomphe le Ntate Tona Kholo. Kannete, ‘M’e, le ‘na ke ne ke re ke tšoaele tabeng ena e kholo hobane kannete hothoe mooa-khotla-ha-tsekisoe. Ke li utloile litaba tse kholo mona tse buuang, tsena tsa hore kannete re lekane hobane le rona ha re tsoa mona kapa ha u ile oa fuoa passport ka mor’a nakonyana e khutšoanyane feela e ka tloha ea nkoa hobane u felloa ke boemo bo joalo. Taba eno, ‘M’e, kannete kea e utloa empa ‘na ke ne ke re Ntlo e Khabane ha re ea pele ho na le litaba tse ling tseo re tlamehang hore tsona re tle re qetelle re li amohetse. Rea tseba hore re le naha re le tjena litaba tsena tsa rona bothata feela boo eeng bo hlahe ke hore ka linako tse ling ho tla be ho ntse ho na le litjeo tse bang teng, e be ha re sebetse hore nako le nako re lule re hlahloba likhafiso tseo re iketsetsang tsona, ebe re lula re ntse re nyolla, e be ka nako e ‘ngoe ha re nyolla u fumane hore taba e ‘ngoe esale e le price e behiloeng lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng, joale ka nako eo e nyolloang e se e re utloisa bohloko.


Ha ho ka ba le culture ea hore le Ntlo e Khabane e amohele hore re lule hanyane-hanyane re ntse re kena. Ke boikarabello ba rona, rea tseba hore lichelete tse eang mokotleng oa sechaba, tsona qetellong ka tsela e itseng ho na le tsela eo li e fumanang hore li il’o sebeletsa sechaba, ke taba e kholo taba eno.
Taba ea bobeli, ‘M’e, ha re bua ka taba eno e ntse e ka ba bohlokoa eona kannete hore re amohele, ke ee ke utloe hore na ho ne ho na le pina e ‘ngoe mona eo ho neng ho thoe sechaba sena ha se lekane ka matla, ba bang ba re le tsona litsotsi ha li lekane ka matla; ho na le bo-mankutu le bo mang-mang [Litšeho]. Joale le rona kannete ha re le mosebetsing mona rea fapana. Re ka nka mohlala feela ea Manpower (NMDS) hona joale. Kea tseba ke taba eo esale kannete ho tloha ha re ntse re tla re ntse re bua hore taba ena ea Manpower (NMDS) eo bana ba sechaba sena ba patalloang ho motho e mong le e mong ea ka khonang, le re ke keng a khona. Kea tseba Ntate Tona Kholo mona o ne a ee a etse mohlala ka Machabeng High School hore u tla fuamana bana ba isoa ka Machabeng, ba bang ba lefelloa ke batsoali le chelete e fetang e lefshoang ka mane ka University of Lesotho (Roma). Empa neng-neng eena motsoali eno ea nang le matla ano e be o se a re eena ha a sa batla ho isa ngoana kae-kae o se a batla litaba tsa Manpower, e leng hore litaba tseno kannete tsa hore culture eona ea hore batho re qale re amoheleng boikarabello litabeng tse ling.


Bothata bo thatafatsang litaba tsena ka linako tse ling, ‘M’e Motsamaisi, ke hore ke hopola le eona….kannete o tla ntšoarela Ntate Tona-Kholo ha ke ntse ke supa haufi le ‘na mona hore ka linako tse ling, ha ke sa tseba na e ne e le ha ho buua kang joale re le matona re ntse re bua ka li-benefit mono hore feela taba ena e na le hore e re tsietse joale ha ebile e le rona ba tlamehang ho sheba litaba tsa rona. Kea tseba e ne e le ka nako e ‘ngoe ha a ne a etsa suggest hore ekare ho ka ba le komisi e hlahlobang li-benefit tsa rona e le hore e se ke ea ba rona ka kotloloho ba tla ema mono ba re, mona re batla bokana, mona ha re batle bokana. E na le hore kannete e re behe bothateng taba eno, hore na ebe ha e ne e le motho e mong ea shebileng taba eno e se rona ba ipuella, ebe taba eo o ne a ka e sheba ka leihlo le joalo na.
‘Na ke ne ke mpa ke re ka ‘nete eohle teng taba eno eona e tla tlameha hore e amohelehe hore haeba ke na le ‘m’e ea sebetsang mane lapeng hona joale, ea ntlhoekisetsang lelapa, ke boemong bona boo ke leng ho bona, e be ke tla re ka ‘nete ehlile ke tiile kea hlapanya ke re le ‘na ‘nete re tlameha re tšoane le eena.
Ke taba eo re ntseng re tlameha hore litaba tseno re li shebang, ha rea pele. Re li tšoareng hantle hore teng re tlameha ho amohela. Re na le sechaba se se ngata, re na le mafapha a mangata a kang a bophelo, litšebeletso tse ngata tseo re tlamehang ho bona hore tsona sechaba se ea khahlametsoa. Re na le karolo e ‘ngoe ea sechaba hape le eona eo joang kapa joang re tlamehang hore re e khahlametse empa ho na le kae moo re tlamehang hore re culture ea hore teng re amohele hore re nke boikarabello ba hore litšebeletso, bonyane ha re bua ka taba ebe re bua ka litjeo hore na hana…ha re etse mohlala hona tjena feela ha re etse litaba tsena tsa bo temo-‘moho mona. Ho ntse ho uoa ka lihalefothe, ‘Muso o ntse o kenya chelete feela ‘Muso o ntse o re, “ha re shebe hore na litjeo tseo ‘Muso o li kentseng na o khutle-khutleloa ke bokae re arole re etse seahlolo.”


Ka mokhoa o tšoanang le litšebeletso tsohle, culture eno eona e tlameha hore e amohelehe hore bonyane litjeo re bone hore na ‘Muso o atametsa ho khutlisa litjeo hakae. Empa leha ho le joalo le ‘na kannete ke tšoana le ba bang, kea thoholetsa ka Report ena e ntle ena, e ne empa e le kannete mohatlana ono feela oo ke reng re na le boikarabello haholo re le Ntlo ena, re le batho ba baholo hore re ananele. Re ntse re tlameha hore ha rea pele tse ling tsa lintho re tlil’o li hlahloba, mohlala ona oa sekolo feela o moholo hore na u ka sheba hore na ekaba bana ba bakae ba mafutsana ba ka khahlemetsoang haeba ho na le threshold e behiloeng hore batho ba kholang bokaana ha ba ke ba ichebe hore na ba ke keng ba thusoa. Ekaba ea tse ling tsa lintho tseo re li etsang e le thuto ea bana ba Basotho, e le lintho tse ngata tseo re li etsang ka liphallelo hobane batho ba bang libakeng tsa bona bona ba ile ba etsa sacrifice likhafa tsa bona. Taba eno ke taba ea pele e kholo.

Kea kholoa e ‘ngoe ea lintho tseo e eeng ebe…e tlilo tla re thusa hore lenane la bana ba bafutsana le nyolohe le ka tsebang hore le… HON. L. MOLISE-MABUSELA: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Potso ea ka ho Mohlomphehi Moetapele oa Ntlo ke hore na ebe tabeng ena eo a buang ka eona e bohlokoa haholo kanete, ea ho lekola ka nepo hore na ebe ke bana ba feng bao mohlomong Muso o ka ba thusang ho ba lefella mane ho li-tertiary institution, na sebakeng sa ho lekola hore na ho ka lefelloa bafeng, ho se lefelloe bafeng ba nang le bokhoni, ebe ene ese nako e nepahetseng ea horeMuso o qalelle ho lekola taba ela e hlahang ka hare ho Molao oa Motheo ea horeMuso o sebeletse moo thuto e kekeng ea hlotse e sa lefelloa hohang na?

HON. M. METSING: Ka nete ke thoholetsa taba eno, Mohlomphehi, eo u e bolelang. Ehlile ke hona moo re tlamehang hore re ee teng. Mohlala o moholo oa taba eno, engoe ea litaba tse kholo tse tlang hore li re fihlise moo ke hore Muso ebe o tseba ho etsa mobilise the domestic revenue. Without that revenue ha se taba e tlang ho iketsahalla. E tlameha hore e sebeletsoe, e tla loma ho rona re le sechaba, e tlameha hore e lome ka mokotleng oa sechaba. Maoa ke ona ano a hore na joale re holisa mokotla oa sechaba joang hore litlhoko tseo re tle re tsebe hore re li fihlele. Ke lumellana le uena, Mohlomphehi, mono. Ke mona moo ke reng na pele re fihla mono ha re sa ntse re na le mokotla ona, kea kholoa o hopola taba eane ea rona ea Vision 2020, ha u ka hopola li-scenario tsa Vision 2020 ho ne ho thoe ho na le engoe ea tsona mono eo ho thoeng ke ea “ Khomo ha li kae batho re bangata” Taba ke hore na hona joale scenario eo re leng ho eona na in the implementation of Vision 2020 na re ho ea Melupe moo lintho ka nete li lokileng. Ka mabaka ana ke ne ke re ke lumellana le uena feela taba eo ha re na ho e etsa ka liphallelo. Hore batho ba bang bona ha bo bona ba ikhafise feela rona mona re re, re ke ke ra ikhafisa ke batho ba bang ba tlang ho re fa liphallelo tse tlang ho etsa hore rona re fihle mono. Kanete ke lumellana le uena, u opile khomo lenaka. Ke taba e kholo eno. Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ka nete lena kea thoholetsa, kea leboha.

HON. S. QOO: Ke kopa potso pele ntate a lula.
RT. HON. MADAM SPEAKER: Potso ka Setho se Khabane sa Malingoaneng.
HON. S. QOO: Ka uena, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke kopa ho botsa Moetapele oa Ntlo hore na, o bontsitse hore re batho ba boikarabello ka mona, kea lumela, Mohlomphehi Motsamaisi oa Ntlo. Joale ke re na Mohlomphehi Moetapele oa Ntlo ha re le batho ba boikarabella e be batho ba bang ba ituletse feela ha ba tle Paramenteng, feela khoeli e ngoe le engoe chelete e ntse e kena e sa khaoloe, ebe taba eo ntate eona o re ekaba ke mohlala o joang ho sechaba ka lichelete tsa sona? Methati eo re neng re tsoanela hore e be re e nkile re le Paramente ekaba ke efeng khahlanong le batho baa ba ituletseng feela?

HON. M. METSING: Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, kea leboha. Ke rata potso ena e ntle eo Setho se Khabane se e botsang. Kea kholoa Setho se Khabane mona Ntate Rakuoane ha a ne a le kapele ho Komisi ea Phumaphe , o ile a hopotsa Sechaba sena sa Basotho ka hore na hana molao o reng tabeng eno, e le Molao oa Motheo oa (second Amendment to the Constitution Act, 1997) ha batho ba ntse ba sa tle Paramenteng. Ka nete kea tšepa hore nako eno e baloang ke Molao oa Motheo eona ha e ka ea feta, teng ha rea tlameha hore taba eno re e chechele ho hang. Batho ba tlameha hore ba khalemeloe, re tsebe hore molao ona re le Litho tsa Ntlo ena le Mosotho e mong le e mong o tlameha hore a ikobele molao. Taba ea bobeli eo ke ratang hore re hopotsaneng ka eona moo, ke hore ho thoe molao oo ha o tla etsoa e ne e le nakong eane eo kanete ho neng ho ena le mathata ka hare ho naha. Ha ke tsebe hore na o kae Ntate Monyane Moleleki ha a tla ba ka morao ho sehlahla le bo Ntate Mpho Malie le bo-Ntate Kelebone Maope. Joale ho thoe ka nako eo, molao o ne o thotse tuu! Eaba joale Paramente ea ka nako eno… me o tle o bona hore ea ka nako eno e ne e bile e le ma-congress feela. Eleng hore taba eno e ne e sena moea o mobe ka tsela efeng kapa efeng ha ho tla etsoa molao ona oo re buang ka hore na Constitution e reng. Joale eaba ba re joale bana le ba bang ba tsoileng, feela bona ba ne ba ntse ba tlameha hore ebe ba ka mane ka Ntlong ea Sechaba, ho ee ho etsoe joang. Ke ha ho tla nahanoa molao ono. Eleng hore le kajeno re ntse re boetse le rona haele mona re thulana le mathata a kang ana ao re tlamehang hore re ipotse hore na re bona eka molao oo o lekane na kapa re tlameha hore re etse o mong. Ntate Tona-Kholo o ne a nthomelletse mane Namibia maoba. Ha re le moo ke engoe ea litaba tseo ke ileng ka li arolelana le lihlooho tsa linaha le mebuso Ke ne ke bolella Ntate Zuma ke re ho “ Ntate Zuma, batho ke bana ba lula ka mona mose ho noka, hoseng koloi e ea tšela e tlilo tla noesoa mafura mona feela ho ntse ho thetsoa lefatše mona ho thoe batho ba balehile. Haeba batho baa re ne re ba batla, re ka hloloa keng ho ba lata moo Ficksburg? Ha senete taba eno ea hore Muso o na le moea o mobe ka Baetapele ba Bohanyetsi kahare ho naha ena, ho senngoaMuso lebitso hobane ba ka be ba se moo ha ho ne ho le joalo. Muso o ka be o se o hanne ho tsoelapele ho nka boikarabello bono ba hore e be Mohlomphehi Tona-Kholo ea mehleng o ntse a fumana melemo ena eo a ntseng a e fumana. Feela ho tlatsoang mona ke horeMuso ona o khopo, o tjena feela ho se nete tabeng eno. Ke be ke qetelle ke re, “Ntate, ha ke tsebe hore na o mo nkile e le eng ka mono, aa ke motšabeli kapa e se motšabeli na?” Kanete eena (Zuma) a itšehela feela joaloka ha Me Mamphono a tšeha tjena. Ba ile ba mpotsa bamakaletse mono hore na re tiile. Ha ke sa tseba hore na kapa ke Namibia moo ho thoeng teng ha Speaker se sa tsebe motho o kae, a sa lumelloa ke sa re teng ke 10 days, ke hore teng e khutšoanyane hoo, hore ka nete motho ha a ntse a ithepetlisa a sa ee mosebetsing likhato lia nkoa khahlanong le eena. Ka mabaka ana ke re, o botsitse taba e kholo ea bohlokoa. Kenete re leka ho batla khotso, ho batlela naha ena khotso. Litaba tsena li re etsisa tsona litaba tsena hobane re re, re batlela naha khotso. Empa re re ka nete baetapele le sechaba sa habo rona ho ja ra ikutloelang bohloko re le naha. Ho ea fosahala, Ntate, hore ebe lichelete tsa sechaba tsona batho ba sa tla mosebetsing e be ba ntse ba li fumana. Ke re kanete taba eno eona e ntse e hlokahala joaloka ha…
HON. P. B. MOSISILI (Prime Minister): No work, no pay.

HON. M. METSING: Ntate Tona-Kholo mona u nkhopotsa taba ea “No work, no Pay” ka moea o motle. Ke re na ba ile bamakalla ka mono ba re ha habo bona there is a limit. Ba re makalletse rona mona.
Le ha ho le joalo re ntse re re, re leka ho batla eona khotso eno. Empa le ha ho le joalo ka nete moeli ona…me Paramente e na le eona ena le matla a hore e ka… joaloka ha ke re mono ka 1997 e ne e le batho ba lekhotla le le leng feela ba na ba re leha e le mona re le batho ba lekhotla le le leng teng rea ananela hore e mong oa rona a se a tsoile nako e tlolang moeli, taba eno ea ba hopotsa hore ba ke ba hlahlobe molao. Eleng hore molao ono o ne o sa tsoe e le hobane o reretsoe ho utloisa mang kapa mang bohloko. E ne e le feela taba eona ena ea hore ntho eno e ne e sa shebahale hantle. Haeba e ne e sa shebahale hantle ka nako eno e ne e sa amohelehe ka nako eno le kajeno e ntse e sa amohelehe. E tla tlameha hore e hlahlojoe, Ntate[Liate]. Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano. Question put and agreed to Ressolved That this Honourable House resolved to adopt the report of the Portfolio Committee on the Law and Public Safety Cluster on the Lesotho Passports and Travel Documents (fees) Regulations, 2015. RT. HON. MADAM SPEAKER: Litho tse Khabane, re fetisitse boholo ba mosebetsi oaMuso o neng o tekiloe. Taba ena e ne e hlekela hore likomiti joale li tsebe ho sebetsa Litšoantšo tsa Molao tse tekiloeng kapele ho Ntlo.
This brings us to the end of today`s business and the House is adjourned until tomorrow afternoon at 2:30pm.

ADJOURNMENT
There being no further business upon the Order Paper, Rt. Honourable Madam Speaker adjourned the House without question put Pursuant to Standing Order No. 16 (2).
House accordingly adjourned at 3:05pm