Hansard 20th April, 2007

KINGDOM OF LESOTHO

SEVENTH PARLIAMENT

NATIONAL ASSEMBLY

DAILY HANSARD

(Official Report)

“FIRST MEETING

FIRST SESSION

Friday,

20th April, 2007

(unrevised)

NATIONA ASSEMBLY CHAMBER

Friday, 20th April, 2007

The House assembled at 9.00 a. m.

(HON. DEPUTY SPEAKER in the Chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! The House will resolve its self into committee of supply on the estimates.

PRECEEDING ON SUBSTANTIVE MOTION AND BILLS

COMMITTEE OF SUPPLY

(In the Committee)

ANNUAL ESTIMATES 2007/08

HEAD 014    FORESTRY & LAND RECLAMATION 3HRS

HON. R. L. MOKOSE (Minister of Forestry & Land Reclamation): Kea leboha, Mohlomphehi Mulula Setulo oa knoniti. Ke ema mona ka boikokobetso le bohlanka, Ntate, lebitsong la Lekala la heso la Forestry & Land Reclamation. Ke etsa kopo ea chelete e M41,419,830. Chelete ena Ntate, ke e hopoletsoeng ho abeloa mafapha a mahlano a bopang Lekala lena la Meru le Ntlafatso ea Mobu.

Mafapha ana ke a latelang:-

 Lefapha la Botsamaisi

 Lefapha la Meru

 Lefapha la Paballo ea Mobu le Metsi

 Lefapha la Paballo ea Makhulo

 Lefapha la Litereke

Cheleteng ena e koptjoang e kopeloa hore Lekala le tsebe ho phethahatsa merero ea lona ho latela thomo eo re e filoeng. Ke rata hore nke ke lokolise pele ka Lefapha lena la Tsamaiso leo ke reng ke bona e le pelo ea Lekala la heso. Hona joale tjena Mohlomphehi Molula Setulo, re Paramenteng ea Bosupa. Haufinyane ka 15-03-2007 re qeta ho balloa puo e tsoang Teroneng ka Motlotlehi Litsie III. Puo ena e ne e bontëa hore meralo ea puso le ntlafatso ea ‘Muso ona ke e feng. Joale ka Lekaleng la heso tse bang li hlaha moo, lihloka hore joale li il’o sebetsoa ke Lekala li amoheloa ke lona Lefapha lena la Tsamaiso. Joale ba shebe hore na tse re amang ke li feng, ebe ba etsa meralo (a programme of action) ebang ke ea selemo le selemo, ke ea lilemo tse peli kapa ke ea lilemo tse hlano. Feela e be e le e tataisoang ke litoro tse hlahang moo puong e tsoang Teroneng.

Ke Lefapha lena la Tsamaiso le thusang hore le nke karolo khirong ea basebetsi ba Lekala ka hore ha batho ba entse likopo, eba joale ba tla shejoa hore na likopo tsa bona li nyalana joang le litlhoko tseo re nang le tsona, ebe joale ba etsa ntho e bitsoang short list, e tla leba Public Service Commission. E le hore le etsa bo ‘nete ba hore batho ba hiroang ke ba nang le litsebo tse hlokoang ka hare ho Lekala leo.

Ha ba se ba le teng basebetsi, ba hloka ho ntlafatsoa le ho chorisoa ke bona botsamaisi ka lithupelo joale tse tla netefatsa hore bohle ba kenang Lekaleng ba tseba leano le hore na ba tataisoe hore na le phethahatsoe joang. Lekalang na le tsamaisang lichelete tse abiloeng ke Paramente ena tse etsang theko ea litlhoko tsohle tsa Lekala le ho tataisa phethahatsong ea leano la ‘Muso. Ke ka lebaka leo re hlokang chelete eo re e kopileng hore e tle e ee ka Lekaleng leo ho ea phetha mesebetsi eo.

Ke kena joale Lefapheng la Meru. Ke kopa u mphe setëoantso seo sa lifate tse ntle tseo. Lifate tsena ke setëoantso sa moru o fumanehang Phomolong mola Lebatooeng la Koro Koro. Ke mona moo ho nang le moru o motle moo re qalileng teng ka mochini ola oa hore ke o kope o eo betla mapolanka. Ke mochini re fumanang hore ehlile oa fokola, ho hlokahala hore ho be le mochini o mong ha nako e ntse e ea. Mochini ono o setletse mono. Re lakatsa hore re il’o ntëetsa pele tëebetso eo ea hore re tle re betle mapolanka sebakeng seo. Joale ke Lefapha la Moru, ke ka hona ke o beileng mona ho bontëa hore na moo batho ba hlokomelang meru ea bona ba sa o senyeng na o tla ba tsoela molemo joang.

Ka lefapha lena la Meru, Mohlomphehi Molula Setulo, sepheo sa rona sa pele ke hore selemo le selemo re leme lifate tse seng ka tlase ho 1.5 million. Hona ha ho bolele hore ha re qala re tloha re se re ea ho 1.5 million. Ke ee ke re re leka hore re ee ka holimonyana, e tle e re haeba re theoha re etse ntho ela ea hore we aim at the sky, fall on top ofthe trees.

Joale ke rata ho qala ka ho bontöa hore na chelete eo ke neng ke e kopile selemong se fetileng ka hore re ilo lema lifate tse seng ka tlase ho 1.5 million na re sebelitse joang. Re tsibile ho lema lifate tse one million and forty eight, seven hundred and twenty six. (1,048.726). Ke bona eka our percentage performance ke 70%. Lebaka le teng le re sitisitseng hore re fihlele moralo oa rona oa 1.5 million kapa ka holimo. Lebaka leo le tsejoa ke bohle. Ha re tsebe hore na ha lechaba Lesotho mona, ka la 13/10/2006 ha ho theoa kobo tata letsatsi le ile la chaba ho re tlisetsa komello e kae, feela le re tliselitse bothata boo.

Joale mona ke bontäa hore na selemong sena ka lipula tseo re ntseng re li fuoa, morero oa rona ke hore re il’o sebetsa joang. Re na le litereke tse leshome ke tseo. Re lakatsa hore re ke re leke ho lema lifate tse one million, nine haundred and seventy thousand, three hundred (1 ,970 000 300). Re li lema ka tsela e latelang:-

 Berea130 000
 Maseru420 000
 Butha Buthe150 000
 Mokhotlong120 000
 Thaba Tseka220 000
 Mafeteng130 000
 Quthing140 000
 Qacha’ sNek150 000
 Mohales; Hoek120 000

Joale mosebetsi oa rona hantle ntle ka Lekala leo ke hore ha re ntse re etsa mosebetsi ona oa temo ea lifate, re be re bona hore re hlahisetsa Basotho le mekhoa ea boiphiliso. Ka lebaka leo re koetsisitse batho ka mabatooa ka ho fapana le litereke ka ho fapana, ba nang le thahasello ea hore ba rupelloe ho itlhaisetsa sethopo sa lifate. Batho bao ha ba se rupetsoe, eba ke kopa Paramente joale ka ha ke e kopa tjena, hore e fane ka chelete e tła etsa hore re iľo reka lifate hona bathong bao. Joale cheleteng eo re e kopang re itse re kopa hore re tle re reke ho lihoai lifate tse 14, 000 000 ka (Ml .20c) sefate ka seng. Joale re tle re hlahise e le ho tlatsetsa, re hlahise lifate tse tła hlahisoa ho tree nusery. Takatso ea rona ke hore ka moso re se ke be ra hlaisa letho, lifate re li fumane ho lihoai mona e le mokhoa oa ho fumantša batho mosebetsi. Ke tła tataisoa ke mpho eo ebang ke tła e fuoa ke Ntlo ena e Khabane hore re ił ‘o phetha mosebetsi oo. [liatla]

Moralong oa bobeli, re ne re itse re se re se ke ra lema lifate tsa meru feela, re leme le tsa litholoang. Lifate tsa litholoang ke mokhoa o mong oa boipheliso hobane u ka lema lifate oa li rekisa. U ka lema lifate oa etsa mangangajane a tła etsa hore le ha litholoana li se li felile, ebe u ntse u rekisa mangangajane ana. Mabenkele a kang bo Shoprite ehlile a thahasella mangangajane a mofuta ona. Joale re ne re iketselitse sepheo sa hore re lakatsa hore re ee sechabeng mane re thusana le Makhotla a Puso ea Libaka. Re iľo khothaletsa sechaba hore se reke lifate tsa litholoana. Mona re tataisoa ke thahasello eo re tlabe re e kentseng ka hare ho sechaba. Feela re ne re ikemiselitse hore re atlehe hore re khothaletse hore ho lengoe lifate tsa litholoana tse 20,000 ‘me ruri re tlabe re e ntse mosebetsi.

Morało oa rona e ne e le hore re iľo sebeletsa hore libaka ka ho fapana tsena tsa Makhotla a Puso ea Libaka li leme lifate tse 20,000. 00. Ruri re tła be re entse mosebetsi. Ke motłotlo mona ho bontša hore re lemme lifate tse feta fetang twenty thousand (20,000. 00) e leng twenty one thousand seven hundred ninghty two (21, 792. 00). Percentage performance ke 109.

Ha ke mpe ke bontše mona hore lifate tsena ho rona li bohlokoa. Re qala pele ka ho rupela lihoai ho itlhaisetsa lifate tsa meru tseo re li rekang ho bona. Joale re ba rupele ho hlahisa lifate tsa litholoana le ho li nyalisa e be re khothaletsa sechaba e bile re ba joetsa hore li fumaneha bathong ba itseng. Ka ho etsa joalo, sefate se le seng sa perekisi ke twelve maluti (Ml 2.00), sa apole kefifteen or sixteen maluti (M 15.00/16.00). Joale u ea utloa hore ha e le tse lekholo feela ke ntho e ngata hakae. Ebile re rupetse batho metseng koana hore ba iketsetse lifate tsena tse ratoang haholo, tse bitsoang mop tree, tseo ke utloileng e ka sefate se le seng se se ntse se rekisoa two hundred maluti (M200.00). Ba ea lihlaisa batho ‘me li ba fa mokhoa oa mosebetsi.

Joale ke re litholoaneng re tsibile ho etsa mosebetsi 00. Kea leboha, Mohlomphehi.

Selemong sena joale sa 2007/08, re etsa kopo ea hore re re moralo oa rona ke hore re il’o khothaletsa hore ho lengoe lifate tse twenty three thousand three hundred (23,300). Motho u ka botsa hore na ha e le mona lifate li il’o rekoa ke sechaba mane, joale moo ena re re re kopa chelete ea ho etsa joang. Bona batho bana ba sebetsang re ba kopela chelete tlasa Personal Emoluments ea hore ba tsebe ho sebetsa. Batho bana ka lithupelo tseo re ba etsatsang tsona, transport e tla etsa hore ba tsamee ba ee libakeng tseno, ke lintho tseo kaofela li tla re thusa hore re libaka ka ho fapana tsa Lesotho hore ho il’o etsoa mosebetsi 00.

Re itse ho baokameli ba litereke ba bone hore ho lengoa lifate ka lipalo palo tse latelang:-

District nameAmount of trees
Butha Buthe1500
Leribe5000
Berea2000
Maseru2000
Mafeten6,200
Mohales ‘Hoek3000
Quthin700
Qachas’ nek5000
Thaba Tseka4000
Mokhotlong 

Ke batla hore ho hlake hore ha re re uena o etse tjena, re re uena ea okametseng, re fe sekepele sa hore na ha u sheba litlhoko tsa hau, joale u arola chelete ea hau, u bona e ka u ka isa bokae e tla re thusa hore re etse mosebetsi ona. Joale ba re file lipalo tsena, ke ka lebaka leo re tsebileng hore re re re tla tseba ho khothaletsa temo ea lifate tsa litholoana tse twenty three thousand three hundred (23, 300 00).

Ho na le mokhoa o mong o bonolo haholo oa ho lema lifate. Sefate Lesotho mona se lengoa ha bonolo haholo. Le ka lipete pete tsena tsa litholoana u ka jala mono ea ba u tseba hore u etse lifate. Mona re ile ra etsa teko hore ka mangopeng ana ao re sebetsanang le oona a bitsoang likhakeletsi, re ke re bokelle…

HON. CHAIRPERSON. Order! A ke le feng Honourable Minister metsi, e seng a ntseng a tla a nkuoe ka ntho e open mono, le tla tla le e töetseng? U se ke be oa a noa, Honourable Minister.

HON. R. L. MOKOSE: Ke busoa ke Setulo. Selemong sena se fetileng re ile ra nka likhakeletsi tse ling tsa rona mankoreteng masimong a neng a se a sinyehile. Ea ba re bokella litholoana tsena tsa lipete-pete. Eaba rea li lema makoroteng mona. Joale ha re sheba re fumana hore ha rea atleha hore li hlahe kaofela tseno tse one hundred and fifty four thousand (154, 000). Tseo re tsebileng ho libala ke tse sixty three thousand (62, 000) feela. Empa hona ha ho bolele hore tsena tse ling ha li na ho hlaha, li ntse li le teng ka mobung ka mono, re lumela hore ha mongobo o le teng li tla ‘ne li hlahe.

Takatso ea rona, Litho tse Khabane, ke hore ha ho lumeleha re tsoe re ee sechabeng koana, re töoarane ka matsoho le li-community council, joale ebe re sheba masimo mohlomong re re Phuthi ke ena ke masimo, ke kou mona, ebe re re ha re ke re thusaneng re lemeng litholoana tsena mohlomong tsena tsa chele. Re li lemeng makoroteng joale e tle e re ha li se li hlahile li hola, re tl’o li nyalisa, re boneng hore na re ke ke ra etsa hore litholoana Lesotho mona e be bongata boo le molisana le ha a ka ja a ke keng a qeta.

Ntho e ileng ea re qholotsa mona, Litho tse Khabane, ke hobane selemo se fetileng re ile ra chakela sebaka se seng seo ho thoeng ke Quthing Ha Mashapha mane. Moo re ileng ra bona ntho e ntle ka mokhoa o hlolla, ra bona lifate tse lengoeng makoroteng li le ngata. Joale ra bona batho ba nkang monyetla oa botle boo ba etsa le mangangajane. Ke moathamela tjena, ka mahaheng ka mona ho tletse managangajane, ba bile ba entse lithapo le ntho tse ntle ka oona mangangajane ao. Joale le balisana bana re bolelloa hore le bona ba iketsetsa mangangajane mane ba tseba ho rekisa. Ke hore ke ho khoahlapisa hoane hoo re neng re ho etsa mehleng ea khale.

Ke ka lebaka leo re ileng ra re ha re ile ra sala morao Mokhethoa oa Mount

Moorosi, a re isa mane, joale re bontöe thuto eo a re fileng eona ka hore re tlo e ntöetsa pele e jalajalane le Lesotho lena.

Selemong se fetileng ka Paramenteng ena re ile ra bontöa hore re na le meru e four hundred and eighty five (485), ra re takatso ea rona ke hore meru ena joale e fetisetsoe sechabeng ha e le mona puso ea libaka e le teng. Ruri ke soaba ho bontöa hore ha ho na le moru le o mong oo re tsebileng ho o fetisetsa sechabeng. Lebaka le teng, ke hore ha re se re kena ka hare ho meru ena re fumane hore töenyo e ngata haholo. Ra fumana hore meru e meng e kang bo Melumong mono, ho töoarao mephato mono, ‘me ebe patsi e sebelisoang mono e ngata ka tsela e makatsang. Ke mpa ke etsa mohlala feela. Ra bona ho hlokahala, Litho tse Khabane, hore re tle re fetole leoa ka hore re qale pele ka hore re tle re nke meru e twenty(20) feela.

Ha e le mona re re il’o lema lifate, re li lema le sechaba ka bo mong le ka bo ikopanyo, moo meru e leng teng, re il’o thusa hore re tsose meru ena ka hore re leme lifate ka mono. Ra sheba capacity ea rona e re lumella feela hore re ka tseba ho lema meru e twenty (20). Ke ka lebaka leo re itseng re tla fetisa meru e ‘meli setereke ka setereke. Töepiso ea rona ke hore selemo se tlang re tlabe re le joetsa hore meru ke ena e twenty (20) eo ka tukiso ena re ileng ra a tseba ho e fetisetsa ho li-district council.

Ke ntse ke le Lefapheng lane la Meru, sepheo sa rona ke hore re le ke ho bua le ho kokota lipelong tsa Litho tse Khabane hore ba mpe ba abele Lekala lena chelete e il’o sebetsa ka merung ka moo. Re leka ho etsa motivate, justify hore na hobaneng re batla chelete e il’o sebetsa ka moo. Joale re re lifate tsena bohlokoa ba teng ebile ho na le tlhaiso ea mesebetsi e ka etsoang ke libehoang tsa lifate, ke lifate. Tlhahiso e kang leruo la linotsi. Selemong se fetileng re ne re bontöitse hore na boemo ba tlhahiso selemong sa 2006/2007 bo joang setereke ka setereke. Ra bontöa hore seterekeng sa Butha Butha, re na le lihoai tse twentyfive (25) ba nang le mabokose a thirty one (31), Liribe lihoai tse seventy nine (79) ka mabokose a eighty three

HON. T. PHEKO (Mohale’s Hoek): Mohlomphehi Molula Setulo, ka uena, Ntate, ke kopa ho botsa Letona le Khabane le ntseng le bua hantle hore na tabeng ena ea meru ea ntseng a bua ka eona, hantle e soka e fetela sechabeng, hona joale meru ee e tlasa paballo ea mang, ke mang ea ikarabellang tabeng tsena tsa meru? Pokeletso ea Lichelete eo meru eo e entseng e etsa e ea kae e le hore re tle re tsebe ho hlakeloa?

HON. R. L. ‘MOKOSE: Ena e tias’a taolo ea Lekala la Meru le Ntlafatso ea Mobu, ‘me e le tlasa taolo ea bona, e M400 plus, töebelisong ea teng, ke hore ha ho kotutsoe ebe joale Lekhotla la Puso ea Libaka moo, le tla fumantöoa 20% ea chelete eo, ha e ‘ngoe e khutlela mane moo e il’o etsa ntho e bitsoang Forestry Fund, Forestry Fund ke mona moo re tsebang hore joale re tle re eketse taba tsa lifate le ho reka hape haeba re batla keketso ea lifate lihoaing mono. Seo re reng se tle se etsahale ke hore sena seo re tla fana ka sona re ipapisitse le boteng ba Puso ea Libaka, joale ka hanyane ka ha nyane li ee mane moo re tla re setereke libaka ke tseo. Joale setereke sona se se tla bona hore na moru ona o oela ho Community Council e feng. E le hore joale h’a rona e tla ba ho ba thusa ka temo feela ho ntlafatsa litaba tseno.

HON. CHAIRPERSON: Potso ka Honourable Maphalla.

HON. S. P. MAPHALLA (PR): Ntate Molula Setulo, ke ne ke kopa ho botsa Letona le Khabane le buang hantle hore na ke beng ba meru e le Lekala joang, ka molao na ba töoere li title deed e le Lekala?

Potso ea bobeli, na ha a bone e ka taba ea töenyo ena eo a buang ka bofokoli ba molao oa (Forestry Act) o kileng oa fetisoa ke eona Ntlo eona ena haeba re sa hopotsana ka oona na ha a bone ho hlokahala hore molao 00 beuoe liketsong le hore töenyo e ngata ngata ee e se ke ea ba teng haeba ke molao o ntseng o sebetsa na?

HON. R. L. ‘MOKOSE: Ke rata ha Otla taba ea molao 00 hobane ke oona molao oo o behang taolo ea lifate, ea meru ena, tlas’a Lekala leno. Ke lumella le uena haholo ka hobane oona Molao Ono, Forestry Act ea 1998 0 entsoe re bile re e-so be le Makhotla a Puso ea Libaka. Nako e fihlile joale ea hore re o nyakurele bocha joale re shebe hore na re o matlafatsa joang hore o kheme le linako. Ha ke tsoela pele..

SETHO SE KHABANE: Potso!

HON. CHAIRPERSON: Ke ebe ke tla e hanela joale ha e le tjena. A le mong joale o qholotsa ba bangata e se e fetoha question and answers

session. Botsa, Honourable Malebo, ba baholo ke bona bao ke ba omanyang ba tle ba tsebe ho ruta makejakejane hore na a re re tsamae joang.

HON. V. M. MALEBO: Kea kholoa ke botsa tjena ke Ieka hore, Ntate, ke tle ke tsebe ho latela Letona hantle. Litaba tseo a li buang kea li utloa ke li utloa hantle. Joale feela e ka ‘na eaba ke se ke potlakile le ‘na, Ntate. Haeba ke potlakile u tlo mpolelle. Ke ntse ke Ieka ho sheba hore na litaba tsena tseo u ntseng u li bua ke li Iekanya le eng ha ke ntse ke sheba buka ena ea Likhakanyo ka mona. Haeba ke se ke potlakile u tle u mpolelle empa haeba ha kea potlaka u tlo nkarabele hore na ha u ntse u bua tjena ke shebile lipalo tsena mona bukeng, u Ieka hore re tle shebe lipalo lifeng tseo re tla li utloisisa ‘me re tle re tsebe ho u fa chelete?

HON. CHAIRPERSON. Ehlile oa bolela, Letona le Khabane, u ile oa bolela li-programme feela oa se ke oa bolela total amount ea programme. Ke re Setho se Khabane sea bolela u ile oa bolela li-programme tseo u likopelang chelete ena but you did not specifr their exact amount requested per programme.

HON.R. N. ‘MOKOSE: Ke hopola e ka ke ila ka etsa joaio. Li ne li bile li ngotsoe, nka ‘na ka khutlela morao.

HON. CHAIRPERSON: Tsoela pele ha eba, u entse joaio Honourable Minister.

HON. R. N. ‘MOKOSE: Ke tseno set50antëong seo re se shebileng, Ntate Molula Setulo.

HON. CHAIRPERSON: Ke tseo hee! Honourable Malebo.

HON. R. L. ‘MOKOSE: Kea kholoa ke ne ke ile ka bontëa hape hore, e ne e le mane moo re buang ka taba ea litholoana tseo re reng re il’o khothaletsa ho reka litholoana. Joale ke hore mohlomong ho ka ba boima ho utloisisa hore na joale ha re khothaletsa litholoana Basotho bona ba ilo reka lifate tsena, na chelete re e kopa hobaneng. Joale re re ena motho enoa ea tla ea mola a il’o kopana le sechaba ho bua ka botsebi ba hae o hloka ho lefshoa. Joale tlasa Personal Emalements o tlameha hore a lefshoe mona. Ena motho eo ea tla ea koana mohlomong Mokhotlong a eo lula matsatsi a mabeli a ntse a etsa mosebetsi ono o hloka hore mono a be le moo a lulang teng. Bolulo bono ba hae ke Subsistence Local. O hloka hore a etse mosebetsi 00, ke mpa ke etsa mohlala, transport eo a e sebelisang ke chelete e hlokang hore e töeloe tlas’a Travel and Transport. Ke nyalano e joalo ea tsona litaba tsena Mohlomphehi.

Ke ne ke le moo ke bontöitseng hore leruong lena la linotöi boemo e ne e le bo feng selemong sefetileng, kea kholoa ke ne ke feletse mane moo ke reng

 Berea re ne le lihoai tse 48 ka mabokose a 77,

 Maseru 64 ka mabokose a 100,

 Mafeteng 33 ka mabokose 77,

+3 Mohale ‘s Hoek 2 ka mabokose a 6,

 Quthing ha re na letho, Qacha ‘s Nek ha re na letho  Thaba-Tseka re ne re se na letho, le  Mokhotlong ho se na letho.

Seo re se etsang ke hore re ile ra tsoa ra töoara lithupelo. Re töoara lithupelo haholo likhakeletsing moo batho ba rona ba sebetsang, Ra ba khothaletsa hore mona moo ba sebetsang mohlomong ka cheletenyana tseno tseo le li fumanang le ka tseba hore le fumane ka tlatsetso mabokose a linotöi. Re ile ra bona hore mabokose ana a linotöi ao re neng rea reka ho la Afrika Boroa a ka etsoa Lesotho mona, ‘me abile a etsoa ka lepolanka Iona la Lesotho mona. Re ile ra buisana le Lekala la Tlhabollo (Justice) hore re ke re eo rupela matichere a rupellang batöoaruoa ka teronkong hore ba etse mabokose ana. Ba qalile ho etsa mabokose ana ka lifate tse tsoang mane Phomolong. E le hore ke ‘maraka oa pele oa rona moo [liatla]. Joale mabokose a 50 re se re bile re a isitse Mohale ‘s Hoek sebakeng seo ho thoeng ke Mekaling, moo re ntseng re etsa catchment teng, a tla leba teng.

 Leribe mabokose a mabeli a rekiloe,

 Thaba- Tseka lebokose le rekiloe,

 Mokhotlong le teng ho rekiloe lebokose.

E le hore ke hoo nka ka ke reng ke seo re se fihletseng selemong sena sa 2006/2007, holim’a boemo boo ke ileng ka bua ka bona selemong se fetileng. [liatla] Selemong sena re rerile hore…

HON. L. RAKUOANE: Potso!

HON. CHAIRPERSON: Ehlile 0 leferefere.

HON. L. RAKUOANE: Ke lebohil% Ntate Molula Setulo. Ke leboha Letona le Khabane. Hantle morero oa ka oa ho ema ke botsa. Ke hore na feela Letona ka lebaka la hore re ntse re rata ho hetla ka Iibukeng ka mona, re batla hore re utloisise hore na theko ena, hore na ke eane ea meru, hore na ke ea mabokose e Headquarters, e le hore re shebe hore na budget ea Headquarters e khona litaba tsena tseo a buang ka tsonæ e filoe litsi is it spread out throughout the district. Kea kholoa ke eona feela ntho eo re e hlokang hore ha ho tluuoa ho li-programme joale le rona re batla hore re khotsofale re bone hore ho fela ho le joalo, e le hore re tie re tsebe hore chelete ena u se a feela a e falliselitse seterekeng, e tie e re ha re fihla seterekeng re re che rea tseba hore re ile ra fetisa lichelete, ebile it has been locked hore e be seterekeng kapa joale ebe re etsetsa Headquarters lerata haeba it has to passed it over to the district. Ke eona feela thahasello ea rona re le Litho tse Khabane, ‘me kea kholoa li ka rata ho tseba taba eno.

HON. R. L. ‘MOKOSE: Ke kopa re khutlele morao mane moo ke kopang kabo ea lichelete. Litereke li kopeloa chelete ke ‘na ke le Letona le amehang. Joale feela chelete ena ha e tlo sebelisoa ke rona mona Headquarters. Ke lebaka leo re reng ke eo chelete e eang Literekeng koana. Chelete eo ke M23 million eo e bileng e le ka holimo ho chelete e salang mona Headquarters [liatla].

Selemong sena re itse litereke chelete ke ena re le fa eona ke M23 million, joale a ke le re feng hee, hore na mabokoseng mona ho il’o sebetsoa joang ka mor’a lithupelo tse le bileng le tsona. Hoo re ho batlang ke hore re bone hore tsoelo pele e teng ea tlhahiso e thusang ho hlahisetsa batho mesebetsi. Joale bokitlaetso ba rona ke hore;

 Butha-Buthe selemong se tlang re be re bonßa hore mabokose a leshome bonyane re ile ra tseba ho a reka,  Leribe a 10,

 Berea 10,

 Maseru 10,

•9 Mafeteng 103

 Mohales Hoek 10,  Quthing 10,

 Qacha ‘s Nek 10,

• Thaba-Tseka 7 le  Mokhotlong 7.

Ke mpe ke bontöe hore re ile ra qala ka hore re ke re fumaneng mekhoa ea hore chelete ena ea mabokose e se ke ea tsoela kantle ho naha. Re na le sekolo sa Leloaleng, re na le sekolo sa Fokothi ka mona, Leribe mane re na le sekolo sa (T.S.L.) Technical School of Leribe, ha re ke re ba bitseng batho bana re tlo ba bontöang lebokose lena, joale re kope hore e mong le e mong ha a nke lebokose a ke a tlo tla a re bontöa joale hore na a ka etsang. Batho ba ileng ba re khahla ke batäoaruoa bano, [SETHO SE KHABANE: U hira batöoaruoa moo u tsoafang ho lefa?]

HON. R. L. ‘MOKOSE: Re ntse re lakatsa hore e tle re mosebetsi o na ha o etsoa, haeba re o pharalatsa, o be o etsetsa bana ba rona ba likolong ba ntseng ba ithuta carpentry ka moo mesebetsi.

Selemo se fetileng ke ile ka bontöa, Paramente e Khabane, hore ka chelete eo re ileng ra e fuoa re ile ra reka mochine o betlang mapolanka. Re ile ra qeta selemo re potoloha le litereke ka ho fapana ho bontöa machine ona le ho bontöa Basotho hore ha se FA Pine feela e sebetsang le ena ea Lesotho e ka sebetsa ra tseba ho itlhahisetsa. Re tsamaile litereke tsena kaofela re bontöa mohlala, joale ra qala ra ea mane Phomolong moo re ileng ra tseba ho etsa mapolanka a etsang 4 cubic metres. Joale feela bothata ba rona bo ne bo le bong bona e ne le hore mapolanka ana a batla ho omisoa. Joale ha u a omisa ka moea a nka khoeli tse tharo, tse ‘ne pele o ka a sebelisa. Ha e ka re ha u qeta ho a betla mono oa a isa holim’a ntlo a ea töoekama. Joale re ile ra etsa kopo ho Ntlo ena hore e re fe chelete e kaalo ka M220, 000.00, re eo reka mochine o tla re ha re qeta ho betla Phomolong mane re nke mapolanka re a kenye ka mochining o omisang, o nke matsatsi a mararo feela e be re isa mapolanka ‘marakeng [liatla].

LITHO TSE KHABANE•. Re ea bona u setse ka phoso ka lehlakoreng lena.

HON. R. L. ‘MOKOSE: Litho tse Khabane sebaka sena se hlahileng setöoantöong monoke tlhahiso ea lifate sebakeng se bitsoang Bohomeng, mane Kolonyama

LITHO TSE KHABANE: Ha na u hiaha Kolonyama?] [lerata].

HON. R. L. ‘MOKOSE: Ke ne ke lebeletse Litho tse Khabane hore..

HON. CHAIRPERSON: Order! E mong le e mong 0 na le moo a hiahang teng mona Lesotho, na ke phoso ha motho e mong a hlaha Kolonyama empa e mong le e mong a na le moo a hlahang teng? [litöeho].

HON. R. L. ‘MOKOSE: Ke ne ke lebeletse Litho tse Khabane hore ke tia botsoa potso eo. Karabo ea ka ke hore ha o filoe mosebetsi ho thoe u o etse u le tichere, o qale pele ka ho iphetola mohlala, u tle o tsebe ho ba mohlala. Ke mema Litho tse Khabane hore li ee mane Thabaneng moo ke ahileng teng li tla fumana hore ke na le lifate tse fetang 300 moo. E ntse e le mohlala oa hore e tle e re ha ke re ha ho etsoe tjena ke be ke re ha u oa bona ha ka.

Ke ile ka bona re nka nako re khothaletsa litereke le bakhethoa hore mosebetsi ke ona hoo le ho hlokang ke hore le reke sekontiri. Moqomo oa sekontiri ke M 1,000. 00. Ha u entse joalo joale o tla ea lifateng tsa boleikomo haufinyane le moo o leng teng e be o oa li reka, o tlo tla o fefa jaole o phehe ka har’a sekontiri. U qetile mosebetsi ke 00. Joale ka e bona ntho ena le lesisitheho tjena.

Selemo se fetileng kea tseba ke ne ke bontöe hore re ne re itse re tla etsa licottage industry literekeng tsena tse leshome, e le ‘ngoe setereke ka setereke, joale ha re ea tseba ho etsa joalo. Joale ka re a-e ka’nete ha ke hle ke e töoare ke qale Kolonyama mona ke tlo le khalisa. Ke le khalise hore bonang hore na Kolonyama ho se ntse ho etsoa eng.

Kea le mema Iona Bakhethoa hore le ke le ntöe chelete pokothong le re Ntate; ‘Mokose, mobu o teng haufinyane le ha eso mane ‘me ke rata hore bahlankana ba kabang leshome (10) kapa bacha ba eo etsa mosebetsi ona. Ke se ke ilo reka moqomo ona. Joale re tla qala pele re u fe sekotlolo sena seo re ileng ra re re ile ra se fuoa ke ba Engen. Ke trum re e pomme joale re tla u fa re u hahele eona mono. Joale re be re u rupele hore na e sebetsa

joang ebe joale mosebetsi o qalile mono. Ehlile ke itse kea le qholotsa, Litho tse Khabane.

Joale Litho tse Khabane re kena lefapheng la boraro e leng Lefapha la Paballo ea Mobu le Meru. Lea bona hore na Lesotho le senyehile joang. Ha ho ntse ho buua ka naha ea Lesotho e tabohileng lipakane le litlhabela tsa mangope, ho buua tjena. Ke ne ke re setöoantöo sena ke sena se tlisitsoe ka pele ho Ntlo ena e Khabane hore le bone hore na botebo ke bo feng ‘me na le tla khotsofalla hore e be ha le ena le baeti ba fofang ka holimo ho Lesotho, ha ba täela Mohokare e be motho u bona phapano ea South Africa le Lesotho ka mangope? Ho re na ha e le mona re sitoa hore re le Lesotho re baballe koatipanyana ena ea Lesotho, haeba re batla hore le e nkiloeng e khutle na re tla e baballa kapa re loanela hore e tle e fetohe mangope na? Ho ena kea le qholotsa.

Ntate Molula Setulo, mesebetsi e mengata eo re e etsang re le Lekala la Meru le Ntlafatso ea Mebu kaona sechabeng ho leka ho loantöa ona mangope ao. Boithuto ba rona bo re fa hore mangope ana mehloli ea oona ke lithaba tsena le maralla. Ha pula e na eba e roalellana, e bokellena litlhorong tsa lithaba mono, joale metsi a tla ka sekhahla a theoha le mothipoloho, e be metsi ana a sa laoleheng a tabolaka masimo a sechaba. Joale ebe kanetso ea lijo e ea sitiseha. Joale re re mokhoa o teng oo re ka loantöoang metsi ana ka oona.

HON. F. R. SHEA (PR): Ntate Molula, Setulo ka uena ke lakatsa ho botsa Letona le Khabane hore na ha a re lithaba tseo Lesotho le nang le tsona ke tsona tse kentseng letsoho khoholehong ea mobu. Joale moo ke ratang ho tla teng ke hore na ha e le libaka tse kang tsa bo-Mafeteng moo ho aleileng feela mangope a le mangata ho feta ha eso Semonkong moo ho leng lithaba, teng metsi ao a fatileng mangope ao Mafeteng moo a tsoa kae?

HON. R. L. ‘MOKOSE: Setho se Khabane ke bona e ka ha se ea ka sa nkutloa ha ke bua ka lithaba le maralla hore ke ne ke hlile ke hlakile hore ke etsa phapano mono. Kei le ka re lithaba li holimo koana mona Lesotho esita le hona bo-Mafeteng mono, maralla a teng. Joale ke mona moo ke reng lithabeng kapa maralleng e ba metsi a roalellang moo ha a theoha a tabola masimo ano. Re re re mokhoa oa ho fumana sekhahla sa metsi a matla ke hore re qale pele re ahe mabanta ka majoe. Ke hore re potapotise thaba tsena mabanta a majoe. Re tla haha lebanta holimo, re tlo haha le leng tlase ho fihlela re ba re fihla holim’a lengope. Sepheo sa ho etsa joalo ke hore e tle e re metsi ha a nyoloha ka sekhahla ka mane a nka mobu ‘me e re ha a feta mabanteng mona ho tsoe metsi feela ebe mobu o oa setlela. Mobu ono o setlelang o lontöoa kholeho ea mobu joale metsi ana a ea feta, le ona ha a ntse a le sekhahla ka tlase ho metsi ano e be re etsa liforo, methipolohong tse tla laola metsi ana hore a laolehe a tle mpe a tsamae lengopeng le le leng leo re tla le laola. Re etse hore qetellong re eo le thetha ka ho etsa letamo. Ke mosebetsi 00 re reng re il’o o etsa.

Selemong se fetileng re bontöitse hore mabanta a majoe matsoapong a ahiloeng ka 2006/2007. Moralo e ne le hore ha re nka mabanta ana joale e ba re ea a sarolla re sheba hore na re hlile re batla bolele bo bokae. Ho iteka ha re haha mabanta ana, re ne re itse re tla etsa mabanta a bolele bo 6 900m. Ke mpe ke hlalose mona hore na ke bolela eng. Ke hore haeba ke na le lithaba tse hlano le maralla a mahlano, e ka ba ke tla ba le marakoana lithabeng tsena tse hlano le marakoana a mahlano, hoo ke ho etsang ke ho ‘metha mabanta ana thabeng tsena tse hlano ebe kea kopanya joale li tla mpha 6 900m. Seo re tsebileng ho se etsa re tsebile ho aha mabanta a bolelele ba 4 954m eleng 71.9 performance [liatla]

Selemong sena re na le takatso ea hore mesebetsi e tle e etsoe, e etsoa ka mokhoa oa hore Basotho ba sebetse mono, ‘me ba iphumanele chelete. Mona teng ke bua ke le sechele hobane ho tsoa hore na chelete eo ke tla e fumana e kae mohlomong tlas’a Famine ReliefFund. Joale feela re se ntse re itukisitse hore ha re fumana chelete re tlo etsa mabanta a makaalo ka

49.8km. Re tla hira batho ba sebetsang mono ba pataloa khoeli ka khoeli [liatla]

Mona setöoantöong ke bontäa mohlala oa liforo tseo re li etsang, re itse ka tlase ho mabanta ana re tla etsa liforo, liforo tse tla re thusa ho laola metsi a rona ho a isa moo re a batlang teng e le hore a tle a qobe ho ea tabolaka masimo a a fetola mangope. Joale moralo e ne le hore re tla etsa liforo tse 4000m. Re tsebile feela ho etsa liforo tsa bolelele bo 2 391. 096m e leng 600/0 performance. Joale ka ho täoana ka mabanta ano re itse selemong sena takatso ea rona ke hore re eo etsa liforo tsa bolele ba 63.2km.

HON. CHAIRMAN: Potso ka Hounourable Billy.

HON. M. BILLY: Kea leboha, Ntate. Ke ne ke ke mpe ke botse Letona la ka le Khabane la Motlotlehi leo ke le töehetsang haholo hore na ebe mabanta ana a majoe a matle ana, na ebe ha le hlokomele hore mohlomong balisana ka likhomo ba ka ‘na ba fumana ba a tsitsintse. Na ebe le ka re’ng ka taba ea tiso ha ho uoa ho shebanoe le taba ena ea bohlokoa ea mabanta ano ba ke ke ba fumana hore ba re senyelitse na? Eona ke ntho ea bohlokoa feela na ebe le ka re’ng ka tiso ha e ama mabanta ano.

HON. R.L. MOKOSE: Ke rata hore ke rorise Setho seno se Khabane hobane tsela eo se e tsamaeang hase ea habo sona Matelile, pel’a tsela Matelile mona ha ke tsebe hore ho thoe ke sebaka se bitsoang mang, le tla nthusa baheso ha Sehlabo pel’a tsela, ho na le marakoana ano a matle haholo ao ho ile be ha fumaneha hore balisana ba ne ba a senya mono. Joale re ile ra ba ra tsoara lithupelo re li téoarela balisana bano. Ke mpa ke leboha feela hore Setho se hlile sa hlokomela mosebetsi ehlile o ea etsahala. Kea kholoa ha re fihla lefapheng la ho qetela, lefapha la makhulo, ke tla bua ka lithupelo le mekhatlo ea balisana ea phuliso. Kea kholoa potso eo ea Setho e ka arabeloa mono.

Joale re qalile ka hore ho haha mabanta holimo a tla täoara mobu. Mobu o be teng, re jale lipeo tsa mehlomo, lipeo tsa bo-töaane, joale metsi a theohang re a laola ka liforo hore li ee ka mangopeng ka mona. Joale ha li fihla ka mangopeng ka mona re etsa mosebetsi joale oa marako ana ho haha marakoana a kang ‘ona ano le ho lema lifate tse kang tse beiloeng tseno.

HON. K. MATHABA: Ntate Molula Setulo, kea leboha. Potso ea ka ho Mohlomphehi Letona le Khabane le ntseng le toloka litaba tsena hantle ke hore na libaka tsena tseo ba tla aha marakoana ana ho tsona ba se ba li entse idetifr literekeng hore na ebe ke hokae moo ba il’o etsa matsoapong moo moo ba tla etsa marakoana ana hona teng na?

HON. R.L. ‘MOKOSE: Ha ke araba potso ea Setho se Khabane, e le karolo ea boitokiso ba rona ha re etsa budget re bile re lokisa litaba tsa moralo oa hore na re il’o sebetsa joang. Re ile ra re ha se rona re le Lekala ba tlang ho fana ka hore na mosebetsi o etsoa ke bafeng, re ile ra re puso ea libaka e teng moo ‘me re se re tsoa ba mema ra ba le matsatsi a mabeli re ena le bona re buisana ka litaba tsena. Joale re re, lona li-cheremane tsamaeang le khutleleng ho committee counsel joale le bue ka taba ena. Joale le sebelise Makala a rona moo hore ba ke ba khethe libaka e leng hore ke mosebetsi 00 re ntseng re o etsa hona joale. Ke lebeletse hore ha ke qala ke fuoa chelete ka letsohong ka mona ke tsetsepele. Hela! Re tla tena semere-mere, re nyolohe, re hloe thaba, Ntate.[Litlatse]

HON. CHAIRMAN: U qetile, Hounourable Minister?

HON. R.L. ‘MOKOSE: Che ha kea qeta, Mate.

HON. CHAIRMAN: Tsoela pele, Mate.

HON. R.L. ‘MOKOSE: Ke kenajoale hore .

HON. CHAIRMAN: Ha u eme haeba ke potso kapa ke point of order u itlhakise. Potso ka Setho se Khabane sa Lithoteng.

HON. L.E. MOKHANOI: Mohiomphehi Motlatsi oa Molula Setulo ka uena, ke ne ke kopa ke mpe ke botse Letona le Khabane la Meru Ntate Mokose hore na ke utloa hantle ha le bua le re ba tlil’o hira mono ho latela methati eno eo ba e etsang litabeng mono? Ke ne ke kopa ho botsa kea kholoa lipotso tsa ka li peli feela hore na ebe khiro ena e tlil’o tsamaea joang ena eo ba tl’o e etsa ka taba tsa letsete. Ea bobeli ke ne ke kopa ho botsa ho Letona le Khabane mona, Mohlomphehi, hore na thupelo ena eona ha ho rupeloa batho bana ba tlil’o etsa mosebetsi ono oa bohlokoa oa ho thiba mangope, ebe thupelo ena eona le tlil’o e etsa joang kapa le ipapisetse le litereke tsena kaofela kapa joang. Ke ne ke batla ho tseba hona moo, Mohlomphehi, kea leboha.

HON. R.L. ‘MOKOSE: Ke ne ke kopa hore ea thupelo ke tle ke bue ka eona ha ke bua ka lefapha la ho qetela eleng la makhulo. Ha e le taba ea khiro hantle-ntle le rona re ke be ra hira re le Lekala rona ehlile re kopa chelete Paramenteng mona re e ikopela li-community counsel tlase mane. Hantle ke li-community counsel… [Litlatse] . Hantle ke li-community counsel tse il ‘o etsa mosebetsi mono. Ke mokhoa 00 re ileng ra re joale re meme bona Balula-Setulo ba puso tsa libaka hore ba tle re tlil’o buisanang le bona ka moo.

Joale empa ho na le mokhoa o sebelisoang oa khİro moo, o sebetsoang oa hore joale haeba ho na le metse e mehlano, eba ho batloa batho ba leshome, hoa utloahala hore etlaba 2 libakeng tse ngata. Joale ke rata hore ke tle ke se ke ka theohela ho eona haholo hobane joale nako ke bona eka e tia nkotla. Marako ana a ka mangopeng re tsebile 2006/2007. Re tsebile ho aha marako ana a boholo ba 15.000 cubic metres. Re ne re İtse re tia etsa marakoana a 15.000 cubic metres ‘me re tsebile ho etsa feela 11.801 cubic metres.

Joale ka mona ka hare ho mangope re itse ha re il ‘o haha marakoana feela re il’o lema lifate. Selemo se fetileng re tsebile ho lema lifate ka mangopeng feela 121,306 moralo oa 2007 ke ho lema lifate tse tia lengoa ka mangopeng etlaba tse 150,000, ha marakoana a tia ahoa ka mangopeng etlaba 15,000 cubic metres. Re ntse re le lefapheng İane la Mobu le Pokello ea Metsi. Re ne re ile ra bontğa hore re kopa chelete e tia re thusa hore re reke lisamente, re reke marenforce, joale ebe re kopa sechaba hore se ikete. Boiketo ba sona bo tjena, ke hore motho o bokella lehlabathe, o bokella majoe, o batla sehahi seo a se lefang, joale rona re le ‘muso ka chelete eo ke e kopang ho Litho tse Khabane re reka samente re u fa lipokete tse ka bang 50 tsa samente le mareifose joale re tle ka litsebo. Re tlil’o rupela bao ebang ba ea rupeloa mono, le ho tataisa lihahi tseo re li rupetseng hore joale batho ba itlhahisetse litanka tsa marulelo kapa litanka tsa mehloli. Ke mohlala oa litanka tsa mehloli tseo re li ahileng methipoloheng pel’a linokana hore bao ebang ba ea tğella ba tsebe ho tğella. Mane ke mohlala oa litanka tsa marulelo tseo re li ahileng.

Joale ke rata ho kena joale tabeng ea hore na ha re ne re ile ra etsa kopo ena na re atlehile joang. Moralo oa rona oa selemo se fetileng e ne e le hore re tia aha litanka tse 199 e le hore tsa mehloli re ne re itse li tlaba 86, tsa marulelo li be 128, empa seo re atlehileng ho se etsa feela ke hore re ahe tsa mehloli tse 39, re ahe tsa marulelo tse 128 tsa mehloli tse 39 kakaretso ke 157. Moralo e ne e le hore re tia aha litanka tsa marulelo tse 199, re ahe tsa mehloli tse 86. Joale re tsebile hore re ahe tsa marulelo tse 128, tsa mehloli tse 39, kakaretso ke 167. E leng horepercentage ke 58%.

Lebaka le teng, Litho tse Khabane le etsang hore ebe ha rea atleha tjena. Bothata ba ho ipatlela motho ea hiroang ka chelete e kaalo ka 800 hore a tlil’o tia etsa tanka, haholo ka Moloting ka koana ke bothata ba sebaka se hole sa ho fumana lehlabathe, joale lintho tsena ke tse bakang bothata ba

hore ebe katleho e ba teng. Bothata bo boholo-holo ke bona ba hore joale ha ke bokelletse majoe, ke bokelletse lehlabathe, joale ke lefe sehahi sena. Joale seo re lakatsang ho se etsa selemong sena ke hore re se ntse re nahana hore haeba mohlomong ho ka etsahala hore re fumane moo re ka ra fumanang bohashana, re re che ka ‘nete re tla etsa hore lebatooeng le itseng ha re ke re fumane batho mohlomong ba 50 bao bona re tla ba rupela nako ea khoeli hore ba ahe litanka, ha ba tloha moo ba be ba tsoere tsebo ea ho aha litanka le hore ba ka ikhahela matlo a lihoko kapo matlo a bona.

Joale takatso ke hore re nke batho bao ba 50 e le batho ba sebetsang joale ka batho ba sebetsang fato-fatong. Joale re ba lefa joale ka batho ba fatofatong, ‘me ba tla be ba entse mohlomong litanka tse leshome (10) sebakeng se itseng, feela bona ba fumane tsebonyana eno ea hore ba rupeloe ho aha litanka. Ka hona re siela batho mokhoa oa ho bokelletsa metsi bakeng sa noesetso. Ka lebaka leo moralo oa rona oa khaho ea litanka selemong sena sa 2007/2008 0 eme tjena:

Berea re itse re tla aha litanka tsa marulelo tse 12, tsa mehloli tse 5, kakaretso ke 17. Maseru tse 20, tsa mehloli tse 2, kakaretso ke 22, ‘me e eme joalo. E, hore kakaretso ea litanka tseo re ratang ho li aha selemong sena tsa marulelo, tseo ke li kopelang chelete ea ho ea reka, chelete ea ho ea reka samente 137, kakaretso ea litanka tsa mehloli e leng 46. E leng hore kaofela re etsa morero oa hore selemong se tlang re tle re le bontse hore na holirn s a litanka tse 183 tseo re itseng re tlil’o li etsa re atlehile ho etsa tse kae.

Khaho ea Matamo…

HON. K.A. MAOPE: Potso ea ka, Mohlomphehi ho Letona le Khabane ke hore ke bona le bua ka taba ea bohlokoa, feela ‘na ke bona palo ena ea litanka tse 183 e le ngata, ehlile ke taba ea bohlokoa ena. Bothata ba Letona le Khabane ke chelete kapa eng le ka kopeloa hore le fumane mekhoa ea hore le fumane chelete mane e eketsoe, na le ka thabela taba eo?

HON. R.L. ‘MOKOSE: Haeba nka fumana chelete le ka tsoela pele la eketsa ke mpe ke fumane monyetla ona hore tsona litanka tsena ruri re lakatsa hore tsona tsa mehloli li sebetse. Ke se ke mema Mokhethoa oa Khabane hore mona Lekokoaneng pel’a tsela, tlas’a lehahanyana mona, ho na le tanka ee mohloli o motle, e ee e ts’ele metsi e tlale moo, joale feela batho bana ba ka tlase ba masimo, ha ba a sebelise. Re tle re töoarane ka matsoho le eena re bone ha re li ahe feela li il’o etsa mosebetsi.

Ke ntse ke le pokellong ea metsi. Ke kena joale khahong ea matamo a mahlano (5) ao re ileng ra re re il’o aha matamo a mahlano. Re aha ka mechine ea letsatsi eo nakong e tlang ke tla be ke kopa hore e se e tsofetse mechine ha re ke re e ntlafatseng. Ke ka lebaka lena rea tsebang ho etsa matamo a mahlano feela ka selemo. Seo re se fihletseng. Re tsebile ho aha le ho qeta matamo a mane eleng 8% performance. Letamo leo re ntseng re le etsa re e-so le qete ke la Thaba-Bosiu le ntse le qeteloa. E leng hore re tla be re phethetse matamo a mahlano. Joale moralo oa rona oa selemo sena oa matamo ao re ratang ho ea ahaha selemong sena. Re hopotse hore re ahe matamo a 2 Maseru, re ahe a 2 Mafeteng, le 1 Mohale’s Hoek, 2 Berea, le 1 Leribe, le 1 Qhuthing. E le hore ke kakaretso ea matamo a makae kaofela? Ha re tsoeleng pele…

HON. M.S. LEHATA (Matsieng): Ntate Molula Setulo ke ne ke re Letona le Khabane ha le re Maseru le bolela Maseru teropong kapa Maseru Matsieng kapa ‘Maletsunyane? Le re bolelle le re Mabatooa e le hore re tsebe hore budget ena na e re täoaretseng ‘me e ea mabatooeng afeng. Joale ha le e akaretsa le sa bolele hore na sebakeng sefeng re sitoa ho utloa hantle. Mokhethoa o sitoa ho tlaleha hantle hore ho na le ntho e itseng re tsebe ho amohela fuoe chelete. Ha re sa tsebe ha re na ho amohela.

HON.R.L. ‘MOKOSE: Ha ke bua ka Maseru ke bua ka mabatooa a Maseru. Joale ha ke bua ka taba ea matamo hase rona ba eang ba il’o khetha matamo mane. Haeba le shebile tsela eo Puso ea Libaka e sebetsang ka eona, ba qala pele ka ho ea metseng, ba il’o batla litlhoko joale ha ba batlile litlhoko ba be ba li hlahlamanye litlhoko tsena tse ka bang hlano (5), joale ebe litlhoko tsena li ea seterekeng. Joale setereke ke sona se tla isa likopo tsena makaleng ka ho fapana joale ha a fihla ebang ho na le libaka tse itseng rona re batla matamo, rea sheba hore re nka lifeng ho latela hore na tlhoko e kholo hokae. Ka mantsoe a mang ke ntse ke re ha se le rona ba khethang hore na hantlentle matamo ke afeng, a hokae, a itöetlehile holim’a tlhoko eo re e fumanang e kolla sechabeng mane.

HON. CHAIRMAN: Ha ke e lumele, Honourable. E fetoha argument athe ho ntse ho e na le nako ea lipotso. Honourable Minister, tsoela pele.

HON. R.L. ‘MOKOSE: Re kena joale lefapheng la ho qetela leo ke le kopelang chelete, ‘me ha ke qeta ruri ke tla be ke itulela fatöe…

HON. CHAIRMAN: Re ntse re lebeletse hore Letona le tle le qete le Iona le tsebe ho fuoa nako ea hore le botse. Joale qetellong le tla re le nkile nako le le leng ha lea le fa re ntse re etsa tjena. Nako ea li-estimate e abiloe mona allocation ke 3 hours, already le se le nkile almost half ea nako eno. Joale ha e ne e ba Letona le le siela another half le ne le tla ke le fe Litho tse ling tse 9 ho bua. Tsoela pele, Honourable Minister.

HON. R.L. ‘MOKOSE: Mosebetsi o mong 00 re o filoeng ke oa ho bona hore re baballa makhulo. Joale ke rata hore Ntlo ena e Khabane e ke e shebe setöoantöo sena seo ke se beileng sa makhulo a ntlafetseng hobane joale a hlokometsoe a e na le mekhatlo ea pholiso mohlomong le balisana ba koetlisitsoe ho hlokomela makhulo a bona. Le makhulo a sa ntlafatsoang mohlomong hobane liphoofolo li lahla sekoai moo joale li senyang makhulo hammoho le metsi a phallang ho se na marakoana a tlisang hore re baballe makhulo ano. Mane moo re reng makhulo a ntlafetseng ke mohlala oa Sehlaba-Thebe mona moo re buang ka makhulo a sa ntlafalang ke boemo ba makhulo kamoo bo leng kateng Koma-Koma, Thaba-Tseka koana.

Joale re itse mokhoa oo re tla ntlafatsa makhulo ka oona ke hore re qale pele ka hore Lesotho mona hanyane ka hanyane re thee mekhatlo ea phuliso. Litho tse Khabane ke lla ka leihlo le le leng ha ke nahana hore ka nako e ‘ngoe ka 1992 ho kile ha ba le chelete e kaalo ka 14.000.000 ha ke tsebe hore na e ne e le 14.000.000 maloti kapa US Dollars e fanoang ke America hore ho ntlafatsoe makhulo ka hore beng ba makhulo ba bone hore ba hlokomela makhulo a bona ba nke karolo ntlafatsong ea makhulo hobane lifive maluti tseo ho neng ho thoe li lefshoe li ne li ea ho bona batho bao. Joale ha li ea ho bona ba iketsetsa mokotla oa hore ba tle ba reke liphoofolo tse ntlafetseng. Joale re re ‘Muso ka chelete ena o tla tseba hore o kene moo joale ho bonoe hore na ho baballoa makhulo joang ka ho araloa mokhoa oa phuliso. Joale ka lebaka la ho betsana ka mekoetla lipolotiking re bua ka hore ke bana ba khafisa makhulo.

Ke rata hore ke bue taba ena hobane ke lumela hore Litho tse Khabane li tla utloisisa hore ba bang ba rona hona joale tjena re lefshoa chelete e ngata, e khafeloang liphoofolo tsa rona ka Afrika Boroa ka mane moo batho ba itlhokomelletseng makhulo a bona hobane rona mona re sentse makhulo a rona. Joale re re na ha se nako ea hore re thusaneng ka hore re thee mekhatlo, re boneng hore na naha ena eo re e kopanetseng re ka e baballa joang. Ke lebaka leo re reng rona selemo le selemo re tla ka boitekanyo ba tona, re tla nka mekhatlo eo re reng selemong sena re tla thea mekhatlo e mekana. Ke ka lebaka leo re reng selemo se fetileng re ne re itse re tla thea mekhatlo ea pholiso e 29, re tsebile ho fihlela feela ho thea mekhatlo e 22, eleng 76% performance.

Moralo oa selemong sena ke hore Berea re il’o thea mekhatlo e ‘meli, Maseru re thee o le mong, Butha-Buthe o le mong, Mokhotlong e mehlano, Thaba-Tseka o le mong, Mafeteng e ‘meli, Qacha’s Nek o le mong, Qhuthing e ‘meli, Mohale’s Hoek e ‘meli, Leribe e mene; kakaretso ea mekhatlo eo re il’o e thea selemong sena ke e 21. Ho na le libaka Litho tse Khabane tse ngata Lesotho mona, tse tsenyehileng tse hlokang hore li kampeloe, ho oe maboella, joale re jale joang. Joang bona boo re bo jalang ba töaane, ke rata ho tsebisa Litho tse Khabane hore chelete e re e kopang ke e il’o reka töaane eo mokotla oa eona feela ke Ml ,800.

Joale ke lebaka leo re kopang litaba tsena joale re re re il’o jala libakeng tsena tse tla be li khethiloe, tseo re tla jala töane mono re töoarane ka matsoho le sechaba moo. Joale selemong sa 2006/2007 re tsebile ho jala töaane libakeng tse kenyelletsang Sebapala mane tse 50, ha moralo e ne e le hore re il’o jala libaka tse 50. Re tsebile ho jala libaka tse 48; e leng 96% performance. [litlatse]

Selemong sena 2007/2008 le teng re shebile taba ena ea hore hela batho ba Molimo haeba re ka ra thuseha re tla iketa joale ha re ea re lebile ho ea jala töaane libakeng tsena. Re rerile hore Berea re jale boholo ba 40 hectors, Maseru 100 hectors, Butha-Buthe 100 hectors, Mokhotlong 85 hectors, kakaretso ea hectors tseo re batlang ho li jala töaane selemong sena ke 815 hectors. Ke mane moo ke kenang ka potso ena ea balisana. Setäoantäo sena ke se seng sa Iitöoantäo tse ileng tsa nqabanya le Mohlomphehi Tona Kholo ha a bona batho bao ke reng ke balisana joale e le batho ba banyenyane haholo ba tlamehang hore ba ee sekolong”. A re, “Letona la Thuto, etsa u

bone hore beng liphoofolo ba sala le liphoofolo uena u bone hore bana bana ba khutlela ka sekolong. Ke lithupelo tseo re li täoarang ho balisana hobane re re balisana ba haufi-ufi le tlholeho. Ke bona ba ka re thusang ho baballa kapa ho senya tlholeho ena. Joale hoa rona ke hore re thee setsoalle le bona balisana bao re ba rupele re re ba bontöe ka hore ha le ntse le Chesa le senya peo eo, qetellong sebaka se tla töoana le Koma-Koma mane. Joale baballang makhulo ana re bile re entse hore moo ebang re töoara lithupelo tse joalo rea tseba hore balisana ba rata ho ntsetsa mahe a linotsi, ba rata ho rua linonyana tse kang maeba. Rea tseba hore balisana ba rata ho rua limmutlanyana. Joale re re ka karolonyana eo re e kopang re tle re be le mokhonyana oa hore re etse entice batho ba ipabolang balisaneng bana hore re ba etsetse eona mesebetsi eo e re hore ba tle ba re thuse ho baballa makhulo ana ke eona tsela eo mesebetsi eo e le hore ba tle ba re thuse ho baballe makhulo ana, ka tsela eo re reng balisana

Re itse re rupela e seng balisana feela empa mekhahlelo e fapaneng. Hona le mekhatlo ea phuliso ea batho ba baholo, beng ba liphoofolo hore ba thehe mekhatlo ea phuliso. Joale mona ke mohlala oa ha joale re kene khabong re etsa thupelo e joalo.

Ena ke tlaleho ea lithupelo selemong sa 2006/2007. Balisana re ne re itse re tla etsa lithupelo tse 64, re tsebile feela ho etsa lithupelo tse 43 e leng 57% performance. Mekhatlo ea phuliso re ne re itse re tla etsa e 27, re tsebile ho etsa e 24 e leng 89% performance. Makhotla a puso ea libaka re ne re itse re tla etsa lithupelo tse 47, re tsebile ho etsa lithupelo tse 38 e leng 81% performance.

Moralo oa lithupelo tsa mekhahlelo e fapakaneng oa sechaba selemong sena sa lichelete sa 2007/2008 ke hore Berea re itse re il’o etsa lithupelo tsa balisana tse hlano (5), mekhatlo ea phuliso e ‘meli (2), Makhotla a Puso ea Libaka lithupelo tse tharo(3) joalo-joalo. Balisaneng re tla etsa lithupelo tse 44 kaofela, mekhatlong ea phuliso re tla etsa lithupelo tse 21 kaofela. Makhotleng a Puso ea Libaka re tla etsa lithupelo tse 67 kaofela.

Litho tse Khabane, ho na libaka tse senyehileng ka lihlabeng ka mona ka mokhoa o makatsang. Mona re le bontöa mohlala oa libaka tse senyehileng moo liphoofolo tsa Iona le li koallang motebong, ebajoale li se li fula mono selemo ho pota ha li sa isoa libakeng tse ling tse itseng. Re na le mehlala e tjena ea makhulo ajoalo. Roma ka moo ka maloting mehloli ea bohlokoa e ea senyeha, e senngoa ke bona balisana bana. Le moo re reng rea thiba ka ho etsa li-gabion u bona ba nka literata tsena ba etsa masale ka tsona, ‘me ke bothata bo töabehang. Re re ha re töoaraneng ka matsoho le marena a lihlooho, re nyoloheleng thabeng re eo etsang lipitso, re buisaneng ka paballo ea lihlaba. E mong oa marena a sehlooho ea itlhommeng pele töebetsong ena ke Morena Masupha moo. Ua bona hore na Seoli ha se hloeletse ka thabeng na se ba joang.

Joale re re hlahlobo ea libaka tsa phuliso ke rata ho bontöa hore na selemong se fetileng re ile ra sebetsa joang, re ntan’o qetela ka hore na selemong sena re re na re il’o hlahloba libaka tse kae. Moralo oa rona e ne e le ho hlahloba libaka tse 82, empa ka lebaka la sehlahlo sa marena a mang a sehlooho re tsebile ho hlahloba libaka tse 86 kaofela. [Liatla] E leng hore sekhahla sa töebetso ea rona ke 105%.

Mona joale ke moralo oa libaka tse tla hlahlojoa setereke ka setereke selemong sa 2007/2008. Berea re tla hlahloba tse peli (2), Maseru tse peli (2), joalo-joalo ka ha ho beiloe joalo. Joale ke mosebetsi oo re tla o etsa oa ho hlahloba hobane ha re hlahloba re bile re re na libaka tsena ha li arotsoe A,B,C, phuliso e tla bajoang. Re be re lumellaneng le batho ba bang.

SETHO SE KHABANE: Ke rata mono ho             [litöeho]

HON. L.R. ‘MOKOSE: Litho tse Khabane, ke entse kopo, ke ferehile; ‘me ke lebeletse hore ngoananyana ea utloileng molomo monate oa lipuo tsa ka a arabe. Kea sisinya.

HON. CHAIRMAN: U ne u se u ile ua e sisinya, Honourable Minister.

HON. L.R. ‘MOKOSE: Kea leboha. [Liatla]

Question proposed

That the sum of M41,419,830.00 for Head: 014, Minister of Forestry and Land Reclamation stand part of the Annual Estimates for the Financial year 2006/2007.

HON. A.L. LEHOHLA (Deputy Prime Minister and Minister of Home Affairs and Public Safety and Parliamentary Affairs): Mohlomphehi, ha nka bua ho feta metsotso e ‘meli e mpolelle hore ke qetile.

Mohlomphehi Molula Setulo oa Komiti le Komiti ka kakaretso, ‘na ke bona eka re fihletse bohlale ba ho loantöa bothata ba naha ena ea rona ka Lekala leno leo Mohlomphehi Tona Kholo a ileng a le thea e le ha a elelloa hore qetellong re tla be re lutse holim’a matlapa feela a se nang mobu, hobane mobu ke oona bophelo. Ka lebaka leno, Mohlomphehi, re mpa re itela bootloane ha e le Lekala leno re ka be re le abela chelete e fetang eno hobane ba tsebang lipalo ba re boholo ba sechaba sena sa rona 80% ke se phelang metseng, ‘me se Phela ka mobu. Ba bang ba se ba ntse ba se na oona, empa le oona o teng oa fela ho tla qetella o le sieo ha ho ke ke ha engoa ka maoto. Ka lebaka leno, Mohlomphehi Molula Setulo le Komiti e Khabane, e tla ba bohlale hore litaba tsena tseo Letona le li beileng re li sale morao re le Ntlo ena e Khabane, ho bona hore mabanta ano ao le buang ka oona, ke se ke bile ke töaba ho bua ka lentsoe lebanta, batho ba re ha ba kula mona ntho e teng ba re ke lebanta. Ba re ha le ka opa, e leng hore le hona mono re na le bothata ruri ba bokulo bono bo amahanngoang le lebanta feela ke ne ke re mabata ano a pota-potileng tikoloho le lithaba eka marako ano Setho se Khabane sa Butha-Buthe re bone hore ruri a baballoa le sechaba se hlile se kenya letsoho. Ha e le mono Letona le ntse le ikhatla hore na ho tla ba le chelete ea hore sechaba se kenye letsoho ka mokhoa oo se ka fumanang ho hong. Taba eno ehlile e tla hlahlojoa ka matla e le ho leka hore boemo bona bo teng, ba tlala bo aparetseng naha ha hajoale hobane ha re bone le hantle hore na le haeba re ne re ka lema hona joale ka mafafatsane ana, kutulo e ka bang teng e ka ba kae. Balepi ba ntse ba re supisa hore ehlile ha ho bonahale lipula li tla ba teng selemong sena.

E leng hore boemo bona boo re leng ka har’a bona bo hlile bo na le tlokotsi eo sechaba se tla hloka ntho eo se e jang. E leng hore e ntse e le ntho ea bohlokoa hore haeba re ka sitoa ho ea masimong ka mokhoa o tsitsitseng, re mpe re bone mesebetsi e meng ea sechaba eo se ka e etsang molemong oa sona hore se tle se phele. Ha ho pelaelo taba ena ea paballo ea makhulo, ea mobu le temo ea lifate ke lintho tse ka etsoang ke sechaba metseng le metsaneng ea sona se sa tlohe moo se ahileng teng. E leng hore taba eno ke taba eo ‘na ke reng haeba Makala ana a ‘Muso a mang a sitoa ho sebelisa chelete, haeba Letona le Khabane le ka tseba ho sebelisa chelete molemong oa sechaba, ache! ‘na nka khotsofala. Mohlomphehi, kea leboha. [liatla]

HON. CHAIRMAN: Thank you, Honourable Leader of the House. U nepile u buile 2 minutes. Honourable R. Shea.

HON. F.R. SHEA (PR): Ntate Molula Setulo, kea leboha. Ke ema mona ke tla supa lintlha tse tharo feela kopong ena ea Letona le Khabane la Meru. Ke tla batla ke tle ke bitse Lekala leno ho fella mono feela, u tla qetella tse ling. Mohlomong lebaka le teng leo le ileng la isoa mono ka Iona la meru. Ho ee ho thoe ke tse ileng tsa senngoa, che ha ke lumele le ne le senya, le ile la roalla patsi, joale ho thoe le eo e lema. Ke batla ho fella mono feela.

Taba eo ke batlang ho ea ho eona kea hore ha ke sheba Budget kaofela eo Letona le Khabane le e kopang, ke bona eka e nyolohile ka ntho e batlang e isa ho 1 1/4. Ke M9.5 million e nyolohileng ka eona ho ea selemo se fetileng. Ke batlile ke sheba hore na e nyolohile lintlheng lifeng, ke fumane hore e nyolohile literekeng haholo. Ke hona moo e nyolohileng hona teng. Taba e kholo-kholo eo ‘na ke e bonang Letona le Khabane le nthusitse ka eona, taba e teng eo re e lubang mona Paramenteng ea ha u tla fumana hore International Fares and Travels ke hona moo chelete e ngata, makaleng a mangata e senyehang teng. Lekaleng lena la Letona le Khabane ke bona eka ke 4.2% ea budget kaofela e ileng mono. Ke leboha tsela eno eo budget ena e raliloeng ka eona, boholo ba chelete e felle hae e se ke ea ba ena e thapisang lifofane, ha re Matona a Machabeng kaofela. [liatla]

Ntlha ea bobeli eo ke ratang ho tla ho eona kea hore ke bone tsela eo mona moo le reng ha le ka ba la atleha teng, chelete e batlile e phaha-phahama mono. Mohlomong lebaka le etsang hore e phahame ke lena la hore tebello ke hore joale mohlomong sechaba se bona molemo kapa bohlokoa la seo le se etsang. Ke re litaba tsena kaofela ha u li etsa u tle u leke ho sheba libaka tseo ho ntseng ho e na le mokhoa oa hore li ka thusoa. Ha ke etsa mohlala. Ha u ka lebella hore mane ha eso Semonkong ho il’o katoa mangope, kea kholoa ka har’a sebaka seno u tla fumana lengope le le leng, leo esale le ba teng khale, le sa eketseheng, ho e-na le hore le eketsehe le kateha. Empa libakeng tsena tseo u fumanang hore bothata ba khoholeho ea mobu bo hona teng, ‘na ke eletsa Lekala hore ba hle ba shebe hona teng. Batho ba nang le bothata ba khoholeho ea mobu ba hle ba fuoe mosebetsi Ono, ba se ke ba khetha hore re tla nka hona kapa hona. Batho ba nang le makhulo ebe bona ba tla fupa task eno ea makhulo hore ba shebane le oona. E se ke eare joale motho eo lekhulo le leng teng habo, ua re a e’o batla mangope hore na a hokae a a thibe. Ke bona eka u tla be u sa ise letsoho molomong hore molomo oje.

Ntlha e ‘ngoe eo ke ratang ho tla ho eona ea ho qetela ke ena ea taba ea Letona le buileng ka eona ea ntlafatso ea makhulo ke e kopola le ena ea meru. Taba ena ea meru le ntlafatso ena ea makhulo e batla e hle e otlolloe hantle. Ka ‘nete e batla e otlolloe hore na e ikarabella ho mang. Ke tla etsa mohlala ka sebaka sa heso seo ke tsebang hore na re ile ra lema lifate hobaneng. Re ne re hlokometse hore patsi e besoang e batla joale e se e le hole le rona, e re batla makoloi ho ea e roalla. Joale ra lema meru ena hore e tle e re ha re na le mekhohlane re reme, joale re tlil’o tla re tseba ho sebetsa litaba tsena tsa rona tsa mekhohlane. Joale batho ba sa kang ba lema meru eno ha ba fihla ba re meru kea rona, sepheo seno sa Iona sa hore ha le na le mekhohlane le tla etsa eng, le tla tla le kopa ho rona. Joale batho ba re, re tla e täoara ka bosesaneng re tla e rema ena meru ha se ea hae. Phoso e fihla e hlaha ha ho fihloa mona. Taba ena e batla e ke e otlolloe, Mohlomphehi oa ka.

Le ena ea ho tseka joang ha marena a saeletsang ka batho hore batho ba eo tseka mahlokoa, e töoanetse e nkeloe bohato taba eno. Ke rialo hobane e mong o tla lisa bosiu, e mong a lise motöehare. Ha u ka ua nka sebaka se ka reng sa Thaba-Tseka, se haufinyane le ha eso mohlomong re batla re khahliloe ke mokhoa oo ba lisang ka oona, ba na le tsona likampo tseno tsa phuliso. Leha Mokhotlong e sa etsa likampo empa sebaka sa teng se batla se namme haholo sa meraka ho feta tse hae. Litaba tsena ha u ka re ua li Sheba, mona moo u fumanang eka leqeme la joang le hona teng, ka ‘nete ehlile ke hona moo joale mahlokoa ana a tsekoang. Taba eno ‘na ke ne ke khothaletsa Lekala la ha eno Letona le Khabane hore ho hle ho nkoe batho ba amehang, e leng beng ba meeli eno e tsekoang, e hle e be bona ba ka hlang ba kenngoa tataisong hore ho tle ho tsebe hore ho sebetsahale.

Ka ‘nete ke kakaretso ha e le mona ho budget ena eo Letona le e etsetsoang ‘na ka ‘nete ke batla ke se na khang ho eona, ke lumellana le Iona hore le fuoe chelete eno. Kea leboha, Mohlomphehi. [Liatla]

HON. CHAIRMAN: Order! Is time for tea break. Re tla phomola ho fihlela ka hora ea leshome le motso o le mong.

11.00 a.m.

HON. CHAIRMAN: Ntho tsena li ntse li lebaloa, lia hopotsanoa. Ha ke le mona ha ke Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano ke Molula Setulo oa Komiti. Le rona re hopoleng, re ntse re lebala kaofela. Ka Labohlano tjena tea break ke 11.00 a.m. e seng 10.45 a.m.

SETHO SE KHABANE: Re ne re maketse.

HON. CHAIRMAN: U maketse hantle, ehlile ho joalo. Re tia ‘ne re hopotsaneng. Leha ho le joalo rea e lefa nako eno ka hore re khutle pele hobane re ile pele.

HON. T. PHEKO (Mohale’s Hoek): Mohiomphehi Molula setulo, ke itebohele ka ho fumana monyetla ona oa ho etsa puo e khutöoanyane ruri. Taba ea rona ea Mohale’s Hoek ke taba ea ho thoholetsa kabo ena kapa likhakanyo tsena tse beiloeng ka pele ho Ntlo, tseo ho tsona ho bonahalang selemong sena sa lichelete khopolo ea Lekala e le hore chelete e kaalo ka M23,000,000 le ho feta li ee literekeng moo sechaba se tla etsa mesebetsi e fapakaneng teng. Rea leboha haholo. Re hlokometse hore moralo oa Lekala ke hore ho tle ho be le matamo literekeng. Khopolo ea rona ba Mohale’s Hoek ke hore selemong se felileng sa lichelete ho ne ho e na le letamo le bitsoang la Ha Sechele kapa Sechele, le neng le töoanetse hore ebe le ile la sebetsoa selemong sona seno. Khopolo ea rona re le batho ba Mohale’s Hoek ke hore le tla kenella khopolong ena. Ke hopola hore le tla kenella likhakanyong tsena tsa Lekala.

Ke bone hore ke boikemisetso ba Lekala hore ho ntlafatsoe makhulo, ‘me taba ena ea makhulo ke taba ea bohlokoa, e kholo. Tlatsetso ea rona re le batho ba Mohale’s Hoek ke hore na ho ka ba joang ha ho ka ha khothaletsoa saka-leholo metseng, moo ho ka bang le lesaka le le leng le leholo la motse, moo ho ka bokelloang liphoofolo ka malapa. Hona joale u fumana hore taba ena ea balisana ba banyenyane, motho o hira ngoana o mo hirela khomo e le ‘ngoe a mo lefa lekholo la maloti (Ml 00.00). Empa haeba masaka a leshome a kopane ‘moho, a lisa ‘moho, eba lelapa le leng le le leng le ntöa lekholo le ka lisetsoa le ke ‘na, ke le ntate oa lelapa. Ke rialo hobane ha khoeli e fela ke tla be ke fumana sekete sa maloti ho tloha mono. Liphoofolo tseno li tla be li le tlas’a paballo ea motho ea moholo, ea ke keng a li sotla ka ho li bulela bosiu kapa ho li kenya maboelleng. Taba eno e ka tseba ho re baballela makhulo le taba ea taolo ea liphoofolo.

Ke tle tabeng ena ea meru. Tabeng ena ea meru Letona le Khabane re ne re kopa joalo ka ha e le chebelopele ea Lekala hore taba ena e mpe e sebetsoe kapelenyana hore e fetele sechabeng. Ke rialo hobane ho fihlela hona joale taba eno e baka pherekano e tëabehang ka har’a metse ka mane. Ha mekhohlane e le teng, ke moo sechaba se balehelang teng merung eno hore ba ke ba kape-kapeloe ba eo phethahatsa litaba tsa mekhohlane feela ha ho tsebisahale hore na ke mang ea hlileng a ikarabellang. Mohlanka a ke ke a tseba ho ba teng motseng letsatsi le leng le le leng ho thusa moo ho tëoanelehang teng. Libakeng tse ling moo ekabang Lekala le se le ntse le bontëitse hore sechaba se ka ‘na sa thusoa ka litaba tsona tseo, ha ho be bobebe hobane lifate tsona tseno ha lia sebetsoa ka tsela ea hore li shejoe hore na li boholo bo bokae. Ha e le sefate se boholo bo bokana se ja bokae, e le hore taba eno e anele kaofela hore lekhotla kapa makhotla ano a puso ea libaka a sa ntse a sebetsa taba ena, a be a tseba hore sefate sa boholo bo bokana se ka rekisoa bokana. Joale u ka fumana hore nqa e ‘ngoe se ka rekisoa bokana, sebakeng se seng se rekisoe bokana.

Taba eo e ka re felisetsa lipelaelo tse ngata ka hare ho metse. Libakeng tse ling lifate tseno li ntse li eme feela e le hobane joale tlhoko e le teng ea sechaba hore li ka sebelisoa feela ho sa tsebisahale hore na ke mang ea tlamehang hore a thuse sechaba mono hore ba qetelle ba ba le kabelo lifateng tseno. Ke eona ena eo qetellong e beng e qetelle sechaba se seng se sa utloisising se tsohe bora khahlanong le tsona lifate tseno, ba li futohela ka tsela tse itseng. Ha ho le joalo, ho ne ho e na le ntho e ileng ea nt50sa-tëosa ha ho ntse ho baloa mane hore na setereke ka setereke tlhahisong ena ea lifate ho lebeletsoe hore setereke se tle se hlahise lifate tse kae. Lehoatateng la Mohale’s Hoek ke fumana hore ho thoe ho hlahisoe one hundred and twenty thousand (120,000). Joale ha u sheba libakeng tse ling, ke etsa mohlala feela, sa Leribe eba 400, u bona phapano e kholo lipakeng mono. Libakeng tsona tseno tseo ekang tsa bo-Mohale’s Hoek, ke tsona tseo re neng re nahana hore ho ka khothaletsoa hore ho hle ho hlahisoe lifate tse ngata haholo hore ho tle ho tsejoe ho thibeloa taba ena ea khoholeho ea mobu.

Re boetse re bone hore le tabeng ena ea lifate tsa litholoana ho boetse ho na le phapano e kholo eo u fumanang hore Mohale’s Hoek u ka fumana ntho e ka etsang 3000, ha u fihla u sheba litereke tse ling, u ka fumana hore ho na le setereke se seng se fihlang se re 6200. Ke utloile tlhaloso ea Letona le Khabane ha le hlalosa mona hore taba eno ha e kolle le Lekaleng, e tsoa hona mane literekeng. Boipiletso ba ka ke hore baokameli ba ka ba litereke hoja ba ne ba le teng joalo ka selemong se felileng, moo ba neng ba le teng ka litereke joale ba eme mona, ba utloa maikutlo a rona re le Bakhethoa ba sechaba, e le hore re tle re eo etsa ntho e tëoanang ha re fihla mane literekeng. Ka nako e ‘ngoe u le Mokhethoa u bua ka litaba tse builoeng ka Paramenteng ka mona, mohlanka ha u bua ka eena u re oho! Ka ‘nete rona re ke ke ra tleloa ka litaba tsa lipolotiki, ‘me taba ena u ipotse hantle hore na ehlile e utloisiseha joang. Taba ea lipolotiki, Mokhethoa le Paramente haeba ba ka khothaletsoa kapa ka nako ena ea budget eaba bahlanka, haholo Lihlooho tsa Makala literekeng ba ba teng mona, ba utloa ha re bua litaba tsona tsena, re ka ka ra tseba ho sebeletsa ‘moho. Re le ba Mohale’s Hoek re re rea thoholetsa ha ho tatoe. [Liatla]

HON. J.M. KONYANA (Mekaling): Ntate Molula Setulo oa Komiti ea Kabo, ha ke lebohe. Ke lebohe ho fumana sebaka sena. Ekaba ke lekoala ha nkeke ka bua le ho tëehetsa Letona lena le Khabane la Meru. Ke rialo hobane ha eso koana Mekaling kea tseba hore ho na le lintho tse kholo tseo le li entseng. Ke utloile sebui se seng ha se bua ka har’a Ntlo ena se re tlaleho ea lichelete e ba ntle kamehla empa e hloke litholoana. Ka tlaleho kapa likhakanyo tsa lichelete tsa selemo se fetileng rona re bone ba Mekaling hore ‘Muso ona oa Motlotlehi ha o bue lintho tse sa eeng sechabeng [Liatla] hobane chelete eo e ileng ea ajoa ka har’a Ntlo ena e abeloa ho ea sebetsa sebaka sane sa ha eso Lebatooeng la Mekaling e ile ea fela ea ea sebetsa, ‘me re motlotlo ke hona. [Liatla]

Taba e kholo e bileng molemo ke hore sechaba sa Basotho joale ka ha ho se ho boletsoe se phela ka mobu. Le masimo a ne a ea ha eso mono joale ka ha Lebatooa la Mekaling e le Lebatooa le lehoatateng, empa ka tëebetso ena ea sekhakeletsi le marakoana ano a ileng a ahoa libakeng tseno re bone molemo oa thibelo ea khoholeho ea mobu ka Lekala lena la Meru. Ke mpa ke rata

feela hore ke re ho Letona le Lekhabane, e ka ba hantle hore ha e le mona re isetsoa mabokose a ho rua linotsi, re fele re ntlafaletsoe le tsebo e Iekaneng ea hore linotsi tseo li re tsoele molemo. ‘Nete ke hore le haeba lia loma, empa melemo le eona e teng. Setsebi se seng se kileng sa re tlisetsa thupelo mono, Letona le Khabane, se ile sa re bolella hore re una melemo e mengata thuong ea linotêi. Oa pele ke hore:

o Re tla tlhotla lero la tsona re rekise o Re tla bokella boka bono le bona bo re fe chelete o Re ka fumana ho etsa mafura a etsang li-candle (wax)

Tabeng eno ka ha re ne re se ntse re e na le batho ba ikopantseng Lebatooeng la Mekaling ba etsang li-candle, ho ka ba molemo hore thuo eno ea linotêi e tsamaee le tsebO e Iekaneng ea hore mesebetsi eohle e e amang re e etse ka hare ho Lebatooa la Mekaling.

Taba ea bobeli e kholo, kea hore lifate li teng tse lengoang mono moo re ntseng re aha le ho thiba mangope teng. Re kopa hore re fuoe monyetla oa pele rona ba Mekaling hore re rekise lifate tse ka har’a Lebatooa la habo rona ebe tseno tse lengoang mono joalo ka ha re ile ra khothaletsoa ho li hlahisa. Ekaba bomalimabe haeba ekare batho ba le teng ka hare ho Lebatooa la Mekaling ba hlahisang lifate tsa meru kapa tsa litholoana, e re ha ho lengoa lifate libakeng tse joalo ebe ha ho rekoe tsa bona pele. Ke re taba eo e shejoe [liatla].

Taba e ‘ngoe ha ke têehetsa hore Lekala lena le abeloe chelete ena, kea hore ho matlafatsoe thuto litabeng tsa makhulo. Har’a mabatooa ao sechaba sa teng se bolaeanang se tseka makhulo ke lebatooa la heso la Mekaling. Ho kaba molemo hore ho isoe thuto, hobane ke balisana ba etsang mosebetsi ono o malimabe oa hore monna Mosotho e le Ranger motseng mono a fihla a têoara likhomo ebe e le hore ba ea mo Ioantêa ba be ba mo Iahlise bophelo ba hae. Taba ea lithupelo e ka re thusa haholo, e ka re tsoela molemo ea re etsa sechaba se tsebang ho phelisana ka khotso sa ba sa tsebe le ho baballa tikoloho sa e ntlafatsa, makhulo a bolokeha ka hare ho lebatooa la heso la Mekaling. Ke re têebetso ena e matla, ruri ea bohlokoa ha e seke ea fella libakeng tsena feela. Letona le Khabane, ha le ke le khahloe ka Lekala la lona ho sheba metse e Holy Cross, Ha Rabale, Thibella le Ha Nkau moo ho bonahalang mangope a taboha ka sekhahla se têabehang ka lebaka la mothipoloho oono 00 ba leng ho ona. Ekaba molemo hore ha ho ntse ho shejoa libaka, le sona seno se shejoe.

Ha u fihla ka Maphutseng Ha Makoetlane, Makhakhe le metse e meng, u tia bona hore ha ho sana moo sechaba sena sa Motiotlehi se lemang teng ka ea lebaka la mangope a tabolang masimo. Taba eno ekaba molemo ha e ka shejoa, Mohlomphehi Molula-Setulo.

Mohlomphehi, ke tâehetsa le ho ananela hore Lekala lena le fuoe chelete ena eo le e kopang ka hare ho Ntlo ena e Khabane, hobane rona re na le tğepo re le ba Mekaling hore ‘Muso ona oa Motiotlehi ha se barui ba litğepiso empa ke batho ba buang ebile ba phethahatsa [lerata le liatla]. Re bone ha ho etsahala joalo Mekaling. Re na le tğepo e tiileng ea hore Lekala lena ha le abetsoe chelete ena le tia etsa kahohle hore sechaba sane se futsanehileng sa bo-ntate le bo-‘m’e se une molemo, etsoe e le sona seo karolo e kholo ea chelete e lebisitsoeng ho sona.

Re motlotlo ke hona, ‘me makhotla a rona a Puso ea Libaka a il’o una melemo, ba bang ha ba bua ba re ke batho feela ba beiloeng mono empa ha ba tsoele sechaba melemo kahoo ha ba na thuso. Empa ha re ka rorela tğebetso ena e molemo ho ‘ona, a nka boikarabello boetapeleng ba ‘ona a ho fetisetsa lintlafatso tsena tse molemo sechabeng, sechaba sa Basotho se tlaba le tğepo hore Makhotla a Puso ea Libaka ke boteng le bonnete ba Puso ea Sechaba ka Sechaba Lesotho mona. Ke re ha ke buile hakana ke mpe ke re ka ntsoe leng, Lekala lena ha le fuoe chelete ena eo le e kopileng. Kea leboha. [liatla]

HON. CHAIRMAN: Le nako ea hau e se ntse e felile. Re fana ka metsotso e leshome feela mona. Na ke u bitsitse hantle, Honourable Qhasho? U bue hantle hobane u mokhoenyana oa ka ke tle ke se ke ka u batla likhomo.

HON. P. QHASHO (PR): HO joaıo, Moluıa-Setuıo. Kea leboha, Mohlomphehi Molula-Setulo. Ke tlatsa taba ea hore Letona le Khabane…

HON. MEMBER: Ba bang ba tia le bakhoenyana ba bona ka mona ka Ntlong ena e Khabane [litğeho].

HON. CHAIRMAN: Rona ke nepotism e kholo mona, re tlile le barali, bachana le bakhoenyana.

HON. P. QHASHO: Ehlile, Molula-Setulo o nepile ke ntat’a mosali. Ke tlatsa taba ea chelete eo Letona le Khabane le e kopileng kajeno ho tla etsa meralo eo le seng le e supile le rona kaofela re e bona ka lipalo tseo le li bitsitseng setSoantSong mono. Joale feela ho na le ntho ea pele eo re tlamehang ho bua ka eona eleng taba ea ho sireletsa lisebelisuoa tsohle tse tla sebelisoa mono re tsebe ho bona hore chelete e sebelisoang mono ea bolokeha. Ho bonahala metseng ea rona mona, hohle ka hare ho naha libakeng tseo ho lengoang lifate, li qeta ho lengoa ho e ntsoe matamo libakeng tse ling, ebe rona sechaba le balisana re fihla re senya lifate tseo le hona ka boomo ka likhomo tsa rona.

HON. MEMBER: Ha u li tSoare ke’ng?

HON. P. QHASHO: Ka hona Litho tse Khabane, matamo ke mehloli ea bohlokoa sechabeng le lifate ka ho tsoana. Honajoale tjena ha u ka sheba ka har’a naha ena ea rona ea Lesotho kaofela, holim’a lithaba ho na le meru e seng e ntse e re tsepisa hore kamora’ lilemo tse seng kae ho tloha hona joale tjena re tlaba le lipalo tse ka hlahang mono tsa motlakase [liatla]. Ha re na ho khona hore re ka tSelela Afrika Boroa ho ea batla lipalo tseno hobane meru ena e ea tSepisa.

Ntlha e ‘ngoe ea bohlokoa kea hore ka hare ho libaka tsa rona re lumela hore ho na le lintho tse tla etsoa feela ke lefapha le itseng. Ke etsa mohlala. Ha ho na le moo ho bonahalang hore liphoofolo li fula li putula hoo u ka bonang noha ha e tsamaea u le sebakeng se hole, sebaka seno ha re hlokomelise marena a rona hore se koaloe, se se ke sa hlola se fulisoa molemong oa hore khoholeho ea mobu e se ke ea ipha sebaka. Ho fetola makhulo ke ntho ea bohlokoa eo Letona le lokelang ho e bona. Ke hore ha liphoofolo li ka fula lekhulong nako e itseng, li fetoloe li il’o fula sebakeng se itseng hobane haeba ruri nka bona noha ke le hole empa e tsamaea joalo ka tseleng mane ke ho bontSa hore ha ho na tsoelopele ka hare ho naha ena.

Ntlha e ‘ngoe ea bobeli ke hore re bone hore Letona le etse mekutu eohle ea hore le bone hore matamo ana a sebetsoang boholo ba ‘ona a sebetsoa ka liphaka hobane sechaba sena sa rona se lapile. Haeba ho ka sebelisoa mechini ruri re tla lula e ntse e re ka nako e ‘ngoe ha u re ua fihla mono u utloe mala a motho a kuba a ntse a re ha esale ke robala ka tlala ka la maobane. Haeba re sebetsa matamo ka liphaka re tlabe re nka mechine ena re e beella ka thoko re re, banna, sechaba sa habo rona sebetsang mona le tsebe ho batlela banaparaffin le phoofo mantsiboea [liatla].

Ntlha ea boraro kea hore re bone hore le bona batho ba sebetsang mono ba lefuoa ka nako, batho ba se ke ba sebetsa ba nke likhoeli tse tharo ho be ho kene group e ‘ngoe ea bobeli le ea boraro ba e-so lefuoe. Ntho eno ha e le joalo e nyahamisa batho ba sebetsang ka thata, ba sebetsang ba khothetse ho ntlafatsa naha ea habo bona. Ka hona ke supa hore ka hare ho naha ea Lesotho, ke ee ke tsamae mane libakeng tsa maloti ka lithabeng, loting mane ke hlokometse hore mobu oa mono o lula o nonne ka mehla. Ha ho hlokahale hore ho ‘ne ho thoe ho etsoa joang, ka lebaka la hore nakong eo liphoofolo li koebileng li leng hae mona joang bono bo ntse bo ntlafala. Hape-hape batho ba loting ha ba tSoane le batho ba mabalane, mabalane mona ho chesoa joang ka boomo. Taba eno ea ho Chesa joang ke ho bolaea naha. Naha ea rona e’a shoa hobane ha u chesitse joang pula ha e na ho hlaha khoholeho ea mobu.

Ka hona Letona le Khabane re le kopa hore le bone hore metseng mona moo le tsoarang lipitso, le bone hore batho ba hlokomelisoa hore bashanyana ba se ke ba Chesa makhulo molemong oa naha ena ea habo rona. Hobane ha u ka ithuta ua sheba libakeng tsena moo ho nang le mangope u ke ke ua bona ho e na le joang bo bongata, u tla fumana hangata joang bo le sieo. Joale Litho tse Khabane ke kopa hore re tsehetseng Letona le Khabane Mabatooeng a rona moo re leng teng Letona le Iona ha le fihla libakeng tsa habo rona le re joetse hore le teng, re tla le tSehetsa re tsamaee le Iona [liatla]. Letona le re ke teng mona joale re il’o etsa pitso sebakeng se itseng. Ruri haeba ho le joalo, le bana baheso le bona ba tla u tSehetsa. Ha u ka ba tsebisa ba tla u tSehetsa [liatla]. Ka hona Litho tsa heso tse Khabane, ke tla re ho Iona matamo .

HON. MEMBER: Ua bona Litho tseo tsa Bohanyetsi ha li ope liatla, li tlil’o u omanya [litSeho].

HON. P. QHASHO: Ke khutlela puong e neng e etsoa ke Setho se Khabane sa heso sa Maputsoe maobane ha se ne se re mosebetsi ke kopanelo. Se ne

se bua joalo se re mosebetsi o motle oa ntlafatso ea naha ea rona ke oa kopanelo hore batho ba tle ba bone hore seo ba re romeletseng Paramenteng mona re fela re se phethisa. Ke sa buile hakaalo, ke re oele chelete eo Letona le e filoeng e se ke eajeoa ke litali e mpe e il’o sebetsa. Ka hona kea leboha [liatla].

HON. CHAIRMAN: Order! Honourable ChiefMatete thefloor is yours.

HON. R. MATETE (PR): Kea leboha, Mohiomphehi Molula-Setu10. Ke ema mona kantle le ho qea-qea ka letho ke tSehetsa hore Letona le fuoe chelete ena eo le e kopileng. Lebaka la ka le bonolo haholo, ha ke sheba mokhoa 00 Letona le Khabane le beileng budget ke eona ke fumana hore ke budget e nang le li-target ebileng e tlalehang hore na linakong tse fetileng litarget tse neng li beiloe li fihletsoe hakae hoa haella hakae. Hantle-ntle budget ke ntho ea mofuta ono o joalo, eseng hore re kopuoe hore re abe chelete empa ho sa bontgoe hore na e ileng ea fanoa nakong e fetileng e sebelitse eng. Joale ena, Mohlomphehi Molula-Setulo, ke budget e hlakileng. Leha ho le joalo ke thoholetsa Letona le hore le ka moso le ‘ne le tlise budget e joalo ka Paramenteng ka mona. Ke tla eletsa hore ho na le lintho tse peli ho isa borarong tseo ke reng le tle le li hlokomele ha le ntse le etsa tsebetso ena e ntle eo le e entseng.

E ‘ngoe ntlha kea hore tabeng ena ea lifate, bonnete ho na le libaka tseo ho tloha khale tseo nka etsang mehlala ka tsona li ileng tsa hla tsa eba matjato ho lema lifate, ‘me lifate tseno khale li butsoitsoe, e le ka boithaopo ba sechaba, e le ka initiative ea sechaba. Feela joale u fumane hore ha Lekala le se le le teng joalo ka ha le le teng tjena le se le fihla ka ho batla ho nka lifate tseno le re li oela tlas’a lekala la Iona ho se ho bile ho thoe libaka tseno li etselitsoe gazette empa ho se na gazette e ka hlahang e bontSa hore sebaka se joalo kapa libaka tse joalo li ile tsa etsetsoa li- gazette. Ke libaka tseo hantle-ntle e leng lifate tse lenngoeng ke sechaba. Re lumela hore ke lifate tsa sechaba, ‘me hore Lekala le kene ka tsela e joalo le se le fihla le li hapa ke nahana hore ke ho se etsetse sechaba seno toka.

Ntlha ea bobeli, eo le eona ke lumelang hore Letona le Khabane le tla tseba ho e sheba ke ena ea hore ha mesebetsi e ntse e etsoa eo ke reng e metle, libakeng tse ling e fihla e kena ka lenyele, ebe motho u bona ho se ntse ho sebetsoa u sa tsebe hore na ho etsahetse joang, le marena a teng a sa tsebe, empa a bona ho sebetsoa ho sa utloahale hore na ho sebetsoa joang, u sa tsebe le hore na batho ba sebetsang mono ke batho ba khethiloeng ka tsela ea mofuta Ofeng. Ho ntse ho le joalo, u fumana hore marena a ntse a lebeletse hore a tle a sireletse joalo ka ha e le mosebetsi oa ‘ona ho sireletsa tSebetso eo e entsoeng ke sechaba. Ke re ke kopa hore Letona le tle le shebe taba ena ka hlokolosi hobane e ka ‘na ea qetella e thunthelitse mosebetsi o motle oona 00 Letona le o etsang. Ke re e se eka Makala a mang ‘ohle a ka qopitsa tSebetso ena ea mofuta ona. Ka mantsoe a makaalo ehlile ke tSehetsa hore Letona le fuoe chelete eo le e kopileng [liatla]

HON. CHAIRMAN: Thank you. Ke hore motho e mong o ee a eme ebe ke sa lebeletse hore ke tla mo bona hape ebe ha ke sa mo bona, joale ke tsielehe hore na ke mo khetha joang a se a lutse fatse [litSeho]. Ke ntse ke sheba batho ba ntseng ba ema khafetsa. Ke ne ke se ke ile ka khahloa ke uena Honourable Member for Rothe.

HON. M.L. MAKHEBESELA (Rothe): Kea leboha, Mohiomphehi MolulaSetulo. Le ‘na ka mokhoa o tSoanang Ntate ke kopa ke se ke ka qea-qea ho lumellana le hore Letona le Khabane le fuoe chelete ena eo le e kopang. Lekala lena ke le leng la Makala a mang a ‘Muso ona le eeng le fane ka tsepiso ‘me ka mokhoa o otlolohileng le phethahatse.

E ‘ngoe ea lintho tse kholo, tseo li nthabisang puong ea Letona le Khabane ke hore kabong ea lichelete selemong se fetileng sa lichelete, Letona lena le Khabane le ile la supa litaba tsena tseo kajeno le re tsebisang hore na le sebelitse hakae, le atlehile kae, le hore na le haeletsoe kae. E leng ho bolelang hore le phethahalitse le haeba ha lea etsa tsohle tseo le neng le li kopile, feela le sebelitse [liatla]. Ka lebaka lena ke bona ho le lokela hore re se qeea-qeee ho le fa chelete ho ea ka kopo eo le e etsang.

HON. MEMBER: Khau e’a le töoanela.

HON. M.L. MAKHEBESELA: Mohiomphehi Molu1a-Setu10, Lekaleng lena libakeng tse ling tse neng li se li senyehile haholo naheng ena ka lebaka la tsebetso ea Iona ho na le seo re ka se supang se entsoeng ke Iona. Leha koana ke rata ho fana ka boeletsi ka hare ho Iona, ba hore bo bong ba mathata ke ba hore moo ba memeloang teng litSebeletsoeng tsa bona, seboko se seholo sa bona e ee ebe taba ea hore ha ba na transport, ‘me taba ena ea ho hloka transport nka eletsa Letona le Khabane ka hore ha e ke e lokisoe kajeno taba ena ea transport, e le hore le tle le tsebe ho fihla libakeng tsena tseo re reng ruri rea khothala ho bona hore lea phethahatsa, ha e ke e lokisoe kajeno [liatla] ‘me le il’o fihla libakeng tse hlokahalang ka nako e hlokahalang.

Boeletsi bo bong boo ke batlang ho fana ka bona ke ba hore efela ho sebelitsoe libakeng tse ngata tlas’a tğutğumetso ea Lekala lena, tlas’a tğebetso ea Lekala lena. ‘Na ke bone libakeng tse ling makala a hlile a bokana ka bongata a il’o lema lifate, ebe li nosetsoa ka eona nako eo feela ke phetho. Sechaba le sona ha se sa shebile haholo hore lifate tseo ke tsa bona. Melemo e tlang ho tsoa ho tsona e ee ho sona e le sechaba, ‘me lifate tse ngata tseo ho thoeng li shoele, ebe e le hobane sechaba ka bosona se ile sa ba leşisitheho hore se li matlafatse, se li noesetse, se li hlokomele ekasita le oona makhulo, ekasita le tsona liforo tse chekoang ka holim’a masimo. Tğenyeho ea tsona e ee be e ntse e le karolo e bapetsoeng ka mokhoa o seng motle ke sona sechaba se etsetsoang lintlafatso tseo. E leng hore mona ruri ke khothaletsa Letona le Khabane hore ho bonoe hore lithupelo li tâoaroa ka tieo, sechaba se hlalosetsoe, ‘me e kholo ho feta tsohle se tsebe hore lintlafatso tse etsoang libakeng tsa bona ha se tsa Maseru mona. Ha se tsa Lekala empa ke tsa sechaba seo ka bosona [liatla]. Ka lebaka leo e mong le e mong oa bona a bone ho hlokahala hore a ipaballele sebaka sa habo.

Mohlomphehi Molula-Setulo, Lekaleng lena batho ba ‘maloa ba ile ba hlalosetsoa ka lilemo tse ngata. Ke belaela hore ha hoa fihleloa pokello ena ea metsi a tlohang matlong e be e ntse e ile eaba taba ea hore ba bang ba karolo ea sechaba ba bile botsoa ho bokella tsena tseo ho itsoeng lia hlokahala. Taba ena ka mokhoa o tğoanang ke khothaletsa hore Letona le Khabane, bahlanka ba lona ba se ke ba eba lesisitheho ho ea sechabeng, ‘me ba se khothaletse hore se utloisise hore se sebetse ka thata se tsebe ho imona menoana. Ke Cho tjena hobane ‘na moo ke phelang teng le libaka tse haufi le sona, litğepiso li teng, le boiteko ba sechaba hore se tia bokella majoe, mahlabathe empa ha hoa phethahala joalo, hobane ke moo ba neng ba lokela ho sebelisa matla a bona. Ba ne ba lokela ho iketsetsa ba fumane seo ba se hlokang.

HON. 1. MAKHEBESELA (Contd): Empa ruri ntho ena ha e ea atleha hantle hobane ba ile ba se ke ba tseba ho iketsetsa. Le mona Mohlomphehi Letona le Khabane, ke re ha re ba atameleng. Ha re se keng ra buang letsatsing lena feela hore “bokellang majoe le lehlabathe rona re tla ba le cement le tse ling”. Ha re ba atameleng ho fihlela ba utloisisa e le hore tseo tse lokeloang ho etsoa li tle li etsoe, ‘me ba tle ba khothale, ba tle ba bone hore efela e le molemong oa bona.

Rona ba Rothe ehlile re bone. Re bone hore Lekala lena la Meru le sebelitse. Re bone ebile re na le ts’epo ea hore le tla sebetsa. Ha re bone ho hlokahala hore re bue haholo ka mosebetsi 00 kapa ka kopo ena ea bona. Seo re neng re mpa re leka ho se etsa mona ke ho khothaletsa, Mohlomphehi, le ho amohela hore Lekala lena le abeloe chelete ena. Kea leboha.[litlatse]

HON. N. NTS’AILA (Koro-l<oro): Ha ke lebohe, Mohiomphehi Molula Setulo oa Komiti. Ke lebohe sebaka sena seo u mphang sona. Le ‘na joale ka Litho tse ling ke ema mona hore ka boikokobetso bo boholo joalo ka ha Letona le Khabane le se le boletse, Mohlomphehi, Ntlo ena e Khabane e amohele kopo ena ea Letona le Khabane le fuoe chelete ena eo le e kopang.

Ke qale ka hore ho latela boikarabello ba Lekala lena chelete, ena eo Lekala le e kopang kapa le e fuoang e nyenyane haholo, ‘me ke hopola hantle hore Paramenteng e felileng ke ile ka bua ka har’a Ntlo ena, Mohlomphehi, hore ha u bapisa makala ana a ‘Muso, u sheba mosebetsi o etsoang ke Lekala lena la Meru, ka ‘nete le ipabola haholo [litlatse]. Litho tse Khabane li ile tsa ba tsa botsa hore na ebe Letona le entse’ng ha eso koana ha e le mona ke le thoholetsa haholo.

Lebaka ke hore, Mohlomphehi, ehlile Lekala leno le filoe boikarabello bo boholo ho ntlafatsa naha ena ea Lesotho, ea Basotho; ‘me ha u ithuta u Sheba, kamora’ hore ebe motho u bile Paramenteng mona u ntse u lisa u sheba hore ka ‘nete ehlile Lekala leno la Meru le etsa mosebetsi. Ha ke thoholetsa litaba tseno, Mohlomphehi, ke bonts’e hore ka ho etsa mosebetsi ke bonts’a hore Matona a Khabane ha a tlil’o kopa chelete ka hare ho Ntlo ena ke ithutile hore ke Lekala lena la Meru feela le re bonts’ang na le entse’ng ka chelete tse fetileng, ‘me hona ho re bonts’a hore boemong bona

bono chelete eo Ntlo ena e e abelang Lekala lena ehlile e fela e il’o etsa mosebetsi leha ho ee ho be le likhaello mona le mane.

Ka mantsoe ‘ona ana, Mohlomphehi Molula Setulo, ke bonts’e hore Letona le Khabane le entse sets’oants’o mono la se bonts’a Ntlo ena, ka mobu o motle haholo o fumanoang lebatooeng ha eso mane, ‘me ehlile ho betloa lepolanka mono leha ho ntse ho eme-eme hona joale. Ke utloile hore ho se ho na le machine o omisang mapolanka lekaleng mono, ‘me ke re Ntlo ena e Khabane e fele e abele Lekala lena chelete, Mohlomphehi.

Mona moo Sechaba sa Basotho se babaletseng meru ena e fele e il’o heloa ho etsoe lepolanka le hlahe ka har’a Naha ena ea Lesotho. Ha ho se ho fanoe ka chelete eno ebe re qalile ho tata, Mohlomphehi. Re tate tjena e le hore ha eso mane ha ho qetoa ho betloa lepolanka le omisoe, joale ho uoe sebakeng se seng moo sechaba se ileng sa baballa mobu ho latela likhothaletso tsa Lekala lena la Meru.

Ke bonts’e hape, Mohlomphehi, hore ke ananela taba le hore ke kope Ntlo ena e Khabane hore e fe Letona le Khabane la Meru chelete ena eo le e kopileng. Taba e teng mona ea khaho ea litanka, Mohlomphehi, eo motho u e thabelang haholo. Ha li ntse li bonts’oa mono u’a bona hore litanka tsena li na le molemo o moholo, ha e le tsena tse tsoang marulelong mane ntle leha letsatsi le chabile ka lebaka la Toala! [lits’eho le litlatse] Litanka tseno, Mohlomphehi, ha lipula li na ho se na komello .

HON. CHAIRMAN: Order! Letsatsi ha lea chaba ka lebaka la Toala.[lits’eho] Letsatsi le chabile Toala! [lits’eho].

HON. N. NTS’AILA: Kea leboha, Mohiomphehi Molula Setulo, ha u nthusa hore ke ‘ne ke hole ho hlalosa litaba tsena. Ha pula e na litanka tseno li ts’ela metsi, ‘me malapeng a joalo ao litanka tse joalo lekala le atlehileng hore ebe D ekeüü. Mohlomphehi, u tla fumana ho ntse ho le ho tala majareteng mono e le hore ho lengoa meroho, o ekeüü mono. Molemo oa litanka tsena, Mohlomphehi, ha se ono oa meroho feela, lifate tsona tsena tsa litholoana tseo Letona le Khabane le buileng ka tsona mona, li ka atleha haholo hobane ha u se u bokeletse metsi ano u tseba ho li noesetsa ekeÜ li tsebe ho atleha hantle. eke melemo e mengata haholo e tlisoang ke litanka tseno.

Ha ke tsoela pele, ke mpe ke khothaletse feela hore Lekala lena, Mohlomphehi, bahlanka ka liofising ka mono ba tsoe ba fele ba ee mane metseng. Thahasello ea ka ke hore ba e’o kopana le bacha metseng mane ba lutseng feela ba se nang mesebetsi, ba sa eeng likolong. Ba filoe mosebetsi ona oa ho aha litanka le ho ikopanya hore ba leme ba hlahise lijo, ebe bona ba o etsang.

Mohlomphehi, ha re e-tla litabeng tsena tsa mangope a tletseng ka har’a Naha ena ea Lesotho, Lekala lena le filoe boikarabello bo boholo. Ke mona moo ke reng chelete ena e nyenyane hoba ha eso mane Koro-Koro, ha u ntse u sheba u tsamaea le naha ena, le lena leo re le bonts’itsoeng mono, ho’a hlaka hore ke mosebetsi o moholo o hlokang ho’a etsoa mangopeng ano a joalo. Mangope a ha eso mane Koro-Koro, Lekala le lekile hore le e’o thiba le etse likhakeletsi empa ho bonahetse hore likhaello li ntse li le ngata tse ling ke tsona tsa chelete, Mohlomphehi. Athe tse ling ke tsa hore ebe ba hlotsoe hore ebe ba kene sechabeng ka matla ho ba rupella litaba tsena ba tsebe molemo. Ha eso mane moo ho neng ho se ho qaliloe, Mohlomphehi, ehlile khothaletso ea ka ke hore ho eo nts’etsoa pele mosebetsi ono hobane o molemo haholo.[litlatse].

Ha ke tsoelapele, Mohlomphehi. Taba e ‘ngoe ke ena ea ho chesoa ha naha ena ke bana ba naha ena. Litho tse ling tse Khabane ka mona, li re naha ena e chesoa ke balichaba, ha ke hane le ho hana, Mohlomphehi. Balisana ba kenya letsoho mono, ‘me kea lumela Lekala le se le nkile likhato tse matla ho bona hore ehlile ba rupela bacha ka kakaretso joale ka ha Letona le Khabane le buile empa ba siea batsoali, bo-ntat’a balisana bano, Mohlomphehi, ba tsubang. Ha ba qeta ho tsuba, Mohlomphehi, ba lahla litompi tsena kapa lithutsoana, hlaha e ba teng hona mono. Le bona ke hore ba ke ba fuoe counseling, Mohlomphehi. Ba bangata ha ba qalile ka ho tsuba ba re ho thata ho e tlohela. E ne e le hore batho bana ba etsang counsel batho ba bang, Mohlomphehi, ba tle mpe ba ba atamele, ba ba bonts’e mokhoa o motle oa hore ba tle ba tsube ho sireletsa le hore ba se ke ba Chesa hlaha naheng mona.

HON. CHAIRMAN: Order! Nalco ea Setho se Khabane e tsamaile.

HON. M. MONYAKANE (Sebapala): Kea leboha, Mohiomphehi Molula Setulo. Le ‘na nke ke eme ho thoholetsa Lekala lena la Meru ka ts’ebetso e matla eo le e etsang. Lekala lena la Meru le hlile le sebetsa haholo ebile ke bona eka le kopile chelete e nyenyane hoba mosebetsi oa Iona ke ho apesa naha eseng ka meru feela esita le ho lema joang ho latela bohoatata boo re seng re Phela ka hare ho bona.

Ke hlile ke thoholetsa hore Letona le fuoe chelete ho’a etsa mosebetsi ka hare ho Setereke sane sa Quthing joale ka ha le hlile le tsoa le litereke. Mosebetsi 00 le o entseng, oo le o boneng sets’oants’ong mono ha o’a fela, libaka tse ngata li ntse li hloka ho’a lengoa joang esita le tseo marena a seng a kopile hore le ee le e’o ba lemela lifate lebitsong la patsi le hona ho ntlafatsa naha. Re tseba hore moo botala bo leng teng le pula e ea na le haeba ba chabisang letsatsi [litlatse le lits’eho] ba re lijalo li omelle empa rea rapela lea fifala ebe pula e ea na [litlatse le lits’eho].

Mona ho rapella naha bomalimabe ke sehloho se ts’abehang kapa hore ha u se u sa rate ha ‘Muso o sebetsa ebe u tla lula u hanyetsa le se tla u tsoela molemo, ke bohloko bo ts’abehang. Ke hlile ke filoe le temana ea Bibele mona hore Litho tse Khabane tsa Ntlo ena ha li ka tsa ea bala Bibeleng tsa tsona ho Esaea, Khaolo ea 1, temana ea 31, li tla fumana hore na mesebetsi ea Toala! ke efeng.[litlatse le lits’eho] [lerata]

HON. CHAIRMAN: U ‘ne u qopetse u khutla, Honoruable Member.

[lerata]

U qopetse u khutla.

HON. M. MONYAKANE: Chelete ena e M140,OOO e abeloang Setereke sa Quthing, rona re le ba Quthing, Letona le Khabane, re bona hore e ea fokola haholo hoba ke hona u tla tsamaea Setereke seno esita le mabatooa ano. Ha e le tjena ke e bona e lekana lebatooa la Sebapala feela ho latela mathata ao re leng ho oona.

HON. CHAIRMAN: Order! Honourable Member. Tsoela pele.

HON. M. MONYAKANE: Mohiomphehi Molula Setulo, lengolo leno leo ke buileng ka Iona la Esaea le re: “motho ea matla o ts’oana le toala,

mesebetsi ea hae e ts’oana le tlhase ea mollo, motho ea o timang o tla cha!” [lits’eho le lerata]

LITHO TSE KHABANE: Toala! Toala!

HON. M. MONYAKANE: Mohiomphehi Molula Setulo, ke thabela Lekala lena…

SETHO SE KHABANE: Motho ea 0 timang 0 tla cha. [lits’eho le lerata]

HON. M. MONYAKANE: Ke thabela Lekala lena ka mokhoa 0 fetisisang. Haholo rona ba Sebapala re tseba ntho eo ho thoeng ke Toala na ke’ng. Toala ke patsi e seng e bolile, mokhoa oa eona ha e na leshala ebile ha e na le lakabe.

HON. CHAIRMAN: Ntlha ea tsamaiso, Honourable Maphalla.

HON. S.P. MAPHALLA (PR): Mohiomphehi Molula Setulo, ke ne ke re leha litaba tsa Setho se Khabane sa Sebapala li ile tsa re qabola hobane e le Labohlano, empa boithuto ke ntho ea pele ‘me ea bohlokoa ka har’a Paramente. Ha ho etsoa litaba tsena tsa budget ho shejoa litaba tsa lipalo tsena tse ka hare ka mona joale ka ha re etsa revenue, ho buue ka tsona. Ke utloa eka Setho se Khabane, Mohlomphehi, se ipuela ka litaba tsa Toala! E seng litaba tsa budget ena e ka mona. Ha re na thahasello litabeng tseno, ke kopa, Setho se Khabane se boele temeng, Mohlomphehi. [lerata]

HON. CHAIRMAN: Order! Ke ne ke ntse ke cho joalo ke re hela! Qopetsa u khutla [lerata le lits’eho] Qopetsa u khutla, Setho se Khabane sa Sebapala le nako ea hau e tsoe e fokola ea ho bua ke ten minutes feela. Qopetsa u khutla.

HON. M. MONYAKANE: Mohlomphehi, ka ha ba ne ba entse lerata, ha b’a utloa moo ke neng ke bua ka chelete teng hobane joale ba ne ba Ilela Toala! [litlatse le lerata]

HON. CHAIRMAN: Ho tla nkisa hore ke koale ha ho se Litho tse Khabane tse emang ho bua.

HON. M. MONYAKANE: Ke leboha haholo Lekala lena ha le il’o nts’etsa temo ea litholoana ka hare ho Setereke seno hoba ho bonahala hore lifate tsa litholoana nakong ena ea hona joale li se li senyehile haholo, ‘me hang-hang ha ho qetoa ho ajoa lichelete, kea tseba hore Lekala lena le lecha haholo empa le se le entse mosebetsi o bokhabane, o matla, o mongata ka hare ho litereke. Kea leboha.

LITHO TSE KHABANE: Toala!

HON. M. MONYAKANE: Fi!

HON. CHAIRMAN: Thank you, Honourable Member for Sebapala. Ke ntse ke le bona kaofela. Honourable Member for Berea. [lerata] Ke ne ke shebile uena, ke u rekisitse [lits’eho]. Ke u rekisitse. Ha se moahisani, ke mokhethoa oa ka [lits’eho le litlatse]. Order! U hle u bue u tiisitse meno hobane re teng, ke itse re ts’eletse (6) ka mona ba tsoang Hlotse [litlatse]. Ha u ka ba ua panya feela rea u ketola [litlatse le lits’eho]. Ha ke sa tla u timelloa kajeno.

HON. M. MAKHELE (Hlotse): Kea leboha, Mohiomphehi Molula Setulo. Le ‘na ha ke bua puong ea Letona le Khabane, ke utloa ke e thabetse haholo, haholo ha le bua ka taba ena ea ntlafatso. Litabeng tseo ke li boneng mona ke ile ka hopola joale ka ha Mohlomphehi Molula Setulo a bolela hore mane Leribe re batla re le ‘maloa ka hona ke na le lipaki litabeng tsena tseo ke tlang ho li bua mona Lebatooeng la Hlotse. Mohlomphehi Letona le Khabane, re na le metse e nang le bothata ba metsi. Ke utloile u ntse u ama litaba tsa matamo. Re na le motse oa Ha ‘Malesaoana le Ts’ifalimali eo ka nako e telele sechaba sa mono ha esale se le leqemeng la metsi. Mohlomphehi, e se e ka hara’ matamo ao u ntseng u a bala u ka ka hopola metse eno. Ka holima sehlaba sa Qoqolosing ho na le sebaka seo re ka fumanang letamo ho noesetsa metse eno esitana le e meng e mabapi. Ke lumela hore ha se ‘Malesaoana le Ts’ifalimali tse tlang ho fumana molemo oa letamo leno. Ha ke ts’elala ho sebaka sa Setho se Khabane sa Mohobollo, ke lumela hore batla ‘ne ba fumane metsi a hlahang sebakeng seno. Ke lumela hore bots’elela boo Ntate Molula Setulo a neng a bua ka bona bo kenyeletsa le Setho seo se Khabane sa Mohobollo.

HON. CHAIRMAN: Che, ke bua ka ba tsoang Hlotse feela.

HON. M. D. MAKHELE: Taba e ‘ngoe ke hore Letona le Khabane ha le bua ka lifate, kholong ea ka mane sebakeng sa Hlotse ho ne ho ena le lifate hohle ho potoloha le teropo eno. Ka lebaka la mafu le mabaka a mang, lifate tseno tse joalo li kotutsoe. Ke bona eka tharollo ea litaba tseno ke Lekala lena la tsa Meru ho arabela bohloki bono.

Letona le Khabane hara litaba tseo le li buileng, le buile ka lifate tse etsang mapolanka le tsa litholoana. Ke mpa ke batla ho tlatseletsa tabeng e ‘ngoe eo e ka ‘nang eaba Letona le e lebetse kapa ha lea e lemoha eleng ea lifate tse khabisang. Teropo ena ea Hlotse e ne e tletse ka lifate tse khabisitseng. Ke kopa Letona le Khabane ntlheng ea ntlafatso ea litoropo le ke le shebe ha ho ajoa lits’a tse fuoang batho ka hare ho litoropo, lifate tse joalo li se ke tsa nyamela. Ntlha e ‘ngoe ke hore Letona le tle le shebe hore le tsosolose botle bo neng bo le ka hare ho litoropo. Rea lemoha hore litoropo tse ncha tse ahoang, lifate ebe litaba tse ling tse beoang ka sehlohlolong e le ho khabisa le hore moea o ka hare ho libaka tseno e be o ntlafetseng.

Mohlomphehi Letona le itse le ‘memme balula-setulo ba litereke ba makhotla a ntlafatso. Ke nepo kea lemoha hore Molula-setulo oa Setereke sa heso sa Leribe Ntate Mofolo o teng mahareng a rona. Mohlomphehi Letona le Khabane le uena Ntate Mofolo, bo teng ba hau mona, ke re tsela e teng ea khale e neng e ea Hlotse e theohela ka nokeng, e ne e ahiloe ka majoe ho e sireletsa hore e se ke ea heleha. Majoe ano a ile a sebetsa ho sireletsa mobu o nkoang ke pula ha e nele. Empa morao tjena ke kopa ho uena, Mohlomphehi, hore re ke re eo eketsa lifate ho potoloha le teropo eno. Teropo ea rona ea Hlotse e batla e le holima sehlajana ‘me metsi ha a tloha mono a theohela tlase ho leba nokeng. Ke tenne ke bua ka Ntate Mofolo hobane hara makhotla ao a a lisitseng la Linare C 13 a ke a le sisinye hore le lemohe hore ho na le batho ba tsoileng lets’olo ho nka majoe ano a sirelelitseng tsela. Hona ho boela ho tla re tlama hore kamoso Letona le Khabane le eo haha marako a macha empa ho ne ho se ntse ho ena le marako a ts’irelelitseng khoholeho ea mobu moo. Molula-Setulo oa Setereke oa Lekhotla la Ntlafatso hore a thusane le Letona hore le se ke la phetha mosebetsi o sentse o le teng.

Taba e ‘ngoe ke ea meru. Ke utloile Letona le Khabane le re meru e tla busetsoa. Sechaba ka makhotla a puso ea libaka, ke ba kopela koetliso e matla litabeng tseno. Ke lemohile hore makhotla a leshome le metso e robeli

(18) a Leribe a tlil’o thola koetliso ntlheng ea makhulo. Ke bona eka ke lekhotla le leng le le leng le tla fumana ka hare ho setereke seno. Ke kopa ka ho khetheha hore taba ena ea meru e hle e be kaholimo-limo. Taba ea rona re le Basotho ea hore mofu e mong le e mong a fumane sefate sa hae, e re patsi e ntse e tletse lapeng mono ho thoe e ke ke ea sebelisetsoa e mong e tla mo Otsa e be rea ho e ‘ngoe hape. Ho ke ho shejoe melaoana e tsamaisang litaba tsena e le hore re arolelane taba ena. Makhotla a puso ea libaka a ke a fuoe matla a hore re tle re arolelane taba ena ho latela tlhoko.

Letona le Khabane le buile ka lifate tse tla ba makoroteng a masimo. Ke mpa ke re ho na le khoholeho ea mobu e etsahalang meeling ea linoka eo ke neng ke batla ho nyenyeletsa Letona hore e ka ka le teng le ka e ela hloko.

HON. CHAIRMAN: Order! 1 regret Hon. Members’ time is up. Hon. Member for Qeme.

HON. K. L. SEITLHEKO (Qeme): Kea leboha, Mohiomphehi MolulaSetulo, ka sebaka sena seo u mphang sona. Mohlomphehi, ke nako ea ka ea pele, ke letsatsi la ka la pele, ke lekhetlo la ka la pele ke bua ka hare ho Lekhotla lena la sechaba. Ka uena ha ke mpe ke nke monyetla ona ho leboha ka boikokobetso bohle boo ke nang le bona sechaba sa Lebatooa le Qeme ha se ile sa nts’epela hore nka se etella pele bonyane ka ba ka tseba hore ke tlise thomo ea sona koano[liatla]

Mohlomphehi, le rona ba Qeme re ila ra lebella, ra bona ha Mohlomphehi Letona le Khabane le Lekala la hae ba kena ka boithokhubetso mosebetsing oo ba neng ba o abetsoe ke Mohlomphehi Tona Kholo. Ba phethahatsa hara tse ling, bothata le liqholotso tse neng li tjametse naha ea Lesotho. Har’a tse ling, ha ke qolle mangope le lipekane pekane tse neng li bonahala li senya naha ea rona lits’obotsi le chebahalo e ntle.

Mohlomphehi, hara tse ling, ba ile ba phethahatsa ka katleho e kholo ho laola khoholeho ea mobu ka temo ea lifate ekasitana le temo ea joang ba ts’aane. Ba ile ba laola ts’enyeho e neng e bonahala ka nako eno e tjametse naha ena ea Lesotho.

Hara e meng ea mesebetsi e meholo e bohlokoa haholo e etsoang ke Lekala lena leo ke le ts’ehetsang haholo, ke hore hoba ba atlehe ho lema lifate ho

eeng ho latele ke tlhahiso ea mapolanka. Ka tlhahiso ea mapolanka re atleha re le naha, re le ‘Muso ho fokotsa le ho laola bofuma bo tjametseng Lesotho le Basotho. Eba joale Basotho ba tla ikh’ira, Mohlomphehi. Ha Basotho ba ikh’ira, hono ho bolela hore bothata ba bofuma boa arabelea. Eleng hore ke mosebetsi o motle o moholo hara e meng e phethahatsoang ke Lekala lena le Khabane la Meru.

Mohlomphehi, thekiso ea mapolanka e holisa moruo oa naha. Ka lebaka lena le rona ba Qeme re ts’ehetsa re sa thekesele hore Lekala leno le abeloe chelete e no eo le e kopang.

Mohlomphehi, o mong oa mesebetsi ea bohlokoa o etsoang ke Lekala lena ke ho khothaletsa Basotho ho etsa leruo la linots’i. Mohlomphehi, ka ts’ebetso ena re felisa bofuma. Re hlahisa mesebetsi ena eo ho bonahalang e fokola haholo ka hare ho naha ena ea rona e ntseng e leka ho thuthuha boemong ba moruo. Ka lebaka lena re ts’ehetsa hore Lekala lena le amehang le fumane chelete eno le hoja ke bona eka chelete ena ea fokola ho latela mesebetsi le liqholotso tse tjametseng Lekala lena. Ka ho bua ha kaalo ke ts’ehetsa hore Lekala lena la Meru le fumants’oe chelete eno. Kea leboha [liatla].

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! 1 regret time allocated for this Head has expired.

Question put and agreed to

Ordered accordingly

That the sum of M41,419,830.00 for Head 014 Forestry and Land

Reclamation stand part of Annual Estimates for 2007/2008

Head 017                Tourism, Environment and Culture          3 hrs.

HON. L. NTS’INYI (Minister of Tourism, Environment and Culture): Kea leboha, Molula Setulo. Ke ema mona ho kopela Lekala la heso la Bohahlauli, Tikoloho le Bochaba hore Ntlo ena e Khabane e ananele khakanyo ea chelete e kaalo ka M49, 340,110.00.

Mohlomphehi Molula Setulo, chelete ena eo re e kopang kajeno ke chelete e tla sebelisoa tlas’a Recurrent Budget ho lefa meputso ea bahlanka empa haholo-holo ke chelete e tla sebelisoa ho etsa meralo le merero ea Lekala e le hona hore re tle re bone hore ho etsoa mesebetsi e tla thusa ho fokotsa bofuma ka har’a naha. Chelete eno e tla thusa ho boloka tikoloho, e be e thuse hape ho boloka meetlo le bochaba ba rona.

Ke bonts’e hore cheleteng eno, M26,088,800 e tla sebelisoa tlas’a Adminsitration, ‘me ho eona ho kenyelelitsoe M11,000,000 e tla ea Koporasing ea Bohahlauli. Ho eona mono ho kenyelelitsoe litaba tsa ho etsa lirapa tsa tlholeho. Naha ea Lesotho e ntse e se na national parks. TIas’a eona mono re na le ho lefa meputso ea batho bano ba li national park, re be re atolose hape libaka tse baballetsoeng ka har’a naha.

Kea kholoa mphato oa ka ea sa tsoa etsa presentation ea hae mona o bonts’itse hore naha e batla e senyehile haholo. Ts ‘enyehong ena e bonahalang e totile ka har’a naha ‘me taba tsa bohahlauli lia ameha.

E ‘ngoe ea lintho tse ka sehlohlolong tseo re li rekisang ke taba ea paballo ea tikoloho. Re batla hore bahahlauli ba tle ba tľo tla bona naha e bolokehileng, e baballetsoeng haholo.

  • TIasa Bohahlauli teng re kopa M3, 427,980.
  • Environment kapa tikoloho re kopa chelete e kaalo ka M9,878,550.
  • TIas’a Culture e leng bochaba re kopa chelete e kaalo ka M3, 844,780.

e Matlo a polokelo ea libuka Ie lintho tsa khale e leng National Librařy and Archives teng re kopa chelete e kaalo ka M3 ,996,230.

  • Ke bonts’e hape hore re le Lekala re na le liofisi literekeng tse leshome, ‘me chelete eo re e kopang ho sebetsa literekeng mono e kaalo ka
    • Ka kakaretso chelete eo Lekala le e kopang joale ka ha ke se ke bonts’itse ke M49,340,110.

Ke bonts’e hore mosebetsi le sepheo sa mantlha sa Lekala .

HON. S.P. MAPHALLA (PR): Mohlomphehi, ha ke utloisise hore na Letona le ka hlalosa joang litaba tsa liofisi tse literekeng mane tlas’a Lekala lena la lona. Lipalo tse hlahang mona ke lipalo tsa 2007/08 ka morao ho mono ha ho na letho. Ke ne ke re Letona le ke le re hlalosetse hantle hore na liofisi tseno li qala ho ba teng selemong see? Empa haeba li ne li ntse li le teng, li ne li etsa operate tlas’a Lekala le fe ha e le moo ho sa bonts’oe letho?

HON. CHAIRMAN: Kea kholoa u ne a se a ntse a tlil’o tla fihla hona mono.

HON. L. NTS’INYI: Mohlomphehi Molula Setulo, ke kopa ho hlalosetsa Setho se Khabane, Hon. Maphalla hore mona ho bonahala e ne e le 0 (zero) pele ho mono. Re ne re ntse re na le liofisi literekeng feela chelete ea teng e ne e hlaha tlas’a Administration ea Head Office. Ho latela mokhoa o mocha oa ho etsa budget hona joale, Lekala la Finance le se le re hloka hore re bonts’e hore na liofisi tseno tsa rona tse literekeng li abeloa chelete e kae, ‘me e tla sebetsa joang. Ke mokhoa ona Setho se Khabane se boneng ho se ho hlahile chelete ea litereke e thathamisitsoe joale ka ha e hlaha mona ho budget. Pele e ne e sa hlahe tjena. Ke ts’epa hore ke arabetse potso eno ea Setho se Khabane Maphalla.

HON. S.P. MAPHALLA: E Ntate Maphalla.. ..(lits’eho)…

HON. L. NTS’INYI: Ke ne ke le moo ke neng ke bonts’a hore sepheo sa Lekala la rona ke kholiso ea moruo ka har’a naha. Re khothaletsa hore boramatsete ba tsoang kantle le ba hlahang ka har’a naha ba tl’o tla tsetela ka har’a naha ka mona khoebong ena ea bohahlauli, e le hore Basotho ka kakaretso ba tle ba tsebe ho fumana mesebetsi.

E ‘ngoe ea sepheo sa Lekala ke ho hlokomela tikoloho molemong oa Basotho le meloko e tlang. Haeba tikoloho e babalehile hantle liqholotso tsena tseo oa mphato a neng a bua ka tsona li ne li sa tl’o tla ba kholo haholo hobane tikoloho ha e babalehile ha ho hlokahale hore ebe joale re sebetsana le taba ea ho thiba mangope. Mangope a ke ke a ba teng ha re ne re ka ra ithuta re le Basotho hore taba ea pholiso e mpe le ho chesa hlaha ho le sieo re ne re tla qoba ntho ena ea hore re qetelle re iphumana re tlameha ho sebelisa chelete ho thiba mangope. Ha chelete eno e ne e ka ea sebelisoa haholo hore ho bokelloe metsi, ho lengoe lifate hobane rea bona hore naha ea rona e hlobotse. Ka lebaka la tikoloho e sa baballehang re fumana chelete boholo ba eona e tlameha ho ea mona moo ho thijoang mangope teng.

HON. S.S. SEHLOHO (PR): Mohlomphehi Molula Setulo, ke botsa Letona le Khabane ke hore na ha ke ile ka utloa le re literekeng koana ho ne ho ntse ho se na liofisi joale ha e le mona.. . .

HON. CHAIRMAN: Lipolelo tse tharo tse leketlileng feela tse sa qetelloeng.

HON. S.S. SEHLOHO: Joale e le mona seterekeng sa Butha-Buthe re re ofisi e teng e ncha, e etsa upkeep of the institution ea hona moo e se e ja chelete e ngata hakaale hobaneng, e le ncha hakaale e se e il’o lokisoa hobane’ng, kapa ke hona hobane e le Butha-Buthe na?

HON. DEPUTY SPEAKER: Upkeep ofthe institution 1e maintenance lia ts ‘ oana.

HON. L. NTS ‘INYI: Mohlomphehi, Setho se Khabane ho bonahala se sa ka sa mamela hantle kapa litsebe li ile tsa eba. Ntho e ‘ngoe eo se sa e hlokomeleng ke hore ke Letona la Butha-Buthe hape, ‘me ba Butha-Buthe ba tla bolela hore ke mokhoa ona chelete e eang hona teng. Molula Setulo, ha ke araba potso ea Setho se Khabane nka re liofisi esale li ntse li le teng lilemong tsena tse fetileng feela budget ea tsona e ne e hlaha tlas’a Head Office, ‘me ke lekile ho hlalosa hore chelete ena ho latela moralo o mocha oa Ministry ofFinance re se re tlameha ho e hlahisa ka kotloloho literekeng.

HON. CHAIRMAN: U mo ts’oarele o se a itsofalletse.. ..(Lits’eho)..

HON. L. NTS’INYI: Sepheo sa ho qetela sa Lekala la heso ke ho thusa hore mekhoa le meetlo le bochaba ba Basotho li baballoe, ‘me li hlonepshoe. Lea tseba hore sechaba se se nang meetlo se ea timela. Re le Lekala re tlameha ho bona hore meetlo ea Basotho ka mekhoa e mengata ea baballeha. ‘Muso oa Lesotho o hloaile Lekala lena la Bohahlauli har’a makala a mang a mangata e le Iona le ka sebelisoang haholo ho Ioants’a bofuma ka har’a naha. Kea kholoa lea tseba hore re le mokha o busang leano la rona ke, ho tatoe, moruo o hole, bofuma bo fele.”

Ka leano leno bohahlauli bo kenya letsoho haholo hore ho Ioants’oe taba ea tlhokahalo ea mesebetsi ka har’a naha. Basotho ba ka ithehela mesebetsi ea khoebo ka litaba tsa bohahlauli joaleka ha ho se ho etsahala hona joale, haholo-holo Basotho ba phelang metseng. Ha ke bonts’e hore bohahlauli ke e ‘ngoe ea likhoebo tseo ho sa hlokahaleng hore batho ba tlohe metseng ea bona ho tla literopong. Ke hona hoo re ho bitsang product which can be consumed at source. E thusa ka hore malapa a se ke a qhalana ka hore batho ba tlohe mahae moo ba Iulang teng ebe ba tla literopong ho tla t}a. batla mesebetsi. Taba ena e ba khahlanong haholo le leano la ‘Muso la ho bona hore litaba tsa HIV le AIDS re li sebetsajoang.

Ha batho ba tlohile mahae ba tla literopong ho tla tla batla mesebetsi, bothata bo bang teng ke hore ka botho ba qetella ba fumana malapa a mang, ‘me e re nako eo ba khutlelang mahae ebe ba il ‘o jala botsikoane bona. Ke botho, re ke ke be ra bo qoba, hore u qetelle u fumana hore batho ba etsa malapa a mang literopong. Re ile ra bona ntho ena ha batho ba rona ba ne ba ea Lejoe Le- Putsoa, u fumane hore motho o se a bile a kholoa mono hobane joale a se a fumane ‘mamphei e mong. Joale ebe o qetella a se a sa khutlele hae. Hona joale tjena ntho eno e ntse e etsahala ea hore batho ha ba tlile literopong mona ba qetelle ba sa ee hae. Ka mokhoa ono u fumana hore taba ea HIV e ntse e ata. Joale ka bohahlauli bona

HON. CHAIRMAN: Ebile bo ‘mamphei ba teropong mona ba bohlale, Ha u qeta ho haha ntlo ba ea u raha, ho tle e mong ea tlil’o tla reka faneshara (furniture).

HON. F.R. SHEA (PR): Mohiomphehi Molula Setulo, ke botsa Letona le Khabane hore tlas’a Tourism mono tlas’a Hlooho ea 05 04 1; Subscriptions tsa M474,000 tse bonahalang li ne li ntse li le sieo ho tloha morao koana. Joale ke re na ebe ke chelete e tlil’o tla etsa eng ee? Ke utloa eka Letona le tla qetella le fetile le sa ka la bolela hore na chelete ena ke ea eng? E hlaha ho page 374 haeba buka ea hae e ts’oana le ea ka.

HON. L. NTS ‘INYI: Kea leboha, Molula Setulo. Chelete ea subscriptions e hlahang tlas’a Lekalana la Tourism e ne e ntse e le teng feela e ne e hlaha tlas’a Administration lilemong tsa ho feta. Setho se Khabane haeba se ka sa shebapage 372 tlas’a Grants and Subscription e ne e hlaha hona teng, ‘me joale e se e arotsoe ho latela hore na makala a na le litlhoko tsa mofuta ofe.

. (lerata)…

HON.D R. M. RAMATLAPENG (Minister of Health and Social Welfare): Tholang hle!

HON. F.R. SHEA (PR): Ha re na ho thola, rea botsa ka mona. Ha se ka kerekeng ka mona.

HON.D R. M.P. SEKATLE (Minister of Local Government): Ka kekereng hoa binoa.

HON. L. NTS’INYI: Chelete ena e eketsehile hobane e ne e kopanya le li subsidies. S subsidies e ne e le chelete e eang ho Lesotho Tourist Corperation. E ‘ngoe ea eona e ne e le ea subscriptions. Li-subscription li lefshoa to international organizations. Culture e na le li international organizations tseo ba lefang li subscriptions ho tsona. Environment le eona e na le conventions tseo ba lefang li-subscriptions ho tsona. Ka mokhoa o ts’oanang le tourism e na le-international organizations moo ba tlamehang ho lefa li subscription ho tsona. Chelete ena pele e ne e kentsoe tlas’a Administration. Joale hona joale e se e qanollotsoe ho latela litlhoko tsa

Ministry of Finance tsa hore lekalana le leng le le leng ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe ba e bonts’e tlas’a Sub Head ea eona ho bonts’a hore na ba tla itjara joang.

HON. S.P. MAPHALLA: 2-1+1 e 4.. ..(Lits’eh0).. .

HON. L. NTS’INYI: Mohlomphehi Molula Setulo, ha ke bonts’e hore khoebo ena ea bohahlauli ka lefats’e lohle e bonahala e le eona khoebo eo linaha tse se nang lirafshoang li iphelisang ka eona.

HON. CHAIRMAN: Ntlha ea tsamaiso, Honourable Maphalla.

HON. S.P. MAPHALLA: Mohlomphehi, ntlha ea tsamaiso eo ke emang ka eona ke hore Letona le Khabane le hana ho re kholisa hore na hobane’ng ha ho tlisitsoe karolo e ‘ngoe ea chelete ea li subscription tse neng li hlaha ho Administration e sa fokotsehe e nyoloha e ea holimo. Joale re ba tsietsing ha a se a feta feela a sa re letho.

HON. CHAIRMAN: Ha se ntlha ea tsamaiso eno ea ho etsa demand hore a u kholise. Ha hona motho ea tsoileng tseleng mona. Tsoela pele, Honourable Minister.

HON. L. NTS’INYI: Mohiomphehi Molula Setulo, ke lekile ho araba potso ea Setho se Khabane. Ke bone eka Setho se Khabane se khotsofetse…. (Lerata)… . Ka hona ke tla tsoela pele ka ho bonts’a hore toants’ong ea bofuma le tlhokahalo ea mesebetsi, taba ea rona ea bohahlauli ke e ‘ngoe ea lintho tse ka sehlohlolong tseo re tla li sebelisa ho bona hore mesebetsi eba teng ka har’a naha. Haholo hobane bohahlauli ke e’ngoe ea likhoebo tseo u ka tsebang ho sebelisa unskilled labour ho fapana le ho likhoebo tse ling tseo u sebelisang only skilled labour. U ka sebelisa matsoho a mangata metseng mane ho pheha lijo tsa Sesotho tse ka rekisetsoang bahahlauli, li sa hloke hore batho ba li phehang ba be le li skill tse itseng. Bahahlauli ha ba tlile ka hare ho naha ba hloka feela ho bona hore na re le Basotho re Phela joang, re jajoang. Ke tsona lintho tse ba khahlang tseno.

Bohahlauli ka lehlohonolo bo its’etlehile haholo holim’a tlholeho. Ke eona ntho eo re ntseng re re Basotho re lakatsa ha ba ka ba boloka tikoloho e khahleha hobane ke e ‘ngoe ea lintho tsa mantlha tseo bahahlauli ba li

tlelang Lesotho mona. Bochaba ba rona ke e ‘ngoe ea lintho tse ka sehlohong tseo bahahlauli ba li tlelang Lesotho mona.

Chabelong pele ea rona re le Lekala, re batla ho fihlela tsena tse latelang; o ho etsa tlatsetso ea bohahlauli kholisong ea moruo oa naha.

  • ho eketsa menyetla ea mesebetsi ea boipheliso ka bohahlauli;
  • ho nyolla tlatsetso e etsoang ke bohahlauli moruong oa naha haholo pokellong ea lichelete tsa makhetho.
  • ho phethahatsa Leano la ‘Muso ka paballo ea tikoloho le lihloliloeng..

HON. M. MAKARA: Kea leboha, Molula Setulo. Ke ne ke kopa hore Letona le Khabane le ke le hlalose monapage 376 ka M34 million e oeloang tlas’a grants and subscriptions.

HON. L. NTS’INYI: Mohlomphehi Molula Setulo, ha ke tsebe hore na ebe Setho se Khabane se batla lethathamo la hore na li-subscription tseno na ke lifeng, feela e tlang ka hlohong kapele kea World Tourism Organisation eo re leng setho ho eona. Ena ea li-grant, e hlahang tlas’a environment kapage 376, eona ke li-grants tse eang ho National Parks. Sepheo sa ‘Muso hona joale tjena ke hore re be le li-national parks, ho na le tse ling tseo re li filoeng ke Lesotho Highlands Water Project. Ke bontöe hore ke National Park e ka reng Töehlanyane, Sehlaba-Thebe le National Park. Bokong le teng ke National Park eo re batlang ho hohela linonyana ‘me e bitsoa Culture Restorance. Ke e ‘ngoe ea li-park tse tla etsoa support ke chelete ena. Ho na le lintho tse ngata tse tla etsoa mono hobane ho fihlela hona joale tjena re ntse re se na liphoofolo sebakeng se kang Töehlanyane, empa sepheo sa rona ke hore ha lipuisano tsa rona le ‘Muso oa Botswana li fihla pheletsong, selemo sena se fela ebe e le hore re na le liphoofolo tse hlahang ka mane ka Töehlanyane. Joale ke eona chelete eno e li-million li ‘ne e tla sebelisoa ho etsa develop and maintain the National Park haholo-holo what we call the Northern National Parks.

Ke ne ke le mothating oa ho bontäa hore na ebe chebelopeleng ea Lekala, seo re lebeletseng ho se fihlela ke sefeng, ‘me ke ne ke se ke boletse tse peli. Ke tsoela pele ka hore re batla ho phethahatsa leano la ‘Muso la paballo ea tikoloho le lihloliloeng ‘me re phahamise hape lerato la meetlo le bochaba esita le ho ntlafatsa tsebo ea nalane ka naha ena ea rona. Re be le lingoliloeng le libaka tsa bohlokoa ka hare ho naha ena [Lerata].

Ho feta mona Lekala le ikemiselitse ho nka karolo ho fihlisa Lesotho maemong a hlalositsoeng ka har’a tokomane ea chebelopele e leng Vision 2020. Re tla fihlela tsena tseo ke li boletseng mona ka ho etsa tsena tse latelang: tlas’a bohahlauli, re tla leka hore re bee Lesotho ‘mapeng ka ho etsa lintho tse tla khahla bahahlauli hore ba tsebe ho chakela Lesotho mona. Seo re se hlokometseng ho flhlela hona joale ke hore bahahlauli ba kena ka bongata ka har’a naha ka mona empa ha ba lule ba kena letsatsi ba bile ba e tsoa. Sena se bakoa ke hore matlo a bolulo ka hare ho naha a fokola ‘me taba-tabelo ea rona ke hore re bone hore matlo a bolulo a ba teng. Lintho tseo bahahlauli ba ka li etsang ka hare ho naha ka mona, tse tla etsa hore ba lule nako e teletsana li ba teng. Ke qolla lintho tse ka reng ho palama lipere e le hore ba bohe naha ena ea rona ba palame lipere.

HON. DEPUTY SPEAKER: Potso ka Hon. Member for Hlotse.

HON. S.P. MAPHALLA: Potso ea ka, Ntate, kea hore ke mametse Letona le Khabane hantle ke motho ea tsebang ho bea litaba tsa hae. Ke re na Letona le Khabane na le hlokometse hore Puong ea Motlotlehi, har’a li-bill tse tla tla ka mona, ke-bill eane eo esale le e fetisa li e nkileng tsa rona mona ea environment, eo ke lumelang hore bonyane e ne etlare ha le bea litaba tsena tsa hore e be e le hore re ipapisitse le eona, rea e sheba le hore na litaba tsena tseo le ntseng le bua ka tsona li tla täireletseha joang boemong ba environment, ha e hlahelle ‘me haeba ha e hlahelle moo, na le re täepisa eng ka eona na?

HON. L. NTS’INYI: Ha ke lebohe, Mohiomphehi Molula Setulo. Setho se Khabane Hon. Maphalla ke bona eka o se a tatetse moro nama e-so butsoe. E ne e le hona ke qalang ka Lekala la Bohahlauli, ‘me haeba o’a hopola kapa ha ke tsebe hore na o ne a se a tatetse ho töela Paramenteng ea Botäelela. Re ile ra bontäa environment joale ka ha ho ile ha etsoa First Reading eaba e ea oela ‘me Paramenteng ena ea Bosupa e tla boela e tsoele pele. Empa joale ka ha ke bontäa, se ne se se se tatetse moro pele nama e butsoa [Lerata].

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! Le haeba braai bo se na mollo, u se ke uaja nama pele u besa mollo [Litäeho].

HON. L. NTS’INYI: Ka hona, Mohiomphehi Molula Setulo, Bill ena eo se botsang ka eona ke ne ke ntse ke tla ho eona ha ke tla karolong ea litaba tsa tikoloho. Ke ne ke tla tla ke bua ka eona. E tla tla e kena ka har’a Ntlo ena e Khabane hobane re ke ke be ra e sebetsa ntle le hore Ntlo ena e Khabane e fetise Bill eno. Ke khutlela litabeng tsa bohahlauli moo ke neng ke bontäa hore ho fihlela hona joale tjena re le naha re haelloa ke matlo a bolulo haholo. Ka hona bahahlauli ba kena ka har’a naha ba kena ba bile ba e tsoa, haholo-holo haeba re ka sheba bahahlauli kapa litila-tile tsa bahahlauli tse eang morerong oa Metsi-a-Lihlaba mane Katse ba ea letsatsi ba bile ba il’o robala Afrika Boroa. Ka hona .

HON. DEPUTY SPEAKER: Potso ka Hon. Member for Lithabaneng.

HON. M. RALEJOE: Ka uena, Mohiomphehi Molula Setulo, ke kopa ho botsa Letona le Khabane ha le bea litaba tsa Iona tsa bohahlauli hore na ebe

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! U ahile Sanqebethu ha ua aha Katse [Litöeho].

HON. M. RALEJOE: U ka re’ng ha ke re lebaka-baka le etsang hore ebe batho bana ba eang Morerong oa Metsi-a-lihlaba ebe ba fihla teng ho bona litaba tsa teng ba bile ba khutla, ke hobane feela, bahlophisi ba maeto ao ba hlophile joalo, ba bile ba se ba ba rekiselitse le litokomane tse etsoang ke rona ka Lesotho ka mona, feela ba sa siee chelete koano ba mpa ba siea li R5.00 tseo ba fihlang ba li lefa ho bona libaka tseo feela na? [Lerata].

HON. L. NTS’INYI: Mohlomphehi Molula Setulo, ha ke lebohe potso eo ea Setho se Kahabane sa Lithabaneng. Ke mpe ke bontäe hore bahahlauli ba kena ba ea sebakeng seo e ka reng sa Katse, ‘me ho fihlela hona joale tjena tlas’a Morero, e leng ona o ntseng o ikarabella sebakeng sena, ho ntse ho lefisoa feela Maloti a mahlano ha batho ba boha sebaka kapa ba hlalosetsoa sebaka seno? Re ntse re etsa meralo ‘moho le bona hore litefiso tseno li tle li nyolleloe holimo ho latela hore na mosebetsi o etsoang ke batho ba rona ho tsamaisa batho bano sebakeng seno na o mongata hakae, ke lintho tse ngata ha kae tseo ba li bonang. Joale ehlile re se ntse re sebetsa ka matla ho bona hore ho ntlafatsoa litaba tsa litefitso ke ba Morero oa Metsi-a-lihlaba ba sebetsa ‘moho le ba Lekala la rona. Ke lumellana le setho hore Maluti a mahlano ke chelete e tlaase haholo, haholo hobane ba tla ba se ba ntse ba nkile lijo tsa bona le lintho tsa bona tse ling ba tsoa kantle.

Lekala la heso selemong se fetileng sa lichelete le ile la hore le batla hore qala morero oa Thaba-Bosiu. Lesotho e ne e se ntse e le Iona feela ho region ena ea rona le se nang ntho eo re e bitsang cultural village moo re bontöoang meetlo ea rona kapa nkare re bontöang culture ea rona. Joale re le Lekala re ile ra etsa kopo ho ‘Muso hore re tle re lumelloe hore re ahe cultural village mane Thaba-Bosiu, ‘me ‘Muso o ile oa sekehela tsebe kopo eno ea rona.

Joale selemong sena se felileng sa lichelete, re abeloa chelete ea ho qala morero ono. Nka bontöa hore morero 00 0 se o ntse o tsoela pele ho se ho qalile ho ahoa mono Thaba-Bosiu. Morero ona e tla ba matlo a bolulo, ebe matlo a tla bontöa hore na mefuta ea liboko tsa rona na ke efeng. Ho tla ba le matlo a bontöang hore na nalane ea Bataung ke efeng. Ke qala ka Bataung hobane ke Motaung, Bakoena, Matebele, Batlokoa, joalo-joalo. Re tla bontöa hore na ebe liboko tsena tsa rona li qalile kae ho fihlela re bile re ipopa re le sechaba sa Basotho. Re ntse re tsoela pele ka Morero ono oa Thaba-Bosiu, ‘me täepo ke hore o tla phetheloa selemong sena se tlang. Ke batla ho re “fi” [Litöeho].

(The House Resumed)

HON. DEPUTY SPEAKER: Order! The Chair wishes the Right Honourable the Prime Minister, Honourable Leader of the House, Honourable Ministers, Honourable Leaders of Opposition Parties, Honourable Members, Table, Hansard Reporters, The Press, Members of the Public gallery a warm week-end.

HON. MEMBERS: Same to you.

HON DEPUTY SPEAKER: This brings us to the close. We will meet on Monday at 10.30a.m.

ADJOURNMENT

And it being 1.00p.m Honourable Deputy Speaker adjourned the House without question put, pursuant to the Standing Order.

House accordingly adjourned at 1.00p.m